مَا لَا يَسَعُ المُسْلِمَ جَهْلُهُ
Lintho tseo Lemoseleme le ka se khone ho hloka tsebo ea tsona
اللَّجْنَةُ العِلْمِيَّةُ
بِرِئَاسَةِ الشُّؤُونِ الدِّينِيَّةِ بِالمَسْجِدِ الحَرَامِ وَالمَسْجِدِ النَّبَوِيِّ
Komiti ea Litsebi tlas’a Bookameli ba Lefapha la Litaba tsa Bolumeli la Masjidul Haram le Masjidun Nabawi
بِسْمِ اللَّهِ الرَّحْمَنِ الرَّحِيمِ
Lintho tseo Lemoseleme le ka se khone ho hloka tsebo ea tsona
Selelekela
Thoriso eohle ke ea Allah, Morena oa mafats'e ohle
Khotso le litlhohonolofatso li be holim’a ea rometsoeng e le mohau ho mafats'e ohle, hammoho le lelapa la hae, le barutoana ba hae le bohle ba latelang Sunnah ea hae le ho tataisoa ke eona ho fihlela Letsatsi la Kahlolo, ho tsoelapele:
Ka hona, ona ke molaetsa o mokhuts'oanyane o kenyeletsang lintho tsa bohlokoahali tseo Lemoseleme le li hlokang tumelong ea lona, borapeling le ts'ebelisanong. Re e hlophisitse bakeng sa baeti ba Haramain (Masjidul Haram - Makkah le Masjidun Nabiyyu - Madinah) banna le basali ba li etelang, hore ba be le tsebo le kutloisiso e hlakileng litabeng tsa bolumeli ba bona. Re kopa ho Allah, Ea fanang ka limpho ka mosa o moholo, hore A etse hore molaetsa ona o be molemo ho bona, A o etse o lokile, ’me o be o etselitsoe ho Mo khahlisa . Ruri ke Eena Ea Molemo ka ho fetisisa eo ho koptjoang ho Eena le Ea Fanang ka ts'epo e phahameng ka ho fetisisa.
Ka Lebitso la Allah Ea Mosa Ea Mohau
Khaolo ea Pele:
Tse amanang le Tumelo (ʿAqeedah)
Sehlooho sa Pele: Moelelo oa Islamo le Lits'iea tsa eona:
Islamo ke: ho inehela ho Allah ka Tawḥīd (Bonngoe ba Allah borapeling), ho ikokobelletsa ho Eena ka ho Mo mamela le ho ipehella thoko ho shirk (borapeli ba lits'oants'o) le ho ba bo etsang.
ʼMe Lits'iea tsa eona li hlano:
Ea pele: Ke bopaki ba hore ha ho na molimo ea lokeloang ke ho khumameloa ele kannete ntle le Allah le hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah.
Ea bobeli: Ke ho etsa thapelo (Salāh).
Ea boraro: ho lefa Zakāh.
Ea bone: boitimo ka khoeli ea Ramadhan.
Ea bohlano: leeto la bolumeli ho ea ho Baytul Harām ho ea nang le bokhoni ba ho etsa joalo.
Bohlokoa ba Tawhīd (Bonngoe ba Allah borapeling):
Tseba hore Allah Ea Matla Ohle O bopile libopuoa hore li Mo khumamele 'me li se ke tsa Mo kopanya le ntho efe kapa efe. Allah O re:
﴿وَمَا خَلَقۡتُ ٱلۡجِنَّ وَٱلۡإِنسَ إِلَّا لِيَعۡبُدُونِ 56﴾
“Ha kea bopa li-jinn le batho haese hore ba nkhumamele” [Adh-Dhariyat: 56], Khumamelo ena e ke ke ea tsebahala haese ka tsebo. joalokaha Allah Ea Matla Ohle A itse:
﴿فَٱعۡلَمۡ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا ٱللَّهُ وَٱسۡتَغۡفِرۡ لِذَنۢبِكَ وَلِلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِۗ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ مُتَقَلَّبَكُمۡ وَمَثۡوَىٰكُمۡ 19﴾
“Tseba hore ha ho na molimo ea lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah 'me u kope ts'oarelo bakeng sa libe tsa hao le bakeng sa ba lumetseng ba banna le ba basali” [Muhammad: 19], Kahoo, o qalile ka tsebo pele ho puo le liketso. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Lemoseleme le lokelang ho ithuta eona ke Tawheed (ho lumela hore Molimo O Mong); hobane ke qaleho le motheo oa tumelo. Tumelo e its'etlehile holim'a Tawheed. Ona ke mosebetsi oa pele le oa ho qetela oa Lemoseleme. Tawheed ke ts'iea ea pele ea lits'iea tsa Islamo tseo Lemoseleme le leng le le leng a lokelang ho li tseba le ho li phethahatsa. Lits'iea tsena li hlano, Joalokaha ho tlile ho hadith ea Abdullah bin Umar (Allah A khahlisoe ke bona): Ke utloile Morumuoa oa Allah ﷺ a re:
«بُنِيَ الإسْلَامُ عَلَى خَمْسٍ: شَهَادَةِ أنْ لَا إلَهَ إلَّا اللَّهُ وأنَّ مُحَمَّدًا رَسُولُ اللَّهِ، وَإقَامِ الصَّلَاةِ، وَإيتَاءِ الزَّكَاةِ، وَحَجِّ البَيْتِ، وصَوْمِ رَمَضَانَ».
«Islamo e hahiloe holim'a [lits'iea] tse hlano: Shahadah (ho paka hore ha ho molimo o lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah le hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah), ho etsa thapelo (Salah), ho fana ka Zakah, ho nka leeto la bolumeli la Hajj le boitimo ka khoeli ea Ramadhan»1.
Lemoseleme le tlameha ho ithuta moelelo oa Tawheed; e leng ho Bonngoe ba Allah khumamelong, Ha a kopanye mang kapa mang le Eena borapeling ba Hae; leha ekaba lengeloi le haufi (le Allah) kapa moporofeta ea rometsoeng.
Moelelo oa Shahadah «Bopaki ba hore ha ho na molimo ea ts'oaneloang ke ho rapeloa ele kannete kantle ho Allah»:
Ke boikarabelo ba mohlanka ho lumela ka tumelo e tiileng hore ha ho na molimo o ts'oaneloang ke ho rapeloa kantle ho Molimo ea Matla Ohle, A rapele Allah A Mong Feela, ’me o nehela mefuta eohle ea borapeli ho Eena A le Mong; joaloka thapeli/kopo (du‘ā), ts'abo, ts'epo, ho its'itleha ka Eena le tse ling ntle le tseo.
Shahadah (Bopaki) e nepahetse feela ka lits'iea tse peli:
Ea pele: Ho latola bomolimo le borapeli ho ntho tsohle ntle le Allah; ho kenyeletsa balekane (ba iqapetsoeng), melimo e meng, le taghūt (lintho tsohle tse rapeloang ntle le Allah).
Ea bobeli: Ke ho tiisa bomolimo le borapeli ba ’nete hore ke ba Allah Feela, A le Mong ntle le tsohle tse ling, Ea Matla Ohle O re:
﴿وَلَقَدۡ بَعَثۡنَا فِي كُلِّ أُمَّةٖ رَّسُولًا أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ وَٱجۡتَنِبُواْ ٱلطَّٰغُوتَ...﴾
“Ruri Re rometse ho sechaba se seng le se seng moporofeta (a ba laelang hore): Rapelang Allah ’me le qobe Taghūt (lintho tsohle tse rapeloang ntle ho Allah)...” [An-Nahl: 36].
Haele lipehelo tsa “Lā ilāha illā Allāh”, tsona ke:
1- ʼIlm: tsebo (ho rua tsebo) eleng se hanyetsang ho hloka tsebo.
2- Yaqīn: bonnete bo felletseng bo hanyetsang pelaelo.
3- Ikhlās: boikokobetso le botsʼepehi borapeling bo hanyetsang ho kopanya Allah le melimo e meng ea bohata (shirk).
4- Sidq: ’nete le botsʼepehi bo hanyetsang leshano.
5- Mahabbah: lerato le hanyetsang lenyatso kapa lehloeo.
6- Inqiyād: ho ikokobetsa ho Allah ho hananang le ho tlohela (ho se tsotelle).
7- Qabūl: ho amohela Allah le melao ea Hae, ho hananang le ho hana.
8- Kufr (ho se lumele ho Islamo): ho tsohle tse rapeloang ntle le Allah.
'Me lipehelo tsena li lokela ho sebelisoa (ka liketso), ebile li akarelelitsoe litemaneng tsena tse peli tsa thothokiso e latelang:
Tsebo, Bonnete, le Boinehelo bo hloekileng hammoho le 'nete ea hau... le Lerato, ho inehela le ho e amohela ka botlalo
'Me ho ekelitsoe ea borobeli: Ke ho latola ha hao ntho efe kapa efe e nkoang e le molimo, ntle le Molimo O le Mong (Allah).
'Me ho phetheha ha bopaki (Shahada) ho ba teng ka ho rapela Allah Ea Phahameng A le Mong, ntle le ho mo kopanya le motho kapa ntho efe kapa efe le ka ho nehela borapeli bo hloekileng ho Allah A le Mong, kahoo, [molumeli] ha a bitse ho mang kapa mang ntle le ho Allah, ha a its'etlehe ka mang kapa mang ntle le ka Allah, ha a be le ts'epo ho mang kapa mang ntle le ho Allah, ha a khumamele mang kapa mang haese ho Allah, 'me ha a etsetse mang kapa mang sehlabelo haese sebakeng sa Allah Ea khanyang Ea Phahameng.
Seo batho ba bang ba se etsang sa ho pota-pota mabitla (tawāf) le ho kopa thuso ho ba ka mabitleng kapa ho ba rapela ho ena le Allah, ke shirk (ho kopanya Allah le ba bang) tabeng ea borapeli. ka hona ho tlameha ho ba hlokolosi ka taba eno le ho e lemoha; hobane sena se ts'oana le seo mushrikun ba se etsang har'a ba rapelang lits'oants'o, majoe le lifate ho ena le Allah Ea Phahameng. 'me sena ke shirk eo libuka tsa Allah li ileng tsa senoloa le barumuoa ba romeloa ho lemosa batho ka eona le ho e thibela.
Moelelo oa Shahadah (ho bea bopaki) hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah:
Ho mo mamela ho seo a se laetseng, ho lumela seo a se tlisitseng, ho qoba seo a se hanetseng le ho se thibela le hore Allah A se ke A rapeloa ntle le ka tsela eo A e behileng ka molao (Shari‘ah), Ka hona Lemoseleme le lumela hore Muhammad mora oa Abdullah oa morabe oa Quraysh oa lelapa la Hāshim ke Morumuoa oa Allah Ea Matla Ohle, ea rometsoeng ho libopuoa tsohle; ho batho le ho li-jinn, Joalokaha Allah Ea Phahameng A itse:
﴿قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِنِّي رَسُولُ ٱللَّهِ إِلَيۡكُمۡ جَمِيعًا...﴾
﴾E re: Oho lona batho! Ruri ke Morumuoa oa Allah ho lona kaofela…﴿ [Al-A‘rāf: 158].
ʼMe ruri, Allah O mo rometse hore a phatlalatse bolumeli ba Hae le ho tataisa libopuoa, Joalokaha Allah Ea Phahameng A itse:
﴿وَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ إِلَّا كَآفَّةٗ لِّلنَّاسِ بَشِيرٗا وَنَذِيرٗا وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يَعۡلَمُونَ28﴾
﴾Ha Rea u romela haese ho batho bohle, u le mojari oa litaba tse monate le mohlokomelisi; empa boholo ba batho ha ba tsebe﴿ [Saba: 28] Hape Allah Ea Phahameng O itse:
﴿وَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ إِلَّا رَحۡمَةٗ لِّلۡعَٰلَمِينَ 107﴾
﴾Ha Rea u romela haese mohau ho libopuoa tsohle﴿ [Al-Anbiyā’: 107]
Se boleloang ke bopaki bona: ke hore u se ke oa lumela hore Morumuoa oa Allah ﷺ o na le tokelo efe kapa efe ho borena ba Allah (rubūbiyyah), kapa taolo ea bophelo, kapa tokelo ea ho rapeloa, Empa ena ﷺ ke mohlanka oa Allah ha a rapeloe le hore ke Morumuoa ha a latoloe, Hape ha a itlisetse kapa ho tlisetsa ba bang molemo kapa kotsi, ntle le seo Allah A se ratileng, Joalokaha Allah Ea Phahameng A itse:
﴿قُل لَّآ أَقُولُ لَكُمۡ عِندِي خَزَآئِنُ ٱللَّهِ وَلَآ أَعۡلَمُ ٱلۡغَيۡبَ وَلَآ أَقُولُ لَكُمۡ إِنِّي مَلَكٌۖ إِنۡ أَتَّبِعُ إِلَّا مَا يُوحَىٰٓ إِلَيَّ...﴾
﴾E re: Ha ke re ho lona ke na le matlotlo a Allah kapa ke tseba tse sa bonoeng (ghayb) ebile ha ke re ho lona ke lengeloi. Ha ke latele haese seo ke se senoletsoeng...﴿ [Al-An‘ām: 50].
Karolo ea Bobeli: Moelelo oa Tumelo (Īmān) le Lits'iea tsa eona:
Tumelo (Īmān): ke ho tiisa ka pelo, ho bua ka leleme le ho etsa ka pelo le ka litho tsa ’mele. E eketseha ka ho mamela Allah, ’me e fokotseha ka ho etsa libe.
Ka hona tumelo (Īmān) ke pehelo ea bophelo le kamohelo ea borapeli. Joalokaha Shirk le Kufr li senya le ho hlakola liketso tsohle tse ntle, Hape joalokaha Allah A sa amohele thapelo ntle le bohloeki (wudū’), Ha A amohele borapeli ntle le Īmān, Allah Ea Matla Ohle O re:
﴿وَمَن يَعۡمَلۡ مِنَ ٱلصَّٰلِحَٰتِ مِن ذَكَرٍ أَوۡ أُنثَىٰ وَهُوَ مُؤۡمِنٞ فَأُوْلَٰٓئِكَ يَدۡخُلُونَ ٱلۡجَنَّةَ وَلَا يُظۡلَمُونَ نَقِيرٗا 124﴾
﴾’Me ea etsang liketso tse molemo ebang ke e mo tona kapa e mo ts'ehali, ha e ntse e le molumeli, bao ke bona ba kena Jannah (Leholimong), ’me ba ke ke ba hlokeloa toka leha e ka ba hanyenyane feela﴿
[An-Nisā’: 124].
Hape O hlakisitse hore shirk e senya le ho hlakola liketso (tsohle tse ntle), Joalokaha Allah Ea Phahameng A itse:
﴿وَلَقَدۡ أُوحِيَ إِلَيۡكَ وَإِلَى ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِكَ لَئِنۡ أَشۡرَكۡتَ لَيَحۡبَطَنَّ عَمَلُكَ وَلَتَكُونَنَّ مِنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ 65﴾
﴾’Me ruri ho senotsoe ho uena le ho ba tlileng pele ho uena hore: Haeba u ka etsa shirk, ruri liketso tsa hao li tla hlakoloa, ’me ka sebele u tla ba har’a ba lahlehetsoeng﴿ [Az-Zumar: 65].
Lits'iea tsa tumelo (Īmān) li ts'eletse: Ho lumela ho Allah, ho Mangeloi a Hae, ho Libuka tsa Hae, ho Barumuoa ba Hae, ho Letsatsi la ho Qetela le ho lumela ho qadar (taelo ea Allah e tlileng pele ho popo), e ntle le e mpe.
1) Ho lumela ho Allah Ea Phahameng ho akaretsa lintho tse tharo:
1- Ho lumela ho rubūbiyyah (bonngoe ba Hae boreneng):
Ke Bonngoe ba Allah A le Mong liketsong tsa Hae, tse kang: ho bopa, ho fana ka phepo, ho phelisa le ho nka bophelo. Kahoo ha ho ’mopi ntle le Allah, ha ho mofani ntle le Allah, ha ho ea phelisang ntle le Allah, ha ho ea nkang maphelo ntle le Allah, ebile ha ho ea tsamaisang kapa ea laolang Maholimo le lefats'e ntle le Eena, Tlotla ebe ho Eena.
Ha ho tsejoe ho kile hoa eba le motho har’a libopuoa ea ileng a hana rubūbiyyah (borena ba Allah) ea Allah Ea Halalelang, Ea Phahameng, ntle le hore e be motho ea bohata, a sa lumele seo a se buang, Joalokaha ho ile ha etsahala ka Faro ha a re ho batho ba hae:
﴿...أَنَا رَبُّكُمُ الْأَعْلَى﴾
“…Ke ’na morena oa lona ea phahameng ka ho fetisisa” [An-Nāzi‘āt: 24], Empa seo o ne a se bua e ne e se tumelo ea ’nete ea pelo. Joalokaha Moshe (khotso e be ho eena) a ile a re:
﴿قَالَ لَقَدۡ عَلِمۡتَ مَآ أَنزَلَ هَٰٓؤُلَآءِ إِلَّا رَبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ بَصَآئِرَ وَإِنِّي لَأَظُنُّكَ يَٰفِرۡعَوۡنُ مَثۡبُورٗا 102﴾
﴾(Moshe) a re: "U tseba hantle hore ha ho ea nthomileng kantle le Morena oa Maholimo le lefats'e ele bopaki bo bulang mahlo: Oho Faro! Ruri, ke nahana hore u lahlehile﴿ [Al-Isrā’: 102], Hape Allah O itse:
﴿وَجَحَدُوا بِهَا وَاسْتَيْقَنَتْهَا أَنْفُسُهُمْ ظُلْمًا وَعُلُوًّا... ﴾
﴾Ba ile ba li hana (ka boikhohomoso le boikakaso), empa meea ea bona e ne e kholisehile ka tsona, ka lebaka la ho hloka toka le boikakaso...﴿ [An-Naml: 14].
Kannete libopuoa tsena tsohle li tlameha ho ba le ’Mopi; hobane ha ho khonehe hore li ipope ka botsona; hobane ntho e ke ke ea ipopa ka boeona, hape ha ho khonehe hore li hlahe ka ts'ohanyetso feela; hobane ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe e ncha e tlameha ho ba le ea e qalileng, hape ho ba teng ha tsona ka tsamaiso e hlollang, e hlophisehileng le e lumellanang ho thibela hore ho ka thoe li bile teng ka ts'ohanyetso, ka hona ho tlameha hore ho be le ea li bopileng ’me Eo ke Allah, Mong’a mafatše ohle, Allah Ea Holimo-limo O itse:
﴿أَمۡ خُلِقُواْ مِنۡ غَيۡرِ شَيۡءٍ أَمۡ هُمُ ٱلۡخَٰلِقُونَ 35 أَمۡ خَلَقُواْ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَۚ بَل لَّا يُوقِنُونَ 36﴾
﴾Na ba bopiloe ntle le letho, kapa ke bona ba ipopileng?﴿
﴾Kapa na ke bona ba bopileng Maholimo le lefats’e? Empa ha ba na bonnete﴿
[At-Tūr: 35–36].
Le hoja barapeli ba melimo e mengata (mushrikūn) ba ne ba lumela Rubūbiyyah ea Allah (hore Allah ke ’Mopi, Mohlokomeli le Molaoli oa tsohle), ba ne ba mo kopanya le ba bang ho Ulūhiyyah (borapeling). Ho lumela hoo ha hoa ka ha ba kenya kahare ho Islam, Ka lebaka leo, Moporofeta ﷺ o ile a ba loants'a, ’me a etsa hore mali le maruo a bona li be halal; hobane ba ile ba etsa shirk borapeling, Ba ne ba Mo rapela hammoho le lintho tse ling, joaloka: lits'oants'o tse betliloeng, majoe,
Mangeloi,
le tse ling.
2- Ho lumela ho Ulūhiyyah ea Hae:
Ho lumela ho Ulūhiyyah ea Hae ho bolela hore: Ke Eena feela Molimo Oa ’nete, Ha A na molekane, ʼme lentsoe “al-ilāha” le bolela “Ma’lūh”, ke hore: Ea rapeloang ka lerato, tlotla le boikokobetso.
Allah O re:
﴿وَإِلَٰهُكُمۡ إِلَٰهٞ وَٰحِدٞۖ لَّآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ ٱلرَّحۡمَٰنُ ٱلرَّحِيمُ 163﴾
﴾’Me Molimo Oa lona ke Molimo A le Mong feela; ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa ele kannete ntle le Eena, Ea Mosa, Ea Mohau﴿
[Al-Baqarah: 163].
’Me mang kapa mang ea nkang molimo o mong mmoho le Allah a mo rapela ntle le Eena, bomolimo ba hae ke ba bohata, Allah O re:
﴿ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡحَقُّ وَأَنَّ مَا يَدۡعُونَ مِن دُونِهِۦ هُوَ ٱلۡبَٰطِلُ وَأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡعَلِيُّ ٱلۡكَبِيرُ 62﴾
﴾Seo ke hobane Allah ke ’Nete, ’me tseo ba bitsang ho tsona ntle le Eena ke bohata; ’me ruri Allah ke Ea Holimo-limo, Ea Moholo﴿ [Al-Hajj: 62].
Ka lebaka lena Barumuoa (khotso e be ho bona) ho tloha ho Nooe ho fihlela ho Muhammad ﷺ ba ne ba mema lichaba tsa bona ho Tawhīd ea Allah le ho Mo khetholla ka borapeli Eena feela ntle le mang kapa mang, ’me Allah Ea Phahameng O hlakotse ketso ea mushrikun ea borapeli ba melimo e mengata eo ba e rapelang mmoho le Allah, ba kopa thuso ho eona, le ho ipiletsa ho eona ha ba le mahlomoleng. ’Me Allah O ile a bonts'a bohata ba sena ka mapaki a mabeli a kelello (bopaki ba ho nahana):
Ba pele: ke hore melimo ena eo ba e nkileng ha e na letho ho lintho tse khethehileng ka bomolimo, kaha ke libopuoa, ha li bope letho; ha li khone ho tlisetsa barapeli ba tsona molemo, ebile ha li khone ho ba sireletsa kotsing, etsoe ha li na matla a bophelo kapa lefu, kapa ho tsosa bafu, Joalokaha Allah A boletse:
﴿وَٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ ءَالِهَةٗ لَّا يَخۡلُقُونَ شَيۡـٔٗا وَهُمۡ يُخۡلَقُونَ وَلَا يَمۡلِكُونَ لِأَنفُسِهِمۡ ضَرّٗا وَلَا نَفۡعٗا وَلَا يَمۡلِكُونَ مَوۡتٗا وَلَا حَيَوٰةٗ وَلَا نُشُورٗا 3﴾
﴾’Me ba nkile melimo ntle le Eena e sa bopeng letho, empa eona e bopiloe; hape ha e na matla a ho itlhahisa kotsi kapa ho itlisetsa molemo, ebile ha e na matla a lefu kapa bophelo kapa tsoho (ea bafu)﴿
[Al-Furqān: 3].
Ba bobeli: Ke hore, barapeli bana ba lits'oants'o (mushrikun) ba ne ba lumela hore Allah, Ea Phahameng, Ke Eena Feela ’Mopi le Mohlophisi oa lintho tsohle, ha hona e mong kantle ho Eena. Tumelo ena e tsʼoanetse ho ba qobella hore ba etsetse Eena feela borapeli, joalokaha ba Mo rapela Bonngoeng ba Hae boreneng (Rubūbiyyah), Joalokaha Allah A boletse:
﴿قُل لِّمَنِ ٱلۡأَرۡضُ وَمَن فِيهَآ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ 84 سَيَقُولُونَ لِلَّهِۚ قُلۡ أَفَلَا تَذَكَّرُونَ85 قُلۡ مَن رَّبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ ٱلسَّبۡعِ وَرَبُّ ٱلۡعَرۡشِ ٱلۡعَظِيمِ 86 سَيَقُولُونَ لِلَّهِۚ قُلۡ أَفَلَا تَتَّقُونَ 87 قُلْ مَنْ بِيَدِهِ مَلَكُوتُ كُلِّ شَيْءٍ وَهُوَ يُجِيرُ وَلَا يُجَارُ عَلَيْهِ إِنْ كُنْتُمْ تَعْلَمُونَ 88 سَيَقُولُونَ لِلَّهِ قُلْ فَأَنَّى تُسْحَرُونَ 89﴾
﴾Ere: Lefats'e ke la mang le ba leng ka ho lona haeba le tseba? 84﴿
Ba tla re: “Ke la Allah.” Ere: “Na ha le hopole? 85﴿
﴾Ere: “Ke mang Morena Oa Maholimo a supileng le Morena Oa Terone e Kholo? 86﴿
Ba tla re: “Ke Allah.” Ere: “Na ha le ts'abe Allah?87
﴾Ere: “Haeba le na le tsebo, ke mang eo matla a puso ea lintho tsohle a leng letsohong la hae, ea sireletsang 'me eo ho se ea ka sireletsang khahlanong le Eena, haeba le tseba? 88﴿
Ba tla re: “Ke tsa Allah.” E-re: “Joale le thetsoa joang le ho furalla'nete?89 [Al-Mu’minūn: 84–89] Ka hona: ha ba se ba lumetse Tawhīd ar-Rubūbiyyah (hore Allah ke Eena Feela ’Mopi le Mohlophisi), ke hore ba lebise borapeli ba bona ho Allah A Inoosi 'me ba se Mo kopanye borapeling.
3- Tumelo ho Mabitso le Boleng tsa a Allah:
Ke hore: ho tiisa tsohle tseo Allah A li tiisitseng ka Eena Bukeng ea Hae. Kapa tseo Morumuoa oa Hae ﷺ a Mo hlalositseng ka tsona ho Sunnah ea hae, joaloka mabitso le boleng, ka mokhoa o loketseng Allah Ea Matla Ohle. Kantle le ho sengoa kapa ho hlakoloa (ho eketsoa kapa ho fokotsoa), Re sa botse hore na li joang (takyīf),
’me re sa Mo ts'oants'e le libopuoa (tamthīl) tsa Hae, Allah O itse:
﴿وَلِلَّهِ ٱلۡأَسۡمَآءُ ٱلۡحُسۡنَىٰ فَٱدۡعُوهُ بِهَاۖ وَذَرُواْ ٱلَّذِينَ يُلۡحِدُونَ فِيٓ أَسۡمَٰٓئِهِۦۚ سَيُجۡزَوۡنَ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ 180﴾
﴾’Me Allah O na le mabitso a matle ka ho fetisisa, ka hona bitsang ho Eena ka ona; ’me tlohelang ba khelohang mabitsong a Hae. Ba tla putsoa ka seo ba neng ba se etsa 180﴿ [Al-A‘rāf: 180], Hape Allah O itse:
﴿...لَيۡسَ كَمِثۡلِهِۦ شَيۡءٞۖ وَهُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡبَصِيرُ﴾
﴾...Ha ho letho le ts'oanang le Eena, ’me Ke Ea Utloang Tsohle, Ea Bonang Tsohle﴿ [Ash-Shūrā: 11].
Mefuta ea Shirk e meraro:
1- Shirk e kholo
2- Shirk e Nyenyane.
3- Shirk e Patiloeng.
1- Shirk e Kholo:
Moeli oa eona:
Ke ho lekanya kapa ho etsa hore emong ntle le Allah a lekane le Allah linthong tse khethehileng ho Allah feela, Joalokaha Allah Ea Phahameng a boletse:
﴿إِذۡ نُسَوِّيكُم بِرَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ 98﴾
﴾Ha re ne re le nka le lekana le Morena oa lintho tsohle﴿ [Ash-Shuʿarāʾ: 98].
’Me sena se kenyelletsa: ho lebisa borapeli ho emong ntle le Allah Ea Matla Ohle, kapa ho lebisa karolo ea bona ho emong ntle le Eena, joaloka: duʼā (ho bitsa ho e mong ntle le Allah), istighāthah (ho kopa thuso kapa pholoso ho emong ntle le Allah), nadhr (ho etsa kano kapa boitlamo ho emong ntle le Allah), dhabh (ho etsa sehlabelo bakeng sa emong ntle le Allah) le mefuta e meng ea borapeli.
Kapa e kenyelletsa: ho lumella (ho nka hore ho halal) seo Allah Ea Matla ’Ohle a se thibetseng, kapa ho thibela seo Allah A se lumelletseng, kapa ho iphapanyetsa kapa ho tlohela seo Allah A se laetseng (A se entseng setlamo). Joalokaho lumella lintho tse tsejoang ka ho hlaka hore li thibetsoe tumelong, tse tsejoang ke Mamoseleme ka kakaretso, joaloka: ho lumella bofebe (zina), ho lumella joala (khamr), ho hloka tlhompho ho batsoali, kapa ho lumella ribā (tsoala licheleteng), kapa lintho tse ling tse ts'oanang le tsena.
Kapa ho thibela seo Allah Ea Matla Ohle A se lumelletseng har’a lintho tse lokileng, Kapa ho thibela (ho iphapanyetsa) seo Allah A se entseng setlamo. Joalo ka ho lumela hore thapelo ha e tlame kapa ho lumela hore ho itima (sawm) ha ho tlame, kapa hore zakāh ha e tlame.
ʼMe Shirk e Kholo e baka hore mesebetsi eohle e metle ea motho e senyehe, ’me o tla lula ka ho sa feleng Mollong haeba a shoa a sa baka, Joalokaha Allah Ea Phahameng a boletse:
﴿...وَلَوۡ أَشۡرَكُواْ لَحَبِطَ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ﴾
﴾…’Me ha ba ne ba ka etsa shirk, tsohle tseo ba neng ba li etsa li ne li tla fetoha lefeela ho bona﴿
[Al-Anʿām: 88].
ʼMe ea shoang a ntse a le boemong boo (na Shirk); Allah A ke ke A mo ts'oarela, ’me a ke ke A lumelloa ho kena Leholimong, Joalokaha Allah Ea Phahameng A itse:
﴿إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَغۡفِرُ أَن يُشۡرَكَ بِهِۦ وَيَغۡفِرُ مَا دُونَ ذَٰلِكَ لِمَن يَشَآءُ...﴾
﴾Ruri Allah Ha A ts'oarele hore A kopanngoe le balekane borapeling (Shirk) empa O ts'oarela se seng ntle le seo ho eo A ratang (ho mo ts'oarela)...﴿ [An-Nisāʼ: 48], ’Me Allah O boetse O itse:
﴿...إِنَّهُۥ مَن يُشۡرِكۡ بِٱللَّهِ فَقَدۡ حَرَّمَ ٱللَّهُ عَلَيۡهِ ٱلۡجَنَّةَ وَمَأۡوَىٰهُ ٱلنَّارُ...﴾
﴾Kannete, mang kapa mang ea kopanyang ntho efe kapa efe le Allah - Allah O mo hanetse ho kena Jannah (Leholimong), 'me lehae la hae e tla ba Mollo...﴿ [Al-Mā’idah: 72].
2- Shirk e Nyenyane:
’Me sena ke seo mangolo a bolumeli (Qurʼān le Sunnah) a se bitsitseng Shirk empa ha se a fihla boemong ba Shirk e kholo. Ka hona se bitsoa Shirk e nyenyane; Mohlala oa sona ke ho hlapanya ka ntho efe kapa efe kantle ho Allah Ea Phahameng; joaloka: ho hlapanya ka Kaʿbah kapa ka baporofeta kapa ka ts'episo (amanah)
kapa ka ho re: “ka bophelo ba motho ea itseng”,
le tse ling tse ts'oanang le tsena. Joalokaha Moporofeta ﷺ a boletse:
«مَنْ حَلَفَ بِغَيرِ اللهِ فَقَدْ كَفَرَ أَو أَشرَكَ».
«Mang kapa mang ea hlapanyang ka ho hong kantle ho Allah ruri o entse kufr (ho se lumele) kapa shirk (borapeli ba lits'oants'o)»2.
’Me ka linako tse ling e ka fetoha Shirk e kholo ho latela se ka pelong ea motho ea hlapanyang, Haeba pelong ea motho ea hlapanyang ka Moporofeta kapa ka Sheikh e itseng a lumela hore o ts'oana le Allah kapa hore ho ka bitsoa ho eena ntle le Allah kapa hore o laola tlholeho (Maholimo le lefats'e); seo e e ba Shirk e kholo, empa haeba motho a hlapanya ka ntho e itseng ntle le Allah a sa rera sena, empa leleme le ts'eletse ka lebaka la tloaelo; joale sena e e ba Shirk e nyenyane, sena se etsahala hangata libakeng tse ling; ka hona ho hlokahala ho ba hlokolosi ka sona le ho lemosa ka sona, e le ho sireletsa Tawhīd le ho e boloka e hloekile.
3- Shirk e patehileng:
Ke shirk e etsahalang ka lipelong eleng riyaaʼ (ho etsa liketso tsa khumamelo moo u batlang ho bonoa); Mohlala: Motho a ka rapela kapa a bala Qurʼān a batla ho bonoa ke batho kapa a tlotlisa Allah (tasbīh) hore batho ba mo rorise kapa a fane ka sadaqah (linyehelo kapa limpho) hore batho ba mo rorise, mofuta ona oa Shirk o senya (o hlakola) ketso eo a e entseng ka riyaaʼ, empa ha o senye liketso tse ling tseo a li entseng ka bots'epehi ho Allah Ea Matla Ohle.
Moporofeta ﷺ o itse:
«الشِّرْكُ فِي هَذِهِ الْأُمَّةِ أَخْفَى مِنْ دَبِيبِ النَّمْلَةِ السَّودَاءِ عَلَى الصَّفَاةِ السَّودَاءِ فِي ظُلْمَةِ اللَّيْلِ، وَكَفَّارَتُهُ أَنْ يَقُولَ: "اللَّهُمَّ إِنِّي أَعُوذُ بِكَ أَنْ أُشْرِكَ بِكَ شَيْئًا وَأَنَا أَعْلَمُ، وَأَسْتَغْفِرُكَ مِنَ الذَّنْبِ الَّذِي لَا أَعْلَمُ».
«Shirk har’a sechaba sena e patehile ho feta ho tsamaea ha nta e nts'o holim’a lejoe le lets'o lefifing la bosiu
’Me kafārah (tefelo kapa pheko) ea eona ke hore motho a re:
‘Allahumma inni aʿūdhu bika an ushrika bika shay’an wa ana aʿalam, wa astaghfiruka mina dh-dhanbi lladhī lā aʿalam.’
(Oho Allah! Ke kopa ts'ireletso ho Uena hore ke se ke ka U kopanya le eng kapa eng (borapeling, boreneng, mabitsong le ho linthong tsohle tseo U khetholohileng ka tsona) ke ntse ke tseba, ’me ke kopa ts'oarelo ho Uena bakeng sa sebe seo ke sa se tsebeng)»3.
Mefuta ea Kufr:
Oa pele: Kufr e kholo:
Ke sesosa sa kahlolo ea ka ho sa feleng Liheleng 'me e mefuta e mehlano:
1- Kufr at-Takdhīb:
Sena ke ho lumela hore barumuoa ba ile ba bua leshano, mofuta ona oa kufr ha o ea tloaeleha har'a kuffar (ba sa lumeleng) hobane Allah Ea Matla Ohle O ts'ehelitse barumuoa ba Hae ka bopaki bo hlakileng le mehlolo e totobetseng, Empa boemo ba ba latolang bo ts'oana le kamoo Allah A ba hlalositseng kateng:
﴿وَجَحَدُوا بِهَا وَاسْتَيْقَنَتْهَا أَنْفُسُهُمْ ظُلْمًا وَعُلُوًّا...﴾
﴾Ba ile ba li latola (lipontšo le litemana tsa Allah), leha lipelo tsa bona li ne li kholisehile ka tsona, ka lebaka la ho hloka toka le boikakaso...﴿ [An-Naml: 14].
2- Kufr al-Ibāʼ wal-Istikbār:
Sena ke kufr (ho se lumele ) ekang ea Iblis kaha ha a ka a latola kapa ho furalla taelo ea Allah, empa a Hanne ho e etsa ka lebaka la boikhohomoso. Allah Ea Phahameng O itse:
﴿وَإِذۡ قُلۡنَا لِلۡمَلَٰٓئِكَةِ ٱسۡجُدُواْ لِأٓدَمَ فَسَجَدُوٓاْ إِلَّآ إِبۡلِيسَ أَبَىٰ وَٱسۡتَكۡبَرَ وَكَانَ مِنَ ٱلۡكَٰفِرِينَ 34﴾
﴾’Me ha Re ne Re re ho Mangeloi: ‘Khumamang ka pel'a Adama,’ ba ile ba khumama, ntle le Iblīs; o ile a hana ’me a ikhohomosa, ’me a ba har’a kuffar (ba sa lumeleng ho Allah)﴿ [Al-Baqarah: 34].
3- Kufr al-Iʿrādh:
Sena se bolela ho iphapanya ka kutlo le pelo khahlanong le ho latela 'nete, ho se tsotelle le ho le ho se e tsotelle. ke Allah Ea Phahameng O itse:
﴿وَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّن ذُكِّرَ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِۦ ثُمَّ أَعۡرَضَ عَنۡهَآۚ إِنَّا مِنَ ٱلۡمُجۡرِمِينَ مُنتَقِمُونَ22﴾
{’Me ke mang ea etsang bokhopo ho feta ea hopotsoang ka liponts'o tsa Morena oa hae, ebe o ea li furalla? Ruri Re tla iphethetsa ho Mujrimūn (baetsalibe, barapeli ba litšoantšo, baetsi ba bokhopo)} [As-Sajdah: 22].
Empa haele ho furalla ka karolo feela ha se kufr, empa ke fisq (sebe); mohlala ke motho ea furallang ho ithuta tse ling tsa lintho tse tlamang tsa bolumeli joaloka melao ea boitimo (siyām) kapa hajj le tse ling tse ts'oanang le tsona.
4- Kufr ash-Shakk:
Sena se bolela hore oa qeaqea, ha a tiise ’nete, empa ho ena le hoo oa e belaella joalokaha ho boletsoe polelong ea Ea Matla Ohle.
﴿وَدَخَلَ جَنَّتَهُ وَهُوَ ظَالِمٌ لِنَفْسِهِ قَالَ مَا أَظُنُّ أَنْ تَبِيدَ هَذِهِ أَبَدًا 35 وَمَا أَظُنُّ السَّاعَةَ قَائِمَةً وَلَئِنْ رُدِدْتُ إِلَى رَبِّي لَأَجِدَنَّ خَيْرًا مِنْهَا مُنْقَلَبًا 36﴾
{O ile a kena serapeng sa hae sa lifate ha a ntse a itlhokela toka. (ka ho iphapanyetsa ’nete), eaba o re: "Ha ke nahane hore serapa sena se ka timela kapa sa fela le ka mohla." 35}
{Hape ha ke kholoe hore hora (Letsatsi la ho Qetela) e tla fihla. Le haeba nka ka khutlisetsoa ho Morena oaka, ke lumela hore ke tla fumana sebaka se setle ho feta sena (ts'imo ena)'} 36”
[Al-Kahf: 35-36].
5- Kufr an-Nifāq:
Ke kufr ea boikaketsi. Ke ha motho a bonts'a ka leleme la hae hore oa lumela, empa ka pelong ea hae a pata ho se lumele, Allah Ea Matla Ohle O itse:
﴿وَمِنَ ٱلنَّاسِ مَن يَقُولُ ءَامَنَّا بِٱللَّهِ وَبِٱلۡيَوۡمِ ٱلۡأٓخِرِ وَمَا هُم بِمُؤۡمِنِينَ 8﴾
{Har’a batho ho na le ba reng: ‘Re lumela ho Allah le ho Letsatsi la ho Qetela,’ empa ha e le hantle ha se balumeli”} [Al-Baqarah: 8].
ʼMe ena ke mofuta oa kufr e kholo (kufr al-Akbar) o nts'ang motho kahar'a Islamo.
Mofuta oa bobeli: Kufr e nyenyane:
Mofuta ona ha o etse hore motho a phele liheleng ka ho sa feleng hobane ha o nts'e motho bolumeling ba Islamo, Ke kufr e boletsoeng ho Qur'an le ho Sunnah e le “kufr”, empa e sa tleng ka sebopeho sa se tsebahalang (Maʼrūf “Al”), empa e tla ele lentsoe le sa tsebahaleng (Munkar), Mehlala ea eona e mengata, har’a eona ke: hadith ea Abu Huraira (Eka Allah A ka mo khotsofalla) ea itseng: Muhammad ﷺ o itse:
«اثْنَتَانِ فِي النَّاسِ هُمَا بِهِمْ كُفْرٌ: الطَّعْنُ فِي النَّسَبِ، وَالنِّيَاحَةُ عَلَى المَيِّتِ».
«Ho na le lintho tse peli har’a batho tse nkoang ele kufr: ho nyelisa leloko la motho (nasab),
le ho bokolla ka tsela e feteletseng sebakeng sa mofu»4.
2) Ho lumela ho Mangeloi:
Ona ke karolo ea masanonoeng (ghayb), Allah Ea Phahameng O a bopile ka khanya, Etsoe a khumamela Allah, Ha ana ts'oanelo ea Borena (Rububiyyah) kapa ea ho khumameloa (Uluhiyyah), 'Me ona ha a khone ho etsa sebe ka seo a se laetsoeng, a etsa seo a laetsoeng ho se etsa, ’Me ke palo e ngata haholo; ha ho ea ka a balang ntle le Allah Ea Phahameng.”.
Ho lumela ho Mangeloi ho kenyelletsa lintho tse ’ne:
1- Ho lumela ho boteng ba ona.
2- Ho lumela ho Mangeloi ao re tsebang mabitso a ona; joaloka: Jibril, Mikail, Israfel, le ba bang. ’Me re lumela le ho ao re sa tsebeng mabitso a ona, ka kakaretso.
3- Ho lumela ho boleng ba ona boo re bo tsebang, bo hlalositsoeng ho Qur’an le Sunnah; Joalokaha Moporofeta ﷺ a hlalositse kamoo Jibril khotso le mahlohonolo li be ho eena a leng ka teng; O ile a re o mo bone ka sebopeho seo Allah – Ea Phahameng – A mo bopileng ka sona, ’me o na le mapheo a makholo a ts'eletseng (600), a neng a tletse sepakapaka sohle.
4- Ho lumela mesebetsing ea ona eo re e tsebang; joaloka ho tlotlisa Allah (tasbīh) le ho Mo rapela bosiu le mots'eare ntle le ho khathala kapa ho tepella.
Mohlala: Jibril: ke eena ea tlisang ts'enolo (wahy).
Israfel: o filoe mosebetsi oa ho letsa terompeta (sūr).
Lengeloi la lefu: le filoe mosebetsi oa ho nka phefumoloho ha nako ea ho shoa hoa motho e fihlile.
Malik: ke mohlokomeli oa Mollo (Jahannam). Ridwān: ke mohlokomeli oa Jannah (Paradeise), le a mang kantle ho ana.
3) Ho lumela ho Libuka:
’Me se boleloang ka Libuka ke: libuka tsa Leholimo tseo Allah – Ea Phahameng – a li senotseng ho Barumuoa ba Hae, e le tataiso bakeng sa batho le mohau ho bona, hore ba tle ba fumane thabo lefats'eng le Maholimong.
ʼMe tumelo ho Libuka (tsa Leholimo) e kenyelletsa lintho tse 'ne:
1- Ho lumela hore ruri li senotsoe ke Allah, li tsoa ho Eena ele kannete.
2- Ho lumela ho tseo re tsebang mabitso a tsona har’a tsona; joaloka Qur’an e ileng ea theoleloa ho Muhammad ﷺ, Le Torah e ileng ea theoleloa ho Musa (khotso e be holim’a hae), Le Injil e ileng ea theoleloa ho Isa (khotso e be holim’a hae), Le Zabur e ileng ea fuoa Dawud (khotso e be holim’a hae).
Empa tseo re sa tsebeng mabitso a tsona, re li lumela ka kakaretso.
3- Ho netefatsa litaba tsa tsona; joaloka litaba tsa Qur’an le litaba tsa libuka tse fetileng tse sa kang tsa fetoloa.
4- Ho sebetsa ka melao ea tsona e sa kang ea hlakoloa le ho e amohela le ho ikokobelletsa eona ekaba re utloisisa bohlale ba eona kapa re sa bo utloisise. ’Me libuka tsohle tse fetileng li hlakotsoe ke Qur’an e Halalelang; Ka hona ha ho lumellehe ho sebetsa ka melao ea libuka tse fetileng ntle le eo ho netefalitsoeng hore e nepahetse, ’me Qur’an e Halalelang kapa Sunnah ea Moprofeta e o tiisitse.
4) Ho lumela ho Barumuoa (khotso e be le bona):
Barumuoa (Rusul): ke bongata ba lentsoe “Morumuoa” (Rasūl); ke motho ea tsoang har’a batho eo Allah A mo senolelang molaetsa (wahy) ka molao oa bolumeli, ’me a laeloa hore a o fetisetse ho batho. Morumuoa oa pele ke Nooe (Nūh) khotso e be le eena,
’me oa ho qetela ke Muhammad ﷺ, Ke batho ba bopiloeng, Ha ba na letho ho lits'oanelo tsa Rubūbiyyah (Borena ba Allah) le Bomolimo.
Ho lumela ho barumuoa ho akarelletsa:
1- Ho lumela hore molaetsa oa bona ke ’nete e tsoang ho Allah, kahoo mang kapa mang ea latolang molaetsa oa e mong oa bona, o latotse bohle,
2- Ho lumela ho bao re tsebang mabitso a bona har’a bona ka mabitso a bona, joaloka: Muhammad, Ibrahim (Abrahama), Musa (Moshe), Isa (Jesu), le Nuh (Nooe) — khotso le lithapelo tsa Allah li be ho bona. Ke barumuoa ba nang le boikemisetso bo matla le mamello e kholo.
Empa bao re sa tsebeng mabitso a bona, re lumela ho bona ka kakaretso, Allah Ea Phahameng O itse:
﴿وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا رُسُلٗا مِّن قَبۡلِكَ مِنۡهُم مَّن قَصَصۡنَا عَلَيۡكَ وَمِنۡهُم مَّن لَّمۡ نَقۡصُصۡ عَلَيۡكَ...﴾
{Ruri, Re rometse barumuoa pele ho uena; har’a bona ho na le bao Re u phetetseng ka bona, ’me har’a bona ho na le bao Re sa u phetelang ka bona...} [Ghāfir: 78].
3- Ho lumela ’nete ea litaba tsohle tse netefalitsoeng ka bona, khotso e be le bona.
4- Ho sebetsa ka molao (Shari’ah) oa ea rometsoeng ho rona ho tsoa har’a bona, ’me ke oa ho qetela ho bona: Muhammad ﷺ.
5) Ho lumela ho Letsatsi la ho Qetela:
Ke Letsatsi la Tsoho (Qiyāmah) leo ho lona batho ba tla tsosoa ho tsoa mabitleng a bona bakeng sa ho balloa liketso le ho fuoa moputso kapa kotlo, Le bitsitsoe joalo hobane ke letsatsi la ho Qetela, kaha batho ba Leholimo (Jannah) ba tla hlola ka ho sa feleng mahaeng a bona, ’me batho ba Mollo (Jahannam) le bona ba tla hlola ka ho sa feleng mahaeng a bona.
’Me tumelo ho Letsatsi la ho Qetela e akarelletsa lintho tse tharo:
A- Tumelo ea tsoho (Al-Ba‘th) ea bafu:
Ke ho tsosoa ha bafu, ha terompeta (sūr) e letsoa ka lekhetlo la bobeli, ’Me batho ba tla ema ka pel’a Mong’a mafats'e ohle, ba tla tsoha ba sena lieta maotong, ba hlobotse ba sa ikoahela, ’me ba sa bolotsoa (botoneng ba bona), Allah Ea Phahameng O itse:
﴿كَمَا بَدَأْنَا أَوَّلَ خَلْقٍ نُعِيدُهُ وَعْدًا عَلَيْنَا إِنَّا كُنَّا فَاعِلِينَ 104﴾
{Joalokaha Re qalile popo ea pele, Re tla e khutlisa hape. Ke ts'episo e holim’a Rona; Re tla e etsa} [Al-Anbiyā’: 104].
B- Tumelo ho ho baloa ha liketso le moputso kapa kotlo (Al-Hisāb le Al-Jazā’):
Moo mohlanka a tla balloa liketso tsa hae, ’me a fuoe moputso kapa kotlo ho ea ka tsona, Allah Ea Phahameng O itse:
﴿إِنَّ إِلَيۡنَآ إِيَابَهُمۡ 25 ثُمَّ إِنَّ عَلَيۡنَا حِسَابَهُم 26﴾
{Ruri ho Rona ke ho khutla ha bona 25
ʼMe ruri, ho Rona ke ho ba balla (liketso tsa bona) 26} [Al-Ghāshiyah: 25–26]
C- Tumelo ho Leholimo (Jannah) le Mollo (Nār):
ʼMe bobeli ba tsona ke qetello ea ka ho sa feleng ea libopuoa; Leholimo ke sebaka sa thabo le monyaka seo Allah Ea Phahameng A se lokiselitseng balumeli ba Mo ts'abang le ba Mo mamelang le Morumuoa oa Hae ﷺ, Ka ho sona ho na le lintho tseo leihlo le so kang le li bona, tsebe e so kang e li utloa, ’me tse song ho be teng le mehopolong ea motho.
Haele Mollo (Jahannam); Ke lehae la kotlo, Leo Allah Ea Phahameng A le lokiselitseng ba sa lumeleng ho Allah ’me ba sa ka ba mamela Barumuoa ba Hae. Le ts'oere mefuta e fapaneng ea bohloko le kotlo e matla, e so kang e nahanoa ke kelello ea motho.
6) Ho lumela ho Al-Qadr (botle le bobe ba eona):
Se boleloang ka Qadr: Ke taelo le khetho ea Allah Ea Matla Ohle ea lintho tsohle tse tla etsahala, ho latela tsebo ea Hae e neng e se e le teng pele le bohlale ba Hae bo phethahetseng bo laolang tsohle.
Ho lumela ho Al-Qadr ho kenyelletsa lintho tse 'ne:
1- Tsebo (ʼilm): Ke tumelo ea hore Allah Ea Matla Ohle O na le tsebo, hore O tseba tsohle tse kileng tsa etsahala le tse tla etsahala, kamoo li tla etsahalang kateng, ka kakaretso le ka lintlha ho tloha ho se fetileng ho ea ho se ke keng sa fela. O tseba seo ho neng ho sa reroa hore se be teng hore na se ne se tla ba joang hoja se ne se bile teng, joalokaha A boletse:
﴿وَلَوۡ رُدُّواْ لَعَادُواْ لِمَا نُهُواْ عَنۡهُ ...﴾
“Leha ba ne ba ka khutlisetsoa (lefatsʼeng), ba ne ba tla boela ho tseo ba neng ba li hanetsoe...”
[Al-An‘am: 28].
2- Ho Ngola: Sena se bolela taba ea hore Allah Ea Matla Ohle O ngotse litekanyo tsa ntho e 'ngoe le e 'ngoe ho fihlela Letsatsing la Tsoho, joalokaha Ea Phahameng, A itse:
﴿أَلَمۡ تَعۡلَمۡ أَنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ مَا فِي ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِۚ إِنَّ ذَٰلِكَ فِي كِتَٰبٍۚ إِنَّ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرٞ 70﴾
{Na ha u tsebe hore Allah O tseba tsohle tse Leholimong le lefatšeng? Ee, seo se ngotsoe bukeng (ea litaelo) 'me seo ke ntho e bonolo ho Allah.}
[Al-Hajj: 70].
3- Thato e Halalelang: Ena ke tumelo ea hore ha ho letho le etsahalang Maholimong le lefats'eng ntle le seo Allah Ea Matla Ohle A se ratang, Ea Matla Ohle O re:
﴿وَرَبُّكَ يَخۡلُقُ مَا يَشَآءُ وَيَخۡتَارُ ...﴾
{'Me Morena Oa hao O bopa seo A se ratang le seo A se khethang…} [Al-Qasas: 68] 'Me batho ba na le thato e sa kheloheng thatong ea Molimo joalokaha Molimo Ea Matla Ohle A re:
﴿وَمَا تَشَآءُونَ إِلَّآ أَن يَشَآءَ ٱللَّهُ رَبُّ ٱلۡعَٰلَمِينَ 29﴾
{'Me ha u rate ntle le hore Allah A rate, Morena Oa mafats'e.} [At-Takwir: 29].
4- Popo (Khalq): Ke ho lumela hore Allah Ea Matla Ohle ke Eena Ea bopileng libopuoa tsohle hape O bopile mesebetsi le liketso tsa bona ebang ke tse ntle kapa tse mpe. Allah Ea Holimo-limo O itse:
﴿ٱللَّهُ خَٰلِقُ كُلِّ شَيۡءٖۖ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٖ وَكِيلٞ 62﴾
{Allah ke ’Mopi Oa lintho tsohle, ’me Ke Mohlokomeli le Motsamaisi Oa lintho tsohle.}
[Az-Zumar: 62].
’Me maemo ana (a Qadar) a bokelletsoe thothokisong ena:
Tsebo ke ho ngoloa hoa thato ea Mong’a rona, le popo ea Hae — e leng ho hlahisa le ho bopa
Karolo ea Boraro: Al-Ihsān:
Al-Ihsān: Ke ts'iea ele ’ngoe, ’me ke hore: U khumamele Allah joalokaha eka u ea Mo bona; empa ha u sa khone ho Mo bona, ruri Eena O ea u bonang.
Moelelo oa sena ke hore, Motho a etse seo Allah A mo laetseng ho se etsa sa borapeli, joalokaha eka o eme ka pel’a Allah Ea Matla Ohle, Sena se etsa hore ho be le ts'abo e phethahetseng (khushūʿ) le ho khutlela ho Allah ka pelo eohle. Hape ho hloka hore borapeli bo etsoe ho latela Sunnah ea Morumuoa ﷺ.
Al-Ihsān e na le maemo a mabeli, ’me ba etsang Ihsān ba fapana ka maemo a bona:
Boemo ba pele: ’me ke bo phahameng ka ho fetisisa, ke boemo ba pono (maqām al-mushāhadah); Ke hore mohlanka a khethe ho sebeletsa Allah ea Matla Ea Ohle joalokaha eka o 'mona ka pelo ea hae, ebe pelo e khants'etsoa ke tumelo (Iman), ho fihlela lintho tse sa bonahaleng (tse patiloeng) li e-ba joaloka lintho tseo a li bonang ka mahlo.
Boemo ba bobeli: Ke boemo ba Bots'epehi (Ikhlas) le ho elelloa hore Allah O ea u bona (Muraqabah); Ke hore mohlanka a etse mesebetsi ea hae le ho hopola hore Allah O ea mo bona ebile O mo shebile. Ha a hopola sena ka pelong, o ba le boikokobetso le botsʼepehi bo hloekileng ho Allah Ea Holimo-limo.
Sehlooho sa bone: Kakaretso e khuts'oane ea metheo ea Ahlus-Sunnah wal-Jamā‘ah:
Ea pele: Ho latela se tlileng ka Bukeng ea Allah (Qur’ān) le Sunnah, kahare le kantle; Le ho se etelletse pele mantsoe a motho ofe kapa ofe ho feta mantsoe a Allah Ea Matla Ohle le mantsoe a Morumuoa oa Hae ﷺ.
Ea bobeli:
Ho hloeka ha lipelo tsa bona le maleme a bona mabapi le Barutuoa ba Morumuoa oa Allah ﷺ; ’Me ba lumela hore Khalifa kamor'a Morumuoa oa Allah ﷺ ke:
Abu Bakr ebe Umar ebe Uthman ebe Ali eka Allah A ka khahlisoe ke bona kaofela.
Ea boraro: Ho rata ba lelapa la Morumuoa oa Allah ﷺ le ho ba ts'ehetsa;
’me ba lelapa la hae ﷺ ke ba lokileng har’a bona ka ho khetheha.
Ea bone: Ho se tsohele baetapele le babusi matla, leha ba ka se be le toka sechabeng, ho tsʼoanetse hore ba etsetsoa du‘ā hore Allah A ba lokise le ho ba fa bophelo bo botle, ’Me ho se etsoe du‘ā khahlanong le bona. Ho ba mamela ke setlamo ha feela ba sa qobelle batho ho hanyetsa molao ea Allah Ea Matla Ohle. haeba ba laela sebe, ha ba mameloe tabeng eo, empa ho ba mamela linthong tse lokileng ho ntse ho tlama.
Ea bohlano: Ho lumela mehlolong ea Awliyā’ (bahlanka ba lokileng ba Allah); Eona ke lintho tse makatsang tse sa tloaelehang, tseo Allah A li etsang ka matsoho a bona.
Ea bots'elela: Ha ba etse takfīr (ho bitsa molumeli Kaffir) ho batho ba Qiblah (Mamoseleme) ka lebaka la libe feela kapa libe tse kholo, joalokaha Khawārij ba etsa, empa boemo ba tumelo bo ntse bo le teng leha ho ena le libe, Ba re ka motho ea etsang sebe:
ke molumeli (mu’min) ka lebaka la tumelo ea hae, empa ke fāsiq ka lebaka la sebe sa hae se seholo.
Khaolo ea bobeli: Lintho tse amanang le liketso tsa khumamelo (ʼibadaat).
Sehlooho sa pele: Bohloeki (Tahārah):
Tahārah puo e bolela: bohloeki le ho itokolla lits'ileng ebang ke tse bonahalang ka mahlo (tse bonahalang 'meleng) kapa tse amanang le moea le boits'oaro (tse sa bonahaleng).
Ka molao (Shari‘ah): ke ho tlosoa hoa hadath (boemo ba ho se hloeke bo thibelang motho ho etsa liketso tsa khumamelo joaloka thapelo) le ho tlosoa hoa najis (lits'ila kapa ntho e silafatsang). ʼMe Tahārah ke senotlolo sa Thapelo, Ka hona, ho ithuta ka bohloeki (tahārah) ke e ’ngoe ea lintho tse kholo ka ho fetisisa litabeng tsa bolumeli tseo Lemoseleme le leng le le leng le lokelang ho ithuta ka tsona le ho li ela hloko.
Ea pele: Mefuta kapa likarolo tsa metsi:
1- Tahūr (metsi a hloekileng): metsi ao a ka sebelisoang ho itlhoekisa ka ʼona (a loketseng bohloeki), ebang a ntse a le boemong ba ʼona ba tlholeho; joaloka metsi a pula, a linoka, kapa a leoatle, kapa a kopane le ntho e hloekileng (tāhirah) empa ntho eo e sa a hlole kapa e sa a fetole hoo metsi a ka lahleheloang ke lebitso la ona la hore ke metsi.
2- Najis (metsi a silafetseng): ha a lumelloe ho sebelisoa; ha a tlose hadath, ebile ha a hloekise najāsah (tsila), ke metsi ao ’mala oa ona, monko oa ona kapa tatso ea ona li fetohileng ka lebaka la ntho e silafetseng (najāsah).
3- Al-Najāsah:
Al-Najāsah: ke mofuta oa ts'ila o ikhethang, o thibelang thapelo; joaloka moroto, mantle, mali le tse ling. Lits'ila tsena li ka ba ’meleng, sebakeng sa thapelo kapa liaparong.
Molao oa motheo oa lintho tsohle: Ke hore li lumelletsoe (molaong) ebile li hloekile, mang kapa mang ea reng ntho e itseng e silafetse (najis) o tsʼoanetse ho fana ka bopaki. Hape, tse latelang hase lits'ila (Najis): Mamina (Nukhamah), mofufutso oa motho le mofufutso oa tonki; tsena li hloekile (tāhir) leha li ka nkoa e le lits'ila ka tlholeho. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e najis ke lits'ila, empa hase lits'ila tsohle tse najis.
Najāsah e arotsoe ka mekhahlelo e meraro:
1- Najāsah Mughalladhah (Lits'ila tse matla haholo);
Mohlala: ts'ila tsa ntho eo ntja e noeleng ka ho eona (kapa eo e nyekileng ka leleme), tsela ea ho e hloekisa: ke hore e hlatsuoe makhetlo a supileng ’me lekhetlo la pele e be ka mobu.
2- Najāsah Mukhaffafah (ts'ila e bobebe):
Mohlala: moroto oa lesea la moshemane le ntseng le anya (ea sa jeng lijo tse tiileng), ha o ka ama seaparo kapa ntho e itseng. Tsela ea ho o hloekisa: ke ho fafatsa metsi holim’a ona ho fihlela metsi a o koahela ’me ha ho hlokahale ho hohla kapa ho tlhotla.
3- Najāsah Mutawassitah (ts'ila e bohareng):
Mohlala ke moroto le mantle a motho le boholo ba lits'ila ha li oela fats'e kapa holim'a liaparo le tse joaloka tsona. Mokhoa oa ho li hloekisa: Ke ka ho tlosa ntho eo ea ts'ila haeba e bonahala le ho hlatsoa sebaka sa eona ka metsi kapa lisebelisoa tse ling tsa ho hloekisa.
Le tse ling tseo ho nang le bopaki ba hore li najis (lits'ila ka molao [Shari‘ah]):
1- Moroto oa motho le mantle a hae.
2- Madhiy le Wadiy5.
3- Mantle a phoofolo eo nama ea eona esa jeoeng.
4- Mali a khoeli le khoeli a bomme (haydh) le mali a kamor'a ho beleha (nifās).
5- Mathe a ntja.
6- Setopo (sa phoofolo e shoeleng e sa ka ea hlajoa) empa ho na le tse sa kenelleng mona joaloka:
a- Motho ha a shoele.
b- Setopo sa tlhapi le tsie (lerutle).
C- Phoofolo e shoeleng e se nang mali a phallang; joalo ka lits'ints'i, kokonyana, linots'i le tse ling tse joalo.
d- Masapo a setopo, lenaka la sona, manala a sona, boea ba sona le masiba a sona.
Mokhoa oa ho hloekisa najāsah e tlosoa ka:
1- metsi, ’me ona ke ona motheo oa ho hloekisa najāsah; ka hona ha ho sebelisoe ntho e ’ngoe ha metsi a le teng.
2- Tse tlileng ka Shari‘ah mabapi le mokhoa oa ho hloekisa lintho tse najis kapa tse silafetseng ka najāsah:
a- Letlalo la phoofolo e shoeleng le hloekisoa ka ho le etsa tanning (ho le hloekisa mali e be oa le thakhisa ho le omisa e be oa le fala e be oa le suoa).
b- Ho hloekisa sejana seo ntja e ileng ea noa ho sona kapa ea se nyeka: se hlatsuoa makhetlo a supileng ’me la pele le etsoa ka mobu.
c- Ho hloekisa seaparo ha se silafalitsoe ke mali a ho ilela khoeli; ka ho se hohla ebe u se pikitla ka menoana e metsi ebe u se fafatsa ka metsi ’me haeba ho ka sala lets'oao ka mor’a moo ha ho kotsi.
d- Ho hloekisoa ha ntlha e tlaase ea seaparo sa mosali; ho hloeka ka mobu o hloekileng oo a tsamaeang holim’a oona ka mor’a moo.
e- Ho hloekisa seaparo ho tsoa morotong oa lesea la moshanyana le anyesoang; ka ho se fafatsa ka metsi empa moroto oa ngoanana o hloekisoa ka ho hlatsuoa.
f- Ho hloekisa seaparo ho tsoa ho madhiy (mokelikeli o tsoang pele ho peo); ka ho fafatsa metsi sebakeng seo.
g- Ho hloekisa bokatlase ba seeta kapa meqathatso; ka ho se hohla kapa ho se hlakola mobung o hloekileng.
h- Ho hloekisa sebaka ho tsoa ho najasah; ka ho ts'ela nkho ea metsi sebakeng seo kapa ka ho se tlohela ho fihlela se omella ka letsatsi kapa ka moea. Ha mesalla ea najasah e nyamela, sebaka se ba se hloekileng.
Ea boraro: Lintho tse hanetsoeng bakeng sa Muhdith (ea boemong ba ho se hloeke ka molao):
Lintho tse thibetsoeng ho motho ea nang le hadath (ts'ila) e nyenyane kapa e kholo:
1- Ho etsa thapelo (Salāh) ebang ke thapelo e tlamang kapa ea boikhethelo; hobane ho tlalehiloe ho tsoa ho Abdullah ibn Umar (Allah A ba khotsofalle ka bobeli) hore Moporofeta ﷺ o itse:
«لَا يَقْبَلُ اللَّهُ صَلَاةً بِغَيْرِ طُهُورٍ».
«Allah Ha A amohele thapelo ntle le bohloeki (tahārah)»6.
2- Ho ama Mus-haf (Qurʼān); hobane ho tlalehiloe lengolong leo Morumuoa ﷺ a ileng a le ngolla Amr ibn Hazm, moo a neng a itse:
«لَا يَمَسُّ الْقُرْآنَ إِلَّا طَاهِرٌ».
«Ha ho motho ea lokelang ho ama Qurʼān ntle le ea hloekileng (ea nang le tahārah)»7.
3- Ho potoloha (tawāf) Ntlong ea khale (al-Bayt al-‘Atīq); hobane Moporofeta ﷺ o itse:
«الطَّوَافُ بِالْبَيْتِ صَلَاةٌ، إِلَّا أَنَّ اللَّهَ أَبَاحَ فِيهِ الْكَلَامَ».
«Tawāf Ntlong (Ka‘bah) ke thapelo empa Allah O lumelletse hore ho buuoe ho eona»8. Ho boetse ho tlalehiloe hore Muhammad ﷺ o ile a etsa wudhūʼ pele a etsa tawāf, Hape ho netefalitsoe ho eena ﷺ hore o ile a thibela mosali ea nang le haydh (matsatsi a ho ilela khoeli) ho etsa tawāf ho Ntlo (Ka‘bah) ho fihlela a hloeka.
Haele lintho tse hanetsoeng ka ho khetheha ho motho ea nang le hadath (ts'ila) e kholo (janābah), ke tsena:
1- Ho bala Qurʼān; Ka lebaka la hadīth ea Ali ibn Abi Talib (Allah a khotsofale ka eena): “Ho ne ho se na letho le neng le mo thibela - ke hore Moporofeta ﷺ - ho bala Qurʼān ntle le janābah (boemo ba hadath e kholo)9.
2- Ho lula ka har’a masjid ntle le wudhūʼ; Ka lebaka la polelo ea Allah Ea Phahameng:
﴿يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَقۡرَبُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَأَنتُمۡ سُكَٰرَىٰ حَتَّىٰ تَعۡلَمُواْ مَا تَقُولُونَ وَلَا جُنُبًا إِلَّا عَابِرِي سَبِيلٍ حَتَّىٰ تَغۡتَسِلُواْ...﴾
{Oho! Lona ba lumetseng! Le se ke la atamela thapelo ha le tahiloe ho fihlela le tseba seo le se buang hape le se ke la atamela ha le le junub (boemong ba janābah) ntle le haeba le feta feela tseleng (le paroletsa sebakeng sa thapelo) ho fihlela le etsa ghusl...} [Sūrah an-Nisāʼ: 43].
Kahoo haeba motho ea nang le hadath e kholo (janābah) a etsa wudhūʼ, ho lumelloa hore a lule kahar’a masjid. Hape ho lumelloa hore motho ea nang le hadath e kholo a fete kahar’a masjid ha feela a feta, ntle le ho lula kahare ho oona.
Ea bone: Mekhoa e metle (Adab) ea ho ithusa (ke hore, ha motho a ea ntloaneng ho nts'a moroto kapa mantle):
Se khothaletsoang (ho molemo) ha motho a ea ho ithusa:
1- Ho ea hole le batho le ho ipatela bona ka ntloaneng.
2- Ho bua du‘ā e tlalehiloeng ha motho a kena (ntloaneng), eleng:
«اللَّهُمَّ إِنِّي أَعُوذُ بِكَ مِنَ الْخُبْثِ وَالْخَبَائِثِ».
«Oho Allah! Ke batla ts'ireletso ho Uena khahlanong le khubuth le khabāith (meea e mebe, mademona a matona le a mats'ehali a phelang ka har’a matloana)»10.
Lintho tse tlamang motho ha a ithusa ke:
1- Ho its'ireletsa hore moroto o se ke oa mo silafatsa (ka ho qoba hore moroto o oele ’meleng kapa liaparong).
2- Ho koahela likariolo tsa bona kapa bots'ehali (ʿawrah).
Lintho tse hanetsoeng ha motho a ithusa:
1- Ho tobana le (shebisa 'mele lehlakoreng la) Qiblah (sebaka seo barapeli ba talimang ho sona ha ba rapela) kapa ho e fa mokokotlo (ho e furalla) ha a ithusa.
2- Ho ithusetsa litseleng tseo batho ba fetang ho tsona kapa libakeng tseo batho ba li sebelisang.
3- Ho nts'etsa moroto metsing a sa phalleng (metsi a emeng).
Lintho tse sa rateheng (makrūh) ha motho a ithusa ke:
1- Ho ama setho sa botona ka letsoho le letona ha u ithusa.
2- Ho itlhoekisa (istinjāʼ kapa istijmār) ka letsoho le letona.
3- Ho bua, haholo-holo ho bua ka ho hopola Allah (dhikr) ha motho a ntse a ithusa.
Ea bohlano: Melao ea Istinjā (ho itutula ka metsi) le Istijmār (ho itutula ka lejoe kapa pampiri kapa lintho tse ts'oanang tse sebelisoang ho itutula):
Istinjā (Ho itlhoekisa ka metsi): Ke ho tlosa lits'ila tse tsoang likarolong tse peli u sebelisa metsi (sebaka seo moroto o tsoang le teng le seo mantle a tsoang le teng).
Istijmār (Ho itlhoekisa ntle le metsi): Ke ho tlosa lits'ila tse tsoang likarolong tse boletsoeng tse peli u sebelisa lintho tse ling ntle le metsi; joaloka majoe kapa masela kapa pampiri.
Maemo a ntho e ka sebelisoang bakeng sa Istijmār (ho itlhoekisa ka majoe, pampiri, joalo-joalo):
1- E tlameha ho ba ntho e lumelletsoeng (e seng harām).
2- E tlameha ho ba e hloekileng (tāhir).
3- E tlameha ho ba e hloekisang hantle.
4- E se ke ea eba lesapo kapa khapane ea phoofolo.
5- E se ke ea eba ntho e hlomphehang, joalo ka lipampiri tse nang le Lebitso la Allah.
Ho lumelletsoe ho sebelisa Istijmār feela tlas'a mabaka ana a mabeli:
1- Hore lits'ila li se ke tsa namela libakeng tse ling tsa 'mele ntle le moo li tsoang teng tloaelong.
2- Hore ho sebelisoe majoe a mararo (kapa ho hlakola hararo) a hloekisang sebaka seo ka ho phetheha, kapa ho feta moo ha ho hlokahala.
Ea bots'elela: Melao ea Wudhu (boitlhoekiso pele ho Salāh):
Wudhū e fetoha setlamo (Wājib) bakeng sa liketso tsena tse tharo tsa borapeli:
1- Thapelo (Salāh): ekaba e tlamang (Fardh) kapa ke ea boikhethelo (Nafl).
2- Ho ama Qur'an (Mus-haf).
3- Ho potoloha (pota-pota) Ka'bah (Tawāf): Nakong ea Hajj kapa ʼUmrah.
Lipehelo tsa Wudhūʼ (Shurūt al-Wudhū):
1- Islam: Motho ea etsang Wudhūʼ o tlameha hore ebe ele Lemoseleme.
2- Al-ʼAql: Motho o tlameha ho ba le kelello e hlaphohetsoeng (a sa hlanye, a sa ferekana kapa a sa taoa).
4- At-Tamyīz: Motho o tlameha ho ba lilemong tseo a seng a khona ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng.
4- Niyah (Sepheo): Sebaka sa sepheo ke ka pelong. Ho se bolela ka molomo (ka mantsoe) ke ntho e ncha e sa lumelloang thutong ea mantlha ea bolumeli (ke Bid'ah), Motho ofe kapa ofe ea itokisetsang ho etsa Wudhūʼ, o se a ntse a na le sepheo seo pelong ea hae, Leha ho le joalo, ho hlatsoa litho tsa Wudhūʼ ka sepheo sa ho ipholisa (ha ho chesa) kapa ho itlhoekisa lits'ila feela, ha se Wudhūʼ e lumelletsoeng bakeng sa borapeli.
5- Ho tsoela pele ka niyyah (sepheo): Ke hore a se ke a ikemisetsa ho khaotsa niyyah ea hae ho fihlela bohloeki (Tahārah) ba hae bo phethahala.
6- Ho khaotsa ha ntho e bakang ho robeha ha Wudhūʼ, Empa ho na le ba sa keneng molaong ona, e leng: Motho ea nang le lefu la ho tsoa ha moroto o sa khaotseng (sils ad-dā’im). Mosali ea nang le mali a istihādhah (mali a sa tloaelehang a sa amaneng le ha a ilela khoeli).
7- Istinjā kapa Istijmār pele ho Wudhūʼ: ho motho eo ho tsoileng ho eena moroto kapa mantle.
8- Hore metsi a sebelisoang sebakeng sa wudhūʼ a be a hloekile ebile ele a hloekisang hape a be a lumelletsoeng ho sebelisoa (eseng a utsuoe kapa a hapuoeng).
9- Ho tlosa ntho efe kapa efe e thibelang metsi ho fihla letlalong, joaloka pente, wax, pente ea manala, hlama kapa ntho efe kapa efe e etsang sekoahelo letlalong.
10- Ho kena ha nako ea thapelo ho motho ea nang le hadath e sa feleng, joaloka motho ea nang le ho lutla ha moroto (silsilatul-bawl) kapa mosali ea nang le ho tsoa mali ho sa feleng (istihādah).
Fardh (litlamo) tsa Wudhūʼ:
1- Ho hlatsoa sefahleho, ho kenyeletsa ho hlatsoa lehano (madhmadhah) le ho kenya metsi ka linkong (istinshāq).
2- Ho hlatsoa matsoho ka bobeli ho fihla litsung.
3- Ho pholla hlooho kaofela (ka matsoho a metsi), ho kenyeletsa litsebe.
4- Ho hlatsoa maoto ka bobeli ho fihla maqaqailaneng.
5- Ho latela tatellano pakeng tsa litho tsa wudhūʼ, joalokaha li boletsoe.
6- Ho hlatsoa ka ho latellana ntle le tieho (Al-Muwālāt): Motho ha a lokela ho siea nako e telele pakeng tsa ho hlatsoa setho se seng le se se latelang.
Mokhoa oa ho etsa Wudhūʼ:
1- Ho bolela lebitso la Allah (At-Tasmiyah): U re "Bismillah" (Ka lebitso la Allah) pele u qala.
2- Ho hlatsoa liatla makhetlo a mararo.
3- Ho hlatsoa sefahleho hararo: Sena se akarelletsa Al-Madhmadhah (ho tsukunya lehano) le Al-Istinshāq (ho hula metsi ka linko ebe u ea a mina).
4- Ho hlatsoa matsoho ho fihla litsung hararo: Qala ka letsoho le letona, ebe u etsa se ts'oanang ka letsohong le lets'ehali.
5- Ho pholla hlooho le litsebe.
6- Ho hlatsoa maoto ho fihla maqaqailaneng hararo: Qala ka leoto le letona u hlatsoe ho fihla maqaqailaneng, ebe u etsa se ts'oanang ka leotong le lets'ehali.
Lintho tse senyang wudhūʼ:
1- Ntho e tsoang litseleng tse peli (kapele kapa ka morao) joaloka: moroto, ho nts'a moea le mantle.
2- Lits'ila li fe kapa li fe tse tsoang 'meleng ka bongata.
3- Ho lahleheloa ke kelello ka lebaka la boroko kapa ntho e ’ngoe.
4- Ho ama litho tsa botona kapa bots'ehali ka letsoho ebang ke ka pele kapa ka morao ntle le seaparo kapa ntho e thibelang.
5- Ho ja nama ea kamele.
6- Bokoenehi, e se eka Allah a ka re boloka re le Mamoseleme kaofela khahlanong le bona.
Ea bosupa: Melao ea ho pholla holim’a khuf le jawrab:
1- Khuf (likausi tsa letlalo): ke tse roaloang maotong tse entsoeng ka letlalo kapa ntho e ts'oanang le lona.
2- Jawrab: ke tse roaloang maotong tse entsoeng ka boea, k’hothone, kapa lintho tse ling tse ts'oanang le tsona.
Maemo a ho hlakola holim’a khuf le jawrab:
1- Ho li roala ka mor’a hore motho a be a phethile bohloeki (wudhūʼ) ka botlalo.
2- Li tsʼoanetse ho koahela maoto kaofela ho fihlela ho maqaqailana.
3- Li tsʼoanetse ho ba tse hloekileng (tse se nang najāsah).
4- Ho pholla ho tsʼoanetse ho ba nakong e behiloeng (nako e lumelletsoeng ea ho pholla).
5- Ho pholla ho etsoa feela ho wudhūʼ, eseng ho ghusl (ho hlapa ho felletseng).
6- Khuf kapa se ts'oanang le eona e tsʼoanetse ho ba se lumelletsoeng. Haeba e utsitsoe (maghsoob) kapa e le silika ho monna, ha ho lumelloe ho hlakola holim’a eona, hobane ntho e thibetsoeng ha e lumelloe ho sebelisoa bakeng sa litokelo tsa bolumeli.
Nako ea ho pholla:
Bakeng sa motho ea lulang sebakeng sa habo (muqeem): Letsatsi le leng le bosiu bo le bong (lihora tse 24). Bakeng sa moeti kapa motsamai (musāfir): matsatsi a mararo le masiu a ona (lihora tse 72).
Mokhoa oa ho pholla:
Motho o kolobisa matsoho ka metsi, ebe o hlakola holim’a jawrab kapa khuf ka holimo ho pholla ho qala ho tloha menoaneng ea maoto ho ea moomong, lekhetlo le le leng feela.
Lintho tse felisang ho hlakola:
1- Ho fela ha nako ea ho hlakola.
2- Ho rola likausi ka bobeli kapa e le 'ngoe ea tsona.
3- Ho hlaheloa ke boemo bo hlokang ho hlapa ho feletseng (Hadath al-Akbar):
Lebaka la ho hlakola holim’a khuf:
Ho hlakola holim’a khuf ke tumello eo Allah a e fileng Mamoseleme. Ho e etsa ho molemo ho feta ho rola khuf le ho hlatsoa maoto, hobane ke ho amohela tumello ea Allah Ea Matla Ohle le ho latela mohlala oa Moporofeta ﷺ, hape ke ho fapana le ba qapang lintho tse ncha bolumeling (bid‘ah).
3- Ho hlakola holim’a jabā’ir, ‘asā’ib le lisūq:
Jabā’ir: Ke lintho tse tlamelloang holim’a masapo a robehileng, tse kang samente, lithupa kapa tse ling tse ts'oanang le tsona.
Al-'Asa'ib: Ke se tlamelloang holim'a leqeba, ho ruruha kapa ho cha; ebang ke lesela (bandage) kapa ntho e ts'oanang le lona.
Lisūq: Ke lisebelisoa tse khomaretsoang holim'a maqeba kapa litlhokonyaneng molemong oa kalafo.
Molao holim’a ho hlakola holim’a tsona:
Ho lumelloa:
ha ho na le tlhoko ea hore li lule li le teng, ka pehelo ea hore li se ke tsa feta sebaka sa tlhoko.
Ha e lumellehe: haeba tlhoko ea tsona e felile (kotsi e folile), kapa haeba ho li tlosa ho ke ke ha baka mathata kapa kotsi.
Mokhoa oa ho pholla holim'a tsona:
O hlatsoa ho potoloha le tsona, o hlakola holim’a tsona ka mahlakore ohle, Ha ho pholloe karolo e fetang sebaka sa wudhūʼ.
Ea borobeli: Melao ea Tayammum:
Tayammum: ke ho pholla sefahleho le matsoho (ho fihlela manonyeletso a letsoho) ka lerole kapa mobu o hloekileng (sa‘īd), ka morero oa bohloeki (tahārah), ka mokhoa o khethehileng.
Molao (hukm) holim’a Tayammum:
Tayammum e nka (wājib) sebaka sa wudhūʼ kapa ghusl, ha metsi a sa fumanehe, kapa ha motho a sa khone ho a sebelisa (ka lebaka la bokuli kapa kotsi).
Bohlale ba ho lumelloa ha Tayammum:
Tayammum ke e ’ngoe ea lintho tse khethehileng ho Ummah (sechaba) ea Moporofeta Muhammad ﷺ. E ne e sa tsejoe lichabeng tsa mehleng e fetileng pele ho Moporofeta Muhammad ﷺ. Sena ke katoloso le mosa o tsoang ho Allah ho sechaba sena, ele ho se nolofaletsa le ho bonts'a kutloelo-bohloko ho sona.
Maemo ao ho lumelloang ho etsa Tayammum:
1- Haeba ho se na metsi: Ebang u le hae kapa u le leetong, ha u a batla 'me u sa a fumane.
2- Haeba ho na le metsi empa a hlokahala bakeng sa ho noa kapa ho pheha: Haeba u ka a sebelisetsa ho itloekisa, u ka 'na oa itematsa ka baka la lenyora ebang ke uena kapa ba bang (batho kapa liphoofolo tseo ho hanetsoeng ho li bolaea) ba nang le lenyora.
3- Haeba ho sebelisa metsi ho ka baka kotsi 'meleng: Ka baka la boloetse kapa ts'abo ea hore ho ka nka nako e telele hore u fole haeba u sebelisa metsi.
4- Haeba u sitoa ho sebelisa metsi ka baka la boloetse: Mohlala, ha u sa khone ho sisinyeha 'me ho se na motho ea ka u thusang ho etsa wudhūʼ, 'me u ts'aba hore nako ea Salah e tla fela.
5- Haeba u ts'aba serame se feteletseng ka ho sebelisa metsi: 'me u sa fumane mokhoa oa ho a futhumatsa; boemong boo, u ka etsa Tayammum 'me oa rapela.
Mokhoa oa ho etsa Tayammum:
O lokela ho beha liatla tsa hae leroleng (ka menoana e arohantsoeng): Ebe o pholla sefahleho sa hae ka karolo e ka hare ea menoana ea hae 'me o pholla matsoho a hae ka liatla tsa hae. O lokela ho netefatsa hore o pholla sefahleho kaofela le liatla ka bobeli ho fihlela manonyeletsong a matsoho.
Lintho tse felisang Tayammum:
1- Ho fumaneha ha metsi:
Haeba u ne u entse Tayammum ka baka la hore metsi a ne a le sieo, matla a eona a fela hang ha u fumana metsi, kapa ho khona ho sebelisa metsi haeba u ne u entse Tayammum ka baka la ho sitoa ho sebelisa metsi.
2- E felisoa ke e 'ngoe ea lintho tse felisang wudhūʼ kapa e 'ngoe ea lintho tse tlamang motho ho hlapa ho feletseng (Ghusl), joaloka janābah (boemo ba kamor'a likamano tsa thobalano), nako ea ho ilela khoeli kapa mali a kamor'a pelehi.
Molao holim’a motho ea sa khoneng ho sebelisa metsi kapa tayammum:
Motho ea sa fumaneng metsi le mobu, kapa ea fihletseng boemo boo a sa khoneng ho ama letlalo ka metsi kapa mobu, o rapela ho ea ka boemo ba hae, ntle le wudhūʼ le ntle le tayammum; hobane Allah Ha A qobelle motho ho feta bokhoni ba hae. Ha ho ka etsahala hore hamorao a fumane metsi kapa mobu, kapa a khone ho li sebelisa, ha a phete lithapelo tseo a seng a li entse, hobane o entse seo a laetsoeng ho se etsa, Sena se thehiloe mantsoeng a Allah:
﴿...فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ مَا ٱسۡتَطَعۡتُمۡ...﴾
{...Kahoo ts'abang Allah kamoo le ka khonang...} [At-Taghābun: 16], Le mantsoeng a Moporofeta ﷺ:
«إِذَا أَمَرْتُكُمْ بِأَمْرٍ فَأْتُوا مِنْهُ مَا اسْتَطَعْتُمْ».
«Ha ke le laela ka ntho, etsang ho eona kamoo le ka khonang.»11.
Molemo: ha motho a etsa tayammum ka lebaka la janābah ebe hamorao a fumana metsi, o tsʼoanetse ho hlapa ghusl (ho itlhoekisa ka botlalo).
Ea borobong: Melao ea haydh le nifās:
Taba ea pele: Haydh (ho ilela khoeli):
Ke mali a tlholeho ea mosali, a tsoang karolong e ka tlaase ea popelo ka linako tse itseng tse tsejoang. Hangata a tla khoeli le khoeli ka matsatsi a ka bang 6 kapa 7 empa a ka eketseha kapa a fokotseha. Hape nako ea ho ilela khoeli e ka lelefala kapa ea khutsufala, ho latela kamoo Allah A entseng tlhaho ea mosali kateng.
Melao sebakeng sa mosali ea ilelang khoeli:
1- Mosali ea ilelang khoeli ha a rapele ebile ha a itime nakong ea haydh ’me ha ho amoheloe (thapelo kapa boitimo) ho eena.
2- Ha a hloekile (ha haydh e felile), o lokela ho buseletsa (qadā’) matsatsi a ho itima a ileng a mo feta ka lebaka la ho ilela khoeli empa ha a lefe lithapelo tse mo fetileng.
3- Ha ho lumelloe hore a etse tawāf ho pota-pota Ka‘bah, Ha bale Qur’ān. kapa a lule ka masjid. 4- Ho thibetsoe monna ho robala le eena ka thobalano ho fihlela haydh e emisa ’me a hlapile (a entse ghusl).
5- Monna oa mosali ea matsatsing o lumelletsoe ho ithabise le eena ntle le thobalano, joaloka ho sunana, ho phollana le tse ling tse ts'oanang le tseo.
6- Ha ho lumelloe hore monna a mo hlale (talāq) ha a ntse a ilela khoeli (hāidh).
Ho hloeka (At-Tuhr): ke ho khaotsa ha mali. Hang ha mali a khaotsa, mosali o se a hloekile, 'me nako ea hae ea ho ilela khoeli e felile. Boemong bona, o tlameha ho hlapa ho feletseng (Ghusl), kamor'a moo, o lokela ho khutlela ho phetha lintho tsohle tseo a neng a thibetsoe ho li etsa ka baka la ho ilela khoeli (joaloka thapelo le boitimo).
'Me haeba a bona ho tsoa lits'ila tse mebala (bosootho kapa boseehla) kamor'a hore a hlape (ghusl) le ho emisa ho ilela khoeli; ha a lokela ho li nkela hloohong (ha li baloe e le mali a ho ilela khoeli).
Ea bobeli: Nifaas (mali a kamor'a pelehi):
Ke mali a tsoang ka popelong ka lebaka la ho beleha le kamor’a ho beleha. Ke masalla a mali a neng a bolokiloe nakong ea bokhachane.
Melao ea Nifas e ts'oana le ea haidh ho se lumelletsoeng; joaloka ho thabela lerato le mosali ntle le ho kopanela liphate (ho kena kahar'a setho sa bots'ehali).
Har'a lintho tse thibetsoeng ke: ho etsa thobalano, le ho thibeloa ho itima, ho rapela, ho hlala, ho etsa Tawaf, ho bala Qur’ān, le ho lula ka masjid, hape ho ea tlama ho hlapa (ghusl) ha mali a hae a khaotsa, joaloka mosali ea neng a le matsatsing (haidh).
O tlameha ho lefa matsatsi a ho itima ao a mo tlotseng, empa ha a lefele lithapelo; ha a li lefe, joaloka mosali ea neng a le matsatsing.
'Me nako e telele ka ho fetisisa ea eona ke matsatsi a mashome a mane. 'me haeba mali a nifās a emisa pele ho matsatsi ana a mashome a mane, nako eo e felile; o tlameha ho hlapa (ho etsa ghusl), a rapele, 'me a ka tsoela pele ka lintho tseo a neng a thibetsoe ho li etsa ka lebaka la nifās.
Sehlooho sa Bobeli: Thapelo:
Ea pele: Melao ea Adhān le Iqāmah:
Adhān e ile ea laoloa ka selemo sa pele sa Hijra (Ho falla ha Moporofeta ﷺ), 'me lebaka la ho laeloa ha eona ke hobane e ne e se e le ntho e boima ho bona ho tseba linako tsa thapelo; kahoo ba ile ba rera ho beha lets'oao bakeng sa tsona, Joale Abdullah bin Zaid (Allah A khahlisoe ke eena) o ile a bonts'oa Adhān ena torong, 'me Ts'enolo ea e tiisa.
Adhān: Ke phatlalatso ea ho kena ha nako ea thapelo. Iqāmah: Ke phatlalatso ea ho ema bakeng sa thapelo (ho qala thapelo hang-hang).
Adhān le Iqāmah ke setlamo se akaretsang (fardh kifāyah) ho sehlopha sa banna bakeng sa lithapelo tse tlamang, 'me ke tsona matsʼoao a bonahalang a Islamo; kahoo ha ho a lumelleha ho li emisa kapa ho li tlohela.
Maemo a hlokahalang bakeng sa Adhān:
1- Motho ea bitsang Adhān (Muadhin) e tlameha ho ba motho e mo tona.
2- Adhān e tlameha ho latellana ka tatellano e nepahetseng (ho latela mantsoe a eona).
3- Adhān e tlameha ho latellana ntle le khefu e telele lipakeng tsa mantsoe.
4- Adhān e tlameha ho etsoa kamor'a hore nako ea thapelo e kene; sena se khetholla: Adhān ea pele ea Fajr le ea thapelo ea Labohlano (Jumu'ah).
Sunnah tsa Adhān:
1- Ho kenya menoana ea hae ea bosupa litsebeng tsa hae.
2- Ho bitsa Adhān hang feela ha nako ea thapelo e qala.
3- Ho reteletsa molala ka letsohong le letona le le lets'ehali ha ho thoe "Hayya 'ala-s-Salah" le "Hayya 'ala-l-Falah".
4- Motho ea bitsang Adhān (Muadhin) o tlameha ho ba le lentsoe le monate kapa le hlakileng.
5- Ho bitsa mantsoe a Adhān ka boiketlo (butle), ntle le ho otlolla mantsoe ka tsela e feteletseng kapa e sa hlokahaleng.
6- Ho ema (ho phomola) kamor'a polelo ka 'ngoe ea Adhān.
7- Ho sheba nģa ea Qiblah (Ka'bah) nakong ea ha ho bitsoa Adhān.
Adhān e na le lipolelo tse leshome le metso e mehlano (15), joalokaha Bilal (Allah A khahlisoe ke eena) a ne a lula a e hoelehetsa pel'a Morumuoa oa Molimo (khotso e be holim'a hae).
Mantsoe a Adhān:
Molimo O Moholo-holo (Allahu Akbar): Makhetlo a mane.
Ke beha bopaki hore ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa kantle ho Allah (Ash-hadu an lā ilāha illa Allāh): makhetlo a mabeli.
Ke beha bopaki hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah (Ash-hadu anna Muhammadar Rasūlullāh): makhetlo a mabeli.
Tlohong thapelong (Hayya ‘ala s-salāh): makhetlo a mabeli,
Tlohong katlehong (Hayya ‘ala al-falāh): makhetlo a mabeli.
Ebe o re: (Allāhu Akbar): makhetlo a mabeli.
Ebe phethela ka: Ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa kantle le Allah (Lā ilāha illa Allāh): lekhetlo le le leng.
ʼMe ka nako ea Fajr kamor’a hore Hayya ‘ala al-falāh o eketsa ka hore: Thapelo e molemo ho feta boroko (Aṣ-salātu khayrun mina n-nawm) makhetlo; hobane ke nako eo hangata batho ba robetseng.
Iqamāh e na le lipolelo tse leshome le motso o le mong, tseo a li bitsang ka potlako; hobane ke tsebiso ho ba seng ba ntse ba le teng (kahar’a Masjid) kahoo ha ho hlokahale ho a lelefatsa.
Sebopeho sa eona ke sena:
(Allāhu Akbar): makhetlo a mabeli.
(Ash-hadu an lā ilāha illa Allāh): lekhetlo le le leng.
(Ash-hadu anna Muhammadar Rasūlullāh): lekhetlo le le leng.
(Hayya ‘ala s-salāh): lekhetlo le le leng.
(Hayya ‘ala al-falāh): lekhetlo le le leng.
Thapelo ese e qalile (Qad qāmati s-salāh): makhetlo a mabeli.
(Allāhu Akbar): makhetlo a mabeli.
(Lā ilāha illa Allāh): lekhetlo le le leng.
Ho khothaletsoa hore mang kapa mang ea utloang pitso ea thapelo (Adhān) a phete mantsoe a Mu'adhin (motho ea hoelelletsang thapelong) ntle le ha a re: "Hayya 'ala-s-Salah" (Tlohong thapelong) le "Hayya 'ala-l-Falah" (Tlohong katlehong). Maemong ana a mabeli, o lokela ho re: (Laa hawla wa laa quwwata illa billah). Ebe kamor'a moo, o lokela ho romela litumeliso le litlhohonolofatso ho Moporofeta ﷺ. Ebe o re kamor'a moo:
«اللهمَّ رَبَّ هَذِهِ الدَّعْوَةِ التَّامَّةِ، وَالصَّلَاةِ القَائِمَةِ، آتِ مُحَمَّدًا الوَسِيلَةَ وَالفَضِيلَةَ، وَابْعَثْهُ مَقَامًا مَحْمُودًا الَّذِي وَعَدْتَهُ، إِنَّكَ لَا تُخْلِفُ الْمِيعَادَ».
«Allahumma Rabba hadhihid-da'watit-tammah, was-salatil-qa'imah, aati Muhammadan al-wasilata wal-fadhilah, wab'ath-hu maqaman mahmudan alladhi wa'adtah, innaka la tukhliful-mi'ad»12.
Hape o lokela ho re:
«رَضِيتُ بِاللَّهِ رَبًّا، وَبِالْإِسْلَامِ دِينًا، وَبِمُحَمَّدٍ ﷺ نَبِيًّا».
«Radhitu Billahi Rabban, wa bil-Islami dinan, wa bi-Muhammadin ﷺ Nabiyyan»13.
Ho hanetsoe (ke haram) ho tsoa ka Masjid kamor'a hore pitso ea thapelo (Adhān) e hoelehetsoe, ntle le haeba motho a na le lebaka le utloahalang kapa a na le sepheo sa ho khutla kapele.
Hape, ha ho kopanngoa lithapelo tse peli (tse kang Dhuhr le Asr kapa Maghrib le Isha) ho lekane ho etsa Adhān e le 'ngoe feela, empa ho etsoa Iqamah (pitso ea ho qala thapelo) e arohaneng bakeng sa thapelo ka 'ngoe.
Ea Bobeli: Boemo le bokhabane ba Salah:
Salah ke ts'iea ea bohlokoa ka ho fetisisa har’a lits'iea tsa Islam kamor'a shahadatayn (bopaki ba tumelo). E na le boemo bo ikhethang, hobane Allah O e laetse Moporofeta ﷺ bosiu ba Mi‘rāj a le Maholimong, Sena se bonts'a boholo ba eona, bohlokoa ba ho e phetha le boemo bo phahameng boo e nang le bona ho Allah Ea Matla Ohle.
Ho na le litemana le litlaleho tse ngata (Hadith) tse buang ka melemo ea thapelo le ho tlama hoa eona ho motho ka mong (Fardh 'Ayn). taba ea hore thapelo e ea tlama ke ntho e tsebahalang haholo le ho utloisisoa ele karolo ea mantlha ea bolumeli ba Islam eo ho seng motho ea ka e latolang.
Har’a tse bonts'ang hore thapelo e ea tlama tse tiileng, ho na le litemana tse ngata tsa Qur’ān le Sunnah. Har’a tsona ke:
1- Polelo ea Allah Ea Phahameng:
﴿...إِنَّ ٱلصَّلَوٰةَ كَانَتۡ عَلَى ٱلۡمُؤۡمِنِينَ كِتَٰبٗا مَّوۡقُوتٗا﴾
“…Ruri thapelo e laetsoe ho ba lumelang ka linako tse behiloeng…” [An-Nisā’: 103]. Moelelo: ke hore thapelo e laetsoe ka linako tse itseng tseo Moporofeta ﷺ a li hlalositseng.
2- Le polelo ea Hae Ea Matla Ohle:
﴿وَمَا أُمِرُوا إِلَّا لِيَعْبُدُوا اللَّهَ مُخْلِصِينَ لَهُ الدِّينَ حُنَفَاءَ وَيُقِيمُوا الصَّلَاةَ...﴾
“Ha baa ka ba laeloa letho haese ho rapela Allah, [ba] Mo ts'epahalle bolumeling, ba sekametse 'neteng le ho tiisa thapelo…” [Al-Bayyinah: 5].
Le polelo ea Ea Matla Ohle:
﴿فَإِنْ تَابُوا وَأَقَامُوا الصَّلَاةَ وَآتَوُا الزَّكَاةَ فَإِخْوَانُكُمْ فِي الدِّينِ...﴾
“Haeba ba baka (ba khutlela ho Allah), ba phethahatsa thapelo, ’me ba fana ka Zakat, joale ke banab’abo lona tumelong…” [At-Tawbah: 11].
4- Ho tsoa ho Jabir (Eka Allah A ka khotsofala ke eena), hore Morumuoa oa Allah (khotso e be holim'a hae) o itse:
«إِنَّ بَيْنَ الرَّجُلِ وَبَيْنَ الشِّرْكِ وَالْكُفْرِ تَرْكُ الصَّلَاةِ».
«'Ruri, se pakeng tsa motho le Shirk kapa Kufr ke ho tlohela Salat'»14.
Ho tsoa ho Buraidah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), o itse: Moporofeta Muhammad ﷺ o itse:
«العَهْدُ الَّذِي بَيْنَنَا وَبَيْنَهُمُ الصَّلَاةُ، فَمَن تَرَكَهَا فَقَدْ كَفَرَ».
«Selekane se pakeng tsa rona le bona ke thapelo; ka hona, mang kapa mang ea e tlohelang, ruri o se a kene ho ho hloka tumelo (kufr)»15.
Litsebi tsohle li lumellane ka ntsoe-leng hore motho ea latolang ho tlama hoa thapelo (hore ke setlamo) hase molumeli (Kafir). haele motho ea e tlohelang ka lebaka la botsoa kapa ho se tsotelle, maikutlo a nepahetseng ka ho fetisisa ke hore le eena ha se lemoseleme ke Kafir; sena se ipapisitse le hadith e nepahetseng e hlahisitsoeng pejana le ka tumellano ea Sahabah tabeng eo.
Ea boraro: Maemo (lipehelo) tsa thapelo:
1- Ho kena ha nako ea eona (thapelo):
Ka lebaka la polelo ea Allah:
﴿...إِنَّ ٱلصَّلَوٰةَ كَانَتۡ عَلَى ٱلۡمُؤۡمِنِينَ كِتَٰبٗا مَّوۡقُوتٗا﴾
“...Ruri thapelo e behiloe holim’a ba lumelang e le setlamo e na le linako tse behiloeng” [An-Nisa: 103]. Ho bolela hore: e behiloe e le setlamo ka linako tse lekantsoeng (tse behiloeng ka ho hlaka).
Linako tsa lithapelo tse tlamang ke tsena:
a- Fajr (thapelo ea meso): ho tloha ha mafube a hlaha ho fihlela ha letsatsi le chaba.
b- Dhuhr (thapelo ea mots'eare): ho tloha ha letsatsi le sekamela (le tloha bohareng ba leholimo) ho fihlela moriti oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe o lekana le bolelele ba eona.
C- Asr (thapelo ea mantsiboea): ho tloha ha nako ea Dhuhr e fela ho fihlela ha letsatsi le qala ho fetola 'mala (ho ba bosehla) 'me nako ea ts'ohanyetso ke ho fihlela ha letsatsi le likela.
D- Maghrib (thapelo ea ho likela ha letsatsi): ho tloha ha letsatsi le likela ho fihlela ha bofubelu ba leholimo bo nyamela.
E- Isha (thapelo ea bosiu): ho tloha ha nako ea Maghrib e fela ho fihlela halofo ea bosiu.
2- Ho koahela ‘Awrah:
’Awrah ke se lokelang ho koaheloa ’me ke ntho e mpe hore e bonahale hape motho o lokela ho hlajoa ke lihlong ha e pepesitsoe. ’Awrah ea monna ke ho tloha mpeng (mokhubung) ho ea mangoleng, Mosali eena 'mele oa hae kaofela ke ’awrah thapelong, ntle le sefahleho sa hae, ’Me o koahela sefahleho sa hae haeba a le pel'a banna ba sa amaneng le eena (bao e seng mahram a hae).
3- Ho qoba bohlasoa (najāsah):
Najasa ke ts'ila e khethehileng e thibelang motho ho rapela, joaloka moroto, mantle, mali le tse ling. E ka hlaha ’meleng, sebakeng se itseng kapa ho liaparo.
4- Ho talima nq'a ea Qiblah:
Qiblah ke Ka‘bah e halalelang, ’me e bitsoa Qiblah ka lebaka la hore batho ba shebana le eona ha ba rapela.
Ka hona thapelo ha e amoheloe ntle le ho sheba Qiblah. ka lebaka la polelo ea Allah:
﴿...وَحَيۡثُ مَا كُنتُمۡ فَوَلُّواْ وُجُوهَكُمۡ شَطۡرَهُ...﴾
“...hohle moo le leng teng, le lebise lifahleho tsa lona nq'a ea eona (Ka'bah)...” [Al-Baqarah: 144].
5- An-Niyyah (Maikemisetso):
Ho ea ka puo: Ke morero kapa sepheo, ho ea ka molao oa bolumeli (Sharia): Ke boitlamo ba ho etsa mosebetsi oa borapeli ele mokhoa oa ho atamela haufi le Allah Ea Phahameng. Sebaka sa maikemisetso ke pelong, kahoo ha ho hlokahale hore motho a a bue ka molomo; haele hantle, seo ke boiqapelo (Bid’ah) bo sa lumelloang.
Ea bone: Lits'iea tsa thapelo (Salah):
Ke lits'iea tse leshome le metso e mene:
Ts'iea ea pele: Ho ema (thapelong) haeba bokhoni bo le teng:
Ka lebaka la polelo ea Allah Ea Holimo-limo:
﴿...وَقُومُواْ لِلَّهِ قَٰنِتِينَ﴾
“...’Me emang ka pel’a Allah ka boikokobetso...” [Al-Baqarah: 238], Le hadith ea Imraan (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), e marfūʼ:
«صَلِّ قَائِمًا، فَإِن لَمْ تَسْتَطِعْ فَقَاعِدًا، فَإِن لَمْ تَسْتَطِعْ فَعَلَى جَنْبٍ».
«Rapela u eme; haeba u sa khone rapela u lutse; ’me haeba u sa khone rapela u sekame ka lehlakore»16.
Haeba motho a sa khone ho ema ka lebaka la bokuli, o tla rapela ho ea ka boemo ba hae: a lutse kapa a robetse ka lehlakore, ʼMe mokuli o ts'oana le: motho ea ts'abang (kotsi), ea se nang liaparo (ea hlobotseng) le ea hlokang ho lula kapa ho robala bakeng sa kalafo e hlokang hore a se ke a ema. Hape ho lumelloa ho tlohela ho ema ho ea rapelang ka morao ho imām ea sa khoneng ho ema; haeba imām a rapela a lutse, le ba mo latelang ba tla rapela ba lutse ba mo latela. Ho lumelloa ho etsa lithapelo tsa boikhethelo (nawāfil) u lutse leha u khona ho ema empa moputso oa tsona ha o lekane le oa ea rapelang a eme.
Ts'iea ea bobeli: Takbir ea pele (e reng "Allahu Akbar") qalong:
Ka lebaka la polelo ea Moporofeta ﷺ:
«ثُمَّ اسْتَقْبِلِ الْقِبْلَةَ، وَكَبِّرْ».
«Ebe o lebisa sefahleho sa hao nqa ea Qiblah, ’me u etse Takbeer (u re: Allahu Akbar)»17.
'Me sebopeho sa eona (takbir) ke hore a re: (Allahu Akbar) ebile ha ho mantsoe a ka nkelang ana sebaka.
Ts'iea ea boraro: Ho bala Al-Fatihah:
Ka lebaka la polelo ea Moporofeta ﷺ:
«لَا صَلَاةَ لِمَنْ لَمْ يَقْرَأْ بِفَاتِحَةِ الْكِتَابِ».
«Ha ho na thapelo ho ea sa baleng Al-Fātihah (Pulo ea Buka)»18.
Ts'iea ea bone: Rukūʼ ho Rak’ah e ʼngoe le e ʼngoe:
Ka lebaka la polelo ea Allah Ea Phahameng:
﴿يَاأَيُّهَا الَّذِينَ آمَنُوا ارْكَعُوا وَاسْجُدُوا...﴾
“Oho! Lona ba lumetseng! Tonamang le be le oeng ka liphatla (le etse sujūd)…” [Al-Ḥajj: 77].
Lits'iea tse peli ea bohlano le ea bots'elela:'
Ho phahama ho tsoa ho rukūʼ, le ho ema ka ho otloloha (iʿtidāl) joalokaha a ne a eme pele ho eona; hobane Moporofeta ﷺ o ne a tsoela pele ho etsa sena kamehla.
’Me Moporofeta ﷺ a re ho motho ea neng a sa etse thapelo ea hae hantle:
«ثُمَّ ارْفَعْ حَتَّى تَعْتَدِلَ قَائِمًا».
«Joale phahama (ho tsoa ho rukūʿ) ho fihlela u ema ka ho otloloha»19.
Ts'iea ea bosupa: ho etsa sujūd ka litho tse supileng:
Tsona ke: phatla hammoho le nko, matsoho a mabeli, mangole a mabeli le bo kapele ba maoto (menoana ea maoto), Ka lebaka la polelo ea Moporofeta ﷺ:
«أُمِرْنَا أَنْ نَسْجُدَ عَلَى سَبْعَةِ أَعْظُمٍ: الجَبْهَةِ، وَأَشَارَ بِيدِهِ عَلَى أَنْفِهِ، وَالكَفَّيْنِ، وَالرُّكْبَتَيْنِ، وَأَطْرَافِ القَدَمَيْنِ».
«Re laetsoe ho etsa sujūd ka masapo a supileng: phatla — ’me a supa nko ka letsoho la hae —, liatla tse peli, mangole a mabeli, le menoana ea maoto»20.
Ts'iea ea borobeli: ho phahamisa hlooho ho tsoa sujūd le ho lula pakeng tsa sajdah tse peli:
Ho latela hadith ea ʿĀ’ishah (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke eena):
«كَانَ النَّبِيُّ ﷺ إِذَا رَفَعَ رَأْسَهُ مِنَ السَّجْدَةِ، لَمْ يَسْجُدْ حَتَّى يَسْتَوِيَ جَالِسًا».
«Moporofeta ﷺ ha a ne a phahamisa hlooho ea hae ho tsoa sujūd, o ne a sa etse sujūd hape ho fihlela a lula ka ho otloloha pele».21
Ts'iea ea borobong: ho ba le khutso (tuma’nīnah) likarolong tsohle tsa thapelo:
Ke hore: ho khutsa le ho tsitsa leha ele hanyenyane. Ka lebaka la polelo ea Moporofeta ﷺ ho motho ea neng a sa etse thapelo ea hae hantle:
«حَتَّى تَطْمَئِنَّ».
«Ho fihlela u tsitsitse»22.
Ts'iea ea leshome le ea leshome le motso o mong:
Tashahhud ea ho qetela le ho lula ha eona: Ho latela hadith ea Ibn Masʿūd (Eka Allah A ka khotsofala ka eena), e marfūʼ:
«إِذَا صَلَّى أَحَدُكُمْ فَلْيَقُلْ: التَّحِيَّاتُ لِلَّهِ وَالصَّلَوَاتُ وَالطَّيِّبَاتُ، السَّلَامُ عَلَيْكَ أَيُّهَا النَّبِيُّ وَرَحْمَةُ اللَّهِ وَبَرَكَاتُهُ، السَّلَامُ عَلَيْنَا وَعَلَى عِبَادِ اللَّهِ الصَّالِحِينَ، أَشْهَدُ أَنْ لَا إِلٰهَ إِلَّا اللَّهُ وَأَشْهَدُ أَنَّ مُحَمَّدًا عَبْدُهُ وَرَسُولُهُ».
«Ha emong oa lona a etsa thapelo, a re:
‘Litumeliso ke tsa Allah le lithapelo le lintho tsohle tse ntle. Khotso e be holim’a hao, uena Moporofeta le mohau oa Allah le litlhohonolofatso tsa Hae. Khotso e be holim’a rona le holim’a bahlanka ba lokileng ba Allah. Ke paka hore ha ho Molimo o ts'oaneloang ke khumamelo ntle le Allah ’me ke boela ke paka hore Muhammad ke mohlanka le Moromuoa oa Hae.’»23.
Ts'iea ea leshome le metso e ’meli: ho romela litlhohonolofatso ho Moporofeta ﷺ ho tashahhud ea ho qetela:
Ka ho re:
«اللَّهُمَّ صَلِّ عَلَى مُحَمَّدٍ».
«“Allahumma salli 'ala Muhammad
(Oho Allah, hlohonolofatsa Muhammad)”»24, ’Me se eketsehileng ho sena ke Sunnah.
Ts'iea ea leshome le metso e meraro: ho latellana ha likarolo tsa thapelo ka tatellano:
Hobane Moporofeta ﷺ o ne a li etsa ka tatellano, ’Me o itse:
«صَلُّوا كَمَا رَأَيْتُمُونِي أُصَلِّي».
«Rapelang joalokaha le bone ke rapela»25. ’Me o ile a ruta motho ea neng a sa etse thapelo hantle ka tatellano, a sebelisa lentsoe “ebe (thumma)”.
Ts'iea ea leshome le metso e mene: Taslīm:
Ho ea ka polelo ea hae ﷺ:
««وَخِتَامُهَا التَّسْلِيمُ».
«Qetello ea eona ke taslīm», Le polelo ea hae:
«وَتَحْلِيلُهَا التَّسْلِيمُ».
«'Me se lumellang motho ho tsoa thapelong ke ho fana ka litumeliso (Taslīm)»26.
Ea bohlano: Lintho tse tlamang tsa Thapelo:
Tsona li robeli ka palo:
1- Litakbīr (ho re Allahu Akbar) tsohle ntle le Takbīrat al-Ihram.
2- Ho re "Subhana Rabbiyal Adhīm" (Khanya e be ho Morena oa ka ea Moholo-holo) e lokela ho etsoa bonyane hang feela ha motho a le boemong ba rukū', Ho molemo ho ea ka Sunnah ho e pheta makhetlo a mararo, 'me sena se nkoa e le tekanyo e nepahetseng ka ho fetisisa, boemo bo phahameng: Ho e pheta ho fihlela makhetlo a leshome.
3- Ho re: «Sami’a Allahu liman hamidah» (Allah O utloa ea Mo rorisang); Sena se etsoa nakong ea ha motho a phahama ho tsoa ho Rukū’. Polelo ena e sebetsa ho imām (ea etellang ba bang pele thapelong) le ho motho ea rapelang a le mong.
4- Ho re: «Rabbana wa lakal-hamd» (Morena oa rona, thoriso tsohle ke tsa Hao); Sena se etsoa nakong eo motho a seng a eme a otlolohile hantle kamor'a ho phahama ho tsoa ho rukū' (Al-I’tidal).
5- Ho re: «Subhana Rabbiyal A'la» (Khanya e be ho Morena oaka ea Phahameng ka ho Fetisisa); Sena se etsoa nakong eo motho a otlileng fats'e ka phatla (Sujūd) ke setlamo ho se bua ha ʼngoe, Sunnah: Ho molemo ho e pheta makhetlo a mararo.
6- Ho re: «Rabbi-ghfir li» (Morena oaka nts'oarele) e tsoa ha motho a qeta ho lula lipakeng tsa li sajdah tse peli, ke setlamo ho e cho ha 'ngoe, Ke Sunnah ho eketsa ho ea ho makhetlo a mararo.
7. Tashahhud ea Pele (At-Tashahhud al-Awwal):
«التَّحِيَّاتُ لِلَّهِ، وَالصَّلَوَاتُ وَالطَّيِّبَاتُ، السَّلَامُ عَلَيْكَ أَيُّهَا النَّبِيُّ وَرَحْمَةُ اللَّهِ وَبَرَكَاتُهُ، السَّلَامُ عَلَيْنَا وَعَلَى عِبَادِ اللَّهِ الصَّالِحِينَ، أَشْهَدُ أَنْ لَا إِلٰهَ إِلَّا اللَّهُ وَأَشْهَدُ أَنَّ مُحَمَّدًا عَبْدُهُ وَرَسُولُهُ».
«"At-tahiyyātu lillāhi was-salawātu wattayyibātu. As-salāmu ‘alayka ayyuhan nabiyyu wa rahmatullāhi wa barakātuh. As-salāmu ‘alayna wa ‘ala ‘ibādillāhis sālihīn. Ash-hadu an la ilāha illallāh, wa ash-hadu anna Muhammadan ‘abduhu wa rasūluh" (Litumeliso tsohle ke tsa Allah le lithapelo tsohle le lintho tsohle tse molemo. Khotso e be holim'a hau, uena Moporofeta, le mohau oa Allah le litlhohonolofatso tsa Hae. Khotso e be holim'a rona le holim'a bahlanka ba Allah ba lokileng. Ke paka hore ha ho Molimo o lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah, 'me ke paka hore Muhammad ke mohlanka le Moromuoa oa Hae)»27.
8- Ho lula ho tashahhud ea Pele.
Ea bots'elela: liketso tsa Sunnah thapelong:
Mekhoa ena ea Sunnah ha e tloheloa (ebang ke ka boomo kapa ka phoso), thapelo ea motho ha e senyehe kapa hona ho fela matla, Mekhoa ena e arotsoe ka likarolo tse peli tse kholo: Sunnah-tsa-mantsoe (Qawliyyah) le Sunnah-tsa-liketso (Fie'liyah).
Ea pele: Sunnah-tsa-mantsoe:
1. Du'a ea Pulo (Du'a al-Istiftah), thapeli ena e na le mekhoa e fapaneng ea ho e bua 'me o mong oa eona ke ona:
«سُبْحَانَكَ اللَّهُمَّ وَبِحَمْدِكَ، وَتَبَارَكَ اسْمُكَ، وَتَعَالى جَدُّكَ، وَلَا إِلٰهَ غَيْرُكَ».
“Subhānakallāhumma wa bihamdika wa tabārakasmuka wa ta‘āla jadduka wa la ilāha ghayruk (Khanya e be ho Uena, Oho Allah, le thoriso tsohle ke tsa Hau. Lebitso la Hau le tletse mahlohonolo 'me boholo ba Hau bo phahametse tsohle 'me ha ho Molimo o lokeloang ke khumamelo ntle le Uena)”28.
2- Ho kopa sets'abelo (Al-Isti'adhah) pele u bala Al-Fatiha, Sena ke ho re: «Ke kopa ts'irelletso ho Allah khahlanong le Satane ea lelekiloeng (furalletsoeng).»
3. Ho qala ka lebitso la Allah (Al-Basmalah) pele u bala, Sena ke ho re: «"Bismillāhir-Rahmanir-Rahīm" (Ka lebitso la Allah, Ea Mosa, Ea Mohau)».
4. Ho pheta mantsoe a thoriso kamor'a lekhetlo la pele (Tasbīh) sena se sebetsa nakong ea Rukū’ le Sujūd).
5. Ho pheta kopo ea ts'oarelo:
«رَبِّ اغْفِرْ لِي».
«Rabbi-ghfir li» (Morena oaka, Nts'oarele). pakeng tsa sajdah tse peli.
6. Ho re:
«مِلْءَ السَّمَاوَاتِ، وَمِلْءَ الْأَرْضِ، وَمِلْءَ مَا بَيْنَهُمَا، وَمِلْءَ مَا شِئْتَ مِنْ شَيْءٍ بَعْدُ».
«Mil’ us-samāwāti wa mil’ ul-ardi wa mil’u ma baynahuma wa mil’u ma shi’ta min shay’in ba‘d» ([Thoriso e] tletseng Maholimo le e tletseng lefats'e le e tletseng se pakeng tsa tsona le e tletseng eng kapa eng eo U e ratang kamor'a moo), Kamor'a ho re:
«رَبَّنَا ولَكَ الحَمْدُ».
«Rabbana wa lakal-hamd»29. (Morena oa rona, 'me lithoriso tsohle li lebisoe ho Uena)
7. Ho bala (karolo e ngoe ea Qur’an) kamor'a Al-Fatihah.
8- Ho re:
«اللَّهُمَّ إِنِّي أَعُوذُ بِكَ مِنْ عَذَابِ جَهَنَّمَ، وَمِنْ عَذَابِ الْقَبْرِ، وَمِنْ فِتْنَةِ الْمَحْيَا وَالْمَمَاتِ، وَمِنْ فِتْنَةِ الْمَسِيحِ الدَّجَّالِ».
"Allāhumma inni a‘ūdhu bika min ‘adhābi jahannam wa min ‘adhābil-qabr, wa min fitnatil-mahya wal-mamāt, wa min fitnatil-masīh ad-dajjāl" (Oho Allah, ruri ke kopa ts'ireletso ho Uena khahlanong le kahlolo ea lihele [Jahannam] le khahlanong le kahlolo ea lebitla le khahlanong le liteko tsa bophelo le tsa lefu le khahlanong le teko ea sebata se loants'ang Mesiea [Dajjāl] )30. Sena se akaretsa kopo efe kapa efe kapa thapeli (Du'a) eo morapeli a ka e eketsang kamor'a ho qeta ho pheta Tashahhud ea ho qetela.
Ea bobeli: Sunnah-tsa-liketso:
1. Ho phahamisa matsoho, ho phahamisa matsoho ho fihlela a bapile le mahetla kapa litsebe libakeng tse 'ne:
a) Nakong ea Takbirat al-Ihram (ha u qala thapelo).
b) Nakong ea ho ea Ruku’ (ho inama).
c) Nakong ea ho phahama ho tsoa ho Ruku’ (ha u re Sami’allahu liman hamidah).
d) Nakong ea ho phahama ho ea ho Raka’ah ea boraro (kamor'a Tashahhud ea pele).
2. Ho beha letsoho le letona holim’a le le lets'ehali sefubeng nakong eo u emeng le kamor'a ho phahama ho tsoa ho rukūʼ.
3- Ho tsepamisa mahlo le ho sheba sebakeng seo u behang phatla ho sona, nakong ea Sujūd.
4- Ho thibela liphaka ho ama likhopo nakong ea Sujūd.
5- Ho suthisa mpa hore e se ke ea thetsa lirope nakong ea sujud.
6- Ho lula ka mokhoa oa iftirāsh maemong ohle a thapelo, ntle le ho tashahhud ea ho qetela, thapelong ea likarolo tse tharo kapa tse ’ne.
7- Ho lula ka mokhoa oa tawarruk ho tashahhud ea ho qetela ho Salah e likarolo li tharo kapa li 'ne.
Ea bosupa: mokhoa oa ho etsa Salah:
1- Ha Morumuoa oa Allah ﷺ a ema ho qala thapelo, o ne a lebisa sefahleho sa hae nq'a ea Qiblah, a phahamisa matsoho a hae, a lebisa ka bokahare ba menoana ea hae ho Qiblah, ebe o re:
«اللهُ أَكْبَر».
«Allahu Akbar» (Allah O Moholo-holo).
2- Ebe o ts'oara letsoho la hae le lets'ehali ka le letona, ’me o a beha sefubeng sa hae.
3- Ebe o qala ka thapeli ea pulo (du‘ā ea ho qala), ’me o ne a sa khomarele thapeli e le ’ngoe feela ea ho bula, Kahoo, lithapeli tsohle tsa ho bula tse netefalitsoeng ho tsoa ho eena li ka sebelisoa, har’a tsona ke ena:
«سُبْحَانَكَ اللَّهُمَّ وَبِحَمْدِكَ، وَتَبَارَكَ اسْمُكَ، وَتَعَالى جَدُّكَ، وَلَا إِلٰهَ غَيْرُكَ».
“Subhānakallāhumma wa bihamdika wa tabārakasmuka wa ta‘āla jadduka wa laa ilāha ghayruk” (Khalalelo e be ho Uena, Oho Allah, ’me thoriso tsohle li be ho Uena. Ho bokoe Lebitso la Hao, Boholo ba Hao bo phahamisoe ’me ha ho na Molimo o lokeloang ke khumamelo ntle le Uena).
4- Ebe o re:
«أَعُوذُ بِاللَّهِ مِنَ الشَّيْطَانِ الرَّجِيمِ، بِسْمِ اللَّهِ الرَّحْمَٰنِ الرَّحِيمِ».
"A‘ūdhu billāhi minash-shaytānir-rajīm, bismillāhir-Rahmānir-Rahīm" (Ke kopa ts'ireletso ho Allah khahlanong le Satane ea lelekiloeng).
5- Ebe o bala Al-Fatihah, ha a qeta: o re: «Āmīn».
6- Ebe o tla bala karolo e ʼngoe ea Qur’an e bobebe ho eena, ʼMe o phahamisa lentsoe (o bala ka lentsoe le utloahalang) ha a bala (Qur’an) thapelong ea Mesong (Fajr) le ho li-rak‘ah tse peli tsa pele tsa thapelo ea Maghrib le ‘Ishā’, ’me o balla ka pelong (ka lentsoe le khutsitseng) ho tse ling tsohle. Hape o lelefatsa rak‘ah ea pele thapelong e ’ngoe le e ’ngoe ho feta ea bobeli.
7- Ebe o phahamisa matsoho a hae joalokaha a ile a a phahamisa ho istiftāh (Pulo), Ebe o re: «Allahu Akbar», Ebe o theohela (inamela) ho rukū‘, O beha matsoho a hae mangoleng a butse menoana, a a tiisa hantle, a otlolla mokokotlo oa hae, ’me a etsa hore hlooho ea hae e be boemong bo lekanang le mokokotlo; a sa e phahamise kapa ho e theola, Ebe o re:
«سُبْحَانَ رَبِّيَ الْعَظِيمِ» مرةً.
«Subhāna Rabbiyal-‘Adhīm» (Khanya e be ho Morena oaka ea Phahameng ka ho fetisisa) sena o se bua ha ʼngoe, Bonyane bakeng sa phetheho: makhetlo a mararo, joalokaha ho boletsoe pejana.
8- Ebe o phahamisa hlooho ea hae a re:
«سَمِعَ اللَّهُ لِمَنْ حَمِدَهُ».
«Sami‘allahu liman hamidah» (Allah O utloa ea Mo rorisang), ’me o phahamisa matsoho a hae joalokaha a a phahamisa ha a inamela rukū‘.
9- Ha a se a eme ka ho otloloha, o re:
«اللَّهُمَّ رَبَّنَا وَلَكَ الْحَمْدُ، حَمْدًا كَثِيرًا طَيِّبًا مُبَارَكًا فِيهِ، مِلْءَ السَّمَاءِ، وَمِلْءَ الْأَرْضِ، وَمِلْءَ مَا بَيْنَهُمَا، وَمِلْءَ مَا شِئْتَ مِنْ شَيْءٍ بَعْدُ، أَهْلَ الثَّنَاءِ وَالْمَجْدِ، أَحَقُّ مَا قَالَ الْعَبْدُ، وَكُلُّنَا لَكَ عَبْدٌ، لَا مَانِعَ لِمَا أَعْطَيْتَ، وَلَا مُعْطِيَ لِمَا مَنَعْتَ، وَلَا يَنْفَعُ ذَا الْجَدِّ مِنْكَ الْجَدُّ».
“Allahumma Rabbana wa lakal-hamd, hamdan kathīran tayyiban mubārakan fīh, mil’as-samā’i, wa mil’al-ardh, wa mil’a mā baynahumā, wa mil’a mā shi’ta min shay’in ba‘d. Ahlath-thanā’i wal-majd, ahaqqu mā qāla al-‘abd, wa kullunā laka ‘abd. Lā māni‘a limā a‘tayta, wa lā mu‘tiya limā mana‘ata, wa lā yanfa‘u dhāl-jaddi minkal-jadd.” (“Oho Allah, Mong’a rona, thoriso tsohle ke tsa Hao — thoriso tse ngata, tse ntle, tse hlohonolofetseng. E tlatsang Maholimo le lefats’e le tsohle tse pakeng tsa tsona le tsohle tseo U li ratang kamor’a moo. U tsoaneloa ke thoriso le khanya. Mantsoe a ’nete ka ho fetisisa ao mohlanka a ka a buang, ’me kaofela ha rona re bahlanka ba Hao. Ha ho ea ka thibelang seo U faneng ka sona ’me ha ho ea ka fanang ka seo U se thibetseng ’me leruo kapa matla a motho ha a na thuso pel'a Hao.”)31 'Me o ne a tloaetse ho lelefatsa nako ena ea ho ema a otlolohile.
10- Ebe o re: “Allāhu Akbar” (Allah O Moholo-holo), ’me a itihela ka sefahleho (sujūd), Ebe o phahamisa matsoho, Ebe o oa fats'e ka phatla le nko, matsoho, mangole le menoana ea maoto, ’me o lebisa menoana ea matsoho le maoto nq'a ea Qiblah, ’me o otloloha hantle sujūdeng sa hae, ’me o tiisa phatla ea hae le nko fats'e, ’me o its’etleha ka matsoho a hae, a phahamisa litsoe tsa hae, Ebe o arohanya matsoho a hae le mahlakore a hae a 'mele, le ho phahamisa mpa ea hae hole le lirope, Le lirope tsa hae hole le 'moomo oa hae, Ebe o re ha a le sujūdeng sa hae:
«سُبْحَانَ رَبِّيَ الأَعْلَى».
“Subhāna Rabbiyal-A‘lā” (Khanya e be ho Mong’aka ea Phahameng ka ho Fetisisa) hang, 'Me hore e phethahale hantle ke ho e pheta makhetlo a mararo joalokaha ho boletsoe pejana, ’me o etsa (du‘ā) ka tseo ho tlalehiloeng hore o ne a li etsa.
11- Ebe o phahamisa hlooho ea hae a re: “Allāhu Akbar” (Allah o Moholo-holo), ebe o ala leoto la hae le lets'ehali fats'e, a lula holim’a lona, ’me a phahamisa leoto le letona, ’me o beha matsoho a hae holim’a lirope tsa hae, ebe o re:
«اللَّهُمَّ اغْفِرْ لِي، وَارْحَمْنِي، وَاجْبُرْنِي، وَاهْدِنِي، وَارْزُقْنِي».
“Allahummaghfir lī, warhamnī, wajburnī, wahdinī, warzuqnī.” (“Oho Allah, nts'oarele, u nkhauhele, u ntokise, u ntsamaise tseleng e nepahetseng ’me u mphepe.”)32.
12- Ebe o re: “Allāhu Akbar”, ’me a otle fats'e ka phatla (sujūd), ebe o etsa rak‘ah ea bobeli joalokaha a entse ho ea pele.
13- Ebe o phahamisa hlooho a ntse a re “Allāhu Akbar”, ebe o ema ka ho its'etleha ka menoana ea maoto a hae, a its’etlehile ka mangole le lirope.
14- Ha a se a eme ka botlalo, o qala ho bala (Qur’ān), O rapela rak‘ah ea bobeli joaloka ea pele.
15- Ebe o lula bakeng sa tashahhud ea pele ka mokhoa oa ho ala leoto (joalokaha a lula pakeng tsa sujūd tse peli), O beha letsoho la hae le letona holim’a serope sa hae se se tona le letsoho le lets'ehali holim’a serope sa hae se sets'ehali, O etsa selikalikoe ka monoana o mo tona le o bohareng letsohong le letona, O supa ka monoana oa bosupa ’me a o talimme, ebe o re:
«التَّحِيَّاتُ لِلَّهِ وَالصَّلَوَاتُ وَالطَّيِّبَاتُ، السَّلَامُ عَلَيْكَ أَيُّهَا النَّبِيُّ وَرَحْمَةُ اللَّهِ وَبَرَكَاتُهُ، السَّلَامُ عَلَيْنَا وَعَلَى عِبَادِ اللَّهِ الصَّالِحِينَ، أَشْهَدُ أَنْ لَا إِلٰهَ إِلَّا اللَّهُ وَحْدَهُ لَا شَرِيكَ لَهُ، وَأَشْهَدُ أَنَّ مُحَمَّدًا عَبْدُهُ وَرَسُولُهُ».
“Attahiyyātu lillāhi was-salawātu wat-tayyibāt, as-salāmu ‘alayka ayyuhan-nabiyyu wa rahmatullāhi wa barakātuh, as-salāmu ‘alaynā wa ‘alā ‘ibādillāhis-sālihīn, ash-hadu an lā ilāha illallāh wahdahu lā sharīka lah, wa ash-hadu anna Muhammadan ‘abduhū wa rasūluh.” (“Litumeliso tsohle ke tsa Allah le lithapelo le lintho tse ntle. Khotso e be holim’a hau, Oho Moporofeta le mohau oa Allah le mahlohonolo a Hae. Khotso e be holim’a rona le holim’a bahlanka ba Allah ba lokileng. Ke paka hore ha ho Molimo O lokeloang ke khumamelo ntle le Allah A le Mong, Ha A na molekane ’me ke paka hore Muhammad ke mohlanka oa Hae le Mormuoa oa Hae.”) ’Me o ne a fokotsa bolelele ba ho lula hona (a sa ho lelefatsa haholo).
16- Ebe o ema a re: “Allāhu Akbar” (Allah O Moholo-holo) ’me a rapele rak‘ah ea boraro le ea bone ’me o li khutsufatsa ho feta tse peli tsa pele, Ebe o bala ho tsona Sūrat al-Fātihah feela.
17- Ebe o lula bakeng sa tashahhud ea ho qetela ka mokhoa oa tawarruk, Tawarruk ke hore o ala leoto la hae le lets'ehali, a le nts'e ka lehlakoreng le letona, a emise leoto le letona,’me a lule tulong ea hae fats'e.
18- Ebe o bala tashahhud ea ho qetela, e ts'oanang le ea pele, ’me a eketse ka hore:
«اللَّهُمَّ صَلِّ عَلَى مُحَمَّدٍ وَعَلَى آلِ مُحَمَّدٍ، كَمَا صَلَّيْتَ عَلَى آلِ إِبْرَاهِيمَ، إِنَّكَ حَمِيدٌ مَجِيدٌ، وَبَارِكْ عَلَى مُحَمَّدٍ وَعَلَى آلِ مُحَمَّدٍ، كَمَا بَارَكْتَ عَلَى آلِ إِبْرَاهِيمَ، إِنَّكَ حَمِيدٌ مَجِيدٌ».
“Allahumma salli ‘alā Muhammad wa ‘alā āli Muhammad, kamā sallayta ‘alā Ibrahim wa ala āli Ibrāhīm, innaka hamīdum majīd. Wa bārik ‘alā Muhammad wa ‘alā āli Muhammad, kamā bārakta ‘alā Ibrahim wa ala āli Ibrāhīm, innaka hamīdum majīd.” (“Oho Allah! Romela khotso le mahlohonolo ho Muhammad le ho lelapa la Muhammad joalokaha U rometse ho lelapa la Ibrāhīm. Kannete, U Lokeloa ke thoriso ’me U Moholo. Hape hlohonolofatsa Muhammad le lelapa la Muhammad joalokaha U hlohonolofalitse lelapa la Ibrāhīm. Kannete, U Lokeloa ke thoriso ’me U Moholo.”)
19- ’Me o kopa ts'ireletso ho Allah khahlanong le kotlo ea Jahannam (lihele) le kotlo ea lebitla le liteko tsa bophelo le lefu le teko ea Masīh ad-dajjāl, O kopa ka lithapeli tse tlalehiloeng ho Qur’ān le Sunnah.
20- Ebe o fana ka salām ka lehlakoreng la hae le letona a re:
«السَّلَامُ عَلَيْكُمْ وَرَحْمَةُ اللَّهِ».
“As-salāmu ‘alaykum wa raḥmatullāh” (Khotso e be holim’a lona le mohau oa Allah), Ebe o etsa ka lehlakoreng la hae le lets'ehali ka mokhoa o ts'oanang; O qala salām a shebile Qiblah ’me o e qeta ha a se a retelehile ka botlalo.
Ea Borobeli: Lintho tse sa rateheng (makrūh) thapelong:
1- Ho sheba ka thoko ntle le lebaka.
2- Ho phahamisa mahlo ho sheba holimo.
3- Ho koala mahlo ntle le lebaka.
4- Ho beha matsoho ka litsoe fats'e ha a le sujūd.
5- Ho koahela molomo le linko ntle le lebaka.
6- Ho rapela ha a ntse a ts'oeroe ke mosese kapa mantle kapa ha ho na le lijo tseo a li lakatsang haufi le eena.
7- Ho pholla phatla le nko ho tlosa mesalla ea ntho efe kapa efe ea sujūd ha a ntse a rapela; empa ha ho bothata ho li hlakola kamor'a ho qeta thapelo.
8- Ho its’etleha ka lebota kapa ntho e ts'oanang ha a eme thapelong ntle le lebaka.
Ea Borobong: Lintho tse senyang thapelo:
1- Ho ja le ho noa.
2- Ho bua mantsoe a sa amaneng le thapelo.
3- Ho ts'eha haholo kapa ho teha ka lerata.
4- Ho tlohela ka boomo e ’ngoe ea lits'iea tsa bohlokoa kapa lintho tse tlamang tsa thapelo.
5- Ho eketsa ka boomo ts'iea kapa raka‘ah.
6- Ho fana ka salām pele ho imām ka boomo.
7- Ho etsa metsamao e mengata e latellanang e sa amaneng le thapelo ho sa hlokahale.
8- Ho etsa ntho e hananang le e ’ngoe ea maemo a thapelo; joaloka ho senyeha ha wudhū’, ho pepesa ‘awrah ka boomo, ho kheloha haholo ka ’mele ho tloha Qiblah ho sa hlokahale kapa ho khaola niyyah (sepheo sa thapelo).
Ea Leshome: Sujūd as-Sahw (ho etsa sujūd sa tebalo):
Sahw: ke ho lebala, kannete Moporofeta ﷺ o ile a lebala ka linako tse ling thapelong, hobane ho lebala ke karolo ea tlholeho ea motho, ’me ho lebala ha hae e ne e le karolo ea phetheho ea mohau oa Allah ho ummah ea hae le ho phethela tumelo ea bona, e le hore ba ka mo latela ho seo a ba laetseng sona ha ho ka etsahala ho lebala.
Mabaka a lumelletsoeng molaong bakeng sa Sujūd al-Sahw:
1- Boemo ba pele:
Keketseho (ho eketsa) thapelong, ekaba ke keketseho ea liketso kapa ea mantsoe:
A- Keketseho ea liketso: Ha keketseho e le ea mofuta oa liketso tsa thapelo, joaloka: ho ema moo ho lokelang ho lula teng kapa ho lula moo ho lokelang ho ema teng kapa ho eketsa rukū‘ (ho inama) kapa sujūd (ho oa fats'e ka phatla). Ha motho a etsa sena ka ho lebala; o lokela ho etsa sujūdus-sahw.
B- Keketseho ea mantsoe:
Joaloka ho bala Qur’ān nakong ea rukū‘ kapa sujūd,
ha a entse joalo; ho khothalletsoa hore a etse sujūdus-sahw.
2- Boemo ba bobeli:
Ho fokotsa (ho siea) ho hong thapelong ka lebaka la bolebali, 'me sena e ka ba e ’ngoe ea lintho tse peli:
A- Ho siea rukn (ts'iea ea bohlokoa ea thapelo): Haeba rukn ena ele Takbīratul-Ihrām (Allāhu Akbar ea ho qala thapelo), thapelo ea hae ha e ea nepahala ho hang 'me sujūdus-sahw ha se e lokise. Empa haeba ele rukn e ’ngoe ntle le Takbīratul-Ihrām, joaloka rukū‘ kapa sujūd : Ha a ka e hopola pele a qala ho bala raka‘ah e latelang, o lokela ho khutla hang-hang, a etse rukn eo le tse latelang ka mor’a eona.
Empa ha a e hopola kamor’a hore a qale ho bala raka‘ah e latelang, raka‘ah eo a siileng rukn ho eona ea hlakoloa 'me raka‘ah e latelang e nka sebaka sa eona.
B- Ho tlohela wājib (ntho e tlamang): Joaloka ho lebala tashahhud ea pele kapa ho se bue tasbīh nakong ea rukū‘. Boemong bona: o etsa sujūdus-sahw.
3- Boemo ba boraro: Pelaelo (Shakk):
Mohlala: Ha motho a belaela hore na o rapetse raka‘ah tse tharo kapa tse 'ne thapelong ea Dhuhr, boemo bo ba tjena:
A- Ha a ka ba le seo a se bonang se le matla (ho bonahala eka ke sona se nepahetseng): O latela seo se bonahalang se le matla ho eena, ebe o etsa sujūd as-sahw.
B- Haeba a se na ts'epo ho ntho le haele efe (a sa tsebe hore na ke efeng e nepahetseng): O tlameha ho tsoela-pele ka seo a nang le bonnete ka sona (yaqīn), ebe o etsa sujūdus-sahw.
Haeba pelaelo e tla kamor’a hore a qete thapelo kapa motho a e-na le lipelaelo khafetsa (a lula a belaela), ha a lokela ho e ela hloko.
Tlhokomeliso: Sujūdus-Sahw e etsoa pele ho salām: Ha e le ka lebaka la khaello (ho fokotsa) kapa ka lebaka la pelaelo moo ho seng letho le ileng la hlaka (ha ho letho le hlolang). ’Me e etsoa kamor’a salām: Ha ele ka lebaka la keketseho (ho eketsa) kapa ka lebaka la pelaelo moo a ileng a sebetsa ka se bonahalang se le matla (se hlolang), ’me taba ena e pharaletse, ka thato ea Allah Ea Phahameng.
Ea leshome le motso o mong: Linako tseo ho thibetsoeng ho etsa thapelo ho tsona:
Molaong oa motheo ke hore ho lumelletsoe ho etsa thapelo linakong tsohle, Empa le teng Shari‘ah e tlile ka thibelo ea thapelo linakong tse itseng, tse latelang:
1- Kamor'a thapelo ea Fajr ho fihlela letsatsi le chaba 'me le phahama bolelele ba lerumo ho tloha fats'e ho ea ka chebo ea mahlo.
2- Ha letsatsi le le bohareng ba leholimo ho fihlela le feta sehlohlolong sa lona 'me ena ke nako e khuts'oanyane ka ho fetisisa har'a linako tse joalo tse thibetsoeng.
3- Ho tloha nakong ea thapelo ea Asr ho fihlela letsatsi le likela, eleng nako e telele ka ho fetisisa linakong tse joalo tse thibetsoeng.
Lithapelo tse lumelloang ho etsoa linakong tsena tsa thibelo:
1- Ho lefella lithapelo tse tlamang tse siiloeng.
2- Lithapelo tse nang le mabaka, joaloka: tahiyyatul-Masjid (tumeliso ea Masjid), Rak‘ah tse peli tsa tawāf, salātul-Kusūf (thapelo ea ho fifala ha letsatsi kapa khoeli), salātul-Janāzah (thapelo ea lepato).
3- Ho lefella Sunnah ea Fajr kamor’a Salātul-Fajr.
Ea leshome le metso e ’meli: Thapelo ea jama‘ah (thapelo ea phutheho):
Ke o mong oa meetlo e meholo ea Islam, ke thapelo e etsoang ka phutheho ea barapeli kahar'a Masjid (matlong a thapelo). Mamoseleme a lumellana hore ho etsa lithapelo tse hlano ka limasjideng ke e ’ngoe ea mesebetsi e tiisitsoeng ka ho fetisisa le e atametsang ho Allah haholo ebile ke e ’ngoe ea lits'oanelo tse kholo tsa Islam.
1- Molao oa thapelo ea Jama‘ah (Phutheho):
Thapelo ea jama‘ah ke setlamo (fardh) hore e etsoe ka masjideng bakeng sa lithapelo tse hlano ho banna ba nang le bokhoni, ekabang ba le motseng (ha ba le hae) kapa leetong, ekabang ke nakong ea polokeho kapa nakong ea ts'abo — ke setlamo se tobileng ho motho ka mong (fardh ‘ayn).
Ho tiisoa ha ho tlama hoa eona ho bonts'itsoe ke Qur’ān le Sunnah le ka ketso ea Mamoseleme ho tloha melokong e fetileng ho ea ho e latelang.
Ho tsoa ho Qur’ān: Polelo ea Allah:
﴿وَإِذَا كُنتَ فِيهِمۡ فَأَقَمۡتَ لَهُمُ ٱلصَّلَوٰةَ فَلۡتَقُمۡ طَآئِفَةٞ مِّنۡهُم مَّعَكَ...﴾
“ʼMe ha u le har’a bona ebile u ba etella pele thapelong, etsa hore sehlopha se itseng ho bona se ke se eme le uena…” [An-Nisā’: 102]. Āyah (temana) ena e bonts'a hore ho ba teng ha thapelo ea jama‘ah ke setlamo e tiisitsoeng haholo. Hobane Allah Ha A ka Aa fa Mamoseleme tumello ea ho e tlohela leha ele nakong ea ts'abo. ha eka be e ne e se setlamo lebaka la ts'abo e ka be e bile lona le loketseng ka ho fetisisa hore e tloheloe. Hape, ho tlohela thapelo ea jama‘ah le ho e etsa ka botsoa ke e ’ngoe ea lits'obotsi tse tsebahalang tsa baikaketsi (munāfiqīn).
Ho tsoa ho Sunnah: Ho na le hadith tse ngata, tse ling tsa tsona ke tsena:
Ho tlalehiloe ho Sahīh Muslim:
أَنَّ رَجُلًا أَعْمَى قَالَ: يَا رَسُولَ اللَّهِ، لَيْسَ لِي قَائِدٌ يَقُودُنِي إِلَى الْمَسْجِدِ، فَسَأَلَهُ أَنْ يُرَخِّصَ لَهُ أَنْ يُصَلِّيَ فِي بَيْتِهِ، فَرَخَّصَ لَهُ، فَلَمَّا وَلَّى دَعَاهُ فَقَالَ: «هَلْ تَسْمَعُ النِّدَاءَ؟» قَالَ: نَعَمْ، قَالَ: «فَأَجِبْ».
Monna e mong oa sefofu o ile a re: “Oho Moromuoa oa Allah, ha ke na motho ea ntataisang ho ea masjid.” A kopa hore a lumelloe ho rapella ka tlung ea hae, qalong a mo lumella empa ha a se a furalletse (a itokisetsa ho tsamaea) a mo bitsa hape, a re: “Na u utloa adhān (pitso ea thapelo)?” A re: “E, kea e utloa.” A re: “Ke ho re u e arabele (e-ea masjid)”33.
Ka hona, Moporofeta ﷺ o ile a mo laela hore a tle masjid ho tla etsa thapelo ea jama‘ah le ho arabela adhān leha ele hore ke motho ea foufetseng ebile a tobana le mathata. Sena se bonts'a ka ho hlaka hore thapelo ea jama‘ah ke setlamo (Wājib).
2- Se etsang hore motho a fumane jama‘ah:
Jama‘ah e fumanoa ka ho fumana raka‘ah e le ’ngoe ea thapelo hammoho le imām. Ho latela polelo ea Moporofeta ﷺ:
«مَنْ أَدْرَكَ رَكْعَةً مِنَ الصَّلَاةِ فَقَدْ أَدْرَكَ الصَّلَاةَ».
«Ea fihletseng raka‘ah e le ’ngoe ea thapelo, o fumane thapelo»34.
3- Se etsang hore raka‘ah e fumanoe:
Raka‘ah e fumanoa ka ho fumana rukū‘ (ka ho fumana imam a le ho rukūʼ). Ha motho ea liehileng (masbūq) a fihla a fumana imam a le ho rukū‘, o tsʼoanetse: ho qala ka ho etsa Takbīrat ul-ihrām a eme (a ntse a otlolohile), ebe o inamela ho etsa rukū‘ a etsa takbīr hape. Empa haeba a lekanyelitse feela ka takbīrat ul-ihrām ha a ntse a eme, ho mo lekane, ’me ho tla mo lekana le takbīr ea rukū‘
4. Mabaka a lumellang motho ho se kene thapelo ea phutheho:
1- Bokulo: Haeba bo le boima hoo motho a ke keng a khona ho ea thapelong ea Labohlano (Jumu'ah) kapa ea phutheho (Jamaaʼah).
2- Ho patiseha ke mosese kapa mantle: Sena se thibela motho ho tsepamisa maikutlo (Khushū’) thapelong hape se kotsi ‘meleng.
3- Ho lokisoa ha lijo 'me motho a lapile: Haeba motho a khalletse lijo tseo empa sena ha sea lokela ho fetoloa tloaelo kapa leqheka la ho qoba thapelo ea phutheho.
4- Ts'abo e netefalitsoeng: Ts'abo ea ho lahleheloa ke bophelo, thepa kapa lintho tse ling tsa bohlokoa.
Ea leshome le metso e meraro: Thapelo ea Ts'abo (Salat ul-Khawf):
Thapelo ea ts'abo e lumelletsoe ntoeng efe kapa efe e molaong, joaloka ho loants'a ba sa lumeleng Islamong (kuffār), marabele kapa bahlabani ho latela polelo ea Allah:
﴿...إِنۡ خِفۡتُمۡ أَن يَفۡتِنَكُمُ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ...﴾
“...haeba le ts'aba hore ba sa lumeleng ba ka le hlasela...” [Al-Nisa: 101], 'Me ho nkuoa hore sena se sebetsa le ho ba bang bohle bao ho lumelletsoeng ho loants'ana le bona.
Melao ea Thapelo ea Ts'abo e lipehelo li peli:
1) Sera e be se lumelletsoeng ho loants'oa ka molao oa bolumeli.
2) Ho be le ts'abo ea hore sera se ka hlasela Mamoseleme nakong ea thapelo.
Mokhoa oa ho etsa Thapelo ea Ts'abo:
E na le mekhoa e fapaneng empa o tummeng haholo ke o hlahang ho Hadith ea Sahl (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena):
أَنَّ طَائِفَةً صَفَّتْ مَعَ النَّبِي ﷺ، وَطَائِفَةً وِجَاهَ العَدُوِّ، فَصَلَّى بِالَّتِي مَعَهُ رَكْعَةً، ثُمَّ ثَبَتَ قَائِمًا، وَأَتَمُّوا لِأَنْفُسِهِمْ، ثُمَّ انْصَرَفُوا، وَصَفُّوا وِجَاهَ العَدُوِّ، وَجَاءَتِ الطَّائِفَةُ الأُخْرَى، فَصَلَّى بِهِمُ الرَّكْعَةَ الَّتِي بَقِيَتْ مِنْ صَلَاتِهِ، ثُمَّ ثَبَتَ جَالِسًا، وَأَتَمُّوا لِأَنْفُسِهِمْ، ثُمَّ سَلَّمَ بِهِمْ.
Sehlopha se seng se ile sa ema le Moporofeta (ﷺ) ho rapela, ha sehlopha se seng se ne se le malala-a-laotsoe se talimane le sera. Moporofeta (ﷺ) a rapela Raka’ah e le ‘ngoe le sehlopha se nang le eena, a ntan’o ema (a tsoa a ntse a eme) 'me bona ba iqetellela thapelo ka bobona. Kamor'a moo ba tloha ba ea ho ea tobana le sera eaba sehlopha se seng se ea tla. Moporofeta (ﷺ) a rapela Raka’ah e setseng le bona, a ntan’o lula fats'e a letile, 'me bona ba iqetellela thapelo. Qetellong, Moporofeta (ﷺ) a ba etella pele ka taslīm35.
Seo re ithutang sona thapelong ea Ts'abo:
1- Bohlokoa ba thapelo ho Islam: Haholo-holo thapelo ea phutheho, kaha ha ea ka ea hlakoloa le maemong ana a kotsi le a boima.
2- Ho tlosoa ha mahlomola: Sena se bonts'a mosa oa molao oa Islam (Shari’ah) le hore o sebetsa linakong tsohle le libakeng tsohle.
3- Ho phetheha ha Shari‘ah: E bonts'a hore Islam e hlalositse mokhoa o loketseng boemo bo bong le bo bong boo motho a ka bang ho bona.
Ea leshome le metso mene: Thapelo ea Labohlano (Salat ul-Jumu'ah)
Ntlha ea pele: Molao oa eona (Hukm):
Thapelo ea Labohlano ke setlamo holim'a motho ka mong (Fardh 'Ayn) ho Lemoseleme le leng le le leng: e motona, a fihletseng lilemo tsa boikarabelo, ea nang le kelello e hlaphohetsoeng, a lulang sebakeng seo (e seng moeti), a bile a se na lebaka le utloahalang la ho sitoa (ho e etsa).
Sena se ts'ehetsoa ke polelo ea Allah:
﴿يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِذَا نُودِيَ لِلصَّلَوٰةِ مِن يَوۡمِ ٱلۡجُمُعَةِ فَٱسۡعَوۡاْ إِلَىٰ ذِكۡرِ ٱللَّهِ وَذَرُواْ ٱلۡبَيۡعَۚ ذَٰلِكُمۡ خَيۡرٞ لَّكُمۡ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ 9﴾
"Oho, Lona ba lumetseng! Ha pitso ea thapelo ka letsatsi la Labohlano (Jumu'ah) e etsoa, potlakelang khopotsong ea Allah, 'me le lese khoebo (thekiso). Seo se molemo ho lona haeba le ne le ka tseba."
[Al-Jumu'ah: 9].
Hape le polelo ea Moporofeta (ﷺ):
«لَيَنْتَهِيَنَّ أَقْوَامٌ عَنْ وَدْعِهِمُ الْجُمُعَاتِ، أَوْ لَيَخْتِمَنَّ اللَّهُ عَلَى قُلُوبِهِمْ، ثُمَّ لَيَكُونُنَّ مِنَ الْغَافِلِينَ».
«Batho ba lokela ho khaotsa ho iphapanyetsa ho etsa lithapelo tsa Labohlano, ho seng joalo Allah O tla tiisa lipelo tsa bona 'me ba tla ba har'a ba sa tsotelleng»36.
Ea bobeli: Maemo ao ka ona Salāh ea Jumu‘ah e nepahalang:
1) Nako: Nako ea eona e ts'oana le ea Salāh ea Dhuhr (thapelo ea mots'eare), kahoo ha e nepahale haeba e etsoa pele nako ea eona e kena kapa kamor’a hore nako e tsoe.
2) Ho ba teng ha jama‘ah (phutheho): Ho tsʼoanetse ho ba le phutheho ‘me bonyane ba eona ke batho ba bararo ho ea ka maikutlo a nepahetseng. kahoo ha e nepahale haeba motho a e etsa a le mong kapa e le batho ba babeli feela.
3) Ho ba baahi ba lulang sebakeng se tsitsitseng: Ba rapelang ba tsʼoanetse ho ba batho ba lulang sebakeng se hahiloeng ka mehao e tloaelehileng. Ebang ke ea samente, majoe, seretse kapa tse ling tse ts'oanang. ka hona, ha e nepahale ho batho ba hloma-u-hlomolle (ba mahoatateng) ba lulang litenteng, ba sa luleng sebakeng se le seng ka ho sa feleng empa ba falla ba latela makhulo bakeng sa liphoofolo tsa bona.
4) Ho etelloa pele ke likhutbah tse peli: E tsʼoanetse ho etelloa pele ke likhutbah tse peli hobane Moporofeta Muhammad ﷺ o ne a lula a etsa joalo kamehla.
Ea boraro: Lits'iea tsa likhutbah tse peli tsa Jumu‘ah:
1) Ho rorisa Allah le ho bolela shahadah tse peli.
2) Ho rapella Moporofeta ﷺ.
3) Ho eletsa ka taqwa (ho ts'aba Allah).
4) Ho bala karolo ea Qur’ān.
5) Thuto le khopotso (keletso le temoso).
Ea bone: Lintho tse khothaletsoang ho likhutbah tse peli tsa Jumu‘ah:
1) Ho etsa khutbah holim’a minbar (sethala).
2) Ho arola likhutbah ka ho lula hanyenyane. 3) Ho etsa du‘ā (likopo) ho tsona bakeng sa Mamoseleme le baetapele ba bona.
4) Ho khutsufatsa likhutbah.
5) Ho fana ka salām (tumeliso) ho batho ha motho ea fanang ka thuto (khateeb) a hloa minbar.
Ea bohlano: Lintho tse khothalletsoang ka letsatsi la Jumu‘ah:
1) Ho sebelisa siwāk (thupa e hloekisang lehano).
2) Ho inyanyatsa ka senkhisa ha monate haeba se le teng.
3) Ho tsoa kapele ho ea Salāh ea Jumu‘ah:
4) Ho tsamaea ka maoto ho ea masjid eseng ho palama (sepalangoang).
5) Ho atamela haufi le imām.
6) Ho etsa du‘ā.
7) Ho bala Sūrah Al-Kahf.
8) Ho rapella Moporofeta ﷺ.
Ea bots'elela: Lintho tse hanetsoeng sebakeng sa ba eang thapelong ea Jumu'ah:
1) Ho thibetsoe ho bua ha imām a ntse a fana ka khutbah ka letsatsi la Labohlano, ho latela polelo ea Moporofeta Muhammad ﷺ:
«إِذَا قُلْتَ لِصَاحِبِكَ يَوْمَ الْجُمُعَةِ: أَنصِتْ، وَالْإِمَامُ يَخْطُبُ، فَقَدْ لَغَوتَ».
«Ha u re ho motsoalle oa hao ka letsatsi la Jumu‘ah: ‘Khutsa,’ ha imām a ntse a fana ka khutbah, u buile laghw (puo ea lefeela)»37. Laghw: Ho bolela hore u entse ntho ea lefeela kapa u entse sebe se senyang moputso oa thapelo ea hao.
Ho tlola melala ea batho (Ho phunyeletsa): ke ntho e nyatsehang (Makruh) ho tlola kapa ho hata holim'a mahetla le melala ea batho ba seng ba lutse ntle le haeba u le Imam kapa u bona sekheo (sebaka se se nang motho) se ka pele seo u ka se fihlelang feela ka ho etsa joalo.
Ho fihlela (ho ts'oara) Salāh ea Jumu‘ah:
Mang kapa mang ea fihlang a thola imām a le rukū‘ ka raka‘ah ea bobeli ea Salāh ea Jumu‘ah, o se a ts'oere (fumane) Jumu‘ah, ‘me o tla e phethela e le raka‘ah tse peli feela. Haeba a sa fihlela rukū‘ ea raka‘ah ea bobeli, Jumu‘ah e mo fetile, kahoo o tla e etsa e le Salāh ea Dhuhr ka raka‘ah tse ‘ne, Ka mokhoa o ts'oanang mang kapa mang ea fetiloeng ke Jumu‘ah ka lebaka la boroko kapa lebaka le leng, o tla e etsa e le Salāh ea Dhuhr.
Ea leshome le metso e mehlano: Thapelo ea batho ba nang le mabaka a ho lesa thapelo ea Labohlano (Ahl ul-A'dhār):
Ea Pele: Salāh ea mokuli:
1) Ho tlameha hore mokuli a etse Salāh ho ea ka bokhoni ba hae. ‘Me ha ho lumelloe hore a e liehise ho feta nako ea eona ha feela kelello ea hae e ntse e sebetsa hantle.
2) Mokuli o rapela joang?
1. Ha a khona ho ema: O lokela ho rapela a eme haeba a khona ntle le bohloko kapa kotsi ‘me a etse rukū‘ le sujūd ka tloaelo.
2. Ha a khona ho ema empa rukū‘ kapa sujūd li mo utloisa bohloko: O tla etsa rukū‘ ka ho inama a ntse a eme ‘me sujūd a se etse a lutse.
3. Ha a sa khone ho ema: O tla rapela a lutse. ‘Me ho molemo ka Sunnah hore a lule a phuthile maoto (mutarabi‘) nakong ea ho ema, a etse rukū‘ ka ho inama ‘me haeba ho khonahala a etse sujūd fats'e, ha ho sa khonehe a e etse ka ho inama ‘me sujūd e be tlaase ho feta rukū‘.
4. Ha a sa khone ho rapela a lutse: O tla rapela a robetse ka lehlakore, sefahleho se lebile qiblah. ‘Me lehlakore le letona le molemo haeba ho khonahala
‘me a etse rukū‘ le sujūd ka ho inama.
5. Ha a sa khone ho robala ka lehlakore: O tla rapela a robetse ka mokokotlo, maoto a lebile qiblah, ‘me a etse rukū‘ le sujūd ka ho inama.
6. Ha a sa khone ho inama ka ‘mele: O tla oma ka hlooho hanyane ‘me haeba le hona ho mo thatafalla, setlamo sa ho inamisa hlooho se tla tlosoa ho eena ‘me a etse Salāh ka pelo ea hae (ka niyyah), a nahane ka liketso tsa thapelo (rukū‘, sujūd, ho lula) ‘me a bue dhikr ea eona.
7. Mabapi le maemo a Salāh: Mokuli o etsa tse khonehang ho eena tsa maemo a Salāh joaloka: ho lebisa sefahleho Qiblah, ho etsa wudhū ka metsi kapa tayammum ha a sa khone, ho hloeka lits'ileng (najāsah). Ha a sa khone ho etsa tse ling tsa tsena, setlamo sa tsona se tla tlosoa ho eena ‘me o rapela ho ea ka boemo ba hae, a sa liehise Salāh ho feta nako ea eona.
8. Mokhoa oa ho lula: ke Sunnah hore mokuli a lule a phuthile maoto (mutarabi‘) nakong ea ho ema le rukū‘ ‘me a lule ka mokhoa oa iftirāsh maemong a mang kaofela.
Ea bobeli: Thapelo ea motho a leetong (Salātul-musāfir):
1- Har’a batho ba nang le mabaka a ba nolofalletsang ke moeti; ho lumelloa hore a khutsufatse thapelo ea raka’ah tse ’nè hore e be raka’ah tse peli. Ho latela polelo ea Allah:
﴿وَإِذَا ضَرَبۡتُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَلَيۡسَ عَلَيۡكُمۡ جُنَاحٌ أَن تَقۡصُرُواْ مِنَ ٱلصَّلَوٰةِ...﴾
{’Me ha le tsamaea lefatsʼeng, ha ho na molato ho lona hore le khutsufatse thapelo...} [An-Nisā’: 101].
Ho tsoa ho Anas bin Mālik (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke eena) o itse:
«خَرَجْنَا مَعَ النَّبِيِّ ﷺ مِنَ الْمَدِينَةِ إِلَى مَكَّةَ، فَكَانَ يُصَلِّي رَكْعَتَيْنِ رَكْعَتَيْنِ، حَتَّى رَجَعْنَا إِلَى الْمَدِينَةِ».
«Re ile ra tsoa le Moporofeta ﷺ ho tloha Madinah re ea Makkah ’me o ne a rapela raka’ah tse peli ho fihlela re khutlela Madinah»38.
ʼMe ho khutsufatsa thapelo ho qala hang ha moeti a se a tsoile meeling ea motse oa habo; hobane Allah O lumelletse ho khutsufatsa (thapelo) ho ea tsamaeang lefatsʼeng, ’Me pele a tloha ha e-so be moeti. Hape Moporofeta ﷺ o ne a khutsufatsa feela ha a se a qalile leeto.
2- Sebaka seo ha motho a ikemiselitse ho se tsamaea, a ka lumelloang ho khutsufatsa thapelo, ke hoo e ka bang likilomithara tse 80.
3- Moeti o tsoelapele ho khutsufatsa leetong la ho khutla ho fihlela a kena motseng oa habo.
4- Ha moeti a fihla motseng oo a batlang ho lula ho ona, o na le maemo a mararo:
a) Ha a ikemiselitse ho lula matsatsi a fetang a mane: o tlameha ho phetha thapelo ka botlalo ho tloha letsatsing la pele leo a lulang ka lona ’me ha a sa lumelloa ho sebelisa litokelo tsa leeto.
b) Ha a ikemiselitse ho lula matsatsi a mane kapa ka tlase ho moo: o lumelloa ho khutsufatsa thapelo le ho sebelisa litokelo tsa leeto.
c) Ha a sa rera nako e itseng ea ho lula empa a ka lula letsatsi kapa matsatsi a ’maloa ho ea ka litlhoko tsa hae (joaloka kalafo kapa litaba tse ling) ’me o tla khutla ha a qeta; Motho enoa o ntse a lumelloa ho khutsufatsa thapelo le ho sebelisa litokelo tsa leeto ho fihlela a khutla leha a ka feta matsatsi a mane.
5- Ha moeti a rapela kamorao ho imām ea seng leetong (muqīm): o tlameha ho phetha thapelo ka botlalo leha a ka fihla a fumana imām a le ho tashahhud ea ho qetela.
6- Haeba ea seng leetong (muqīm) a rapela kamorao ho moeti ea khutsufatsang thapelo: moahi o tlameha ho phetha thapelo ea hae ka botlalo kamor'a hore imām a fane ka salām.
Ea leshome le metso e ts'eletseng: Thapelo ea li-‘Eid tse peli (Mekete ea Islam):
Li-‘Eid tsa Mamoseleme ke mekete e halalelang e tsoang ho Allah, eo A ba behetseng eona; ha ba iqapela tsona ka bo bona. ’Me Mamoseleme ha ba na mekete e meng ntle le e ’meli feela, eleng: ‘Eid al-Fitr (mokete oa ho keteka ho fela ha Ramadhan) le ‘Eid al-Adhhā (mokete oa sehlabelo). Ho fapana le mekete ea ba sa lumeleng kapa mekete e iqapetsoeng (bid‘ah), e sa kang ea beoa ke Allah, kapa ho laeloa ke Eena empa batho ba e iqapetse ka bo bona.
Hukm (molao) ea Thapelo ea li-‘Eid:
Ke fardh kifāyah (e tlama sechaba sohle); Moporofeta ﷺ o ne a e etsa kamehla le Khulafā’ ur-Rāshidūn (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona) ba ne ba e etsa kamehla. ’Me ke e ’ngoe ea mats'oao a totobetseng a bolumeli ba Islam le lits'ebeletso tsa bona tse pepenene.
Nako ea Thapelo ea li-‘Eid: Nako ea thapelo ea ‘Eid e qala ha letsatsi le se le phahame hanyenyane (hoo e ka bang bolelele ba lerumo), ke hore: hoo e ka bang metsotso e 15 kamor’a hore letsatsi le chabe ’me e fela ha letsatsi le fihla bohareng ba leholimo (zawāl).
Sebopeho sa Thapelo ea li-‘Eid:
1- Ka raka’ah ea pele: O qala ka takbīrat al-ihrām, ebe o bala du‘ā ea ho bula thapelo (istiftāh), ebe o etsa takbīr tse ts'eletseng. O phahamisa matsoho ka takbīr e ’ngoe le e ’ngoe, o rorisa Allah, o ea Mo tlotlisa, ’me o rapella Moporofeta ﷺ pakeng tsa litakbīr. Ebe o kopa ts'irelletso ho Allah (ta‘awwudh), e be o bitsa lebitso la Allah a re “Bismillāh”, ebe o qala ho bala.
2- Ka raka’ah ea bobeli: O etsa takbīr ea ho ema (intiqāl), ebe o eketsa takbīr tse hlano. Ebe o etsa ta‘awwudh le basmalah ’me o qala ho bala. Ho khothalletsoa hore a bale: Rak’ah ea pele: Sūrah Al-A‘lā ebe Raka’ah ea bobeli: Sūrah Al-Ghāshiyah.
3- Ha imām a qeta thapelo ka Salām: O nyolohela sethaleng (minbar), a fane ka khutbah tse peli ’me a lule hanyenyane pakeng tsa tsona, joalokaha ho etsoa ka khutbah ea Jumu‘ah.
Li-Sunnah tsa ‘Eid:
a) Ho itlhatsoa (ghusl) pele motho a ea thapelong.
b) Ho itlhoekisa le ho inyanyatsa ka senkhisa ha monate (perfume).
c) Ho ja pele u tsoa ho ea ‘Eid al-Fitr ’me ho ja kamor'a thapelo ka nako ‘Eid al-Adhhā— ho tsoa sehlabelong sa hae haeba a e-na le sona.
d) Ho tsoa a tsamaea ka maoto (ha ho khonahala).
e) Ho ea ka tsela e ’ngoe ’me ho khutla ka e ’ngoe e fapaneng.
f) Ho potlakela sebakeng sa thapelo (musallā) bakeng sa ba latelang imām (ma’mūm), eseng imām.
Takbīr (ho re “Allāhu Akbar”):
Ho khothalletsoa ho etsa takbīr bosiu ba li-‘Eid tse peli, matsatsing a leshome a Dhul-Hijjah le matsatsing a Tashrīq (li 11 le li 12 le li 13 tsa Dhul-Hijjah). Takbīr e aroloa ka mefuta e ’meli:
Mofuta oa pele: Takbīr e akaretsang: Ha e lekanyetsoe ho nako e itseng.
1- Ka ‘Eid al-Fitr: E qala ho tloha ha letsatsi le likela bosiu ba ‘Eid, ho fihlela ha thapelo ea ‘Eid e qala.
2- Ka ‘Eid al-Adhhā: E qala ho tloha ha letsatsi le likela bosiu ba letsatsi la pele la Dhul-Hijjah, ho fihlela ha letsatsi le likela ka letsatsi la ho qetela la Tashrīq.
Mofuta oa bobeli: Takbīr e seetsoeng meeli: E etsoa ka ho khetheha kamor'a lithapelo tse tlamang.
1- Eo e seng muhrim (ea sa aparang ihrām):
Ho tloha thapelong ea fajr ka letsatsi la ‘Arafah, ho fihlela thapelong ea ‘Asr ka letsatsi la ho qetela la Tashrīq.
2- Muhrim (ea apereng ihrām): Ho tloha thapelong ea Dhuhr ka letsatsi la ‘Eid, ho fihlela thapelong ea ‘Asr ka letsatsi la ho qetela la Tashrīq.
Ea leshome le metso e supileng: Thapelo ea Kusūf:
Moelelo oa Khusūf le Kusūf:
Khusūf: Ke ho nyamela ha khanya ea khoeli kapa karolo ea eona bosiu.
Kusūf: Ke ho nyamela ha khanya ea letsatsi kapa karolo ea eona mots’eare.
Hukm (molao) o laolang thapelo ea Kusūf:
Ke sunnah e tiisitsoeng (sunnah mu’akkadah). Sena se bonts'oa ke ketso ea Moporofeta ﷺ, kaha o ile a e rapela ha letsatsi le fifala nakong ea hae. Hape o ile a laela hore e etsoe, ’me litsebi tsohle tsa Islam li lumellane ka hore e molaong.
Nako ea eona:
E qala ho tloha ha kusūf kapa khusūf e qala, ho fihlela e fela (ha khanya e khutla ka botlalo).
Sebopeho sa eona:
Palo ea liraka'ah tsa eona ke raka’ah tse peli, ’me ho baloa ka lentsoe le utloahalang. Tsela ea eona ke ena:
a) O qala ka takbīrat ul-ihrām, o bala du‘ā ea ho bula (istiftāh), o etsa ta‘awwudh le basmalah, ebe o bala Al-Fātihah le ho bala sūrah (khaolo ea Qur’an) e telele.
b) Ebe o etsa rukū‘ e telele.
c) Ebe o phahamisa hlooho ho tsoa rukū‘, a re:
“Sami‘allāhu liman hamidah”, ebe o boela o bala Al-Fātihah le ho bala ka ho bala ho ho lelele empa ho ho khuts'oane ho feta hoa pele.
d) Ebe o etsa rukū‘ ea bobeli, e telele empa e khuts'oane ho feta ea pele.
e) Ebe o phahamisa hlooho ho tsoa rukū‘, o re:
“Sami‘allāhu liman hamidah.”
f) Ebe o etsa sujūd tse peli tse telele.
g) Ebe o ema bakeng sa raka’ah ea bobeli, e ts'oanang le ea pele empa e khuts'oane hanyenyane ho eona.
Li-Sunnah tsa Thapelo ea Kusūf:
a) Ho bitsa batho ka polelo: “As-salātu jāmi‘ah” (tlohong thapelong ea phutheho).
b) Ho e rapela ka jama‘ah (ka phutheho).
c) Ho lelefatsa thapelo ka ho ema (qiyām), rukū‘ le sujūd.
d) Raka’ah ea bobeli e be khuts’oane ho feta ea pele.
e) Ho fana ka thuto kapa khopotso (maw‘idhah) kamor'a thapelo le ho khothaletsa batho ho etsa molemo le ho tlohela bobe.
f) Ho eketsa du‘ā, ho ikokobelletsa Allah, ho kopa ts'oarelo (istighfār) le ho fana ka sadaqah (menehelo).
Ea leshome le metso e robeli: Thapelo ea ho kopa pula (Salāt al-Istisqāʼ):
1) Istisqāʼ: Ke ho kopa hore Allah a nese pula ha ho e-na le komello le ho hloka pula.
Nako ea ho etsa thapelo ea Istisqāʼ:
Thapelo ena e etsoa ha lefats'e le omeletse, pula e emisitse, 'me batho ba ameha hampe ke ho haella ha eona. Ka nako eo, ha ho na tharollo ntle le hore ba ikokobeletse Mong’a bona, ba Mo kope, ba Mo rapele ka mefuta e fapaneng ka boikokobetso.
a) Ka linako tse ling e etsoa ka thapelo ea jama‘ah (phutheho) kapa motho ka mong.
b) Ka linako tse ling ka du‘āʼ nakong ea khutbah ea Jumu‘ah, moo khatīb a etsang du‘āʼ 'me Mamoseleme ba re “Āmīn”.
c) Ka linako tse ling ka du‘āʼ feela, neng kapa neng ntle le thapelo kapa khutbah.
Hukm (molao oa eona):
Ke Sunnah e tiisitsoeng ha lebaka la eona le le teng, ka lebaka la ketso ea Moporofeta ﷺ. Ho latela hadith ea ‘Abdullāh bin Zayd (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), o itse:
«خَرَجَ النَّبِيُّ ﷺ إِلَى الْمُصَلَّى، فَاسْتَسْقَى، وَاسْتَقْبَلَ الْقِبْلَةَ، وَقَلَبَ رِدَاءَهُ، وَصَلَّى رَكْعَتَيْنِ».
«Moporofeta ﷺ o ile a ea sebakeng sa thapelo, a kopa pula, a lebisa sefahleho sa hae nqa ea Qiblah, a fetola seaparo sa hae, 'me a rapela raka‘ah tse peli»39.
Tsela ea ho etsa Salāt ul-Istisqāʼ:
Tsela ea eona e ts'oana le ea thapelo ea Eid. Ho khothaletsoa hore e etsoe sebakeng se bulehileng (musallā) joaloka thapelo ea Eid; melao e e tsamaisang e ts'oana le ea thapelo ea Eid ka: palo ea liraka‘ah (tse peli), ho bala ka lentsoe le phahameng, ho etsoa pele ho khutbah Takbīr tse eketsehileng raka‘ah ea pele le ea bobeli pele ho baloa. Joalokaha ho hlalositsoe thapelong ea li-Eid tse peli. Ho etsoa khuṭbah e le ’ngoe feela.
Ea leshome le metso e robong: Melao ea janāzah (lepato la mofu):
Taba ea pele: Ho ba neng ba le teng ho motho ea haufi le ho shoa (muhtadhir):
1- Ke sunnah ho motho ea teng ho mo laela hore a re: “Lā ilāha illallāh”.
2- Ke sunnah hore a shebisoe Qiblah.
3- Ho khothaletsoa hore mahlo a hae a koaloe.
4- Ke sunnah hore mofu a koaheloe ka lesela kamor'a ho hlokahala.
5- Ho tsʼoanetse ho potlakisoa ho mo lokisetsa janāzah (lepato).
6- Ho tlamehile ho potlakisoa ho lefella mekoloto ea hae.
7- Mofu o lokela ho hlatsuoa (ghusl) le ho phutheloa ka lesela (kafan) 'me tsena ke fardh kifāyah (e tlama karolo ea sechaba).
Ea bobeli: Melao ea ho rapella mofu:
Hukm (boemo ba eona): Ke fardh kifāyah (ha ba bang ba e etsa, ba bang ba ea lokoloha).
Lipehelo tsa eona:
1) Ho lebisa sefahleho nqa ea Qiblah.
2) Ho koahela ‘awrah.
3) Ho qoba lits'ila (najāsah).
4) Bohloeki ba motho ea rapelang le ba mofu.
5) Ba rapellang mofu e be Mamoseleme le ea rapelloang e be Lemoseleme.
6) Ho ba teng ha janāzah haeba e le motseng.
7) Ho ba motho ea nang le boikarabelo (mukallaf).
Lits'iea tsa eona tsa bohlokoa:
1) Ho ema (qiyām).
2) Takbīr tse ’ne.
3) Ho bala Sūrat ul-Fātihah.
4) Ho rapella Moporofeta ﷺ.
5) Ho etsetsa mofu du‘āʼ.
6) Ho latela tatellano.
7) Taslīm.
Sunnah tsa eona:
1) Ho phahamisa matsoho ka takbīr e ’ngoe le e ’ngoe.
2) Isti‘ādhah.
3) Ho ikopela le ho rapella Mamoseleme.
4) Ho bala ka lentsoe le tlaase.
5) Ho ema hanyane kamor'a takbīr ea bone pele ho taslīm.
6) Ho beha letsoho le letona holim’a le lets'ehali sefubeng.
7) Ho retelehela ka ho le letona ha ho etsoa taslīm.
Tsela ea ho e etsa:
Imām kapa motho ea rapelang a le mong o ema: malekana le sefuba sa setopo sa monna (mofu) kapa bohareng ba setopo sa mosali, o qala ka Takbirat ul-Ihram, o kopa ts'ireletso empa ha a etse duʼā ea pulo (istiftāh). O re "Bismillah" 'me o bala Al-Fatihah.
Kamor'a moo, o etsa Takbir ea bobeli ebe o rapella Moporofeta ﷺ. Joale o etsa Takbir ea boraro ebe o rapella mofu ka se tlalehiloeng, Joaloka mantsoe a Moporofeta ﷺ:
«اللَّهُمَّ اغْفِرْ لِحَيِّنَا وَمَيِّتِنَا، وَصَغِيرِنَا وَكَبِيرِنَا، وَذَكَرِنَا وَأُنثَانَا، وَشَاهِدِنَا وَغَائِبِنَا، اللَّهُمَّ مَنْ أَحْيَيْتَهُ مِنَّا فَأَحْيِهِ عَلَى الإِيمَانِ، وَمَنْ تَوَفَّيْتَهُ مِنَّا فَتَوَفَّهُ عَلَى الإِسْلَامِ، اللَّهُمَّ لَا تَحْرِمْنَا أَجْرَهُ، وَلَا تُضِلَّنَا بَعْدَهُ».
"Allāhummaghfir lihayyina wa mayyitina wa saghīrina wa kabīrina wa dhakarina wa unthāna wa shāhidina wa ghā’ibina. Allāhumma man ahyaytahu minna fa’ahyhi ‘alal-īmān wa man tawaffaytahu minna fatawaffahu ‘alal-islām. Allāhumma la tahrimna ajrahu wa la tudillana ba‘dah" «Oho Allah, ts'oarela ba phelang ba rona le ba shoeleng ba rona, ba banyenyane ba rona le ba baholo ba rona, banna ba rona le basali ba rona, ba teng mona le ba sieo. Oho Allah, eo U mo phelisang har'a rona, mo phelise a ntse a le tumelong (Iman), 'me eo U mo nkang har'a rona, mo nke a ntse a le kahare ho Islam. Oho Allah, U se re amohe moputso oa hae, 'me U se re khelose kamor'a hae»40.
Le polelo ea hae:
«اللَّهُمَّ اغْفِرْ لَهُ وَارْحَمْهُ، وَعَافِهِ وَاعْفُ عَنْهُ، وَأَكْرِمْ نُزُلَهُ، وَوَسِّعْ مَدْخَلَهُ، وَاغْسِلْهُ بِالْمَاءِ وَالثلْجِ وَالْبَرَدِ، وَنَقِّهِ مِنَ الْخَطَايَا كَمَا نَقَّيْتَ الثَّوْبَ الْأَبْيَضَ مِنَ الدَّنَسِ، وَأَبْدِلْهُ دَارًا خَيْرًا مِنْ دَارِهِ، وَأَهْلًا خَيْرًا مِنْ أَهْلِهِ، وَزَوْجًا خَيْرًا مِنْ زَوْجِهِ، وَأَدْخِلْهُ الْجَنَّةَ، وَأَعِذْهُ مِنْ عَذَابِ الْقَبْرِ، وَمِنْ عَذَابِ النَّارِ».
"Allāhummaghfir lahu warhamhu wa‘āfihi wa‘fu ‘anhu wa akrim nuzulahu wa wassi‘ mudkhalahu waghsilhu bilmā’i wath-thalji wal-barad wa naqqihi minal-khatāya kama naqqaytath- thawbal- abyad minad-danas wa abdilahu dāran khayran min dārihi wa ahlan khayran min ahlihi wa zawjan khayran min zawjihi wa adkhilhul-jannah wa a‘idh-hu min ‘adhābil-qabr wa min ‘adhābin-nār" (Oho Allah, mo ts'oarele, mo hauhele, mo fe boiketlo 'me U mo ts'oarele, U be mosa ho eena, U atolose bokeno ba hae, U mo hlatsoe ka metsi, lehloa le sefako, U mo hloekise libe joalokaha U entse seaparo se sesoeu ts'ileng, U mo fe bolulo bo betere ho feta ba hae, lelapa le betere ho feta la hae, molekane ea betere ho feta oa hae, 'me U mo kenye Leholimong, U be U mo pholose mahlomoleng a kotlo ea mollo.)41 Joale o etsa Takbir ea bone, o ema nakoana, ebe o fana ka tumeliso (Taslīm) e le 'ngoe ka letsohong le letona.
Sehlooho sa boraro: Zakāh:
1- Tlhaloso ea Zakāh le boemo ba eona:
Zakāh ka puo: kholo le keketseho.
Zakāh ka Shari‘ah: ke tokelo e tlamang ka molao oa Islam ho leruo le itseng le fuoang sehlopha se itseng sa batho ba e ts'oanelang.
ʼMe ke ts'iea ea boraro har'a lits'iea tsa Islam. ’Me e kopantsoe le Salāh (thapelo) kahar’a Qur’ān libakeng tse 82, ho bonts'a bohlokoa ba eona bo boholo.
Allah O itse:
﴿وَأَقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَءَاتُواْ ٱلزَّكَوٰةَ...﴾
{'Me le etse thapelo (Salāh) le be le fane ka Zakāh...} [Al-Baqarah: 43].
'Me Moporofeta ﷺ o itse:
«بُنِيَ الإِسْلَامُ عَلَى خَمْسٍ: شَهَادَةِ أَنْ لَا إِلٰهَ إِلَّا اللَّـهُ، وَأَنَّ مُحَمَّدًا رَسُولُ اللَّـهِ، وَإِقَامِ الصَّلَاةِ، وَإِيتَاءِ الزَّكَاةِ، وَحَجِّ الْبَيْتِ، وَصَوْمِ رَمَضَانَ».
«Islam e ahiloe holim’a (lits'iea) tse hlano: ho paka hore ha ho ea lokeloang ke khumamelo ntle le Allah le hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah, ho etsa thapelo, ho fana ka Zakāh, ho etsa Hajj Ntlong (Ka‘bah) le ho itima ka Ramadan42.»
'Me Mamoseleme kaofela a lumellane hore Zakāh ke setlamo. ’Me ea hanang hore ke setlamo ke kāfir. ’Me ea hanang ho e nts'a o lokela ho loants'oa.
2- Maemo a ho tlama hoa Zakāh:
a) Tokoloho (ho ba motho ea lokolohileng): Zakāh ha e tlame ho lekhoba; hobane ha a na thepa eo eleng ea hae ’me tsohle tse letsohong la hae ke tsa mong’a hae, kahoo Zakāh ea tsona ke setlamo ho mong’a hae.
b) Islam: Zakāh ha e tlame ho kāfir (eo eseng Lemoseleme); hobane ke ketso ea ho atamela ho Allah le borapeli ’me ea sa lumeleng ha a eo har’a batho ba haufi le Molimo le liketso tsa borapeli.
c) Ho ba le nisāb (tekanyo e itseng ea leruo): Zakāh ha e tlame ho leruo le ka tlase ho nisāb, eleng tekanyo e itseng e tsejoang ea leruo.
d) Ho ba mong’a leruo ka botlalo: Ho tsʼoanetse hore thepa e be ea motho ka botlalo le ka tieo; kahoo ha ho Zakāh ho thepa eo mong'a eona a sa tiisoang kapa a sa netefatsoang (joaloka chelete ea konteraka ea tokollo ea lekhoba e e-song ho lefshoe).
e) Ho fela ha selemo (Al-Hawl) holim’a leruo: Sena se tsoa ho Hadith ea Aisha (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) e reng:
«لَا زَكَاةَ فِي مَالٍ حَتَّى يَحُولَ عَلَيْهِ الْحَوْلُ».
«Ha ho Zakat ho maruo ho fihlela selemo (sa Hijri) se fetile holim'a oona»43.
3- Maruo ao zakāh e tlamang ho ona:
Ea pele: Liphoofolo tse ruuoang,
eleng likamele, likhomo le linku. Zakāh e tlama ho tsona tlas’a lipehelo tse peli:
1- Hore li ruuoe bakeng sa lebese le ho ikatisa eseng bakeng sa mosebetsi.
2- Li lokela ho ba "Sā'imah" (joaloka tse fulang naheng), Kahoo, ha ho na zakāh ho liphoofolo tse feptjoang ka furu e rekiloeng kapa e bokellelitsoeng ke mong’a tsona. hape, ha ho na Zakāt ho liphoofolo tse fulang karolo e itseng feela ea selemo empa eseng selemo kaofela kapa boholo ba sona.
4- Meeli (Nisāb) ea zakāh ho liphoofolo tse ruuoang:
1- Zakāh ho likamele:
Haeba lipehelo li fihleletsoe, ho likamele tse ling le tse ling tse 5: ho ntšoa nku e le ’ngoe, ho likamele tse leshome: linku tse 2, ho likamele tse leshome le metso e mehlano: linku tse 3, ho likamele tse mashome a mabeli: linku tse 4, sena se netefalitsoe ke Sunnah le tumellano ea litsebi. Ha palo e ntse e eketseha: likamele tse 25: ho fanoa ka Bint Makhādh (kamele e ts'ehali e qetileng selemo se le seng, e kene ho sa bobeli), haeba e le sieo, ho ka fanoa ka Ibn Labūn (kamele e tona).
Ha Likamele li fihlela palo ea 36: Ho fanoa ka Bint Labūn (kamele e ts'ehali e qetileng lilemo tse peli).
Likamele tse 46: Ho fanoa ka Hiqqah (kamele e ts'ehali e qetileng lilemo tse tharo).
Likamele tse 61: Ho fanoa ka Jadha’ah (kamele e ts'ehali e qetileng lilemo tse ’nè).
Likamele tse 76: Ho fanoa ka Bint Labūn tse peli.
Likamele tse 91: Ho fanoa ka Hiqqah tse peli.
Ha li feta 120 ka e le ʼngoe (121): Ho fanoa ka Bint Labūn tse tharo, ebe kamor’a moo: ho tsoela pele ka mokhoa ona: bakeng sa kamele tse ling le tse ling tse 40 ho fanoa ka Bint Labūn, ’me bakeng sa tse ling le tse ling tse 50 ho fanoa ka Hiqqah.
2- Zakāh ho likhomo:
Haeba lipehelo li fihleletsoe, ha li fihla 30: ho nts'oa tabī‘ kapa tabī‘ah (namane e tona kapa e ts'ehali e qetileng selemo se le seng, e kene ho sa bobeli).
Ha ho na Zakāt bakeng sa likhomo tse ka tlase ho 30.
Likhomo tse 40: Ho fanoa ka Musinnah (khomo e qetileng lilemo tse peli).
Ha li feta 40: Bakeng sa likhomo tse ling le tse ling tse 30 ho fanoa ka Tabī’/Tabī’ah, ’me bakeng sa tse ling le tse ling tse 40 ho fanoa ka Musinnah.
3- Zakāt ho Linku le Lipoli:
Haeba Linku/Lipoli li fihletse palo ea 40: Ho fanoa ka nku/poli e le ’ngoe (e ka ba konyana ea nku e seng e le kholo kapa poli e ts'ehali).
Ha li le ka tlase ho 40: ha ho zakāh. Linku/Lipoli tse 121: Ho fanoa ka linku/lipoli tse peli. Linku/Lipoli tse 201: Ho fanoa ka linku/lipoli tse tharo.
Kamor’a moo molao oa tsitsisa: bakeng sa 100 e ’ngoe le e ’ngoe — nku e le ’ngoe, mohlala: bakeng sa tse 400, ho fanoa ka tse nne, joalo-joalo.
Ea bobeli: Zakāh ea litsoa-mobung:
Litsoa-mobung li mefuta e 'meli:
1) Lijo-thollo le litholoana.
2) Lirafshoang.
Mofuta oa pele: Lijo-thollo le litholoana:
Zakāt e tlama ho lijo-thollo tse kang: koro, harese le raese. Litholoana: joaloka liteitsi (tamur/tumur) le morara o omisitsoeng, Ha e tlame ho limela tse ling tse kang linaoa le meroho.
Lipehelo tsa hore Zakāh e be setlamo ho lijo-thollo le litholoana:
1- E be tse ka bolokoang: Kahoo, ha ho na Zakāt ho litholoana le meroho e bolang kapele.
2- E be tse lekantsoeng ka tekanyo (makīlah): Ha ho zakāh ho tse rekisoang ka palo kapa boima joaloka lehapu, eiee le kharenate.
3- Li fihlele palo e tlamang (Nisab): Ke hore li fihle ho "Awsuq" tse hlano (650 kg). Ha li le ka tlase ho moo, ha ho na Zakāh.
4- Mong'a tsona e be e le mong'a tsona ka nako eo Zakāh e bang setlamo ka eona.
Haeba a li fumana kamor'a kotulo (joaloka ho li reka kapa ho li fuoa), ha a tlamehe ho nts'a zakāh.
Nako eo zakāh e tlamehang ka eona:
Zakāh e tlameha ho nts'oa ha lijalo li qala ho butsoa, Mats'oao a ho butsoa:
a) Lijo-thollo: ha li thatafala ebile li tiea.
b) Ho Litholoana tsa palema: ha li fetola 'mala li ba khubelu kapa ts'ehla.
Morara: Ha o se o le bonolo hape o le tsoekere.
Tekanyo (nisāb) ea tsona:
Nisab ea lijo-thollo le litholoana ke Awsuq tse hlano. "Wasq" e le ’ngoe e lekana le "Sa'a" tse mashome a ts'eletseng (60). Kahoo, Nisab kaofela ke "Sa'a" tse makholo a mararo (300) tsa Moporofeta ﷺ, e lekana le hoo e ka bang 900 kg.
Tekanyo ea Zakāh e lokelang ho nts'oa:
Karolo ea leshome (10%): Bakeng sa masimo a noesetsoang ntle le lits'enyehelo, joaloka a noesetsoang ke pula kapa liliba.
Halofo ea karolo ea leshome (5%): Bakeng sa masimo a noesetsoang ka lits'enyehelo le mosebetsi, joaloka a noesetsoang ka metsi a pompo, liliba kapa linoka ho sebelisoa liphoofolo kapa mechine ea mehleng ena.
Mofuta oa bobeli: Lirafshoang:
Har’a litsoa-mobung: ho na le Lirafshoang. Eleng lintho tse nts'itsoeng mobung tseo eseng tsa mofuta oa mobu ka bo-ona; joaloka khauta, silifera, ts'epe le mahakoe.
Nako eo zakāh e tlamehang ka eona ho tsona:
Hang ha motho a se a fumane serafshoang seo 'me e le sa hae, o lokela ho nts'a Zakāh ea sona hang-hang. Ha ho hlokahale hore ho fete selemo (Hawl) hore a e nts'e. Nisāb (tekanyo) ea tsona: Nisāb ea tsona e ts'oana le ea khauta le silifera, ho nts'oa kotara ea karolo ea leshome (2.5%) ea boleng ba tsona.
Ea boraro: Zakāh ea Matlotlo:
Matlotlo ana a kenyelletsa: Khauta, Silifera le Lichelete tsa pampiri (tse sebelisoang kajeno). Zakāt ea tlama ho tsona, Bopaki: Polelo ea Allah:
﴿...وَالَّذِينَ يَكْنِزُونَ الذَّهَبَ وَالْفِضَّةَ وَلَا يُنْفِقُونَهَا فِي سَبِيلِ اللَّهِ فَبَشِّرْهُمْ بِعَذَابٍ أَلِيمٍ﴾
{Ba bokellang khauta le silifera, ba sa li sebelise tseleng ea Allah, ba bolelle ka kotlo e bohloko}
[At-Tawbah: 34].
Hape ho hadith ho boleloa hore:
«مَا مِنْ صَاحِبِ ذَهَبٍ وَلَا فِضَّةٍ لَا يُؤَدِّي فِيهَا حَقَّهَا؛ إِلَّا إِذَا كَانَ يَوْمَ الْقِيَامَةِ صُفِّحَتْ لَهُ صَفَائِحُ مِنْ نَارٍ».
“Ha ho na mong’a khauta kapa silifera ea sa nts'eng tokelo ea eona (Zakāh), haese hore ka letsatsi la Tsoho, o tla etsetsoa lipoleiti tsa mollo”44.
Litsebi tsa bolumeli li lumellana ka hore Zakāh e tlama ho khauta le silifera, lichelete tsa pampiri (tse kang Dirham, Dollar kapa Maloti) li nkoa li na le molao o ts'oanang le oa khauta le silifera hobane li nketse sebaka sa tsona mosebetsing oa khoebo le phapanyetsano (khoebisano).
Nisāb ea Zakāh ho matlotlo le chelete e lokelang ho lefshoa:
Nisāb ea lichelete e latela Nisāb ea khauta kapa ea silifera. Kajeno, hangata ho sebelisoa silifera ho lekanya Nisab ea chelete ea pampiri hobane silifera se theko e tlaase ho feta khauta, kahoo se fihlela palo e tlamang kapele (eleng se molemo ho bafutsana). Tekanyo ea Silifera: Haeba Lemoseleme le na le chelete e lekanang le boleng ba gram tse 595 tsa silifera, ’me chelete eo e bile matleng a hae selemo kaofela (Hawl), Zakāh e ba setlamo. Boleng ba gram ea silifera bo fetoha nako le nako. Motho ea nang le chelete e seng kae ’me a sa tsebe hore na e fihletse Nisab, o lokela ho botsa barekisi ba silifera ka theko ea gram e le ’ngoe, ebe o e atisa ka 595. Karabo eo ae fumanang ke eona Nisab.
Tlhokomeliso ea bohlokoa: Haeba a batla ho tseba hore na o nts'a bokae ho chelete ea hae, o lokela ho nka chelete eohle eo a nang le eona a e arole ka mashome a mane (40). Karabo eo a e fumanang ke eona chelete eo a lokelang ho e nts'a e le Zakāh.
Ea bone: Zakāh holim’a thepa ea khoebo:
Ke thepa e lokiselitsoeng ho rekisoa le ho rekoa ka sepheeo sa ho etsa phaello. E kenyeletsa mefuta eohle ea thepa e seng chelete; joaloka likoloi, liaparo, masela, ts'epe, mapolanka le tse ling tsohle tse lokiselitsoeng khoebo.
Lipehelo tse tlamang Zakāh ea thepa ea khoebo:
1- Hore motho a be le eona ka ketso ea hae; joaloka ho reka le ho rekisa, ho hira le mekhoa e meng ea ho fumana chelete.
2- Hore a e be le eona ka sepheeo sa khoebo; ke hore a ikemisetse ho fumana phaello ka eona hobane liketso li its'etlehile ka maikemisetso ’me khoebo ke ketso, kahoo ho tlameha hore e tsamaee le niyyah (maikemisetso) joaloka liketso tse ling.
3- Hore boleng ba eona bo fihle boemong ba nisāb e bapisitsoe le e 'ngoe ea mefuta e 'meli ea chelete (khauta kapa silefera).
4- Hore ho fete selemo se felletseng (hawl) ha e ntse e le ho eena.
Mokhoa oa ho nts'a Zakāh ea thepa ea khoebo:
Thepa e baloa boleng ba eona ha selemo se felletseng (hawl) se phethahala, ka ho e lekanya ka e ’ngoe ea chelete tse peli: khauta kapa silefera, Ha e se e baliloe ’me boleng ba eona bo fihla ho nisāb ho latela e ’ngoe ea tsona; ho nts'oa karolo ea bone ho leshome (¼ ea 10), ke hore 2.5% ea boleng ba eona.
Ea bohlano: Zakāt ul-Fitr:
Ke Sadaqah e tlamang qetellong ea khoeli ea Ramadhān, ’Me e ile ea laeloa nakong ea selemo sa bobeli sa Hijrah.
Molao oa eona:
Zakāt ul-Fitr e tlama ho Lemoseleme le leng le le leng le nang le lijo tse fetang tse le lekaneng le ba lelapa la lona ka letsatsi le bosiu ba Eid. E tlamehile ho Lemoseleme le leng le le leng: e motona le e mots'ehali, e monyane kapa e moholo, ea lokolohileng kapa lekhoba. Ho ea ka Hadith:
«فَرَضَ رَسُولُ اللَّهِ ﷺ زَكَاةَ الْفِطْرِ عَلَى الْعَبْدِ وَالْحُرِّ، وَالذَّكَرِ وَالْأُنثَى، وَالصَّغِيرِ وَالْكَبِيرِ، مِنَ الْمُسْلِمِينَ».
"Morumuoa oa Allah ﷺ o laetse hore Zakat ul-Fitr e be setlamo ho Lemoseleme le leng le le leng, lekhoba le ea lokolohileng, e mo tona le e mo ts'ehali, ba banyane le ba baholo"45. Moelelo oa “O laetse”: ke hore o e entse hore ebe setlamo le boikarabello.
Bohlale ba ho e laela:
Ho boletsoe ke Ibn ‘Abbās (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke bona):
«فَرَضَ رَسُولُ اللَّهِ ﷺ زَكَاةَ الْفِطْرِ؛ طُهْرَةً لِلصَّائِمِ مِنَ اللَّغْوِ وَالرَّفَثِ، وَطُعْمَةً لِلْمَسَاكِينِ».
“Morumuoa oa Allah ﷺ o laetse Zakat al-Fitr hore e hloekise moitimi ho lipuo tse se nang molemo le lits'ila, hape e be phepelo bakeng sa mafutsana”46.
Nako ea ho tlameha ha eona le ho e nts'a:
E qala ho tlama ha letsatsi le likela bosiu ba Eid. Ho molemo ho e nts'a ka letsatsi la Eid pele ho uoa thapelong ea Eid. Ha ho lumelloe ho e liehisa ho fihlela kamor’a thapelo ea Eid; Haeba a e liehisang ho fihlela ho etsoa thapelo ea Eid, o lokela ho e nts'a e le qadhā (ho lefa molato oa ho fetoa ke nako ea eona) ’me o etsa sebe ka ho lieha ho feta nako e behiloeng.
Ho lumelloa ho e nts'a pele ho Eid ka letsatsi kapa matsatsi a mabeli.
Tekanyo ea eona le hore e nts'uoa ka eng:
Ke Sā‘ (tekanyo) ea lijo tse tloaelehileng tsa naha, joaloka raese, liteitsi, koro kapa tse ling. Tekanyo ea Sā‘ e ka hakanyetsoa ho 3kg. Ha ho lumelloe ho nts'a chelete sebakeng sa lijo, hobane seo se khahlanong le taelo ea Moporofeta ﷺ.
Ho nts'a Zakāh le moo e lokelang ho fanoa teng:
Nako ea ho e nts'a:
E tlameha ho nts'oa hang hang ha nako e tlamang ea ho e nts'a e fihla. ’Me ha ho lumelloe ho e liehisa ntle le ka lebaka le tlamang, joalokaha chelete e le naheng e hole le eena 'me ho se na motho ea ka mo khethang hore e be moemeli oa hae.
Sebaka seo e nts'etsoang ho sona:
Ho molemo ho e nts'a naheng eo leruo la motho le leng ho eona. Empa ho lumelloa ho e fetisetsa ho tloha naheng e 'ngoe ho ea naheng e 'ngoe maemong a 'maloa, eleng:
A- Haeba ho se na ba hlokang Zakah moo.
B- Haeba ho na le beng ka eena ba hlokang naheng e ’ngoe.
C- Kapa ho na le molemo o hlakileng ho ea ka Shari‘ah (joaloka li baka tsa Mamoseleme tse anngoeng ke tlala kapa likoluoa).
Zakah ea tlama hore e lefshoe ho tsoa ho thepa ea ngoana le lehlanya, ho ea ka lebaka la bopaki bo akaretsang 'me bahlokomeli ba bona ba ikarabella bakeng sa ho e lefa molemong oa bona. Ha ho lumelloe ho nts'a zakāh ntle le niyyah (maikemisetso). Ho ea ka polelo ea hae ﷺ:
«إِنَّمَا الْأَعْمَالُ بِالنِّيَّاتِ».
Ruri liketso li its'etlehile ka maikemisetso47.
Batho ba nang le tokelo ea ho Fumana Zakāh:
Ho na le mefuta e robeli ea batho ba nang le tokelo ea ho fumana Zakāh:
Mofuta oa pele: Bafutsana:
Ke bao ba sa khoneng ho khotsofatsa litlhoko tsa bona tsa motheo tsa bolulo, lijo le liaparo, Karolo eo ba lokelang ho e fuoa ho tsoa ho Zakah ke e ka lekanang bona le ba itsʼetlehileng ka bona selemo kaofela.
Mofuta oa bobeli: bahloki:
Ke bao ba ka khotsofatsang boholo ba litlhoko tsa bona tsa motheo empa eseng kaofela joaloka motho ea nang le moputso empa o sa mo lekane selemo kaofela.
Karolo eo ba lokelang ho e fuoa ho tsoa ho Zakah ke e tla phethela tlhoko ea bona le ea ba its'etlehileng ka bona selemo kaofela.
Mofuta oa boraro: Ba sebetsang ho bokella Zakāh:
Ke bao 'musi a ba ts'epetseng ho bokella Zakah, ho e boloka, kapa ho e fetisetsa ho ba hlokang.
Karolo eo ba lokelang ho e fuoa ho tsoa ho Zakah ke e lekanang le meputso eo ba lokelang ho e fumana bakeng sa ho etsa mosebetsi o joalo, ke hore haeba ba sa lefshoe ke bolaoli.
Mofuta oa bone: bao Lipelo tsa bona li ka ’nang tsa khahloa ke Islam:
Ke bao ho ts'eptjoang hore ba tla amohela Islam kapa ba matlafale tumelong kapa ba qobe ho nts'a Mamoseleme kotsi.
Karolo eo ba lokelang ho e fuoa ho tsoa ho Zakah ke e lekaneng ho finyella morero oo oa ho hohella lipelo tsa bona Islamong.
Mofuta oa bohlano: Ho lokolla makhoba:
Ho bolela ho lokolla makhoba le Mukātib.
Mukātib: ke lekhoba le ithekang ho mong'a lona. Ho boetse ho kenyelletsoa ho lopolloa hoa bats'oaruoa ba Mamoseleme ba hapiloeng ntoeng.
Mofuta oa bots'elela: ba nang le mekoloto, ba mefuta e 'meli:
Oa pele: motho ea nang le sekoloto ho phethahatsa tlhoko ea hae 'me a sa khone ho lefa sekoloto sa hae. O tla fuoa se tla mo lefella sekoloto sa hae.
Oa bobeli, motho ea nang le sekoloto ka lebaka la ho lokisa likamano pakeng tsa mahlakore a mabeli. O tla fuoa seo a lokelang ho lefa sekoloto sa hae, leha a ruile.
Mofuta oa bosupa: Tseleng ea Allah:
Ke bao ba etsang Jihād tseleng ea Allah.
Karolo eo ba lokelang ho e fuoa ho tsoa ho Zakah ke e lekaneng hore ba etse Jihād tseleng ea Allah, ba koahela lits'enyehelo tsa lipere tsa bona, libetsa, lijo, jj.
Mofuta oa borobeli: ibn as-sabīl (motho ea leetong):
Enoa ke motsamai ea ileng a felloa ke mofao kapa eo a utsoelitsoeng 'me ha a na chelete e lekaneng ea ho khutlela naheng ea habo.
Karolo eo a lokelang ho e fuoa ho tsoa ho Zakah ke eona e ka mo tiisetsang ho khutlela naheng ea habo, leha a ruile moo.
Sehlooho sa bone: boitimo:
Boitimo ke:
Borapeli ba Allah ka ho itima ho ja, ho noa le ho qoba ntho efe kapa efe e ka sitisang boitimo, ho tloha ka mafube ho fihlela ha letsatsi le likela.
ʼMe ke e ʼngoe ea litšiea tsa Islam. ’Me ke setlamo har'a lintho tseo Allah A entseng hore li tlame. E tsejoang bolumeling ka bohlokoa bohle. Ho tlama hoa bona ho netefalitsoe ke Buka (Qur'an), Moetlo oa Moporofeta (Sunnah) le tumellano ea litsebi tsa Mamoseleme (Ijma').
Allah Ea Phahameng O itse:
﴿شَهۡرُ رَمَضَانَ ٱلَّذِيٓ أُنزِلَ فِيهِ ٱلۡقُرۡءَانُ هُدٗى لِّلنَّاسِ وَبَيِّنَٰتٖ مِّنَ ٱلۡهُدَىٰ وَٱلۡفُرۡقَانِۚ فَمَن شَهِدَ مِنكُمُ ٱلشَّهۡرَ فَلۡيَصُمۡهُ...﴾
"Khoeli ea Ramadhan ke eona eo ho eona Qur'an e ileng ea senoloa e le tataiso bakeng sa batho le bopaki bo hlakileng ba tataiso le kahlolo (pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng). Kahoo, mang kapa mang har'a lona ea leng teng (lapeng, a se leetong) khoeling ena, a itime..." [Al-Baqarah: 185].
Maemo a tlamang boitimong ba Ramadhan:
1- Islam, boitimo ha bo amohelehe ho motho eo e seng Lemoseleme.
2- Ho fihla lilemong tsa bohlankana / boroetsana (Bulūgh), ha bo tlame ho ngoana, Leha ho le joalo, boitimo bo nepahetse ho Mumayyiz (ngoana ea seng a hlalohanya bobe le botle) 'me ho nkoa e le moputso oa boithaopo (Nafl).
3- Kelello: boitimo ha se setlamo bakeng sa lehlanya ebile ha e amoheloe ho eena ka lebaka la ho hloka boikemisetso.
4- Bokhoni ba ho itima, ha se setlamo ho mokuli ea sitoang ho itima, e boetse ha se setlamo ho motsamai (ea leetong). ’Me ba tsʼoanetse ho lefa (qadhā’) matsatsi ao ha lebaka (bokuli kapa leeto) le felile. Hore e sebetse ho tsoa ho mosali, maemo a latelang a tlameha ho fihleloa: ho ilela khoeli le ho tsoa mali kamor'a pelehi li tlameha ho emisa.
Ho kena ha khoeli ea Ramadan ho tiisoa ka e ’ngoe ea lintho tse peli:
A- Ho bona khoeli e ncha (hilāl) ea Ramadhan, Ho latela mantsoe a Moporofeta (khotso e be holim'a hae):
«صُومُوا لِرُؤْيَتِهِ، وَأفْطِرُوا لِرُؤْيَتِهِ».
"Itimeng ha le e bona, 'me le khaotse ho itima ha le e bona hape"48.
B- Ho phethela matsatsi a mashome a mararo a khoeli ea Sha'ban, sena se etsahala haeba khoeli e ncha e sa bonahala ka lebaka la maru, lerole kapa mabaka a mang. Moporofeta (khotso e be holim'a hae) o itse:
«فَإِنْ غُمَّ عَلَيْكُمْ؛ فَأَكْمِلُوا عِدَّةَ شَعْبَانَ ثَلَاثِينَ يَوْمًا».
"Haeba ho le maru ho lona, phethelang palo ea matsatsi a Sha'ban hore a be mashome a mararo"49.
Boikemisetso (Niyyah) ho boitimo:
Boitimo, bo joaloka liketso tse ling tsa borapeli, ha ho nepahale ntle le maikemisetso (niyyah), Nako ea boikemisetso e fapana pakeng tsa ho itima ho tlamang le ho itima ka boithaopo, ka tsela ena:
Ea pele: Ho itima ho tlamang (joaloka Ramadhan, ho lefella matsatsi (qadhā’) kapa kano (nadhr)), ho tlameha ho etsa boikemisetso bosiu pele ho mafube (Fajr). Ka lebaka la polelo ea Moporofeta ﷺ:
«مَن لَمْ يُبَيِّتْ الصِّيَامَ مِنَ اللَّيْلِ فَلَا صِيَامَ لَهُ».
Ea sa etseng boikemisetso ba boitimo bosiu, ha ho boitimo ho eena50.
Ea bobeli: boitimo ba boithaopo, ho lumelloa hore motho a etse boikemisetso mots'eare, ka maemo a hore ha a e-so je kapa a noe kamor’a hore mafube a hlahe.
Lintho tse senyang boitimo:
Ea pele: Thobalano (jimaaʿ): ha motho a etsa thobalano, boitimo ba hae bo ea senyeha, ’me o tlameha ho lefa letsatsi leo a entseng thobalano ka lona. Hape a etse kafārah eleng: ho lokolla lekhoba (haeba a ena le lona). Ha a sa khone: o lokela ho itima likhoeli tse peli tse latellanang. haeba a ntse a sitoa ka mabaka a molao, o fepa mafutsana a mashome a ts'eletseng, motho ka mong halofo ea Sāʿ (1.5kg) ea lijo tse tloaelehileng tsa naha.
Ea bobeli: ho tsoa ha peo (lero la thobalano): Ka lebaka la ho aka, ho ts'oara, ho ipholla litho tsa botona kapa bots'ehali ka tsela ea ho ithabisa. Sena se hlokahala ho lefa letsatsi feela (Qadha) ntle le kafārah, hobane kafārah e amahanngoa feela le thobalano. Ha motho a robetse a lora (ihtilām) ’me peo ea tsoa ha ho letho le mo amang hobane ha a e etsa ka boomo, o tsʼoanetse feela ho itlhatsoa ghusl ea janābah.
Ea boraro: Ho ja kapa ho noa ka boomo: Ho ea ka polelo ea Allah Ea Phahameng:
﴿...وَكُلُواْ وَٱشۡرَبُواْ حَتَّىٰ يَتَبَيَّنَ لَكُمُ ٱلۡخَيۡطُ ٱلۡأَبۡيَضُ مِنَ ٱلۡخَيۡطِ ٱلۡأَسۡوَدِ مِنَ ٱلۡفَجۡرِۖ ثُمَّ أَتِمُّواْ ٱلصِّيَامَ إِلَى ٱلَّيۡلِ...﴾
{ʼMe le je le noe ho fihlela le bona leseli la mafube le khetholoha ho lefifi la bosiu. Ebe le phethela boitimo ho fihlela bosiu....}
[Al-Baqarah:187].
Haele ea jang kapa a noa ka ho lebala; ha ho letho le mo amang; Ho ea ka Hadith:
«مَن نَسِيَ وَهُوَ صَائِمٌ، فَأَكَلَ أَوْ شَرِبَ، فَلْيُتِمَّ صَوْمَهُ، فَإِنَّمَا أَطْعَمَهُ اللَّهُ وَسَقَاهُ».
Ea lebetseng ha a ntse a itimme eaba oa ja kapa oa noa, a tsoele pele ka boitimo ba hae hobane Allah Ke Eena Ea mo fepileng le ho mo noesa51.
Ea bone: Ho hlatsa ka boomo empa ha ho hlatsa ese hoa maikemisetso ha ho ame ho itima ha hae. Ho ea ka polelo ea hae ﷺ:
«مَنْ ذَرَعَهُ الْقَيءُ فَلَيْسَ عَلَيْهِ قَضَاءٌ، وَمَن اسْتَقَاءَ عَمْدًا فَلْيَقْضِ».
Ea hlatsang ntle ho maikemisetso ha a na ho lefa letsatsi leo a hlatsitseng ka lona empa ea hlatsang ka boomo o tsʼoanetse ho le lefella52.
Ea bohlano: Ho tsoa mali 'meleng; ebang ke ka cupping, ho nts'a mali kapa ho fana ka mali bakeng sa bakuli, tsena tsohle li senya boitimo. Empa ho nts'a mali a manyenyane bakeng sa tlhatlhobo ha ho ame boitimo. Ka ho ts'oana, le ho tsoa ha mali ntle le boikhethelo joaloka; mokola, maqeba kapa ho nts'oa leino; tsena ha li ame boitimo.
Ba lumelloang ho se itime ka Ramadhan:
Karolo ea pele: Ba lumelloang ho se itime ’me ba tlangoa ke qaḍā’ (tefo ea matsatsi a ba fetileng a boitimo), bona ke:
1- Mokuli eo ho lebelletsoeng hore o tla fola ’me ho itima hoa mo thatafalletsa kapa hoa mo lematsa.
2- Moeti (musāfir) ebang o fumana mathata leetong kapa che.
Bopaki ba bobeli bona ke polelo ea Allah:
﴿...وَمَن كَانَ مَرِيضًا أَوۡ عَلَىٰ سَفَرٖ فَعِدَّةٞ مِّنۡ أَيَّامٍ أُخَرَ...﴾
{...’Me mang kapa mang ea kulang kapa a leng leetong, a ke a itime matsatsi a mang...}
[Al-Baqarah:185].
3- Mosali oa moimana kapa ea anyesang haeba ho itima ho ba thatafalla kapa ho ba nts'a kotsi le masea a bona. Ba nkoa ba le boemong bo ts'oanang le ba mokuli; kahoo ba lumelloa ho se itime. Empa ba tlameha ho lefa (matsatsi ao) hamorao.
4- Mosali ea ileng khoeling kapa ea tsoang mali a pelehi, ho itima ha bona ha hoa lumelloa, ebile ha ho nepahale, ’me ba tlameha ho patala matsatsi ao nakong e tlang.
Karolo ea bobeli: Ba lumelloang ho se itime ’me ba tsʼoanetse ho fana ka phepo (fidyah/kaffarah) ntle le qadhāʼ (ho lefa matsatsi) bona ke:
1- Mokuli eo ho sa lebelloang hore o tla fola.
2- Motho ea tsofetseng ea seng a sa khone ho itima.
'Me bano ha ba itime, ba lokela ho fepa mofutsana a le mong ka letsatsi khoeli eohle ea Ramadan. Empa haeba motho ea tsofetseng a fihletse boemo ba ho lahleheloa ke kelello o tlosoa boikarabellong boo; a se ke a itima 'me ha ho letho le mo tlamang ho le etsa.
Nako ea ho lefa (qadhā’) le kahlolo ea ho e liehisa:
Qadhāʼ ea boitimo ba Ramadhan e tlameha ho lefshoa pele ho fihla Ramadhan e latelang, ’me ho molemo ho potlakela ho e lefa, ha hoa lumelloa ho lieha ho e lefa ho fihlela kamor’a Ramadhan e latelang. Ho tsoa ho ʿĀ’ishah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), o itse:
«كَانَ يَكُونُ عَلَيَّ الصَّوْمُ مِنْ رَمَضَانَ، فَمَا أَسْتَطِيعُ أَنْ أَقْضِيَ إِلَّا فِي شَعْبَانَ لِمَكَانِ رَسُولِ اللهِ ﷺ».
“Ke ne ke e-na le matsatsi ao ke lokelang ho a lefa a Ramadhan ’me ke ne ke sa khone ho a lefa ntle le ka Sha'bān ka lebaka la mesebetsi eaka ho Moporofeta ﷺ”53.
Motho ea liehisang ho lefa matsatsi ho fihlela kamor'a Ramadhan e latelang o oela tlas'a maemo a mabeli:
1- Haeba a liehisa ka lebaka le amohelehang joaloka: ho kula ho tsoelang pele ho fihlela Ramadhan e ’ngoe, o tsʼoanetse ho lefa (ho etsa qadha) feela.
2- Haeba a liehisa ntle le lebaka le amohelehang la molao, o oela sebeng ka tiehiso eo, 'me o tlameha ho baka le ho lefa matsatsi ano le ho fepa mofutsana bakeng sa letsatsi le leng le le leng leo a le liehisitseng.
Boitimo ba boithaopo ho motho ea nang le qadhā’:
Ea nang le matsatsi a Ramadhan a sa lefelloang; ho molemo hore a qale ka ho lefa matsatsi ao pele ho boitimo ba boithaopo. Empa ha ho tluoa ho boitimo bo nang le nako e lekanyelitsoeng (joalo ka ʿArafah le ʿĀshūrā’) a ka qala ka tsona pele hobane li ka feta, athe qadhā’ e na le nako e pharaletseng, empa ha a lokela ho itima matsatsi a ts'eletseng a Shawwāl ntle le hore a qale ka ho lefella qadhā’ pele.
Matsatsi ao ho thibetsoeng ho itima ho ona:
1- Letsatsi la Eid ul-Fitr le la Eid ul-Adhhā; boitimo ho tsona bo thibetsoe.
2- Matsatsi a Tashrīq (11, 12, 13 ea Dhul-Hijjah), ntle le bakeng sa ba leetong la Hajj la mofuta oa tamattuʿ le qirān ba sa fumaneng sehlabelo. Matsatsi a Tashreeq ke: letsatsi la leshome le motso o mong, la leshome le metso e 'meli le la leshome le metso e meraro la khoeli ea Dhul-Hijjah.
3- Letsatsi la pelaelo (yawm ash-shakk) ke la 30 la Shaʿbān, ha ho e-na le maru kapa lerole le thibelang ho bona khoeli e ncha.
Matsatsi ao ho sa khothaletsoeng ho itima ho ona:
A- Ho khetholla khoeli ea Rajab feela ka ho itima. B- Ho khetholla Labohlano feela ka ho itima, empa haeba a itima letsatsi pele kapa kamor’a lona, ho se khothaletsoe hona hoa fela.
Matsatsi ao ho khothalletsoang ho itima ho ona:
A- Matsatsi a ts'eletseng a khoeli ea Shawwāl. B- Matsatsi a robong Dhul-Hijjah, haholo-holo,
Letsatsi la Arafah (ntle le ho motho ea leetong la Hajj), ho itima letsatsing lena ho hlakola libe tsa lilemo tse peli. C- Matsatsi a mararo khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, haholo ho molemo ka Ayyām al-Bīdh (masiu ao khoeli e tolokileng ka ona [bohare ba khoeli] eleng 13, 14, 15). D- Mantaha le Labone beke le beke hobane Moporofeta ﷺ o ne a itima ka matsatsi ana, kaha liketso tsa batho li hlahisoa ho Allah matsatsing ana.
Boitimo ba boithaopo (Sunnah):
A- Boitimo ba Moporofeta Dāwūd (khotso e be ho eena): o ne a itima letsatsi le leng, ebe o ja letsatsi le latelang [one a tlolisa letsatsi].
B- Boitimo ka khoeli ea Muharram, eleng khoeli e molemo ka ho fetisisa eo ho khothalletsoang ho itima ho eona. Ho totobetseng ka ho fetisisa ho eona ke ho itima letsatsi la ‘Āshūrā’ (la leshome la Muharram) ’me ho khothalletsoa ho eketsa ka ho itima letsatsi la borobong hammoho le lona, hobane Moporofeta ﷺ o itse:
«لَئِنْ بَقِيتُ إِلَى قَابِلٍ لَأَصُومَنَّ التَّاسِعَ».
Ha ke ka phela ho fihlela selemong se tlang, ke tla itima ka la borobong54. 'Me e hlakola libe tsa selemo se fetileng.
Sehlooho sa bohlano: Hajj le ‘Umrah
Hajj ka puo ke: morero kapa sepheeo. Ka Molao oa bolumeli ke: Ho rera ho etela Ntlo e Halalelang ea Allah (Ka'ba) le libaka tse halalelang ka nako e khethehileng ho phetha lits'ebeletso tse itseng.
ʼMe ʼUmrah eona ka puo ke: ketelo.
Ka Molao oa bolumeli ke: Ho etela Ntlo e Halalelang (Ka‘bah) nako efe kapa efe ho phetha lits'ebeletso tse itseng.
Hajj ke e ’ngoe ea lits'iea tsa Islam le metheo ea eona e meholo, e ile ea kenngoa molaong e le setlamo ka selemo sa borobong kamor’a Hijrah, ʼMe Moporofeta ﷺ o phethile Hajj e le 'ngoe feela bophelong ba hae, e bitsoang "Leeto la ho fonanisa" (Hajjatul-Wadā').
Ho etsa Hajj ho tlama motho hang feela bophelong haeba a khona, ’me ho feta moo ke boithaopo. Haele ‘Umrah, litsebi tse ngata tsa tumelo ea Islam li lumela hore le eona ke setlamo, ho ipapisitsoe le polelo ea Moporofeta ﷺ ha a botsoa: “Na basali ba na le jihad?” A re:
«نَعَمْ، عَلَيْهِنَّ جِهَادٌ لَا قِتَالَ فِيهِ: الْحَجُّ وَالْعُمْرَةُ».
E, ba na le jihad e se nang ntoa: Hajj le ‘Umrah55.
Lipehelo tse etsang hore Hajj le ‘Umrah li tlame ke:
1- Islam
2- Kelello
3- Kholo
4- Bolokolohi
5- Bokhoni
Mosali o eketsoa ka boemo ba bots;elela: ho ba le mahram (motho e mo tona oa habo mosali kapa ea nang le likamano le eena joaloka molekane, mora) ea tsamaeang le eena, hobane ha a lumelloe ho nka leeto ntle le mahram, ho ea Hajj kapa kae kapa kae. Moporofeta ﷺ o itse:
«لَا تُسَافِرُ الْمَرْأَةُ إِلَّا مَعَ ذِي مَحْرَمٍ، وَلَا يَدْخُلُ عَلَيْهَا رَجُلٌ إِلَّا وَمَعَهَا مَحْرَمٌ».
“Mosali a se ke a tsamaea ntle le mahram (ke hore, monna eo a ke keng a nyalana le eena ho hang, mohlala, khaitseli ea hae, ntate-moholo oa hae, ntate oa hae kapa monna oa hae) ’me ha ho monna ea loketseng ho ba mong le eena ntle le hore a be le mahram”56.
ʼMe mahram oa mosali ke: monna oa hae kapa motho eo a ke keng a mo nyala ka ho sa feleng; Ka lebaka la likamano tsa tsoalano; joaloka ngoan’abo, ntat’ae, rangoanʼae, mor'a oa ngoan’abo kapa malomʼae, kapa ka lebaka le lumelletsoeng; joaloka ngoan’abo ka lebese (eo ba nyants'itsoeng ke 'm'e a le mong) kapa ka lebaka la lenyalo; joaloka monna oa 'm'ae kapa mora oa monna oa hae.
Bokhoni: Ke bokhoni ba ’mele le ba lichelete, hore a khone ho tsamaea le ho mamella leeto, ’me a be le chelete e lekaneng bakeng sa leeto la ho ea le ho khutla, hape a siee lelapa la hae le na le seo le ka phelang ka sona ho fihlela a khutlile.
Hape tsela ea Hajj e lokela ho ba e sireletsehileng bakeng sa hae le thepa ea hae.
Ea nang le bokhoni ka chelete empa a se na matla a ’meleng joaloka motho ea tsofetseng haholo kapa ea kulang bokulo bo sa foleng, o tlameha ho romela motho hore a mo etsetse Hajj le ‘Umrah.
ʼMe lipehelo tsa motho ea ka etsetsang e mong Hajj kapa ‘Umrah li peli:
1- E tlameha ebe ke motho ea ts'oanelehang ho etsa leeto la Hajj, ebe Lemoseleme le phetseng hantle kelellong, ea holileng kelellong.
2- E be motho ea kileng a iketsetsa Hajj pele.
Mawāqīt al Ihrām (Meeli ea ho kena kahar'a ihrām):
Mawāqīt ke bongata ba lentsoe mīqāt 'me ka puo e tloaelehileng ho bolela moeli. Ka molao oa Shari’ah, ke sebaka kapa nako e behiloeng bakeng sa ho etsa khumamelo.
Hajj e na le mawāqīt tse peli: ea nako le ea sebaka:
A- Mawāqīt tsa nako: Allah O li boletse Ha A re:
﴿ٱلۡحَجُّ أَشۡهُرٞ مَّعۡلُومَٰتٞۚ فَمَن فَرَضَ فِيهِنَّ ٱلۡحَجَّ...﴾
{Hajj ke likhoeli tse tsebahalang; kahoo, mang kapa mang ea itlamang ho etsa Hajj har'a tsona...}
[Al-Baqarah: 197].
Likhoeli tsena ke: Shawwāl, Dhul-Qa'dah le matsatsi a leshome a pele a Dhul-Hijjah.
B- Mawāqīt tsa sebaka: Ke meeli eo ho seng molaong hore motho ea leetong la Hajj (Hājji) kapa Umrah a e fete a sa kena kahar’a ihram, Libaka tseo ke tsena:
1- Dhul-Hulayfah: mīqāt (moeli) oa batho ba Madinah.
2- Al-Juhfah: mīqāt ea batho ba Sham (Palestine, Jordan,Syria), Egepeta le Maghrib (Morocco).
3- Qarn al-Manazil (kajeno e tsejoa e le As-Sayl): mīqāt ea batho ba Najd.
4- Dhat ‘Irq: mīqāt ea batho ba Iraq.
5- Yalamlam: mīqāt ea batho ba Yemen.
Motho ea lulang kahare ho meeli ena o kena kahar’a ihram a le hae bakeng sa Hajj kapa Umrah. Batho ba Makkah ba kena kahar’a ihram ba le Makkah bakeng sa Hajj, ha ho hlokahale hore ba tsoe ho ea mīqāt. Empa bakeng sa Umrah, ba tlameha ho ea kantle ho Haram (Adna al-Hill) ebe ba kena kahar’a ihram ba le teng. Mang kapa mang ea batlang ho etsa Hajj kapa Umrah o tlameha ho kena kahar'a ihram libakeng tsena tse behiloeng ke Moporofeta ﷺ, eleng libaka tse khethiloeng tse hlalositsoeng pele, 'me ha ho lumelloe ho li feta ntle le ihram ho motho ea rerileng ho etsa Hajj kapa Umrah,
mang kapa mang ea fetang ho mawāqīt tse boletsoeng leha ese oa moo, o lokela ho kena kahar'a ihrām ho tsona.
Haeba motho a ea Makkah empa a sa fete ho e ’ngoe ea mawāqīt a tsamaea leeto la fats'e (ka koloi kapa a palame kamele), ka leoatle (sekepe) kapa ka sefofane, o lokela ho kena kahar’a ihram ha a fihla boemong bo bapileng le mīqāt e haufi le eena. Ho ipapisitsoe le polelo ea Umar ibn al-Khattab (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke eena): <<Lekolang sebaka se bapileng le eona tseleng ea lona>>57.
Bakeng sa ba tsamaeang ka sefofane ho ea etsa Hajj kapa Umrah, ba tlameha ho qala Ihram ha sefofane se le mabapi le Mīqāt e tseleng ea bona, ha hoa lumelloa ho liehisa Ihram ho fihlela sefofane se tsorama boema-fofane.
Ihram:
Ihram ke boikemisetso (niyyah) ba ho kena kahar’a ts'ebetso ea Hajj kapa ‘Umrah; Ka Hajj: ke ho ikemisetsa ho etsa Hajj. ka ‘Umrah: ke ho ikemisetsa ho etsa ‘Umrah. Motho ha e be muhrim ntle le haeba a entse niyyah ea ho kena kahar’a ts'ebetso ena. Ho apara liaparo tsa ihram feela ntle le niyyah ha ho etse hore e be ihram.
Lintho tse khothalletsoang (Sunnah) pele ho ihram:
1- Ho itlhatsoa (ghusl) pele ho ihram bakeng sa ’mele ohle.
2- Monna o itlotsa ka senkhisa ha monate ’meleng eseng liaparong tsa ihram.
3- Ho apara izār (lesela la thekeng) le ridā (lesela la mahetleng) a masoeu hammoho le meqathatso.
4- Ho kena kahar'a ihram a shebane le Qiblah haeba a palame.
Mefuta ea An-Nusuk (lits'ebeletso tsa Hajj):
Motho ea kenang kahar’a ihram a ka khetha e ’ngoe ea mefuta e meraro:
1- Tamattu‘: Ke ho kena kahar’a ihram ka ‘Umrah nakong ea likhoeli tsa Hajj, ebe o ea e qeta, kamor'a moo ebe o kena ihramong hape bakeng sa Hajj selemong se ts'oanang.
2- Ifraad: Ke ho kena kahar’a ihram bakeng sa Hajj feela ho tloha mīqāt, a lula a le kahar’a ihram ho fihlela a phethela meetlo ea Hajj.
3- Qiraan: Ke hore motho a kene Ihram bakeng sa Hajj le Umrah ka nako e le ngoe. Kapa a kene Ihram bakeng sa Umrah ebe o kenyelletsa Hajj pele a qala ho potoloha (Tawaf). O etsa Tawaf e le 'ngoe le Sa'i e le 'ngoe bakeng sa tsona ka bobeli.
Ea etsang tamattu‘ kapa qiraan o tsʼoanetse ho fana ka sehlabelo (hady) haeba e se moahi oa Masjid al-Haram (Makkah).
Mofuta o khothaletsoang ka ho fetisisa ke At-Tamattu’ hobane Moporofeta (khotso e be holim'a hae) o ile a laela barutuoa ba hae ho etsa joalo. O lateloa ke Al-Qiraan, ebe qetellong ke Al-Ifrad.58
Ha motho a se a kene kahar’a Ihram, o qala ho bala mantsoe ana:
«لَبَّيْكَ اللَّهُمَّ لَبَّيْكَ، لَبَّيْكَ لَا شَرِيكَ لَكَ لَبَّيْكَ، إِنَّ الْحَمْدَ وَالنِّعْمَةَ لَكَ وَالْمُلْكَ لَا شَرِيكَ لَكَ».
"Labbaykallahumma Labbayk, Labbayka la sharika laka Labbayk, Innal-hamda wan-ni'mata laka wal-mulk, la sharika lak."
(Ke araba pitso ea Hao Oho Allah, haUu na molekane, thoriso le litlhohonolofatso tsohle ke tsa Hao, ’muso ke oa Hao, ha U na molekane)59.
Ke Sunnah (tsela ea Moporofeta ﷺ) ho pheta-pheta mantsoe ana hangata, monna o a bua ka lentsoe le phahameng, basali bona ba a buela ka lipelong kapa ka mantsoe a fats'e.
Nako ea Talbiyah: E qala hang kamor’a ho kena kahar’a ihram, e fela ka tsela ena:
1- Muʼtamir (ea nkileng leeto la Umrah): o khaotsa pele a qala tawaf.
2- Hajji (motho ea leetong la Hajj): o khaotsa ha a qala ho lahlela Jamrat ul-‘Aqabah ka letsatsi la Eid.
Lintho tse hanetsoeng nakong ea Ihram:
1- Ho kuta, ho fokotsa kapa ho nts'a moriri karolong efe kapa efe ea ’mele.
2- Ho kuta manala a matsoho kapa a maoto ntle le lebaka. Haeba lenala le ka robeha a le tlosa, ha ho na fidyah ho eena.
3- Monna ha a lumelloe ho koahela hlooho ka ntho e e koaelang ka ho e thetsa joaloka katiba kapa ghutra (scarf).
4- Monna ha a lumelloe ho apara liaparo tse etselitsoeng ’mele (tse rokiloeng) joaloka hempe, turban kapa borikhoe. “Tse rokiloeng”: ke liaparo tse etselitsoeng karolo ea ’mele joaloka lieta, liatlana le likausi (tsa letlalo, khoele kapa lesela). Haele mosali a ka apara liaparo life kapa life tseo a li batlang hobane o hloka ho ikoahela. Empa ha a lumelloe ho apara niqab (burqa), leha ho le joalo a ka koahela sefahleho ka khimar kapa jilbab ha ho feta banna bao e seng mahram oa hae. Hape ha a lokela ho roala liatlana matsohong a hae.
5- Ho sebelisa senkhisa ha monate (perfume) hobane muhrim o lokela ho tlohela mabothobotho a lefats’e le ho shebana le ‘akhirah.
6- Ho bolaea kapa ho tsoma liphoofolo tsa naha, Muhrim ha a tsome, ha a thuse ho tsoma, ebile ha a li hlabe.
Ho hanetsoe hore muhrim a je nama ea phoofolo eo a e tsommeng kapa eo motho emong a mo tsometseng eona kapa eo a thusitseng ho e tsoma; hobane ho eena nama eo e nkoa e le maytah (phoofolo e ichoesitseng).
Haele liphoofolo tsa leoatleng kapa linonyana le liphoofolo tse ruiloeng malapeng (joaloka likhoho, likhomo kapa linku) tsona li lumelletsoe ho hlajoa hobane ha li tsongoe.
7- Ho etsa konteraka ea lenyalo bakeng sa hae kapa bakeng sa motho emong kapa ho ba paki.
8- Ho etsa thobalano; mang kapa mang ea kopanelang liphate pele ho nako ea pele ea ho tsoa boemong ba Ihram (at-tahallul al-awwal), Hajj kapa Umrah e senyehile. O tlameha ho tsoela pele ho phethela mesebetsi ea eona, ebe o e etsa hape selemong se hlahlamang 'me o tlameha ho etsa sehlabelo. Haeba e etsahala kamor’a tahallul ea pele: lits'ebeletso tsa hae tsa Hajj ha li senyehe empa ho hlokahala sehlabelo.
Mosali o ts'oana le monna haeba a ile a lumela.
9- Ho ama mosali ka takatso (ho mo ts'oara ka takatso ntle le thobalano) hobane ke tsela e ka isang ho thobalano e thibetsoeng nakong ea Ihram.
‘Umrah:
A- Lits'iea tsa ʼUmrah:
1- Ho kena kahar’a Ihram.
2- Tawāf (ho pota-pota Ka'aba).
3- Sa‘ee (ho tsamaea lipakeng tsa thabana tse peli Safa le Marwa) .
B- Lintho tse tlamang tsa ʼUmrah:
1- Ho kena kahar’a Ihram ho tloha sebakeng se behiloeng sa Mīqāt.
2- Ho kuta moriri ohle (Al-Halq) kapa ho o fokotsa (Al-Taqsir).
C- Mokhoa oa ho etsa ʼUmrah:
Ntho ea pele eo moeti a e etsang ke ho potoloha Ka‘bah makhetlo a supileng (Tawaf), ho qala ho Lejoe le Lets'o (Al-Hajar al-Aswad) le ho qetella ho lona. Moeti (e mo tona) o tlameha ho ba boemong ba bohloeki (taharah) 'me a pate litho tsa hae tsa sephiri ho tloha mokhubung ho ea mangoleng, Ke Sunnah ho banna ho etsa Al-Idhtiba’ nakong eohle ea Tawaf: Ke hore a pepese lehetla la hae le letona, a potetsa lesela la hae tlas'a lona, 'me a beha ntlha ka bobeli tsa lesela holim'a lehetla la hae le lets'ehali. Ha a qeta potoloho ea bosupa; o emisa idhtibā‘ o koahela mahetla ka bobeli ka ridāʼ ea hae.
Moeti o sheba ho lejoe le Lets'o; haeba ho khoneha, oa le suna. Haeba ho le thata, o le ts'oara ka letsoho la hae le letona ebe o suna letsoho la hae. Haeba a sa khone ho le ts'oara, o supa feela ho lona ka letsoho la hae le letona a re: "Allahu Akbar" lekhetlo la pele ʼme ha a lokela ho suna letsoho la hae kapa ho ema. O tsoela pele ka Tawaf a file Ka‘bah letsoho le le lets'ehali. Ho khothalletsoa banna ho etsa Raml (ho tsamaisa) makhetlong a mararo a pele, ʼme Raml: lebelo la ho tsamaea ka mehato e haufi.
Ha a feta Rukn al-Yamāni (sekhutlo sa bone sa Ka‘bah):
Haeba ho khoneha, a e ame ka letsoho le letona (ntle le takbeer kapa ho e suna), haeba ho sa khonehe: o feta feela, ha a e supe ebile ha a etse takbeer. Ha a le pakeng tsa Rukn al-Yamāni le Hajar al-Aswad o re:
﴿...رَبَّنَآ ءَاتِنَا فِي ٱلدُّنۡيَا حَسَنَةٗ وَفِي ٱلۡأٓخِرَةِ حَسَنَةٗ وَقِنَا عَذَابَ ٱلنَّارِ﴾
“Rabbana ātinā fid-dunyā hasanah, wa fil-ākhirati hasanah, waqinā ‘adhāban-nār” (Morena oa rona, re fe botle lefats'eng lena le lefats'eng la kamoso ’me o re sireletse khahlanong le kotlo ea mollo) [Al-Baqarah: 201].
Kamor’a tawaf: O rapela raka’ah tse peli ka morao ho Maqām Ibrahim haeba ho khoneha kapa kae kapa kae ka hare ho Masjid al-Haram. Ho khothalletsoa ho bala: ho Raka’ah ea pele kamor'a Al-Fatihah: Surah Al-Kāfirūn, ho Raka’ah ea bobeli kamor'a Al-Fatihah: Surah Al-Ikhlās, Ebe o leba sebakeng sa Sa‘ee, o matha pakeng tsa Safa le Marwah ka makhetlo a 7; ho tloha Safa ho ea Marwah ho lekana le 1, ho khutla ho lekana le 1.
O qala Sa’ee ka Safa, o hloella holim’a eona kapa o ema haufi le eona, ho hloella holim’a eona ho molemo ha ho khoneha. ha a le moo, o bala temana ea Allah e reng:
﴿إِنَّ ٱلصَّفَا وَٱلۡمَرۡوَةَ مِن شَعَآئِرِ ٱللَّهِ...﴾
{Innas Soafa wal Marwata min sha'aairillah...} e bolelang: “Ruri Safa le Marwah ke tse ling tsa liponts'o tsa Allah...” [Al-Baqarah: 158].
Ho khothalletsoa hore a shebe nqa ea Qibla, a rorise Allah, a etse Takbir, 'me a re:
«لَا إِلٰهَ إِلَّا اللَّهُ، وَاللَّهُ أَكْبَرُ، لَا إِلٰهَ إِلَّا اللَّهُ وَحْدَهُ لَا شَرِيكَ لَهُ، لَهُ الْمُلْكُ وَلَهُ الْحَمْدُ، يُحْيِي وَيُمِيتُ، وَهُوَ عَلَى كُلِّ شَيْءٍ قَدِيرٌ، لَا إِلٰهَ إِلَّا اللَّهُ وَحْدَهُ، أَنْجَزَ وَعْدَهُ، وَنَصَرَ عَبْدَهُ، وَهَزَمَ الْأَحْزَابَ وَحْدَهُ».
“La ilaha illallah, wallahu akbar. La ilaha illallahu wahdahu la sharika lah, lahul-mulku wa lahul-hamdu, yuhyi wa yumit, wa huwa ‘ala kulli shay’in qadir. La ilaha illallahu wahdah, anjaza wa’dah, wa nasara ‘abdah, wa hazamal-ahzaba wahdah” (Ha ho ea lokeloang ke khumamelo ntle le Allah, Allah O Moholo-holo, ha ho ea lokeloang ke khumamelo ntle le AllahA le Mong, Ha A na molekane, ’muso ke oa Hae, thoriso ke ea Hae, O fana ka bophelo le lefu, ’me O na le bokhoni holim’a lintho tsohle. Ha ho ea lokeloang ke khumamelo ntle le Allah A le Mong, O phethile ts'episo ea Hae, O thusitse mohlanka oa Hae ’me O hlotse lihlopha tsohle A Inoosi)60. Ebe o phahamisa matsoho a hae a etsa du‘ā e bobebe ho eena, o pheta sena (dhikr le du‘ā) makhetlo a mararo, Ebe o theoha Safa a ea ho Marwah, o tsamaea ho fihlela a fihla ho lets'oao la pele (le letala), monna o potlakisa ho tsamaea pakeng tsa mats'oao a mabeli. Haele basali, ha ba lumelloa ho potlakisa mehato lipakeng tsa mats'oao ana; bona ba tsamaea ka mokhoa o tloaelehileng tseleng eohle ea Sa’ee. Ha a fihla Al-Marwah, o hloella holim'a eona kapa o ema haufi le eona (ho hloella holimo ho molemo). O pheta mantsoe le liketso tseo a li entseng Safa, ntle le ho bala temana ea:
﴿إِنَّ ٱلصَّفَا وَٱلۡمَرۡوَةَ مِن شَعَآئِرِ ٱللَّهِ...﴾
Ruri Safa le Marwah ke tse ling tsa liponts'o tsa Allah...” Hobane temana ena e baloa feela lekhetlong la pele ha a qala Sa’ee thabeng ea Safa potolohong ea pele feela. Ebe o theoha, a tsamaea moo a lokelang ho tsamaea teng 'me a potlaka moo a lokelang ho potlaka teng, ho fihlela a fihla Safa. O etsa seo ka makhetlo a supileng, ho ea e baloa e le potoloho 'me ho khutla ho boetse ho nkoa e le potoloho. Ho khothalletsoa ho pheta-pheta lithapeli le lithoriso haholo nakong ea Sa’ee, Ho molemo hore motho a be boemong ba bohloeki (taharah) ts'ileng e kholo le e nyane empa haeba a ka etsa Sa’ee a se na bohloeki, e ntse e amoheleha. Ka mokhoa o ts'oanang, haeba mosali a ka ilela khoeli kamor'a ho qeta Tawaf, a ka tsoela pele ho etsa Sa’ee 'me e tla nkoa e nepahetse hobane bohloeki hase pehelo ho Sa’ee, ke ntho e khothalletsoang feela.
Ha a se a phethetse Sa’ee, o lokela ho kuta moriri ohle (halq) kapa ho o khutsufatsa (qasr). Ho kuta moriri ohle ke hona ho molemo haholo bakeng sa banna.
Kamor'a mona, moeti o tla be a phethile mesebetsi eohle ea Umrah.
Hajj:
A- Lits'iea tsa Hajj:
1- Ihram (Seaparo sa Hajj).
2- Ho ema ʼArafah.
3- Tawaf ul-Ifādhah.
4- Sa‘ee (ho nyolosa le ho theosa lipakeng tsa thabana tse peli eleng Safa le Marwa).
B- Lintho tse tlamang tsa Hajj:
1- Ho kena ka har’a ihram ho tloha mīqāt (Sebaka seo ho apareloang ho sona liphahlo tsa Hajj).
2- Ho ema Arafah ka letsatsi la bo 9 la Dhul-Hijjah ho fihlela ha letsatsi le likela (bakeng sa ea emeng teng nakong ea mots’eare).
3- Ho robala Muzdalifah bosiu ba la 10 ho fihlela bonyane har'a mpa ea bosiu.
4- Ho robala Mina masiung a matsatsi a Tashreeq (11, 12, le 13).
5- Ho betsa majoe (Ramy al-Jimar).
6- Ho kuta lekoroana kapa ho fokotsa moriri.
7- Tawaf al-Wadā‘ (tawaf [ho pota-pota Ka'abah] ea ho salisa hantle).
C- Tsela ea ho etsa Hajj:
Motho oa Lemoseleme o qala ho etsa Talbiyah bakeng sa Hajj ha a fihla Miqat e le mofuta oa Mufrid (ea etsang Hajj feela) haeba nako e se e ile. Ha a fihla Makkah o etsa Tawaf le Sa’i 'me o lula a le boemong ba Ihram ho fihlela a leba Arafah ka letsatsi la borobong. O lula Arafah ho fihlela ha letsatsi le likela,
kamor'a moo, o tloha Arafah a ntse a etsa Talbiyah ho leba Muzdalifah. O lula moo ho fihlela a rapela Fajr 'me o lula a ntse a rorisa Allah le ho Mo kopa ho fihlela mafube a hlaha,
ha mahlaseli a letsatsi a hlaha (pele le chaba), o leba Mina, moo a lo betsang Jamrat al-Aqaba ka majoe a supileng. Kamor'a moo, o kuta moriri kapa o ea o khutsufatsa (ho kuta lekoroana ho molemo),
Joale o etsa Tawaful-Ifādhah, kaha Sa’ee eo a e entseng pele e lekane. Ka nako eo, Hajj ea hae e phethehile 'me o tsoa boemong ba Ihram ka botlalo (at-tahallul al-kamil).
O tlameha ho betsa majoe ka matsatsi a la 11 le la 12 (haeba a potlakile). O betsa Jamarāt tse tharo, Jamarāt ka 'ngoe e na le majoe a supileng, a re “Allahu Akbar” ka lejoe le leng le le leng, o qala ka le lenyenyane ka ho fetisisa le pela Masjid oa Al-Khaif, ebe le bohareng, ebe Jamrat Al-Aqaba, e leng la ho qetela. O lahlela majoe a supileng ka Jamrat ka 'ngoe. Haeba a batla ho lula ho fihlela letsatsi la 13, o betsa ka mokhoa o ts'oanang le oa matsatsi a la li 11 le la li 12.
Nako ea ho betsa ke kamor'a hore letsatsi le fete bohareng (Zawal) matsatsing a mararo.
Haeba a tloha ka letsatsi la li 12 pele letsatsi le likela, ho lokile. Empa haeba a lula ho fihlela letsatsi la 13 kamor'a Zawal, seo se molemo haholo, joalokaha Allah A boletse:
﴿...فَمَن تَعَجَّلَ فِي يَوۡمَيۡنِ فَلَآ إِثۡمَ عَلَيۡهِ وَمَن تَأَخَّرَ فَلَآ إِثۡمَ عَلَيۡهِۖ لِمَنِ ٱتَّقَىٰ...﴾
“...empa mang kapa mang ea potlakelang ho tloha [Mina] ka letsatsi la bobeli, ha ho sebe ho eena; 'me mang kapa mang ea liehang [ho fihlela la boraro], ha ho sebe ho eena bakeng sa ba ts'abang Allah...”
[Al-Baqarah: 203].
Ha a batla ho tsamaea; o etsa Tawaf al-Wadā‘ (potoloho tse 7, ntle le sa‘ee).
Se molemo ke hore haeba motho a se na phoofolo ea sehlabelo (Hady): ho molemo hore a kene kahar’a Ihram ea Umrah pele (Tamattu’), ebe o qala Hajj ka letsatsi la borobeli (8). Haeba a kopanya Hajj le Umrah hammoho ka Tawaf e le 'ngoe le Sa'ee e le 'ngoe, hoo ho bitsoa Qiran, ke ho kena kahar’a ihram sebakeng sa Umrah le Hajj hammoho ka Tawaf le Sa’ee e le ʼngoe.
Khaolo ea Boraro:
Tse amanang le Mu‘āmalāt (melao e laolang likamano tsa sechaba le ts'ebelisano tsa moruo, likonteraka le khoebo)
Litsebi (Allah A ba hauhele) ba hlalositse hore ho na le tsebo eo e tlamang (fardh ‘ayn) hore Lemoseleme ka leng le ithute eona, ba hlalositse bongata ba tsebo e tlamang motho ka mong oa Lemoseleme hore a ithuta eona. Eaba ba hlalosa ho tsoa ho eona: hore ho ithuta melao ea khoebo ke setlamo ho mang kapa mang ea sebetsang ka khoebo, E le hore a se ke a iphumana a oetse linthong tse hanetsoeng kapa tsoala (Riba) a sa tsebe, sena se tlalehiloe ke ba bang ba li-Sahabah (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona).
Umar ibn al-Khattab (رضي الله عنه) o ile a re: “Ho se be le motho ea rekisang 'marakeng oa rona ntle le haeba a ithutile melao ea bolumeli (Figh)”61.
Ali ibn Abi Talib (رضي الله عنه) o itse: “Ea qalang khoebo pele a ithuta, o tla oela kahar’a ribā, ebe o oela hape hape. Ke hore: o tla etsa sebe sa ho ja Riba”62.
Ibn ‘Ābidīn o boletse hore Al-‘Alāmi o itse: “Ke setlamo ho Lemoseleme le nang le boikarabello emong le emong ea ts'oanelehang bakeng sa mesebetsi ea bolumeli, monna le mosali, ho ithuta, kamor'a ho ithuta ka bolumeli le tataiso, ka Wudū', Ghusl, Salah, Sawm, Zakah haeba a e-na le Nisāb, le Hajj haeba a tlameha ho e etsa, ho feta moo, barekisi ba tlameha ho ithuta ka thekiso ho qoba mathata a belaetsang le a sa reroang ts'ebelisanong le batho ba bang, 'me ho joalo le ka mesebetsi e meng. Ka mantsoe a mang, e mong le e mong o tlameha ho batla tsebo le melao e amanang le mosebetsi oa hae e le ho qoba ho etsa se seng molaong”63
An-Nawawi (Allah A mo hauhele) o itse: “Haele Khoebo, lenyalo le tse ling tse ts'oanang le tsona — tseo e seng setlamo ho li etsa ka molao-theo —, empa ho thibetsoe ho li etsa pele motho a ithuta lipehelo tsa tsona”64.
Tse latelang ke tse ling tsa melao e amanang le litšebeletso tsa lichelete joalokaha ho laetsoe ho Shari‘ah ea Islam:
1- Ho lumelloa hoa ntho tsohle tse tlisang molemo: Joaloka ho reka le ho rekisa lintho tse lumelletsoeng, Ijārah (ho hira), le Shuf‘ah (tokelo ea molekane ea ho reka karolo ea molekane e mong khoebong)65.
2- Ho lumelloa tsohle tse sireletsang litokelo tsa batho;
joaloka rahn (ho bea tiisetso) kapa ho ba le lipaki ha ho etsoa litumellano.
3- Molemo oa ba etsang tumellano; Joaloka tokelo ea ho hlakola konteraka (iqālah) kapa likhetho (khiyār) le ho beha lipehelo tumellanong ea thekiso.
4- Ho thibetsoe tsohle tse nang le khatello kapa ho ja thepa ea batho ka tsela e fosahetseng; joaloka ribā, ho hapa thepa (ghasb) le ho boloka thepa ho phahamisa theko (ihtikār).
5- Ho lumelloa tsohle tse nang le ts'ebelisano e molemo; joaloka mokoloto (qardh), ho alimana (’āriyah) le ho boloka thepa (wadi‘ah).
6- Ho thibetsoe chelete e fumanoang ntle le mosebetsi kapa molemo; joaloka qimār (gambling) le ribā (tsoala).
7- Ho thibeloa thekiso e 'ngoe le e 'ngoe e kenyeletsang Jahālah (lintlha tse sa tsejoeng) le Gharar (sephetho se sa tsitsang) joaloka ho rekisa seo motho a se nang sona kapa seo a sa se tse eng.
8- Ho thibetsoe maqheka a ho etsa harām hore e shebahale e le halal; joaloka bay‘ al-‘īnah66.
9- Ho thibetsoe lintho tse sitisang ho mamela Allah;
joaloka khoebo kamor’a pitso ea bobeli (iqamah) ea Jumu‘ah.
10- Ho thibetsoe tsohle tse bakang kotsi kapa bora pakeng tsa Mamoseleme; joaloka ho rekisa lintho tse harām kapa motho ho kena-kenana le thekiso ea e mong ngoan’abo ha e ntse e tsoela pele.
Ha lemoseleme le sa hlakeloa ke molao o itseng mabapi le ntho, o tlameha ho botsa litsebi tsa bolumeli pele a tsoela pele, ’me a se ke a etsa ntho pele a tseba molao oa eona, joalokaha Allah A boletse:
﴿...فَاسْأَلُوا أَهْلَ الذِّكْرِ إِنْ كُنْتُمْ لَا تَعْلَمُونَ﴾
“...botsang batho ba tsebo haeba le sa tsebe”
[An-Nahl: 43].
Ho phethela, sena ke seo ke ileng ka khona ho se ngola ka taba eo; re kopa Allah hore A re fe tsebo e molemo le mesebetsi e lokileng. Ruri ke Ea Seatla se bulehileng, Ea fanang . E se eka khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li ka ba holim'a Moporofeta oa rona Muhammad, lelapa la hae le Barutuoa ba hae.
***
الفهرس
Selelekela 2
Khaolo ea Pele: 3
Tse amanang le Tumelo (ʿAqeedah) 3
Sehlooho sa Pele: Moelelo oa Islamo le Lits'iea tsa eona: 3
Bohlokoa ba Tawhīd (Bonngoe ba Allah borapeling): 3
Moelelo oa Shahadah «Bopaki ba hore ha ho na molimo ea ts'oaneloang ke ho rapeloa ele kannete kantle ho Allah»: 5
Haele lipehelo tsa “Lā ilāha illā Allāh”, tsona ke: 6
Moelelo oa Shahadah (ho bea bopaki) hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah: 8
Karolo ea Bobeli: Moelelo oa Tumelo (Īmān) le Lits'iea tsa eona: 9
1) Ho lumela ho Allah Ea Phahameng ho akaretsa lintho tse tharo: 10
1- Ho lumela ho rubūbiyyah (bonngoe ba Hae boreneng): 10
2- Ho lumela ho Ulūhiyyah ea Hae: 13
3- Tumelo ho Mabitso le Boleng tsa a Allah: 16
2) Ho lumela ho Mangeloi: 24
3) Ho lumela ho Libuka: 25
4) Ho lumela ho Barumuoa (khotso e be le bona): 26
5) Ho lumela ho Letsatsi la ho Qetela: 28
A- Tumelo ea tsoho (Al-Ba‘th) ea bafu: 28
B- Tumelo ho ho baloa ha liketso le moputso kapa kotlo (Al-Hisāb le Al-Jazā’): 29
C- Tumelo ho Leholimo (Jannah) le Mollo (Nār): 29
6) Ho lumela ho Al-Qadr (botle le bobe ba eona): 30
Karolo ea Boraro: Al-Ihsān: 32
Sehlooho sa bone: Kakaretso e khuts'oane ea metheo ea Ahlus-Sunnah wal-Jamā‘ah: 33
Khaolo ea bobeli: Lintho tse amanang le liketso tsa khumamelo (ʼibadaat). 34
Sehlooho sa pele: Bohloeki (Tahārah): 34
Ea pele: Mefuta kapa likarolo tsa metsi: 35
3- Al-Najāsah: 35
Ea boraro: Lintho tse hanetsoeng bakeng sa Muhdith (ea boemong ba ho se hloeke ka molao): 39
Ea bone: Mekhoa e metle (Adab) ea ho ithusa (ke hore, ha motho a ea ntloaneng ho nts'a moroto kapa mantle): 41
Ea bohlano: Melao ea Istinjā (ho itutula ka metsi) le Istijmār (ho itutula ka lejoe kapa pampiri kapa lintho tse ts'oanang tse sebelisoang ho itutula): 42
Ea bots'elela: Melao ea Wudhu (boitlhoekiso pele ho Salāh): 43
Ea bosupa: Melao ea ho pholla holim’a khuf le jawrab: 47
Ea borobeli: Melao ea Tayammum: 49
Ea borobong: Melao ea haydh le nifās: 52
Sehlooho sa Bobeli: Thapelo: 54
Ea pele: Melao ea Adhān le Iqāmah: 54
Ea Bobeli: Boemo le bokhabane ba Salah: 58
Ea boraro: Maemo (lipehelo) tsa thapelo: 60
Ea bone: Lits'iea tsa thapelo (Salah): 62
Ea bohlano: Lintho tse tlamang tsa Thapelo: 67
Ea bots'elela: liketso tsa Sunnah thapelong: 69
Ea bosupa: mokhoa oa ho etsa Salah: 73
Ea Borobeli: Lintho tse sa rateheng (makrūh) thapelong: 79
Ea Borobong: Lintho tse senyang thapelo: 80
Ea Leshome: Sujūd as-Sahw (ho etsa sujūd sa tebalo): 80
Ea leshome le motso o mong: Linako tseo ho thibetsoeng ho etsa thapelo ho tsona: 83
Ea leshome le metso e ’meli: Thapelo ea jama‘ah (thapelo ea phutheho): 84
Ea leshome le metso e meraro: Thapelo ea Ts'abo (Salat ul-Khawf): 87
Mokhoa oa ho etsa Thapelo ea Ts'abo: 87
Ea leshome le metso mene: Thapelo ea Labohlano (Salat ul-Jumu'ah) 88
Ea bohlano: Lintho tse khothalletsoang ka letsatsi la Jumu‘ah: 91
Ho fihlela (ho ts'oara) Salāh ea Jumu‘ah: 92
Ea leshome le metso e mehlano: Thapelo ea batho ba nang le mabaka a ho lesa thapelo ea Labohlano (Ahl ul-A'dhār): 92
Ea leshome le metso e ts'eletseng: Thapelo ea li-‘Eid tse peli (Mekete ea Islam): 96
Ea leshome le metso e supileng: Thapelo ea Kusūf: 99
Ea leshome le metso e robeli: Thapelo ea ho kopa pula (Salāt al-Istisqāʼ): 101
Ea leshome le metso e robong: Melao ea janāzah (lepato la mofu): 102
Sehlooho sa boraro: Zakāh: 106
1- Tlhaloso ea Zakāh le boemo ba eona: 106
2- Maemo a ho tlama hoa Zakāh: 107
3- Maruo ao zakāh e tlamang ho ona: 108
Sehlooho sa bone: boitimo: 120
Maemo a tlamang boitimong ba Ramadhan: 120
Sehlooho sa bohlano: Hajj le ‘Umrah 128
Lipehelo tse etsang hore Hajj le ‘Umrah li tlame ke: 129
Mawāqīt al Ihrām (Meeli ea ho kena kahar'a ihrām): 131
Ihram: 133
‘Umrah: 137
Hajj: 141
Khaolo ea Boraro: 144
Tse amanang le Mu‘āmalāt (melao e laolang likamano tsa sechaba le ts'ebelisano tsa moruo, likonteraka le khoebo). 144
***
st227v3.0 - 21/07/2026
E tlalehiloe ke Ahmad bukeng ea hae Musnad ka nomoro ea (6072) le At-Tirmidhi ka nomoro ea (1535), ’me a re: Hadith ena ke e Hasan (e ntle).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari bukeng ea Al-Adab Al-Mufrad ka nomoro ea (716), Ahmad bukeng ea Musnad ka nomoro ea (19606) le Ad-Diyāʼ Al-Maqdisi bukeng ea Al-Ahādīth Al-Mukhtārah (1/150). Hadith ena e tiisitsoe e le sahih (ea 'nete) ke Al-Albani bukeng ea Sahih Al-Jāmiʿ As-Saghīr ka nomoro ea (3731).
Hadith ena e tlalehiloe ke Muslim nomorong ea (121) le ke Ahmad ho al-Musnad nomorong ea (10434).
(Madhiy): Ke mokelikeli o mosesaane o se nang ’mala o tsoang ha motho o bakoa ke takatso ea thobalano kapa ha motho a nahana ka thobalano kapa ha a e lakatsa kapa ka ho sheba kapa ka mabaka a mang. O tsoa ka marotholi ’me ka linako tse ling motho a ka ’na a se ke a hlokomela ho tsoa ha ona. (Wadiy): Ke mokelikeli o teteaneng o mosoeu o tsoang ka mor’a ho nts'a moroto kapa ha motho a phahamisa ntho e boima.
E tlalehiloe ke Muslim nomorong ea (224).
E tlalehiloe ke Malik bukeng ea hae Al-Muwatta ka nomoro ea (680 le 219), le Ad-Darimi ka nomoro ea (312), le Abd al-Razzaq bukeng ea hae Al-Musannaf ka nomoro ea (1328).E boetse e netefalitsoe (e ahlotsoe e le sahih) ke Al-Albani bukeng ea hae Irwa al-Ghalil ka nomoro ea (122).
E tlalehiloe ke Al-Nasa'i ka nomoro ea (12808), le Ahmad ka nomoro ea (15423). ’Me e netefalitsoe e le sahih ke Al-Albani bukeng ea hae Irwa al-Ghalil ka nomoro ea (121).
E tlalehiloe ke Ibn Majah ka nomoro ea (594) le Ibn Hibban ka nomoro ea (799) ’me Al-Albani o e ahlotse e le hadīth e fokolang bukeng ea hae Dhaʿīf Sunan at-Tirmidhī nomoro ea (146).
E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (142) le Muslim ka nomoro ea (122).
E tlalehiloe ke Al-Bukhāri nomoro ea (7288), le Muslim nomoro ea (6066).
Mohlomphehi Sheikh Abdul-Aziz bin Baz (Allah A mo hauhele) o boletse bukeng ea hae ea fatawa (29/141): (Al-Bayhaqi o ekelitse ka lethathamo le letle la phetiso ho tsoa ho Jabir kamor'a polelo e reng: "alladhi wa'adtah": "innaka laa tukhliful-mi'ad").
E tlalehiloe ke Al-Tirmidhi, tlas'a nomoro ea (2635).
E tlalehiloe ke Muslim nomorong ea (82).
E tlalehiloe ke At-Tirmidhi tlas'a nomoro ea (2621) 'me o itse: Ke hadith e ntle (Hasan), e nepahetseng (Sahih), ebile e ikhethile (Gharib). Al-Albani o e netefalitse e le e nepahetseng (Sahih) ho 'Sahih al-Targhib wa al-Tarhib'.
[E tlalehiloe ke Al-Bukhari (1117)].
[E tlalehiloe ke Al-Bukhari (6251) le Muslim (884)].
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (756) le Muslim ka nomoro ea (872).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (793) le Muslim ka nomoro ea (398).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (812) le Muslim ka nomoro ea (490).
E tlalehiloe ke Muslim (498).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (724) le Muslim ka nomoro ea (398).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari (797) le Muslim (402).
E tlalehiloe ke At-Tirmidhi ka nomoro ea (839).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (6008).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1110).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari, nomorong ea (835).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari, nomorong ea (743) le Muslim, nomorong ea (399).
E tlalehiloe ke At-Tirmidhi, ho nomoro ea (266).
E tlalehiloe ke Muslim, ka nomoro ea (588).
E tlalehiloe ke Abu Dawud, ka nomoro ea (5168).
E tlalehiloe ke At-Tirmidhi, ka nomoro ea (284).
E tlalehiloe ke Muslim nomorong ea (1484).
E tlalehiloe ke Al-Bukhārī ho nomoro ea (609) le Muslim ka nomoro ea (602).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (4130) le Muslim ka nomoro ea (842).
E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (865).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (934) le Muslim ka nomoro ea (851).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1081) le Muslim ka nomoro ea (693).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1012) le Muslim ka nomoro ea (894).
E tlalehiloe ke Abu Dawud ka nomoro ea (3201) le At-Tirmidhi ka nomoro ea (1024) 'me a re: Hadith ena ke e Hasan Sahīh (e nepahetseng ebile e le ea 'nete).
E tlalehiloe ke Muslim nomorong ea (962).
[E tlalehiloe ke Bukhari (8) le Muslim (111)].
E tlalehiloe ke Ibn Majah (1792) le At-Tirmidhi (63) le (631).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1402) le Muslim ka nomoro ea (2287).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1432) le Muslim ka nomoro ea (984).
E tlalehiloe ke Abu Dawud ka nomoro ea (1609) le Ibn Majah ka nomoro ea (1827), ea netefatsoa ke Al-Albani bukeng ea Sahih Abi Dawud ka nomoro ea (1609).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1) le Muslim ka nomoro ea (1907).
E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (1810) le Muslim ka nomoro ea (1086).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1909].
E tlalehiloe ke Ahmad ka nomoro ea (26457) le Abu Dawud ka nomoro ea (2454) le An-Nasāi ka nomoro ea (2331) 'me ana ke mantsoe a hae.
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (6669) le Muslim ka nomoro ea (2709).
E tlalehiloe ke Abu Dawud ka nomoro ea (2380), At-Tirmidhi ka nomoro ea (719) le Ibn Majah ka nomoro ea (676).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1849) le Muslim ka nomoro ea (1846).
E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (1134).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (25198) le An-Nasāi ka nomoro ea (2627) le Ibn Majah ka nomoro ea (2901).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1862) le Muslim ka nomoro ea (1341).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1531).
E tlalehiloe ke Muslim (1211).
E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1549).
Kamor'a mona, moeti o tla be a phethile mesebetsi eohle ea Umrah.
E tlalehiloe ke At-Tirmidhi ka nomoro ea (487) ʼme a re: e Hasan Gharīb. Al-Albani o e ts'oaile e le Hasan.
Sheba: "Mughni al-Muhtāj" (2/22).
Hāshiyah ibn ʼĀbidin(1/42).
Sheba: "Al-Majmū‘" (1/50).
Shuf‘ah: Ke tokelo ea molekane ho nka karolo ea molekane oa hae ho eo e fetiselitsoeng ho eena e le phapanyetsano ea puseletso ea lichelete.
Bay‘ al-‘īnah: ho rekisa ka mokitlane ebe o reka hape ka theko e tlase ka chelete hang-hang.
E tlalehiloe ke Al-Bukhāri nomoro ea (8).