الدُّرُوسُ المُهِمَّةُ لِعَامَّةِ الأُمَّةِ
Lithuto tse Bohlokoa sebakeng sa Sechaba ka
لِسَمَاحَةِ الشَّيْخِ العَلَّامَةِ
عَبْدِ العَزِيزِ بْنِ عَبْدِ اللهِ بْنِ بَازٍ
رَحِمَهُ اللهُ
Ho Mohlomphehi Sheikh, setsebi se seholo sa bolumeli,
Abd al-Aziz bin Abdullah bin Baz,
(Allah A mo hauhele)
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Lithuto tse Bohlokoa sebakeng sa Sechaba ka
kakaretso
Ka Lebitso la Allah Ea Mosa Ea Mohau
Selelekela sa Mongoli
Lithoriso tsohle ke tsa Allah, Mong’a tlholeho eohle ’me qetello e ntle ke ea ba ts'abang Allah. Allah A romele litlhohonolofatso le khotso holim’a mohlanka le morumuoa oa Hae, Moporofeta oa rona Muhammad le holim’a lelapa la hae le barutuoa ba hae kaofela.
Ho tsoela pele:
Ana ke mantsoe a makhuts'oanyane a hlalosang tse ling tsa lintho tseo ho leng bohlokoa hore batho ka kakaretso ba li tsebe ka tumelo ea Islam. Ke a rehile lebitso la: “Lithuto tse Bohlokoa sebakeng sa Sechaba ka Kakaretso.”
’Me ke kopa Allah hore A etse hore Mamosleme ba rue molemo ka ona, le hore A a amohele ho tsoa ho ’na. Kannete, Ke Ea fanang haholo Ea mosa.
Abdul Aziz bin Abdullah bin Baz Lithuto tsa Bohlokoa sebakeng sa Sechaba ka Kakaretso1
Thuto ea Pele: Surah al-Fātiha le Likhaolo (tsa Qur'an) tse Khuts'oane.
Surah Al-Fātihah le seo ho ka khonehang ho li-surah (likhaolo) tse khuts'oane, ho tloha ho Surah Az-Zalzalah ho isa ho Surah An-Nas, ka ho ruta (talqeen), ho lokisa mokhoa oa ho bala, ho li ts'oara ka hlooho le ho hlalosa seo ho leng bohlokoa hore se utloisisoe.
Thuto ea Bobeli: Lits'iea tsa Islam
Tlhaloso ea lits'iea tse hlano tsa Islam ’me ea pele ebile ele kholo ka ho fetisisa ke: Ho beha bopaki ba hore ha ho ea lokeloang ke khumamelo (ho rapeloa) kantle ho Allah le hore Muhammad ke morumuoa oa Allah (oa ho qetela); ka ho hlalosa meelelo ea tsona hammoho le ho hlalosa lipehelo (shurut) tsa "Laa ilaha illallah" ʼme moelelo oa eona ke: “Laa ilaha” (ha ho molimo o lokeloang ke khumamelo) ke ho latola tsohle tse rapeloang ntle le Allah, “illallah” (kantle ho Allah) ke ho tiisa hore borapeli bo ts'oanetse ho lebisoa ho Allah Feela A Inoosi, A se nang molekane (Bomolimong, Borapeling, Mabitsong le Boleng ba Hae). Haele lipehelo tsa “Laa ilaha illallah” ke: Tsebo (ʼilm) e hanyetsang ho se tsebe, Bonnete (Yaqīn) bo hanyetsang pelaelo, Bohloeki (ikhlās) bo hanyetsang shirk (ho kopanya Allah borapeling), ‘Nete (Sidq) e hanyetsang leshano, Lerato (Mahabbah) le hanyetsang lehloeo, Boikokobetso (Inqiyād) bo hanyetsang le ho tlohela (nyahlatsa), Kamohelo (Qabūl) e hanyetsang ho hana, Ho latola (Kufr) tsohle tse rapeloang ntle le Allah. Pokello ea lithothokiso tse akaretsang maemo ana:
Tsebo, Bonnete, Bohloeki le 'Nete ea hau mmoho le...
Lerato, Boinehelo le ho e Amohela (temana eo). Ho ile ha eketsoa ea borobeli: eleng ho latola ha hau tsohle...Tse rapeloang ntle le Molimo (Allah) ho tsoa linthong tse entsoeng melimo
Bopaki ba hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah, sepheeo le setlamo sa bopaki bona ke: Ho lumela sohle seo a se boletseng, ho mamela le ho phethahatsa sohle seo a se laetseng, ho qoba sohle seo a se thibetseng le ho se khalemela le hore Allah A se ke A rapeloa haese ka tsela eo Allah (Ea Matla Ohle Ea Phahameng) le morumuoa oa hae ﷺ ba e behileng. Ebe ho hlalosetsa moithuti lipilara tse ling tsa Islam, eleng: Salāh, Zakāh, Sawm Ramadān, Hajj Ntlong Al-Harām ho ea nang le bokhoni bo joalo.
Thuto ea Boraro: Lits'iea tsa Īmān (Tumelo)
Lipilara tsa tumelo ke tse ts'eletseng: Ho lumela ho Allah, ho lumela ho mangeloi a Hae, ho lumela ho libuka tsa Hae, ho lumela ho barumuoa ba Hae, ho lumela ho letsatsi la ho qetela (Letsatsi la Kahlolo), ho lumela ho qadar (taelo ea Allah e bileng teng pele ho 'mopo), e ntle le e mpe, tsohle li tsoa ho Allah Ea Phahameng.
Thuto ea Bone: Likarolo tsa Tawhīd le likarolo tsa Shirk
Tlhaloso ea likarolo tsa Tawhīd, ʼme li tharo: Tawhīd ar-Rubūbiyyah, Tawhīd al-Ulūhiyyah, Tawhīd al-Asmā’ was-Sifāt.
1- Tawhīd ar-Rubūbiyyah (Bonngoe ba Borena ba Allah): Ke ho lumela hore Allah Ea Phahameng ke ʼMopi Oa tsohle,
’me ke Eena Ea laolang tsohle, Ha A na molekane ho seo.
2- Tawhīd al-Ulūhiyyah (Bonngoe ba Molimo borapeling): Ke ho lumela hore Allah ke Eena Feela Ea lokelang ho rapeloa ele ka ‘nete, Ha A na molekane ho seo, ke moelelo oa polelo “Laa ilaha illallah” moelelo oa eona: (Ha ho Molimo O lokelang ho rapeloa ele ka ‘nete ntle le Allah), ka hona, liketso tsohle tsa borapeli tse kang thapelo, ho itima le tse ling, li ts'oanetse ho etsetsoa Allah Feela ka bots'epehi, ’me ha hoa lokela hore ho fanoe ka letho ho tsona ho mang kapa mang ntle le Eena.
3- Tawhīd al-Asmā’ was-Sifāt (Mabitso le Boleng tsa Allah): Ke ho lumela ho tsohle tse tlileng kahar’a Qur’ān e halalelang kapa hadith tse nepahetseng, mabapi le mabitso le boleng (seo A leng sona) tsa Allah, ’me ho li tiisa ho Allah ka mokhoa o Mo loketseng: ntle le ho li fetola (tahrīf), ntle le ho li latola (ta‘tīl), ntle le ho botsa hore na li joang (takyīf), ntle le ho li bapisa le tsa libōpuoa (tamthīl); Joalokaha Allah A itse:
﴿قُلۡ هُوَ ٱللَّهُ أَحَدٌ1 ٱللَّهُ ٱلصَّمَدُ2 لَمۡ يَلِدۡ وَلَمۡ يُولَدۡ 3 وَلَمۡ يَكُن لَّهُۥ كُفُوًا أَحَدُۢ4﴾
“E-re, ke Allah, Ea Inoosi 1
Allahus-Samad (Allah Ea ikemetseng, Eo libopuoa tsohle li Mo hlokang, Ha A je kapa hona ho noa) 2
Ha A tsoale ebile Ha A tsoaloa 3
’Me ha ho na se ts'oanang le Eena 4” [Al-Ikhlās: 1–4] Le polelo ea Allah Ea Phahameng:
﴿...لَيۡسَ كَمِثۡلِهِۦ شَيۡءٞۖ وَهُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡبَصِيرُ﴾
“Ha ho letho le ts'oanang le Eena ’me Ke Ea Utloang, Ea Bonang.” [Ash-Shuraa: 11], Ba bang ba barutehi ba arotse Tawheed ka mefuta e ’meli ka ho kenyeletsa Tawheed ea mabitso le boleng kahare ho Tawheed ea Rububiyyah (Bonngoe ba Allah Boreneng ba Hae). Ha ho ngangisano ho sena, hobane sepheeo sea hlaka maemong ana ka bobeli.
Mefuta ea Shirk e meraro: Shirk e kholo,
Shirk e nyane le Shirk e patiloeng (e ipatileng).
Shirk e kholo: E etsa hore mesebetsi eohle e fetohe lefeela ’me motho ea shoang a le ho eona o tla lula Mollong ka ho sa feleng. Joalokaha Allah A boletse:
﴿...وَلَوۡ أَشۡرَكُواْ لَحَبِطَ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ﴾
“Hoja ba ne ba Mo kopantse le ba bang borapeling, liketso tsa bona tse ntle li ka be li senyehile” [Al-Anʼam: 88], Hape O itse:
﴿مَا كَانَ لِلۡمُشۡرِكِينَ أَن يَعۡمُرُواْ مَسَٰجِدَ ٱللَّهِ شَٰهِدِينَ عَلَىٰٓ أَنفُسِهِم بِٱلۡكُفۡرِۚ أُوْلَٰٓئِكَ حَبِطَتۡ أَعۡمَٰلُهُمۡ وَفِي ٱلنَّارِ هُمۡ خَٰلِدُونَ17﴾
“Ha ho ts'oanelehe hore barapeli ba melingoana ba hlokomele Masājid (matlo a thapelo) a Allah ha ba ntse ba ipolela hore ke ba sa lumeleng; bao ke ba senyehetsoeng ke mesebetsi ea bona 'me ba tla phela mollong ka ho sa feleng 17” [At-Tawbah: 17], ’Me ea shoelang ho eona a ke ke a ts'oareloa ’me Jannah (Leholimo) e thibetsoe ho eena, joalokaha Allah A boletse:
﴿إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَغۡفِرُ أَن يُشۡرَكَ بِهِۦ وَيَغۡفِرُ مَا دُونَ ذَٰلِكَ لِمَن يَشَآءُ...﴾
“Ruri Allah Ha A ts'oarele hore A kopanngoe (le eng kapa eng) borapeling empa O ts'oarela se ka tlaase ho moo ho eo A mo ratang...” [An-Nisa: 48], Le polelo ea Hae e reng:
﴿...إِنَّهُۥ مَن يُشۡرِكۡ بِٱللَّهِ فَقَدۡ حَرَّمَ ٱللَّهُ عَلَيۡهِ ٱلۡجَنَّةَ وَمَأۡوَىٰهُ ٱلنَّارُۖ وَمَا لِلظَّٰلِمِينَ مِنۡ أَنصَارٖ﴾
“...Ruri mang kapa mang ea kopanyang Allah borapeling, ruri Allah O mo thibetse ho kena Jannah, 'me lehae la hae ke Mollo (Jahannam), 'me baetsalibe ha ba na bathusi” [Al-Ma’idah: 72]
Har’a Mefuta ea eona ke: Ho kopa bafu, lits'oants'o, ho batla thuso ho tsona, ho hlapanya ka tsona, ho etsa mahlabelo bakeng sa tsona le tse ts'oanang le tseo.
Shirk e nyane: Ke ntho e netefalitsoeng ke litemana tsa Buka (Qur'an) kapa Sunnah hore ke Shirk empa ha e ts'oane le Shirk e kholo; joaloka Riyaa (thotlolo liketsong tse ling tsa borapeli), ho hlapanya ka ntho e 'ngoe eseng ka Allah le ho re: "Seo Allah le motho ea itseng ba se rerileng kapa ba se laetseng (sea etsahala)" le tse ts'oanang le tseo; ho latela polelo ea Moporofeta ﷺ:
«أَخْوَفُ مَا أَخَافُ عَلَيْكُمْ الشِّرْكَ الَأصْغَرَ» فَسُئِلَ عَنْهُ، فَقَالَ: «الرِّيَاءُ».
“Ntho eo ke e ts'abang haholo ho lona ke shirk e nyane.”
Ha a botsoa ka eona, a re: “Ke Riyaa (thotlolo)”2 E tlalehiloe ke Imam Ahmad, At-Tabarani le Al-Bayhaqi, ho tsoa ho Mahmud bin Labid Al-Ansari (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ka lethathamo le letle la phetisetso (ea liketsahalo). Al-Tabarani o boetse a e tlaleha ka lethathamo le letle la phetisetso, ho tsoa ho Mahmud bin Labid, ho tsoa ho Rafi’ bin Khadij, ho tsoa ho Moporofeta ﷺ.
Hape oﷺ itse:
«مَنْ حَلَفَ بِشَيْءٍ دُونَ اللَّهِ فَقَدْ أَشْرَكَ».
“Mang kapa mang ea hlapanyang ka ntho e 'ngoe ntle le Allah o entse Shirk”3 E tlalehiloe ke Imam Ahmad ka lethathamo le nepahetseng la phetisetso, ho tsoa ho Umar ibn al-Khattab (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), ʼMe ea tlalehoa ke Abu Dawud le At-Tirmidhi ka lethathamo le nepahetseng la phetisetso, ho tsoa ho Ibn Umar (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona ka bobeli), ho tsoa ho Moporofeta ﷺ:
«مَنْ حَلَفَ بِغَيْرِ اللَّهِ فَقَدْ كَفَرَ أَوْ أَشْرَكَ».
“Mang kapa mang ea hlapanyang ka ntho e 'ngoe ntle le Allah, ruri o latotse tumelo kapa o entse Shirk”4 Le polelo ea Hae ﷺ:
«لَا تَقُولُوا: مَا شَاءَ اللَّهُ وَشَاءَ فُلانٌ، وَلَكِنْ قُولُوا: مَا شَاءَ اللَّهُ ثُمَّ شَاءَ فُلانٌ».
“Le se ke la re: 'eng kapa eng eo Allah le motho ea itseng ba se rerileng kapa ba se laetseng (sea etsahala)', empa le re: 'eng kapa eng eo Allah A e ratileng le ho e laela (ea etsahala), ebe ho latela seo motho ea itseng a se rerileng'”5 E tlalehiloe ke Abu Dawud ka lethathamo le nepahetseng la phetisetso, ho tsoa ho Hudhayfah ibn al-Yaman (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena).
Mofuta ona ha o etse hore motho a tsoe Islamong ebile ha o bake hore a hlole Mollong ka ho sa feleng empa o fokotsa phethahalo ea Tawheed (Eleng bonngoe ba Molimo) e tlamang.
Mofuta oa boraro: Shirk e patiloeng; Bopaki ke polelo ea Moporofeta ﷺ:
«أَلَا أُخْبِرُكُمْ بِمَا هُوَ أَخْوَفُ عَلَيْكُمْ عِنْدِي مِنَ المَسِيحِ الدَّجَّالِ؟» قَالُوا: بَلَى يَا رَسُولَ اللَّهِ، قَالَ: «الشِّرْكُ الخَفِيُّ، يَقُومُ الرَّجُلُ فَيُصَلِّي فَيُزَيِّنُ صَلاتَهُ لِمَا يَرَى مِنْ نَظَرِ الرَّجُلِ إِلَيْهِ».
“A na nka le bolella ntho eo ke e ts'abang ho lona ho feta Masih Ad-Dajjaal?” Ba re: “E, oho Moromuoa oa Allah.” A re: “Ke shirk e patiloeng, motho o ema ho rapela, ebe o khabisa thapelo ea hae hobane a bona batho ba mo shebile”.6 E tlalehiloe ke Imam Ahmad bukeng ea hae ea Musnad, ho tsoa ho Abu Saeed Al-Khudri (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena).
Hape ho lumellehile hore Shirk e ka aroloa ka mefuta e ’meli feela:
E Kholo le e Nyane. Ha e le Shirk e patiloeng, e kenella ho tsona ka bobeli; E ka ba Shirk e kholo, joaloka Shirk ea baikaketsi; hobane ba pata litumelo tsa bona tse fosahetseng ebe ba iketsa eka ke Mamoseleme ka ho Riyaa (thotlolo) le ka lebaka la ho ts'aba ho lahleheloa ke bophelo.
Hape e ka ba Shirk e nyane joaloka Shirk ea Riyaa (thotlolo), joalokaha ho boletsoe ho hadith ea Mahmoud ibn Labid le ea Abu Sa’id tse boletsoeng ka holimo. Allah ke Eena ea fanang ka katleho.
Thuto ea bohlano: Ihsaan
Ts'iea ea Ihsaan: Ke ho rapela Allah joalokaha eka u ea Mo bona, empa 'nete ke hore ha u Mo bone bophelong bona, Eena ke Eena Ea u bonang.
Thuto ea bots'elela: Lipehelo tsa Thapelo
Tsona li robong:
Islam, kelello (ho ba le kelello e hlaphohetsoeng), ho khetholla (ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng), ho tlosa hadath (ts'ila e kholo), ho tlosa najasah (ho hloekisa 'mele, liaparo le sebaka sa thapelo), ho koahela ‘awrah (bofeela), ho kena ha nako (ea thapelo), ho sheba nq'a ea Qiblah le niyyah (boikemisetso).
Thuto ea bosupa: Lits'iea tsa Thapelo
Li leshome le metso e mene (14):
Ho ema haeba ha ho khonahala, Takbeeratul-Ihraam eleng takbeer ea pele thapelong, ho bala (Al-Faatihah) pula maliboho, rukū‘ (ho inama / ho tonama), ho ema kamor’a rukū‘, sujūd (ho oa fats'e ka sefahleho) ka litho tse supileng tsa 'mele, ho phahama ho tsoa ho sujūd, ho lula pakeng tsa sujūd tse peli, khutso le botsitse (tuma’neenah) liketsong tsohle, tatellano pakeng tsa lits'iea, tashahhud ea ho qetela, ho lula bakeng sa eona, ho rapella Moporofeta ﷺ le ho fana ka tasleem tse peli.
Thuto ea borobeli: Lintho tse tlamang tsa Thapelo
Li robeli (8):
Li-takbeer tsohle ntle le Takbeeratul-Ihraam eleng ea pele, ho re: “Sami‘allaahu liman hamidah” e bolelang hore Allah O utloa ba Mo rorisang, bakeng sa Imam le ea rapelang a le mong, ho re: “Rabbanaa wa lakal-hamd” Morena oa rona lithoriso ke tsa hao, bakeng sa bohle, ho re: “Subhaana Rabbiyal-‘Adheem”“Khanya e be ho Morena oaka E Moholo.” ho rukū‘, ho re: “Subhaana Rabbiyal-A‘laa”“Khanya e be ho Morena oaka Ea Phahameng.”
ho sujūd ho re: “Rabbighfir lee”Morena oaka Nts'oarele, pakeng tsa sujūd tse peli, tashahhud ea pele le ho lula bakeng sa eona.
Thuto ea borobong: Tlhaloso ea Tashahhud
Ke hore a re:
"At-tahiyyatu Lillahi was-salawatu wat-tayyibat, As-salamu alayka ayyuhan-Nabiyyu wa rahmatullahi wa barakatuh. As-salamu alayna wa ala ibadillahis-salihin. Ash-hadu anlaa ilaha illallah wa ash-hadu anna Muhammadan `abduhu wa rasuluhu." (Litumeliso tsohle, lithapelo le lintho tsohle tse molemo ke tsa Allah. Khotso e be holim'a hau, Uena Moporofeta le mohau oa Allah le litlhohonolofatso tsa hae. Khotso e be holim'a rona le holim'a bahlanka ba lokileng (halalelang) ba Allah. Ke fana ka bopaki ba hore ha ho na molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah 'me ke fana ka bopaki ba hore Muhammad ke mohlanka le moromuoa oa Hae).
Ka mor'a moo, o rapella Moporofeta ﷺ le ho romela litlhohonolofatso ho eena, a re: “Allahumma salli ‘ala Muhammadin wa ‘ala ali Muhammad, kama sallayta ‘ala Ibrahima wa ‘ala ali Ibrahim, innaka Hamidum Majeed. Wa barik ‘ala Muhammadin wa ‘ala ali Muhammad, kama barakta ‘ala Ibrahima wa ‘ala ali Ibrahim, innaka Hamidum Majeed” (Oho Allah, romela mohau le litlhohonolofatso tsa Hao ho Muhammad le ba lelapa la Muhammad, joalokaha U rometse mohau le litlhohonolofatso ho Ibrahim le ba lelapa la Ibrahim. Kannete U ea rorisoang, Ea khanyang. ’Me U romele litlhohonolofatso tsa Hau ho Muhammad le ba lelapa la Muhammad, joalokaha U rometse litlhohonolofatso tsa Hao ho Ibrahim le ba lelapa la Ibrahim. Kannete U Ea Rorisoang, Ea Hlomphehang).
Ho tashahhud ea ho qetela ebe o kopa ts'ireletso ho Allah khahlanong le kotlo ea Jahannam (Lihele) le kotlo ea lebitla le liteko tsa bophelo le lefu le teko ea Masih Ad-Dajjaal. Ebe o khetha lithapelo tseo a batlang ho li etsa, haholo-holo tse tlalehiloeng, tse kang:
“Allahumma a'inni 'ala dhikrika, wa shukrika, wa husni 'ibadatika, Allahumma inni dhalamtu nafsi dhulman kathiran, wa laa yaghfirud-dhunuba illa Anta, faghfir li maghfiratan min 'indika, warhamni, innaka Antal-Ghafoorur-Raheem” (Oho Allah, nthuse ho U hopola, ho U leboha le ho U sebeletsa hantle. Oho Allah, ke iphoselitse haholo ’me ha ho ea ts'oarelang libe ntle le Uena, kahoo nts'oarele ka ts'oarelo e tsoang ho Uena ’me U nkhauhele. Kannete U Ea ts'oarelang, Ea Mohau).
Haele sebakeng sa tashahhud ea pele, o ema kamor’a shahadatain ho ea ho rak‘ah ea boraro sebakeng sa thapelo ea Dhuhr, ‘Asr, Maghrib le ‘Ishaa. Haeba a rapella Moporofeta ﷺ ho molemo, ka lebaka la kakaretso ea hadith, ebe oa ema ho ea ho ea boraro.
Thuto ea leshome: Sunan tsa Thapelo
Tse ling tsa tsona ke:
1- Du‘aa ea ho bula (istiftaah).
2- Ho beha letsoho le letona holim’a le lets'ehali sefubeng ha a eme, pele ho rukū‘ le kamor’a eona.
3- Ho phahamisa matsoho ka menoana e kopaneng e otlolohileng, malekana le mahetla kapa litsebe ha a etsa takbeer ea pele (eleng hore Allah O Moholo-holo), ha a ea rukū‘, ha a phahama ho tsoa ho eona le ha a ema ho tloha tashahhud ea pele ho ea ho ea boraro.
4- Ho pheta lithoriso ka makhetlo a fetang le le leng ha u le rukū‘ le sujūd.
5- Ho eketsa ho feta “Rabbanaa wa lakal-hamd” kamor’a ho ema ho tloha rukū‘ le ho eketsa du‘aa pakeng tsa sujūd tse peli.
6- Ho etsa hore hlooho e be moleng o le mong le mokokotlo ka nako ea rukū‘.
7- Ho suthisetsa litsoe hole le mahlakore a 'mele le mpa hole le lirope le lirope hole le moomo ha u le Sujud.
8- Ho phahamisa liphaka hole le lefatše ha a le sujūd moo a behang phatla teng.
9- Ho lula holim’a leoto le lets'ehali le phuthiloeng le ho phahamisa le letona tashahhud ea pele le pakeng tsa sujūd tse peli.
10- Ho lula ka mokhoa oa Tawarruk ho Tashahhud ea ho qetela thapelong ea likarolo tse tharo kapa tse 'ne eona ke: ho lula ka libono fats'e ha leoto le lets'ehali le potetse tlas'a le letona 'me le letona lona le eme ka menoana.
11- Ho supa ka monoana oa bosupa ho tashahhud ea pele le ea bobeli ho tloha ha a lula ho fihlela qetellong le ho o sisinya ha a etsa du‘aa.
12- Ho rapella le ho romella mahlohonolo ho Muhammad le ba lelapa la hae le ho Ibrahim le ho ba lelapa la hae, ho tashahhud tulong ea pele.
13- Ho etsa du‘aa ho tashahhud tulong ea ho qetela.
14- Ho phahamisa lentsoe thapelong ea Fajr (hoseng), Jumu‘ah (thapelo ea mots'eare ea Labohlano), Eid eleng matsatsi a keteko tse peli, Istisqaa thapelo ea ha ho kopuoa pula le rak‘ah tse peli tsa pele tsa Maghrib le ‘Ishaa.
15- Ho bala ka lekunutu ho thapelo ea Dhuhr le ‘Asr le raka‘ah ea boraro ea Maghrib le tse peli tsa ho qetela tsa ‘Isha.
16- Ho bala ho fetang Al-Fatihah (pula maliboho) ho tsoa ho Qur’an le ho boloka sunan (lintle) tse ling tsohle tse tlalehiloeng, joaloka ho eketsa “Rabbanaa wa lakal-hamd” kamor’a rukū‘ bakeng sa imam (moeta-pele), ma’mum (ea rapelang kamor'a Imam) le ea rapelang a le mong le ho beha matsoho mangoleng ka menoana e bulehileng ha a le rukū‘.
Thuto ea Leshome le Motso o Mong: Lintho tse Senyang Thapelo
Ke tse robeli:
1- Puo kahar'a thapelo: Ho bua ka boomo u ntse u hopola ebile u tseba. Empa ea lebalang kapa ea sa tsebeng thapelo ea hae ha e senyehe.
2- Lits'eho: Ho ts'eha ha u ntse u rapela.
3- Ho ja.
4- Ho noa.
5- Ho hlahisa bofeela (ho tsola).
6- Ho kheloha haholo nqa ea qiblah.
7- Ts'its'inyeho tse sa hlokeheng tse ngata haholo ka tatellano nakong ea thapelo.
8- Ho senyeha ha taharah (ho lahleheloa ke wudhu).
Thuto ea leshome le metso e 'meli: Maemo a Wudhu (maemo ao kantle ho ona Wudhu eke keng ea amoheleha).
Ke a leshome:
Islam, kelello, ho khetholla (botle ho bobe), niyyah (boikemisetso), ho tsoela pele ka boikemisetso ho fihlela a qeta taharah, ho khaotsa ha ntho e tlamang wudhu, ho itlhoekisa (istinja kapa istijmar) pele ho wudhu, hore metsi e be a hloekileng (tahur) le a lumelletsoeng, ho tlosa se thibelang metsi ho fihla letlalong le ho kena ha nako ea thapelo ho motho ea lulang a na le hadath e tsoelang pele.
Thuto ea leshome le metso e meraro: Lintho tse tlamang tsa Wudhu
Li ts'eletse (6):
Ho hlatsoa sefahleho (ho kenyeletsa ho hlatsoa lehano le ho hloekisa linko ka metsi ), ho hlatsoa matsoho ho fihla litsoeng, ho pholla hlooho kaofela (ho kenyeletsa litsebe), ho hlatsoa maoto ho fihla maqaqailaneng, tatellano le ho etsa ka tatellano e sa khaotseng. Ho khothaletsoa ho pheta ho hlatsoa sefahleho, matsoho le maoto makhetlo a mararo le ho hlatsoa lehano le linko ka makhetlo a mararo; empa setlamo ke hang feela. Haele ho pholla hlooho, ha ho khothaletsoe ho pheta, ho latela hadith tse nepahetseng.
Thuto ea leshome le metso mene: Lintho tse Senyang Wudhu
Ke tse ts'eletseng:
Se tsoang litseleng tse peli (lithong tsa botona le bots'ehali), lits'ila tse ngata tse mpe tse tsoang ’meleng, ho lahleheloa ke kelello ka boroko kapa ka ntho e ’ngoe, ho ama litho tsa botona kapa bots'ehali ka letsoho ntle le ts'ireletso, ho ja nama ea kamele le ho tlohela Islam (riddah) — Allah A re sireletse.
Tlhokomeliso ea bohlokoa: Ho hlatsoa mofu ha ho robe wudhu ka maikutlo a nepahetseng ka ho fetisisa ho ba bangata ba litsebi, hobane ha ho bopaki bo tiileng. Empa haeba letsoho la motho ea hlatsoang le ama setho sa botona kapa bots'ehali ba mofu ntle le ts'ireletso, o tlameha ho etsa wudhu.
Se tlamehang ho eena ke hore a se ke a ama litho tsa botona kapa bots'ehali tsa mofu ntle le ka sesireletso. Hape, ho ama mosali ha ho robe bohloeki (wudhu) ka ho felletseng ebang ke ka takatso kapa ntle le takatso, ho latela maikutlo a matla a barutehi, ha feela ho se na se tsoang. Hobane Moporofeta ﷺ o ile a aka ba bang ba basali ba hae ebe o rapela a sa etsa wudhu hape.
Haele seo Allah Ea Matla Ohle A se buang litemaneng tsa An-Nisa le Al-Ma'idah:
﴿...أَوۡ لَٰمَسۡتُمُ ٱلنِّسَآءَ...﴾
﴾…kapa le amme basali…﴿ [An-Nisa: 43] [Al-Ma’idah: 6], se boleloang ka eona ke thobalano (jima‘), ho latela maikutlo a nepahetseng har’a barutehi. Ana ke maikutlo a Ibn ‘Abbās (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke eena le ntat’ae) le sehlopha sa ba pele Salaf le ba morao. ’Me Allah ke Eena Ea fanang ka katleho tsohle.
Thuto ea leshome le metso e mehlano: Ho ikhabisa ka mekhoa e metle ea islamo e lumellehileng bakeng sa Mamoseleme ohle
Har’a eona ke: 'nete, ho ts'epahala, bohloeki, lihlong, sebete, seatla se bulehileng, botšepehi, ho ipoloka hole le tsohle tseo Allah A li hanetseng, ho ba moahi ea molemo le ho thusa ba hlokang ho ea ka bokhoni le mekhoa e meng e metle eo Qur’an kapa Sunnah e e bonts'itseng.
Thuto ea leshome le metso e ts'eletseng: Ho Khomarela Mekhoa ea Boits'oaro ea Islam
Har’a eona ke: ho fana ka Salam (tumeliso), ho ba le sefahleho se thabileng, ho ja le ho noa ka letsoho le letona, ho re “Bismillah” qalong le ho rorisa Allah qetellong, ho rorisa Allah kamor'a ho thimola le ho rapella ea thimotseng haeba a rorisitse Allah, ho etela ba kulang, ho latela (felehetsa) mofu bakeng sa thapelo le lepato le mekhoa e loketseng ha o kena kapa o tsoa Masjid kapa lapeng, ha o le leetong le ho batsoali, beng ka uena, baahisani, batho ba baholo le ba banyenyane, ho lebohela lesea le sa tsoa tsoaloa, ho hlohonolofatsa lenyalo, ho ts'elisa ba hlokofalitsoeng le mekhoa e meng ea Islam mabapi le ho apara le ho hlobola liaparo.
Thuto ea leshome le metso e supileng: Temoso ka Shirk le mefuta ea libe
Har’a tsona ke: libe tse supileng tse timetsang (motho): Shirk (ho kopanya Allah khumamelong le melimo ea bohata), boloi, ho bolaea motho eo Allah A sa lumellang hore a bolaoe ntle le ka lebaka le lumelletsoeng, ho ja riba (tsoala licheleteng), ho ja leruo la likhutsana, ho baleha ntoeng le ho etselletsa basali ba hloekileng (ka bohlola), ba sa tsebeng bobe, ba lumelang.
Hape ho kenyeletsa: ho se hlomphe batsoali, ho khaola likamano tsa lelapa, bopaki ba bohata, likano tsa bohata, ho utloisa moahisani bohloko, ho ts'olla mali, ho ja thepa ea batho, ho noa tai, ho becha (gambling), ho seba, ho jala mashano le tse ling tseo Allah kapa Morumuoa oa Hae ﷺ A li hanetseng.
Thuto ea leshome le metso e robeli: Ho lokisetsa mofu, ho mo rapella le ho mo pata
Lintlha ke tsena:
Ea pele: Ho khothaletsoa ho ruta motho ea haufi le ho shoa hore a re: “Lā ilāha illāllāh”, ho latela polelo ea Moporofeta ﷺ:
«لَقِّنُوا مَوْتَاكُمْ: لَا إِلَهَ إِلَّا اللَّهُ».
“Laelang ba haufi le lefu hore ba re: ‘Lā ilāha illāllāh’.”7 E tlalehiloe ke Muslim bukeng ea hae ea Sahih, Se boleloang ka “bafu” ho tlaleho ena ke ba haufi le lefu, bao mats'oao a lefu a seng a bonahala ho bona.
Ea bobeli: Ha lefu le tiisitsoe, mahlo a hae a koaloa, ’me mohlare oa hae oa tlamisoa, hobane sena se tiisitsoe ke Sunnah.
Ea boraro: Ho hlatsoa mofu oa Lemoseleme ke setlamo ntle le haeba e le shaheed ea shoetseng ntoeng. Eena ha a hlatsuoe kapa ho rapelloa empa o patoa ka liaparo tsa hae hobane Moporofeta ﷺ ha a ka a hlatsoa ba bolailoeng ntoeng ea Uhud, ebile ha a ka a ba rapella.
Ea bone: Mokhoa oa ho hlatsoa mofu:
Ho ts'oanetse hore ho koaeloe litho tsa hae tsa bofeela ebe o phahamisoa hanyenyane ’me mpa ea hae e pepetoa ka bonolo. Ea mo hlatsoang a tlamise letsoho la hae ka lesela kapa ntho e ts'oanang ebe o mo hloekisa ka lona, a mo etse wudhu joaloka ea thapelo. Ebe o hlatsoa hlooho le litelu tsa hae ka metsi le Sidr kapa ntho e ts'oanang, a qale ka lehlakore le letona ebe le lets'ehali. O pheta sena lekhetlo la bobeli le la boraro, a ntse a feta ka letsoho mpeng nako le nako, haeba ho tsoa ho hong, oa e hlatsoa ’me a koale sebaka sa ka morao ka k’hothone kapa ntho e ts'oanang. Haeba e sa thibehe, ho sebelisoa seretse se hloekileng kapa mekhoa ea bongaka ea kajeno joaloka sekhomaretsi.
O pheta bohloeki hape ’me haeba a sa hloeka ka makhetlo a mararo, ho ka eketsoa ho isa ho a mahlano kapa a supileng. Ebe o mo omisa ka lesela, a mo tlotsa ka monko o monate libakeng tse kobehang le moo a neng a khumama teng thapelong. Haeba a mo tlotsa ’mele ohle ho molemo. Le masela a ho mo phuthela a ka nkhisoa ha monate. Haeba litelu tse holim'a molomo tlas'a nko kapa manala li le telele, li ka khaoloa empa ho li tlohela ha ho na molato. Ha ho lumelloe ho kuta moriri oa hae kapa ho mo bolotsa (ho rola katiba), hobane ha ho bopaki. Mosali o luuoa moriri ka mekhoa e meraro, ebe o o siea kamorao.
Ea bohlano: Ho phuthela mofu
Ho molemo hore monna a phutheloe ka masela a mararo a masoeu e sebe hempe kapa tuku, joalokaha ho entsoe ho Moporofeta ﷺ. Haeba a phutheloa ka hempe, seaparo le lesela le leng ha ho na bothata.
Mosali o phutheloa ka masela a mahlano: seaparo, sekh'afo sa hlooho, seaparo se ka tlaase le masela a mabeli a ho phuthela. Ngoana a ka phutheloa ka lesela le le leng ho isa ho a mararo, ’me ngoanana ka hempe e telele le masela a mabeli.
Bonyane ho hlokahalang ho bohle ke lesela le le leng le koaelang ’mele ohle. Haeba mofu a ne a le boemong ba ihram ea ho etsa umrah kapa Hajj, o hlatsuoa ka metsi le sidr (eleng tse ling tsa lifate), a phutheloe ka liaparo tsa hae tsa ihram ’me hlooho le sefahleho ha li koaeloe hape ha a tlotsoe ka senkhisa ha monate, hobane o tla tsoha ka Letsatsi la Kahlolo a ntse a re “Labbayk”. Mosali ea neng a le boemong ba ihram o phutheloa joaloka ba bang, empa ha a tlotsoe ka senkhisa ha monate ebile ha a apare niqab kapa liatlana leha ho le joalo, sefahleho le matsoho a hae li lokela ho koaeloa ka lesira leo a phuthetsoeng ka lona joalokaha ho hlalositsoe pejana mokhoa oa ho lokisa basali ba hlokahetseng.
Ea bots'elela: Ba nang le tokelo ea ho hlatsoa mofu le ho mo rapella
Ea filoeng taelo ke mofu ea lokelang ho etsa sena, ebe ntatae, ebe ntatae-moholo, ebe ba haufi-ufi ho latela banna ba lelapa.
Bakeng sa mosali, ea mo hlatsoang pele ke eo a mo khethileng, ebe ’m'ae, ebe nkhonoae, ebe basali ba lelapa ba haufi. Monna le mosali ba ka hlatsoana; hobane Abu Bakr (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) o ile a hlatsuoa ke mosali oa hae le Ali (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) a hlatsoa mosali oa hae Fatimah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena).
Ea bosupa: Mokhoa oa ho rapella mofu:
Ho etsoa takbeer makhetlo a mane 'me kamor'a ea pele ho baloa: Al-Fatihah (le surah e khuts'oanyane haeba ho khoneha); ka lebaka la hadith ea 'nete e phetoang ka sena ho tsoa ho Ibn Abbas (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), ebe ho etsoa takbir ka lekhetlo la bobeli 'me o rapella Moporofeta ﷺ joalokaha ho etsoa ho tashahhud kamor’a takbīr ea boraro: ho etsoa du‘ā bakeng sa mofu, ho thoe: “Oho Allah! Ts'oarela ba phelang ba rona le bafu ba rona, ba teng le ba sieo, ba banyenyane le ba baholo ba rona, banna le basali ba rona. Oho Allah! Mang kapa mang eo U mo fang bophelo har'a rona, mo fe bophelo a ntse a le kahar'a Islam 'me mang kapa mang eo U mo etsang hore a shoe har'a rona, mo etse hore a shoe a ntse a le tumelong. Oho Allah! Mo ts'oarele, mo hauhele, mo fe boiketlo, mo inele matsoho metsing, etsa hore kamohelo ea hae e be e hlomphehang, U atolose lebitla la hae, U mo hlatsoe ka metsi, lehloa le sefako 'me U mo hloekise. Oho Allah! Hloekisa libe tsa hae joalokaha seaparo se sesoeu se hloekisitsoe lits'ileng 'me U nkele lehae la hae sebaka ka le betere le lelapa la hae ka le betere 'me U mo kenye Leholimong, U be U mo sireletse mahlomoleng a lebitla le mahlomoleng a Mollo oa Lihele, U etse hore lebitla la hae le pharalle bakeng sa hae, 'me u le bonesetse khanya. Oho Allah! U se ke ua re amoha moputso oa hae 'me U se ke ua re khelosa kamor'a hae”, ebe o etsa Takbir ea Bone, ebe o etsa Taslim e le 'ngoe ka lehlakoreng le letona.
Ho khothaletsoa hore motho a phahamise matsoho ka takbeer e ’ngoe le e ’ngoe. Haeba mofu e le mosali ho thoe: “Oho Allah, mo ts'oarele…” haeba ba shoeleng e le ba babeli ho hothoe: “Oho Allah, ba ts'oarele bobeli ba bona…” haeba e le ba bangata ho sebelisoa bongata ho thoe: “Oho Allah, ba ts'oarele…” empa haeba e le lesea (le shoeleng le sa le le nyenyane), ho na le ho mo etsetsa du'a ea ts'oarelo ho etsoa du‘ā e ’ngoe e khethehileng (joalokaha ho tla latela): “Oho Allah! Mo etse e be moetapele ea ba etellang pele (Leholimong) le letlotlo ho batsoali ba hae le moemeli ea amohelehang. Oho Allah! Ka eena, imetsa sekala sa liketso tsa bona tse ntle ’me o ba ekeletse moputso ’me mo kopanye le ba lokileng ba fetileng har’a balumeli ’me U mo behe tlhokomelong ea Ibrahim (Abrahama, khotso e be holim’a hae), ʼme ka mohau oa Hao, mo sireletse kotlong ea Mollo.”
Sunnah ke hore Imam a eme haufi le hlooho ea monna le bohareng ba mosali. Haeba ho na le bafu ba bangata, monna o behoa haufi le imam ’me mosali a be haufi le Qiblah. Haeba ho na le bana hammoho le bona, moshanyana o beoa pele ho mosali, ebe mosali ebe ngoanana. Hlooho ea moshanyana e ba haufi le hlooho ea monna ’me bohareng ba mosali bo be haufi le hlooho ea monna. Ka mokhoa o ts'oanang, hlooho ea ngoanana e ba haufi le hlooho ea mosali, ’me bohareng ba hae bo be haufi le hlooho ea monna. Batho bohle ba rapelang ba ema kamor'a Imam. Empa haeba e le motho a le mong ’me a sa fumane sebaka kamor'a Imam, o ema ka lehlakoreng la hae le letona.
Ea borobeli: mokhoa oa ho pata mofu:
Ho khothaletsoa hore ho chekoe lebitla ho fihlela thekeng la monna, ho ba le lephao le le leng kahare ho lebitla ka lehlakoreng la Qiblah, ho beha mofu ka lephaong lena ka lehlakore le letona, le ho lokolla mafito le ho a tlohela moo. Sefahleho ha sea lokela ho pepesoa ebang ke sa monna kapa sa mosali. Ebe litene li lokela ho beoa kamorao ho eena ho sireletsa setopo mobung. Haeba litene li sa fumanehe, ho lokela ho beoa ntho efe kapa efe e tla thibela hore setopo se otloe ka mobu kapa majoe ho beoa mapolanka kapa lithupa. Ho khothalletsoa ho re "Bismillah wa 'alaa millati rasulillah / Ka Lebitso la Allah le ho ea ka tsela ea Morumuoa oa Allah". Lebitla le ba le bophahamo ba letsoho le le leng, majoana a manyenyane a lokela ho beoa holim'a lona 'me le lokela ho noesetsoa haeba ho khoneha.
Ho lumelloa hore ba tsamaeang le jenazah ba eme haufi le lebitla ’me ba rapelle mofu hobane Moporofeta ﷺ ha a qeta ho pata mofu o ne a ema holim’a lebitla a re:
«اسْتَغْفِرُوا لِأَخِيكُمْ، وَاسْأَلُوا لَهُ التَّثْبِيتَ، فَإِنَّهُ الْآنَ يُسْأَلُ».
“Kopelang ngoana oa bo lona ts'oarelo, ’me le mo kopele botsitso hobane hona joale o ntse a botsoa”8.
Ea borobong: Ho lumelletsoe hore motho ea sa kang a rapella mofu pele a mo rapelle kamor’a lepato;
Hobane Moprofeta ﷺ o entse joalo, ha feela nako e pakeng tsa lepato le thapelo e le ka tlaase ho khoeli; ho seng joalo ha e lumellehe. Moporofeta ﷺ ha a ka a rapella motho lebitleng leha e le ofe kamor'a hore khoeli e fete mofu a se a bolokiloe.
Ea leshome: Ha ho lumelloe hore lelapa la mofu le phehele batho; Sena se ipapisitse le polelo ea Jarir ibn Abdullah al-Bajali (Eka Allah A ka khotsofatsoa ka eena) ea ileng a re:
«كُنَّا نَعُدُّ الِاجْتِمَاعَ إِلَى أَهْلِ الْمَيِّتِ وَصَنْعَةَ الطَّعَامِ بَعْدَ الدَّفْنِ مِنَ النِّيَاحَة».
“Re ne re nka ho bokana ho ea ho lelapa la mofu le ho il'o ja kamor’a lepato e le karolo ea ho lla mosoang (niyāhah)”9 E tlalehiloe ke Imam Ahmad ka Isnad e Hasan,
Empa ho phehela bona kapa baeti ba bona ha ho na bothata. Hape ho khothaletsoa hore beng ka bona le baahisani ba ba phehele hobane Moporofeta ﷺ ha a utloa ka lefu la Ja'far ibn Abi Talib (Eka Allah A ka khotsofale ke eena) o ile a laela hore lelapa la hae le pheheloe, a re:
«إِنَّهُ أَتَاهُمْ مَا يَشْغَلُهُمْ».
“Ba hlahetsoe ke ntho e ba phathahantseng”10.
Ha ho na molato hore lelapa la mofu le meme baahisani kapa ba bang ho ja lijo tseo ba li fuoeng ’me sena ha se na nako e lekanyelitsoeng ho latela molao oa Islam.
Ea leshome le motso o mong: Ha hoa lumelloa hore mosali a ilele mofu matsatsi a fetang a mararo ntle le ha e le monna oa hae.
Mosali o tlameha ho ilela monna oa hae likhoeli tse 'ne le matsatsi a leshome ntle le haeba a imme, moo teng a tla ilela ho fihlela a pepa. Sena ke ka lebaka la Sunnah e nepahetseng ea Moporofeta ﷺ.
Ha hoa lumelloa hore monna a ilele baamani le eena kapa motho ofe kapa ofe.
Ea leshome le metso e ’meli: Ho lumelletsoe hore banna ba etele mabitla nako le nako ho ea rapella bafu, ho ba kopela mohau le ho ikhopotsa ka lefu le bophelo ba kamor'a lefu;
ho ea ka polelo ea Moporofeta ﷺ:
«زُورُوا الْقُبُورَ، فَإِنَّهَا تُذَكِّرُكُمُ الْآخِرَةَ».
“Etelang mabitla hobane a le hopotsa bophelo ba kamor'a lefu”11 E tlalehiloe ke Muslim ho Sahih ea hae.
ʼMe ﷺ O ne a ruta Sahabah tsa hae hore ha ba etela mabitla ba re:
«السَّلَامُ عَلَيْكُمْ أَهْلَ الدِّيَارِ مِنَ الْمُؤْمِنِينَ وَالْمُسْلِمِينَ، وَإِنَّا إِنْ شَاءَ اللَّهُ بِكُمْ لَاحِقُونَ، نَسْأَلُ اللَّهَ لَنَا وَلَكُمُ الْعَافِيَةَ، يَرْحَمُ اللَّهُ الْمُتَقَدِّمِينَ مِنَّا وَالْمُسْتَأْخِرِينَ».
“ASSALAMU ’ALAIKUM AHLAD-DIYAAR MINAL MU’MINIIN WAL MUSLIMEEN, WA INNA INSHAA ALLAHU BIKUM LAAHIQUUN, NAS'ALULLAHA LANAA WA LAKUMUL ‘AAFIYAH. YARHAMULLAHU AL-MUTAQADDIMEEN MINNA WAL-MUSTA'KHIREEN” (Khotso e be ho lona, lona baahi ba mabitla har’a balumeli le Mamoseleme. Rona, ka thato ea Allah, re tla le latela. Re kopa Allah hore a re fe bophelo bo botle le lona. Allah a hauhele ba pele le ba morao har’a rona).12
Haele basali, ha ba lumelloe ho etela mabitla hobane Moporofeta ﷺ o ile a rohaka basali ba etelang mabitla. Hape ho ts'ohuoa hore sena se ka baka fitnah (teko) le ho hloka mamello. Ka mokhoa o ts'oanang ha ba lumelloe ho latela janazah ho ea mabitleng hobane Morumuoa oa Allah ﷺ o ba hanetse ho etsa joalo. Haele ho rapella mofu kahar’a masjid kapa sebakeng sa thapelo ho lumelletsoe ho banna le basali ka ho ts'oana.
Sena ke se neng se le bonolo ho se bokella [ho fihla mona]. 'Me khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho Moporofeta oa rona Muhammad le ho ba lelapa la hae le balateli ba hae bohle.
الفهرس
kakaretso 2
Ka Lebitso la Allah Ea Mosa Ea Mohau 2
Selelekela sa Mongoli 2
Thuto ea Pele: Surah al-Fātiha le Likhaolo (tsa Qur'an) tse Khuts'oane. 3
Thuto ea Bobeli: Lits'iea tsa Islam 3
Thuto ea Boraro: Lits'iea tsa Īmān (Tumelo). 4
Thuto ea Bone: Likarolo tsa Tawhīd le likarolo tsa Shirk 5
Thuto ea bohlano: Ihsaan 11
Thuto ea bots'elela: Lipehelo tsa Thapelo 11
Thuto ea bosupa: Lits'iea tsa Thapelo 11
Thuto ea borobeli: Lintho tse tlamang tsa Thapelo 12
Thuto ea borobong: Tlhaloso ea Tashahhud 12
Thuto ea leshome: Sunan tsa Thapelo 14
Thuto ea Leshome le Motso o Mong: Lintho tse Senyang Thapelo 16
Thuto ea leshome le metso e 'meli: Maemo a Wudhu (maemo ao kantle ho ona Wudhu eke keng ea amoheleha). 17
Thuto ea leshome le metso e meraro: Lintho tse tlamang tsa Wudhu 18
Thuto ea leshome le metso mene: Lintho tse Senyang Wudhu 18
Thuto ea leshome le metso e mehlano: Ho ikhabisa ka mekhoa e metle ea islamo e lumellehileng bakeng sa Mamoseleme ohle 19
Thuto ea leshome le metso e ts'eletseng: Ho Khomarela Mekhoa ea Boits'oaro ea Islam 20
Thuto ea leshome le metso e supileng: Temoso ka Shirk le mefuta ea libe 20
Thuto ea leshome le metso e robeli: Ho lokisetsa mofu, ho mo rapella le ho mo pata 21
***
st62v2.1 - 04/06/2026
E tlalehiloe ke Imam Ahmad (5/428), Al-Tabarani ho Al-Kabir (4/338) le Al-Bayhaqi ho Ash-Shu’ab (14/355). O itse ho Majma’ Az-Zawa’id (1/121): E tlalehiloe ke Ahmad le batlalehi ba eona ke batlalehi ba Sahih.
E tlalehiloe ke Imam Ahmad (1/47).
E tlalehiloe ke Abu Dawud ka nomoro ea (3251) le At-Tirmidhi ka nomoro ea (1535).
E tlalehiloe Abu Dawud, ka nomoro ea (4980), le Ahmad ka ea (5/384).
E tlalehiloe ke Ibn Majah ka nomoro ea (4204) le Imam Ahmad ka ea (3/30).
E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (916-917).
E tlalehiloe ke Abu Dawud ka nomoro ea (3221) le Al-Hakim (3/399).
E tlalehiloe ke Ibn Majah, ka nomoro ea (1612) le Imam Ahmad ka ea (2/204).
Muslim Al-Janaa’iz (976), An-Nasāi Janaa’iz (2034), Abu Dawud Janaa’iz (3234), Ibn Majah se boletsoeng ka Janaa’iz (1569), Ahmad (2/441).
E tlalehiloe ke Ibn Majah ka nomoro ea (1569) 'me ea netefatsoa ke Al-Albani.
E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (975).
Pokello ea li-Fatwa le Lingoloa tse fapaneng (3/288–298).