PHPWord

 

نُبذَةٌ فِي العَقِيدَةِ الإِسْلَامِيَّة (شَرْحُ أُصُولِ الإِيمَانِ)

 

Tlhaloso e khuts'oane ea Aqeedah (Tumelo) ea Islam

 

 

بِقَلَم فَضِيلَة الشَّيخ العَلَّامَة

مُحَمَّدِ بْنِ صَالِحٍ العُثَيمِين

غَفَرَ اللَّهُ لَهُ وَلِوَالِدَيْهِ وَلِلْمُسْلِمِين

 

Ka pene ea Sheikh e hlomphehang, setsebi se seholo sa bolumeli (al-‘Allāmah)

Muhammad Ibn Salih Al ʼUthaymeen

 

Allah A mo tšoarele, A tšoarele le batsoali ba hae le Mamoseleme ohle

بِسْمِ اللَّهِ الرَّحْمَنِ الرَّحِيمِ

Tlhaloso e khuts'oane ea Aqeedah (Tumelo) ea Islam

Ka Lebitso la Allah Ea Mosa Ea Mohau.

Selelekela

Ruri, lithoriso tsohle ke tsa Allah, rea Mo rorisa, re Mo kopa thuso, re Mo kopa tšoarelo, re boela ho Eena ka pako, re boetse re kopa ts'ireletso ho Eena khahlanong le bobe ba meea ea rona, le litšito tsa liketso tsa rona, Mang kapa mang ea tataisitsoeng ke Allah, kannete ha ho ea ka mo khelosang, ʼme mang kapa mang eo A mo khelositseng ruri ha ho ea ka mo tataisang. ʼMe ke beha bopaki hore ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah Ea Inoosi Ea senang molekane (Boreneng ba Hae). ke boele ke behe bopaki hore ruri Muhammad ke Mohlanka le Morumuoa oa Hae, khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho eena, le ho ba lelapa la hae, le ho barutuoa ba hae le ho bohle ba ba latelang ka botle, ʼme A ba fe khotso e phethahetseng.

Ho tsoela pele: Ruri tsebo ka Tawheed ke tsebo e hlomphehang ka ho fetisisa ho feta tsebo eohle, e phahameng ka ho fetisisa ka boleng, 'me ke ea bohlokoa ka ho fetisisa e lokelang ho tsongoa le ho latelloa ka matla, hobane ke tsebo ka Allah Ea Matla Ohle, mabitso a Hae, boleng ba Hae, le litokelo tsa Hae holim'a bahlanka ba Hae, le hobane ke senotlolo sa tsela e eang ho Molimo Ea Matla Ohle le motheo oa melao ea Hae.

Ka lebaka leo: barumuoa bohle ba ile ba lumellana ho memela batho ho eona (Tawheed). Allah Ea Phahameng O itse:

﴿وَمَآ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ مِن رَّسُولٍ إِلَّا نُوحِيٓ إِلَيۡهِ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّآ أَنَا۠ فَٱعۡبُدُونِ25﴾

﴾ʼMe Ha Rea ​​ka Ra romela morumuoa leha ele a le mong (ho ba tlileng) pele ho uena (Oho Muhammad [khotso e be le eena]) ntle le hore Re mo senolele (Re re): La ilaha illa Ana [ha ho ea nang le tokelo ea ho rapeloa ele 'nete ntle le 'Na (Allah)], kahoo nkhumameleng (ʼNa feela Ke le Noosi).﴿

[al-Anbiya: 25]

Allah Ea Matla Ohle O pakile bonngoe ba Hae, 'me Mangeloi a Hae le batho ba nang le tsebo ba pakile sena bakeng sa Hae. Molimo Ea Matla 'Ohle O itse:

﴿شَهِدَ ٱللَّهُ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ وَأُوْلُواْ ٱلۡعِلۡمِ قَآئِمَۢا بِٱلۡقِسۡطِۚ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ 18﴾

Allah O paka hore ha ho molimo o lokeloang ke khumamelo kantle ho Eena, le Mangeloi le ba nang le tsebo (le bona) ba paka joalo; (Kamehla) O laola popo ea Hae ka toka. Ha ho molimo kantle ho Eena, Ea Matla Ohle, Ea Bohlale bo phethahetseng﴿.

[Al ʼImran: 18]

’Me kaha bona ke boemo le bohlokoa ba Tawheed, ho ba setlamo ho lemoseleme le leng le le leng hore le e hlokomele ka ho ithuta eona, ho e ruta, ho e nahanisisa ka botebo, le ho e lumela ka tieo; le hore le hahe tumelo ea lona holim’a motheo o nepahetseng, ka khotso ea pelo le boikokobetso. Ka tsela eo le tle le fumane thabo ka litholoana le melemo ea eona.

'Me Allah Ke mohloli oa katleho

Sengoli

Bolumeli ba Islam

Bolumeli ba Islam: Ke bolumeli boo Allah A rometseng ka bona Muhammad (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho eena), ’me ka bona Allah A phethela tumelo eohle. O bo phethahalitse sebakeng sa bahlanka ba Hae, A phethela ka bona mohau oa Hae holim'a bona, ’me A bo khetha hore e be bolumeli ba bona. Ka hona ha ho na bolumeli bo bong bo amohelehang ho tsoa ho mang kapa mang ntle le bona. Allah O itse:

﴿مَّا كَانَ مُحَمَّدٌ أَبَآ أَحَدٖ مِّن رِّجَالِكُمۡ وَلَٰكِن رَّسُولَ ٱللَّهِ وَخَاتَمَ ٱلنَّبِيِّـۧنَۗ وَكَانَ ٱللَّهُ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمٗا 40﴾

﴾Muhammad ha se ntate oa emong oa banna ba lona empa ke morumuoa oa Allah le mokoallo oa baporofeta, ʼme Allah O na le tsebo holim’a lintho tsohle﴿ [Al-Ahzab: 40]

Allah O boetse A re:

﴿...ٱلۡيَوۡمَ أَكۡمَلۡتُ لَكُمۡ دِينَكُمۡ وَأَتۡمَمۡتُ عَلَيۡكُمۡ نِعۡمَتِي وَرَضِيتُ لَكُمُ ٱلۡإِسۡلَٰمَ دِينٗاۚ...﴾

﴾...Kajeno Ke phethetse tumelo ea lona sebakeng sa lona, ʼme Ke phethile mohau oa Ka holim'a lona, ʼme Ke le khethetse Islamo hore e be bolumeli ba lona﴿ [Al-Ma’idah: 3]

Allah A boela A re:

﴿إِنَّ ٱلدِّينَ عِندَ ٱللَّهِ ٱلۡإِسۡلَٰمُ...﴾

﴾Ruri tumelo ho Allah ke Islamo...﴿

[Ali-Imran: 19]

Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿وَمَن يَبۡتَغِ غَيۡرَ ٱلۡإِسۡلَٰمِ دِينٗا فَلَن يُقۡبَلَ مِنۡهُ وَهُوَ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ مِنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ 85﴾

﴾Mang kapa mang ea labalabelang bolumeli bo bong bosele ntle le ba Islamo bo ke ke ba amoheloa ho (tsoa ho) eena, ʼme ruri ka Letsatsi la Kahlolo o tla ba har’a ba lahlehetsoeng﴿ [Ali-Imran: 85]

’Me Allah Ea Phahameng O laetse batho bohle hore ba inehele ho Eena ka bolumeli bona (Islamo). Ka hona O ile A re, A fana ka molaetsa ho Morumuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho eena):

﴿قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِنِّي رَسُولُ ٱللَّهِ إِلَيۡكُمۡ جَمِيعًا ٱلَّذِي لَهُۥ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ يُحۡيِۦ وَيُمِيتُۖ فَـَٔامِنُواْ بِٱللَّهِ وَرَسُولِهِ ٱلنَّبِيِّ ٱلۡأُمِّيِّ ٱلَّذِي يُؤۡمِنُ بِٱللَّهِ وَكَلِمَٰتِهِۦ وَٱتَّبِعُوهُ لَعَلَّكُمۡ تَهۡتَدُونَ 158﴾

﴾E re: “Oho lona batho! Ruri, ke Morumuoa oa Allah ho lona kaofela — Eo puso ea Maholimo le lefats’e e leng ea Hae. Ha ho molimo ofe kapa ofe o tšoaneloang ke ho rapeloa ntle le Eena; O fana ka bophelo le ho baka lefu. Ka hona lumelang ho Allah le ho Morumuoa oa Hae, Moprofeta ea sa tsebeng ho bala le ho ngola, ea lumelang ho Allah le Mantsoeng a Hae; ’me mo lateleng hore le tle le tataisehe.﴿ [Al-Aʼraaf: 158]

Ho Saheeh Muslim: ho tsoa ho Abu Hurayrah, Allah A khahlisoe ke eena, ho tsoa ho Morumuoa oa Allah khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae, o itse:

«وَالَّذِي ‌نَفْسُ ‌مُحَمَّدٍ ‌بِيَدِهِ ‌لَا ‌يَسْمَعُ بِي أَحَدٌ مِنْ هَذِهِ الْأُمَّةِ يَهُودِيٌّ وَلَا نَصْرَانِيٌّ، ثُمَّ يَمُوتُ وَلَمْ يُؤْمِنْ بِالَّذِي أُرْسِلْتُ بِهِ إِلَّا كَانَ مِنْ أَصْحَابِ النَّارِ».

«Ho Eo phefumoloho ea Muhammad e leng taolong ea Hae, ha ho mang kapa mang ea utloang ka nna sechabeng sena ekabang ke Mojude kapa Mokereste, ebe oa shoa a sa lumele ho seo ke rometsoeng ka sona kantle le hore o tla ba e mong oa batho ba Mollo»1.

Ho lumela ho eena: ho bolela ho lumela seo a se tlisitseng ka kamohelo le boikokobetso, e seng feela ho lumela ka kelello. Ke ka lebaka lena Abu Talib a sa kang a lumela ho Morumuoa, Allah A mo hlohonolofatse 'me A mo fe khotso, leha a ne a lumela ho seo a se tlisitseng 'me a paka hore ke bolumeli bo molemo ka ho fetisisa.

Bolumeli ba Islamo bo akaretsa melemo eohle e neng e akarellelitsoe ke litumelo tse fetileng, ’me bo li feta ka hore bo loketse nako e ’ngoe le e ’ngoe, sebaka se seng le se seng le sechaba se seng le se seng. Allah Ea Phahameng O itse A bua le Morumuoa oa Hae:

﴿وَأَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ بِٱلۡحَقِّ مُصَدِّقٗا لِّمَا بَيۡنَ يَدَيۡهِ مِنَ ٱلۡكِتَٰبِ وَمُهَيۡمِنًا عَلَيۡهِ...﴾

﴾’Me Re u senoletse (uena Muhammad) Buka (Qur’an) ka ’nete, e tiisang Mangolo a neng a le teng pele ho eona, ’me e le mohlokomeli le paki (sekala) holim’a ’ona...﴿ [Al-Ma’idah: 48]

Moelelo oa hore bo loketse nako e ’ngoe le e ’ngoe, sebaka se seng le se seng le sechaba se seng le se seng ke hore ho khomarela bona ha ho hanyetse lithahasello tsa sechaba ka nako kapa sebaka leha e le sefe; ho e-na le hoo ke tokiso ea bona. Ha ho bolele hore bona bo itšetlehile kapa bo ikamahanya le nako e ’ngoe le e ’ngoe, sebaka se seng le se seng kapa sechaba se seng le se seng, joalo ka ha batho ba bang ba batla.

Bolumeli ba Islamo ke bolumeli ba ’nete boo Allah (Ea Phahameng) A ts’episitseng hore mang kapa mang ea bo khomarelang ka tieo, O tla mo thusa le ho bo phahamisa holim’a litumelo tse ling. Allah Ea Phahameng O itse:

﴿هُوَ ٱلَّذِيٓ أَرۡسَلَ رَسُولَهُۥ بِٱلۡهُدَىٰ وَدِينِ ٱلۡحَقِّ لِيُظۡهِرَهُۥ عَلَى ٱلدِّينِ كُلِّهِۦ وَلَوۡ كَرِهَ ٱلۡمُشۡرِكُونَ 9﴾

﴾Ke Eena Ea rometseng Morumuoa oa Hae (Muhammad khotso e be le eena) ka tataiso le bolumeli ba 'nete (bonngoe ba Molimo kahar’a bolumeli ba Islamo), e le hore a bo phahamise holim’a litumelo tsohle, le hoja Mushrikun (ba rapelang litšoantšo le ba sa lumeleng bonngoeng ba Allah) ba hloile seo.﴿ [As-Saff: 9]

Allah O boetse O re:

﴿وَعَدَ ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ مِنكُمۡ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ لَيَسۡتَخۡلِفَنَّهُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ كَمَا ٱسۡتَخۡلَفَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡ وَلَيُمَكِّنَنَّ لَهُمۡ دِينَهُمُ ٱلَّذِي ٱرۡتَضَىٰ لَهُمۡ وَلَيُبَدِّلَنَّهُم مِّنۢ بَعۡدِ خَوۡفِهِمۡ أَمۡنٗاۚ يَعۡبُدُونَنِي لَا يُشۡرِكُونَ بِي شَيۡـٔٗاۚ وَمَن كَفَرَ بَعۡدَ ذَٰلِكَ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡفَٰسِقُونَ 55﴾

Allah O tšepisitse ba lumetseng har’a lona le ba etsang liketso tse lokileng, hore ruri O tla ba fa matla a ho busa lefatšeng (bojalefa) joalokaha A ile A fa ba bileng teng pele ho bona; 'me O tla tiisa bolumeli ba bona boo A ba khethetseng bona, ebile O tla fetola tšabo ea bona hore e be tšireletseho. Ba tla Nkhumamela 'me ba ke ke ba Nkopanya le letho (borapeling). Empa mang kapa mang ea tla latola tumelo kamor’a mona — bao ke bona ba khelohileng. [An-Nur: 55]

Bolumeli ba Islam ke Tumelo (ʼAqeedah) le Molao (Shareeʼah); bo phethahetse tumelong ea bona le melaong ea bona:

1- Bo laela Bonngoe ba Allah Ea Phahameng (Tawheed), 'me bo thibela ho Mo kopanya le melimo e meng ea bohata (Shirk).

2- Bo laela ’nete, ’me bo thibela leshano.

3- Bo laela toka 'me bo thibela khatello (ho hlokelana toka). Toka ke ho lekanya lintho tse tšoanang le ho arola pakeng tsa lintho tse fapaneng. Toka hase ho lekanya ntho e ʼngoe le e ʼngoe ka ho feletseng joalo ka ha batho ba bang ba bolela ha ba re: 'Bolumeli ba Islamo ke bolumeli ba tekano ka ho feletseng,' ba bua ka kakaretso. Hobane ho lekanya lintho tse fapaneng ke khatello eo Islamo e sa tlang ka eona, 'me ea e etsang ha a rorisoe.

4- Bo laela botšepehi, ’me bo thibela boeki (ho tsoa likano tlaase).

5- Bo laela tšepahalo 'me bo thibela bolotsana.

6- Bo laela tlhompho ho batsoali 'me bo thibela ho se ba hlomphe.

7- Bo laela ho boloka maqhama a likamano, e leng beng (ba leloko) ka motho, 'me bo thibela ho a khaola.

8- Bo laela boahisani bo botle 'me bo thibela boahisani bo bobe.

Ka kakaretso: Islamo e laola boits'oaro bo bong le bo bong ba botho bo nepahetseng 'me e hanela boits'oaro bo bong le bo bong bo bobe. E laela ketso e 'ngoe le e 'ngoe e lokileng 'me e hanela ketso e 'ngoe le e 'ngoe e mpe.

Allah Ea Phahameng O re:

﴿إِنَّ ٱللَّهَ يَأۡمُرُ بِٱلۡعَدۡلِ وَٱلۡإِحۡسَٰنِ وَإِيتَآيِٕ ذِي ٱلۡقُرۡبَىٰ وَيَنۡهَىٰ عَنِ ٱلۡفَحۡشَآءِ وَٱلۡمُنكَرِ وَٱلۡبَغۡيِۚ يَعِظُكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تَذَكَّرُونَ 90﴾

﴾Kannete, Allah O laela toka le boitšoaro bo botle le ho fa ba leloko (ke hore ho ba thusa) 'me O thibela boitšoaro bo bobe le ho etsa bobe le khatello. O le eletsa hore mohlomong le tla hopola.﴿ [An-Nahl: 90]

Litšiea tsa Islamo

Litšiea tsa Islamo: ke metheo eo Islamo e hahiloeng holim’a eona, ’me ke tse hlano: Li boletsoe ho seo Ibn ‘Umar (Allah a ba khotsofalle bobeli ba bona) a se tlalehileng ho tsoa ho Moprofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim’a hae) hore o itse:

«بُنِيَ الْإِسْلَامُ عَلَى خَمْسَةٍ: عَلَى أَنْ يُوَحِّدَ اللَّه - وَفِي رِوَايَةٍ عَلَى خَمْسٍ -: شَهَادَةِ أَنْ لَا إِلَهَ إِلَّا اللَّهُ، وَأَنَّ مُحَمَّدًا عَبْدُهُ وَرَسُولُهُ، وَإِقَامِ الصَّلَاةِ، وَإِيتَاءِ الزَّكَاةِ، وَصِيَامِ رَمَضَانَ، وَالْحَجِّ».

«Islamo e ahiloe holim'a (Litšiea) tse hlano: ho paka hore ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke khumamelo ntle le Allah, le hore Muhammad ke mohlanka le Moromuoa oa Hae; ho phethahatsa thapelo; ho fana ka Zakaat; ho itima ka khoeli ea Ramadhan; le ho etsa Hajj (leeto la borapeli)» Eaba monna e mong o re: Hajj le boitimo ka Ramadhan? A re:

«لَا، صِيَامُ رَمَضَانَ، وَالْحَجُّ».

«Che, boitimo ka Ramadan, le Hajj» Ke ile ka utloa sena ho tsoa ho Moporofeta oa Allah (khotso le litlhohonolofatso tsa Hae li be holim’a hae)2.

1- Haele Shahadah (bopaki ba tumelo) eleng hore: 'Ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah, le hore Muhammad ke mohlanka le Moromuoa oa Hae,' ke: Tumelo e tiileng e sa sisinyeheng, e hlahisoang ka leleme ka bopaki bona, joalokaha eka ka lebaka la ho tsepama ha tumelo eo, motho o bona seo a fanang ka bopaki ka sona ka mahlo. ʼMe bopaki bona bo entsoe tšiea e le ’ngoe le hoja ho na le lintho tse ngata tseo ho fanoang ka bopaki ka tsona, ke hobane:

Ekaba: hobane Morumuoa (khotso e be le eena) ke mofetisi oa molaetsa o tsoang ho Allah Ea Phahameng; kahoo, ho fana ka bopaki ba bohlanka ba hae le boromuoa ba hae ke karolo ea ho phetheha hoa bopaki ba hore 'ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah'.

Kapa mohlomong: Hobane mapaki ana a mabeli ke motheo oa ho nepahala hoa liketso le ho amoheleha hoa tsona; kaha ha ho ketso e nepahetseng kapa e ka amoheloang, haese feela ka boinehelo bo hloekileng (Ikhlas) ho Allah Ea Phahameng le ka ho latela (Mutaba'ah) Morumuoa oa Hae (khotso le mahlohonolo a Allah li be holim’a hae).

Ka hona, ka ho ikokobelletsa Allah ka botšepehi (ikhlas) ho phethahatsa bopaki ba hore: ha ho molimo ofe kapa ofe ea tšoaneloang ke ho rapeloa ka ’nete ntle le Allah; ’me ka ho latela Morumuoa oa Allah ho phethahatsa bopaki ba hore: Muhammad ke mohlanka oa Hae le Morumuoa oa Hae.

Har’a litholoana tsa bopaki bona bo boholo ke: ho lokolloa ha pelo le moea bokhobeng ba libopuoa le ho lokolloa ho latela ba bang ntle le barumuoa.

2- Haele ho phethahatsa thapelo (ho etsa salaah): ke ho rapela Allah Ea Phahameng ka ho e etsa ka tsela e nepahetseng le e phethahetseng, ka linako tsa eona tse behiloeng le ka mekhoa ea eona e laetsoeng.

Har’a litholoana tsa eona ke: ho khotsofala ha pelo, thabo le nyakallo e khaphatsehang le ho thibela liketso tse lits'ila le tse mpe.

3- haele ho fana ka Zakat: Ke ho khumamela Molimo Ea Phahameng ka ho nts'a karolo e tlamang ea leruo ho tsoa ho tseo motho a nang le tsona tse lokelang ho lefshoa Zakat ho ba e tšoanelang.

ʼMe har'a litholoana tsa eona (Zakat): Ke ho hloekisa moea boits’oarong bo bobe (joalo ka bokhonatha) le ho khotsofatsa litlhoko tsa Islam le tsa Mamoseleme.

4- Haele boitimo ka khoeli ea Ramadhan: Ke ho khumamela Molimo Ea Phahameng ka ho ila (ho itima) lijo, lino le lintho tsohle tse senyang boitimo, ho tloha ka meso ho fihlela ha letsatsi le likela, nakong ea khoeli ea Ramadan.

ʼMe har'a litholoana tsa bona (boitimo): Ke ho rupela (ho koetlisa) moea ho tlohela lintho tseo o li ratang; e le ho khahlisa Molimo Ea Matla ʼOhle Ea Phahameng.

5- Haele leeto la bolumeli la Hajj: Ke ho khumamela Molimo Ea Phahameng ka ho rera ho ea Ntlong e Halalelang (Ka'bah); ele ho phetha mekhoa le lits'ebeletso tsa khumamelo tsa Hajj.

ʼMe har'a litholoana tsa eona (Hajj): Ke ho rupela moea ho itella karolo ea maruo (lichelete) le ea 'mele ts'ebeletsong ea ho mamela Molimo Ea Phahameng; ke ka lebaka leo Hajj e nkoang e le mofuta o mong oa ntoa e halalelang (Jihad) tseleng ea Molimo Ea Phahameng.

Litholoana tsena tseo re li boletseng tsa metheo ena (lits'iea tsa Islam) le tseo re sa kang ra li bolela, li etsa hore sechaba sena e be sechaba sa Islam se hloekileng le se se nang sekoli; se khumamelang Molimo ka bolumeli ba 'nete, 'me se sebetsana le libopuoa ka toka le ka bots'epehi; Hobane melao e meng eohle ea Islam e lula e nepahetse ha feela metheo ena e nepahetse; 'me maemo a sechaba a ntlafala ka ho ntlafala ha litaba tsa bolumeli ba sona. Sechaba se lahleheloa ke katleho ea maemo a sona ho latela tekanyo eo se lahlehetsoeng ke ho loka ha litaba tsa bolumeli ba sona ka eona.

'Me mang kapa mang ea batlang ho hlakeloa (kapa ho bona bopaki) ba taba ena, ke hore a bale polelo ea Allah Ea Phahameng:

﴿وَلَوۡ أَنَّ أَهۡلَ ٱلۡقُرَىٰٓ ءَامَنُواْ وَٱتَّقَوۡاْ لَفَتَحۡنَا عَلَيۡهِم بَرَكَٰتٖ مِّنَ ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِ وَلَٰكِن كَذَّبُواْ فَأَخَذۡنَٰهُم بِمَا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ 96 أَفَأَمِنَ أَهۡلُ ٱلۡقُرَىٰٓ أَن يَأۡتِيَهُم بَأۡسُنَا بَيَٰتٗا وَهُمۡ نَآئِمُونَ 97 أَوَأَمِنَ أَهۡلُ ٱلۡقُرَىٰٓ أَن يَأۡتِيَهُم بَأۡسُنَا ضُحٗى وَهُمۡ يَلۡعَبُونَ 98 أَفَأَمِنُواْ مَكۡرَ ٱللَّهِۚ فَلَا يَأۡمَنُ مَكۡرَ ٱللَّهِ إِلَّا ٱلۡقَوۡمُ ٱلۡخَٰسِرُونَ 99﴾

﴾ʼMe hoja batho ba metse ba ile ba lumela 'me ba ba le tšabo (ea Molimo), ruri Re ka be Re ba buletse mahlohonolo a tsoang leholimong le lefatšeng; empa ba ile ba latola ('nete), kahoo Re ile Ra ba otla ka lebaka la seo ba neng ba se etsa 96

Na ebe batho ba metse ba ikutloa ba sireletsehile hore kotlo ea Rona e ke ke ea ba fihlela bosiu ha ba ntse ba robetse? 97

Kapa na batho ba metse ba ikutloa ba sireletsehile hore kotlo ea Rona e ke ke ea ba fihlela mots’eare ha ba ntse ba bapala? 98

Na ba ikutloa ba sireletsehile khahlanong le morero oa Molimo? Ha ho na motho ea ikutloang a sireletsehile khahlanong le morero oa Molimo haese batho ba lahlehetsoeng (ba timetseng) 99﴿ [Al-Aʼraaf: 96-99]

'Me a ke a shebe nalaneng ea ba tlileng pele ho eena; hobane ruri nalane ke thuto (temoso) ho ba nang le kutloisiso, le leseli ho e mong le e mong eo pelo ea hae e sa kang ea thibeloa ke lesira (la ho se bone); 'me Molimo ke Eena Mothusi Ea Phethehileng.

Metheo ea Tumelo ea Islamo (ʼAqeedah)

Tumelo ea Islamo —joalokaha re se re hlalositse— ke Tumelo (ʼAqeedah) le Melao (Sharʼiah). Re se re bonts'itse e meng ea melao ea eona, ’me ra bolela litšiea tsa eona tseo ho nkoang ele motheo oa melao ea bona.

Haele tumelo ea Islam (ʼAqeedah), metheo ea eona ke: Ho lumela ho Allah le ho Mangeloi a Haele ho Libuka tsa Hae le ho Barumuoa ba Hae le ho Letsatsi la Bofelo le ho al-Qadr (Tsebo ea Molimo ea lintho tsohle pele li etsahala, ho ngola ha Hae ka tsona, thato ea Hae hore li etsahale): ekabang se setle kapa se sebe sa eona.

'Me metheo ena e ts'ehetsoa (e netefatsoa) ke Buka ea Allah (Qur’an) le Tsela ea Moromuoa oa Hae (Sunnah), khotso le mahlohonolo a Molimo li be holim'a hae.

ʼMe kahar'a Buka ea Molimo Ea Phahameng, O re:

﴿لَّيۡسَ ٱلۡبِرَّ أَن تُوَلُّواْ وُجُوهَكُمۡ قِبَلَ ٱلۡمَشۡرِقِ وَٱلۡمَغۡرِبِ وَلَٰكِنَّ ٱلۡبِرَّ مَنۡ ءَامَنَ بِٱللَّهِ وَٱلۡيَوۡمِ ٱلۡأٓخِرِ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ وَٱلۡكِتَٰبِ وَٱلنَّبِيِّـۧنَ...﴾

﴾Ho loka hase hore le retelletse lifahleho tsa lona nqa ea bochabela le bophirima; empa ho loka ha 'nete ke ho lumela ho Allah le ho Letsatsi la ho Qetela le ho Mangeloi le ho Libuka le ho Baporofeta...﴿ [Al-Baqarah: 177] ʼMe A re ka al-Qadr:

﴿إِنَّا كُلَّ شَيۡءٍ خَلَقۡنَٰهُ بِقَدَرٖ 49 وَمَآ أَمۡرُنَآ إِلَّا وَٰحِدَةٞ كَلَمۡحِۭ بِٱلۡبَصَرِ 50﴾

﴾Ruri, Ntho e 'ngoe le e 'ngoe re e bopile ka Qadr (tekanyo le moralo le nako e reriloeng) 49

'Me taelo ea Rona ke e le 'ngoe feela (e etsahalang hang-hang), e joaloka ho panya ha leihlo50﴿ [Al-Qamar: 49-50]

Ho Sunnah ea Morumuoa oa Allah (khotso le mahlohonolo li be ho eena), Moporofeta (khotso le mahlohonolo li be ho eena) o itse ha a araba Jibreel nakong eo a mo botsang ka tumelo (Imaan):

«الْإِيمَانُ: أَنْ تُؤْمِنَ بِاللَّهِ، وَمَلَائِكَتِهِ، وَكُتُبِهِ، وَرُسُلِهِ، وَالْيَوْمِ الْآخِرِ، وَتُؤْمِنَ بِالْقَدَرِ: خَيْرِهِ وَشَرِّهِ».

«Al-Imaan: ke ho lumela ho Allah, ho Mangeloi a Hae, ho Libuka tsa Hae, ho barumuoa ba Hae, ho Letsatsi la ho Qetela, le ho lumela ho al-Qadr: botle le bobe ba eona»3.

Ho lumela ho Allah Ea Phahameng

Haele ho lumela ho Allah ho kenyelletsa lintho tse ʼne:

Ea pele: Tumelo ea hore Allah O teng:

Boteng ba Molimo Ea Matla Ohle bo pakoa ke: tlholeho (Fitrah), kelello, molao oa bomolimo (Sharʼiah) le kutloisiso ea kutlo (e leng ho lemoha le ho kholiseha ka boteng ba 'Mopi ka ho bona, ho utloa le ho ba le phihlelo e totobetseng ea ho arajoa ha lithapelo).

Haele bopaki ba fitrah (tlhaho le tlholeho ea motho) ka boteng ba Molimo, Ea Holimo-limo, Ea Phahameng: sebopuoa se seng le se seng se bopiloe se e-na le tumelo ho ’Mopi oa sona ntle le ho nahana pele kapa ho rutoa; ’me ha ho motho ea khelohang ho se boleloang ke fitrah ena ntle le eo pelo ea hae e anngoeng ke ho hong ho mo khelosang ho eona; Ho ea ka polelo ea Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso li be ho eena):

«‌مَا ‌مِنْ ‌مَوْلُودٍ إِلَّا يُولَدُ عَلَى الْفِطْرَةِ، فَأَبَوَاهُ يُهَوِّدَانِهِ أَوْ يُنَصِّرَانِهِ أَوْ يُمَجِّسَانِهِ».

«Ha ho ngoana ea tsoaloang ntle le hore a tsoaloe holim’a fitrah; empa batsoali ba hae ke bona ba mo etsang Mojude, Mokeresete kapa Majusi (ba rapelang mollo)»4.

2- Haele bopaki ba kelello ka boteng ba Allah, ke hobane lintho tsena tsohle tse bopiloeng — tse bileng teng pele le tse tlang ho ba teng — li tsʼoanetse ho ba le ʼMopi ea li entseng; hobane ha ho khonehe hore li ka ipopa ka botsona hape ha ho khonehe hore li hlahe ka ts'ohanyetso feela ntle le lebaka.

Ha ho khonehe hore e ka iketsa ka boeona; hobane ntho ha ipope, kaha pele e e-ba teng e ne e le sieo — joale e ka ba Moetsi joang?!

E ke ke ea e-ba teng ka ts'ohanyetso; hobane ketsahalo e 'ngoe le e 'ngoe e hlahang e tlameha ho ba le moetsi, Le hobane ho ba teng ha tsona ka tsela ena ea tsamaiso e hlollang le tumellano e momahaneng le kamano e hokahaneng lipakeng tsa lisosa le liphello tsa tsona le lipakeng tsa libopuoa ka botsona, ho thibela ka ho feletseng hore ho ba teng ha tsona e be ka ts'ohanyetso; hobane ntho e teng ka ts'ohanyetso ha e na tsamaiso ts'imolohong ea ho ba teng ha eona, joale ekaba le tsamaiso le taolo joang ha e ntse e tsoela pele le ho fetoha?!

Haeba libopuoa tsena li ne li ke ke tsa iketsahalla ka botsona, kapa ka ts'ohanyetso, joale li tlameha ho ba le 'mopi, 'me 'mopi eo ke Allah, Morena Oa Mafatše ohle.

Allah Ea Matla Ohle O boletse bopaki bona bo utloahalang bo etsang kelello le sesupo sena se felletseng ho Surah At-Tur, moo A itseng:

﴿أَمۡ خُلِقُواْ مِنۡ غَيۡرِ شَيۡءٍ أَمۡ هُمُ ٱلۡخَٰلِقُونَ 35﴾

﴾Kapa na ba bopiloe ho tsoa ho lefeela kapa ke bona babopi (ba bona ka bobona)﴿ [At-Tur: 35] Sena se bolela hore ha ba boptjoa ntle le 'mopi, le haele hore ba ipopile ka bobona; ka hona, 'mopi oa bona e tlameha ebe ke Allah, Ea Halalelang, Ea Phahameng. Ka hona, ha Jubayr ibn Mut'im, e se eka Molimo A ka khahlisoa ke eena, a utloa Morumuoa oa Molimo, e se eka Molimo A ka mo hlohonolofatsa le ho mo fa khotso, a bala Surat At-Tur, 'me a fihla litemaneng tsena:

﴿أَمۡ خُلِقُواْ مِنۡ غَيۡرِ شَيۡءٍ أَمۡ هُمُ ٱلۡخَٰلِقُونَ 35 أَمۡ خَلَقُواْ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَۚ بَل لَّا يُوقِنُونَ 36 أَمۡ عِندَهُمۡ خَزَآئِنُ رَبِّكَ أَمۡ هُمُ ٱلۡمُصَۜيۡطِرُونَ 37﴾

Na ba bopiloe ho tsoa ho lefeela kapa ke bona ba ipopileng 35

Kapa ke bona ba bopileng Maholimo le lefats’e? Che, ha ba na tiisetso (tumelo e tiileng) 36

Kapa matlotlo a Mong`a hao a matsohong a bona? Kapa ke bona ba laolang (lintho tsohle) 37﴿ [At-Tur: 35 - 37]

ʼMe ka nako eo Jubayr e ne ntse e le mushrik (morapeli oa lits'oants'o), a re: “Pelo eaka e ile ea batla e fofa (ka ho hlolloa le tsʼabo), ’me hoo e bile lekhetlo la pele tumelo e tiea pelong eaka”5

’Me ha re ke re fane ka mohlala o hlakisang taba ena: haeba motho a ka u bolella ka qhobosheane e ahiloeng ka bokhabane, e pota-potiloe ke lirapa, linoka li phalla har’a eona, ’me e tletse limmete le libethe, e khabisitsoe ka mefuta e fapaneng ea mekhabiso, ka tsohle tse e phethahatsang le ho e khabisa, Eaba o re ho uena: qhobosheane ena le botle bohle bo ho eona li ipopile ka bo tsona kapa li bile teng ka ts'ohanyetso ntle le moetsi — hang-hang u ka hana hoo ’me oa mo latola, oa nka polelo ea hae e le bohlanya le puo e se nang kelello, Na kamor’a moo ho ka amoheleha hore bokahohle bona bo boholo — ka lefats’e la bona, maholimo a bona, lipolanete tsa bona, maemo a bona le tsamaiso ea bona e makatsang e phethahetseng — bo ipopile ka bo bona kapa bo bile teng ka tsohanyetso ntle le moetsi?!

3- Haele bopaki ba molao oa bolumeli (Sharʼiah) ka boteng ba Allah: hobane libuka tsohle tsa leholimo li bua ka hoo, ’me melao e lokileng eo li e tlisitseng e akarelletsang molemo oa batho ke bopaki ba hore li tsoa ho Morena Ea bohlale Ea tsebang hantle lithahasello tsa libopuoa tsa Hae, ’Me litaba tsa bokahohle tseo li li tlisitseng, tseo 'nete ea tsona e netefalitsoeng ke se etsahalang ka 'nete, ke bopaki ba hore li tsoa ho Morena Ea Matla, Ea khonang ho bopa seo A re tsebisitseng sona.

4- Haele bopaki ba kutlo (bo bonahalang) ka boteng ba Allah; bo tsoa mahlakoreng a mabeli:

Le leng la ona ke hore: rea utloa ebile rea bona, ho ea ka karabo ea ba bitsang ho Allah (ba etsang duʿāʼ), le ho pholosa ba mahlomoleng, hoo ho bonts'ang ka bopaki bo hlakileng haholo boteng ba Hae Ea Phahameng. Allah Ea Matla Ohle O itse:

﴿وَنُوحًا إِذۡ نَادَىٰ مِن قَبۡلُ فَٱسۡتَجَبۡنَا لَهُۥ...﴾

﴾ʼMe (hopolang) le Nūḥ (Nooe) ha a ne a bitsa (ho Rona) pele; 'me Re ile Ra mo araba…﴿ [Al-Anbiya: 76] ʼMe Allah Ea Phahameng O re:

﴿إِذۡ تَسۡتَغِيثُونَ رَبَّكُمۡ فَٱسۡتَجَابَ لَكُمۡ...﴾

﴾(Hopolang) mohla le neng le kopa thuso ho Morena oa lona ka tieo, 'me O ile A le araba...﴿ [Al-Anfal: 9].

’Me ho Ṣaḥīḥ al-Bukhārī ho tlalehiloe ho tsoa ho Anas bin Mālik — Allah A khahlisoe ke eena — hore o itse:

«إنَّ أعرابيًّا دَخَلَ يَوْمَ الجُمُعَةِ -والنَّبِيُّ صَلَّى اللَّهُ عَلَيهِ وَسَلَّمَ يَخْطُبُ- فَقَالَ: يَا رَسُولَ اللَّهِ، هَلَكَ المَالُ، وَجَاعَ العِيَالُ، فَادْعُ اللَّهَ لنَا؛ فَرَفَعَ يَدَيْهِ ودَعَا، فَثَارَ السَّحَابُ أمثَالَ الجِبَالِ، فَلَمْ يَنْزِلْ عَنْ مِنْبَرِهِ حتَّى رَأَيْتُ المَطَرَ يَتَحَادَرُ عَنْ لِحْيَتِهِ».

«Kannete monna e mong oa Learabo oa mahaeng o ile a kena ka letsatsi la Labohlano ha Moporofeta ﷺ a ntse a fana ka khuṭbah, a re: ‘Oho Morumuoa oa Allah! Maruo a senyehile, malapa a lapile; kahoo re rapelle ho Allah.’ Ka hona a phahamisa matsoho a hae a rapela. Maru a qala ho phahama joaloka lithaba, ’me ha a ka a theoha sethaleng (Mimbar) sa hae ho fihlela ke bona pula e rotha e theoha litelung tsa hae»6.

’Me Labohlano le latelang, monna eo oa Learabo la mahoatateng (badawi) — kapa e mong — a ema a re: “Oho Morumuoa oa Allah! Mehaho ea heleha, le liphoofolo li khangoa ke metsi; kahoo re rapelle ho Allah.”

Ka hona a phahamisa matsoho a hae, ’me Moporofeta ﷺ a re:

«اللَّهُمَّ حَوَالَيْنَا وَلَا عَلَيْنَا».

«Oho Allah, e nese tikolohong ea rona, empa e seng holim’a rona.» Ha a ka a supa kae kapa kae kantle le hore maru a apohe(a buleha)7.

Karabo ea ba rapelang Molimo e ntse e hlaha e pakahatsoa ke maemo a bonahalang ho fihlela kajeno ho ba hlileng ba inehetseng ho Allah ka tieo, a phethahatsa maemo a hlokahalang bakeng sa karabo.

Ntlha ea bobeli: liponts'o tsa Baporofeta tse bitsoang mehlolo, tseo batho ba li bonang kapa ba utloang ka tsona, ke bopaki bo hlakileng ba ho ba teng ha Ea ba romileng, eleng Allah Ea Phahameng; hobane ke lintho tse fetang matla a batho, tseo Allah Ea Phahameng A li etsang ho tiisa le ho thusa Barumuoa ba Hae.

Mohlala oa tseo: Ke mohlolo oa Moporofeta Musa (khotso e be le eena) ha Allah Ea Matla Ohle A ne A mo laela hore a otle leoatle ka lere la hae. Eaba o ea le otla, 'me leoatle la aroha ho etsa litsela tse leshome le metso e mmeli tse ommeng, ha metsi pakeng tsa litsela tseo a ne a eme joaloka lithaba. Allah Ea Phahameng O re:

﴿فَأَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ مُوسَىٰٓ أَنِ ٱضۡرِب بِّعَصَاكَ ٱلۡبَحۡرَۖ فَٱنفَلَقَ فَكَانَ كُلُّ فِرۡقٖ كَٱلطَّوۡدِ ٱلۡعَظِيمِ 63﴾

﴾Eaba Re romela molaetsa ho Musa, Re re: "Otla leoatle ka lere la hao." Eaba le a aroha, 'me karolo ka 'ngoe ea leoatle ea ema e le kholo joaloka thaba e phahameng haholo﴿ [Ash-Shu'araaʼ: 63]

Mohlala oa bobeli: Ke mohlolo oa Moporofeta Isa (Jesu, khotso e be le eena) moo a neng a tsosa bafu, 'me a ba ntsʼa mabitleng a bona ka tumello ea Allah. Allah Ea Phahameng O buile ka eena A re:

﴿...وَأُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰ بِإِذۡنِ ٱللَّهِ...﴾

﴾...'me ke tsosa bafu ka tumello ea Allah...﴿ [Al ʼImran: 49] ʼMe A re hape:

﴿...وَإِذۡ تُخۡرِجُ ٱلۡمَوۡتَىٰ بِإِذۡنِي...﴾

﴾...le mohla u neng u tsosa bafu ka tumello ea Ka...﴿ [Al-Ma’idah: 110].

Mohlala oa boraro: ke oa ha Quraish ba ne ba kopa mohlolo ho Muhammad (khotso e be le eena); eaba o supa khoeli, 'me ea aroha likoto tse peli, 'me batho ba e bona. Mabapi le ketsahalo eo, Allah Ea Phahameng o itse:

﴿ٱقۡتَرَبَتِ ٱلسَّاعَةُ وَٱنشَقَّ ٱلۡقَمَرُ 1 وَإِن يَرَوۡاْ ءَايَةٗ يُعۡرِضُواْ وَيَقُولُواْ سِحۡرٞ مُّسۡتَمِرّٞ2﴾

﴾Nako (ea Letsatsi la Kahlolo) e atametse, 'me khoeli e arohile (likoto tse peli) 1 ʼMe ba bona mohlolo (ponts'o), ba furalla eaba ba re: 'Hona ke boloi bo tsoelang pele (bo matla)2﴿ [Al-Qamar: 1-2].

Kahoo, liponts'o tsena tse bonahalang (mehlolo) tseo Allah Ea Phahameng A li hlahisang ho ts'ehetsa barumuoa ba Hae le ho ba fa tlholo, li fana ka bopaki bo ke keng ba hanyetsoa (bo hlakileng) ba boteng ba Hae Ea Phahameng.

Ntlha ea bobeli eo tumelo ho Allah e e akaretsang ke: Ho lumela ho 'Rububiyyah' ea Hae (Borena ba Hae), eleng hore ke Eena feela Morena, ha A na molekane ebile ha A na mothusi.

Morena (Al-Rabb): Ke Eena Ea nang le matla a ho bopa (Al-Khalq), ho rua/ho busa (Al-Mulk), le ho laola (Al-Amr). Ha ho na 'mopi ntle le Allah, ha ho na mong'a tsohle haese Eena, 'me ha ho na molaoli haese Eena. Allah Ea Phahameng O itse:

﴿...أَلَا لَهُ ٱلۡخَلۡقُ وَٱلۡأَمۡرُ...﴾

﴾…Ha ho pelaelo hore, popo le taelo ke tsa Hae…﴿ [Al-Aʼraaf: 54] Hape A re:

﴿...ذَٰلِكُمُ ٱللَّهُ رَبُّكُمۡ لَهُ ٱلۡمُلۡكُۚ وَٱلَّذِينَ تَدۡعُونَ مِن دُونِهِۦ مَا يَمۡلِكُونَ مِن قِطۡمِيرٍ﴾

﴾…Eo, ke Allah Morena oa lona; ho Eena Feela ho na le puso ea 'nete. Bao le ba rapelang ntle le Eena, ha ba rue le haele qitmeer (lera le lesesane le koahetseng thollo ea tholoana ea palema)﴿

[Al-Fatir: 13]

Ha ho e-s'o tsebahale hore ho na le motho le ea mong har'a libopuoa ea ileng a latola Borena (Rububiyyah) ba Allah ea Matla Ohle, ntle le haeba e le motho ea manganga ea sa lumeleng seo a se buang ka molomo; joalokaha ho ile hoa etsahala ho Faro, ha a ne a re ho batho ba hae:

﴿فَقَالَ أَنَا۠ رَبُّكُمُ ٱلۡأَعۡلَىٰ 24﴾

﴾Eaba o re: 'Ke 'na morena oa lona ea phahameng ka ho fetisisa' 24﴿ [An-Naziʼat: 24], ʼMe A re:

﴿...يَٰٓأَيُّهَا ٱلۡمَلَأُ مَا عَلِمۡتُ لَكُم مِّنۡ إِلَٰهٍ غَيۡرِي...﴾

﴾...(Faro) a re: 'Oho lona baetapele! Ha ke tsebe le na le molimo o mong ntle le 'na'...﴿ [Al-Qasas: 38], empa seo ha se kolle tumelong ea 'nete. Allah Ea Matla Ohle O itse:

﴿وَجَحَدُواْ بِهَا وَٱسۡتَيۡقَنَتۡهَآ أَنفُسُهُمۡ ظُلۡمٗا وَعُلُوّٗا...﴾

﴾'Me ba ile ba li latola (liponts'o le mehlolo), leha lipelo tsa bona li ne li kholisehile ka eona, ka lebaka la ho hloka toka le boikhohomoso. ..﴿ [An-Naml: 14]. Moshe o ile a re ho Faro, joalokaha Allah A boletse:

﴿...لَقَدۡ عَلِمۡتَ مَآ أَنزَلَ هَٰٓؤُلَآءِ إِلَّا رَبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ بَصَآئِرَ وَإِنِّي لَأَظُنُّكَ يَٰفِرۡعَوۡنُ مَثۡبُورٗا﴾

﴾...(Moshe) a re: 'Ruri (oho Faro), u ea tseba hore ha ho emong ea rometseng liponts'o tsena (mehlolo) haese Morena oa Maholimo le lefats'e, ele bopaki bo hlakileng (bo bulang mahlo); 'me ruri kea u bona, oho Faro, u motho ea timelitsoeng (ea felisitsoeng)'﴿ [Al-ʼIsraaʼ: 102], Ka hona, barapeli ba melimo e mengata ba ile ba ananela Borena ba Allah ea Matla Ohle, ha ba ntse ba kopanya ba bang le Eena ho ʼUluhiyyah (borapeling). Allah Ea Matla Ohle O itse:

﴿قُل لِّمَنِ ٱلۡأَرۡضُ وَمَن فِيهَآ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ 84 سَيَقُولُونَ لِلَّهِۚ قُلۡ أَفَلَا تَذَكَّرُونَ85 قُلۡ مَن رَّبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ ٱلسَّبۡعِ وَرَبُّ ٱلۡعَرۡشِ ٱلۡعَظِيمِ 86 سَيَقُولُونَ لِلَّهِۚ قُلۡ أَفَلَا تَتَّقُونَ 87 قُلۡ مَنۢ بِيَدِهِۦمَلَكُوتُ كُلِّ شَيۡءٖ وَهُوَ يُجِيرُ وَلَا يُجَارُ عَلَيۡهِ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ 88 سَيَقُولُونَ لِلَّهِۚ قُلۡ فَأَنَّىٰ تُسۡحَرُونَ 89﴾

﴾Ere, "Lefats'e le tsohle tse ho lona ke tsa mang, haeba le tseba?" 84 Ba tla re, "Ke tsa Allah." E-re, "Joale na ha le hopole?" 85 Ere, "Ke mang Morena Oa Maholimo a supileng le Morena oa Terone e Kholo?" 86 Ba tla re, "Ke tsa Allah." Ere, "Joale na ha le mo ts'abe?" 87 Ere, "Ke mang eo puso ea lintho tsohle e leng letsohong la Hae, 'me oa sireletsa ha ho le ea mong ea ka sireletsang (ba bang) khahlanong le Eena, haeba le tseba?" 88 Ba tla re, "[tsohle] Ke tsa Allah." Ere, "Joale le thetsoa joang?"89﴿ [Al-Muʼminun: 84-89].

ʼMe Allah Ea Matla Ohle O boela A re:

﴿وَلَئِن سَأَلۡتَهُم مَّنۡ خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ لَيَقُولُنَّ خَلَقَهُنَّ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡعَلِيمُ 9﴾

﴾'Me haeba u ka ba botsa: ‘Ke mang ea bopileng Maholimo le lefatše?’ Ba tla re: ‘Ke Allah Ea Matla le Ea Tsebang tsohle tseo A li bopileng’﴿

[Az-Zukhruf: 9].

Allah Ea Matla Ohle O re hape:

﴿وَلَئِن سَأَلۡتَهُم مَّنۡ خَلَقَهُمۡ لَيَقُولُنَّ ٱللَّهُۖ فَأَنَّىٰ يُؤۡفَكُونَ 87﴾

﴾'Me haeba u ka ba botsa hore na ke mang ea ba hlotseng, ruri ba tla re: 'Ke Allah.' Joale, ba thetsoa joang (ho tloha 'neteng)﴿ [Az-Zukhruf: 87]

Taelo ea Allah Ea Matla Ohle e akaretsa litaba tsa bokahohle le tsa molao. Feela joalokaha ele molaoli oa bokahohle le moahloli ho bona ho ea ka seo A se ratang, joalokaha ho hlokahala ka bohlale ba Hae, hape ke 'musi ho bona ka melao ea borapeli le melao ea ts'ebelisano, joalokaha ho hlokahala ka bohlale ba Hae, Kahoo, ea nkang emong mmoho le Allah Ea Phahameng joaloka ketsa-molao (Musharri') litabeng tsa borapeli, kapa moahloli (Hakim) litabeng tsa likamano tsa batho; ruri motho eo o kopantse Allah le balekane (o entse Shirk), 'me ha a e-s'o fihlele tumelo ea 'nete.

Ntlha ea boraro eo tumelo ho Allah e e akaretsang ke: Ho lumela ho 'Uluhiyyah' ea Hae (Bonngoe Borapeling ba Hae), eleng hore: Ke Eena feela Molimo oa 'nete Ea se nang molekane. 'Ilah' (Molimo) e bolela 'Ma'luh', e leng: 'Ea rapeloang' ka lerato le tlhompho e kholo.

Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿وَإِلَٰهُكُمۡ إِلَٰهٞ وَٰحِدٞۖ لَّآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ ٱلرَّحۡمَٰنُ ٱلرَّحِيمُ 163﴾

﴾'Me Molimo Oa lona ke Molimo A le Mong; ha ho na molimo o mong (o ts'oaneloang ke ho rapeloa) haese Eena, Ea Mosa (Ar-Rahman), Ea Mohau (Al-Rahim)﴿ [Al-Baqarah: 163] ʼMe Allah Ea Phahameng O re:

﴿شَهِدَ ٱللَّهُ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ وَأُوْلُواْ ٱلۡعِلۡمِ قَآئِمَۢا بِٱلۡقِسۡطِۚ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ 18﴾

Allah O paka hore ha ho molimo ea lokeloang ke khumamelo kantle ho Eena, le Mangeloi le ba nang le tsebo (le bona) ba paka joalo; (Kamehla) O laola popo ea Hae ka toka. Ha ho molimo kantle ho Eena, Ea Matla Ohle, Ea Bohlale bo phethahetseng. [Al ʼImran: 18], Le ea nkang molimo emong mmoho le Allah, a mo rapela ntle le Eena — bomolimo ba hae ke ba bohata. Allah Ea Phahameng O itse:

﴿ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡحَقُّ وَأَنَّ مَا يَدۡعُونَ مِن دُونِهِۦ هُوَ ٱلۡبَٰطِلُ وَأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡعَلِيُّ ٱلۡكَبِيرُ 62﴾

﴾Sena ke hobane Allah ke Eena ’Nete, ’me tseo ba li rapelang ntle ho Eena ke bohata, ’me ruri Allah ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa, Ea Moholo-holo 62﴿ [Al-Hajj: 62] Le ho li bitsa melimo ha ho li fe tokelo ea bomolimo ba ’nete. Allah Ea Phahameng O itse ka al-Lāt, al-‘Uzzā, le Manāt:

﴿إِنۡ هِيَ إِلَّآ أَسۡمَآءٞ سَمَّيۡتُمُوهَآ أَنتُمۡ وَءَابَآؤُكُم مَّآ أَنزَلَ ٱللَّهُ بِهَا مِن سُلۡطَٰنٍ...﴾

﴾Ha se letho haese mabitso feela ao le e rehileng — lona le bo-ntat’a lona — Allah ha A ka A theolela bopaki leha e le bofe ka ’eona…﴿ [An-Najm: 23].

’Me Allah O boletse ka Hūd (khotso e be holim’a hae) hore o ile a re ho batho ba hae:

﴿...أَتُجَٰدِلُونَنِي فِيٓ أَسۡمَآءٖ سَمَّيۡتُمُوهَآ أَنتُمۡ وَءَابَآؤُكُم مَّا نَزَّلَ ٱللَّهُ بِهَا مِن سُلۡطَٰنٖۚ...﴾

﴾…Na le phehisana le ’na ka mabitso ao le a rehileng — lona le bo-ntat’a lona — ao Allah A sa kang A a theolela bopaki leha e le bofe ka ’ona?…﴿ [Al-Aʼraaf: 71].

’Me Allah O boletse ka Yūsuf (khotso e be holim’a hae) hore o ile a re ho bats'oaruoa-'moho le eena ba babeli chankaneng:

﴿يَٰصَٰحِبَيِ ٱلسِّجۡنِ ءَأَرۡبَابٞ مُّتَفَرِّقُونَ خَيۡرٌ أَمِ ٱللَّهُ ٱلۡوَٰحِدُ ٱلۡقَهَّارُ 39 مَا تَعۡبُدُونَ مِن دُونِهِۦٓ إِلَّآ أَسۡمَآءٗ سَمَّيۡتُمُوهَآ أَنتُمۡ وَءَابَآؤُكُم مَّآ أَنزَلَ ٱللَّهُ بِهَا مِن سُلۡطَٰنٍ...﴾

﴾Lona metsoalle e 'meli ea chankana, na marena a arohaneng a molemo kapa Molimo o le mong, Ea Hlolang tsohle? Ha le rapele ntle le Eena haese mabitso feela ao le a rehileng, lona le bo-ntat'a lona, ​​ao Allah A sa kang A a romela bopaki ka ona…﴿ [Yusuf: 39-40].

Ka lebaka leo, barumuoa (khotso le mahlohonolo li be holim’a bona) ba ne ba re ho lichaba tsa bona:

﴿...ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ مَا لَكُم مِّنۡ إِلَٰهٍ غَيۡرُهُ...﴾

﴾...Rapelang Allah; ha le na molimo e mong ntle ho Eena...﴿ [Al-Aʼraaf: 59] Empa barapeli ba lits'oants'o ba ile ba hana seo, ba nka melimo e meng kantle ho Allah; ba e rapela hammoho le Allah, ba e kopa thuso le tlholo, hape ba bitsa ho eona ha ba le mahlomoleng.

’Me Allah Ea Phahameng O latotse ho nka borapeli ba lits'oants'o ka mapaki A mabeli a utloahalang:

Ea pele: Ke hore melimo ena eo ba iketselitseng eona ha ena le boleng ba bomolimo. Ke lintho tse bopiloeng, ha li bope; ebile ha li tlisetse ba li rapelang molemo o fe kapa o fe, kapa ho ba sireletsa kotsing. Ha li na matla holim'a bophelo kapa lefu, ebile ha li na letho Maholimong, kapa ho ba le karolo efe kapa efe ho Ona.

Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿وَٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ ءَالِهَةٗ لَّا يَخۡلُقُونَ شَيۡـٔٗا وَهُمۡ يُخۡلَقُونَ وَلَا يَمۡلِكُونَ لِأَنفُسِهِمۡ ضَرّٗا وَلَا نَفۡعٗا وَلَا يَمۡلِكُونَ مَوۡتٗا وَلَا حَيَوٰةٗ وَلَا نُشُورٗا 3﴾

﴾Ba nkile melimo e meng kantle ho Eena, e sa bopeng letho athe eona e bopiloe; hape ha e na matla a ho iketsetsa kotsi kapa molemo, ebile ha e na matla holim’a lefu, kapa bophelo, kapa tsoho﴿

[Al-Furqan: 3].

ʼMe Allah Ea Phahameng O re:

﴿قُلِ ٱدۡعُواْ ٱلَّذِينَ زَعَمۡتُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ لَا يَمۡلِكُونَ مِثۡقَالَ ذَرَّةٖ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَلَا فِي ٱلۡأَرۡضِ وَمَا لَهُمۡ فِيهِمَا مِن شِرۡكٖ وَمَا لَهُۥ مِنۡهُم مِّن ظَهِيرٖ 22 وَلَا تَنفَعُ ٱلشَّفَٰعَةُ عِندَهُۥٓ إِلَّا لِمَنۡ أَذِنَ لَهُۥ...﴾

﴾Ere: Bitsang ho bao le nahanang hore ke melimo kantle ho Allah; ha ba na le matla esita le boima ba thotse e nyenyane ka ho fetisisa Maholimong kapa lefats’eng, ebile ha ba na kabelo ho tsona, hape Allah Ha A na mothusi har’a bona. ’Me thapelo ho baemeli (shafā‘ah) ha e thuse pel'a Hae ntle le ho eo A mo fileng tumello…﴿

[Sabaʼ: 22-23]

وقال تعالى: ﴿أَيُشۡرِكُونَ مَا لَا يَخۡلُقُ شَيۡـٔٗا وَهُمۡ يُخۡلَقُونَ 191 وَلَا يَسۡتَطِيعُونَ لَهُمۡ نَصۡرٗا وَلَآ أَنفُسَهُمۡ يَنصُرُونَ 192﴾

ʼMe Allah Ea Matla Ohle O itse: ﴾Na ba Mo kopanya le ba sa bopeng letho empa e le bona ba bopiloeng 191 ’Me ba ke ke ba ba thusa, le haele hore ba ka ithusa 192﴿ [Al-Aʼraaf: 191-192].

Haeba ho le joalo ka melimo eo, ho e nka e le melimo ke booatla bo boholo ka ho fetisisa le bohata bo fetisisang.

Ea bobeli: Barapeli bana ba melimo e mengata ba ile ba lumela hore Molimo Ea Matla Ohle Allah ke Eena Feela Morena 'Mopi Eo puso ea lintho tsohle eleng letsohong la Hae, 'me oa sireletsa, ha ho le ea mong ea ka mo sireletsang. Sena se hloka hore ba tiise bonngoe ba Hae bomolimong, joalokaha ba tiisitse bonngoe ba Hae Boreneng, Joalokaha Ea Matla Ohle A itse:

﴿يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ ٱعۡبُدُواْ رَبَّكُمُ ٱلَّذِي خَلَقَكُمۡ وَٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تَتَّقُونَ21 ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلۡأَرۡضَ فِرَٰشٗا وَٱلسَّمَآءَ بِنَآءٗ وَأَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءٗ فَأَخۡرَجَ بِهِۦ مِنَ ٱلثَّمَرَٰتِ رِزۡقٗا لَّكُمۡۖ فَلَا تَجۡعَلُواْ لِلَّهِ أَندَادٗا وَأَنتُمۡ تَعۡلَمُونَ 22﴾

﴾Lona batho, rapelang Morena oa lona, ​​Ea le bopileng le ba bileng teng pele ho lona, ​​e le hore le tle le be ba lokileng. [Ea] entseng lefats'e sebaka se pharalletseng le Leholimo e le marulelo, a theola pula leholimong, a ba a le hlahisetsa litholoana e le phepelo sebakeng sa lona. Ka hona le se ke la etsetsa Allah balekane empa le na le tsebo (22﴿

[Al-Baqarah: 21-22].

Allah O boetse O re:

﴿وَلَئِن سَأَلۡتَهُم مَّنۡ خَلَقَهُمۡ لَيَقُولُنَّ ٱللَّهُۖ فَأَنَّىٰ يُؤۡفَكُونَ 87﴾

﴾’Me haeba u ka ba botsa: ‘Ke mang ea ba bopileng?’ Ruri ba tla re: ‘Allah.’ Joale ba khelosoa joang (’neteng)﴿ [Az-Zukhruf: 87].

Allah hape O re:

﴿قُلۡ مَن يَرۡزُقُكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِ أَمَّن يَمۡلِكُ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡأَبۡصَٰرَ وَمَن يُخۡرِجُ ٱلۡحَيَّ مِنَ ٱلۡمَيِّتِ وَيُخۡرِجُ ٱلۡمَيِّتَ مِنَ ٱلۡحَيِّ وَمَن يُدَبِّرُ ٱلۡأَمۡرَۚ فَسَيَقُولُونَ ٱللَّهُۚ فَقُلۡ أَفَلَا تَتَّقُونَ 31 فَذَٰلِكُمُ ٱللَّهُ رَبُّكُمُ ٱلۡحَقُّۖ فَمَاذَا بَعۡدَ ٱلۡحَقِّ إِلَّا ٱلضَّلَٰلُۖ فَأَنَّىٰ تُصۡرَفُونَ32﴾

﴾Ere: Ke mang ea le fang phepelo e tsoang leholimong le lefatsʼeng? Kapa ke mang ea laolang kutlo le pono? Hape ke mang ea hlahisang ea phelang ho tsoa ho ea shoeleng le ea shoeleng ho tsoa ho ea phelang? ’Me ke mang ea tsamaisang litaba tsohle? Ba tla re: ‘Allah.’ Joale e re: Na ha le ts'abe Allah?

Kahoo eo ke Allah, Mong’a lona Oa ’Nete. Ho na le eng kamor'a ’nete haese tahleho? Joale le khelosoa joang? 32﴿ [Yunus: 31-32].

Ntho ea bone eo ho lumela ho Molimo ho e akarelletsang ke ho lumela mabitso le boleng ba Hae:

Ke hore: ho tiisa seo Allah A se tiisitseng ka Boeena Bukeng ea Hae kapa Sunnah ea Morumuoa oa Hae, Allah A mo hlohonolofatse 'me A mo fe khotso, ea mabitso le boleng, ka mokhoa o Mo tšoanelang, ntle le ho sotha, ho latola, ho fetola batho kapa ho Mo ts'oants'a le eng kapa eng. Allah Ea Matla Ohle O itse:

﴿وَلِلَّهِ ٱلۡأَسۡمَآءُ ٱلۡحُسۡنَىٰ فَٱدۡعُوهُ بِهَاۖ وَذَرُواْ ٱلَّذِينَ يُلۡحِدُونَ فِيٓ أَسۡمَٰٓئِهِۦۚ سَيُجۡزَوۡنَ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ 180﴾

﴾’Me Allah O na le Mabitso a Matle ka ho Fetisisa; kahoo Mo rapeleng ka ona, ’me le tlohele ba khelohang mabitsong a Hae. Ba tla putsoa ka seo ba neng ba se etsa 180﴿ [Al-Aʼraaf: 180] Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿...وَلَهُ ٱلۡمَثَلُ ٱلۡأَعۡلَىٰ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ﴾

﴾…’Me Ke Eena Ea nang le tlhaloso e phahameng ka ho fetisisa Maholimong le lefats’eng, ’me Ke Eena Ea Matla Ohle, Ea Bohlale bo Phethahetseng﴿ [Ar-Rum: 27] Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿...لَيۡسَ كَمِثۡلِهِۦ شَيۡءٞۖ وَهُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡبَصِيرُ﴾

﴾…Ha ho letho le ts'oanang le Eena, ’me Ke Ea Utloang Tsohle, Ea Bonang Tsohle﴿

[Ash-Shuraa: 11]

’Me tabeng ena ho ile ha kheloha lihlopha tse peli:

Se seng sa tsona ke: (ba hanang — Al-Muʿattilah), e leng ba ileng ba hana Mabitso le Boleng ba Allah kapa tse ling tsa tsona, ba ipolela hore ho li tiisa ho Allah ho baka ho Mo ts'oants'a le popo ea Hae. Polelo ena ke leshano; ka mabaka a ’maloa, har’a ona ke ana:

Sa pele: ke hore sena se baka lintho tse fosahetseng tse hlokahalang, tse kang ho ba le ho ikhanyetsa mantsoeng a Allah — Ea Halalelang. Hobane Allah Ea Phahameng O tiisitse ho Eena Mabitso le boleng, ’me ka nako e tšoanang A hana hore ho be le ntho leha e le efe e ts'oants'oang le Eena, ’Me haeba ho li tiisa ho ne ho ka bolela ho Mo ts'oants'a (Allah le popo), ho ne ho tla tlisa ho ikhanyetsa mantsoeng a Allah le hore karolo e ’ngoe ea ona e hanane le e ’ngoe.

Ea bobeli: hore ho ts'oana ha lintho tse peli ka lebitso kapa ka ts'obotsi ha ho bolele hore li ts'oana ele kannete (hore ke ntho ele 'ngoe). U bona batho ba babeli ba lumellana ka hore e mong le e mong ke motho ea utloang, ea bonang, le ea buang, empa seo ha se bolele hore baa ts'oana ka botlalo, ’Me ha ho bolele hore ka lebaka leo ba tsʼoanetse ho ts'oana ka botlalo litabeng tsa botho, kapa ka kutlo, pono, le puo.

’Me u bona hore liphoofolo li na le matsoho (kapa maoto a ka pele), maoto le mahlo, empa ho ts'oana ha tsona tabeng ena ha ho bolele hore matsoho a tsona, maoto a tsona le mahlo a tsona a ts'oana.

Haeba phapang lipakeng tsa libopuoa e bonahala ho tseo li ts'oanang ka tsona mabapi le mabitso kapa boleng; joale phapang lipakeng tsa 'Mopi le sebopuoa e pepeneneng le ho feta ebile ke e kholo haholo.

Sehlopha sa Bobeli: (Mushabbihah) ke ba tiisitseng mabitso le boleng (tsa Allah) empa ba ts'oants'a Allah Ea Phahameng le libopuoa tsa Hae, ba ipolela hore sena ke sona se boleloang ke litemana; hobane Allah Ea Phahameng O bua le bahlanka ba Hae ka mantsoe ao ba a utloisisang. Boipolelo bona ke ba bohata ka lebaka la mabaka a ’maloa, har’a ao ke ana:

La pele: Hore ho ts'oants'a Allah Ea Phahameng le libopuoa tsa Hae ke ntho e pshoatloang ke kelello (logic) le molao oa bolumeli (Sharʼiah), ’me ha ho khonehe hore se boleloang ke litemana tsa Buka (Qur'an) le Sunnah e be ntho ea bohata.

La bobeli: Hore Allah Ea Phahameng O buile le bahlanka ka tseo ba li utloisisang mabapi le motheo oa moelelo, empa 'nete ea sebopeho le boleng tseo moelelo oo o leng holim'a tsona ke lintho tseo Allah Ea Phahameng A li boloketseng tsebong ea Hae feela mabapi le Boeena ba Hae le Boleng tsa Hae.

Haeba Molimo A ipaka hore ke Ea Utloang Tsohle, joale kutlo e tsejoa mabapi le ts'imoloho ea moelelo (e leng kutloisiso ea melumo) empa 'nete ea seo mabapi le kutlo ea Molimo Ea Matla Ohle ha e tsejoe, hobane 'nete ea kutlo e fapana esita le har'a libopuoa; phapang ho eona pakeng tsa 'Mopi le sebopuoa e hlakile ebile e kholo haholo.

Ha Allah Ea Phahameng A itsebisa ka Eena hore O ile A vphahama (istawā) holim’a ‘Arsh (Terone) ea Hae, joale moelelo oa mantlha oa ho phahama oa tsejoa (ka kakaretso puong). Empa ’nete le kamoo ho phahama hoo ho leng kateng mabapi le ho phahama ha Allah holim’a ‘Arsh ea Hae — ha ho tsejoe ho rona; hobane ’nete ea ho phahama e fapana ho latela sebopuoa (ha e ts'oane pakeng tsa ba bopiloeng), Kahoo ho lula setulong se tsitsitseng ha ho tsʼoane le ho lula saleng ea kamele e thata, e temekang. Haeba ho na le phapang tabeng ea sebopuoa, phapang pakeng tsa Mmopi le sebopuoa e hlakile ebile e kholo haholo.

Tumelo ho Allah Ea Matla Ohle, joalokaha re hlalositse, e hlahisa melemo e meholo ho balumeli, ho kenyeletsoa:

Oa pele: Ho fihlela Bonngoe ba Molimo Ea Matla Ohle, e le hore ho se be le ts'epo kapa ts'abo e hoketsoeng ho mang kapa mang ntle le Eena, 'me ho se be le ea rapeloang ntle le Eena.

Oa bobeli: Phethahatso ea ho rata le ho tlotlisa Molimo Ea Matla Ohle ho latela Mabitso a Hae a Matle ka ho Fetisisa le Boleng ba Hae bo Phahameng.

Oa boraro: Ho phethahatsa borapeli ba Hae ka ho etsa seo A se laetseng le ho qoba seo A se hanetseng.

Ho lumela ho Mangeloi

Mangeloi: Tsebo ea masabonoeng, libopuoa tse bopiloeng tse rapelang Allah Ea Matla Ohle. Ha a na boleng ba borena kapa ba bomolimo. Molimo Ea Matla Ohle O a bopile ka leseli 'me A a etsa hore a latele litaelo tsa Hae kantle le ho fosa le matla a ho li phethahatsa. Molimo Ea Matla Ohle O itse:

﴿...وَمَنۡ عِندَهُۥ لَا يَسۡتَكۡبِرُونَ عَنۡ عِبَادَتِهِۦ وَلَا يَسۡتَحۡسِرُونَ 19 يُسَبِّحُونَ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ لَا يَفۡتُرُونَ 20

﴾...’Me ba leng haufi le Eena ha ba ikhohomose ho mo rapela, ebile ha ba khathale; ba Mo rorisa bosiu le motšehare, ha ba khaotse﴿ [Al-Anbiya:19-20].

’Me bona (mangeloi) ba bangata haholo — ha ho na ea ka ba balang haese Allah Ea Phahameng.

Ho tiisitsoe ho Sahīh tse peli ka hadith ea Anas (Allah A khahlisoe ke eena) paleng ea Mi‘rāj hore Moporofeta ﷺ o ile a bontšoa al-Bayt al-Ma‘amūr leholimong; letsatsi le letsatsi mangeloi a likete tse mashome a supileng a rapela ho eona, ’me ha a tsoa ha a sa hlola a khutlela ho eona hape.

Ho lumela ho mangeloi ho kenyelletsa lintho tse 'ne:

Ea pele: Ho lumela ho boteng ba ona.

Ea bobeli: Re lumela ho bao re ba tsebang ka mabitso a bona (joalo ka Gabriele), 'me re lumela ho bao re sa ba tsebeng ka kakaretso.

Ea boraro: Tumelo ho seo re se tsebang ka sebopeho sa ona, joaloka sebopeho sa (Gabriele), ruri, Moporofeta (ﷺ) o re tsebisitse hore o mo bone ka sebopeho seo a bopiloeng ka sona, 'me o ne a e-na le mapheo a makholo a tšeletseng a tletseng sebaka se ka holimo.

Lengeloi ka taelo ea Allah Ea Matla Ohle le ka iponahatsa ka sebopeho sa motho. Joalokaha ho ile ha etsahala ho Jibrīl nakong eo Allah Ea Phahameng A mo romelang ho Maryam, a iponahatsa ho eena e le motho ea phethahetseng ka sebopeho. Hape ha a tla ho Moporofeta ﷺ ha a ntse a lutse le Barutuoa ba hae: o ile a tla ka sebopeho sa monna ea apereng liaparo tse tšoeu tšoeu, a na le moriri o mots'o ts'o; ho sa bonahale ho eena matšoao a leeto, ’me ho se ea mo tsebang har’a barutuoa ba hae. A lula pel'a Moporofeta ﷺ, a thitsisa mangole a hae le a Moporofeta, a beha matsoho a hae holim’a lirope tsa hae, ’me a botsa Moporofeta ﷺ ka Islam, Iman, Ihsan, le Hora le matšoao a eona. Moporofeta ﷺ a mo araba, eaba oa tsamaea; joale Moporofeta ﷺ o re:

«هَذَا جِبْرِيلُ؛ أَتَاكُمْ يُعَلِّمُكُمْ دِينَكُمْ».

«Eo ke Jibril; o na tlile ho lona ho tla le ruta ka tumelo ea lona»8.

Ka mokhoa o tšoanang, Mangeloi ao Allah Ea Phahameng A ileng A a romela ho Ibrahim (Abrahama) le Lut (Lota) a ne a le ka sebopeho sa banna.

Ea bone ho tse kenyeletsang ho lumela ho Mangeloi: ho lumela ho tseo re li tsebang tsa mesebetsi eo a e etsang ka taelo ea Allah Ea Phahameng — joaloka ho Mo rorisa (tasbīh) le ho Mo rapela bosiu le mots'eare ntle le ho teneha kapa ho fokola.

’Me a mang a ona a ka ba le mesebetsi e khethehileng.

Mohlala: Gabriele, lenqosa le tsʼepahalang la tsʼenolo ea Molimo, leo Molimo A le romelang ho baporofeta le barumuoa.

Mohlala: Mikaele: ea laolang pula, ke hore, pula le limela.

Le mohlala: Isrāfīl — lengeloi le filoeng boikarabelo ba ho letsa terompeta (sūr) ha Hora ea ho qetela e qala le ha batho ba tsosoa bafung (Tsoho).

Le mohlala: Lengeloi la Lefu — le filoeng boikarabelo ba ho nts'a phefumoloho ea batho ha ba shoa.

Le mohlala: Mālik — lengeloi le okametseng Mollo oa Lihele (Jahannam), ebile ke mohlokomeli oa Mollo.

ʼMe mohlala o mong: mangeloi a ikarabellang bakeng sa masea a ka popelong. Haeba motho a qeta likhoeli tse 'ne ka popelong ea 'm'ae, Molimo O mo romela lengeloi 'me O le laela hore le ngole mokhoa oa hae oa bophelo, nako ea hae ea bophelo, liketso tsa hae, le hore na o tla phela mahlomoleng kapa thabong.

Mohlala o mong: mangeloi a filoeng boikarabelo ba ho boloka le ho ngola liketso tsa bana ba Adama. Ho motho e mong le e mong ho na le mangeloi a mabeli, le leng ka letsohong le letona le leng ka letsohong le letsʼehali.

Le mohlala: Mangeloi a filoeng boikarabelo ho botsa mofu ha a se a patiloe lebitleng — ho tla ho eena Mangeloi a mabeli, a mo botsa ka Morena oa hae, tumelo ea hae, le Moporofeta oa hae.

Ho lumela ho Mangeloi ho hlahisa litholoana tse kholo, tse kenyeletsang:

Ea pele: ke ho tseba boholo ba Allah, matla a Hae le borena ba Hae; hobane boholo ba sebopuoa bo bonts'a boholo ba ’Mopi.

Ea bobeli: ke ho leboha Allah ka tlhokomelo ea Hae ho bana ba Adama; hobane O behile ho tsoa ho Mangeloi ana hore ba ba sireletse, ba ngole liketso tsa bona, le tse ling tsa melemo ea bona.

Ea boraro: ke ho rata Mangeloi ka lebaka la seo ba se etsang sa ho khumamela Allah.

’Me batho ba bang ba khelohileng ba hana hore Mangeloi ke libopuoa tse nang le ’mele, ba re ke feela matla a botle a patiloeng kahare ho libopuoa. Sena ke ho latola Buka ea Allah, Sunnah ea Moromuoa oa Hae ﷺ, le tumellano ea Mamoseleme.

Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ فَاطِرِ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ جَاعِلِ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ رُسُلًا أُوْلِيٓ أَجۡنِحَةٖ مَّثۡنَىٰ وَثُلَٰثَ وَرُبَٰعَ...﴾

﴾Thoriso e be ho Allah, 'Mopi oa Maholimo le lefats’e, Ea bopileng Mangeloi eleng barumuoa ba nang le mapheo, ka bobeli, boraro, le bone...﴿

[Fatir: 1].

Allah O re hape:

﴿وَلَوۡ تَرَىٰٓ إِذۡ يَتَوَفَّى ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ يَضۡرِبُونَ وُجُوهَهُمۡ وَأَدۡبَٰرَهُم...﴾

﴾’Me hoja u ne u ka bona ha Mangeloi a hula phefumoloho ea ba sa lumelang, a otla lifahleho tsa bona le mekokotlo ea bona...﴿ [Al-Anfal: 50].

Allah O re hape:

﴿...وَلَوۡ تَرَىٰٓ إِذِ ٱلظَّٰلِمُونَ فِي غَمَرَٰتِ ٱلۡمَوۡتِ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ بَاسِطُوٓاْ أَيۡدِيهِمۡ أَخۡرِجُوٓاْ أَنفُسَكُمُ...﴾

﴾’Me hoja u ne u ka bona ha baetsalibe ba le mahlomoleng a lefu, ha Mangeloi a otlolotse matsoho a bona (a re): ‘Lokollang meea ea lona…’﴿ [Al-Anʼam: 93].

Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿...حَتَّىٰٓ إِذَا فُزِّعَ عَن قُلُوبِهِمۡ قَالُواْ مَاذَا قَالَ رَبُّكُمۡۖ قَالُواْ ٱلۡحَقَّۖ وَهُوَ ٱلۡعَلِيُّ ٱلۡكَبِيرُ﴾

...Ho fihlela, ha ts'abo e tlositsoe lipelong tsa bona, ba tla re, "Mong'a lona o itse'ng?" Ba tla re, "'Nete. 'Me ke Ea Holimo-limo, e Moholo-holo﴿ [Sabaʼ:23].

ʼMe O itse ka batho ba Leholimo:

﴿...وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ يَدۡخُلُونَ عَلَيۡهِم مِّن كُلِّ بَابٖ 23 سَلَٰمٌ عَلَيۡكُم بِمَا صَبَرۡتُمۡۚ فَنِعۡمَ عُقۡبَى ٱلدَّارِ 24

﴾’Me Mangeloi a kena ho bona ka menyako eohle, (ebe a re): ‘Khotso e be le lona ka lebaka la mamello eo le bileng le eona.’ Ruri pheletso ea lehae (la Leholimo) e ntle hakaakang﴿ [Ar-Raʼd: 23-24].

'Me ho Sahih al-Bukhari, ho tsoa ho Abu Hurairah (Allah A ke A khahlisoe ke eena), ho tsoa ho Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae), ea itseng:

«إِذَا أَحَبَّ اللَّهُ الْعَبْدَ نَادَى جِبْرِيلَ: إِنَّ اللَّهَ يُحِبُّ فُلَانًا فَأَحْبِبْهُ، فَيُحِبُّهُ جِبْرِيلُ، فَيُنَادِي جِبْرِيلُ فِي أَهْلِ السَّمَاءِ: إِنَّ اللَّهَ يُحِبُّ فُلَانًا فَأَحِبُّوهُ، فَيُحِبُّهُ أَهْلُ السَّمَاءِ، ثُمَّ يُوضَعُ لَهُ الْقَبُولُ فِي الْأَرْضِ».

«Ha Allah A rata mohlanka, O bitsa Jibrīl ebe O re: ‘Ruri Allah O rata 'nyeo, kahoo mo rateng.’ Jibrīl le eena o tla mo rata. Ebe Jibrīl o tla hoelehetsa har’a baahi ba Leholimo a re: ‘Ruri, Allah O rata 'nyeo, kahoo mo rateng.’ Baahi ba leholimo ba tla mo rata, ebe o fuoa kamohelo (lerato le tlhompho) lefatsʼeng»9.

Hape ho eona ho tlalehiloe ho tsoa ho Abū Hurayrah (Allah A khahlisoe ke eena), a re: Moporofeta ﷺ o itse:

«إِذَا كَانَ يَوْمُ الْجُمُعَةِ كَانَ عَلَى كُلِّ بَابٍ مِنْ أَبْوَابِ الْمَسْجِدِ الْمَلَائِكَةُ يَكْتُبُونَ الْأَوَّلَ فَالْأَوَّلَ، فَإِذَا جَلَسَ الْإِمَامُ طَوَوْا الصُّحُفَ وَجَاءُوا يَسْتَمِعُونَ الذِّكْرَ».

«Ha letsatsi la Labohlano le fihla, monyako o mong le o mong oa masjid o ba le Mangeloi a ngolang (ba tlang) ka tatellano ea bona — oa pele, ebe ea mo latelang. Ha Imām a lula (ho qala khutbah), ba mena maqephe a bona, ebe ba tla ho mamela khopotso (khutbah)»10.

Litemana tsena li hlakile ka ho totobatsa hore Mangeloi ke libopuoa tse nang le ’mele, eseng matla a boikhethelo (a ho etsa lintho tseo a li ratang) joalokaha ba khelohileng ba lekanya. Ho latela moelelo oa litemana tsena, Mamoseleme a lumellane ka bongata (ijmāʿ).

Ho lumela ho Al-Kutub (Libuka)

Al-Kutub (libuka) ke bongata ba lentsoe Kitāb, ’me le bolela ntho e ngotsoeng (sengoliloeng).

Se boleloang mona ke: libuka tseo Molimo Ea Matla Ohle A li senoletseng barumuoa ba Hae e le mohau ho batho le tataiso ho bona, e le hore ba ka fumana thabo lefatšeng lena le bophelong ba kamor'a lefu.

Ho lumela Libukeng tse halalelang ho kenyelletsa lintho tse 'ne:

Ea pele: Tumelo ea hore li tsoa ho Molimo e le kannete.

Ea bobeli: Tumelo ho tseo re li tsebang ka mabitso kahar'a tsona, joaloka Qur'an e ileng ea senoleloa Muhammad (khotso e be le eena), le Torah e ileng ea senoleloa Moshe (khotso e be le eena), le Injīl e ileng ea senoleloa Jesu (khotso e be le eena), le Zabūr e ileng ea nehoa Davida (khotso e be le eena) ʼme tseo re sa li tsebeng ka mabitso re lumela ho tsona ka kakaretso.

Ea boraro: Ho lumela (ho tiisa) se nepahetseng litabeng tsa tsona:

Joaloka litaba tsa Qur’an, le litaba tsa libuka tse fetileng tse sa kang tsa fetoloa kapa tsa sothoa.

Ea bone: Ho phethahatsa (ho sebetsa ka) melao ea tseo ho tsona e sa kang ea hlakoloa, ho khotsofalla le ho inehela ho tsona, ebang re utloisisa bohlale (morero) ba tsona kapa che. Ebile libuka tsohle tse fetileng li hlakotsoe ke Qur’an, Allah Ea Holimo-limo O re:

﴿وَأَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ بِٱلۡحَقِّ مُصَدِّقٗا لِّمَا بَيۡنَ يَدَيۡهِ مِنَ ٱلۡكِتَٰبِ وَمُهَيۡمِنًا عَلَيۡهِ...﴾

﴾'Me Re senotse ho uena Buka (Qur’an) ka 'nete, e tiisang se tlileng pele ho eona sa Libuka ele sekala (kapa moahloli) holim'a tsona...﴿ [Al-Ma’idah: 48] Ke hore, ho ahlola holim'a tsona

Ka lebaka leo: ha ho ea lumelleha ho sebetsa kapa ho ahlola ka melao e fumanoang libukeng tse fetileng, ntle le feela e netefalitsoeng le ho amoheleha ho Qurʼan.

Ho lumela Libukeng (tse halalelang) ho hlahisa litholoana tse kholo tsa bohlokoa, tse kenyelletsang:

Ea pele: ke ho tseba tlhokomelo ea Allah Ea Phahameng ho bahlanka ba Hae; kaha O ile A romela ho sechaba se seng le se seng buka eo A se tataisang ka eona.

Ea bobeli: ke ho tseba bohlale ba Allah Ea Phahameng molaong oa Hae; kaha O ile A behela sechaba se seng le se seng melao e lumellanang le maemo a sona, Joalokaha Allah Ea Matla Ohle A itse:

﴿...لِكُلّٖ جَعَلۡنَا مِنكُمۡ شِرۡعَةٗ وَمِنۡهَاجٗا...﴾

﴾…Bakeng sa e mong le e mong har’a lona Re mo behetse molao (Sharʼiah) le tsela e hlakileng (mokhoa oa bophelo)…﴿ [Al-Ma’idah: 48].

Ea boraro: ke ho leboha mohau oa Allah tabeng ena.

Ho lumela ho Ar-Rusulu (Barumuoa)

Ar-Rusulu: ke bongata ba (rasul-morumuoa) e bolelang: (mursal - ea rometsoeng) ke hore ea rometsoeng ho isa kapa ho fetisa molaetsa o itseng.

Se boleloang mona: ke motho har’a batho ea ileng a fuoa ts'enolelo ea molao (Sharʼiah) 'me a laeloa ho o fetisetsa ho batho.

Morumuoa oa pele ke Nūh (Nooe - khotso e be holim’a hae), ’me oa ho qetela ke Muhammad (Allah A mo hlohonolofatse A mo fe khotso).

Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿ إِنَّآ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ كَمَآ أَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ نُوحٖ وَٱلنَّبِيِّـۧنَ مِنۢ بَعۡدِهِ...﴾

﴾Ruri, Re u senoletse (Uena Muhammad) joalokaha Re senoletse Nooe le ho baporofeta ba tlileng kamor'a hae …﴿ [An-Nisa: 163].

’Me ho Sahih al-Bukhari ho tsoa ho Anas bin Malik (Allah A khahlisoe ke eena) ho hadith ea Shafaa‘ah hore Moporofeta ﷺ o itse:

«ذُكِرَ أَنَّ النَّاسَ يَأْتُونَ إِلَى آدَمَ؛ لِيَشْفَعَ لَهُمْ، فَيَعْتَذِرُ إِلَيْهِمْ وَيَقُولُ: ائْتُوا نُوحًا أَوَّلَ رَسُولٍ بَعَثَهُ اللَّهُ» وذكر تمام الحديث.

«Ho boleloa hore batho ba tla tla ho Adama hore a ba etsetse shafaa‘ah (a ba buelle), empa o tla ikopela ts’oarelo ho bona ’me a re: ‘E-eang ho Nooe, morumuoa oa pele eo Allah A mo rometseng.’ ’Me hadith eohle e ile ea boleloa11.

Allah Ea Holimo-limo O itse ka Muhammad - khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae:

﴿مَّا كَانَ مُحَمَّدٌ أَبَآ أَحَدٖ مِّن رِّجَالِكُمۡ وَلَٰكِن رَّسُولَ ٱللَّهِ وَخَاتَمَ ٱلنَّبِيِّـۧنَ...﴾

﴾Mohammad hase ntat'a mang kapa mang har'a banna ba lona, empa ke Morumuoa oa Allah le mokoallo (moporofeta oa ho qetela) oa baprofeta...﴿ [Al-Ahzāb:40]

Hape ha ho na sechaba se kileng sa hloka morumuoa eo Allah Ea Phahameng A mo romelang ka molao o ikemetseng ho batho ba hae, kapa moporofeta ea senoleloang molao oa ea mo etellang pele hore a o nchafatse, Allah Ea Phahameng O itse:

﴿وَلَقَدۡ بَعَثۡنَا فِي كُلِّ أُمَّةٖ رَّسُولًا أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ وَٱجۡتَنِبُواْ ٱلطَّٰغُوتَ...﴾

﴾'Me ruri Re rometse ho sechaba se seng le se seng morumuoa (ea reng): 'Sebeletsang Allah, 'me le qobe Taaghut (melimo ea bohata)...'﴿

[An-Nahl: 36].

Allah Ea Matla Ohle O re hape:

﴿...وَإِن مِّنۡ أُمَّةٍ إِلَّا خَلَا فِيهَا نَذِيرٞ﴾

﴾…’me ha ho sechaba le haele sefe ntle le hore ho kile ha feta ho sona mohlokomelisi﴿ [Fatir: 24].

Allah Ea Matla Ohle O boela A re:

﴿إِنَّآ أَنزَلۡنَا ٱلتَّوۡرَىٰةَ فِيهَا هُدٗى وَنُورٞۚ يَحۡكُمُ بِهَا ٱلنَّبِيُّونَ ٱلَّذِينَ أَسۡلَمُواْ لِلَّذِينَ هَادُواْ...﴾

﴾Ruri Re senotse Torah; ho eona ho na le tataiso le leseli. Baprofeta ba ileng ba inehela ho Allah ba ne ba ahlola ka eona bakeng sa Bajude…﴿

[Al-Ma’idah: 44].

Barumuoa ba bopiloe e le batho; ha ba na boleng ba Borena le Bomolimo. Molimo Ea Matla Ohle O itse ka Moporofeta oa Hae Muhammad, — eo e leng moetelli-pele oa barumuoa le ea nang le seriti se seholo ka ho fetisisa ho Allah:

﴿قُل لَّآ أَمۡلِكُ لِنَفۡسِي نَفۡعٗا وَلَا ضَرًّا إِلَّا مَا شَآءَ ٱللَّهُۚ وَلَوۡ كُنتُ أَعۡلَمُ ٱلۡغَيۡبَ لَٱسۡتَكۡثَرۡتُ مِنَ ٱلۡخَيۡرِ وَمَا مَسَّنِيَ ٱلسُّوٓءُۚ إِنۡ أَنَا۠ إِلَّا نَذِيرٞ وَبَشِيرٞ لِّقَوۡمٖ يُؤۡمِنُونَ 188﴾

﴾E-re (uena Mohammad): 'Ha ke na matla a ho itlisetsa molemo kapa ho ikemela khahlanong le kotsi, haese feela se ratoang ke Allah. Hoja ebe ke ne ke tseba tse patehileng (bokamoso), nka be ke ruile lintho tse molemo tse ngata, 'me kotsi e ne e ke ke ea nkama. Ha ke letho haese feela mohlokomelisi (ea fanang ka tlhokomeliso) le mofani oa litaba tse molemo ho batho ba lumelang'﴿ [Al-Aʼraaf: 188] .

Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿قُلۡ إِنِّي لَآ أَمۡلِكُ لَكُمۡ ضَرّٗا وَلَا رَشَدٗا 21 قُلۡ إِنِّي لَن يُجِيرَنِي مِنَ ٱللَّهِ أَحَدٞ وَلَنۡ أَجِدَ مِن دُونِهِۦ مُلۡتَحَدًا 22﴾

﴾E-re (uena Mohammad): 'Ruri, ha ke na matla a ho le bakela kotsi kapa ho le tataisetsa tseleng e nepahetseng.' (21) E-re: 'Ruri, ha ho na motho ea ka ntsʼireletsang khahlanong le (kahlolo ea) Molimo, ebile nke ke ka fumana sets'abelo se seng ka thoko ho Eena' 22﴿ [Al-Jinn: 21-22].

'Me ba tlas'a sebopeho sa botho: tse kang ho kula, lefu, tlhoko ea lijo le lino le lintho tse ling. Molimo Ea Matla Ohle O itse ka Abrahama (khotso e be ho eena), tlhalosong ea hae ea Morena oa hae ea Matla 'Ohle:

﴿وَٱلَّذِي هُوَ يُطۡعِمُنِي وَيَسۡقِينِ 79 وَإِذَا مَرِضۡتُ فَهُوَ يَشۡفِينِ 80 وَٱلَّذِي يُمِيتُنِي ثُمَّ يُحۡيِينِ 81﴾

﴾ʼMe ke Eena Ea mphepang le Ea mphang metsi 79 ʼMe ha ke kula, ke Eena Ea mpholisang 80 ʼMe ke Eena Ea tla etsa hore ke shoe 'me ebe O mphelisa hape 81﴿ [Ash-Shu'araaʼ: 79-81].

’Me Moporofeta (khotso le mahlohonolo a Allah li be holim’a hae) o itse:

«إِنَّمَا أَنَا بَشَرٌ مِثْلُكُمْ، أَنْسَى كَمَا تَنْسَوْنَ، فَإِذَا نَسِيتُ فَذَكِّرُونِي».

«Ruri ke motho feela joaloka lona; ke lebala joalokaha le lona le lebala. Kahoo ha ke lebala, le nkhopotse»12.

’Me Allah Ea Phahameng O ba hlalositse ele makhoba (ho ba bahlanka) ho Eena maemong a bona a phahameng ka ho fetisisa, le maemong a ho ba rorisa le ho ba tlotlisa; Kahoo Allah Ea Phahameng A re ka Nooe (khotso e be holim’a hae):

﴿...إِنَّهُۥ كَانَ عَبۡدٗا شَكُورٗا﴾

﴾…Ruri e ne e le mohlanka ea lebohang haholo﴿ [Al-Israa: 3], O itse ka Muhammad:

﴿تَبَارَكَ ٱلَّذِي نَزَّلَ ٱلۡفُرۡقَانَ عَلَىٰ عَبۡدِهِۦ لِيَكُونَ لِلۡعَٰلَمِينَ نَذِيرًا 1﴾

﴾Ho hlohonolofetse Ea senotseng Al-Furqān (ke hore, Qur’an) holim’a mohlanka oa Hae, hore e be temoso ho batho bohle ba lefats’e﴿ [Al-Furqan: 1].

O itse mabapi le Abrahama, Isaka le Jakobo - khotso le litlhohonolofatso li be holim'a bona -:

﴿وَٱذۡكُرۡ عِبَٰدَنَآ إِبۡرَٰهِيمَ وَإِسۡحَٰقَ وَيَعۡقُوبَ أُوْلِي ٱلۡأَيۡدِي وَٱلۡأَبۡصَٰرِ 45 إِنَّآ أَخۡلَصۡنَٰهُم بِخَالِصَةٖ ذِكۡرَى ٱلدَّارِ 46 وَإِنَّهُمۡ عِندَنَا لَمِنَ ٱلۡمُصۡطَفَيۡنَ ٱلۡأَخۡيَارِ 47﴾

﴾U boele u hopole bahlanka ba Rona, Abrahama (Ibrahim), Isaka (Ishaq) le Jakobo (Ya'qub), banna ba matla le temoho 45 Ruri, Re ba ba khethile ka maemo a khethehileng: khopolo ea bophelo ba kamor’a Lefu) 46 'Me ruri, ho Rona, ke ba bang ba bakhethoa le ba hlahelletseng ka holimo-limo 47﴿ [Saad: 45-47].

ʼMe O itse ka Jesu mor'a Maria:

﴿إِنۡ هُوَ إِلَّا عَبۡدٌ أَنۡعَمۡنَا عَلَيۡهِ وَجَعَلۡنَٰهُ مَثَلٗا لِّبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ 59﴾

﴾Eena (Jesu) ha se letho haese mohlanka eo Re mo hauhetseng (ka lereko la Rona), ’me Ra mo etsa mohlala ho bana ba Iseraele 59﴿ [Az-Zukhruf: 59].

Ho lumela ho barumuoa ho kenyelletsa lintho tse 'ne:

Ea pele: Tumelo ea hore molaetsa oa bona ke 'nete ho tsoa ho Molimo Ea Matla Ohle. Mang kapa mang ea sa lumeleng molaetsa oa e mong oa bona ha a lumele ho bona kaofela. Joalokaha Allah Ea Matla Ohle A itse:

﴿كَذَّبَتۡ قَوۡمُ نُوحٍ ٱلۡمُرۡسَلِينَ 105﴾

﴾Batho ba Nuh (Nooe) ba ile ba hana barumuoa﴿ [Ash-Shu‘arā’: 105]

Ka hona Allah O ba etsa ba latotseng barumuoa bohle le hoja ho ne ho sena Morumuoa e mong ntle le Nooe nakong eo ba neng ba mo latola, Ho latela sena, Bakeresete ba latotseng Muhammad (khotso le litlhohonolofatso li be holim'a hae) 'me ba sa mo latela; ke ba latotseng Messiea (Jesu), mora oa Maria, ebile ha ba mo latele le eena. Sena se bakoa ke hore Jesu o ile a ba neha litaba tse molemo tsa ho tla ha Muhammad. Ha ho tlhaloso e 'ngoe ea ho fana ka litaba tsena haese hore ke Morumuoa ea rometsoeng ho bona, eo Allah A tlang ho ba lopolla ka eena lefifing la ho kheloha le ho ba tataisetsa tseleng e otlolohileng.

Ea bobeli: Ho lumela ho bao har'a bona re ba tsebang ka mabitso a bona, joaloka: Muhammad, Ibrahim (Abrahama), Musa (Moshe), Isa (Jesu), le Nuh (Nooe) - khotso le litlhohonolofatso li be holim'a bona - ’Me bana ba bahlano ke bona ba bitsoang Ulū al-ʿAzm har’a barumuoa (ke hore, barumuoa ba nang le boikemisetso bo boholo), ’me Allah Ea Phahameng O ba boletse libakeng tse peli kahar’a Qur’an polelong ea Hae:

﴿وَإِذۡ أَخَذۡنَا مِنَ ٱلنَّبِيِّـۧنَ مِيثَٰقَهُمۡ وَمِنكَ وَمِن نُّوحٖ وَإِبۡرَٰهِيمَ وَمُوسَىٰ وَعِيسَى ٱبۡنِ مَرۡيَمَۖ وَأَخَذۡنَا مِنۡهُم مِّيثَٰقًا غَلِيظٗا 7﴾

﴾Hape hopola ha Re ne Re nka selekane ho baporofeta: ho tsoa ho uena (Muhammad), ho Nooe (Nuh), Abrahama (Ibrahim), Moshe (Musa) le ho Jesu (Isa) mor'a Maria; Re ile Ra nka ho bona selekane se matla haholo﴿ [Al-Ahzāb: 7] Le polelo ea Hae:

﴿شَرَعَ لَكُم مِّنَ ٱلدِّينِ مَا وَصَّىٰ بِهِۦ نُوحٗا وَٱلَّذِيٓ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ وَمَا وَصَّيۡنَا بِهِۦٓ إِبۡرَٰهِيمَ وَمُوسَىٰ وَعِيسَىٰٓۖ أَنۡ أَقِيمُواْ ٱلدِّينَ وَلَا تَتَفَرَّقُواْ فِيهِۚ كَبُرَ عَلَى ٱلۡمُشۡرِكِينَ مَا تَدۡعُوهُمۡ إِلَيۡهِۚ ٱللَّهُ يَجۡتَبِيٓ إِلَيۡهِ مَن يَشَآءُ وَيَهۡدِيٓ إِلَيۡهِ مَن يُنِيبُ 13﴾

﴾O le behetse molao bolumeling boo A ileng A bo laela Nooe le boo Re u senoletseng bona (Mohammad) le boo Re ileng Ra bo laela Abrahama, Moshe le Jesu: hore le tiise bolumeli, ’me le se ke la arohana ho bona. Ho boima ho ba rapelang melimo e mengata ke seo u ba bitsetsang ho sona. Allah O ikhethela eo A mo ratang 'me O tataisetsa ho Eena eo A mo ratang.﴿ [Ash-Shuraa: 13].

Ha e le ba re sa tsebeng mabitso a bona har'a bona (baporofeta); re lumela ho bona ka kakaretso. Allah Ea Phahameng O itse:

﴿وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا رُسُلٗا مِّن قَبۡلِكَ مِنۡهُم مَّن قَصَصۡنَا عَلَيۡكَ وَمِنۡهُم مَّن لَّمۡ نَقۡصُصۡ عَلَيۡكَ...﴾

﴾Ruri, Re rometse barumuoa pele ho uena; ba bang ba bona Re u phetetse lipale tsa bona, ’me ba bang ba bona ha Re a u phetela lipale tsa bona...﴿ [Ghafir: 78].

Ea boraro: Ke ho lumela le ho tiisa litaba tsohle tse netefalitsoeng hore li tlile ho bona (baporofeta), ke hore, ho amohela e le ’nete tsohle tseo ba li boletseng ka nepo.

Ea bone: Ho phetha (kapa ho phela ka) molao (Sharʼiah) oa ea rometsoeng ho rona har'a bona, eleng moporofeta oa ho qetela, Muhammad (khotso le mahlohonolo a Allah a be holim'a hae), ea rometsoeng ho batho bohle. Allah Ea Phahameng O itse:

﴿فَلَا وَرَبِّكَ لَا يُؤۡمِنُونَ حَتَّىٰ يُحَكِّمُوكَ فِيمَا شَجَرَ بَيۡنَهُمۡ ثُمَّ لَا يَجِدُواْ فِيٓ أَنفُسِهِمۡ حَرَجٗا مِّمَّا قَضَيۡتَ وَيُسَلِّمُواْ تَسۡلِيمٗا 65﴾

﴾Empa Che, ka Morena oa hao! Ha ba lumele (ele kannete) ho fihlela ba etsa uena moahloli litabeng tseo ba ngangisanang ka tsona, ebe ha ba fumane mats'oenyeho lipelong tsa bona ka seo u se ahlotseng, ’me ba inehele ka botlalo (ka kamohelo e feletseng)﴿ [An-Nisa: 65].

’Me tumelo ho barumuoa e na le litholoana tse kholo le tse bohlokoa, har’a tsona ke tsena:

Ea pele: ke ho tseba mohau oa Allah Ea Holimo-limo le tlhokomelo ea Hae ho bahlanka ba Hae; hobane O ile A ba romella (barumuoa) hore ba tataisetse tseleng ea Allah le ho ba hlalosetsa kamoo ba lokelang ho Mo rapela kateng; hobane kelello ea motho ka bo eona ha e khone ho iphumanela tsebo eo ka boikemelo.

Ea bobeli: Ho Mo leboha (Allah Ea Phahameng) bakeng sa mpho ena e kholo haholo.

Ea boraro: Ho rata Barumuoa — khotso le litlhohonolofatso li be holim’a bona — ho ba hlompha le ho ba rorisa ka tsela e ba ts'oanelang; hobane ke Barumuoa ba Allah Ea Phahameng, hape ba ile ba phetha borapeli ba Hae, ba fetisa molaetsa oa Hae le ho eletsa bahlanka ba Hae ka bots'epehi.

'Me bahanyetsi ba ile ba latola Barumuoa ba bona, ba bolela ka bohata hore Barumuoa ba Allah Ea Phahameng ha ba lokela hore e be ke batho! Allah Ea Phahameng O boletse polelo ena (ea bohata), A ba A e fapanya ka Mantsoe a Hae — Ea Phahameng — ha A re:

﴿وَمَا مَنَعَ ٱلنَّاسَ أَن يُؤۡمِنُوٓاْ إِذۡ جَآءَهُمُ ٱلۡهُدَىٰٓ إِلَّآ أَن قَالُوٓاْ أَبَعَثَ ٱللَّهُ بَشَرٗا رَّسُولٗا94 قُل لَّوۡ كَانَ فِي ٱلۡأَرۡضِ مَلَٰٓئِكَةٞ يَمۡشُونَ مُطۡمَئِنِّينَ لَنَزَّلۡنَا عَلَيۡهِم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ مَلَكٗا رَّسُولٗا 95﴾

﴾Ha ho letho le ileng la thibela batho ho lumela ha tataiso e fihla ho bona, ntle le hore ba re: “Na Allah O rometse motho hore e be Morumuoa?” 94 E-re: “Hoja lefats'eng ho ne ho e-na le m

Mangeloi a tsamaeang ka khotso le ts'ireletseho, ruri, Re ka be Re ba romelletse lengeloi le tsoang leholimong hore e be morumuoa ho bona 95﴿

[Al-Israa: 94-95]

Allah Ea Matla Ohle O hanetse polelo ena ka ho bolela hore Morumuoa e tlameha ebe ke motho, hobane o rometsoe ho batho ba lefats'e, 'me bona ke batho. Hoja batho ba lefats'e e ne e le Mangeloi, Molimo A ka be A a rometse lengeloi le tsoang leholimong e le morumuoa, e le hore le tle le ts'oane le bona, 'Me ka tsela ena Allah Ea Phahameng O pheta ka ba ileng ba latola Barumuoa, hore ba ile ba re:

﴿...إِنۡ أَنتُمۡ إِلَّا بَشَرٞ مِّثۡلُنَا تُرِيدُونَ أَن تَصُدُّونَا عَمَّا كَانَ يَعۡبُدُ ءَابَآؤُنَا فَأۡتُونَا بِسُلۡطَٰنٖ مُّبِينٖ 10 قَالَتۡ لَهُمۡ رُسُلُهُمۡ إِن نَّحۡنُ إِلَّا بَشَرٞ مِّثۡلُكُمۡ وَلَٰكِنَّ ٱللَّهَ يَمُنُّ عَلَىٰ مَن يَشَآءُ مِنۡ عِبَادِهِۦۖ وَمَا كَانَ لَنَآ أَن نَّأۡتِيَكُم بِسُلۡطَٰنٍ إِلَّا بِإِذۡنِ ٱللَّهِ...﴾

…Ha le letho haese hore le batho ba ts'oanang le rona; le batla ho re thibela ho seo bo-ntat’a rona ba neng ba se rapela. Ka hona, re tlisetseng bopaki bo hlakileng.” Barumuoa ba bona ba re ho bona: “Ruri rona ha re letho haese batho ba ts'oanang le lona, empa Allah O fa mohau oa Hae mang kapa mang eo A mo ratang har’a bahlanka ba Hae. Hape ha ho khonehe hore re le tlisetse bopaki ntle le ka tumello ea Allah…﴿ [Ibrahim: 10-11].

Tumelo ho Letsatsi la ho Qetela

Letsatsi la ho Qetela: ke Letsatsi la Tsoho (Qiyāmah) leo ka lona batho ba tla tsosoa hore ba tle ba ahloloe le ho putsoa (kapa ho fuoa kotlo).

’Me le bitsoa ka lebitso leo hobane ha ho sa tla ba le letsatsi le leng ka mor’a lona; moo baahi ba Leholimo ba tla bang libakeng tsa bona le baahi ba Mollong ba tlang ho ba libakeng tsa bona.

’Me tumelo ho Letsatsi la ho Qetela e akarelletsa lintho tse tharo:

Ea pele: tumelo ho tsoho ea bafu (Al-Baʿth): eleng ho tsosoa hoa bafu ha ho letsoa terompeta lekhetlo la bobeli; batho ba tla ema ka pel’a Morena oa mafatše ohle, ba sa roala letho maotong, ba hlobotse ba se na liaparo, ebile ba sa bolla botoneng ba bona. Allah Ea Phahameng O itse:

﴿...كَمَا بَدَأۡنَآ أَوَّلَ خَلۡقٖ نُّعِيدُهُۥۚ وَعۡدًا عَلَيۡنَآۚ إِنَّا كُنَّا فَٰعِلِينَ﴾

﴾...joalokaha Re ile Ra qala popo ea pele, Re tla e pheta (Re e tsosolose). Ke ts'episo e holim’a Rona. Kannete, Re tla etsa joalo﴿ [Al-Anbiya: 104]

Hape Tsoho: ke 'nete e tiileng; e netefalitsoe ke Buka (Qur’an), Sunnah (tsela ea Moprofeta), le tumellano ea litsebi tsa Mamoseleme (Ijma).

Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿ثُمَّ إِنَّكُم بَعۡدَ ذَٰلِكَ لَمَيِّتُونَ 15 ثُمَّ إِنَّكُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ تُبۡعَثُونَ 16﴾

﴾Ebe kamor’a moo, kannete le tla shoa (15). Joale kannete, ka Letsatsi la Tsoho, le tla tsosoa (16)﴿

[Al-Muʼminun: 15-16].

ʼMe Moporofeta (khotso e be le eena) o itse:

«يُحْشَرُ النَّاسُ يَوْمَ الْقِيَامَةِ حُفَاةً عُرَاةً غُرْلًا».

«Batho ba tla bokelloa ka Letsatsi la Tsoho ba sa roala lieta (ba tsamaea ka maoto), ba tsotse (ba se na liaparo), ebile ba sa bolla (ba le boemong boo ba hlahileng ka bona)»13. E tlalehiloe ke Al-Bukhāri le Muslim.

'Me Mamoseleme a lumellana ka tumellano ka bonnete ba eona le hore ebile ke mohloli oa bohlale, kaha e hloka hore Molimo Ea Matla Ohle A thehe Letsatsi la Tsoho bakeng sa popo ena, leo ka lona A tla ba putsa ka seo A ba laetseng sona ka seo A romileng Barumuoa ba Hae ka sona. Molimo Ea Matla Ohle O itse:

﴿أَفَحَسِبۡتُمۡ أَنَّمَا خَلَقۡنَٰكُمۡ عَبَثٗا وَأَنَّكُمۡ إِلَيۡنَا لَا تُرۡجَعُونَ 115﴾

﴾Na le ne le hopola hore Re le bopile feela ntle le morero, le hore le ke ke la khutlisetsoa ho Rona?﴿ [Al-Muʼminun: 115] 'Me O ile A re ho Moprofeta oa Hae (khotso le mahlohonolo a Molimo a be holim'a hae):

﴿إِنَّ ٱلَّذِي فَرَضَ عَلَيۡكَ ٱلۡقُرۡءَانَ لَرَآدُّكَ إِلَىٰ مَعَادٖ...﴾

﴾Ruri, Ea u fileng Qur'an (Muhammad - khotso e be le eena - ho sebetsa ka melao ea eona ), O tla u khutlisetsa Ma'ad (sebaka sa ho khutlela e leng Makkah kapa Leholimong kamor'a lefu)... ﴿

[Al-Qasas: 85].

Ea bobeli: tumelo ho palo le moputso (hisāb le jazāʼ) — mohlanka o tla balloa liketso tsa hae, ’me o tla putsoa kapa a fuoe kotlo ka tsona. Sena se tiisitsoe ke Buka (Qurʼan), Sunnah, le tumellano (ijmāʿ) ea Mamoseleme.

Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿إِنَّ إِلَيۡنَآ إِيَابَهُمۡ 25 ثُمَّ إِنَّ عَلَيۡنَا حِسَابَهُم 26﴾

﴾Ruri ho Rona ke moo ho khutleloang 25 Ebe hape ruri ho Rona ke maikarabellong a bona 26﴿ [Al-Ghashiyah: 25-26] Allah Ea Holimo-limo O re:

﴿مَن جَآءَ بِٱلۡحَسَنَةِ فَلَهُۥ عَشۡرُ أَمۡثَالِهَاۖ وَمَن جَآءَ بِٱلسَّيِّئَةِ فَلَا يُجۡزَىٰٓ إِلَّا مِثۡلَهَا وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ 160﴾

﴾Ea tlang ka ketso e ntle, o tla fuoa (moputso o) imenneng ka makhetlo a leshome a eona; ’me ea tlang ka ketso e mpe, a ke ke a lefshoa ntle le se tšoanang le eona, ’me ba ke ke ba ts'oaroa ka leeme (ba ke ke ba tlatlapuoa)﴿ [Al-Anʼam: 160] Allah O boetse O re:

﴿وَنَضَعُ ٱلۡمَوَٰزِينَ ٱلۡقِسۡطَ لِيَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ فَلَا تُظۡلَمُ نَفۡسٞ شَيۡـٔٗاۖ وَإِن كَانَ مِثۡقَالَ حَبَّةٖ مِّنۡ خَرۡدَلٍ أَتَيۡنَا بِهَاۗ وَكَفَىٰ بِنَا حَٰسِبِينَ 47﴾

﴾’Me Re tla beha likala tsa toka ka Letsatsi la Tsoho; kahoo ha ho moea o tla tlatlapuoa (o tla tšoaroa ka leeme) ho hang. Le haeba (ketso) e ka ba boima bo lekanang le thollo ea mosetareta, Re tla e tlisa (hore e balelloe); 'me Rona Re lekane ho ba Ba-hlahlobi (Ba-bali ba liketso)﴿ [Al-Anbiya: 47].

Ho tsoa ho Ibn 'Umar (e se eka Molimo A ka khahlisoa ke bona ka bobeli), o tlalehile hore Moporofeta (khotso le mahlohonolo a Molimo a be holim'a hae le lelapa la hae) o itse:

«إِنَّ اللَّهَ يُدْنِي الْمُؤْمِنَ، فَيَضَعُ عَلَيْهِ كَنَفَهُ - أَيْ سَتْرَهُ - وَيَسْتُرُهُ: فَيَقُولُ: أَتَعْرِفُ ذَنْبَ كَذَا؟ أَتَعْرِفُ ذَنْبَ كَذَا؟ فَيَقُولُ: نَعَمْ أَيْ رَبِّ، حَتَّى إِذَا قَرَّرَهُ بِذُنُوبِهِ، وَرَأَى فِي نَفْسِهِ أَنَّهُ هَلَكَ قَالَ: سَتَرْتُهَا عَلَيْكَ فِي الدُّنْيَا وَأَنَا أَغْفِرُهَا لَكَ الْيَوْمَ، فَيُعْطَى كِتَابَ حَسَنَاتِهِ، وَأَمَّا الْكُفَّارُ وَالْمُنَافِقُونَ فَيُنَادَى بِهِمْ عَلَى رُؤُوسِ الْخَلَائِقِ: هَؤُلَاءِ الَّذِينَ كَذَبُوا عَلَى رَبِّهِمْ، أَلَا لَعْنَةُ اللَّهِ عَلَى الظَّالِمِينَ»

«Ruri, Allah O tla atametsa molumeli haufi le Eena, ’me O tla mo koaela ka ts'ireletso ea Hae (Sitr) — ’me A mo pate — ebe O re: "Na u tsebile sebe se itseng? Na u tsebile sebe se itseng?" Mohlanka o tla re: "E, Morena oaka." ho fihlela ha Allah A mo entse hore a lumele libe tsa hae tsohle ’me mohlanka a ipona kahare hore o timetse. Allah O tla re: '"Ke u patetse tsona lefats'eng, ’me kajeno Ke u ts'oarela tsona." Joale o tla neoa buka ea hae ea liketso tse ntle. Empa haele ba sa lumeleng le baikaketsi, ba tla bitsetsoa ka pel’a libopuoa tsohle: ‘Bana ke ba ileng ba bua mashano ka Morena oa bona. Kannete, Allah A etse hore thohako ebe holim’a ba etsang bokhopo»14 E tlalehiloe ke Al-Bukhāri le Muslim.

’Me ho netefalitsoe ho tsoa ho Moporofeta ﷺ:

«أَنَّ مَنْ هَمَّ بِحَسَنَةٍ فَعَمِلَهَا؛ كَتَبَهَا اللَّهُ عِنْدَهُ عَشْرَ حَسَنَاتٍ إِلَى سَبْعِ مِئَةِ ضِعْفٍ إِلَى أَضْعَافٍ كَثِيرَةٍ، وَأَنَّ مَنْ هَمَّ بِسَيِّئَةٍ فَعَمِلَهَا؛ كَتَبَهَا اللَّهُ سَيِّئَةً وَاحِدَةً».

«Ea ikemiselitseng ho etsa ketso e ntle, 'me a e etsa; Allah O mo ngolla eona e le liketso tse ntle tse leshome, ho fihlela ho makhetlo a makholo a supileng (700), le ho feta moo ka makhetlo a mangata haholo. 'Me ea ikemiselitseng ho etsa ketso e mpe, 'me a e etsa; Allah O mo ngolla eona e le ketso e mpe e le 'ngoe feela»15.

’Me Mamoseleme ohle a lumellane (ijmā‘) ka ho tiisa hore ho na le ho baloa ha liketso (hisāb) le ho putsoa kapa ho ahloloa ka tsona. Sena se lumellana le bohlale ba Allah; hobane Allah Ea Phahameng O senotse libuka, ’me A romela barumuoa, A laela bahlanka ba Hae hore ba amohele seo ba tlileng ka sona le ho sebetsa ka seo ba lokelang ho se etsa ho tsoa ho tsona. Hape O laetse ho loants'a ba hanyetsang molaetsa oo, ’me A lumella horse mali a bona a ts'olloe, a bana ba bona, a basali ba bona le khapo ea maruo a bona (nakong ea ntoa e molaong), Ka hona, haeba ho ne ho se na hisāb kapa jazā’ (ho baloa ha liketso le moputso/kotlo), seo se ne se tla ba papali feela le ntho e se nang morero (thuso) — ’me Morena Ea Bohlale O phahame haholo hore A ka etsa ntho e joalo.

Allah Ea Phahameng O supile taba ena ka polelo ea Hae:

﴿فَلَنَسۡـَٔلَنَّ ٱلَّذِينَ أُرۡسِلَ إِلَيۡهِمۡ وَلَنَسۡـَٔلَنَّ ٱلۡمُرۡسَلِينَ 6 فَلَنَقُصَّنَّ عَلَيۡهِم بِعِلۡمٖۖ وَمَا كُنَّا غَآئِبِينَ 7﴾

﴾Kahoo, ruri Re tla botsa bao molaetsa o ileng oa romeloa ho bona, ’me ruri Re tla botsa barumuoa. 6 Joale Re tla ba phetela (liketso tsohle tsa bona) ka tsebo e felletseng; hobane ruri ha ho mohla Re kileng Ra ba sieo (kamehla Re ne Re le teng Re bona tsohle) 7﴿ [Al-Aʼraf: 6-7].

Ea boraro: Ke ho lumela ho Jannah (Paradeise) le Nār (Mollo), le hore tsona ke qetello ea ka ho sa feleng ea batho bohle.

Joale Leholimo (Al-Jannah) ke lehae la thabo le khotso leo Allah Ea Phahameng A le lokiselitseng balumeli ba nang le ts'abo ho Eena (Al-Muttaqin); ba lumetseng ho tsohle tseo Allah A tlammeng ho lumela ho tsona, ’me ba phethahatsa kutlo ho Allah le ho Morumuoa oa Hae, ba ikokobelitse (ba hloekisitse maikemisetso) bakeng sa Allah feela, ’me ba latela Moporofeta oa Hae. Ho eona ho na le mefuta e fapaneng ea thabo le monate.

«مَا لَا عَيْنٌ رَأَتْ، وَلَا أُذُنٌ سَمِعَتْ، وَلَا خَطَرَ عَلَى قَلْبِ بَشَرٍ».

«Seo ho seng leihlo le kileng la se bona, kapa tsebe e kileng ea se utloa, kapa se kileng sa tla pelong ea motho»16, Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ أُوْلَٰٓئِكَ هُمۡ خَيۡرُ ٱلۡبَرِيَّةِ 7 جَزَآؤُهُمۡ عِندَ رَبِّهِمۡ جَنَّٰتُ عَدۡنٖ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَآ أَبَدٗاۖ رَّضِيَ ٱللَّهُ عَنۡهُمۡ وَرَضُواْ عَنۡهُۚ ذَٰلِكَ لِمَنۡ خَشِيَ رَبَّهُۥ 8﴾

﴾Kannete, ba lumetseng ’me ba etsa liketso tse molemo — bao ke bona ba molemo ka ho fetisisa har’a ba bopiloeng 7

Moputso oa bona ho Morena oa bona ke lirapa tsa ka ho sa feleng (Jannāt ‘Adn), tseo linoka li phallang ka tlas’a tsona; ba tla hlola ho tsona ka ho sa feleng. Allah O khotsofetse ka bona, ’me le bona ba khotsofetse ka Eena. Seo ke sa ea ts'abang Morena oa Hae 8﴿ [Al-Bayyinah: 7-8] Allah Ea Matla Ohle:

﴿فَلَا تَعۡلَمُ نَفۡسٞ مَّآ أُخۡفِيَ لَهُم مِّن قُرَّةِ أَعۡيُنٖ جَزَآءَۢ بِمَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ 17﴾

﴾Kahoo, ha ho moea o tsebang hore na ke thabo efe e ba e patetsoeng ho khotsofatsa mahlo a bona; e le moputso oa seo ba neng ba se etsa﴿

[As-Sajdah: 17].

'Me haele Mollo (An-Nar): ke lehae la kotlo leo Allah Ea Phahameng A le lokiselitseng ba sa lumeleng le baetsa-libe; ba hanneng ho lumela ho Eena le ho se utloe barumuoa ba Hae. Ho lona ho na le mefuta e fapaneng ea kotlo le mahlomola — tse ke keng tsa nahanoa ke kelello kapa tsa fihla monahanong oa motho. Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿وَٱتَّقُواْ ٱلنَّارَ ٱلَّتِيٓ أُعِدَّتۡ لِلۡكَٰفِرِينَ 131﴾

﴾’Me ts'abang Mollo o lokiselitsoeng kāfirin (ba sa lumeleng)﴿ [Al ʼImran: 131] Allah O boetse O re:

﴿وَقُلِ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكُمۡۖ فَمَن شَآءَ فَلۡيُؤۡمِن وَمَن شَآءَ فَلۡيَكۡفُرۡۚ إِنَّآ أَعۡتَدۡنَا لِلظَّٰلِمِينَ نَارًا أَحَاطَ بِهِمۡ سُرَادِقُهَاۚ وَإِن يَسۡتَغِيثُواْ يُغَاثُواْ بِمَآءٖ كَٱلۡمُهۡلِ يَشۡوِي ٱلۡوُجُوهَۚ بِئۡسَ ٱلشَّرَابُ وَسَآءَتۡ مُرۡتَفَقًا 29﴾

﴾'Me O re: "'Nete e tsoa ho Morena oa lona. Kahoo, ea lakatsang a ke a lumele, ’me ea lakatsang a se lumele.' Ruri, Re lokiselitse baetsi ba bobe Mollo oo marako a oona a ba teetseng hare. Haeba ba kopa thuso (ka baka la lenyora), ba tla thusoa ka metsi a tšoanang le oli e belang (kapa tšepe e qhibilihisitsoeng) a tla chesa lifahleho tsa bona. Seno se sebe hakaakang, le sebaka sa boikhutso se sebe hakaakang!﴿ [Al-Kahf: 29] Allah O re:

﴿إِنَّ ٱللَّهَ لَعَنَ ٱلۡكَٰفِرِينَ وَأَعَدَّ لَهُمۡ سَعِيرًا 64 خَٰلِدِينَ فِيهَآ أَبَدٗاۖ لَّا يَجِدُونَ وَلِيّٗا وَلَا نَصِيرٗا 65 يَوۡمَ تُقَلَّبُ وُجُوهُهُمۡ فِي ٱلنَّارِ يَقُولُونَ يَٰلَيۡتَنَآ أَطَعۡنَا ٱللَّهَ وَأَطَعۡنَا ٱلرَّسُولَا۠66﴾

﴾Ruri, Allah O behile thohako ho ba sa lumeleng 'me o ba lokiselitse Mollo o tukang 64 Ba tla hlola ho ona ka ho sa feleng. Ba ke ke ba fumana mosireletsi kapa mothusi 65 Letsatsing leo lifahleho tsa bona li tlang ho retelehela Mollong, ba tla re, "Hoja re ile ra mamela Allah 'me ra mamela Morumuoa!" 66﴿ [Al-Ahzāb: 64-66].

Ho lumela Letsatsing la Kahlolo ho na le melemo e meholo, ho kenyeletsoa:

Ea pele: Takatso ea ho etsa liketso tsa kutlo (mosebetsi o motle), le ho ba le mahlahahlaha ho tsona; ka ts'epo ea ho fumana moputso oa Letsatsi leo.

Ea bobeli: Ke ho ts'aba ho etsa sebe, le ho se thabela (kapa ho lumellana le sona); ka lebaka la ho ts'aba kotlo ea letsatsi leo.

Ea boraro: Ho ts'eliseha hoa molumeli mabapi le lintho tseo a li hlokang (kapa tse mo phonyohang) lefats'eng lena, ka lebaka la seo a se ts'epileng sa thabo ea bophelo bo tlang (Aakhirah) le moputso oa bona.

'Me ruri, ba sa lumeleng ba ile ba latola tsoho ka mor'a lefu; ba bolela (ba ipapisitse le maikutlo a bona) hore ntho e joalo e ke ke ea etsahala (ha e khonehe).

'Me maikutlo ana (boipolelo bona) ke a bohata; ho hloka 'nete ha oona ho pakiloe ke Molao oa Molimo (Shar'iah), boikutlo ba litho tsa 'mele (Hiss), le kelello e hlaphohetsoeng ('Aql).

Haele Molao oa Molimo (Shar‘iah), Allah Ea Phahameng O itse:

﴿زَعَمَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَن لَّن يُبۡعَثُواْۚ قُلۡ بَلَىٰ وَرَبِّي لَتُبۡعَثُنَّ ثُمَّ لَتُنَبَّؤُنَّ بِمَا عَمِلۡتُمۡۚ وَذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرٞ 7﴾

﴾Ba sa lumelang ba hlalosa hore ba ke ke ba tsosoa bafung. Ere: 'E, ka Morena oaka! Ruri le tla tsosoa bafung, ’me kamor’a moo le tla tsebisoa ka seo le neng le se etsa. 'Me sena ho Allah se bonolo haholo 7﴿ [At-Taghabun: 7]. Libuka tsohle tse halalelang li ea lumellana ka sena.

Haele sebakeng sa litho tsa kutlo: Molimo O bonts'itse bahlanka ba Hae tsoho ea bafu lefatšeng lena, 'me ho Surah Al-Baqarah, ho na le mehlala e mehlano ea seo, e leng:

Mohlala oa pele: Batho ba Moshe ha ba re ho eena:

﴿...لَن نُّؤۡمِنَ لَكَ حَتَّىٰ نَرَى ٱللَّهَ جَهۡرَةٗ ...﴾

﴾...re ke ke ra lumela ho uena ho fihlela re bona Allah phatlalatsa (ka mahlo a rona)...﴿ [Al-Baqarah 2:55] ’Me Allah Ea Phahameng A ba amoha bophelo, eaba O boela A ba phelisa bocha, ’Me ka taba ena Allah Ea Phahameng O itse A bua le Bana ba Israele:

﴿وَإِذۡ قُلۡتُمۡ يَٰمُوسَىٰ لَن نُّؤۡمِنَ لَكَ حَتَّىٰ نَرَى ٱللَّهَ جَهۡرَةٗ فَأَخَذَتۡكُمُ ٱلصَّٰعِقَةُ وَأَنتُمۡ تَنظُرُونَ 55 ثُمَّ بَعَثۡنَٰكُم مِّنۢ بَعۡدِ مَوۡتِكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ 56﴾

﴾'Me (hopolang) ha le ne le re: 'Oho Moshe! Re ke ke ra lumela ho uena ho fihlela re bone Allah phatlalatsa.' Joale lehalima la le oela le ntse le shebile 55 Joale Ra le tsosa bafung kamor’a lefu la lona, e le hore le tle le be le liteboho 56﴿

[Al-Baqarah: 55-56].

Mohlala oa Bobeli: Tabeng ea monna ea ileng a bolaoa eo Bana ba Iseraele ba neng ba phehisana khang ka eena. Joale Allah Ea Phahameng A ba laela hore ba hlabe khomo, 'me ba otle setopo sa monna eo ka karolo ea khomo eo; ele hore a tle a ba bolelle hore na ke mang ea mo bolaileng. Mabapi le sena, Allah Ea Phahameng O itse:

﴿وَإِذۡ قَتَلۡتُمۡ نَفۡسٗا فَٱدَّٰرَٰءۡتُمۡ فِيهَاۖ وَٱللَّهُ مُخۡرِجٞ مَّا كُنتُمۡ تَكۡتُمُونَ 72 فَقُلۡنَا ٱضۡرِبُوهُ بِبَعۡضِهَاۚ كَذَٰلِكَ يُحۡيِ ٱللَّهُ ٱلۡمَوۡتَىٰ وَيُرِيكُمۡ ءَايَٰتِهِۦ لَعَلَّكُمۡ تَعۡقِلُونَ 73﴾

﴾’Me (le hopole) ha le ne le bolaea motho, la ngangisana ka taba eo (la qosa e mong le e mong), empa Allah O ile A pepesa seo le neng le se pata 72 Kahoo, Re ile Ra re: ‘Mo otleng ka karolo ea eona (ea khomo eo).’ Ke kamoo Allah A tsosang bafu, ’me O le bonts'a liponts'o tsa Hae hore mohlomong le ka utloisisa 73﴿ [Al-Baqarah: 72-73].

Mohlala oa boraro: Pale ea batho ba ileng ba tsoa malapeng a bona ba baleha lefu, ’me ba ne ba le likete; Allah Ea Phahameng A nka maphelo a bona, ebe hamorao A ba tsosa hape. Mabapi le sena, Allah Ea Phahameng O re:

﴿أَلَمۡ تَرَ إِلَى ٱلَّذِينَ خَرَجُواْ مِن دِيَٰرِهِمۡ وَهُمۡ أُلُوفٌ حَذَرَ ٱلۡمَوۡتِ فَقَالَ لَهُمُ ٱللَّهُ مُوتُواْ ثُمَّ أَحۡيَٰهُمۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَذُو فَضۡلٍ عَلَى ٱلنَّاسِ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يَشۡكُرُونَ243﴾

﴾Na ha u e-s’o bone bao ba ileng ba tsoa malapeng a bona ba le likete, ba ts'aba lefu? Allah A re ho bona: “Shoang!” Eaba O ba tsosa hape. Kannete Allah O na le mohau o moholo ho batho empa boholo ba batho ha ba na teboho﴿

[Al-Baqarah: 243].

Mohlala oa bone: Pale ea monna ea ileng a feta motseng o neng o senyehile (o shoele), ’me a belaela hore na Allah A ka o tsosa joang hape. Ka hona Allah A nka bophelo ba hae ka lilemo tse lekholo, eaba O mo tsosa hape. Mabapi le sena Allah Ea Phahameng O re:

﴿أَوۡ كَٱلَّذِي مَرَّ عَلَىٰ قَرۡيَةٖ وَهِيَ خَاوِيَةٌ عَلَىٰ عُرُوشِهَا قَالَ أَنَّىٰ يُحۡيِۦ هَٰذِهِ ٱللَّهُ بَعۡدَ مَوۡتِهَاۖ فَأَمَاتَهُ ٱللَّهُ مِاْئَةَ عَامٖ ثُمَّ بَعَثَهُۥۖ قَالَ كَمۡ لَبِثۡتَۖ قَالَ لَبِثۡتُ يَوۡمًا أَوۡ بَعۡضَ يَوۡمٖۖ قَالَ بَل لَّبِثۡتَ مِاْئَةَ عَامٖ فَٱنظُرۡ إِلَىٰ طَعَامِكَ وَشَرَابِكَ لَمۡ يَتَسَنَّهۡۖ وَٱنظُرۡ إِلَىٰ حِمَارِكَ وَلِنَجۡعَلَكَ ءَايَةٗ لِّلنَّاسِۖ وَٱنظُرۡ إِلَى ٱلۡعِظَامِ كَيۡفَ نُنشِزُهَا ثُمَّ نَكۡسُوهَا لَحۡمٗاۚ فَلَمَّا تَبَيَّنَ لَهُۥ قَالَ أَعۡلَمُ أَنَّ ٱللَّهَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٖ قَدِيرٞ 259﴾

﴾Kapa joaloka ea ileng a feta motseng o neng o oele o senyehile ho ea tsoa marulelong a ʼona e le lesupi. A re: “Na Allah O tla tsosa sena joang ka mor’a lefu la teng?” Ka hona Allah A mo amoha bophelo ka lilemo tse lekholo, eaba O ea mo tsosa. A re: “U qetile nako e kae (u shoele)?” A re: “Ke qetile letsatsi kapa karolo ea letsatsi.” A re: “Che, u qetile lilemo tse lekholo. Sheba lijo tsa hao le seno sa hao—ha li ea senyeha; ’me sheba pokola ea hau. Re etsa sena hore Re u etse ponts'o ho batho. ’Me sheba masapo, kamoo Re a bokellang kateng, ebe Re a apesa ka nama.” E itse ha ho hlaka ho eena, a re: “Kea tseba hore Allah O na le matla holim’a lintho tsohle”﴿ [Al-Baqarah: 259]

Mohlala oa bohlano: pale ea Ibrahim, Khalīl – motsoalle oa Allah, ha a ne a kopa Allah Ea Phahameng hore A mo bonts'e kamoo A tsosang bafu kateng. Allah Ea Phahameng A mo laela hore a hlabe linonyana tse ’nè, a li arole likarolo-karo, ebe o beha likarolo tseo holim’a lithaba tse mo pota-potileng. Kamor’a moo a li bitse; ’me likarolo tsa tsona tsa kopana hape, tsa khutlela ho eena li matha ka potlako. Ka taba ena Allah Ea Phahameng O re:

﴿وَإِذۡ قَالَ إِبۡرَٰهِـۧمُ رَبِّ أَرِنِي كَيۡفَ تُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰۖ قَالَ أَوَلَمۡ تُؤۡمِنۖ قَالَ بَلَىٰ وَلَٰكِن لِّيَطۡمَئِنَّ قَلۡبِيۖ قَالَ فَخُذۡ أَرۡبَعَةٗ مِّنَ ٱلطَّيۡرِ فَصُرۡهُنَّ إِلَيۡكَ ثُمَّ ٱجۡعَلۡ عَلَىٰ كُلِّ جَبَلٖ مِّنۡهُنَّ جُزۡءٗا ثُمَّ ٱدۡعُهُنَّ يَأۡتِينَكَ سَعۡيٗاۚ وَٱعۡلَمۡ أَنَّ ٱللَّهَ عَزِيزٌ حَكِيمٞ 260﴾

﴾’Me (hopola) ha Ibrahim a re: ‘Morena oaka! Mponts'e kamoo U tsosang bafu kateng.’ Allah A re: ‘Na ha u e-s’o lumele?’ A re: ‘Eea, kea lumela, empa (ke botsa) hore pelo eaka e kholisehe.’ A re: ‘Nka linonyana tse ’nè, u li atametse ho uena (u li hlabe u arole likarolo tsa tsona), ebe u beha karolo ea tsona thabeng e ’ngoe le e ’ngoe, joale u li bitse; li tla tla ho uena li matha ka potlako. ’Me u tsebe hore Allah ke Ea Matla ’Ohle, Ea Bohlale bo Phethahetseng’﴿

[Al-Baqarah: 260].

’Me ho se ho boletsoe pejana ka mehlolo eo Allah Ea Phahameng A e fileng Isa ibn Maryam (Jesu mora oa Maria), ea ho tsosa bafu le ho ba nts'a mabitleng a bona — ka tumello ea Allah Ea Phahameng.

Haele bopaki ba kelello, bo tsoa lintlheng tse peli:

E 'ngoe ea tsona: ke hore Allah Ea Matla Ohle ke 'Mopi oa Maholimo le lefats'e, le tsohle tse ka ho tsona, 'Mopi oa tsona ho tloha ts'imolohong. ’Me Ea nang le matla a ho qala popo ha A sitoe ke letho ho e pheta hape (ho e tsosa ka mor’a lefu). Allah Ea Matla 'Ohle O itse:

﴿وَهُوَ ٱلَّذِي يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥ وَهُوَ أَهۡوَنُ عَلَيۡهِ...﴾

﴾’Me Ke Eena Ea qalang popo, ebe Oa e pheta hape; ’me hoo ho bonolo le ho feta ho Eena…﴿ [Ar-Rum: 27]. Allah Ea Matla Ohle O boetse O re:

﴿...كَمَا بَدَأۡنَآ أَوَّلَ خَلۡقٖ نُّعِيدُهُۥۚ وَعۡدًا عَلَيۡنَآۚ إِنَّا كُنَّا فَٰعِلِينَ﴾

﴾...Joalokaha Re qalile popo ka lekhetlo la pele, Re tla e pheta hape. Ke ts'episo e holim’a Rona; kannete Re tla e etsa﴿ [Al-Anbiya: 104]. ’Me Allah Ea Phahameng O itse, A laela hore ho arabeloe ba hanang hore masapo a ka tsosoa ha a se a fetohile lerole (a senyehile):

﴿قُلۡ يُحۡيِيهَا ٱلَّذِيٓ أَنشَأَهَآ أَوَّلَ مَرَّةٖۖ وَهُوَ بِكُلِّ خَلۡقٍ عَلِيمٌ 79﴾

﴾Ere: O tla li tsosa Ea ileng A li bopa ka lekhetlo la pele; ’me Ke Eena Ea Tsebang popo eohle ka botlalo﴿ [Ya Sin: 79].

Ea bobeli: Lefatše le shoele, le omme, ha le na lifate tse tala ho lona; ha pula e oela holim’a lona, le qala ho hlasimoloha, le fetoha le eba letala le phela, ’me ho mela ho lona mefuta eohle e metle ea limela. Ea nang le matla a ho le tsosa hape kamor’a lefu la lona, O khona le ho tsosa bafu. Allah Ea Phahameng O itse:

﴿وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦٓ أَنَّكَ تَرَى ٱلۡأَرۡضَ خَٰشِعَةٗ فَإِذَآ أَنزَلۡنَا عَلَيۡهَا ٱلۡمَآءَ ٱهۡتَزَّتۡ وَرَبَتۡۚ إِنَّ ٱلَّذِيٓ أَحۡيَاهَا لَمُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰٓۚ إِنَّهُۥ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٖ قَدِيرٌ 39﴾

﴾Har’a mats'oao a Hae ke hore le bona lefats’e le khutsitse (le omme le shoele le sena letho); empa ha Re theolela pula ho lona, le boela le hlasimoloha le tsoha (le hlahisa mefuta eohle ea limela le litholoana). Ruri, Ea le phelisitseng O tla phelisa le bafu. Ruri, O na le matla holim’a lintho tsohle 39﴿ [Fussilat: 39] Allah Ea Holimo-limo O re:

﴿وَنَزَّلۡنَا مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءٗ مُّبَٰرَكٗا فَأَنۢبَتۡنَا بِهِۦ جَنَّٰتٖ وَحَبَّ ٱلۡحَصِيدِ 9 وَٱلنَّخۡلَ بَاسِقَٰتٖ لَّهَا طَلۡعٞ نَّضِيدٞ 10 رِّزۡقٗا لِّلۡعِبَادِۖ وَأَحۡيَيۡنَا بِهِۦ بَلۡدَةٗ مَّيۡتٗاۚ كَذَٰلِكَ ٱلۡخُرُوجُ 11﴾

’Me Re theotse metsi a hlohonolofetseng a tsoang marung, ka ona Ra hlahisa lirapa le lijo-thollo tse kotuloang 9

le lifate tsa palema tse telele tse nang le lihlopha tsa litholoana tse hlophisitsoeng hantle 10

e le phepelo bakeng sa bahlanka; ’me ka ona Re tsosolositse naha e neng e shoele. Ka tsela eo le ho tsoha (ha batho mabitleng) ho tla ba kateng 11﴿ [Qaf: 9-11].

Ho lumela ho Letsatsi la Bofelo (Qiyāmah) ho kenyellelitse: ho lumela hore lintho tsohle tse tla etsahala ka mor’a lefu, tse kang:

(a) Teko ea ka lebitleng: ke ho botsoa ha mofu ka mor’a hore a patoe mabapi le Morena oa hae, tumelo ea hae le Moprofeta oa hae. Allah O tiisa ba lumetseng ka polelo e tiileng, kahoo o tla re: Morena oaka ke Allah, tumelo eaka ke Islamo, ’me Moporofeta oaka ke Muhammad (Allah A mo hlohonolofatse le ho mo fa khotso) ’Me Allah O tlohela baetsalibe ba lahlehile; kahoo kāfir (ea sa lumeleng) o tla re: “Hāh, hāh, ha ke tsebe.”

’Me moikaketsi kapa ea belaelang o tla re: “Ha ke tsebe; ke utloile batho ba bua ntho e itseng, ka e bua.”

(b) Kotlo le boiketlo tsa lebitla: Sena se tla ba ho baetsa-libe ho kenyelletsa baikaketsi le ba latolang tumelo. Allah Ea Phahameng O itse:

﴿...وَلَوۡ تَرَىٰٓ إِذِ ٱلظَّٰلِمُونَ فِي غَمَرَٰتِ ٱلۡمَوۡتِ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ بَاسِطُوٓاْ أَيۡدِيهِمۡ أَخۡرِجُوٓاْ أَنفُسَكُمُۖ ٱلۡيَوۡمَ تُجۡزَوۡنَ عَذَابَ ٱلۡهُونِ بِمَا كُنتُمۡ تَقُولُونَ عَلَى ٱللَّهِ غَيۡرَ ٱلۡحَقِّ وَكُنتُمۡ عَنۡ ءَايَٰتِهِۦ تَسۡتَكۡبِرُونَ﴾

﴾...Hoja u ne u ka bona ha baetsalibe ba le har'a mahlomola a lefu, 'me Mangeloi a otlolotse matsoho a ona (a re): 'Lokollang meea ea lona! Kajeno le tla putsoa ka kotlo e tlontlollang ka lebaka la lintho tseo le neng le li bua ka Allah tseo e seng 'nete le hobane le ne le ikhohomosa khahlanong le liponts'o tsa Hae'﴿ [Al-Anʼam: 93].

’Me Allah O itse ka batho ba Faro:

﴿ٱلنَّارُ يُعۡرَضُونَ عَلَيۡهَا غُدُوّٗا وَعَشِيّٗاۚ وَيَوۡمَ تَقُومُ ٱلسَّاعَةُ أَدۡخِلُوٓاْ ءَالَ فِرۡعَوۡنَ أَشَدَّ ٱلۡعَذَابِ 46﴾

﴾Mollo, ba hlahisoa ho ona hoseng le mantsiboea; ’me ka letsatsi leo Hora e tla fihla ka lona, ho tla thoe (ho mangeloi): “Kenyang batho ba Faro kotlong e bohloko ka ho fetisisa”﴿ [Ghafir: 46].

’Me ho Ṣaḥīḥ Muslim, ho ea ka tlhaloso ea Zayd bin Thābit (Allah A khahlisoe ke eena) ho tsoa ho Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse:

«فَلَوْلَا أَنْ لَا تَدَافَنُوا لَدَعَوْتُ اللَّهَ أَنْ يُسْمِعَكُمْ مِنْ عَذَابِ الْقَبْرِ الَّذِي أَسْمَعُ مِنْهُ».

«Hoja e ne e se ka hore le ka khaotsa ho patana (ho pata bafu), nka be ke kopa Allah hore A le utloise karolo ea kotlo ea lebitla eo ke e utloang» Eaba o reteletsa sefahleho sa hae (ho batho) a re:

«تَعَوَّذُوا بِاللَّهِ مِنْ عَذَابِ النَّارِ».

«Batlang ts'ireletso ho Allah khahlanong le kotlo ea Mollo (oa Lihele)» Ba re: “Re kopa ts?reletso ho Allah khahlanong le kotlo ea Mollo.” A re:

«تَعَوَّذُوا بِاللَّهِ مِنْ عَذَابِ الْقَبْرِ».

«Batlang ts'ireletso ho Allah khahlanong le kotlo ea lebitla» Ba re: “Re kopa ts'ireletso ho Allah khahlanong le kotlo ea lebitla.” A re:

«تَعَوَّذُوا بِاللَّهِ مِنَ الْفِتَنِ، مَا ظَهَرَ مِنْهَا وَمَا بَطَنَ».

«Batlang ts'ireletso ho Allah khahlanong le liteko (fitnah), tse bonahalang le tse patiloeng» Ba re: “Re kopa ts'ireletso ho Allah khahlanong le liteko, tse bonahalang le tse patiloeng.” Eaba o re:

«تَعَوَّذُوا بِاللَّهِ مِنْ فِتْنَةِ الدَّجَّالِ».

«Batlang ts'ireletso ho Allah khahlanong le teko ea Al-Masih oa Bohata (Dajjāl/Antichrist)» Ba re: “Re kopa ts'ireletso ho Allah khahlanong le teko ea Al-Masih oa Bohata (Dajjāl/Antichrist).”17

Haele mabapi le thabo ea lebitla (Na‘īm al-Qabr): Ke ea balumeli ba ’nete, ba ts'epahalang. Allah Ea Phahameng O itse:

﴿إِنَّ ٱلَّذِينَ قَالُواْ رَبُّنَا ٱللَّهُ ثُمَّ ٱسۡتَقَٰمُواْ تَتَنَزَّلُ عَلَيۡهِمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ أَلَّا تَخَافُواْ وَلَا تَحۡزَنُواْ وَأَبۡشِرُواْ بِٱلۡجَنَّةِ ٱلَّتِي كُنتُمۡ تُوعَدُونَ 30﴾

﴾Ruri, ba reng: 'Morena oa rona ke Allah,' ebe ba ntan’o tsitsa tseleng e lokileng, Mangeloi a theohela ho bona (nakong ea lefu le lebitleng) a re: 'Le se ke la ts'oha le haele ho utloa bohloko, empa thabelang litaba tse molemo tsa Leholimo leo le neng le le tsepisitsoe﴿ [Fussilat: 30].

Allah Ea Matla Ohle O itse:

﴿فَلَوۡلَآ إِذَا بَلَغَتِ ٱلۡحُلۡقُومَ 83 وَأَنتُمۡ حِينَئِذٖ تَنظُرُونَ 84 وَنَحۡنُ أَقۡرَبُ إِلَيۡهِ مِنكُمۡ وَلَٰكِن لَّا تُبۡصِرُونَ 85 فَلَوۡلَآ إِن كُنتُمۡ غَيۡرَ مَدِينِينَ 86 تَرۡجِعُونَهَآ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ87 فَأَمَّآ إِن كَانَ مِنَ ٱلۡمُقَرَّبِينَ 88 فَرَوۡحٞ وَرَيۡحَانٞ وَجَنَّتُ نَعِيمٖ 89﴾

﴾Joale, hobaneng (le sa khone ho etsa letho) ha moea o fihla qoqothong, 83 Athe lona ka nako eo le mpa le shebeletse feela? 84 Athe Rona Re haufi le eena (mofu) ho feta lona, le hoja lona le sa bone. 85 Joale, haeba e le nnete hore ha le na ho ahloloa (kapa ho tsosoa), 86 Ke hobane’ng ha le sa khutlisetse moea oo (ka har’a ’mele), haeba e le nnete hore le bua nnete? 87 Joale, haeba e ne e le e mong oa ba atamelitsoeng haufi (le Allah), 88 Joale, o tla fumana khatholoho, le monko o monate, le Serapa sa monate le thabo (Paradeise) 89﴿

[Al-Waqiʼah: 83-89].

Ho tsoa ho Al-Bara' ibn 'Azib (Allah A khotsofale ka eena), ho tlalehoa hore Muhammad (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho eena) o itse mabapi le molumeli (mu’min) ha a araba Mangeloi a mabeli lebitleng la hae:

«يُنَادِي مُنَادٍ مِنَ السَّمَاءِ: أَنْ صَدَقَ عَبْدِي، فَافْرِشُوهُ مِنَ الْجَنَّةِ، وَأَلْبِسُوهُ مِنَ الْجَنَّةِ، وَافْتَحُوا لَهُ بَابًا إِلَى الْجَنَّةِ، قَالَ: فَيَأْتِيهِ مِنْ رَوْحِهَا وَطِيبِهَا، وَيُفْسَحُ لَهُ فِي قَبْرِهِ مَدَّ بَصَرِهِ».

«Ho tla hoelehetsoa ke mohoelehetsi ho tsoa Leholimong a re: ‘Mohlanka oa Ka o buile ’nete. Ka hona, mo alleng moalo o tsoang Leholimong, le mo apeseng ka liaparo tsa Leholimo, ’me mo buleleng mokoallo o isang Leholimong.’

A re: Ka hona o tla fihleloa ke moea oa lona o monate le monko o monate oa lona, ’me lebitla la hae le tla atolosoa ho lekana moo mahlo a hae a ka fihlang teng» E tlalehiloe ke Ahmad le Abu Dawud ho hadith e telele18.

Ho bile le batho ba bang ba khelohileng tseleng e nepahetseng ba ileng ba hana kotlo ea lebitla le thabo ea lona, ba bolela hore taba ena ha e khonehe hobane e hanyetsana le seo re se bonang ka mahlo. Ba re: Haeba ho ka epolloa mofu lebitleng la hae, o tla fumanoa a le joalo ka ha a ne a le kateng pele, ’me lebitla le so fetohe ka ho atoloha kapa ho patisana (ho koropetseha).

’Me polelo ena (khang ena) ke leshano ho ea ka Sharʼiah (molao oa Allah), kutlo (seo re se bonang le ho se utloa), le kelello (mohopolo o hlakileng):

Haele ka lehlakoreng la Sharʼiah (Molao oa Allah): Litemana li se li fetile tse bonts'ang ka ho hlaka hore kotlo ea lebitla le thabo ea lona li teng ebile li tiisitsoe.

Ka ho Sahih al-Bukhari, ho tsoa ho hadith ea Ibn Abbas (Allah A khotsofale ka bona ka bobeli), o itse: “Moporofeta (khotso e be le eena) o ile a tsoa ho e ’ngoe ea marako a Madinah, ’me a utloa lentsoe la batho ba babeli ba neng ba hlokofatsoa mabitleng a bona.” ’Me a bolela hadith ena, ’me ho eona ho na le (mantsoe a latelang):

«أَنَّ أَحَدَهُمَا كَانَ لَا يَسْتَتِرُ مِنَ الْبَوْلِ».

«E mong oa bona o ne a sa its'ireletse (a sa itlhokomele) khahlanong le moroto» Tlalehong e 'ngoe ho thoe:

«مِنْ بَوْلِهِ».

«(O ne a sa its'ireletse) ho tsoa morotong oa hae»

«وَأَنَّ الْآخَرَ كَانَ يَمْشِي بِالنَّمِيمَةِ».

«’Me emong eena o ne a tsamaea a jala namimah (a tsamaisa litaba tse senyang likamano pakeng tsa batho)», ’Me ka tlalehong e ’ngoe ho tsoa ho Muslim ho thoe:

«لَا يَسْتَنْزِهُ مِنَ الْبَوْلِ».

«O ne a sa itlhoekise (kapa ho its'ireletsa hantle) khahlanong le moroto»19.

Haele ka lehlakoreng la kutlo (seo re se bonang le ho se utloa ka boiphihlelo): Motho ea robetseng o bona torong ea hae eka o sebakeng se pharaletseng, se monate, a natefeloa ke sona; kapa a bona eka o sebakeng se patisaneng, se ts'osang, a utloa bohloko ka lebaka la sona. Ka linako tse ling a phaphame ka lebaka la seo a se boneng torong, leha ho le joalo, o ntse a le betheng ea hae ka phaposing ea hae joalokaha a ne a le kateng, boroko ke ngoan’abo lefu; ka lebaka lena Allah O bo bitsitse “lefu (wafāt).” Allah Ea Holimo-limo O itse:

﴿ٱللَّهُ يَتَوَفَّى ٱلۡأَنفُسَ حِينَ مَوۡتِهَا وَٱلَّتِي لَمۡ تَمُتۡ فِي مَنَامِهَاۖ فَيُمۡسِكُ ٱلَّتِي قَضَىٰ عَلَيۡهَا ٱلۡمَوۡتَ وَيُرۡسِلُ ٱلۡأُخۡرَىٰٓ إِلَىٰٓ أَجَلٖ مُّسَمًّى...﴾

﴾Allah O nka meea nakong ea lefu la eona, 'me e sa shoeng [O e nka] nakong ea boroko ba eona. Ebe o tsʼoara bao A ba laetseng lefu 'me O lokolla ba bang ho fihlela nako e behiloeng...﴿ [Az-Zumar: 42].

Haele ka kelello (mohopolo): motho ea robetseng borokong ba hae a ka bona toro ea ’nete e lumellanang le se etsahalang, ’me ka linako tse ling a ka bona Moporofeta ﷺ ka sebopeho sa hae sa ’nete. Ea mo bonang ka sebopeho sa hae sa ’nete, ruri o mo bone hantle. Leha ho le joalo, motho ea robetseng o ntse a le ka kamoreng ea hae, a le betheng ea hae, a le hole le seo a se boneng, kahoo haeba sena se ka khoneha maemong a bophelo ba lefats'e, na se ka se khonehe maemong a bophelo ba Bofelo (Bophelo ba ka mor’a lefu)!?

Haele ho its'itleha ha bona tabeng eo ba e bolelang, ea hore haeba ho ka buloa lebitla la mofu ho ka fumanoa a ntse a le joaloka pele, le hore lebitla ha lea fetoha ka ho atoloha kapa ho petetsana — karabo ea sena e na le likarabo tse ’maloa, har’a tsona ke ena:

Ea pele: ha ho ea lumelleha ho hanyetsa seo molao oa Molimo (Shar'iah) o se tlisitseng ka lebaka la lipelaelo tse fokolang joalo. Haeba motho ea hanyetsang a ka nahanisisa ka botebo ka seo molao oa Molimo O se tlisitseng, ka ho se ela hloko ka nepo, o ne a tla tseba hore lipelaelo tsena ha li na motheo. Ho bile ho boletsoe:

Ke ba bakae bahanyetsi ba fumanang phoso polelong e nepahetseng,

Athe bothata ba bona ke kutloisiso e fosahetseng

Ea bobeli: Maemo a Barzakh (bophelo bo pakeng tsa lefu le tsoho) ke a lintho tse sa bonoeng (ghayb) tseo kutlo ea motho e sa khoneng ho li fihlela. Hoja li ne li ka bonoa kapa tsa utloisisoa ka kutlo ea nama, molemo oa ho lumela linthong tse sa bonoeng o ne o tla fela, ’me ba lumelang linthong tse sa bonoeng le ba li hanang ba ne ba tla ts'oana tabeng ea ho li netefatsa.

Ea boraro: kotlo, monate, ho atoloha ha lebitla le ho petetsana ha lona — tsena tsohle li utluoa ke mofu feela, eseng batho ba bang. Sena se ts'oana le motho ea robetseng ea bonang torong ea hae eka o sebakeng se patisaneng se ts'osang kapa a le sebakeng se pharaletseng se monate; empa ba mo potolohileng ha ba bone seo ebile ha ba se utloe. hape, Moporofeta ﷺ o ne a senoleloa molaetsa (wahy) a ntse a le har’a barutuoa ba hae; o ne a utloa ts'enolo eo, empa Sahaba (barutuoa) bona ba sa e utloe. Ka linako tse ling lengeloi le ne le iponahatsa ho eena ka sebopeho sa monna le bua le eena, athe Sahaba ba ne ba sa bone lengeloi leo ebile ba sa le utloe.

Ea bone: kutloisiso ea libopuoa e na le moeli ho seo Allah Ea Phahameng A ba lumelletseng ho se utloisisa; ha ho khonehe hore ba utloisise ntho e ’ngoe le e ’ngoe e teng. Maholimo a supileng, lefats’e le tsohle tse ho lona — tsohle li tlotlisa Allah ka thoriso ea ’nete. Allah O etsa hore ba bang ba libopuoa tsa Hae ba e utloe ka linako tse ling, Le ha hole joalo, re e patetsoe. Ka hona Allah Ea Phahameng O re:

﴿تُسَبِّحُ لَهُ ٱلسَّمَٰوَٰتُ ٱلسَّبۡعُ وَٱلۡأَرۡضُ وَمَن فِيهِنَّۚ وَإِن مِّن شَيۡءٍ إِلَّا يُسَبِّحُ بِحَمۡدِهِۦ وَلَٰكِن لَّا تَفۡقَهُونَ تَسۡبِيحَهُمۡ...﴾

﴾Maholimo a supileng le lefats’e le tsohle tse ho tsona li ea Mo tlotlisa; ha ho letho haese ho tlotlisa Thoriso ea Hae empa lona ha le utloisise thoriso ea tsona...﴿ [Al-Israʼ: 44] Ka mokhoa o ts'oanang, meleko (mademona) le li-jinn (masabonoeng) ba tsamaea lefats'eng ba ea le ho khutla. Li-jinn li kile tsa tla ho Morumuoa oa Allah ﷺ tsa mamela ha ho baloa Qurʼan, tsa mamela ka hloko, eaba li khutlela ho sechaba sa tsona e le bahlokomelisi. Leha ho le joalo, tsona li patiloe mahlong a rona. Allah Ea Phahameng O re:

﴿يَٰبَنِيٓ ءَادَمَ لَا يَفۡتِنَنَّكُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُ كَمَآ أَخۡرَجَ أَبَوَيۡكُم مِّنَ ٱلۡجَنَّةِ يَنزِعُ عَنۡهُمَا لِبَاسَهُمَا لِيُرِيَهُمَا سَوۡءَٰتِهِمَآۚ إِنَّهُۥ يَرَىٰكُمۡ هُوَ وَقَبِيلُهُۥ مِنۡ حَيۡثُ لَا تَرَوۡنَهُمۡۗ إِنَّا جَعَلۡنَا ٱلشَّيَٰطِينَ أَوۡلِيَآءَ لِلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ 27﴾

﴾Lona bana ba Adama, Satane a se ke a le leka joalokaha a ile a nts'a batsoali ba lona leholimong… Ruri eena le sehlopha sa hae ba ea le bona ha lona le sa ba bone﴿ [Al-Aʼraaf: 27] Kahoo haeba libopuoa li sa khone ho utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e teng, ha ho ea nepahala hore li hane lintho tsa ghayb (tse sa bonoeng) tse netefalitsoeng leha tsona li sa li bone kapa ho li utloa.

Ho lumela ho al-Qadar

Qadar (ka tlhaku “dāl” ha e jere molumo “a”): Ke taolo ea Allah ea Matla Ohle holim’a libopuoa tsohle, ho latela tsebo ea Hae e tlileng pele ho tsohle le kamoo bohlale ba Hae bo hlokang kateng.

Ho lumela ho al-Qadar ho akarelletsa lintho tse ’nè:

Ea pele: ho lumela hore Allah Ea Phahameng O tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe — ka kakaretso le ka botlalo, ho tloha qalong (pele ho popo) le ka ho sa feleng — ebang ke lintho tse amanang le liketso tsa Hae kapa liketso tsa bahlanka ba Hae.

Ea bobeli: ho lumela hore Allah Ea Phahameng o ngotse tsohle tseo ho al-Lauh al-Mahfūdh (Letlapa le Sirellelitsoeng). Mabapi le lintho tsena tse peli, Allah Ea Phahameng O re:

﴿أَلَمۡ تَعۡلَمۡ أَنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ مَا فِي ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِۚ إِنَّ ذَٰلِكَ فِي كِتَٰبٍۚ إِنَّ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرٞ 70﴾

﴾Na ha u tsebe hore Allah O tseba tsohle tse Maholimong le lefats’eng? Ruri, tsohle tseo li bukeng; 'me kannete hoo ho bonolo ho Allah﴿

[Al-Hajj: 70].

’Me ho Ṣaḥīḥ Muslim ho tlalehiloe ho tsoa ho ʿAbdullāh bin ʿAmr bin al-ʿĀṣ (Allah a khotsofale ka bona ka bobeli) hore o itse: ke utloile Morumuoa oa Allah ﷺ a re:

«كَتَبَ اللَّهُ مَقَادِيرَ الْخَلَائِقِ قَبْلَ أَنْ يَخْلُقَ السَّمَوَاتِ وَالْأَرْضَ بِخَمْسِينَ أَلْفَ سَنَةٍ».

«Allah O ile A ngola likabelo (qadar) tsa libopuoa tsohle pele A bopa Maholimo le lefats’e ka lilemo tse mashome a mahlano a likete»20.

Ea boraro: ho lumela hore lintho tsohle tse teng ha li etsahale ntle le ka thato (mashīʼah) ea Allah Ea Phahameng — ebang ke tse amanang le liketso tsa Hae kapa tse amanang le liketso tsa libopuoa, Allah Ea Phahameng O itse mabapi le liketso tsa Hae:

﴿وَرَبُّكَ يَخۡلُقُ مَا يَشَآءُ وَيَخۡتَارُ...﴾

﴾’Me Morena oa hao o bopa seo A se batlang le seo A se khethang…﴿ [Al-Qasas: 68] Hape A re:

﴿...وَيَفۡعَلُ ٱللَّهُ مَا يَشَآءُ﴾

﴾...’Me Allah O etsa seo A se batlang﴿

[Ibrahim: 27] ʼMe A re:

﴿هُوَ ٱلَّذِي يُصَوِّرُكُمۡ فِي ٱلۡأَرۡحَامِ كَيۡفَ يَشَآءُ...﴾

﴾Ke Eena Ea le bopang ka lipopelong kamoo A ratang kateng…﴿ [Al ʼImran: 6]

’Me mabapi le liketso tsa libopuoa, Allah Ea Phahameng O itse:

﴿...وَلَوۡ شَآءَ ٱللَّهُ لَسَلَّطَهُمۡ عَلَيۡكُمۡ فَلَقَٰتَلُوكُمۡ...﴾

﴾…Hoja Allah A ne A ratile, A ka be A ba file matla holim’a lona, ’me ba ka be ba loanne le lona…﴿ [An-Nisa: 90] A re hape:

﴿...وَلَوۡ شَآءَ رَبُّكَ مَا فَعَلُوهُۖ فَذَرۡهُمۡ وَمَا يَفۡتَرُون﴾

﴾…Hoja Morena oa hao A ne a ratile, ba ka be ba sa ka ba etsa joalo; kahoo ba lese ka seo ba iqapelang sona﴿ [Al-Anʼam: 112].

Ea bone: Tumelo ea hore lintho tsohle tse teng li bopiloe ke Allah Ea Phahameng ka botsona, ka lits'obotsi tsa tsona le ka metsamao ea tsona. Allah Ea Phahameng O itse:

﴿ٱللَّهُ خَٰلِقُ كُلِّ شَيۡءٖۖ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٖ وَكِيلٞ 62﴾

﴾Allah ke 'Mopi oa lintho tsohle, ’me Ke Eena Mohlokomeli holim’a lintho tsohle﴿ [Az-Zumar: 62] Ea Phahameng O itse:

﴿...وَخَلَقَ كُلَّ شَيۡءٖ فَقَدَّرَهُۥ تَقۡدِيرٗا﴾

﴾…’Me O bopile ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me A e lekanya ka tekanyo e nepahetseng﴿ [Al-Furqan: 2] ’Me Allah O itse ka Moporofeta oa Hae Ibrāhīm (khotso e be holim’a hae) hore o ile a re ho batho ba hae:

﴿وَٱللَّهُ خَلَقَكُمۡ وَمَا تَعۡمَلُونَ 96﴾

﴾’Me Allah O le bopile, hammoho le tseo le li etsang﴿ [As-Saffat: 96].

’Me tumelo ho Qadar (taelo le kahlolo ea Allah) — ka tsela eo re e hlalositseng — ha e hanane le hore mohlanka a be le thato (khetho) liketsong tsa hae tseo a li etsang ka boikhethelo le bokhoni ba ho li etsa; hobane Molao oa Allah (Sharʼiah) le ’nete ea bophelo li bonts'a hore sena se tiisitsoe ho eena.

Haele ka lehlakoreng la Sharʼiah: Allah Ea Phahameng O buile ka thato (mashī’ah) A re:

﴿...فَمَن شَآءَ ٱتَّخَذَ إِلَىٰ رَبِّهِۦ مَـَٔابًا﴾

﴾…Ea ratang, a nke tsela e isang ho Mong’a hae﴿ [An-Nabaʼ: 39] A boela A re:

﴿...فَأۡتُواْ حَرۡثَكُمۡ أَنَّىٰ شِئۡتُمۡ...﴾

﴾…Kahoo atamelang sebaka sa lona sa temo (basali ba lona) ka tsela eo le ratang ka eona…﴿ [Al-Baqarah: 223] ’Me O buile ka bokhoni (qudrah) a re:

﴿فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ مَا ٱسۡتَطَعۡتُمۡ وَٱسۡمَعُواْ وَأَطِيعُواْ...﴾

﴾Kahoo ts'abang Allah kamoo le ka khonang kateng, ’me mamelang le be le utloe…﴿

[At-Taghabun: 16] ʼMe A re:

﴿لَا يُكَلِّفُ ٱللَّهُ نَفۡسًا إِلَّا وُسۡعَهَاۚ لَهَا مَا كَسَبَتۡ وَعَلَيۡهَا مَا ٱكۡتَسَبَتۡ...﴾

﴾Allah Ha A imetse moea ntle le seo o ka se khonang; o tla fumana moputso oa seo o se entseng, ’me o tla jara kotlo ea seo o se entseng…﴿

[Al-Baqarah: 286].

Haele ka lehlakoreng la ’nete ea bophelo (waqi‘): motho e mong le e mong oa tseba hore o na le thato le bokhoni, tseo ka tsona a etsang kapa a tlohelang ho etsa; ’me o khona ho khetholla pakeng tsa ntho e etsahalang ka thato ea hae, joaloka ho tsamaea, le e etsahalang ntle le thato ea hae, joaloka ho thothomela. Leha ho le joalo, thato ea mohlanka le matla a hae li tlas'a thato ea Allah Ea Phahameng le matla a Hae; hobane Allah O itse:

﴿لِمَن شَآءَ مِنكُمۡ أَن يَسۡتَقِيمَ 28 وَمَا تَشَآءُونَ إِلَّآ أَن يَشَآءَ ٱللَّهُ رَبُّ ٱلۡعَٰلَمِينَ29﴾

﴾Ho mang kapa mang har’a lona ea ratang ho tsamaea tseleng e otlolohileng 28 Empa le ke ke la rata ntle le ha Allah, Mong’a mafats'e, A rata 29﴿ [At-Takwir: 28-29] ’Me hobane tlholeho eohle e taolong ea Allah Ea Matla Ohle; kahoo ha ho letho le ka bang teng pusong ea Hae ntle le tsebo kapa thato ea Hae.

Tumelo ho al-Qadar (se ngoliloeng ho tloha pele ho tlholeho) — joalokaha re e hlalositse — ha e fe motho lebaka kapa boikemelo ba ho ikemela ka seo a se tlohetseng har’a lintho tse tlamang (litsela tseo a lokelang ho li etsa) kapa seo a se entseng har’a libe. Ka lebaka leo, ho ipiletsa ha hae ka Qadar ho ikemela ho tsona ke ntho e fosahetseng ka mahlakore a ’maloa:

Ea pele: Polelo ea Allah Ea Phahameng:

﴿سَيَقُولُ ٱلَّذِينَ أَشۡرَكُواْ لَوۡ شَآءَ ٱللَّهُ مَآ أَشۡرَكۡنَا وَلَآ ءَابَآؤُنَا وَلَا حَرَّمۡنَا مِن شَيۡءٖۚ كَذَٰلِكَ كَذَّبَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡ حَتَّىٰ ذَاقُواْ بَأۡسَنَاۗ قُلۡ هَلۡ عِندَكُم مِّنۡ عِلۡمٖ فَتُخۡرِجُوهُ لَنَآۖ إِن تَتَّبِعُونَ إِلَّا ٱلظَّنَّ وَإِنۡ أَنتُمۡ إِلَّا تَخۡرُصُونَ 148﴾

﴾Ba neng ba kopanya Allah borapeling ba tla re: 'Hoja Allah O ne A ratile, rona kapa bo-ntat’a rona re ne re ke ke ra khumamela melimo e meng ebile re ne re ke ke ra hanela letho.' Ka mokhoa o ts'oanang, ba bileng teng pele ho bona ba ile ba latola (’nete), ho fihlela ba utloa kotlo ea Rona. E-re: 'Na le na le tsebo eo le ka re hlahisetsang eona? Ha le latele letho haese menyenyetsi (likhakanyo), ’me ha le etse letho haese ho bua mashano﴿ [Al-Anʼam: 148] Hoja ba ne ba e-na le lebaka (kapa bopaki) ka qadar, Allah A ka be A sa ba latsoise kotlo ea Hae.

Ea bobeli: Polelo ea Allah Ea Phahameng:

﴿رُّسُلٗا مُّبَشِّرِينَ وَمُنذِرِينَ لِئَلَّا يَكُونَ لِلنَّاسِ عَلَى ٱللَّهِ حُجَّةُۢ بَعۡدَ ٱلرُّسُلِۚ وَكَانَ ٱللَّهُ عَزِيزًا حَكِيمٗا 165﴾

﴾(Re rometse) barumuoa ele ba tlisang litaba tse monate le ba fanang ka temoso, hore batho ba se ke ba ba le lebaka khahlanong le Allah kamor'a barumuoa. ’Me Allah ke Ea Matla Ohle, Ea Bohlale bo Phethahetseng 165﴿ [An-Nisa: 165] Hoja qadar e ne ele lebaka bakeng sa ba hanang, lebaka leo le ka be le sa tlosoe ka ho romeloa ha barumuoa; hobane ho hanyetsa le kamor'a ho romeloa ha bona ho etsahala ka qadar ea Allah Ea Phahameng.

Ea boraro: Se tlalehiloeng ke Al-Bukhārī le Muslim — ’me mantsoe ke a Al-Bukhārī — ho tsoa ho ‘Alī ibn Abī Ṭālib (Allah a khahloe ke eena) hore Moporofeta ﷺ o itse:

«مَا مِنْكُمْ مِنْ أَحَدٍ إِلَّا قَدْ كُتِبَ مَقْعَدُهُ مِنَ النَّارِ أَوْ مِنَ الْجَنَّةِ».

«Ha ho le ea mong har’a lona ntle le hore sebaka sa hae se se se ngotsoe, ekaba sa Mollo kapa sa Leholimo» Monna e mong har’a batho a re: Na re se ke ra its'etleha feela ka Molimo? oho Morumuoa oa Allah? A re:

«لَا، اعْمَلُوا فَكُلٌّ مُيَسَّرٌ».

«Che! Sebetsang, hobane emong le emong o nolofalletsoa (tsela ea hae)» Eaba o bala:

﴿فَأَمَّا مَنۡ أَعۡطَىٰ وَٱتَّقَىٰ 5﴾

﴾Haele ea fanang (ka liphallelo) le ea ts'abang Allah﴿ [Al-Layl: 5]. ’Me se qotsitsoeng ho Muslim:

«فَكُلٌّ مُيَسَّرٌ لِمَا خُلِقَ لَهُ».

«E mong le e mong o nolofalletsoa seo a bopetsoeng sona»21 Kahoo Moporofeta ﷺ o ile a laela ho etsa liketso (mesebetsi e metle), ’me a thibela ho its'etleha feela ka qadar.

Ea bone: Allah Ea Matla Ohle O laetse mohlanka ’me A mo thibela, ’me ha A mo imetse ka letho ntle le seo a ka se khonang. Allah Ea Phahameng O itse:

﴿فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ مَا ٱسۡتَطَعۡتُمۡ وَٱسۡمَعُواْ وَأَطِيعُواْ...﴾

﴾Kahoo ts'abang Allah kamoo le ka khonang kateng, ’me le mamele le be le utloe (le mo latele)…﴿ [At-Taghabun: 16] ʼMe A boela A re:

﴿لَا يُكَلِّفُ ٱللَّهُ نَفۡسًا إِلَّا وُسۡعَهَا...﴾

﴾Allah Ha A imetse moea leha e le ofe ntle le bokhoni ba ona…﴿ [Al-Baqarah: 286] Hoja motho a ne a qobelloa (a se na khetho) liketsong tsa hae, a ka be a laetsoe ka seo a sa khoneng ho ipholosa ho sona, ’me sena ha se nepahale. Ka lebaka leo, haeba a etsa sebe ka lebaka la ho se tsebe kapa ka ho lebala kapa ka ho qobelloa, ha ho sebe holim’a hae; hobane o na le lebaka le amohelehang (o ts'oaretsoe).

Ea bohlano: Qadar ea Allah Ea Phahameng ke sephiri se patiloeng, se sa tsejoeng ntle le kamor'a hore se etsahale. Thato (khetho) ea motho bakeng sa seo a se etsang e tla pele ho ketso ea hae; ka hona thato ea hae ea ho etsa ketso ha e thehoe holim’a tsebo ea hae ka qadar ea Allah. Ka nako eo, lebaka la hae la ho ipuella ka qadar lea fela; hobane motho ha a na lebaka ka ntho eo a sa e tsebeng.

Ea botsʼelela: Re bona hore motho o chesehela lintho tse mo loketseng litabeng tsa bophelo ba hae ba lefats’e, ho fihlela a li fumana; ’me ha a tlohele tse mo loketseng a ea ho tse sa mo lokelang. Empa ha a se a tlohile ho seo se molemo, o ipuella ka qadar. Joale ke hobaneng ha a tlohela se mo thusang litabeng tsa tumelo ea hae a ea ho se mo senyetsang, ebe o ipuella ka qadar? Na taba ea lintho tsena tse peli ha e ts'oane?!

’Me mona ke mohlala o hlakisang taba ena:

Haeba ka pel’a motho ho ka ba le litsela tse peli: e ’ngoe e mo isa naheng e tletseng pherekano — lipolao, bosholu, ho hatakeloa ha seriti, ts'abo le tlala; ’me e ’ngoe e mo isa naheng e nang le taolo, polokeho e tiileng, bophelo bo monate le tlhompho bakeng sa maphelo, seriti le maruo — joale o ne a tla khetha tsela efe ho tse tse peli?

Ka sebele o tla nka tsela ea bobeli e mo isang naheng ea taolo le polokeho; ’me ha ho khonehe hore motho ea nang le kelello e hlaphohetsoeng a khethe tsela e isang naheng ea pherekano le ts'abo, ebe o ipuella ka qadar. Joale ke hobaneng ha tabeng ea bophelo ba Bokamoso (Ākhirah) a nka tsela e isang Mollong ho ena le Leholimo, ebe o ipuella ka qadar?

’Me mohlala o mong hape: re bona mokuli a laeloa ho noa moriana; kahoo oa o noa leha moea oa hae o sa o rate. Hape o thibeloa ho ja lijo tse mo senyang; kahoo oa li tlohela leha moea oa hae o li lakatsa. Sena sohle ke ka lebaka la ho tsoma pholo le polokeho. ’Me ho ke ke ha khoneha hore a hane ho noa moriana kapa a je lijo tse mo senyang, ebe o ipuella ka qadar. Joale ke hobaneng ha motho a tlohela seo Allah le Morumuoa oa Hae ba mo laetseng sona kapa a etsa seo Allah le Morumuoa oa Hae ba se thibetseng, ebe o ipuella ka qadar?

Ea bosupa: Motho ea ipuellang ka qadar mabapi le ho tlohela ha hae mesebetsi e tlamang kapa ho etsa ha hae libe — haeba motho e mong a ka mo hlasela, a nka maruo a hae kapa a hatakela seriti sa hae, ebe eena ea mo hlekefelitseng o ipuella ka qadar a re: “U se mpehe molato hobane ketso eaka ene ele qadar ea Allah,” a ke ke a amohela lebaka leo, Joale ho tla joang hore a se ke a amohela ho ipuella ka qadar ha ba bang ba mo hlekefetsa, empa eena a ipuelle ka qadar ha a tlola litokelo tsa Allah Ea Phahameng?!

Ho tlalehiloe hore Moeta-pele oa balumeli, ‘Umar ibn al-Khaṭṭāb (Allah a khahloe ke eena), o ile a tlisetsoa lesholu le neng le ts'oaneloa ke kotlo ea ho khaoloa letsoho. A laela hore letsoho la hae le khaoloe. Lesholu la re: “Ema hanyane, oho Moeta-pele oa balumeli! Ke utsoitse feela ka qadar ea Allah.” ‘Umar a re: “Le rona re khaola (letsoho) ka qadar ea Allah.

’Me tumelo ho qadar e na le litholoana tse kholo, har’a tsona ke tsena:

Ea pele: Ho its'etleha ka Allah Ea Phahameng ha motho a etsa ketso, ka tsela eo a kekeng a its'etleha ka ketso ka boeona; hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahala ka qadar ea Allah.

Ea bobeli: Hore motho a se ke a ikhohomosa ha a fumana seo a se batlang; hobane ho se fumana ke mohau o tsoang ho Allah ka seo A se behileng sa lisosa tsa molemo le katleho. Ho ikhants'a ho etsa hore motho a lebale ho leboha mpho ena.

Ea boraro: Ke khutso ea pelo le boiketlo ba maikutlo ka seo motho a hlaheloang ke sona kantle ho boikhethelo. Ka hona ha a ts'oenyehe ka ho lahleheloa ke seo a se ratang kapa ka ho hlaheloa ke seo a sa se rateng; hobane tsohle tseo li etsahala ka qadar ea Allah, Mong’a Maholimo le lefats’e, ’me li tlameha ho etsahala ntle le pelaelo. Ka sena Allah Ea Phahameng O re:

﴿مَآ أَصَابَ مِن مُّصِيبَةٖ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَا فِيٓ أَنفُسِكُمۡ إِلَّا فِي كِتَٰبٖ مِّن قَبۡلِ أَن نَّبۡرَأَهَآۚ إِنَّ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرٞ 22 لِّكَيۡلَا تَأۡسَوۡاْ عَلَىٰ مَا فَاتَكُمۡ وَلَا تَفۡرَحُواْ بِمَآ ءَاتَىٰكُمۡۗ وَٱللَّهُ لَا يُحِبُّ كُلَّ مُخۡتَالٖ فَخُورٍ 23﴾

﴾Ha ho tlokotsi e hlahang lefats'eng kapa e le hlahelang, haese hore e ne e se e ngotsoe Bukeng pele Re e bopa; ruri sena se bonolo ho Molimo. E le hore le se ke la utloa bohloko haholo ka se le phonyohileng le haele ho thaba ka seo le se neiloeng; 'me Molimo Ha A rate moikhohomosi e mong le e mong ea ikhants'ang 23﴿ [Al-Hadid: 22-23], ’Me Moporofeta ﷺ o itse:

«عَجَبًا لِأَمْرِ الْمُؤْمِنِ إِنَّ أَمْرَهُ كُلَّهُ خَيْرٌ، وَلَيْسَ ذَاكَ لِأَحَدٍ إِلَّا لِلْمُؤْمِنِ، إِنْ أَصَابَتْهُ سَرَّاءُ شَكَرَ فَكَانَ خَيْرًا لَهُ، وَإِنْ أَصَابَتْهُ ضَرَّاءُ صَبَرَ فَكَانَ خَيْرًا لَهُ».

«Se makatsang ke maemo a molumeli! Ruri taba eohle ea hae ke molemo. ’Me sena ha se bakeng sa mang kapa mang ntle le molumeli. Haeba se nepahetseng se mo etsahalla o ea leboha, ’me seo se ba molemo ho eena. Haeba a hlaheloa ke mahlomola oa mamella ’me seo se ba molemo ho eena»22.

'Me ba khelohileng ka taba ea Qadar ke lihlopha tse peli:

Sehlopha sa pele: Al-Jabriyyah – ba reng motho o qobelloa mesebetsing ea hae, ha a na thato kapa matla a ikemetseng ho eona.

Sehlopha sa bobeli: Al-Qadariyyah – ba reng motho o ikemetse ka botlalo mesebetsing ea hae, ka thato le ka matla, ’me thato le matla a Allah ha li na ts'usumetso ho eena.

Karabo khahlanong le sehlopha sa pele (Al-Jabriyyah) e thehiloe holim’a bopaki ba Sharʼiah le bopaki ba 'nete (bo bonahalang bophelong):

Haele bopaki ba Sharʼiah: Allah Ea Phahameng o tiisitse hore motho o na le thato le khetho, ebile O amahantse liketso le Eena. Allah Ea Phahameng O re:

﴿...مِنكُم مَّن يُرِيدُ ٱلدُّنۡيَا وَمِنكُم مَّن يُرِيدُ ٱلۡأٓخِرَةَ...﴾

﴾Har’a lona ho na le ba batlang lefats’e lena, ’me har’a lona ho na le ba batlang bophelo ba ka mor'a lefu (Akhirah)...﴿ [Al ʼImran: 152], Hape O itse:

﴿وَقُلِ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكُمۡۖ فَمَن شَآءَ فَلۡيُؤۡمِن وَمَن شَآءَ فَلۡيَكۡفُرۡۚ إِنَّآ أَعۡتَدۡنَا لِلظَّٰلِمِينَ نَارًا أَحَاطَ بِهِمۡ سُرَادِقُهَا...﴾

﴾’Me e re, ‘’Nete e tsoa ho Morena oa lona. Ea ratang ke hore a lumele, ’me ea ratang ke hore a se lumele.’ Ruri, Re lokiselitse baetsa-libe Mollo oo malakabe a ona a tlang ho ba tea hare…﴿ temana. [Al-Kahf: 29], Hape O itse:

﴿مَّنۡ عَمِلَ صَٰلِحٗا فَلِنَفۡسِهِۦۖ وَمَنۡ أَسَآءَ فَعَلَيۡهَاۗ وَمَا رَبُّكَ بِظَلَّٰمٖ لِّلۡعَبِيدِ 46﴾

﴾Mang kapa mang ea etsang se molemo, ke bakeng sa moea oa hae; 'me mang kapa mang ea etsang se sebe, ke khahlanong le moea oa hae. 'Me Morena oa hao ha A hlokele bahlanka ba Hae toka﴿

[Fussilat: 46].

Haele bopaki ba 'nete (bo bonahalang): motho e mong le e mong o tseba phapang pakeng tsa liketso tsa hae tsa boikhethelo tseo a li etsang ka thato ea hae — joaloka ho ja, ho noa, ho rekisa le ho reka — le lintho tse mo hlahelang ntle le thato ea hae — joaloka ho thothomela ka lebaka la feberu kapa ho oa marulelong. Tabeng ea pele, ke moetsi ea ikhethelang ka thato ea hae, a sa qobelloe. Tabeng ea bobeli, ha a ikhethele, ebile ha a rate se mo hlahetseng.

Karabo khahlanong le sehlopha sa bobeli (Al-Qadariyyah) e thehiloe holim’a bopaki ba Sharʼiah le bopaki ba kelello (bo utloahalang):

Haele bopaki ba Sharʼiah: Ruri Allah Ea Phahameng ke ’Mopi oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahala ka thato ea Hae. Allah O hlakisitse ka Bukeng ea Hae hore liketso tsa makhoba li etsahala ka thato ea Hae. O itse:

﴿...وَلَوۡ شَآءَ ٱللَّهُ مَا ٱقۡتَتَلَ ٱلَّذِينَ مِنۢ بَعۡدِهِم مِّنۢ بَعۡدِ مَا جَآءَتۡهُمُ ٱلۡبَيِّنَٰتُ وَلَٰكِنِ ٱخۡتَلَفُواْ فَمِنۡهُم مَّنۡ ءَامَنَ وَمِنۡهُم مَّن كَفَرَۚ وَلَوۡ شَآءَ ٱللَّهُ مَا ٱقۡتَتَلُواْ وَلَٰكِنَّ ٱللَّهَ يَفۡعَلُ مَا يُرِيدُ﴾

﴾’Me hoja Allah A ne A ratile, ba ileng ba tla kamor'a bona ba ka be ba sa loana, kamor'a hore bopaki bo hlakileng bo ba fihlele. Empa ba ile ba fapana; har’a bona ho na le ba ileng ba lumela, ʼme har’a bona ho na le ba ileng ba latola molaetsa. ’Me hoja Allah A ne A ratile, ba ka be ba sa loana; empa Allah O etsa seo A se ratang﴿ [Al-Baqarah: 253], Hape O itse:

﴿وَلَوۡ شِئۡنَا لَأٓتَيۡنَا كُلَّ نَفۡسٍ هُدَىٰهَا وَلَٰكِنۡ حَقَّ ٱلۡقَوۡلُ مِنِّي لَأَمۡلَأَنَّ جَهَنَّمَ مِنَ ٱلۡجِنَّةِ وَٱلنَّاسِ أَجۡمَعِينَ 13﴾

﴾’Me hoja Re ne Re ratile, Re ka be Re file moea o mong le o mong tataiso ea ona; empa lentsoe le tsoang ho ’Na le phethahetse: Ke tla tlatsa Jahannam ka li-jinn le batho hammoho﴿

[As-Sajdah: 13].

Haele bopaki ba kelello: Tlholeho eohle ke ea Allah Ea Phahameng, ’me motho ke karolo ea tlholeho eo; ka hona le eena ke 'mopo oa Allah ebile o ikarabella ho Eena. Ha ho khonehe hore mohlanka a fane ka thepa ea mong'a hae ntle le tumello le thato ea hae.

Sepheeo sa ʼAqidah (tumelo) ea Islam

Lentsoe "Sepheeo" (ka leleme la Searabo) le na le meelelo e mengata, ho kenyeletsa: sepheeo se behiloeng hore se fihleloe le ho thunngoa le ntho e 'ngoe le e 'ngoe e reriloeng kapa e batloang

Merero ea ‘Aqidah ea Islam: ke sepheeo le maikemisetso a eona a phahameng, a hlomphehang a hlahisoang ke ho e khomarela. Merero ena e mengata ebile e fapane. Har’a eona ke ena:

Sa pele: Ho hloekisa niyyah (maikemisetso) le ‘ibadah (khumamelo) hore e be tsa Allah Ea Phahameng A le Mong feela; hobane Ke ’Mopi Ea se nang molekane. Ka hona, sepheo le borapeli li tsʼoanetse ho lebisoa ho Eena A le Mong.

Sa bobeli: Ho lokolla kelello le monahano pherekanong e hlahang ha pelo e se na ‘aqidah ena; hobane ea se nang eona pelong, ekaba ea se nang tumelo ho hang, a rapela lintho tsa nama feela, kapa a lahlehile har’a lithuto tse fosahetseng le lits'omo.

Sa boraro: Khotso ea kelello le ea monahano, hoo moea o se nang mats'oenyeho kapa khathatso ea kelello; hobane tumelo ena e hokahanya molumeli le ’Mōpi oa hae. Ka lebaka leo o khotsofatsoa ke Eena e le Morena Ea laolang le Molaoli Ea behang melao. Pelo ea hae e tiisoa ke qeto ea Hae, sefuba sa hae se buleha bakeng sa aqidah ea Islam, ’me ha a batle se seng ho ena le eona.

Sa bone: Ho sireletsa sepheeo le ketso hore li se khelohe borapeling ba Allah kapa likamanong le batho; hobane har’a metheo ea eona ke tumelo ho barumuoa, e kenyelletsang ho latela tsela ea bona e nepahetseng mererong le liketsong.

Sa bohlano: Boitelo le ho tiea litabeng; hoo motho a sa fetoeng ke monyetla oa ho etsa molemo ntle le ho o sebelisa, ka ts'epo ea moputso; hape ha a bona sebaka sa sebe, oa se qoba ka ts'abo ea kotlo. Hobane har’a metheo ea eona ke tumelo ho tsoho (ba‘th) le moputso oa liketso.

Allah Ea Matla Ohle O re:

﴿وَلِكُلّٖ دَرَجَٰتٞ مِّمَّا عَمِلُواْۚ وَمَا رَبُّكَ بِغَٰفِلٍ عَمَّا يَعۡمَلُونَ 132﴾

﴾’Me e mong le e mong o na le maemo ho ea ka tseo ba li entseng, ’me Morena Oa hao O hlokometse seo ba se etsang﴿ [Al-Anʼam: 132] Hape Moporofeta ﷺ o khothalelitse sepheo sena ka mantsoe a hae a reng:

«الْمُؤْمِنُ الْقَوِيُّ خَيْرٌ وَأَحَبُّ إِلَى اللَّهِ مِنَ الْمُؤْمِنِ الضَّعِيفِ، وَفِي كُلٍّ خَيْرٌ، احْرِصْ عَلَى مَا يَنْفَعُكَ، وَاسْتَعِنْ بِاللَّهِ، وَلَا تَعْجِزْ، وَإِنْ أَصَابَكَ شَيْءٌ فَلَا تَقُلْ: لَوْ أَنِّي فَعَلْتُ كَذَا كَانَ كَذَا وَكَذَا، وَلَكِنْ قُلْ: قَدَّرَ اللَّهُ وَمَا شَاءَ فَعَلَ؛ فَإِنَّ (لَوْ) تَفْتَحُ عَمَلَ الشَّيْطَانِ».

«Molumeli ea matla o molemo ebile o ratoa haholo ke Allah ho feta molumeli ea fokolang, ’me ho emong le emong ho na le molemo. Eba le cheseho ho se u tsoelang molemo, u kope thuso ho Allah, ’me u se ke oa fokola. Haeba u ka hlaheloa ke ntho e itseng, u se ke oa re: ‘Hoja ke ne ke entse tjena, ho ka be ho bile tjena le tjena,’ empa e re: ‘Allah O laetse, ’me seo A se batlang Oa se etsa,’ hobane lentsoe la hore 'Hoja' (haeba) le bula monyako oa mesebetsi ea Satane (Shaytoan)» E tlalehiloe ke Muslim23.

Sa bots'elela: Ho aha sechaba se matla se itelang ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe malebana le boleng ba theko ha se shebane le litsba tsa tumelo ea sona le ho matlafatsa metheo ea eona, se sa tsotelle mathata a ka se hlahelang tseleng eo, Ka taba ena Allah Ea Phahameng O re:

﴿إِنَّمَا ٱلۡمُؤۡمِنُونَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ بِٱللَّهِ وَرَسُولِهِۦ ثُمَّ لَمۡ يَرۡتَابُواْ وَجَٰهَدُواْ بِأَمۡوَٰلِهِمۡ وَأَنفُسِهِمۡ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِۚ أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلصَّٰدِقُونَ 15﴾

﴾Ruri ba lumelang ke ba ileng ba lumela ho Allah le ho Morumuoa oa Hae, ebe ha ba belaele, ’me ba loana ka maruo a bona le maphelo a bona tseleng ea Allah. Bao ke bona ba ’nete﴿ [Al-Hujurat: 15].

Sa bosupa: Ho fihlela thabo ea lefats’e lena le ea Bophelo ba kamor'a lefu (Ākhirah) ka ho lokisa batho ka bomong le sechaba ka kakaretso le ho fumana moputso le likhauhelo. Ka taba ena Allah Ea Phahameng O re:

﴿مَنۡ عَمِلَ صَٰلِحٗا مِّن ذَكَرٍ أَوۡ أُنثَىٰ وَهُوَ مُؤۡمِنٞ فَلَنُحۡيِيَنَّهُۥ حَيَوٰةٗ طَيِّبَةٗۖ وَلَنَجۡزِيَنَّهُمۡ أَجۡرَهُم بِأَحۡسَنِ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ 97﴾

﴾Mang kapa mang ea etsang ka ho loka, ekaba monna kapa mosali, ha Feela ele molumeli. Ruri Re tla ba fa bophelo bo botle (bo hlohonolofetseng), 'me Re tla ba putsa ka moputso o phahameng ho latela mesebetsi e metle ka ho fetisisa eo ba neng ba e etsa﴿ [An-Nahl: 97].

Tsena ke tse ling tsa sepheeo sa ‘Aqeedah ea Islam. Re se re kopa Allah Ea Matla Ohle hore A re phethahatse ka tsona le ho li phethahatsa ho Mamoseleme ohle; ruri Ke Ea Fanang ka seatla se bulehileng, Ea Mohau o Moholo. Thoriso eohle ke ea Allah, Morena oa mafats'e ohle.

Khotso le litlhohonolofatso tsa Molimo li be ho Moporofeta oa rona Muhammad, lelapa la hae, le Barutuoa bohle ea hae.

E phethetsoe ka pene ea mongoli oa eona.

Muhammad bin Salih Al-ʼUthaymeen

 

 

***

الفهرس

 

Selelekela 2

Bolumeli ba Islam 4

Litšiea tsa Islamo 10

Metheo ea Tumelo ea Islamo (ʼAqeedah) 15

Ho lumela ho Allah Ea Phahameng 17

Ho lumela ho Mangeloi 38

Ho lumela ho Al-Kutub (Libuka) 45

Ho lumela ho Ar-Rusulu (Barumuoa) 47

Tumelo ho Letsatsi la ho Qetela 57

Ho lumela ho al-Qadar 82

Sepheeo sa ʼAqidah (tumelo) ea Islam 96

 

***

 

st71v1.2 - 21/07/2026


E tlalehiloe ke Al-Bukhari: Bukeng ea Al-Imaan (Tumelo), Nomoro (8), le Muslim: Bukeng ea Al-Imaan (Tumelo), Khaolo ea polelo ea Moprofeta oa Allah “Islam e hahiloe holim’a (Litšiea) tse hlano,” Nomoro ea (16).

E tlalehiloe ke Muslim, bukeng ea Al-Imaan, nomoro ea (8), Abu Dawud: Bukeng ea Kitab As-Sunnah, Khaolo ea Al-Qadr, nomoro ea (4695).

E tlalehiloe ke Al-Bukhari: Bukeng ea mapato (Al-Janaa’iz), — ha moshanyana (ea ka tlase ho lilemo tse 15 kapa ea sokang a mela moriri ka pele) a sokolohela Islamong ebe oa hlokahala, na ho lokeloa ho etsa thapelo ea lepato bakeng sa hae le hore na moshanyana eo a ka fuoa molaetsa oa Islamo — nomoro ea (1292), le Muslim: Bukeng ea Al-Qadar — tlhaloso ea “ngoana emong le emong o tsoaloa holim’a fitrah” le Molao holim’a bana ba batho ba sa lumeleng le ba Mamoseleme ha ba hlokahetse — nomoro ea (2658).

E tlalehiloe ke Al-Bukhari: Sūrah “Waṭ-Ṭūr”, nomoro ea (4854).

E tlalehiloe ke Al-Bukhārī: Bukeng ea Jumuʿah, khaolong ea ho kopa pula (istisqā’) nakong ea khuṭbah ea Labohlano, nomoro ea (891).

E tlalehiloe ke Al-Bukhari: Buka ea Jumuʿah, Khaolo ea Istisqaa’ ka khutbah ka letsatsi la Jumuʿah, Nomoro ea (891), le Muslim: Buka ea Thapelo ea Istisqaa’, Khaolo ea Thapelo ka Istisqaa’, Nomoro ea (897).

E qotsitsoe ke Muslim: Buka ea Iman, khaolo e hlalosang Iman, Islam le Ihsan le setlamo sa ho lumela ho Qadar ea Allah Ea Phahameng, nomoro ea (8).

E tlalehiloe ke Al-Bukhārī ho: Buka ea Qalo ea Popo, khaolo ea ho bua ka Mangeloi, nomoro ea (3037); le Muslim ho: Buka ea Botle, Likamano le Mekhoa e Metle, khaolo e reng: “Ha Allah A rata mohlanka, O etsa hore a ratoe ke bahlanka ba Hae,” nomoro ea (2637).

E tlalehiloe ke Al-Bukhārī ho: Buka ea Labohlano (Jumuʿah), khaolo ea ho mamela khutbah, nomoro ea (887); le Muslim ho: Buka ea Labohlano, khaolo ea botle ba ho fihla kapele ka letsatsi la Labohlano, nomoro ea (850).

E tlalehiloe ke al-Bukhari: Bukeng ea Tawheed, khaolo ea polelo ea Allah Ea Phahameng: “Seo Ke se bopileng ka matsoho a Ka” (nomoro ea 7410); le Muslim: Bukeng ea Iman, khaolo ea ea nang le maemo a tlase ka ho fetisisa Paradeiseng (nomoro ea 193).

E tlalehiloe ke Al-Bukhari ho Likhaolo tsa Qiblah, khaolo: ho sheba hlakoreng la Qiblah hohle moo motho a leng teng, nomoro ea (392); le Muslim ho Buka ea Masjid le libaka tsa thapelo, khaolo ea tebalo kahar'a thapelo le ho etsa sujūd sa tebalo, nomoro ea (572).

E tlalehiloe ke Muslim, Bukeng ea Leholimo (Jannah) le menyaka ea eona le batho ba eona, khaolong ea ho Fela ha Lefats'e le tlhaloso ea ho bokelloa hoa batho ka Letsatsi la Tsoho, nomoro ea (2859).

E tlalehiloe ke Al-Bukhari: Bukeng ea Mahlomola (Kitab al-Madhalim), khaolong ea polelo ea Allah Ea Phahameng: ﴾Kantle le khoao, thohako ea Allah e holim’a ba etsang bokhopo﴿, nomoro ea (2309). Hape e tlalehiloe ke Muslim: Bukeng ea Pako (Kitab at-Tawbah), khaolong ea ho amoheloa ha pako ea ’molai leha a bolaile haholo, nomoro ea (2768).

E tlalehiloe ke Muslim bukeng ea Al-Īmān, khaolong ea ha motho a ikemiselitse ho etsa ketso e ntle e ea ngoloa, ’me ha a ikemiselitse ho etsa sebe ha se ngoloe, nomoro ea (131).

E tlalehiloe ke Al-Bukhari: Bukeng ea Tlhaloso ea Qur’an (Kitab at-Tafsir), khaolong ea polelo ea Hae: ﴾Kahoo, ha ho moea o tsebang hore na ke thabo efe e patiloeng bakeng sa bona e le khotsofalo ea mahlo a bona﴿, nomoro ea (4501). Hape e tlalehiloe ke Muslim: Bukeng ea Leholimo, tlhaloso ea thabo e ho lona le batho ba eona, nomoro ea (2824).

E tlalehiloe ke Muslim: Buka ea Jannah le tlhaloso ea lhabo ea eona le baahi ba eona, Khaolo e buang ka ho bonts'oa ha bolulo ba mofu (hore na ke ba Leholimo kapa ba Mollo) le bopaki ba hore kahlolo ea lebitla ke 'nete, hammoho le ho kopa tsireletso ho eona, Nomoro ea (2867).

E tlalehiloe ke Abu Dawud: Buka ea Sunnah, Khaolo ea Lipotso Lebitleng le Kotlo ea Lebitleng, nomoro ea (4753), le Ahmad: Musnad al-Kufiyyeen, Hadith ea Al-Bara’ bin Azib, nomoro ea (18534).

Hadith ena e boetse e tlalehiloe ke al-Bukhari Bukeng ea Wudhu’, khaolong e buang ka ho hlatsoa moroto, nomoro ea (215).

E tlalehiloe ke Muslim: Buka ea al-Qadar, khaolo ea khang pakeng tsa Adama le Mūsā, nomoro ea (2653).

E tlalehiloe ke Al-Bukhārī: Bukeng ea Al-Qadar, khaolo: “’Me taelo ea Allah ke qeto e kholo-hali” nomoro Ea (6605); le ho Muslim bukeng ea Al-Qadar, khaolo: “Kamoo motho a boptjoang ka teng ka popelong ea ’m'ae, hore o tla phela joang, nako e kae, mosebetsi, mats'oenyeho le thabo li ngotsoe.nomoro ea (2647).

E tlalehiloe ke Muslim bukeng ea Az-Zuhd wa ar-Raqā’iq, khaolo: ‘Taba tsohle tsa molumeli li molemo,’ nomoro ea (2999).

E tlalehiloe ke Muslim: Buka ea al-Qadar, Khaolo mabapi le taelo ea ho ba matla, ho lahla bofokoli, ho batla thuso ho Molimo le ho amohela se u se ngoletsoeng (Ka bophelo ba hau, Al-Qadr), nomoro ea (2664).

E tlalehiloe ke Muslim: ho Buka ea Tumelo (Kitab al-Iman), khaolo ea ho tlama hoa ho lumela Molaetseng oa Moporofeta oa rona Muhammad (khotso le litlhohonolofatso li be ho eena) ho batho bohle le ho hlakoloa ha litumelo tse tlileng pele ho bolumeli ba hae, nomoro ea (153).