حِرَاسَةُ التَّوحِيدِ
Ts'ireletso ea Tawhid
لِسَمَاحَةِ الشَّيْخِ العَلَّامَةِ
عَبْدِ العَزِيزِ بْنِ عَبْدِ اللهِ بْنِ بَازٍ
رَحِمَهُ اللهُ
Mongoli Setsibi se hlomphehang Shaykh
ʼAbdul ʼAziz ibn ʼAbdullah ibn Baz
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Ts'ireletso ea Tawhid
Lengolo la pele:
ʼAqeedah e nepahetseng le se hanyetsanang le eona
Lithoriso tsohle ke tsa Allah a le mong, ’me khotso le litlhohonolofatso li be holim’a eo ho seng moprofeta kamor'a hae, le holim’a ba lelapa la hae le Sahabah tsa hae.
Ho tsoelapele: kaha ʼAqeedah e nepahetseng e le motheo oa bolumeli ba Islam le setsi sa tumelo, ke ile ka bona ho le bohlokoa ho bua ka sehlooho sena, le ho ngola ka eona le ho bokella litlhaloso tse hlakisang taba ena.
’Me hoa tsebahala ka bopaki ba Shari‘ah bo tsoang Bukeng ea Allah le Sunnah hore liketso le lipolelo li ba tse nepahetseng ebile li amoheleha feela haeba li tsoa tumelong (ʼaqeedah) e nepahetseng. Empa haeba ʼaqeedah e sa nepahala, joale liketso le lipolelo tsohle tse tsoang ho eona lia senyeha ebile ha li amohelehe. Joalokaha Allah Ea Phahameng A itse:
﴿...وَمَن يَكۡفُرۡ بِٱلۡإِيمَٰنِ فَقَدۡ حَبِطَ عَمَلُهُۥ وَهُوَ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ مِنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ﴾
{... 'Me ea latolang tumelo - mesebetsi ea hae ke ea lefeela 'me ka Letsatsi la Ho Qetela o tla ba har'a ba lahlehetsoeng} [Al-Ma'idah: 5]
'Me Allah Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿وَلَقَدۡ أُوحِيَ إِلَيۡكَ وَإِلَى ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِكَ لَئِنۡ أَشۡرَكۡتَ لَيَحۡبَطَنَّ عَمَلُكَ وَلَتَكُونَنَّ مِنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ 65﴾
{Mme ruri ho senotsoe ho uena le ho ba neng ba le pele ho uena hore: Haeba u ka kopanya Allah le ba bang (ho etsa Shirk), ruri mesebetsi ea hao e tla senyeha (e hlakoloe), mme ruri u tla ba e mong oa ba lahlehetsoeng} [Az-Zumar: 65].
Ho na le litemana tse ngata ka moelelo o tjena. Bukeng e hlakileng ea Allah le Sunnah ea Moromuoa oa Hae ea tšepahalang ﷺ — lithoriso le khotso tse molemohali li be holim’a hae ho tsoa ho Mong`a hae — li bontšitse hore ʼaqeedah e nepahetseng e akaretsoa linthong tse tšeletseng, e leng: ho lumela ho Allah, mangeloi a Hae, libuka tsa Hae, baromuoa ba Hae, Letsatsi la Bofelo, le ho lumela qadar, ebang ke botle kapa bobe ba eona. Lintho tsena tse tšeletseng ke tsona metheo ea ʼaqeedah e nepahetseng eo Buka e Halalelang ea Allah e theohileng ka eona, le eo Allah A rometseng ka eona Moromuoa oa Hae Muhammad ﷺ,
Bopaki sebakeng sa lintlha tsa bohlokoa tse ts'eletseng bo fumaneha ka bongata kahare ho Qur’an le Hadith tse nepahetseng, ho kenyelletsa mehlala e latelang:
Ea pele: Bopaki ho tsoa ho Qur’an: ho kenyelletsa mantsoe a Allah Ea Matla ʼOhle:
﴿لَّيۡسَ ٱلۡبِرَّ أَن تُوَلُّواْ وُجُوهَكُمۡ قِبَلَ ٱلۡمَشۡرِقِ وَٱلۡمَغۡرِبِ وَلَٰكِنَّ ٱلۡبِرَّ مَنۡ ءَامَنَ بِٱللَّهِ وَٱلۡيَوۡمِ ٱلۡأٓخِرِ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ وَٱلۡكِتَٰبِ وَٱلنَّبِيِّـۧنَ...﴾
{Ho ho loka (bohalaleli) ha se hore le reteletse lifahleho tsa lona bochabela kapa bophirima empa ho loka ke ho lumela ho Allah, Letsatsi la ho Qetela, Mangeloi, Libuka le Baporofeta...}
[Al-Baqarah: 177].
'Me Molimo Ea Matla ʼOhle O re:
﴿ءَامَنَ ٱلرَّسُولُ بِمَآ أُنزِلَ إِلَيۡهِ مِن رَّبِّهِۦ وَٱلۡمُؤۡمِنُونَۚ كُلٌّ ءَامَنَ بِٱللَّهِ وَمَلَٰٓئِكَتِهِۦ وَكُتُبِهِۦ وَرُسُلِهِۦ لَا نُفَرِّقُ بَيۡنَ أَحَدٖ مِّن رُّسُلِهِ...﴾
{Moromuoa o lumetse ho se senotsoeng ho Eena ho tsoa ho Morena oa hae, ka ho ts'oana le balumeli (ba lumetse seo). Kaofela hoa bona ba lumetse ho Allah, Mangeloi a Hae, Libuka tsa Hae le baromuoa ba Hae. (Ba re): “Ha re khetholle lipakeng tsa baromuoa ba Hae...”} [Al-Baqarah: 285],
Hape mantsoe a Hae, Ea phahameng:
﴿يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ ءَامِنُواْ بِٱللَّهِ وَرَسُولِهِۦ وَٱلۡكِتَٰبِ ٱلَّذِي نَزَّلَ عَلَىٰ رَسُولِهِۦ وَٱلۡكِتَٰبِ ٱلَّذِيٓ أَنزَلَ مِن قَبۡلُۚ وَمَن يَكۡفُرۡ بِٱللَّهِ وَمَلَٰٓئِكَتِهِۦ وَكُتُبِهِۦ وَرُسُلِهِۦ وَٱلۡيَوۡمِ ٱلۡأٓخِرِ فَقَدۡ ضَلَّ ضَلَٰلَۢا بَعِيدًا 136﴾
{Oho lona ba lumetseng, lumelang ho Allah, Moromuoa oa Hae le Buka eo A e senoletseng Moromuoa oa Hae le Lingoliloeng tse tlileng pele. Mang kapa mang ea sa lumeleng ho Allah, Mangeloi a Hae, Libuka tsa Hae, baromuoa ba Hae le Letsatsi la ho Qetela, ruri ke ea khelohetseng hole haholo}
[An-Nisaa: 136],
Mantsoe a Hae hape, Ea Tlotlehang:
﴿أَلَمۡ تَعۡلَمۡ أَنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ مَا فِي ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِۚ إِنَّ ذَٰلِكَ فِي كِتَٰبٍۚ إِنَّ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرٞ 70﴾
{Na ha u tsebe hore Allah o tseba se leholimong le lefatšeng? Kannete sena se ka har'a Buka. Kannete sena se bonolo haholo ho Allah}
[Al-Hajj: 70]
Ea bobeli: Bopaki ho tsoa ho Sunnah; ho kenyelletsa hadith e sahih e tlalehiloeng ke Muslim ho buka ea hae ea hadith tse netefalitsoeng, ele hadith e fanoeng ke Moeta-pele oa balumeli, Umar bin Al-Khattab - eka Allah A ka khahlisoa ke Eena - moo a neng a botsa Moporofeta - khotso ebe le Eena - ka tumelo, eaba o mo araba ka ho re:
«الإِيمَانُ أَنْ تُؤْمِنَ بِاللَّهِ، وَمَلَائِكَتِهِ، وَكُتُبِهِ، وَرُسُلِهِ، وَاليَوْمِ الآخِرِ، وَتُؤْمِنَ بِالقَدَرِ خَيْرِهِ وَشَرِّهِ».
“Tumelo ke ho lumela ho Allah, Mangeloi a Hae, libuka tsa Hae, baromuoa ba Hae, Letsatsi la Bofelo le ho lumela ho Qadar, ebang ke botle ba eona kapa bobe ba eona”1. Hadith, E tlalehiloe ke Shaykhan (Bukhari le Muslim) - ka tsela e fapaneng hanyane ho hadith ea Abu Hurairah - eka Allah A ka khahlisoa ke eena.
Ho tsoa ho lintlha tsena tse ts'eletseng ho hlahile tsohle tseo Mamoseleme a lokelang ho li lumela le ho ba le tumelo ho tsona mabapi le Allah Ea Matla ʼOhle, taba ea tsoho kamor’a lefu le litaba tse ling tsohle tsa tse sa bonahaleng tseo Allah Ea Matla ʼOhle le Moromuoa oa Hae (khotso ebe le Eena) ba re tsebisitseng tsona.
Tlhaloso ea metheo e ts'eletseng e ka tsela e latelang:
Motheo oa pele: Ho lumela ho Allah Ea Phahameng
E kenyelletsa lintho tse 'maloa, tse ling tsa tsona: Tumelo ea hore Allah ke Eena Molimo Oa ’Nete Ea lokelang ho khumameloa A le Mong Feela hobane ke Eena ’Mopi Oa bahlanka, Ea ba etsetsang molemo, Ea ba hlokomelang ka lijo le phepelo ea bona, Ea tsebang liphiri tsa bona tse patuoeng le tse bonahalang 'me Ea nang le matla a ho putsa ba Mo mamelang le ho otla ba sa Mo mameleng.
Allah O bopile batho le li-jinni ka lebaka la khumamelo ena ’me A ba laela hore ba e etse, joalokaha A itse:
﴿وَمَا خَلَقۡتُ ٱلۡجِنَّ وَٱلۡإِنسَ إِلَّا لِيَعۡبُدُونِ 56 مَآ أُرِيدُ مِنۡهُم مِّن رِّزۡقٖ وَمَآ أُرِيدُ أَن يُطۡعِمُونِ 57 إِنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلرَّزَّاقُ ذُو ٱلۡقُوَّةِ ٱلۡمَتِينُ 58﴾
{'Me Ha Kea bopa li-Jinn le batho haese feela hore ba nkhumamele56
Ha Ke hloke phepo ea letho ho tsoa ho bona kapa hore ba Mphepe57
Kannete, Allah Ke Ar-Razzaq (Mofepi), Mong'a matla ʼohle, a Tsitsitseng 58} [Ad-Dhariyat: 56 -58]
Molimo Ea Matla ʼOhle O boetse A re:
﴿يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ ٱعۡبُدُواْ رَبَّكُمُ ٱلَّذِي خَلَقَكُمۡ وَٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تَتَّقُونَ21 ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلۡأَرۡضَ فِرَٰشٗا وَٱلسَّمَآءَ بِنَآءٗ وَأَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءٗ فَأَخۡرَجَ بِهِۦ مِنَ ٱلثَّمَرَٰتِ رِزۡقٗا لَّكُمۡۖ فَلَا تَجۡعَلُواْ لِلَّهِ أَندَادٗا وَأَنتُمۡ تَعۡلَمُونَ 22﴾
{Oho lona batho! Khumamelang Morena oa lona, Ea le bopileng hammoho le ba tlileng pele ho lona, ele hore le tle le be ba ts’abang Allah 21
Ea le etselitseng lefats'e hore e be tulo ea lona le leholimo hore e be sekhurumetso, A bile A theola pula ho tsoa leholimong, eaba ka eona O hlahisa litholoana hore e be phepelo ea lona. Kahoo le se ke la etsetsa Allah balekane empa lena le tsebo 22}
[Al-Baqarah: 21 -22]
Allah O romme baromuoa eaba O senola mangolo ho hlahisa 'nete ena, ho bitsetsa batho ho eona le ho hlokomelisa khahlanong le ntho tse fapaneng le eona joalokaha Eena Ea Matla ʼOhle A itse:
﴿وَلَقَدۡ بَعَثۡنَا فِي كُلِّ أُمَّةٖ رَّسُولًا أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ وَٱجۡتَنِبُواْ ٱلطَّٰغُوتَ...﴾
{'Me ruri, Re rometse sechabeng se seng le se seng moromuoa, [ea itseng]: "Khumamelang Allah le qobe melimo ea bohata..."} [An-Nahl: 36]
'Me Allah Ea Phahameng O itse:
﴿وَمَآ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ مِن رَّسُولٍ إِلَّا نُوحِيٓ إِلَيۡهِ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّآ أَنَا۠ فَٱعۡبُدُونِ25﴾
{'Me Ha Rea romela moromuoa le haele ofe kapa ofe kantle le hore ebe Re mo senoletse hore, "Ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa e le kannete kantle ho 'Na, ka hona nkhumameleng!"}
[Al-Ambiyaa: 25].
Ea Matla ʼOhle O boetse A re:
﴿الر كِتَابٌ أُحْكِمَتْ آيَاتُهُ ثُمَّ فُصِّلَتْ مِنْ لَدُنْ حَكِيمٍ خَبِيرٍ1 أَلَّا تَعْبُدُوا إِلَّا اللَّهَ إِنَّنِي لَكُمْ مِنْهُ نَذِيرٌ وَبَشِيرٌ2﴾
{Alif Lām Rā. Ena ke Buka eo litemana tsa eona li entsoeng tse tiileng le tse phethahetseng, ebe li hlalositsoe ka botlalo, li tsoa ho Ea Bohlale bo Felletseng, Ea Tsebang tsohle1
Hore le se ke la rapela mang kapa mang ntle le Allah. Ruri, ke moromuoa ho lona ea lemosang le ea tlisang litaba tse monate tse tsoang ho Eena2}
[Hud: 1-2]
‘Me bonnete ba khumamelo ena ke ho khetholla Allah Ea Matla ʼOhle ka tsohle tseo bahlanka ba Mo khumamelang ka tsona; joalo ka kopo (du‘ā), tšabo (khawf), tšepo (rajā), thapelo (Salāh), Sawm (ho itima), ho hlaba sehlabelo, kano (nadhr), le mefuta e meng ea khumamelo — ka mokhoa oa ho ikokobelletsa Eena, ho lakatsa moputso oa Hae, le ho tšaba kotlo ea Hae, hammoho le lerato le phethahetseng ho Eena le boikokobetso ka lebaka la boholo ba Hae.
ʼMe mang kapa mang ea nahanisisang ka hloko ka Qur’an e Halalelang o tla fumana hore boholo ba eona bo senotsoe mabapi le motheo ona o moholo; joalokaha Ea Matla ʼOhle A boletse:
﴿إِنَّآ أَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ بِٱلۡحَقِّ فَاعْبُدِ اللَّهَ مُخْلِصًا لَهُ الدِّينَ 2 أَلَا لِلَّهِ الدِّينُ الْخَالِصُ وَٱلَّذِينَ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ أَوۡلِيَآءَ مَا نَعۡبُدُهُمۡ إِلَّا لِيُقَرِّبُونَآ إِلَى ٱللَّهِ زُلۡفَىٰٓ إِنَّ ٱللَّهَ يَحۡكُمُ بَيۡنَهُمۡ فِي مَا هُمۡ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي مَنۡ هُوَ كَٰذِبٞ كَفَّارٞ3﴾
{Ruri, Re u senoletse Buka ele kannete. Ka hona khumamela Allah, u etse hore tumelo ea hao ka botlalo ebe ho Eena 2
Ruri borapeli bo hloekileng ke ba Allah feela. ‘Me ba ikhethelang basireletsi ntle le Eena ba re: ‘Ha re ba khumamele ntle le hore ba re atametse haufi le Allah.’ Ka nnete Allah o tla ahlola pakeng tsa bona linthong tseo ba neng ba sa lumellane ka tsona. Ruri Allah ha a tataise ea leng leshano le moikaketsi ea sa lumeleng 3} (Az-Zumar: 2-3)
'Me polelo ea hae Ea Matla ʼOhle:
﴿وَقَضَىٰ رَبُّكَ أَلَّا تَعۡبُدُوٓاْ إِلَّآ إِيَّاهُ...﴾
{'Me Morena oa hao O se A laetse hore u se ke oa khumamela mang kapa mang kantle ho Eena...}
[Al-Isra: 23].
Hape polelo ea hae Ea Matla ʼOhle:
﴿فَٱدۡعُواْ ٱللَّهَ مُخۡلِصِينَ لَهُ ٱلدِّينَ وَلَوۡ كَرِهَ ٱلۡكَٰفِرُونَ14﴾
{Rapelang Allah ka tieo le bohloeki sebakeng sa Hae feela, leha ba sa lumeleng ba hloile seo} [Ghaafir: 14]
Ka mokhoa o ts'oanang, mang kapa mang ea nahanisisang ka botebo ka Sunnah ea Moporofeta o tla fumana hore le eona e file motheo ona o moholo tlhokomelo e kholo. Har’a mehlala ea sena ke se tlalehiloeng ho li-Sahih tse peli hore ho tsoa ho Muʿādh (eka Allah A ka khahlisoa ke Eena) hore Moporofeta ﷺ o itse:
«حَقُّ اللهِ عَلَى العِبَادِ أَن يَعْبُدُوهُ وَلَا يُشْرِكُوا بِهِ شَيْئًا».
“Tokelo ea Allah holim’a bahlanka ba Hae ke hore ba Mo khumamele, ’me ba se ke ba Mo kopanya le letho”2.
Hape ho lumela ho Allah ho kenyelletsa: ho lumela linthong tsohle tseo A li entseng setlamo ho bahlanka ba Hae le tseo A ba laetseng tsona; tse kang litšiea tse hlano tse hlakileng tsa Islam.
Tsona ke: Shahadah (bopaki ba) laa ilaaha illaa Allah (hore ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo ntle le Allah le hore Muhammad ke Moromuoa oa Allah; ho etsa thapelo (Salah), ho fana ka Zakah, ho itima (Sawm) ka Ramadhan, ho etsa Hajj Ntlong e Halalelang ea Allah ho ba nang le bokhoni bo joalo, hammoho le mesebetsi e meng e tlamang e tlisitsoeng ke Shar'iah e hloekileng ea Islam.
’Me litšiea tsena tsa bohlokoa ka ho fetisisa le tse kholo ka ho fetisisa ke: bopaki ba hore ha ho molimo ofe kapa ofe o tšoaneloang ke borapeli haese Allah, le hore Muhammad ke Moromuoa oa Allah. Bopaki bona bo bolela: ho nehela borapeli bohle ho Allah A le mong feela le ho bo hana ho tsohle tse seng Eena. Ona ke oona moelelo oa: “Lā ilāha illa Allah.” Moelelo oa eona, joalo ka ha barutehi (Allah A ba hauhele) ba boletse, ke hore: “Ha ho ea lokeloang ke borapeli ka ’nete ntle le Allah.” Ka lebaka leo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e rapeloang ntle le Allah — ekaba motho, lengeloi, jinni kapa ntho e ’ngoe — e rapeloa ka bohata. Ea rapeloang ka ’nete ke Allah A le mong feela, ha A na molekane, joalo ka ha A boletse, Ea Phahameng:
﴿ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡحَقُّ وَأَنَّ مَا يَدۡعُونَ مِن دُونِهِۦ هُوَ ٱلۡبَٰطِلُ...﴾
{Seo ke hobane Allah ke Eena ’Nete, ’me tseo ba bitsang ho tsona ntle le Eena ke bohata…}
[Al-Hajj: 62].
Ho se ho fetile tlhaloso ea hore Allah Ea Matla ʼOhle Ea Phahameng O bopile batho le li-jinn ka lebaka la motheo ona o moholo, A ba laela ka oona, A romela baromuoa ba Hae ka oona, ’me A senola Libuka tsa Hae ka oona. Ka hona, ho tsʼoanetse hore mohlanka a nahanisise taba ena hantle, a e hlahlobe haholo; hore ho tle ho hlake ho eena ho hloka tsebo ho hoholo hoo boholo ba Mamosleme ba oeleng ho hona mabapi le motheo ona, ho fihlela ba rapela ba bang hammoho le Allah, ’me ba nehela tokelo ea Hae e hloekileng ho ba bang ntle le Eena. Allah ke Eena Ea koptjoang thuso.
Hape ho lumela ho Allah Ea Matla ʼOhle ho boetse ho kenyelletsa, tumelo ea hore ke ’Mopi oa tsohle, Mohlophisi oa litaba tsa bona, le Ea ba tsamaisang ka tsebo le matla a Hae kamoo A ratang kateng Ea Matla ʼOhle, le hore Ke Mong’a lefats’e lena le la bophelo bo tlang, le Morena oa mafatše ’ohle. Ha ho ’mopi e mong ntle le Eena, ebile ha ho morena e mong kantle ho Eena. Le hore O rometse baromuoa, A senola Libuka; bakeng sa ho lokisa bahlanka le ho ba memela ho se nang le pholoho le molemo bakeng sa bona lefats’eng lena le lefats’eng le tlang. Le hore, EA Khanyang ha ana molekane ho lintho tseo kaofela. Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿ٱللَّهُ خَٰلِقُ كُلِّ شَيۡءٖۖ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٖ وَكِيلٞ 62﴾
{Allah ke 'Mopi oa lintho tsohle, ebile ke Mohlokomeli oa lintho tsohle} [Az-Zumar: 62]
Eaba Phahameng O boetse O re:
﴿إِنَّ رَبَّكُمُ ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ فِي سِتَّةِ أَيَّامٖ ثُمَّ ٱسۡتَوَىٰ عَلَى ٱلۡعَرۡشِۖ يُغۡشِي ٱلَّيۡلَ ٱلنَّهَارَ يَطۡلُبُهُۥ حَثِيثٗا وَٱلشَّمۡسَ وَٱلۡقَمَرَ وَٱلنُّجُومَ مُسَخَّرَٰتِۭ بِأَمۡرِهِۦٓۗ أَلَا لَهُ ٱلۡخَلۡقُ وَٱلۡأَمۡرُۗ تَبَارَكَ ٱللَّهُ رَبُّ ٱلۡعَٰلَمِينَ54﴾
{Ruri Morena oa lona ke Allah, Ea bopileng maholimo le lefatše ka matsatsi a tšeletseng, eaba O phahama ka holim’a Arsh (Terone). A koahela bosiu ka motšehare bo bo lelekisang ka potlako; le letsatsi, le khoeli le linaleli li entsoe hore li laoloe ka taelo ea Hae. Ruri, popo le taelo ke tsa Hae. Ho bokoe Allah, Morena oa mafatše ’ohle} [Al-A‘rāf: 54]
Tumelo ho Allah Ea Matla ʼOhle e boetse e kenyelletsa ho lumela ho Mabitso a Hae a Matle ka ho Fetisisa le litšobotsi tsa Hae tse phahameng, tse boletsoeng Bukeng ea Hae e Halalelang le tse tiisitsoeng ka molaetsa oa Moromuoa oa Hae ea ts'epahalang, ntle le ho fetola moelelo oa tsona, ho li hana, ho botsa hore na li ka tsela e joang, kapa ho li ts'oants'a le tsa libopuoa tsa Hae.
﴿...لَيۡسَ كَمِثۡلِهِۦ شَيۡءٞۖ وَهُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡبَصِيرُ﴾
{... ha ho letho le ts'oanang le Eena 'me ke Ea Utloang kahohle-hohle Ea Bonang kahohle-hohle}
[Ash-Shurah: 11]
Ka hona, li tlameha ho fetisoa kamoo li tlileng kateng ntle le ho botsa hore na li joang (bilā kayf), re ntse re lumela meelelo e meholo eo li e bontšang, e leng litšobotsi tsa Allah Ea Matla ʼOhle. Hape ho tlamehile ho Mo hlalosa ka tsona ka tsela e mo loketseng, ntle le hore A tšoantšoe le libopuoa tsa Hae ka letho la litšobotsi tsa Hae, joalo ka ha Allah Ea Phahameng A boletse: Ea Matla ʼOhle O re:
﴿فَلَا تَضۡرِبُواْ لِلَّهِ ٱلۡأَمۡثَالَۚ إِنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ وَأَنتُمۡ لَا تَعۡلَمُونَ74﴾
{Kahoo, le se ke la tšoantša Allah le letho. Ruri, Allah oa tseba mme lona ha le tsebe} [An-Nahl: 74].
Ena ke tumelo (Aqeedah) ea Batho ba Sunnah le Sechaba (Ahlus-Sunnah wal-Jamā‘ah) ho tsoa ho barutuoa ba Moromuoa oa Allah - khotso ebe le eena - le balateli ba bona ba lokileng, mabapi le Mabitso le litšobotsi tsa Allah. Ke eona eo Imam Abu al-Hasan al-Ash‘ari - Allah A mo hauhele - a ileng a e fetisa bukeng ea hae e bitsoang "Al-Maqalat" ho tsoa ho Batho ba Hadith le Batho ba Sunnah, hape e ile ea fetisoa ke ba bang har’a batho ba tsebo le tumelo.
Al-Awza'i - eka Allah A ka mohauhela - o itse: “Az-Zuhrī le Makhūl ba ile ba botsoa ka litemana tsa Litšobotsi tsa Allah, ’me ba re: ‘Li fetiseng kamoo li tlileng kateng’”3.
Al-Awza'i - eka Allah A ka mo hauhela - o boetse a re: “Rona 'moho le balateli bohle ba neng ba le teng, re ne re re Allah, Ea Khanyang, O ka holimo ho Terone ea Hae ’me re lumela ho tsohle tse tlalehiloeng ho Sunnah mabapi le Litšobotsi tsa Hae”4.
Al-Walid bin Muslim - eka Allah A ka mohauhela - o itse: Mâlik, Al-Awzâʿî, Al-Layth ibn Saʿd le Sufyân Ath-Thawrî - eka Allah A ka ba hauhela - ba ile ba botsoa ka litlaleho tse tlileng mabapi le Litšobotsi (tsa Allah) ’me kaofela ha bona ba re:
“Li fetiseng joalokaha li tlile ntle le ho botsa hore li joang”5.
Ha Rabīʿah bin Abī ʿAbdir-Raḥmān — Shaykh oa Mālik Allah A ba hauhele — a ne a botsoa ka “al-Istiwā’” (ho phahama holim’a Arsh), o ile a re: “Al-Istiwā’ ha se ntho e sa tsejoeng, empa hore na e joang ho ke ke ha utloisisoa ka kelello, mme molaetsa o tsoa ho Allah, mme ho Moromuoa ke ho fetisa molaetsa ka ho hlakileng, mme holim'a rona ke ho lumela [le ho amohela])”6, Nakong eo Imam Malik - Allah A mo hauhele - a botsoang ka eona, o itse: “Istiwa' e ea tsebahala, ho sa tsebahaleng ke mokhoa, ho lumela ho eona ho ea tlama 'me ho botsa ka eona ke bid'ah (boiqapelo)”, eaba o re ho motho ea neng a botsa ka eona: “Ha ke u bone u le letho kantle le hore u motho ea fosahetseng!” Eaba o laela hore a lelekoe7. Ka moelelo o ts'oanang le ona, ho ile hoa tlalehoa ho tsoa ho 'M'e oa balumeli, Umm Salamah - eka Allah A ka khahlisoa ke eena8.
Imam Abu Abdur Rahman ibn Al-Mubarak - eka Allah A ka mo hauhela - o itse: "Re tseba Morena oa rona, Ea Khanyang ka lebaka la hore O ka holimo ho Maholimo a Hae, holim'a terone ea Hae, O thoko le libupuoa tsa Hae9.
Mantsoe a li-Imām mabapi le taba ena a mangata haholo, hoo ho sa khoneheng ho a fetisa kaofela thutong ena. Mang kapa mang ea batlang ho tseba tse ngata tsa tsona, a ke a khutlele libukeng tse ngotsoeng ke litsebi tsa Ahlus-Sunnah tabeng ena; tse kang buka ea As-Sunnah ea Abdullah ibn Ahmad ibn Hanbal, le buka ea At-Tawḥīd ea Imām e moholo Muhammad ibn Khuzaymah, le buka ea As-Sunnah ea Abu al-Qasim al-Lalaka'i Aṭ-Ṭabarī, le buka ea As-Sunnah ea Abu Bakr Ibn Abi Asim. Hape le karabo ea Ibn Taymiyyah ho batho ba Ḥamāh, e leng karabo e kholo e nang le melemo e mengata, moo (Eka Allah A ka mo hauhela) a hlalositseng ka ho hlaka tumelo ea Ahlus-Sunnah, a fetisa mantsoe a bona a mangata, hammoho le bopaki ba sharīʿah le ba kelello bo bontšang ho nepahala ha seo Ahlus-Sunnah ba se buileng le ho se fosahala ha seo bahanyetsi ba bona ba se buileng.
Ka hona, buka ea hae e bitsoang “At-Tadmuriyyah” e hlalositse taba ena ka botlalo, ea ba ea hlakisa tumelo ea Ahlus-Sunnah ka bopaki ba eona bo tsoang ho lingoliloeng le kelellong. Hape e arabile bahanyetsi ka likarabo tse pepesang ’nete le ho nyatsa leshano, bakeng sa mang kapa mang ea e hlahlobang har’a batho ba tsebo ka sepheo se setle le takatso ea ho tseba ’nete. Ka bokhutšoanyane: tumelo ea Ahlus-Sunnah wal-Jamāʿah tabeng ea Mabitso le Litšobotsi tsa Allah ke hore ba netefalitse Allah Ea Khanyang Ea Phahameng ka seo A itlhalositseng ka sona Bukeng ea Hae, kapa seo Moromuoa oa Hae Muhammad ﷺ a Mo hlalositseng ka sona ho Sunnah ea hae — ba netefatsa ntle le ho Mo tšoantša le libopuoa, ’me ba Mo hloekisa Ea Tlotlehang hore a se tšoane le popo ea Hae ka ho hloekisa ho se nang ho hana litšobotsi tsa Hae. Ka hona ba ile ba atleha ho pholoha likhohlano le likhanyetsano. ’Me ba ile ba sebetsa ka bopaki bohle, ka mohau oa Allah, hobane ena ke tsela ea Allah ho ba khomarelang ’nete eo A rometseng baromuoa ba Hae ka eona, ba ikitlaelletsang ka matla ʼohle ho eona le ba ts'epahalang ho Allah ho e batla; hore Allah O ba tataisetsa ’neteng le ho hlakisa bopaki ba Hae. Joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse:
﴿بَلۡ نَقۡذِفُ بِٱلۡحَقِّ عَلَى ٱلۡبَٰطِلِ فَيَدۡمَغُهُۥ فَإِذَا هُوَ زَاهِقٞ...﴾
{Che, Re lahlela (re romela) ’nete (Qur’an ena) khahlanong le leshano (ho se lumele), ka hona ea le timetsa, ’me bonang, (leshano) lea nyamela...}
[Al-Anbiyaa: 18]
ʼMe Ea Matla ʼOhle O re:
﴿وَلَا يَأۡتُونَكَ بِمَثَلٍ إِلَّا جِئۡنَٰكَ بِٱلۡحَقِّ وَأَحۡسَنَ تَفۡسِيرًا33﴾
{'Me ba ke ke ba u tlisetsa mohlala kapa papiso (ho hanyetsa kapa ho fumana liphoso ho uena kapa ho Qur’an) kantle le hore Re u senolele 'nete (khahlanong le papiso eo) le tlhaloso e nepahetseng ho feta eo} [Al-Furqan: 33]
Ha e le ea hanyetsang Ahlus-Sunnah tabeng ea seo ba se lumelang mabapi le Mabitso le Litšobotsi tsa Allah, ka nnete o tla oela ho hanyetseng bopaki ba sharīʿah le ba kelello; hammoho le ho iphapanya ho hlakileng linthong tsohle tseo a li netefatsang le tseo a li hanang. Emong oa barutehi ba baholo Ibn Kathir — eka Allah A ka mo hauhela — o boletse mantsoe a molemo tabeng ena ho buka ea hae e tummeng haholo e hlalosang litemana tsa Qur’an (tafsir Ibn Kathir), ha a ne a bua ka polelo ea Allah Ea Matla ʼOhle:
﴿إِنَّ رَبَّكُمُ ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ فِي سِتَّةِ أَيَّامٖ ثُمَّ ٱسۡتَوَىٰ عَلَى ٱلۡعَرۡشِ...﴾
{Kannete, Morena oa lona ke Allah, Ea bopileng Maholimo le lefats'e ka matsatsi a ts'eletseng, eaba O phahama ka holim’a Arsh (Torone)...}
[Al-A'araf: 54]
Ho molemo ka ho fetisisa ho e hlalosa mona, ka lebaka la molemo o moholo oa teng - Allah amo hauhele- o boletse se latelang:
“Batho ba na le lipolelo tse ngata haholo tabeng ena, ’me mona ha se sebaka sa ho li hlalosa ka botlalo. Empa tabeng ena re latela tsela ea As-Salaf As-Salih: Malik ibn Anas, Al-Awza'i, Sufyan al-Thawri, Al-Shafi'i, Ahmad ibn Hanbal, Ishaq ibn Rahwayh le ba bang ba baetapele ba Mamosleme ba khale le ba morao. Tsela eo ke ho amohela litemana tsa Sifāt (Litšobotsi tsa Allah) joalo ka ha li tlile, ntle le ho botsa hore na li joang (takyeef), ntle le ho tšoantša Allah le popo ea Hae (tashbeeh), hape ntle le ho latola litšobotsi tsa Hae (ta’teel). Moelelo o bonahalang o tlang kelellong bakeng sa ba tšoantšang Allah le popo ea Hae o qheleloa ka thoko mabapi le Allah, hobane Allah ha a tšoane le letho popong ea Hae,
﴿...لَيۡسَ كَمِثۡلِهِۦ شَيۡءٞۖ وَهُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡبَصِيرُ﴾
{... ha ho letho le ts'oanang le Eena 'me Ke Ea Utloang ka ho fetisisa Ea Bonang ka ho fetisisa}, [Ash-Shura: 11] Empa taba e joalo ka ha li-Imām ba boletse. Har’a bona ke Nu'aym ibn Hammad, tichere ea Muhammad al-Bukhari, ea ileng a re:
‘Mang kapa mang ea tšoants’ang Allah le popo ea Hae o se a kene ka har'a kufr (ho se lumele), hape mang kapa mang ea hanang seo Allah A itlhalositseng ka sona o se a kene ka har'a kufr’10, hape ha ho na ho tšoantša Allah le popo ea Hae litšobotsing tseo Allah A itlhalositseng ka tsona kapa tseo Moromuoa oa Hae a Mo hlalositseng ka tsona. Mang kapa mang ea tiisang bakeng sa Allah ea Matla 'Ohle se senotsoeng litemaneng tse hlakileng le Hadith tsa 'nete, ka mokhoa o ts'oanelang boholo ba Allah, 'me a latola bofokoli bofe kapa bofe ho Allah ea Matla 'Ohle, o latetse tsela ea tataiso11. Qetellong ea mantsoe a Ibn Kathir, e se eka Allah A ka mo hauhela.
Hape ho kenella tumelong ho Allah hore motho a lumele hore īmān ke polelo le ketso; e eketseha ka kutlo ho Allah, ’me e fokotseha ka sebe. ʼMe ha hoa lumelloa ho ahlola lemosleme e le kāfir ka lebaka la libe tse ka tlase ho shirk le kufr; joalo ka bofebe, bosholu, ho ja ribā, ho noa lino tse tahang, ho se hlomphe batsoali, le libe tse ling tse kholo — ntle le haeba a etsa hore lintho tseo li be halal. Sena ke ka lebaka la polelo ea Allah Ea Halalelang:
﴿إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَغۡفِرُ أَن يُشۡرَكَ بِهِۦ وَيَغۡفِرُ مَا دُونَ ذَٰلِكَ لِمَن يَشَآءُ...﴾
{Ruri, Allah Ha A ts'oarele ea Mo kopanyang borapeling empa O ts'oarela se ka tlaase ho moo, ho eo A mo ratang (A ratang ho mo ts'oarela)....} [An-Nisaa: 48] Le hobane e hlalositsoe ho hadith tse ngata tse fapaneng ho tsoa ho Moromuoa oa Allah - khotso ebe le eena - ho kenyelletsa polelo ea hae:
«إِنَّ اللهَ يُخْرِجُ مِنَ النَّارِ مَنْ كَانَ فِي قَلْبِهِ مِثْقَالُ حَبَّةٍ مِنْ خَرْدَلٍ مِنْ إِيْمَانٍ».
“Ka sebele Allah U tla ntša Mollong motho ea neng a e-na le tumelo ka pelong ea hae e lekanang le boima ba peō ea mosetareta”12.
Motheo oa bobeli: Ho lumela ho Mangeloi,
Ho kenyelletsa ntho tse peli: 1- Ho lumela ho Mangeloi ka kakaretso; e leng hore, re lumele hore Allah O na le Mangeloi ao A a bopileng hore a Mo mamele (a phethe thato ea Hae) 'me O a hlalositse ka hore:
﴿وَقَالُواْ ٱتَّخَذَ ٱلرَّحۡمَٰنُ وَلَدٗاۗ سُبۡحَٰنَهُۥۚ بَلۡ عِبَادٞ مُّكۡرَمُونَ 26 لَا يَسۡبِقُونَهُۥ بِٱلۡقَوۡلِ وَهُم بِأَمۡرِهِۦ يَعۡمَلُونَ27 يَعۡلَمُ مَا بَيۡنَ أَيۡدِيهِمۡ وَمَا خَلۡفَهُمۡ وَلَا يَشۡفَعُونَ إِلَّا لِمَنِ ٱرۡتَضَىٰ وَهُم مِّنۡ خَشۡيَتِهِۦ مُشۡفِقُونَ28﴾
{'Me ba re: "Ar-Rahmān (Ea Lereko) O inketse mora." Khanya ebe ho Eena! Che, bao ke bahlanka ba hlomphehang 26
Ha ba Mo etelle-pele lipolelong (Ha ba bue pele A bua) ebile ba etsa kamoo A laetseng (27)
O tseba se kapel'a bona le se kamor'a bona, ha ba buelle (mang kapa mang) kantle le eo A mo lumelletseng, mme ba phela ka ho thothomela ke ho mo tšaba le ho mo hlompha 28}
[Al-Anbiyaa: 26 -28]
Mangeloi a mefuta e mengata; kahar'a oona ke ao mosebetsi oa oona e leng ho jara Torone, ha a mang ele balebeli ba Leholimo le Lihele 'me a mang ke ao boikarabello ba oona e leng ho boloka liketso tsa bahlanka. 2- Ho lumela ho Mangeloi ka botlalo; e leng ho lumela ho bao Allah le Moromuoa oa Hae ba a hlalositseng ka mabitso (le mesebetsi ea oona) joaloka Gabrielle ea ikarabellang ho ts'enolelo, Mikaele ea ikarabellang ho pula, Malik ea ikarabellang ts'irelletsong ea Lihele le Israfil ea ikarabellang ho letseng Torompeta. A boetse a hlalositsoe kahare ho Hadith tse nepahetseng, ho kenyelletsa: e hlalositsoeng ka nepahalo ho tsoa ho Aisha - eka Allah A ka khahlisoa ke Eena - hore Moporofeta - khotso ebe le Eena - o itse:
«خُلِقَتِ الـمَلَائِكَةُ مِن نُورٍ، وَخُلِقَ الجَانُّ مِنْ مَارِجٍ مِنْ نَارٍ، وَخُلِقَ آدَمُ مِمَّا وُصِفَ لَكُم».
“Mangeloi a bopiloe) ka khanya, li-jinni tsona li bopiloe ka mollo, athe Adama o bopiloe ka seo le seng le se hlaloselitsoe”13 E tlalehiloe ke Muslim ho Sahih ea hae (buka ea litlaleho tse nepahetseng).
Motheo oa boraro: Ho lumela Libukeng, ho kenyelletsang lintho tse peli:
1- Ho lumela libukeng ka kakaretso; e leng hore Allah O senotse Libuka ho Baporofeta le Baromuoa ba Hae ho hlalosa 'nete ea Hae le ho bitsetsa batho ho eona, joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse:
﴿لَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا رُسُلَنَا بِٱلۡبَيِّنَٰتِ وَأَنزَلۡنَا مَعَهُمُ ٱلۡكِتَٰبَ وَٱلۡمِيزَانَ لِيَقُومَ ٱلنَّاسُ بِٱلۡقِسۡطِ...﴾
{Ruri, Re rometse baromuoa ba Rona ka bopaki bo hlakileng 'me Ra senola Lengolo hammoho le bona Libuka le tekanyo hore batho ba boloke toka...} [Al-Hadid: 25] Eaba Ea Matla ʼOhle O re:
﴿كَانَ ٱلنَّاسُ أُمَّةٗ وَٰحِدَةٗ فَبَعَثَ ٱللَّهُ ٱلنَّبِيِّـۧنَ مُبَشِّرِينَ وَمُنذِرِينَ وَأَنزَلَ مَعَهُمُ ٱلۡكِتَٰبَ بِٱلۡحَقِّ لِيَحۡكُمَ بَيۡنَ ٱلنَّاسِ فِيمَا ٱخۡتَلَفُواْ فِيهِ...﴾
{Batho ba ne ba le bolumeling bo le bong [pele ba kheloha]; eaba Allah O romela baprofeta e le ba tlisang litaba tse molemo le litemoso 'me a ba romela Lengolo ka 'nete ho ahlola pakeng tsa batho ka seo ba neng ba fapana ka sona...}
[Al-Baqarah: 213]
2- Ho lumela libukeng tsa Allah ka mokhoa o qaqileng; eleng hore re lumele ho tseo Allah A li boletseng ka mabitso har’a tsona, tse kang Taurat, Injīl, Zabur le Qur’an. Hape re lumele hore Qur’an ke eona e molemo ho feta tsohle, ke eona ea ho qetela har’a tsona, e li okametseng le ho li netefatsa. Re boele re lumele hore ke eona eo sechaba sohle se lokelang ho e latela le ho ahlola ka eona, hammoho le Sunnah e netefalitsoeng ho tsoa ho Moromuoa oa Allah Khotso ea Allah ebe le eena; hobane Allah Ea Khanyang O rometse Moromuoa oa Hae Muhammad ﷺ e le Moromuoa ho batho bohle le ho li-jinn, ’me O mo senoletse Qur'an ena hore a ahlole batho ka eona. Allah O boetse O e entse pheko ea tse ka lipelong, tlhaloso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe, tataiso le mohau ho balumeli, joalokaha Allah Ea Holimo-limo A itse:
﴿وَهَٰذَا كِتَٰبٌ أَنزَلۡنَٰهُ مُبَارَكٞ فَٱتَّبِعُوهُ وَٱتَّقُواْ لَعَلَّكُمۡ تُرۡحَمُونَ155﴾
{'Me ena ke Buka e hlohonolofalitsoeng eo Re e senotseng; ka hona e lateleng ’me le ts'abe Allah e le hore le ka hauheloa} [Al-An‘am: 155]. Ea Matla ʼOhle O boetse O re:
﴿...وَنَزَّلۡنَا عَلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ تِبۡيَٰنٗا لِّكُلِّ شَيۡءٖ وَهُدٗى وَرَحۡمَةٗ وَبُشۡرَىٰ لِلۡمُسۡلِمِينَ﴾
{... Re theoletse Buka ho uena ele tlhakiso linthong tsohle ebile ele tataiso, mohau le litaba tse monate sebakeng sa Mamoseleme} [An-Nahl: 89]. 'Me Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِنِّي رَسُولُ ٱللَّهِ إِلَيۡكُمۡ جَمِيعًا ٱلَّذِي لَهُۥ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ يُحۡيِۦ وَيُمِيتُۖ فَـَٔامِنُواْ بِٱللَّهِ وَرَسُولِهِ ٱلنَّبِيِّ ٱلۡأُمِّيِّ ٱلَّذِي يُؤۡمِنُ بِٱللَّهِ وَكَلِمَٰتِهِۦ وَٱتَّبِعُوهُ لَعَلَّكُمۡ تَهۡتَدُونَ158﴾
{E re: ‘Lona batho! Ka ’nete ke Moromuoa oa Allah ho lona bohle — Eena Ea nang le borena ba maholimo le lefatše. Ha ho molimo ofe kapa ofe o lokelang ho rapeloa ka ’nete ntle le Eena; O fana ka bophelo ebile O tlisa lefu. Kahoo lumelang ho Allah le ho Moromuoa oa Hae, Moprofeta ea sa tsebeng ho bala le ho ngola, ea lumelang ho Allah le mantsoeng a Hae; ’me le mo latele hore le tle le tataisoe’ 158} [Al-A'araaf: 158]. ʼMe Litemana ka moelelo ona li ngata.
Motheo oa bone: Ho lumela ho baromuoa
'Me le eona ka ho ts'oana e kenyelletsa lintho tse peli: 1- Ho lumela ho baromuoa ka kakaretso; ka hore re lumele hore Allah Ea Tlotlehang le Ea Phahameng o rometse baromuoa ho bahlanka ba Hae, e le ba tlisang litaba tse monate le bahlokomelisi, le ba bitsetsang ’neteng. Ea ba arabelang o tla hapa thabo le katleho, empa ea ba hanyetsang o tla soetseha le ho ikoahlaea. ʼMe oa ho qetela oa bona le ea molemo ka ho fetisisa ke Moprofeta oa rona, Muhammad mora oa Abdullah ﷺ, joalo ka ha Allah Ea Tlotlehang a itse:
﴿وَلَقَدۡ بَعَثۡنَا فِي كُلِّ أُمَّةٖ رَّسُولًا أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ وَٱجۡتَنِبُواْ ٱلطَّٰغُوتَ...﴾
{Ruri Re rometse sechabeng se seng le se seng moromuoa, [ea itseng]: ‘Khumamelang Allah ‘me le qobe melimo ea bohata…'} [An-Nahl: 36] Hape Allah Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿رُّسُلٗا مُّبَشِّرِينَ وَمُنذِرِينَ لِئَلَّا يَكُونَ لِلنَّاسِ عَلَى ٱللَّهِ حُجَّةُۢ بَعۡدَ ٱلرُّسُلِ...﴾
{[Re rometse] baromuoa e le ba tlisang litaba tse molemo le ba lemosang hore batho ba se ke ba ba le khang khahlanong le Allah kamorao ho baromuoa...} [An-Nisā’: 165] Hape Allah Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿مَّا كَانَ مُحَمَّدٌ أَبَآ أَحَدٖ مِّن رِّجَالِكُمۡ وَلَٰكِن رَّسُولَ ٱللَّهِ وَخَاتَمَ ٱلنَّبِيِّـۧنَ...﴾
{Muhammad ha se ntatʼa mang kapa mang har’a banna ba lona, empa ke Moromuoa oa Allah le Mokoallo oa Baporofeta…} [Al-Ahzāb: 40]
2- Ho lumela ho Baromuoa ka botlalo; ke hore, ho lumela ka ho khetheha le ka mabitso ho bao Allah A ba boletseng kapa bao mabitso a bona a netefalitsoeng ke Moromuoa oa Allah - khotso ebe le Eena - joaloka Nuh, Hud, Salih, Ibrahim le ba bang - khotso ebe le bona kaofela - le ho malapa a bona le balateli ba bona.
Motheo oa bohlano: Ho lumela ho Letsatsi la Kahlolo
Ho kenyeletsa:
Ho lumela tsohle tseo Allah le Moromuoa oa Hae ﷺ ba re tsebisitseng tsona mabapi le tse tla etsahala kamora lefu; joalo ka teko ea lebitla, kotlo ea lona le monate oa lona, le tse tla etsahala ka Letsatsi la Qetello tsa litšoso le mahlomola, le ṣirāṭ (borokho), le mīzān (sekala), le ho baloa ha liketso, le moputso, le ho phetloa ha libuka tsa liketso har'a batho. Ba bang ba tla nka libuka tsa bona ka matsoho a bona a matona, ba bang ba li nke ka matsoho a bona a matšehali, kapa ka morao ho mekokotlo ea bona.
Hape ho kenyeletsoa ho sena: Ho lumela ho Letša (Al-Hawd) le tlang ho fihleloa la Moporofeta oa rona Muhammad ﷺ, le ho lumela ho Paradeisi le Mollo, le ho bona ha balumeli ba tlang ho bona Morena oa bona (ea tlotlehang le ho phahamisoa), le ho bua ha Hae le bona, le tse ling tse joalo tse hlahang ka har'a Quran e Halalelang le ho Sunnah e Netefalitsoeng ea Moromuoa oa Molimo ﷺ. Kahoo, ho tlammehile ho mohlanka e mong le e mong ho lumela ho tsena tsohle, le ho li amohela ka tsela eo Molimo le Moromuoa oa Hae (khotso le lithohonolo li be holim'a hae) ba li hlalositseng ka eona.
Motheo oa bots'elela: Ho lumela ho Qadar
Ho kenyelletsa ho lumela linthong tse ’ne:
1- Ho lumela hore Allah Ea Matla ʼOhle O tseba tsohle tse fetileng le tse tlang ho etsahala ’me O tseba maemo a bahlanka ba Hae, phepelo ea bona, ba tla phela nako e kae, liketso tsa bona le litaba tsohle tse amanang le bona. Ha ho letho ho tsena le ipatileng ho Eena joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse:
﴿...وَٱعۡلَمُوٓاْ أَنَّ ٱللَّهَ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمٞ﴾
{’Me le tsebe hore Allah O Tseba lintho tsohle} [Al-Baqarah: 231] ’Me Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿...لِتَعۡلَمُوٓاْ أَنَّ ٱللَّهَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٖ قَدِيرٞ وَأَنَّ ٱللَّهَ قَدۡ أَحَاطَ بِكُلِّ شَيۡءٍ عِلۡمَۢا﴾
{...hore le tle le tsebe hore Allah O Matla holim’a lintho tsohle, le hore Allah O akarelelitse lintho tsohle ka tsebo} [At-Talaq: 12]
2- Ho lumela hore Allah o ngotse tsohle tseo A li rerileng le ho li laela; joalo ka ha Allah Ea Tlotlehang le Ea Phahameng a itse:
﴿قَدۡ عَلِمۡنَا مَا تَنقُصُ ٱلۡأَرۡضُ مِنۡهُمۡۖ وَعِندَنَا كِتَٰبٌ حَفِيظُۢ 4﴾
{Re tseba seo lefatše le se nkang ho bona (litopo tsa bona), 'me ho Rona ho na le Buka e bolokiloeng (ke hore, Buka ea Litaelo)} [Qaf: 4] ’Me Allah Ea Matla ’Ohle A itse:
﴿...وَكُلَّ شَيۡءٍ أَحۡصَيۡنَٰهُ فِيٓ إِمَامٖ مُّبِينٖ﴾
{...’me lintho tsohle Re li ngotse ka palo Bukeng e Hlakileng} [Ya-Sin: 12] 'Me Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿أَلَمۡ تَعۡلَمۡ أَنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ مَا فِي ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِۚ إِنَّ ذَٰلِكَ فِي كِتَٰبٍۚ إِنَّ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرٞ70﴾
{Na ha u tsebe hore Allah O tseba tse Maholimong le lefats'eng? Ruri, seo se ngotsoe ka bukeng. ’Me seo ho Allah se bonolo} [Al-Hajj: 70].
3- Ho lumela thatong e akaretsang ea Allah Ea Matla ʼOhle; seo A se ratang sea etsahala ’me seo A sa se rateng ha se etsahale joalokaha Ea Phahameng A itse:
﴿...إِنَّ ٱللَّهَ يَفۡعَلُ مَا يَشَآءُ﴾
{Kannete, Allah O etsa seo A se ratang} [Al-Haj: 18] ’Me Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿إِنَّمَآ أَمۡرُهُۥٓ إِذَآ أَرَادَ شَيۡـًٔا أَن يَقُولَ لَهُۥ كُن فَيَكُونُ82﴾
{Taelo ea Hae, Ha A batla ntho, ke feela hore A re ho eona: “Eba teng,” ebe e eba teng} [Yasin: 82] ’Me Ea Phahameng O itse:
﴿وَمَا تَشَآءُونَ إِلَّآ أَن يَشَآءَ ٱللَّهُ رَبُّ ٱلۡعَٰلَمِينَ29﴾
{’Me ha le rate letho ntle le hore Allah, Morena oa mafatše ’ohle, A rate} [At-Takwir: 29]
4- Ho lumela hore Allah Ea Matla ʼOhle Ke ’Mopi oa tsohle tse teng; ha ho ’mopi e mong ntle le Eena ebile ha ho morena e mong ntle le Eena; joalokaha Ea Phahameng A itse:
﴿ٱللَّهُ خَٰلِقُ كُلِّ شَيۡءٖۖ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٖ وَكِيلٞ62﴾
{Allah Ke ’Mopi oa lintho tsohle, ’me Ke Mohlokomeli holim’a lintho tsohle} [Az-Zumar: 62]. ’Me Ea Phahameng O itse:
﴿يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ ٱذۡكُرُواْ نِعۡمَتَ ٱللَّهِ عَلَيۡكُمۡۚ هَلۡ مِنۡ خَٰلِقٍ غَيۡرُ ٱللَّهِ يَرۡزُقُكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِۚ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۖ فَأَنَّىٰ تُؤۡفَكُونَ3﴾
{Lona batho, hopolang lintle tsa Allah holim’a lona. Na ho na le ’mopi e mong ntle le Allah ea le fang phepelo e tsoang leholimong le lefatsʼeng? Ha ho molimo ofe kapa ofe o tšoaneloang ke borapeli ntle le Eena, joale le khelosoa joang? 3} [Fatir: 3].
Ho lumela ho Qadar: ho kenyeletsa ho lumela litaba tsena tsohle tse ’ne joalokaha ele tumelo ea Ahlus-Sunnah wal-Jama‘ah, ho fapana le ba hanang le tse ling tsa tsona har’a batho ba bid‘ah (ba iqapelang liketso tsa borapeli ka har'a Islam).
Har’a lintho tse bohlokoa ho ʼAqeedah e nepahetseng tseo Ahlus-sunnah ba li lumelang ke: ho rata ka lebaka la Allah le ho hloea ka lebaka la Allah, ho theha setsoalle ka lebaka la Allah le bora ka lebaka la Allah. Ena ke Tumelo (aqidah ea al-walaa’ wal-baraa’ )’me ke karolo ea tumelo ho Allah Ea Matla ʼOhle.
Kahoo, molumeli o rata balumeli ba bang 'me oa ba tšehetsa, 'me o hloile ba hanang tumelo (kuffār) 'me o khahlanong le bona. 'Me ka holimo-limo ho balumeli ba sechaba sena ke barutuoa (Sahabah) ba Moromuoa oa Allah ﷺ — joalo ka ha ho tiisitsoe ho Ahl al-Sunnah wal-Jama'ah — kaha ba a ba rata 'me ba a ba tšehetsa, 'me ba lumela hore ke batho ba hloahloa ka ho fetisisa ka mor'a baporofeta, ho latela polelo ea Moporofeta ﷺ:
«خَيْرُ القُرُونِ قَرْنِي ثُمَّ الَّذِينَ يَلُونَهُمْ ثُمَّ الَّذِينَ يَلُونَهُم».
“Meloko e molemo ka ho fetisisa ke moloko oa ka, ebe ba ba latelang, ebe ba ba latelang 14”14 Bonnete ba eona bo fumanoa ho Bukhari le Muslim,
Ba lumela hore ea khabane ka ho fetisisa har’a bona ke Abu Bakr al-Siddiq, ebe Umar al-Faruq, ebe Uthman Dhun-Nurayn, ebe Ali al-Murtadha — Allah A khahlisoe ke bona. Ka mor’a bona ho tla ba bang ba leshome (e leng ba tšepisitsoeng Paradeise), ebe ho latela Sahabah (barutuoa) ba bang kaofela — Allah A khahlisoe ke bona kaofela. Hape ba itima ho bua ka likhohlano tse ileng tsa hlaha har’a Sahabah (barutuoa), ’me ba lumela hore tabeng eo ba ne ba etsa ijtihād (ho ikitlaelletsa ho fumana ’nete); kahoo ea nepileng o ba le meputso e ’meli, ’me ea fositseng o ba le moputso o le mong.
Hape ba rata ba lelapa la Moromuoa oa Allah (Ahl al-Bayt) ﷺ ba lumetseng ho eena 'me ba a ba tšehetsa, 'me ba tšehetsa basali ba Moromuoa oa Allah ﷺ bao e leng bo-m'a balumeli, 'me ba kopa hore Allah a khahloe ke bona kaofela. Ba boetse ba itokolla tseleng le lithutong tsa rawaafidh (karolo e 'ngoe ea Ma-Shia), eleng sehlopha se bonts'ang lehloeo le bora ba 'nete ho Sahabah (barutuoa) ba Moromuoa oa Allah (khotso ebe le Eena). Ba bileng ba fetelletsang maemo a ba lelapa la Moporofeta ba bile ba ba fa maemo a kaholimo ho ao Allah A ba fileng oona. Ba bile ba itokolla tseleng ea Nawasib ba hlokofalitseng lelapa la Moporofeta ka lipuo le liketso.
Kahoo tsena tsohle tseo re li boletseng: li kenella ka har’a tumelo e nepahetseng eo Allah a rometseng ka eona Moromuoa oa Hae Muhammad ﷺ. Ke tumelo eo ho tlamang ho e lumela, ho e tšoarella ka tieo, ho tsitsa ho eona, le ho itlhokomela khahlanong le se e hanyetsang. Ena ke tumelo ea sehlopha se pholohileng, e leng Ahlus-Sunnah wal-Jamā‘ah, seo Moprofeta ﷺ a ileng a re ka sona:
«لَا تَـزَالُ طَائِفَةٌ مِنْ أُمَّتِي ظَاهِرِينَ عَلَى الحَقِّ، لَا يَضُرُّهُمْ مَنْ خَذَلَهُمْ، حَتَّى يَأْتِيَ أَمْرُ اللهِ وَهُمْ كَذَلِكَ».
“Ho tla lula honale sehlopha sa sechaba se tla lula se atlehile holim’a ’nete ’me ba ba fetohelang ba ke ke ba ba nts'a kotsi, ho fihlela taelo ea Allah e fihla ha ba ntse ba le boemong boo”15, ’Me tlalehong e ’ngoe:
«لَا تَزَالُ طَائِفَةٌ مِنْ أُمَّتِي عَلَى الحَقِّ مَنْصُورَةٌ».
“Ho tla lula ho e-na le sehlopha har’a sechaba sa ka se leng holim’a ’nete, mme se tšehelitsoe (ka tlholo)”16, Khotso ebe le Eena, o itse:
«افْتَرَقَتِ اليَهُودُ عَلَى إِحْدَى وَسَبْعِينَ فِرْقَةً، وَافْتَرَقَتِ النَّصَارَى عَلَى اثْنَتَيْنِ وَسَبْعِينَ فِرْقَةً، وَسَتَفْتَرِقُ هَذِهِ الأُمَّةُ عَلَى ثَلَاثِ وَسَبْعِينَ فِرْقَةً كُلُّهَا فِي النَّارِ إِلَّا وَاحِدَةً فَقَالَ الصَّحَابَةُ: مَنْ هِيَ يَا رَسُولَ اللهِ؟ قَالَ: مَنْ كَانَ عَلَى مِثْلِ مَا أَنَا عَلَيْهِ وَأَصْحَابِي».
“Majude a tla arohana ka lihlopha tse mashome a supileng a motso o mong, Bakeresete ba arohane ka lihlopha tse mashome a supileng a metso e ’meli, mme sechaba sena (sa Mamoseleme) se tla arohana ka lihlopha tse mashome a supileng a metso e meraro; kaofela li tla ba Mollong ntle le se le seng.” Sahabah (Barutuoa) ba re: “Ke bo-mang bao, Oho! Moromuoa oa Allah?” A re: “Ke ba leng tseleng eo ’na le Sahabah (Barutuoa) baka re leng ho sona”.17
Lithuto tse hanyetsang ʼAqeedah (tumelo) ea ’nete
Ba khelohang tumelong ena le ho etsa se khahlanong le eona ho mefuta e mengata; har’a eona ho na le: barapeli ba lits'oants'o, melingoana e bopiloeng, mangeloi, bahalaleli, li-jinn, lifate, majoe le ba bang. Batho bana ha ba ka ba arabela pitso ea baromuoa empa ba ile ba ba hanyetsa le ho ba qholotsa, joalokaha Quraysh le merabe e fapaneng ea Maarabo ba ile ba etsa ho Moporofeta oa rona Muhammad ﷺ. Ba ne ba kopa melingoana ea bona ho phethahatsa litlhoko tsa bona, ho folisa bakuli le ho ba fa tlholo khahlanong le lira tsa bona hape ba ne ba ba etsetsa mahlabelo le ho ikana ka eona. Ha Moromuoa ﷺ a hanyetsana le tsona ’me a ba laela ho rapela Allah A le Mong, ba ile ba makala le ho hana, ba re:
﴿أَجَعَلَ ٱلۡأٓلِهَةَ إِلَٰهٗا وَٰحِدًاۖ إِنَّ هَٰذَا لَشَيۡءٌ عُجَابٞ5﴾
“Na o entse melimo (eohle) hore e be Molimo a le mong? Kannete sena ke ntho e makatsang haholo”) [leq. 5].
Kahoo Moporofeta ﷺ
a tsoela pele ho ba bitsetsa ho Allah, ho ba hlokomelisa ka Shirk le ho ba hlalosetsa ’nete ea seo ba neng ba se bitsetsoa, ho fihlela Allah A tataisa ba bang ba bona. Eaba ba kena tumelong ea Allah ka bongata ’me tumelo ea Allah e hlola litumelo tsohle kamor’a pitso e tsoelang pele le ho sebetsa ka thata ha Moromuoa oa Allah ﷺ Sahabah (Barutuoa) ba Moporofeta — eka Allah A ka khahlisoa ke bona — le ba ileng ba ba latela ka khalalelo. Eaba maemo a fetoha ’me ho hloka tsebo ha aparela boholo ba batho. Batho ba bangata ba khutlela bolumeling ba jahiliyyah (ho khumamela lits'oants'o), ka ho feteletsa tabeng ea baporofeta le bahalaleli, ka ho ba bitsa le ho kopa thuso ho bona le mefuta e meng ea Shirk. Ha ba ka ba tseba moelelo oa: “Ha ho molimo ofe kapa ofe o ts'oaneloang ke borapeli ntle le Allah,” joalokaha ba neng ba khelohile ba Ma-arabo ba ne ba tseba moelelo oa eona. Allah Ke Eena Eo thuso e lokelang ho tsongoa ho Eena.
’Me shirk ena e ile ea tsoela pele ho ata har’a batho ho fihlela mehleng ea rona ena; ka lebaka la ho ata ha ho hloka tsebo le ho ba hole ha nako le mehla ea boprofeta.
Pelaelo ea batho kajeno e ts'oana hantle le ea batho ba khale, seo eleng polelo ea bona ke hore:
﴿...هَٰٓؤُلَآءِ شُفَعَٰٓؤُنَا عِندَ ٱللَّهِ...﴾
{...Bana ke babuelli (bakena lipakeng) ba rona ho Allah...} [Yunus: 18] ’Me ba re:
﴿...مَا نَعۡبُدُهُمۡ إِلَّا لِيُقَرِّبُونَآ إِلَى ٱللَّهِ زُلۡفَىٰٓ...﴾
{...Re ba rapela feela hore ba re atametse ho Allah...} [Az-Zumar: 3] Allah Ea Matla ʼOhle O hanetse mohopolo ona o fosahetseng ’me A hlakisa hore mang kapa mang ea rapelang emong ntle le Eena — ho sa tsotellehe hore na ke mang — o kopantse Allah borapeling ’me ha se molumeli joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse:
﴿وَيَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَضُرُّهُمۡ وَلَا يَنفَعُهُمۡ وَيَقُولُونَ هَٰٓؤُلَآءِ شُفَعَٰٓؤُنَا عِندَ ٱللَّهِ...﴾
{’Me ba rapela ntle le Allah tse sa khoneng ho ba ntša kotsi kapa ho ba tsoela molemo ebe ba re: ‘Bana ke babuelli ba rona ho Allah...’} [Yunus: 18] Allah Ea Tlotlehang O ile A ba araba ka ho re:
﴿قُلۡ أَتُنَبِّـُٔونَ ٱللَّهَ بِمَا لَا يَعۡلَمُ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَلَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ سُبۡحَٰنَهُۥ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ18﴾
{E re: ‘Na le tsebisa Allah ka seo A sa se tsebeng Maholimong kapa lefats'eng? Khanya e be ho Eena, Ea Holimo-limo ho seo ba Mo kopanyang le sona khumamelongʼ} [Yunus: 18]
Temaneng ena, Allah Ea Matla ʼOhle O hlakisa hore ho rapela mang kapa mang ntle le Eena ebang ke baporofeta, bahalaleli kapa ba bang, ke mofuta o moholo ka ho fetisisa oa Shirk, le ha ba e etsang ba ka e bitsa ka lebitso le leng. Allah Ea Matla ʼOhle O re:
﴿...وَٱلَّذِينَ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ أَوۡلِيَآءَ مَا نَعۡبُدُهُمۡ إِلَّا لِيُقَرِّبُونَآ إِلَى ٱللَّهِ زُلۡفَىٰٓ...﴾
{...ʼme ba nkang batšehetsi ntle le Eena [ba re]: “Re ba rapela feela hore ba re atametse haufi le Allah ka maemo...”} [Al-Zumar: 3]. Eaba Allah Ea Phahameng O ba araba ka ho re:
﴿...إِنَّ ٱللَّهَ يَحۡكُمُ بَيۡنَهُمۡ فِي مَا هُمۡ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي مَنۡ هُوَ كَٰذِبٞ كَفَّارٞ﴾
{…Kannete Allah O tla ahlola pakeng tsa bona mabapi le seo ba neng ba sa lumellane ka sona. Kannete Allah ha A tataise ea leng leshano le moikaketsi ea latolang nnete} [Az-Zumar: 3]
Ka hona, Ea Tlotlehang ka ho Fetisisa O hlakisitse hore borapeli ba bona ho emong ntle le Eena ka thapelo, ts'abo, ts'epo le tse ts'oanang le tsona ke kufr (ho se lumele) ho Eena Ea Phahameng ’me O latotse polelo ea bona ea hore melimo ea bona e ba atametsa ho Eena.
Har’a litumelo tsa bofokoli le tsa ho se lumele tse hanyetsanang le tumelo e nepahetseng, hape li hanyetsana le seo baromuoa — khotso be holim’a bona — ba ileng ba tla ka sona, ke seo ba se lumelang ba latolang boteng ba Allah mehleng ena, har’a balateli ba Marx, Lenin le ba bang ba bitsetsang ho ho se lumele le bofokoli; ebang ba bitsa seo Socialism, Communism, Ba'athism kapa mabitso a mang.
Har’a metheo ea batho bana ba latolang Allah ke hore: “Ha ho Molimo, bophelo ke lintho tse bonahalang feela.”
Har’a litumelo tsa bona tsa mantlha ke: ho hana tsoho ka mor'a lefu, ho hana Paradeise le Lihele le ho se lumele ho malumeli ʼohle. Mang kapa mang ea shebang libuka tsa bona le ho ithuta seo ba se lumelang o tla tseba sena ka tieo. Ha ho pelaelo hore tumelo ena e hanyetsana le malumeli ʼohle a tsoang Leholimong ’me e khannela balateli ba eona maemong a seng matle hohang lefats'eng le kamor'a lefu (bophelong bo tlang).
Har’a litumelo tsena tse hanyetsanang le ’nete hape ho na le seo ba bang ba Masufi ba se lumelang, sa hore ba bang bao ba bitsang ho bona “awliyā” (bahalaleli) ba arolelana le Allah taolong ea lintho, le hore ba laola litaba tsa lefatše. Ba ba bitsa ka mabitso a kang: “Aqṭāb”, “Awtād”, “Aghwāth”, le mabitso a mang ao ba iqapetseng ’ona bakeng sa melimo ea bona. Sena ke shirk tabeng ea Borena le Puso ea Allah (Rubūbiyyah), ’me ke e ’ngoe ea mefuta e mebe ka ho fetisisa ea ho kopanya Allah le ba bang.
Mang kapa mang ea nahanang ka Shirk ea batho ba pele ba mehleng ea jahiliyyah pele ho Islam, ebe o e bapisa le Shirk e atileng har’a meloko ea morao tjena, o tla fumana hore Shirk ea meloko ea morao e kholo le ho feta ebile e mpe haholo. Sena se hlalosoa ka tsela e latelang: Maarabo a mehleng ea jahiliyyah a pele ho Islam a ne a khetholloa ka lintho tse peli: Ea pele: Ba ne ba sa kopanye Allah boreneng ba Hae, empa Shirk ea bona e ne e le borapeling feela; hobane ba ne ba amohela Rububiyyah ea Allah Ea Matla ʼOhle e le ea Hae Feela, joalokaha Ea Matla ʼOhle A itse:
﴿وَلَئِن سَأَلۡتَهُم مَّنۡ خَلَقَهُمۡ لَيَقُولُنَّ ٱللَّهُ...﴾
{Haeba u ka ba botsa hore na ke mang ea ba bopileng, ruri ba tla re: ‘Allah...’} [Az-Zukhruf: 87] 'Me Allah Ea Phahameng O itse:
﴿قُلۡ مَن يَرۡزُقُكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِ أَمَّن يَمۡلِكُ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡأَبۡصَٰرَ وَمَن يُخۡرِجُ ٱلۡحَيَّ مِنَ ٱلۡمَيِّتِ وَيُخۡرِجُ ٱلۡمَيِّتَ مِنَ ٱلۡحَيِّ وَمَن يُدَبِّرُ ٱلۡأَمۡرَۚ فَسَيَقُولُونَ ٱللَّهُۚ فَقُلۡ أَفَلَا تَتَّقُونَ31﴾
{E re: ‘Ke mang ea le fepang ho tsoa leholimong le lefats'eng? Kapa ke mang ea laolang kutlo le pono? Ke mang ea nts'ang ea phelang ho ea shoeleng le ea shoeleng ho ea phelang? Hape ke mang ea laolang litaba tsohle?’ Ba tla re: ‘Ke Allah.’ Kahoo e re: ‘Na le ke ke la Mo ts'aba?’} [Yunus: 31] Ho na le litemana tse ngata tse nang le moelelo ona.
Ea bobeli: shirk ea bona borapeling e ne e sa tsoele pele ka linako tsohle empa e ne e etsahala linakong tsa boiketlo. Empa linakong tsa mahlomola ba ne ba nehela borapeli ba bona ho Allah feela joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse:
﴿فَإِذَا رَكِبُواْ فِي ٱلۡفُلۡكِ دَعَوُاْ ٱللَّهَ مُخۡلِصِينَ لَهُ ٱلدِّينَ فَلَمَّا نَجَّىٰهُمۡ إِلَى ٱلۡبَرِّ إِذَا هُمۡ يُشۡرِكُونَ65﴾
{Mme ha ba palame sekepe, ba rapela Allah ka bots'epehi ba tumelo ho Eena feela; empa ha A qeta ho ba pholosa a ba isa lefatšeng le omileng, ka hang-hang ba khutlela ho mo kopanyeng le ba bang borapeling} [Al-Ankabut: 65]
Haele Mushrikuna (ba kopanyang Allah le balekane) ba ha joale ba feta ba khale linthong tse peli: Karolo ea pele: Ba bang ba bona ba kopanya Allah boreneng ba Hae. Karolo ea bobeli: ke shirk ea bona nakong ea boiketlo le nakong ea mathata, joalo ka ha ho tsejoa ke ea phelang har’a bona le ea hlahlobang maemo a bona, le ea bonang seo ba se etsang mabitleng a Husayn le Al-Badawī le ba bang Egepeta, le lebitleng la Al-‘Aydarūs Aden, le Al-Hādī Yemen, le Ibn ‘Arabī Sham, le Sheikh Abdul Qadir al-Jilani Iraq, hammoho le mabitla a mang a tummeng ao batho ba tloaelehileng ba fetelletseng ka ’ona, ba a fang karolo e kholo ea tokelo ea Allah Ea Matla ʼOhle. ’Me ho fokola haholo ba ba hanang le ba ba hlalosetsang ’nete ea Tawhīd eo Allah A rometseng Moprofeta oa Hae Muhammad ﷺ ka eona, le baromuoa ba pele ho eena — khotso le litlhohonolofatso li be holim’a bona bohle. Kannete re ba Allah, ’me ho Eena re tla khutlela.
Har’a litumelo tse hanyetsanang le tumelo e nepahetseng tabeng ea mabitso le litšobotsi tsa Allah, ke litumelo tsa batho ba boqapi bolumeling (ahlul-bida‘) har’a Jahmiyyah, Mu‘tazilah, le ba ileng ba latela tsela ea bona ea ho hana litšobotsi tsa Allah Ea Matla ʼOhle, le ho hlobolisa Allah litšobotsi tsa phetheho tseo A Itlhalositseng ka tsona. Ba boetse ba Mo hlalosa — Khanya e be ho Eena — ka litšobotsi tsa lintho tse sieo, tse sa pheleng, le tse sa khoneheng ho ba teng. Allah O Phahametse haholo hole le seo ba se buang.
Ho kenella tabeng ena hape: ke ba hanang litšobotsi tse ling tsa Allah empa ba amohela tse ling, joalo ka tumelo ea Asha‘irah. Batho bana ba tlamehile tabeng ea litšobotsi tseo ba li amohetseng ho amohela se tšoanang le seo ba ileng ba se baleha litšobotsing tseo ba li hanneng le ho sotha litlhaloso tsa bopaki ba tsona. Ka hona ba ile ba hanyetsa bopaki ba Qur’an le Sunnah hammoho le bopaki ba kelello, ’me ba iphapanyetsa ka ho hlaka haholo.
Ha e le Ahlus-Sunnah wal-Jamā‘ah, bona ba tiisetsa Allah — Khanya e be ho Eena — mabitso le litšobotsi tseo A Itiisitseng ka tsona kapa tseo Moromuoa oa Hae Muhammad ﷺ a Mo tiiselitseng tsona, ka mokhoa o phethahetseng. Hape ba Mo hloekisa hore a se tšoane le libopuoa tsa Hae, ka ho hloekisa ho se nang ho hana litšobotsi tsa Hae. Kahoo ba sebelitse ka bopaki bohle, ha baa sotha litlhaloso kapa ho hana litšobotsi, ’me ba pholohile khanyetsano eo ba bang ba ileng ba oela ho eona — joalo ka ha ho se ho hlalositsoe pejana.
Ena ke tsela ea pholoho le thabo lefatsʼeng le Bophelong ba Kamoso. Ke tsela e otlolohileng eo baholo-holo ba sechaba sena le baetapele ba sona ba ileng ba e latela. ’Me ba morao ba sechaba sena ba ke ke ba loka ntle le ka se ileng sa lokisa ba pele ba sona: e leng ho latela Qurʼan le Sunnah, le ho tlohela se li hanyetsang. Re kopa Allah Ea Halalelang le Ea Phahameng hore A khutlisetse sechaba sena kelellong e nepahetseng, le hore A atise har’a sona babitsi ba tataiso, hape A fe baetapele ba sona le barutehi ba sona katleho ea ho loants’a shirk, ho e felisa, le ho lemosa ka mekhoa e isang ho eona... Kannete ke Ea Utloang, Ea Haufi. Allah Ke Ea fanang ka katleho ’me O re lekane ebile ke Mohlokomeli ea Molemo ka ho Fetisisa. Hape ha ho matla kapa bokhoni ntle le ka Eena. ’Me lithapelo le khotso tsa Allah li be holim’a mohlanka oa Hae le Moromuoa oa Hae, Moprofeta oa rona Muhammad, le lelapa la hae le barutuoa ba hae (Sahabah).
Ho fana ka bopaki malebana le motho ea kopang thuso ho ba bang kantle ho Allah
ʼAbdul ʼAziz ibn ʼAbdullah ibn Baz
Buka ena e hlalosa molao oa ho kopa thuso ho ba bang kantle ho Allah, ebile e tiisa hore Du‘ā le ho kopa thuso li tsʼoanetse ho etsetsoa Allah feela. E bontša hore ho lebisa borapeli kapa thapelo ho eo e seng Allah ke Shirk. Hape e hlakisa maemo a mang ao batho ba bang ba nahanang hore ba kopa thuso ho Awliyā’ ba Allah kapa ho Moprofeta ﷺ, athe ketso eo e hanyetsana le Tawheed eo e leng motheo oa bolumeli.
***
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Lengolo la bobeli:
Mabapi le kahlolo ea ho kopa thuso (istighāthah) ho Moporofeta ﷺ
Lithoriso tsohle li be ho Allah ’me khotso le litlhohonolofatso li be holim’a Moromuoa oa Allah le holim’a ba lelapa la hae, barutuoa ba hae, le bohle ba latelang tataiso ea hae.
Ka mor’a moo: koranta ea Al-Mujtama Newspaper ea Kuwait e ile ea phatlalatsa khatisong ea eona ea nomoro ea 15, e tsoileng ka la 19/4/1390H, e phatlallalitse lirapa tlas’a sehlooho se reng: “Ka sehopotso sa Mawlid (Letsatsi la Tsoalo) ea Moprofeta ea Khabane.” Lirapa tseo li ne li kenyelletsa ho kopa thuso ho Moprofeta ﷺ le ho batla tlholo ka eena; hore a pholose sechaba le ho se thusa, le ho se ntša karohanong le likhohlanong tseo se oeleng ho tsona. Lithoko tseo li ne li saennoe ke eo a ipitsang: “Āminah.” ’Me ena ke karolo ea lithoko tseo ho buuoang ka tsona:
Oho Moromuoa oa Allah, pholosa lefats'e lena...le tukang ka ntoa mme le tlokoma ke malakabe a eona
Oho Moromuoa oa Allah, pholosa sechaba... se leng lefifing la lipelaelo, leo bosiu ba lona bo nkileng nako e telele
Oho Moromuoa oa Allah, pholosa sechaba... se lahlehileng meferefereng ea bohloko, pono ea sona e timetse
Ho fihlela a re:
Potlakisa tlholo joalo ka ha U ile Ua e potlakisa… ka letsatsi la Badr ha U ne U bitsa ho Allah
Ka hona, tlotlollo ea fetoha tlholo e khanyang… hobane Allah o na le mabotho ao mahlo a sa a boneng
Ka tsela ena mongoli enoa oa mosali o lebisa pitso le kopo ea thuso ho Moromuoa ﷺ, a kopa hore a pholose sechaba ka ho potlakisa tlholo; a lebala — kapa a sa tsebe — hore tlholo e matsohong a Allah feela, eseng matsohong a Moprofeta ﷺ kapa sebopuoa se seng, joalo ka ha Allah ea Khanyang A boletse Bukeng ea Hae e hlakileng:
﴿...وَمَا النَّصْرُ إِلَّا مِنْ عِنْدِ اللَّهِ الْعَزِيزِ الْحَكِيمِ﴾
{...‘Me tlholo ha e tsoe ho mang kapa mang haese ho Allah, Ea Matla, Ea Bohlale} [Āli ʿImran: 126] ‘Me Allah Ea Phahameng ka Boholo O itse:
﴿إِنْ يَنْصُرْكُمُ اللَّهُ فَلَا غَالِبَ لَكُمْ وَإِنْ يَخْذُلْكُمْ فَمَنْ ذَا الَّذِي يَنْصُرُكُمْ مِنْ بَعْدِهِ...﴾
{Ha Allah A le thusa, ha ho ea ka le hlolang; empa haeba A le tlohela, ke mang eo e ka bang mothusi oa lona kamora Hae?...} [Āl ʿImrān: 160]
Ketso ena ea ho etsa duʼa le ho istighāthah: ke ho lebisa mofuta o mong oa khumamelo ho emong ntle le Allah Ea Matla ʼOhle; Ho tsebahala ka litemana tsa Qurʼān le tumellano ea litsebi tsa Islam hore sena ha se lumelloe, le hore Allah — Khanya e be ho Eena — O bopile libopuoa hore li Mo khumamele, hape A romela baromuoa le ho theola Libuka ho hlalosa khumamelo eo le ho memela batho ho eona, joalo ka ha A itse:
﴿وَمَا خَلَقْتُ الْجِنَّ وَالْإِنْسَ إِلَّا لِيَعْبُدُونِ56﴾
{Ha Kea bopa li-jinn le batho ntle le hore ba Khumamele} [Adh-Dhāriyāt: 56]. Hape O itse:
﴿وَلَقَدْ بَعَثْنَا فِي كُلِّ أُمَّةٍ رَسُولًا أَنِ اعْبُدُوا اللَّهَ وَاجْتَنِبُوا الطَّاغُوتَ...﴾
{'Me Re rometse Moromuoa sechabeng se seng le se seng, a re: ‘Khumamelang Allah ’me le qobe melimo ea bohata...’} [An-Naḥl: 36]. Hape O itse:
﴿وَمَا أَرْسَلْنَا مِنْ قَبْلِكَ مِنْ رَسُولٍ إِلَّا نُوحِي إِلَيْهِ أَنَّهُ لَا إِلَهَ إِلَّا أَنَا فَاعْبُدُونِ 25﴾
{Ha Rea ka Ra romela Moromuoa le haele ofe kapa ofe pele ho uena ntle le hore Re mo senolele hore: ‘Ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo ntle le ’Na; ka hona Nkhumameleng} [Al-Anbiyā’: 25]. Hape O itse:
﴿الر كِتَابٌ أُحْكِمَتْ آيَاتُهُ ثُمَّ فُصِّلَتْ مِنْ لَدُنْ حَكِيمٍ خَبِيرٍ1 أَلَّا تَعْبُدُوا إِلَّا اللَّهَ إِنَّنِي لَكُمْ مِنْهُ نَذِيرٌ وَبَشِيرٌ2﴾
{Alif Lām Rā. Ena ke Buka eo litemana tsa eona li tiisitsoeng ka bokhabane ’me tsa hlalosoa ka botlalo li tsoa ho Ea Bohlale bo Felletseng, Ea tsebang tsohle 1}
{Le se ke la khumamela mang kapa mang ntle le Allah. Ruri, ke ’na mohlokomelisi le mofani oa litaba tse molemo ho lona tse tsoang ho Eena 2}
[Hud: 1–2].
Litemaneng tsena tse hlakileng, Allah Ea Matla ʼOhle O hlalositse hore O bopile batho le li-jinn feela hore ba Mo khumamele A le Mong, ba se Mo kopanye kapa ho Mo lekanya le letho. O boetse A hlakisa hore O rometse Baromuoa - khotso ebe le bona, hore ba laele khumamelo ena le ho thibela se fapaneng le eona. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse A re tsebisa hore O tiisitse le ho hlalosa ka botlalo litemana tsa Buka ea Hae ele hore ho se be le ea khumameloang ntle le Eena, Allah ea khanya eohle.
Ho bile ho tsebahala hore khumamelo e bolela: ho ʼngoefatsa Allah a le Mong borapeling le ho Mo mamela, ka ho phetha litaelo tsa Hae le ho tlohela tseo A li hanetseng. Allah O laetse le ho bolela sena litemaneng tse ngata, har’a tsona ke polelo ea Hae ea phahameng:
﴿وَمَا أُمِرُوا إِلَّا لِيَعْبُدُوا اللَّهَ مُخْلِصِينَ لَهُ الدِّينَ حُنَفَاءَ...﴾
{’Me ha baa ka ba laeloa ntle le hore ba khumamele Allah, ba Mo etsetse bolumeli ka botsʼepehi bo hloekileng, ba sekamele ’neteng...} [Al-Bayyinah: 5] Le polelo ea Ea Matla ʼOhle:
﴿وَقَضَى رَبُّكَ أَلَّا تَعْبُدُوا إِلَّا إِيَّاهُ...﴾
{'Me Morena oa hao O laetse hore le se ke la khumamela mang kapa mang kantle ho Eena...} [Al-Isra: 23] Le mantsoe A Hae, Ea tlotlehang:
﴿إِنَّآ أَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ بِٱلۡحَقِّ فَٱعۡبُدِ ٱللَّهَ مُخۡلِصٗا لَّهُ ٱلدِّينَ2 أَلَا لِلَّهِ ٱلدِّينُ ٱلۡخَالِصُۚ وَٱلَّذِينَ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ أَوۡلِيَآءَ مَا نَعۡبُدُهُمۡ إِلَّا لِيُقَرِّبُونَآ إِلَى ٱللَّهِ زُلۡفَىٰٓ إِنَّ ٱللَّهَ يَحۡكُمُ بَيۡنَهُمۡ فِي مَا هُمۡ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي مَنۡ هُوَ كَٰذِبٞ كَفَّارٞ3﴾
{Ka nnete Re u senoletse buka ena ka nnete; kahoo rapela Allah, u hloekise bolumeli ba hao bakeng sa Hae feela 2}
{Ruri! Bolumeli bo hloekileng ke ba Allah feela. ’Me ba ikhethelang batšehetsi ntle ho Eena ba re: “Ha re ba khumamele ntle le hore ba re atametse ho Allah.” Ka ’nete Allah O tla ahlola pakeng tsa bona mabapi le tseo ba neng ba sa lumellane ka tsona. Kannete Allah ha A tataise ea leshano le ea latolang nnete 3} [Az-Zumar: 2–3]
ʼMe litemana tse nang le moelelo ona li ngata, 'me kaofela ha tsona li supa setlamo sa ho etsetsa Allah borapeli bohle ka bots'epehi ho eena a le mong, le ho tlohela ho rapela ntho efe kapa efe ntle le Eena, ebang ke baporofeta kapa ba bang.
Ha ho pelaelo hore duʿā' ke e ’ngoe ea mefuta ea bohlokoa ka ho fetisisa le e akaretsang ea borapeli. Ka hona e ts'oanetse ho etsetsoa Allah A le Mong ka bots'epehi bo felletseng. Allah Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿فَادْعُوا اللَّهَ مُخْلِصِينَ لَهُ الدِّينَ وَلَوْ كَرِهَ الْكَافِرُونَ14﴾
{Ka hona, bitsang Allah le ntse le Mo etsetsa borapeli ka bots'epehi bo hloekileng leha kafirun (ba sa lumeleng) ba hloile seo} [Ghāfir: 14], ’Me Ea Matla ’Ohle le Ea Phahameng O itse:
﴿وَأَنَّ الْمَسَاجِدَ لِلَّهِ فَلَا تَدْعُوا مَعَ اللَّهِ أَحَدًا18﴾
{Kannete Masaajid (Matlo a thapelo) ke a Allah; ka hona le se ke la rapela mang kapa mang kantle ho Allah} [Al-Jinn: 18] Taelo ena ea ho khetholla Allah A le Mong feela ka duʼa e akaretsa ho libopuoa tsohle, ho kenyeletsa baporofeta le ba bang; hape le polelo ea Hae e reng:
﴿وَلَا تَدْعُ مِنْ دُونِ اللَّهِ مَا لَا يَنْفَعُكَ وَلَا يَضُرُّكَ فَإِن فَعَلۡتَ فَإِنَّكَ إِذٗا مِّنَ ٱلظَّٰلِمِينَ106﴾
{Hape u se ke ua bitsa ho eng kapa eng, ntle le Allah se ke keng sa u tsoela molemo kapa sa u ntša kotsi; hobane ha u ka etsa joalo, ruri, u tla ba har'a baetsalibe} [Yunus: 106] ’Me ena ke puo e lebisitsoeng ho Moprofeta ﷺ, ’me hoa tsebahala hore Allah Ea Halalelang O mo sirelelitse khahlanong le shirk. Empa sepheo sa sena ke ho lemosa ba bang ntle ho eena. Eaba Ea Phahameng ka ho Fetisisa O re:
﴿وَلَا تَدۡعُ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَنفَعُكَ وَلَا يَضُرُّكَ فَإِنْ فَعَلْتَ فَإِنَّكَ إِذًا مِنَ الظَّالِمِينَ106﴾
{’Me u se ke ua bitsa ntle ho Allah se sa khoneng ho u tsoela molemo kapa ho u ntša kotsi. Haeba u ka etsa joalo, ka sebele u tla be u le har’a baetsalibe ba baholo} [Yunus: 106] Temana ena hape e lebisitsoe ho Moporofeta (khotso ebe le Eena) empa sepheeo sa eona ke ho lemosa batho ba bang, hobane ho ea tsebahala hore Allah Ea Matla ʼOhle O sirelelitse Moromuoa oa Hae ho Shirk. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O tiisa thibelo ena le temoso ka mantsoe a Hae:
﴿...فَإِنْ فَعَلْتَ فَإِنَّكَ إِذًا مِنَ الظَّالِمِينَ﴾
{...Haeba u ka etsa joalo, ruri u tla ba har’a baetsalibe} Ha polelo “ho hloka toka” kapa “ho etsa bokhopo” (dhulm) le sebelisoa ka kutloisiso e akaretsang kahar’a Qurʼan, hangata e bolela Shirk e kholo (ho kopanya Allah le ba bang borapeling), joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse:
﴿...وَالْكَافِرُونَ هُمُ الظَّالِمُونَ﴾
{...'Me ba sa lumeleng ke bona baetsalibe} [Al-Baqarah: 254] ’Me Allah Ea Matla ʼOhle A re:
﴿...إِنَّ الشِّرْكَ لَظُلْمٌ عَظِيمٌ﴾
{...Ruri, ho kopanya Allah le melingoana borapeling ke tlolo ea molao e kholo ka ho fetisisa} [Luqmān: 13]. Haeba molaoli oa bana ba Adama (e leng Moprofeta Muhammad), khotso le litlhohonolofatso li be holim'a hae, a ka be a bile har'a ba tlolang molao (ba hlokang toka) haeba a ne a ka rapela e mong ntle le Allah, ho thoe'ng ka motho e mong ea ka tlaase ho ena le eena?!
Ka litemana tsena le tse ling, hoa tsebahala hore ho bitsa ho ba bang ntle le Allah — ekaba bafu, lifate, litšoantšo kapa tse ling — ke ho kopanya Allah le balekane (shirk) ho Allah Ea Matla ’Ohle, ebile ke ho hanyetsa ho ʼngoefatsa Allah a le Mong khumamelong; e leng sepheo seo Allah A bopileng batho le li-jinn ka sona, A rometseng baromuoa, le ho theola Libuka ka sona. Hape ho hanyetsa moelelo oa: “Ha ho molimo ofe kapa ofe ea tšoaneloang ke khumamelo ntle ho Allah,” e leng polelo e hanang khumamelo ho ba bang ntle le Allah, ’me e tiisa hore khumamelo e tsʼoanetse Allah a le Mong feela, joalo ka ha Allah Ea Halalelang A itse:
﴿ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡحَقُّ وَأَنَّ مَا يَدۡعُونَ مِن دُونِهِۦ هُوَ ٱلۡبَٰطِلُ وَأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡعَلِيُّ ٱلۡكَبِيرُ62﴾
{Seo ke hobane Allah ke Eena ’Nete, ’me tseo ba bitsang ho tsona kantle ho Eena ke leshano; ’me kannete Allah ke Ea Phahameng, Ea Moholo}
[Al-Ḥajj: 62].
Ona ke motheo oa bolumeli le motheo oa tumelo ’me liketso tsohle tsa khumamelo ha li amohelehe ntle le ha motheo ona o nepahetse ebile o tiile, joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse:
﴿وَلَقَدْ أُوحِيَ إِلَيْكَ وَإِلَى الَّذِينَ مِنْ قَبْلِكَ لَئِنْ أَشْرَكْتَ لَيَحْبَطَنَّ عَمَلُكَ وَلَتَكُونَنَّ مِنَ الْخَاسِرِينَ65﴾
{’Me ka nnete ho ile ha senoloa ho uena le ho ba neng ba le pele ho uena hore: haeba u ka kopanya Allah le balekane (shirk), ruri liketso tsa hao li tla fetoha lefeela, ’me ka sebele u tla ba har’a ba lahlehileng} [Az-Zumar: 65], Hape Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿...وَلَوْ أَشْرَكُوا لَحَبِطَ عَنْهُمْ مَا كَانُوا يَعْمَلُونَ﴾
{…’Me hoja ba ne ba kopantse Allah le balekane (shirk), ka nnete tsohle tseo ba neng ba li etsa li ka be li fetohile lefeela} [Al-An‘ām: 88].
Ho tsoa ho se boletsoeng kaholimo, ho hlakile hore bolumeli ba Islam le bopaki ba hore: «Ha ho ea lokeloang ke khumamelo ntle le Allah» (Lā ilāha illā Allāh) li thehiloe holim’a lintlha tse peli tsa bohlokoa:
Ea pele ho tsona ke hore: ho se khumameloe mang kapa mang ntle le Allah a le Mong, A se na molekane. Kahoo mang kapa mang ea bitsang ho bafu har’a baprofeta kapa ba bang, kapa a bitsa ho litšoantšo, lifate, majoe kapa tse ling tsa libopuoa, kapa a kopa thuso ho tsona, kapa a atamela ho tsona ka mahlabelo le likano, kapa a li rapela kapa a li khumamela; joale o ba entse marena le melimo ntle ho Allah, a ba etsa balekane ba Allah Ea Halalelang le Ea Phahameng, ’me o sentse le ho hanyetsa moelelo oa “Ha ho molimo ofe kapa ofe ea tšoaneloang ke khumamelo ntle ho Allah.”
Ea bobeli: Molimo Ea Matla ʼOhle O lokeloa feela ke ho khumameloa ho latela melao ea Moporofeta le Moromuoa oa Hae (khotso ebe le Eena). Mang kapa mang ea iqapelang tabeng tsa tumelo seo Allah A sa se lumellang ha a phethahatsa moelelo oa bopaki ba tumelo bo reng Muhammad ke Moromuoa oa Molimo oa ho qetela 'me liketso tsa hae li ke ke tsa mo tsoela molemo kapa ho amoheloa ho tsoa ho eena. Allah Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿وَقَدِمْنَا إِلَى مَا عَمِلُوا مِنْ عَمَلٍ فَجَعَلْنَاهُ هَبَاءً مَنْثُورًا23﴾
{’Me Re tla tla ho tsohle tseo ba li entseng tsa liketso, ebe Re li etsa lerole le hasaneng} [Al-Furqan: 23], Sepheo sa liketso tse boletsoeng temaneng ena ke: liketso tsa motho ea shoeleng a ntse a kopanya Allah le balekane (shirk).
Hape ho kenella ho tsona: liketso tsa boqapi bolumeling (bid‘ah) tseo Allah A sa kang A fana ka tumello ka tsona; hobane ka Letsatsi la Tsoho li tla ba joaloka lerole le hasaneng, hobane ha lia ka tsa lumellana le molao oa Hae o hloekileng. Joalo ka ha Moprofeta ﷺ a itse:
«مَنْ أَحْدَثَ فِي أَمْرِنَا هَذَا مَا لَيْسَ مِنْهُ فَهُوَ رَدٌّ».
“Motho mang kapa mang ea qapang ntho e ncha tabeng ena ea rona, eo e seng karolo ea eona, ntho eo e tla hanoa (e ke ke ea amoheloa).” E lumellanoe ka bonnete ba eona ke Al-Bukhari le Muslim.
Ka bokhutšoanyane: mongoli enoa o lebisitse kopo le thapeli ea hae ho Moromuoa ﷺ, ’me a furalla Morena oa mafatše ’ohle, Eo tlholo, kotsi le molemo li leng letsohong la Hae; ’me ha ho letho la tseo le leng matsohong a mang ntle ho Eena.
Ha ho pelaelo hore sena ke sebe se seholo haholo, etsoe ebile Allah Ea Matla ʼOhle, A re laetse hore re bitse ho Eena, A ba A ts'episa ho araba ba bitsang ho Eena, eaba O hlokomelisa bao ba ikhants'etsang taelo ea Hae ka hore O tla ba kenya Mollong oa Lihele, joalokaha Ea Matla ʼOhle A itse:
﴿وَقَالَ رَبُّكُمُ ادْعُونِي أَسْتَجِبْ لَكُمْ إِنَّ الَّذِينَ يَسْتَكْبِرُونَ عَنْ عِبَادَتِي سَيَدْخُلُونَ جَهَنَّمَ دَاخِرِينَ 60﴾
{'Me Morena oa oa lona ore, Bitsang ho 'Na; Ke tla le araba. Ruri, bao ba iphapanyetsang borapeli baka ba tla kena Liheleng ba tlontlollehile}
[Ghafir: 60] Ke hore: ba kokobelitsoe le ba nyenyefalitsoeng, Temana ena e khabane e bonts'a hore thapeli (du‘ā’) ke ketso ea borapeli le hore mang kapa mang ea ikhohomosetsang ho rapela Allah, sebaka sa hae sa bolulo e tla ba Lihele. Haeba hona e le boemo ba ea ikhohomosetsang ho rapela Allah, joale ebe boemo ba ea rapelang ba bang ntle le Eena le ho Mo furalla e tla ba bofe? Leha ho le joalo, Eena Ea Phahameng ka ho Fetisisa o Haufi, ke Mong’a lintho tsohle, ’me O Matla holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Allah Ea Phahameng o itse:
﴿وَإِذَا سَأَلَكَ عِبَادِي عَنِّي فَإِنِّي قَرِيبٌ أُجِيبُ دَعْوَةَ الدَّاعِ إِذَا دَعَانِ فَلْيَسْتَجِيبُوا لِي وَلْيُؤْمِنُوا بِي لَعَلَّهُمْ يَرْشُدُونَ 186﴾
{Ha bahlanka ba Ka ba u botsa ka ’Na, ruri Ke haufi. Ke araba thapelo ea ea bitsang ho Nna. Ka hona ha ba Nkarabe (ka ho ikobela melao Eaka) ’me ba lumele ho ’Na, e le hore ba tle ba tataisehe}
[Al-Baqarah: 186], Moporofeta ﷺ o boletse ho hadith e sahih hore thapeli (du‘ā’) ke borapeli. Hape o ile a re ho motsoal’ae Abdullah ibn Abbas (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena):
«احْفَظِ اللهَ يَحْفَظْكَ، احْفَظِ اللهَ تَجِدْهُ تُجَاهَكَ، إِذَا سَأَلْتَ فَاسْأَلِ اللهَ، وَإِذَا اسْتَعْنَتَ فَاسْتَعِنْ بِاللهِ».
“Boloka melao ea Allah, Allah O tla u sireletsa. Boloka melao ea Allah, u tla Mo fumana A le haufi le uena. Ha u kopa, kopa Allah; ’me ha u batla thuso, batla thuso ho Allah.” E tlalehiloe ke At-Tirmidhi le ba bang.
Moporofeta ﷺ o itse:
«مَنْ مَاتَ وَهُوَ يَدْعُو لِلَّهِ نِدًّا؛ دَخَلَ النَّارَ».
“Mang kapa mang ea shoang a ntse a kopanya Allah borapeling, o tla kengoa Mollong.” E tlalehiloe ke Al-Bukhari, Ho Sahihayni (Al-Bukhari le Muslim) ho tlalehiloe hore Moporofeta ﷺ o ile a botsoa: “Sebe se seholo ka ho fetisisa ke sefe?” A re:
«أَنْ تَجْعَلَ لِلَّهِ نِدًّا وَهُوَ خَلَقَكَ».
“Ke hore u kopanye Allah borapeling, empa ele Eena Ea u bopileng.” “An-nidd” ke ho bolela ea tšoanang le ntho e itseng. Kahoo mang kapa mang ea bitsang e mong ntle le Allah, kapa a kopa thuso ho eena, kapa a mo etsetsa kano, kapa a mo hlabela sehlabelo, kapa a mo lebisetsa mofuta ofe kapa ofe oa khumamelo ntle le tse seng li boletsoe; joale o mo entse molekane le Allah, ekaba ke moprofeta, kapa morapeli ea lokileng, kapa lengeloi, kapa jinni, kapa setšoantšo, kapa sebopuoa se seng.
Mona motho a ka tloha a re: “Kahlolo ke efe mabapi le ho kopa motho ea phelang le ea teng hore a etse seo a khonang ho se etsa le ho batla thuso ea hae litabeng tsa bophelo tseo a nang le bokhoni ba ho li phetha?” Karabo ke ena: Sena ha se nkoe e le Shirk empa ke taba e tloaelehileng le e lumelletsoeng har’a Mamoseleme. Allah Ea Matla ʼOhle O itse paleng ea Musa (khotso e be le eena):
﴿...فَاسْتَغَاثَهُ الَّذِي مِنْ شِيعَتِهِ عَلَى الَّذِي مِنْ عَدُوِّهِ...﴾
{…Eaba eo e neng e le oa sehlopha sa hae a kopa thuso ho eena khahlanong le eo e neng e le sera sa hae…} [Al-Qasas: 15] Hape Allah Ea Phahameng O itse paleng ea Musa (khotso e be le eena):
﴿فَخَرَجَ مِنْهَا خَائِفًا يَتَرَقَّبُ...﴾
{Kahoo a tsoa motseng a ts'ohile, a ntse a falimehile...} [Al-Qasas: 21], Ka mokhoa o ts'oanang, motho o kopa thuso ho metsoalle ea hae ntoeng le litabeng tse ling tse hlahelang batho, tseo ho tsona ba hlokang ho thusana.
Allah O laetse Moporofeta oa Hae ﷺ hore a tsebise sechaba sa hae hore ha a na matla a ho tlisetsa mang kapa mang molemo kapa kotsi. Allah Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿قُلْ إِنَّمَا أَدْعُو رَبِّي وَلَا أُشْرِكُ بِهِ أَحَدًا21 قُلْ إِنِّي لَا أَمْلِكُ لَكُمْ ضَرًّا وَلَا رَشَدًا22﴾
{E-re: Ruri, ke rapela Morena oa ka Feela ’me ha ke kopanye mang kapa mang le Eena 21}
{E-re: Kannete ha ke na matla a ho le tlisetsa kotsi kapa tataiso 22} [Al-Jinn: 21–22], Hape Ea Phahameng O itse:
﴿قُلْ لَا أَمْلِكُ لِنَفْسِي نَفْعًا وَلَا ضَرًّا إِلَّا مَا شَاءَ اللَّهُ وَلَوْ كُنْتُ أَعْلَمُ الْغَيْبَ لَاسْتَكْثَرْتُ مِنَ الْخَيْرِ وَمَا مَسَّنِيَ السُّوءُ إِنْ أَنَا إِلَّا نَذِيرٌ وَبَشِيرٌ لِقَوْمٍ يُؤْمِنُونَ188﴾
{E re: “Ha ke na matla a ho itlisetsa molemo kapa kotsi, ntle le seo Allah A se ratang. Hoja ke ne ke tseba lisabonoeng, nka be ke ikatiselitse molemo o mongata, ’me bobe bo ne bo ke ke ba nkama. Ha ke letho ntle le mohlokomelisi le mophatlalatsi oa litaba tse molemo ho batho ba lumelang}
[Al-A‘raf: 188].
Ho na le litemana tse ngata tse nang le moelelo ona.
Ho ea tsebahala hore Moporofeta ﷺ o ne a rapela Morena oa hae feela. Ho netefalitsoe hore ka letsatsi la Badr o ile a kopa Allah thuso le tlholo khahlanong le lira tsa hae, a phehella ka tieo kopong ea hae a ntse a re: "Moren’aka! Phethahatsa seo U nts'episitseng sona."
Esita le Abu Bakr As-Siddīq (Allah A khahlisoe ke eena), motsoalle ea haufi-ufi oa Moporofeta ﷺ, o ile a re: "Ho lekane, uena Moromuoa oa Allah! Allah O tla phethahatsa seo A u ts'episitseng sona." Ka lebaka la taba ena Allah Ea Phahameng O ile A senola temana ena:
﴿إِذۡ تَسۡتَغِيثُونَ رَبَّكُمۡ فَٱسۡتَجَابَ لَكُمۡ أَنِّي مُمِدُّكُم بِأَلۡفٖ مِّنَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ مُرۡدِفِينَ9﴾
{Ha le ne le kopa thuso ho Morena oa lona, A le araba ka hore: ‘Ruri Ke tla le matlafatsa ka mangeloi a sekete a tlang ka tatellano’} [Al-Anfal: 9], Litemaneng tsena Allah Ea Matla ʼOhle O bua ka kopo ea bona ea thuso ’me O ba tsebisa hore O ile A ba araba ka ho romela Mangeloi ho ba tlisetsa litaba tse monate tsa tlholo le ho ba khothatsa. Allah O boetse O hlakisa hore tlholo ha e tsoe ho Mangeloi empa e tsoa ho Eena feela. Allah Ea Phahameng O re:
﴿وَمَا النَّصْرُ إِلَّا مِنْ عِنْدِ اللَّهِ...﴾
{Tlholo e tsoa ho Allah Feela...} [Al-Imran: 126] Ea Matla ʼOhle A boela A re:
﴿وَلَقَدْ نَصَرَكُمُ اللَّهُ بِبَدْرٍ وَأَنْتُمْ أَذِلَّةٌ فَاتَّقُوا اللَّهَ لَعَلَّكُمْ تَشْكُرُونَ123﴾
{'Me Allah O se A ile A u fa tlholo sebakeng sa Badr, nakong eo le neng le fokola. Ke hore le ts'abe Allah hore le bonts'e teboho} [Ali-Imran:123] Ka hona Allah O hlakisitse temaneng ena hore ke Eena feela ea ileng a ba fa tlholo letsatsing la Badr. Ka hona hoa tsebahala hore libetsa, matla, le mangeloi ao A ileng A ba romella ’ona — tsohle tseo e ne e le mabaka feela a tlholo, le litaba tse monate le khothatso; empa tlholo ka boeona ha ea ka ea tsoa ho tsona, empa e tsoa ho Allah feela. Ke joang mongoli enoa kapa emong a ka iteta sefuba ho lebisa ho kopa thuso le ho batla tlholo ho Moporofeta, a ntse a furalla Morena oa Mafats'e ʼohle, Mong'a ntho e 'ngoe le e 'ngoe, Ea nang le matla holim'a ntho e 'ngoe le e 'ngoe?
Ha ho pelaelo hore sena ke mofuta o mobe haholo oa ho hloka tsebo, ebile ke e ’ngoe ea mefuta e meholo ka ho fetisisa ea shirk. Ka hona ho tlamehile hore mongoli eo a bakele ho Allah — Khanya e be ho Eena — ka pako ea ’nete. Pako ea ’nete ke e akaretsang lintho tse ’maloa, e leng tsena: Ea pele: A ikoahlahe ka seo a se entseng. Ea bobeli: A emise sohle se a neng a se etsa. Ea boraro: A etse qeto ea hore a ka se hlole a khutletse ho sona, ka lebaka la ho khutlela ho Molimo le ho Mo ts'epahalla ka tieo le ho its'etleha ka litaelo tsa Hae le ho ba hlokolosi ka tseo A li thibetseng. 'Me sena ke pako ea 'nete. Ho boetse ho na le taba ea bone e khethehileng haeba phoso eo e entsoe khahlanong le libopuoa, e leng: Ea bone: Ho khutlisetsa tokelo ho mong’a eona, kapa ho kopa hore a mo tšoarele.
Allah O laetse bahlanka ba Hae hore ba bakele libe tsa bona, A ba A ba ts'episa ho amohela pako ea bona, joalokaha Ea Matla ʼOhle A itse:
﴿...وَتُوبُوا إِلَى اللَّهِ جَمِيعًا أَيُّهَ الْمُؤْمِنُونَ لَعَلَّكُمْ تُفْلِحُونَ﴾
{'Me khutlelang ho Allah kaofela ha lona, oho lona balumeli, hore mohlomong le tle le atlehe 31} [An-Nur: 31] O itse malebana le Bakeresete:
﴿أَفَلَا يَتُوبُونَ إِلَى اللَّهِ وَيَسْتَغْفِرُونَهُ وَاللَّهُ غَفُورٌ رَحِيمٌ74﴾
{Na ebe ha ba bakele ho Allah, le ho kopa tšoarelo ho Eena? Allah ke Ea tšoarelang haholo, Ea mohau haholo} [Al-Ma'idah: 74] 'Me Ea Phahameng O itse:
﴿وَالَّذِينَ لَا يَدْعُونَ مَعَ اللَّهِ إِلَهًا آخَرَ وَلَا يَقْتُلُونَ النَّفْسَ الَّتِي حَرَّمَ اللَّهُ إِلَّا بِالْحَقِّ وَلَا يَزْنُونَ وَمَنْ يَفْعَلْ ذَلِكَ يَلْقَ أَثَامًا68 يُضَاعَفْ لَهُ الْعَذَابُ يَوْمَ الْقِيَامَةِ وَيَخْلُدْ فِيهِ مُهَانًا69 إِلَّا مَنْ تَابَ وَآمَنَ وَعَمِلَ عَمَلًا صَالِحًا فَأُولَئِكَ يُبَدِّلُ اللَّهُ سَيِّئَاتِهِمْ حَسَنَاتٍ وَكَانَ اللَّهُ غَفُورًا رَحِيمًا70﴾
{Le ba sa rapeleng molimo o mong hammoho le Allah, le ba sa bolaeeng moea oo Allah A o thibetseng ntle le ka toka, hape ba sa febeng. Ea etsang joalo o tla kopana le kotlo e kholo 68
﴾Kotlo ea hae e tla menahangoa makhetlo a mabeli ka Letsatsi la Tsoho 'me o tla hlola moo a tlontlollehile 69
Kantle le ba bakileng, ba lumetseng ba bile ba etsa liketso tse ntle. Sebakeng sa bona, Allah O tla fetola (hlakola) liketso tsa bona tse mpe ka ho li ntlafatsa (ho kenya sebakeng sa tsona tse ntle). Ruri, Allah O ts'oarela ka linako tsohle ebile O Mohau 70} [Al-Furqan: 68 - 70] 'Me Ea Phahameng O itse:
﴿وَهُوَ الَّذِي يَقْبَلُ التَّوْبَةَ عَنْ عِبَادِهِ وَيَعْفُو عَنِ السَّيِّئَاتِ وَيَعْلَمُ مَا تَفْعَلُونَ25﴾
{'Me ke Eena Ea amohelang pako ho tsoa ho bahlanka ba Hae ebile O ts'oarela liketso tse mpe, O tseba seo le se etsang} [Ash-Shura: 25]
Ho netefalitsoe ho tsoa ho Moromuoa oa Allah ﷺ hore o itse:
«الإِسْلَامُ يَهْدِمُ مَا كَانَ قَبْلَهُ، وَالتَّوْبَةُ تَجُبُّ مَا كَانَ قَبْلَهَا».
“Islam e hlakola tsohle tse bileng teng pele ho eona, ’me pako e hlakola tsohle tse bileng teng pele ho eona.”
Mantsoe ana a makhuts'oane a ngotsoe ka lebaka la kotsi e kholo e bakoang ke Shirk le hore ke sebe se seholo ka ho fetisisa 'me ka lebaka la ts'abo ea ho thetsoa ke se fanoeng ke sengoli sena le ka lebaka la ho qobelleha ho fana ka keletso ea Molimo le bahlanka ba Hae. Ke kopa Allah, Ea Phahameng ka Boholo le Khanya, hore A etse hore sena se be molemo, le hore A lokise maemo a rona le a Mamosleme ’ohle, le hore A re hauhele ka kutloisiso ea bolumeli, le ho tiea ho bona, hape A sireletse rona le Mamosleme ho bobe ba meea ea rona le liketso tsa rona tse mpe. Ruri ke Eena Mong’a seo, ebile O na le matla holim’a sona.
Allah A romele lithoriso, khotso le litlhohonolofatso holim’a mohlanka le Moromuoa oa Hae, Moprofeta oa rona Muhammad, hammoho le ba lelapa la hae le barutuoa ba hae.
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Lengolo la boraro:
Mabapi le Kahlolo ea ho kopa thuso ho li-jinn le bademona, le ho ba etsetsa likano
Ho tsoa ho Abdul-Aziz bin Abdullah bin Baz ho ea ho bohle ba tla le bona har’a Mamosleme. Allah A re fe katleho ’na le bona hore re tšoarelle tumelong ea Hae le ho tiea ho eona. Amen.
Khotso, mohau le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim’a lona.
Kamora moo: Ba bang ba barab’abo rona ba ile ba mpotsa ka seo batho ba bang ba sa tsebeng ba se etsang; sa ho bitsa ho ba bang kathoko ho Allah — Khanya e be ho Eena — le ho kopa thuso ho bona linthong tsa bohlokoa; joalo ka ho bitsa ho li-jinn le ho kopa thuso ho tsona, ho li etsetsa likano, le ho li hlabela mahlabelo. Har’a lintho tseo hape ho na le mantsoe a ba bang ba bona a reng: “Oho lona ba supileng,” ho bolelang: ba supileng ba etellang li-jinn pele, “mo tšoareng, le robe masapo a hae, le noe mali a hae, le mo hlokofatse,” kapa “Oho lona ba supileng mo etsetseng ntho e itseng.” Kapa polelo ea ba bang ba bona: (Mo nkeng lona bademona ba nako ea mantsiboea, lona bademona ba nako ea thapama), 'me sena se fumaneha haholo libakeng tse ling tsa boroa. Har'a lintho tse tsamaellanang le taba ena ke: ho rapela bafu har'a baporofeta, batho ba lokileng le ba bang, hammoho le ho rapela mangeloi le ho kopa pholoho ho ona. Tsena tsohle le tse tšoanang le tsona li etsahala ho batho ba bangata ba ipitsang Mamosleme, ka lebaka la ho hloka tsebo le ho etsisa ba tlileng pele ho bona. Mohlomong ba bang ba bona ba nka taba ena habobebe ba bile ba re: “Ke mantsoe feela a tsoang melomong ea rona; ha re a ikemisetsa ebile ha re a lumele.”
Hape o ile a mpotsa ka kahlolo ea ho nyala batho ba tsejoang ka liketso tsena, le ka mahlabelo a bona, le ho ba rapella (Janazah), le ho rapela ka morao ho bona. A boela a mpotsa ka taba ea ho lumela baloi le linohe; joalo ka motho ea ipolelang hore o tseba lefu le lisosa tsa lona feela ka ho sheba ntho e kileng ea ama ’mele oa mokuli; joalo ka tuku, borikhoe, lesira le tse ling tse tšoanang le tsona.
Karabo ke hore: Lithoriso tsohle ke tsa Allah a le mong, 'me litlhohonolofatso le khotso li be holim'a eo ho seng moporofeta e mong ka mor'a hae, le holim'a ba lelapa la hae, barutuoa ba hae, le bohle ba latetseng tataiso ea bona ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.
Ho tsoela-pele: Molimo Ea Matla ʼOhle O bopile batho le li-jinn hore ba Mo rapele A le Mong Feela, kantle ho ba bang mme ba Mo khetholle ka lithapelo, ho kopa thuso, mahlabelo, likano le lintho tsohle tsa borapeli. O rometse baromuoa ka sena, A ba laela hore ka eona, A senola Libuka tsa Leholimo ho bona 'me e bohlokoahali ho tsona ke Qur’an e Halalelang, ho hlalosa sena, ho hlokomelisa batho khahlanong le ho kopanya Molimo borapeling le libopuoa tsa Hae le ho khumamela melimo e meng ntle le Eena. Mme ona ke motheo oa metheo eohle le motheo oa tumelo le bolumeli, mme ke moelelo oa bopaki ba hore ha ho molimo o mong o tšoaneloang ke ho rapeloa haese Allah, le 'nete ea hore: Ha ho na se rapeloang ka 'nete haese Allah. Kaha sena se latola bomolimo le borapeli ho mang kapa mang ntle le Allah, mme se netefatsa bona—ke hore, borapeli—ho Allah feela a le mong, ho fapana le libopuoa tse ling tsohle tse bopiloeng. ’Me bopaki ba taba ena bo bongata haholo ho tsoa Bukeng ea Allah le Sunnah ea Moromuoa oa Hae ﷺ. Har’a bona ke polelo ea Allah, Ea Phahameng:
﴿وَمَا خَلَقْتُ الْجِنَّ وَالْإِنْسَ إِلَّا لِيَعْبُدُونِ56﴾
{ʼMe Ha Ke ea bopa li-jinn le batho kantle le hore ba Nthapele} [Ad-Dhariyat: 56], 'Me mantsoe a Hae, Ea Tlotlehang:
﴿وَقَضَى رَبُّكَ أَلَّا تَعْبُدُوا إِلَّا إِيَّاهُ...﴾
{ʼMe Morena oa hao, O fane ka taelo hore le se la rapela letho kantle ho Eena...} [Al-Isra: 23], 'Me Ea Phahameng O re:
﴿وَمَا أُمِرُوا إِلَّا لِيَعْبُدُوا اللَّهَ مُخْلِصِينَ لَهُ الدِّينَ حُنَفَاءَ...﴾
{Ba ne ba sa laeloa kantle le hore ba khumamele Molimo, ka tieo ho tumelo ea Hae, ba its'etlehile 'neteng...} [Al-Bayyinah: 5], Le polelo ea Ea Phahameng:
﴿وَقَالَ رَبُّكُمُ ادْعُونِي أَسْتَجِبْ لَكُمْ إِنَّ الَّذِينَ يَسْتَكْبِرُونَ عَنْ عِبَادَتِي سَيَدْخُلُونَ جَهَنَّمَ دَاخِرِينَ60﴾
{'Me Morena oa hao O re: "Bitsang ho 'Na; Ke tla le araba. Ruri, ba sa Nthapeleng ba tla kena Liheleng ba tlotlolohile} [Ghafir: 60], Ea Phahameng O boetse O re:
﴿وَإِذَا سَأَلَكَ عِبَادِي عَنِّي فَإِنِّي قَرِيبٌ أُجِيبُ دَعْوَةَ الدَّاعِ إِذَا دَعَانِ...﴾
{ʼMe ha bahlanka ba Ka ba u botsa ka 'Na, ruri Ke haufi. Ke araba ea bitsang ho Nna nakong eo a Mpitsang...} [Al-Baqarah: 186].
Kahoo Allah, Ea Tlotlehang, O hlakisitse litemaneng tsena hore O bopile mefuta e ’meli (batho le li-Jinn) bakeng sa ho Mo rapela. ’Me O laetse—ke hore, O laetse le ho eletsa—bahlanka ba Hae ka har’a Qur’an e tiileng le ka leleme la Moromuoa ﷺ hore ho se rapeloe mang kapa mang haese Mong’a bona feela.
’Me Allah, Ea Phahameng, O hlakisitse hore ho kopa (du‘ā) ke mofuta o moholo oa borapeli, ’me mang kapa mang ea ikhohomosang ’me a hana ho Eona o tla kena Mollong. O laetse bahlanka ba Hae hore ba Mo rapele (ba Mo kope) Eena a le Mong feela, ’me O ba tsebisitse hore O haufi ’me O araba likopo tsa bona. Ka hona ho tlamehile ho bahlanka bohle hore ba lebise likopo tsa bona ho Mong’a bona feela, hobane du‘ā ke karolo ea borapeli boo ba bopetsoeng bona ’me ba laetsoeng bona. Allah, Ea Phahameng, O itse:
﴿قُلْ إِنَّ صَلَاتِي وَنُسُكِي وَمَحْيَايَ وَمَمَاتِي لِلَّهِ رَبِّ الْعَالَمِينَ162 لَا شَرِيكَ لَهُ وَبِذَلِكَ أُمِرْتُ وَأَنَا أَوَّلُ الْمُسْلِمِينَ163﴾
{E-re, "Ruri, thapelo eaka, mahlabelo a ka, bophelo ba ka le ho shoa ha ka, ke tsa Allah, Morena oa lintho tsohle 162
Ha A na molekane 'me ka seo ke laetsoe hore ke be oa pele ea inehetseng (Lemoseleme la pele) 163} [Al-An'am: 162 -163].
Kahoo Allah O ile A laela Moprofeta oa Hae ﷺ hore a bolelle batho hore thapelo ea hae le sehlabelo sa hae—e leng ho hlaba phoofolo—le bophelo ba hae le lefu la hae, ke tsa Allah, Mong’a mafatše ’ohle, Ea se nang molekane. Ho ipapisitsoe le sena: mang kapa mang ea hlabang (phoofolo) bakeng sa e mong ntle le Allah, o entse shirk ho Allah, joalokaha eka o rapetse e mong ntle le Allah; hobane Allah, Ea Halalelang, O entse hore thapelo le ho hlaba e be lintho tse tsamaellanang, ’me O hlakisitse hore ka bobeli ke tsa Hae feela, Ea se nang molekane. Kahoo mang kapa mang ea hlabang (phoofolo) bakeng sa e mong ntle le Allah—e ka ba lijinn, mangeloi, bafu kapa ba bang—’me a atamela ho bona ka ketso eo, o tšoana le motho ea rapelang e mong ntle le Allah. ’Me ho na le hadith e Sahih moo Moprofeta ﷺ a itseng:
«لَعَنَ اللهُ مَنْ ذَبَحَ لِغَيْرِ اللهِ».
“Eka Allah A ka romela thohako ho ea etsetsang ba bang mahlabelo ntle le Allah.” Imam Ahmad o ile a e pheta ka ketane ea phetiso e ntle ho tsoa ho Ṭāriq bin Shihāb (Allah A khahlisoe ke eena), ho tsoa ho Moprofeta ﷺ hore o itse:
«مرَّ رَجُلَانِ عَلَى قَومٍ لَهُم صَنَمٌ لَا يَجُوزُهُ أَحَدٌ حَتَّى يُقرِّبَ لَهُ شَيئًا، فَقَالُوا لِأَحَدِهِمَا: قَرِّبْ. قَالَ: لَيسَ عِندِي شَيءٌ أَقَرِّبُهُ، قَالُوا: قَرِّبْ وَلَوْ ذَبَابًا، فَقَرَّبَ ذُبَابًا، فَخَلُّوا سَبِيلَهُ، فَدَخَلَ النَّارَ، وَقَالُوا لِلآخَرِ: قَرِّبْ. قَالَ: مَا كُنْتُ لِأُقَرِّبَ لِأَحَدٍ شَيْئًا دُونَ اللهِ جَلَّ جَلَالُهُ، فَضَرَبُوا عُنُقَه، فَدَخَلَ الجَنَّةَ».
“Banna ba babeli ba ile ba feta ho batho ba neng ba e-na le setšoantšo sa molimo oa bohata (sanam). Ho ne ho se motho ea neng a lumelloa ho feta moo ntle le hore a nyehele ho hong ho sona. Ba ile ba re ho e mong oa banna bao ba babeli: “nyehela” A re: “Ha ke na letho leo nka le nyehelang (ka sona).” Ba re: “nyehela leha e ka ba ka ntsintsi feela.” Eaba o nyehela ka ntsintsi, ’me ba mo tlohela hore a tsamaee. Ka lebaka leo a kena Mollong.
Eaba ba re ho e mong: “nyehela.” A re: “Nke ke ka nyehela letho bakeng sa mang kapa mang ntle le Allah, Ea Khanyang le Ea Phahameng.” Eaba ba mo khaola molala, ’me a kena Paradeiseng.’”
Haeba motho ea ileng a nyehela setšoantšo sa molimo oa bohata (sanam) ka ho fana ka ntsintsi kapa ntho e tšoanang a nkoa e le moetsi oa shirk, ea tšoanelang ho kena Mollong, joale ho tla ba joang ka motho ea bitsang ho lijinn, mangeloi kapa batho ba lokileng (awliyā’), kapa ea kopang thuso ho bona, kapa ea ba etsetsang likano (nadhr), kapa ea ba atamelang ka mahlabelo, a tšepile hore ka lebaka leo ba tla sireletsa thepa ea hae, kapa ba folise mokuli oa hae, kapa ba boloke liphoofolo tsa hae le lijalo tsa hae? Ho tla ba joang ka ea etsang lintho tsena ka lebaka la ho tšaba bobe ba li-jinn kapa tse ling tse tšoanang le tsona? Ha ho pelaelo hore ea etsang lintho tsena le tse tšoanang le tsona o tšoaneloa haholo ho nkoa e le moetsi oa shirk, ’me o tšoaneloa haholo ke ho kena Mollong ho feta monna eo ea ileng a etsetsa setšoantšo sa molimo oa bohata nyehelo ea ntsintsi.
Har'a tse hlalositsoeng malebana le taba ena ke polelo e 'ngoe ea Allah Ea Matla ʼOhle:
﴿إِنَّآ أَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ بِٱلۡحَقِّ فَٱعۡبُدِ ٱللَّهَ مُخۡلِصٗا لَّهُ ٱلدِّينَ2 أَلَا لِلَّهِ ٱلدِّينُ ٱلۡخَالِصُۚ وَٱلَّذِينَ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ أَوۡلِيَآءَ مَا نَعۡبُدُهُمۡ إِلَّا لِيُقَرِّبُونَآ إِلَى ٱللَّهِ زُلۡفَىٰٓ إِنَّ ٱللَّهَ يَحۡكُمُ بَيۡنَهُمۡ فِي مَا هُمۡ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي مَنۡ هُوَ كَٰذِبٞ كَفَّارٞ3﴾
{Ruri Re u senoletse Buka ka ’nete; kahoo rapela Allah, u Mo tsʼepahalle tumelong 2
Kannete, bolumeli bo hloekileng ke ba Allah feela. Ha e le ba ikhethelang batšireletsi ntle le Eena, ba re: “Ha re ba rapele haese hore ba re atametse haufi le Allah.” Ka nnete Allah O tla ahlola pakeng tsa bona ka seo ba neng ba sa lumellane ka sona. Ruri Allah ha A tataise raleshano, ea sa lumeleng 3} [Az-Zumar: 1 -3], Eaba Ea Phahameng O re:
﴿وَيَعْبُدُونَ مِنْ دُونِ اللَّهِ مَا لَا يَضُرُّهُمْ وَلَا يَنْفَعُهُمْ وَيَقُولُونَ هَؤُلَاءِ شُفَعَاؤُنَا عِنْدَ اللَّهِ قُلْ أَتُنَبِّئُونَ اللَّهَ بِمَا لَا يَعْلَمُ فِي السَّمَاوَاتِ وَلَا فِي الْأَرْضِ سُبْحَانَهُ وَتَعَالَى عَمَّا يُشْرِكُونَ18﴾
{Ba rapela ntle le Allah lintho tse ke keng tsa ba ntša kotsi kapa tsa ba tsoela molemo, ’me ba re: “Bana ke babuelli ba rona ho Allah.” E-re: “Na le bolella Allah ntho eo A sa e tsebeng maholimong kapa lefatšeng?” Khanya e be ho Eena, ’me O phahame hole le seo ba Mo kopanyang le sona (borapeling)} [Yunus: 18].
Kahoo Allah, Ea Tlotlehang, O hlakisitse litemaneng tsena tse peli hore barapeli ba melimo e mengata (mushrikīn) ba ile ba ikhethela batšireletsi ba bang ntle le Eena har’a libopuoa. Ba ne ba ba rapela hammoho le Allah ka tšabo, tšepo, mahlabelo, ho etsa likano (nadhr), ho ba kopa (du‘ā), le liketso tse ling tse tšoanang le tsona, ba ipolela hore batšireletsi bao ba tla ba atametsa haufi le Allah le hore ba tla ba buella ho Eena. Eaba Allah, Ea Tlotlehang, O ba hanyetsa, A pepesa leshano la bona le ho bontša hore tumelo ea bona ke ea bohata. A ba bitsa ba leshano, ba sa lumeleng (kuffār) le barapeli ba melimo e mengata (mushrikīn). Hape A itokolla ho shirk ea bona, A re:
﴿...سُبْحَانَهُ وَتَعَالَى عَمَّا يُشْرِكُونَ﴾
{…Khanya e be ho Eena, ’me O Phahame hole le seo ba Mo kopanyang le sona (borapeling)} [An-Nahl: 1]. Ka hona ho hlakile hore mang kapa mang ea ikhethelang lengeloi, kapa moporofeta, kapa jinni, kapa sefate, kapa lejoe, a ba rapela hammoho le Allah, a kopa thuso ho bona, a ba atamela ka likano (nadhr) le mahlabelo, a tšepile hore ba tla mo buella ho Allah, kapa ba mo atametse haufi le Eena, kapa a tšepile hore ba tla folisa mokuli oa hae, ba sireletse thepa ea hae, ba boloke motho oa hae ea sieo, kapa ntho efe kapa efe e tšoanang le eo, o oetse ka har'a shirk ena e kholo le tlokotsi ena e mpe. Ke eona eo Allah A itseng ka eona:
﴿إِنَّ اللَّهَ لَا يَغْفِرُ أَنْ يُشْرَكَ بِهِ وَيَغْفِرُ مَا دُونَ ذَلِكَ لِمَنْ يَشَاءُ وَمَنْ يُشْرِكْ بِاللَّهِ فَقَدِ افْتَرَى إِثْمًا عَظِيمًا48﴾
{Ruri, Allah A ke ke A tšoarela hore ho kopanngoe balekane le Eena (borapeling), empa O tšoarela se ka tlase ho moo ho eo A ratang (ho mo ts'oarela). ’Me mang kapa mang ea kopanyang balekane le Allah, ruri o iqapetse sebe se seholo haholo} [An-Nisa: 48], ʼMe Ea Phahameng O boela A re:
﴿...إِنَّهُ مَنْ يُشْرِكْ بِاللَّهِ فَقَدْ حَرَّمَ اللَّهُ عَلَيْهِ الْجَنَّةَ وَمَأْوَاهُ النَّارُ وَمَا لِلظَّالِمِينَ مِنْ أَنْصَارٍ﴾
{Ruri mang kapa mang ea kopanyang balekane le Allah (borapeling), Allah O mo hanetse Paradeise, ’me bolulo ba hae e tla ba Mollo. ’Me baetsalibe (ba etsang shirk) ba ke ke ba ba le bathusi}
[Al-Maidah: 72].
Ha e le bobuelli (Shafā‘ah), bo tla fumanoa ka Letsatsi la Tsoho ke batho ba Tawḥīd le ba ikokobelitseng ho Allah ka botšepehi, eseng ke batho ba shirk. Joalokaha Moprofeta ﷺ a ile a botsoa:
‘Oho Moromuoa oa Allah! Ke mang ea tla ba lehlohonolo ka ho fetisisa ho fumana bobuelli ba hao?’ A re:
«مَنْ قَالَ: لَا إِلَهَ إِلَّا اللهُ خَالِصًا مِنْ قَلْبِهِ».
“Ke ea reng: “Ha ho molimo ofe kapa ofe oa ’nete haese Allah,” ka botsʼepehi bo tsoang pelong ea hae.” A boela - khotso ebe le Eena - a re:
«لِكُلِّ نَبِيٍّ دَعْوَةٌ مُسْتَجَابَةٌ، فَتَعَجَّلَ كُلُّ نَبِيٍ دَعْوَتَهُ، وَإِنِّي اخْتَـبَأْتُ دَعْوَتِي شَفَاعَةً لِأُمَّتِي يَومَ القِيَامَةِ، فَهِيَ نَائِلَةٌ إِنْ شَاءَ اللهِ مَن مَاتَ مِنْ أُمَّتِي لَا يُشْرِكُ بِاللهِ شَيْئًا».
“Moporofeta e mong le e mong o filoe thapelo e le ’ngoe e tla arajoa. Baporofeta bohle ba ile ba potlakela ho e sebelisa lefatsʼeng lena. Empa ’na ke boloketse thapelo ea ka hore e be bobuelli bakeng sa Ummah ea ka ka Letsatsi la Tsoho. Ka thato ea Allah, bobuelli boo bo tla fihlela mang kapa mang ea shoang har’a Ummah ea ka a sa kopanya Allah le letho (borapeling).”
Barapeli ba melimo e mengata ba pele ba ne ba lumela hore Allah ke Mong’a bona, ’Mopi oa bona le Mofani oa bona oa lijo. Empa ba ile ba itšetleha ka baprofeta, batho ba lokileng (awliyā’), mangeloi, lifate, majoe le tse ling tse tšoanang le tsona, ba tšepile hore li tla ba buella ho Allah le ho ba atametsa haufi le Eena, joalokaha ho se ho fetile litemaneng tse boletsoeng pejana. Kahoo Allah ha aa ka a ba fa lebaka leo e le boikemelo, empa o ile a ba nyatsa Bukeng ea Hae e Halalelang, a ba bitsa bakhelohi (kuffar) le barapeli ba melimo e mengata (mushrikīn). Hape o ile a ba hanyetsa leshano la bona la hore melimo eo ea bona e tla ba buella kapa e ba atametse ho Allah. Le Moromuoa oa Allah ﷺ ha aa ka a ba amohela ka lebaka leo, empa o ile a ba loantša ka lebaka la shirk eo ho fihlela ba nehela khumamelo eohle ho Allah A le Mong, ho latela taelo ea Allah Ea Phahameng:
﴿وَقَاتِلُوهُمْ حَتَّى لَا تَكُونَ فِتْنَةٌ وَيَكُونَ الدِّينُ لِلَّهِ...﴾
{Le ba loants'e ho fihlela khatello e felile, toka le tumelo ele tsa Allah A le Mong...} [Al-Baqarah: 193]. Moromuoa oa Allah ﷺ o itse:
«أُمِرْتُ أَنْ أُقَاتِلَ النَّاسَ حَتَّى يَشْهَدُوا أَنْ لَا إِلهَ إِلَّا اللهُ وَأَنَّ مُحَمَّدًا رَسُولُ اللهِ، وَيُقِيمُوا الصَّلَاةَ، وَيُؤتُوا الزَّكَاةَ، فَإِذَا فَعَلُوا ذَلِكَ عَصَمُوا مِنِّي دِمَاءَهُم وَأَمْوَالَهُمْ إِلَّا بِحَقِّ الإِسْلَامِ، وَحِسَابُهُم عَلَى اللهِ».
“Ke laetsoe ho loants'a batho ho fihlela ba amohetse hore ha ho ea lokeloang ke khumamelo ea nnete kantle ho Allah le hore Muhammad ke Moromuoa oa Allah oa ho qetela, ba etsa thapelo le ho lefa menyehelo (Zakat). Haeba ba etsa joalo mali a bona le maruo a bona a tla be a sireletsehile ho 'na. Ha ho pholoho kantle ho tokelo ea Islam le hore moputso oa bona o ho Allah.” ʼMe Moelelo oa polelo ea hae ﷺ:
«حَتَّى يَشْهَدُوا أَن لَا إِلهَ إِلَّا اللهُ».
“Ho fihlela ba paka hore ha ho ea lokeloang ke borapeli ba nnete kantle ho Allah” Ho bolelang hore, ho fihlela ba khetholla Allah ka borapeli (ba khumamela Eena Feela) ntle le ho khumamela melimo emeng.
Athe haele Mushrikuna bane ba ts'aba li-jinn 'me ba ne ba kopa ts'ireletso ho bona, eaba Allah O senola temana holim'a taba eo:
﴿وَأَنَّهُ كَانَ رِجَالٌ مِنَ الْإِنْسِ يَعُوذُونَ بِرِجَالٍ مِنَ الْجِنِّ فَزَادُوهُمْ رَهَقًا6﴾
{Le hore ho ne ho e-na le banna har’a batho ba neng ba batla tšireletso ho banna ho tsoa ho li-jinn, empa seo sa ba ekelletsa feela tšabo, mahlomola le ho kheloha} [Al-Jinn: 6]. Litsebi tsa tlhaloso le tlhakiso ea Qurʼan ba itse malebana le temana e halalelang: Moelelo oa polelo ea Hae:
﴿...فَزَادُوهُمْ رَهَقًا﴾
{...empa seo sa ba ekelletsa feela tšabo, mahlomola le ho kheloha} Ke hore: ba ne ba ba ekelletsa tšabo le letsoalo le leholo. Hobane lijinn li ne li ikhohomosa le ho ikakasa ha li bona batho ba batla tšireletso ho tsona. Ka nako eo li ne li ba ekelletsa ho ba tšosa le ho ba kenya letsoalo, e le hore batho ba tsoele pele ho li rapela le ho balehela ho tsona haholoanyane.
Allah, Ea Tlotlehang, O ile A buseletsa Mamosleme ka ntho e molemo ho feta eo, ka ho ba laela hore ba batle tšireletso ho Eena feela le ka Mantsoe a Hae a phethahetseng. Mabapi le sena, Allah, Ea Phahameng, O ile A senola polelo ea Hae:
﴿وَإِمَّا يَنْزَغَنَّكَ مِنَ الشَّيْطَانِ نَزْغٌ فَاسْتَعِذْ بِاللَّهِ إِنَّهُ سَمِيعٌ عَلِيمٌ200﴾
{Haeba maikutlo a fosahetseng a u tlela ho tsoa ho Satane, kopa ts'ireletso ho Allah. Ruri, Ke Ea Utloang Ea Tsebang} [Al-A'raf: 200], 'Me mantsoe a Hae, Ea Matla ʼOhle:
﴿قُلْ أَعُوذُ بِرَبِّ الْفَلَقِ1﴾
{E-re, Ke kopa ts'ireletso ho Morena oa Meso}, ’Me ho netefalitsoe ho tsoa ho Moprofeta ﷺ hore o itse:
«مَنْ نَزَلَ مَنْزِلًا فَقَالَ: (أَعُوذُ بِكَلِمَاتِ اللهِ التَّامَّاتِ مِنْ شَرِّ مَا خَلَقَ)؛ لَم يَضُرَّهُ شَيءٌ حَتَّى يَرْتَحِلَ مِنْ مَنْزِلِهِ ذَلِكَ».
“Mang kapa mang ea fihlang sebakeng sa ho lula, ebe o re:
‘Ke batla tšireletso ka Mantsoe a Allah a phethahetseng khahlanong le bobe ba tsohle tseo A li bopileng.’ Ha ho letho le tla mo ntša kotsi ho fihlela a tloha sebakeng seo.”
Ho latela litemana tsa Qur’an le li-hadith tse seng li boletsoe, motho ea batlang pholoho, ea lakatsang ho sireletsa tumelo ea hae le ho pholoha shirk—ebang e nyenyane kapa e kholo—o tla tseba hore ho itšetleha ka bafu, mangeloi, lijinn kapa libopuoa tse ling, ho li rapela, ho batla tšireletso ho tsona, le liketso tse ling tse tšoanang le tsona, ke mekhoa ea batho ba Jāhiliyyah ba neng ba etsa shirk, ’me ke e meng ea mefuta e mebe ka ho fetisisa ea shirk ho Allah, Ea Halalelang. Ka hona, ho tlamehile ho tlohela liketso tsena, ho li qoba, ho eletsana ka ho li tlohela, le ho nyatsa mang kapa mang ea li etsang.
Ha e le motho ea tsejoang har’a batho ka ho etsa liketso tsena tsa shirk, ha hoa lumelloa ho nyalana le eena, kapa ho ja sehlabelo sa hae, kapa ho mo rapella ha a hlokahala (Ṣalāt al-Janāzah), kapa ho rapela ka mor’a hae e le imam, ho fihlela a phatlalatsa pako ea hae ho Allah, Ea Tlotlehang, ka ho tlohela liketso tseo, le ho nehela du‘ā le borapeli bohle ho Allah A le Mong feela. Du‘ā ke borapeli; ho feta moo, ke motheo oa borapeli, joalokaha Moprofeta ﷺ a itse:
«الدُّعَاءُ هُوَ العِبَادَةُ».
“Du‘ā ke borapeli.” Hape ho tlalehiloe ho tsoa ho Moprofeta ﷺ ka polelo e ’ngoe hore o itse:
«الدُّعَاءُ مُخُّ العِبَادَةِ».
“Du‘ā ke motheo oa borapeli.” Haele tabeng ea ho nyalana le Mushrikuna, Allah Ea Phahameng O itse:
﴿وَلَا تَنْكِحُوا الْمُشْرِكَاتِ حَتَّى يُؤْمِنَّ وَلَأَمَةٌ مُؤْمِنَةٌ خَيْرٌ مِنْ مُشْرِكَةٍ وَلَوْ أَعْجَبَتْكُمْ وَلَا تُنْكِحُوا الْمُشْرِكِينَ حَتَّى يُؤْمِنُوا وَلَعَبْدٌ مُؤْمِنٌ خَيْرٌ مِنْ مُشْرِكٍ وَلَوْ أَعْجَبَكُمْ أُولَئِكَ يَدْعُونَ إِلَى النَّارِ وَاللَّهُ يَدْعُو إِلَى الْجَنَّةِ وَالْمَغْفِرَةِ بِإِذْنِهِ وَيُبَيِّنُ آيَاتِهِ لِلنَّاسِ لَعَلَّهُمْ يَتَذَكَّرُونَ221﴾
{Le se ke la nyala basali ba etsang shirk ho fihlela ba lumela. Ruri, lekhoba la mosali ea lumelang le molemo ho feta mosali ea etsang shirk, leha a ka le khahla. Hape le se ke la nyalisa banna ba etsang shirk [ho basali ba lona] ho fihlela ba lumela. Ruri, lekhoba la monna ea lumelang le molemo ho feta monna ea etsang shirk, leha a ka le khahla. Bao ba memela Mollong, empa Allah O memela Paradeiseng le tšoarelong ka tumello ea Hae. O hlakisetsa batho litemana tsa Hae e le hore ba ka hopola} [Al-Baqarah: 221], Kahoo Allah, Ea Tlotlehang, O ile A thibela Mamosleme ho nyala basali ba etsang shirk—ebang ke barapeli ba litšoantšo, lijinn, mangeloi kapa tse ling—ho fihlela ba lumela ka ho nehela borapeli bohle ho Allah A le Mong feela, ba lumela Moromuoa ﷺ ho tsohle tseo a tlileng le tsona, ’me ba latela tsela ea hae. Ka mokhoa o tšoanang, Allah O ile A thibela ho nyaletsa basali ba Mamosleme ho banna ba etsang shirk ho fihlela le bona ba lumela ka ho nehela borapeli bohle ho Allah A le Mong feela, ba lumela Moromuoa ﷺ, ’me ba mo latela.
ʼMe Allah Ea Tlotlehang o boetse a hlalosa hore lekhabunyane la mosali le lumelang le molemo ho feta mosali ea lokolohileng ea etsang shirk, leha botle ba hae le bokhabane ba puo ea hae li ka khahla ea mo bonang kapa ea mo utloang. Hape lekhoba la monna le lumelang le molemo ho feta monna ea lokolohileng ea etsang shirk, leha botle ba hae, bokheleke ba puo ea hae, sebete sa hae kapa litšobotsi tse ling li ka khahla ba mo bonang kapa ba mo utloang. Eaba Allah Ea Tlotlehang o hlakisa lebaka la khetho ena ka mantsoe a Hae:
﴿...أُولَئِكَ يَدْعُونَ إِلَى النَّارِ...﴾
{...Bao ba memela (batho) Mollong...} [Al-Baqarah: 221]. Sena se bolela: banna le basali ba etsang shirk, hobane ka lipuo tsa bona, liketso tsa bona, boitšoaro ba bona le mekhoa ea bona, ba memela batho Mollong. Empa banna le basali ba lumelang bona ke ba memelang batho Paradeiseng ka boitšoaro ba bona, liketso tsa bona le mekhoa ea bona. Joale ho ka etsahala joang hore ba lekane batho bana le bano?
Haele ho rapella mushrikuna, Allah Ea Matla ʼOhle O itse mabapi le baikaketsi (munafiqun):
﴿وَلَا تُصَلِّ عَلَى أَحَدٍ مِنْهُمْ مَاتَ أَبَدًا وَلَا تَقُمْ عَلَى قَبْرِهِ إِنَّهُمْ كَفَرُوا بِاللَّهِ وَرَسُولِهِ وَمَاتُوا وَهُمْ فَاسِقُونَ84﴾
{Le seke la ba la ba rapella ha ba shoele kapa la ea mabitleng a bona (le seke la bapata ha ba shoele). Ruri, ba ne ba sa lumele ho Allah le Moromuoa oa Hae 'me ba shoele nakong eo ba sa mameleng litaelo tsa Allah} [At-Tawbah: 84], Litemaneng tsena tse halalelang, Allah Ea Matla ʼOhle O hlakisa hore moikaketsi (munafiq) le motho ea sa lumeleng (kafir) ha ba lokela ho rapelloa nakong eo ba shoeleng ka lebaka la ho se lumele ho Molimo le Moromuoa oa Hae. Ka ho ts'oana, motho ha a lokela ho rapela kamor'a bona (haeba ele imam) le hore ha ba lokeloa ho etsoa baeta-pele ba thapelo (Aimmah) ea Mamoseleme kaha ha se balumeli 'me ha ba ts'epahale le hobane ho na le lehloeo le tibileng pakeng tsa bona le Mamoseleme. Le leng la mabaka ke hore hase batho ba thapelo le borapeli. Kaha kufr (ho se lumele) le shirk (ho kopanya Allah borapeling) ha li ba fe moputso oa liketso tsa bona. Re kopa Allah A re sireletse ho tsona. Haele ho ja lijo tsa mahlabelo a mushrikuna (ba kopanyang Allah le melingoana): Allah Ea Matla ʼOhle O hlalositse, A hlakisa lebaka la thibelo ea mekete le mahlabelo a mushrikuna:
﴿وَلَا تَأْكُلُوا مِمَّا لَمْ يُذْكَرِ اسْمُ اللَّهِ عَلَيْهِ وَإِنَّهُ لَفِسْقٌ وَإِنَّ الشَّيَاطِينَ لَيُوحُونَ إِلَى أَوْلِيَائِهِمْ لِيُجَادِلُوكُمْ وَإِنْ أَطَعْتُمُوهُمْ إِنَّكُمْ لَمُشْرِكُونَ121﴾
{Le se ke la ja ho seo lebitso la Allah le sa kang la boleloa holim'a sona (ha se hlajoa), hobane ruri hoo ke ho se mamele Allah. Ruri, Shayātīn ba susumetsa metsoalle ea bona hore e ngangisane le lona. 'Me haeba le ka ba mamela, ka nnete le tla ba baetsi ba shirk} [Al-An'am: 121], Ka hona Allah, Ea Phahameng le Ea Tlotlehang, o ile a thibela Mamosleme ho ja setopo le phoofolo e hlabiloeng ke moetsi oa shirk, hobane o silafetse. Ka lebaka leo, sehlabelo sa hae se nkoa se tšoana le setopo, leha a ka bua lebitso la Allah holim'a sona; hobane ho bolela lebitso la Allah ho tsoa ho eena ha ho na phello, kaha ke ketso ea khumamelo. 'Me shirk e senya le ho hlakola khumamelo, ho fihlela moetsi oa shirk a baka ka tieo ho Allah, Ea Tlotlehang le Ea Phahameng. Allah, Ea Tlotlehang le Ea Phahameng, O lumeletse feela lijo tsa Batho ba Buka (Bajuda le Bakreste) ka polelo ea Hae e reng:
﴿...وَطَعَامُ الَّذِينَ أُوتُوا الْكِتَابَ حِلٌّ لَكُمْ وَطَعَامُكُمْ حِلٌّ لَهُمْ...﴾
{...Le lijo tsa bao ba filoeng Lengolo li lumeletsoe ho lona, le lijo tsa lona li lumeletsoe ho bona...} [Al-Ma'idah: 5], Lebaka ke hobane bona ba ipitsa balateli ba bolumeli bo tsoang leholimong, 'me ba bolela hore ke balateli ba Mūsā (Moshe) le ʿĪsā (Jesul) - khotso e be holim'a bona-, leha ba bua leshano tabeng eo. Allah O hlakotse le ho felisa bolumeli ba bona ka ho romela Muhammad ﷺ ho batho bohle.
Leha ho le joalo, Allah Ea Tlotlehang le Ea Phahameng O lumeletse Mamosleme ho ja lijo tsa Batho ba Buka le ho nyala basali ba bona ka lebaka la bohlale bo boholo le mabaka a tebileng ao litsebi tsa Islam li a hlalositseng.
Empa ha ho joalo ka baetsi ba shirk, ba rapelang litšoantšo, bafu, baprofeta, bahalaleli le ba bang; hobane bolumeli ba bona ha bo na motheo o nepahetseng, ebile ha bo na lebaka le ka bo sireletsang. Ho e-na le hoo, bo fosahetse ho tloha qalong. Ka lebaka leo, sehlabelo sa bona se nkoa e le setopo, 'me ha se lumelloe ho jeoa.
Ha e le hore motho a re ho e mong: "U hlasetsoe ke jinn," kapa "Jinn e u nkile," kapa "Satane o u nkile," kapa mantsoe a mang a tšoanang le ao, sena se nkoa e le mofuta oa ho rohakana le ho nyefolana. Sena ha sea lumelloa har'a Mamosleme, joaloka mefuta e meng eohle ea ho rohakana le ho nyefolana.
Empa mantsoe ana ha se shirk, ntle le haeba ea a buang a lumela hore lijinn li khona ho laola kapa ho etsa lintho ho batho ka botsona ntle le tumello le thato ea Allah. Maemong ao, tumelo eo e ba shirk, hobane e fa lijinn matla a ikemetseng ao e leng a Allah feela. Ka hona, mang kapa mang ea lumelang hore lijinn kapa sebopuoa sefe kapa sefe li khona ho laola batho kapa ho ba tlisetsa molemo kapa kotsi ntle le tumello le thato ea Allah, o fetoha mokhelohi (kāfir) ka lebaka la tumelo eo. Lebaka ke hobane Allah Ea Tlotlehang ke Eena Mong'a lintho tsohle, Ea nang le matla holim'a ntho e 'ngoe le e 'ngoe. Ke Eena Ea tlisang molemo le kotsi, 'me ha ho letho le etsahalang ntle le ka tumello ea Hae, thato ea Hae le qadar ea Hae e seng e reriloe pele. Joalokaha Allah Ea Tlotlehang a ile a laela Moprofeta oa Hae ﷺ hore a bolelle batho motheo ona o moholo:
﴿قُلْ لَا أَمْلِكُ لِنَفْسِي نَفْعًا وَلَا ضَرًّا إِلَّا مَا شَاءَ اللَّهُ وَلَوْ كُنْتُ أَعْلَمُ الْغَيْبَ لَاسْتَكْثَرْتُ مِنَ الْخَيْرِ وَمَا مَسَّنِيَ السُّوءُ إِنْ أَنَا إِلَّا نَذِيرٌ وَبَشِيرٌ لِقَوْمٍ يُؤْمِنُونَ188﴾
{E-re: 'Ha ke na matla a ho itlisetsa molemo kapa ho itlosa kotsi, haese seo Allah a se batlang. Hoja ke ne ke tseba lisabonoeng, nka be ke ile ka ipokelletsa molemo o mongata, 'me bobe bo ka be bo sa nkama. Ha ke letho haese molemosi le mophatlalatsi oa litaba tse monate ho batho ba lumelang'} [Al-A'raf: 188], Kahoo, haeba moetapele oa libopuoa tsohle le ea molemo ka ho fetisisa har'a tsona, e leng Moprofeta ﷺ, a ne a sa khone ho itlisetsa molemo kapa ho itlosa kotsi, haese seo Allah a se batlang, joale ho ka ba joang ka batho ba bang kapa libopuoa tse ling?!
Litemana tsa Qurʼān tse hlalosang moelelo ona li ngata haholo.
Haele balepi, linooe, lingaka tsa litaola le tse ling tse ts'oanang ba sebetsanang le litaba tseo eleng liphiri tsa Leholimo, e khalemeloa haholo, ha se ntho e lumelletsoeng 'me ho lumela ho tsona ho nyatseha ho feta ebile ke karolo ea ho se lumele hobane Moporofeta ﷺ o itse:
«مَنْ أَتَى عَرَّافًا فَسَأَلَهُ عَنْ شَيءٍ؛ لَمْ تُقْبَلْ لَهُ صَلَاةٌ أَرْبَعِينَ يَومًا».
“Mang kapa mang ea eang ho senooe ebe o se botsa ntho efe kapa efe, thapelo ea hae ekeke ea amoheleha matsatsi a mashome a mane.” E tlalehiloe ke Muslim ho Sahih ea hae, 'Me hona ho Sahih ea hae hape ka tlaleho ea Muawwiyah bin Al-Hakam Al-Sulami - eka Allah A ka khotsofatsoa ke Eena:
«أَنَّ النَّبيَّ ﷺ نَهَى عَنْ إِتْيَانِ الكُهَّانِ وَسُؤَالِهِم».
“Moporofeta ﷺ o thibetse ho ea ho lingaka tsa litaola (kapa linooe) le ho ba botsa lipotso.”
Lingoli tsa Sunan ba tlalehile hore Moprofeta ﷺ o itse:
«مَنْ أَتَى كَاهِنًا، فَصَدَّقَهُ بِمَا يَقُولُ؛ فَقَدْ كَفَرَ بِمَا أُنْزِلَ عَلَى مُحَمَّدٍ ﷺ».
“Mang kapa mang ea eang ho senooe ebe o lumela seo se mo bolellang sona, o se a hanyelitse se senotsoeng ho Muhammad ﷺ. ” Hona le Li-hadith tse ngata holim'a sehlooho sena. Ka hona, Mamoseleme a lokela ho qoba ho botsa linooe, balepi le baqhekanyetsi ba bang ba ts'oanang le bona, ka ho thetsa batho ka hore ba bolella liphiri (tsa boiqapelo) tsa Leholimo le ho thetsa Mamoseleme ekabang ka lebitso la hore ke moriana kapa ho hong malebana le se hlalositsoeng pejana mabapi le thibelo ea Moporofeta le tlhokomeliso ea hae khahlanong le sona. Hape ho kenella tabeng ena seo batho ba bang ba ipolelang hore ke bongaka, empa ba bolela litaba tse patehileng (ghayb). Ka mohlala, ha a fofonela tuku ea mokuli, lesira la mosali ea kulang, kapa ntho e tšoanang le eo, ebe o re: "Mokuli enoa o entse sena le sane," kapa "Mosali enoa o entse sena le sane," a bolela litaba tse patehileng tseo ho seng bopaki ba tsona tukung ea mokuli kapa linthong tse tšoanang. Sepheo sa sena ke ho thetsa le ho ferekanya batho ba tloaelehileng, e le hore ba lumele hore motho eo o tseba bongaka, mefuta ea mafu le lisosa tsa ona. Ka linako tse ling o ba fa meriana e itseng, 'me ho ka etsahala hore Allah a etse hore mokuli a fole ka qadar ea Hae. Eaba batho ba nahana hore pholiso e bakiloe ke meriana ea motho eo, athe ha e le hantle e bile ka thato le qadar ea Allah. Hape ho ka etsahala hore lefu leo le bakoe ke lijinn kapa bademona ba mang ba sebeletsang motho eo ea ipolelang hore ke ngaka. A ka 'na a mo bolella litaba tse ling tse patehileng tseo a li tsebang, eaba o itšetleha ka tsona. Ka lehlakoreng le leng, o khahlisa lijinn le bademona bao ka mefuta ea khumamelo e ba khotsofatsang. Ka lebaka leo, a ka tlohela mokuli eo 'me a emisa kotsi eo a neng a mo bakela eona. Sena ke ntho e tsebahalang mabapi le lijinn, bademona le batho ba li sebelisang.
Ho boetse ho tlamehile hore Mamosleme ba itlhokomele khahlanong le lintho tsena, ba eletsane ho li tlohela, ba itšetlehe ka Allah Ea Tlotlehang, 'me ba behe tšepo ea bona ho Eena litabeng tsohle. Leha ho le joalo, ha ho phoso ho sebelisa ruqyah ea Sharīʿah, meriana e lumelletsoeng, kapa ho batla kalafo ho lingaka tse hlahlobang mokuli ka mekhoa e bonahalang le e utloahalang, e le hore li netefatse lefu la hae ka mabaka a tsejoang. Ho netefalitsoe hore Moprofeta ﷺ o itse:
«مَا أَنْزَلَ اللهُ دَاءً إِلَّا أَنْزَلَ لَهُ شِفَاءً، عَلِمَهُ مَنْ عَلِمَهُ، وَجَهِلَهُ مَنْ جَهِلَهُ».
“Allah ha A ka a theola lefu leha e le lefe ntle le hore A theole pheko ea lona. Ba bang baa e tseba, 'me ba bang ha ba e tsebe.” A boela ﷺ a re:
«لِكُلِّ دَاءٍ دَوَاءٌ، فإِذَا أُصِيبَ دَوَاءٌ الدَّاءَ بََرَأَ بِإِذْنِ اللهِ».
“Lefung le leng le leng ho na le pheko, ha pheko e sebelisoa holim'a boloetse, boa fola ka tumello ea Allah.” Moporofeta ﷺ o re hape:
«عِبَادَ اللهِ، تَدَاوَوا وَلَا تَدَاوَوا بِحَرَامٍ».
“Oho bahlanka ba Molimo, tsomang pheko empa le se ke la e tsoma ka tsela tse hanetsoeng (thibetsoeng).” ʼMe ho na le lihadith tse ngata tse nang le moelelo o tšoanang le ona.
Kahoo re kopa Allah, Ea Matla ’Ohle le Khanya Eohle, hore A lokise maemo a Mamoseleme ’ohle, A phekole lipelo tsa bona le ’mele ea bona ho tsoa bophelong le bobeng bofe kapa bofe, A ba kopanye tseleng ea tataiso, ’me A re sireletse rona le bona ho litlhahlo tse khelosang, le ho mamela Satane le balateli ba hae. Etsoe ke Eena Ea khonang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ha ho matla kapa bokhoni ntle ho Molimo, Ea Phahameng le Ea Moholo.
Eka lithapelo tsa Molimo, khotso le tlhohonolofatso li ka ba ho Mohlanka le Moromuoa oa Hae, Moporofeta oa rona Muhammad, le ho ba lelapa la hae le barutuoa ba hae.
***
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Lengolo la bone:
Mabapi le kahlolo ea ho rapela Allah ka li-awrād (lithapelo le likhopotso kapa litemana tse baloang) tse iqapetsoeng (Bidʿah) le tse nang le Shirk
Ho tsoa ho Abdul Aziz bin Abdullah bin Baz, e eang ho mor'abo rona ea hlomphehang (........), Allah A mo atlehise linthong tsohle tse molemo. Āmīn.
Khotso, mohau le litlhohonolofatso tsa Molimo li be le lona.
Ka mor'a moo: Ke amohetse lengolo la lona le hlomphehang. Allah A le tataise ka tataiso ea Hae. Lengolo leo le bolela hore naheng ea lona ho na le batho ba khomarelang li-awrād (lithapelo kapa mantsoe a baloang) tseo Allah a sa kang a li senolela bopaki bofe kapa bofe. Tse ling tsa tsona ke Bidʿah, 'me tse ling li na le Shirk. Ba bile ba re li tsoa ho Moeta-pele oa Balumeli, ʿAlī bin Abī Ṭālib (Allah A khahlisoe ke eena), le ho ba bang. Ba pheta li-awrād tseo likopanong tsa dhikr kapa ka har'a Masaajid ka mor'a thapelo ea Maghrib, ba ipolela hore sena ke mokhoa oa ho atamela ho Allah. Har'a mantsoe ao ba a buang ke ana:
"Ka tokelo ea Allah." "Lona banna ba Allah, re thuseng ka thuso ea Allah."
"Le be thuso ho rona ka Allah."
Ba etsa sena ba nahana hore ke ketso e ba atametsang ho Allah. Le mantsoe a kang ana: “Oho Lona Aqṭāb (baetapele)! Lona marena! Re arabeleng, lona ba nang le lithuso. Re buelleng ho Allah. Mohlanka enoa oa lona o eme mona, o khomaretse monyako oa lona, 'me o tšaba bofokoli ba hae. Re pholoseng, Oho uena Moromuoa oa Allah! Ha ke na e mong eo nka eang ho eena ntle le lona, 'me seo ke se batlang se fumanoa ka lona. Lona le batho ba Allah. Ka Hamzah, moetapele oa bashoela-tumelo, mang kapa mang har'a lona a re fe thuso. Re pholoseng, uena Moromuoa oa Allah.” Le mantsoe a kang ana:
“Oho Allah! Romela lithoriso le khotso ho eo U mo entseng sesosa sa ho aroloa (senoloa) ha liphiri tsa Hao tsa borena bo phahameng, le sa ho hlaha ha mabone a mohau oa Hao. Kahoo a fetoha moemeli oa Boteng ba Rabb, le mohlahlami oa liphiri tsa Bo-Uena ba Hao.”
ʼMe takatso ea lona ea hore ho hlakisoe hore na ke efe ho mantsoe ao e leng Bidʿah, le hore na ke efe e leng Shirk, le hore na thapelo e ka etsoa ka morao ho imam ea etsang lithapeli tse joalo—tsena tsohle li utloisisehile ebile lia tsejoa.
Mme karabo ke ena: Lithoriso tsohle li be ho Allah A le mong, ’me litlhohonolofatso le khotso li be holim’a eena eo ho seng moprofeta ka morao ho eena, le holim’a ba lelapa la hae le barutuoa ba hae, hammoho le ba latelang tataiso ea hae ho fihlela Letsatsing la Kahlolo.
Kamor'a moo: Tseba - eka Allah A ka u tataisa - hore Molimo Ea Matla ʼOhle O bopile 'mopo eaba O romela Baromuoa - khotso ebe le bona - hore A khumameloe A le Mong, ntle le melingoana borapeling, joalokaha Ea Phahameng A itse:
﴿وَمَا خَلَقْتُ الْجِنَّ وَالْإِنْسَ إِلَّا لِيَعْبُدُونِ56﴾
{'Me Ha Kea bopa li-jinn le batho haese hore ba Nthapele (Nna ke le mong)} [Ad-Dhariyat: 56].
Mme borapeli (ʼIbādah) — joalo ka ha ho hlalositsoe pele — ke: ho mamela Eena Ea Phahameng (Molimo) le ho mamela Moromuoa oa Hae Muhammad ﷺ; ka ho etsa se laetsoeng ke Molimo le Moromuoa oa Hae, le ho tlohela se thibetsoeng ke Molimo le Moromuoa oa Hae, ka tumelo ho Molimo le Moromuoa oa Hae, le ka botsʼepehi bo felletseng ho Molimo mosebetsing oo, hammoho le lerato le phahameng ho Molimo, le boinehelo bo feletseng ho Eena A le mong Ea Phahameng ntle le ba bang; joalo ka ha Ea Phahameng A itse:
﴿وَقَضَى رَبُّكَ أَلَّا تَعْبُدُوا إِلَّا إِيَّاهُ...﴾
{'Me Morena oa lona O laetse hore ho se be le eo le mo khumamelang kantle ho Eena...} [Al-Isra: 23] Eleng hore, O laetse le ho khothaletsa hore ho khumameloe Eena A le Mong Feela. Ea phahameng O itse:
﴿الْحَمْدُ لِلَّهِ رَبِّ الْعَالَمِينَ2 الرَّحْمَنِ الرَّحِيمِ3 مَالِكِ يَوْمِ الدِّينِ4 إِيَّاكَ نَعْبُدُ وَإِيَّاكَ نَسْتَعِينُ5﴾
{Thoriso li be ho Allah, Morena oa lintho tsohle2
Ea Lereko Ea Mohau 3
Mong'a Letsatsi la Kahlolo 4
Uena Feela re ea U rapela 'me ho Uena Feela re kopa thuso 5} [Al-Fatihah:2 - 5] Ka litemana tsena, Allah Ea Tlotlehang le Ea Phahameng o hlakisitse hore ke Eena feela Ea tšoaneloang ke ho rapeloa, le hore thuso e tsʼoanetse ho koptjoa ho Eena feela. Allah Ea Matla ʼOhle o boetse a re:
﴿إِنَّآ أَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ بِٱلۡحَقِّ فَٱعۡبُدِ ٱللَّهَ مُخۡلِصٗا لَّهُ ٱلدِّينَ2 أَلَا لِلَّهِ ٱلدِّينُ ٱلۡخَالِصُۚ...﴾
{Ruri Re u senoletse Buka ka 'nete; ka hona rapela Allah, u Mo etsetse bolumeli ka botšepehi bo felletseng (u hloekise khumamelo eohle bakeng sa Hae feela)
Kannete! Bolumeli (khumamelo) bo hloekileng ke ba Allah feela...} [Az-Zumar: 2 - 3], 'Me Ea phahameng O itse:
﴿فَادْعُوا اللَّهَ مُخْلِصِينَ لَهُ الدِّينَ وَلَوْ كَرِهَ الْكَافِرُونَ14﴾
Ka hona, bitsang ho Allah (le rapele Eena), le Mo etsetse bolumeli ka botšepehi bo felletseng, leha ba sa lumeleng ba ka hloea seo} [Ghafir: 14], 'Me Ea Phahameng O boetse O itse:
﴿وَأَنَّ الْمَسَاجِدَ لِلَّهِ فَلَا تَدْعُوا مَعَ اللَّهِ أَحَدًا18﴾
{Ruri, Masaajid (matlo a thapelo) ke tsa Allah 'me le se ke la rapela emong kantle ho Allah} [Al-Jinn: 18], Litemana tsa Qurʼān tse nang le moelelo ona li ngata haholo, 'me kaofela ha tsona li bontša hore ho tlamehile ho khetholla Allah feela ka khumamelo, e le hore khumamelo eohle e etsetsoe Eena A le Mong.
Ho ea tsebahala hore du'a (thapeli) ka mefuta eohle ea eona ke borapeli, ke ka hona ho sa lumeleheng hore mang kapa mang a etse du'a ho mang kapa mang kantle ho Morena oa hae ekabang ho kopa thuso kapa pholoso ho mang kapa mang ntle le Eena, ho ea ka litemana tsena le se ileng sa hlalosoa botoloking ba tsona. Sena ke tlatsetso ho litaba tse tloaelehileng le lisosa tse hlokomelehang (bonahalang) ka kutlo, tseo motho kapa sebopuoa se phelang se leng teng se khonang ho li phetha, mabapi le lintho tseo eseng tsa khumamelo. Empa ho na le moo, ho lumelehileng ho ea ka Shari‘ah le ka tumellano ea litsebi (ijma') hore motho a kope thuso ho motho e mong ea phelang ea nang le bokhoni, litabeng tse tloaelehileng tseo a khonang ho li etsa joaloka ho kopa thuso ea hae kapa ho mo bitsa hore a mo thuse ho leleka bobe bo bakoang ke ngoana oa hae, mohlanka oa hae, ntja ea hae kapa lintho tse ts'oanang. Ekare motho o kopa thuso ho ea phelang, ea teng haufi ebile a na le bokhoni kapa ea sieo haufi empa ka litsela tse bonahalang tse tloaelehileng tse kang mangolo, melaetsa kapa mekhoa e meng e ts'oanang joaloka ho aha matlo, ho lokisa koloi kapa tse ling tse ts'oanang. Sena se kenyelletsa: motho ea bitsang mosebetsi 'moho le Eena ho mo thusa ka nako ea jihad le ntoa le tse ts'oanang le tsona. Har'a litemana tse amanang le taba ena ke polelo ea Allah Ea Phahameng paleng ea Mūsā (khotso e be holim'a hae):
﴿...فَاسْتَغَاثَهُ الَّذِي مِنْ شِيعَتِهِ عَلَى الَّذِي مِنْ عَدُوِّهِ...﴾
{...Eaba motho eo e neng e le oa sehlopha sa hae o kopa thuso ho eena khahlanong le eo e neng e le sera sa hae...} [Al-Qasas: 15].
Empa ha e le ho kopa thuso ho bafu, lijinn, mangeloi, lifate kapa majoe, hoo ke Shirk e Kholo (Ash-Shirk al-Akbar). Ke mofuta o tšoanang oa ketso eo bahetene ba pele ba neng ba e etsa ka melimo ea bona e kang Al-ʿUzzā, Al-Lāt, le e meng. Ka mokhoa o tšoanang, ho kopa thuso kapa ho batla tšehetso ho batho ba ntseng ba phela bao ho lumeloang hore ke awliyāʼ (bahalaleli), litabeng tseo ho seng ea ka li etsang haese Allah feela—joalo ka ho folisa bakuli, ho tataisa lipelo, ho kenya motho Paradeiseng, ho mo pholosa Mollong, le tse ling tse tšoanang—le hona ke Shirk e Kholo.
Litemana tse boletsoeng pejana, hammoho le tse ling tse nang le moelelo o tšoanang ho Qurʼān le li-Hadith, kaofela li bontša hore ho tlamehile ho lebisa lipelo ho Allah litabeng tsohle, le ho hloekisetsa Allah feela mefuta eohle ea khumamelo. Sena ke hobane bahlanka ba Allah ba bopetsoe morero oo, 'me ba laetsoe ho etsa joalo, joalokaha ho se ho fetile litemaneng tse boletsoeng pejana, hape joalo ka ha Allah Ea Tlotlehang a re:
﴿وَاعْبُدُوا اللَّهَ وَلَا تُشْرِكُوا بِهِ شَيْئًا...﴾
{Rapelang Allah, 'me le se ke la Mo kopanya le letho khumamelong...} [An-Nisa: 36], Le mantsoe a Hae, ea Khanyang:
﴿وَمَا أُمِرُوا إِلَّا لِيَعْبُدُوا اللَّهَ مُخْلِصِينَ لَهُ الدِّينَ...﴾
{Ha baa ka ba laeloa ka letho haese hore ba rapele Allah, ba Mo etsetse bolumeli ka botšepehi bo felletseng (ba hloekise khumamelo eohle bakeng sa Hae feela)...} [Al-Bayyinah: 5], Le polelo ea Moprofeta ﷺ ho Hadith ea Muʿādh (Allah A khahlisoe ke eena):
«حَقُّ اللهِ عَلَى العِبَادِ أَنْ يَعْبُدُوهُ وَلَا يُشْرِكُوا بِهِ شَيْئًا».
“Tokelo ea Allah ho bahlanka ba Hae ke hore ba khumamele Eena Feela 'me ba se ke ba kopanya letho le Eena.” E lumellanoe ka ho nepahala ha eona (ke Al-Bukhārī le Muslim), Le polelo ea hae ﷺ ho Hadith ea Ibn Mas'ud eka Allah A ka khahlisoa ke Eena:
«مَنْ مَاتَ وَهُوَ يَدْعُو لِلَّهِ نِدًّا؛ دَخَلَ النَّارَ».
“Mang kapa mang ea shoang a kopanya Allah (le melimo ea bohata) borapeling o tla kena Liheleng.” E tlalehiloe ke Al-Bukhari. Ho li-Saḥīḥ tse peli (Ṣaḥīḥ al-Bukhārī le Ṣaḥīḥ Muslim) ho tsoa ho Hadith ea Ibn ʿAbbās (Allah A khahlisoe ke eena le ntat'ae), hore ha Moprofeta ﷺ a romela Muʿādh (Allah A khahlisoe ke eena) Yemen, o ile a re ho eena:
«إِنَّكَ تَأْتِي قَومًا أَهْلَ كِتَابٍ، فَلْيَكُنْ أَوَّلَ مَا تَدْعُوهُم إِلَيهِ شَهَادَةِ أَنْ لَا إِلهَ إِلَّا اللهُ».
“Ruri, U ea ho batho ba Buka, etsa hore ntho ea pele eo u ba bitsetsang ho eona ebe kano ea hore ha ho ea lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah.” Ka mantsoe a mang:
«اُدْعُهُمْ إِلَى شَهَادَةِ أَنْ لَا إِلهَ إِلَّا اللهُ وَأَنِّي رَسُولُ اللهِ».
“Ba memele ho Shahadah hore ba hlapanye hore ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa kantle ho Allah le hore ke nna Moromuoa oa Allah.” Ho ea ka tlaleho ea Al-Bukhari:
«فَلْيَكُنْ أَوَّلَ مَا تَدْعُوهُم إِلَى أَنْ يُوَحِّدُوا اللهَ».
“Sa pele seo u tlang ho ba bitsetsa ho sona ke hore ba khetholle Allah bonngoeng ba Hae.” Ho Ṣaḥīḥ Muslim, ho tsoa ho Ṭāriq bin Ashyam Al-Ashjaʿī (Allah A khahlisoe ke eena), hore Moprofeta ﷺ o itse:
«مَنْ قَالَ: لَا إِلهَ إِلَّا اللهُ، وَكَفَرَ بِمَا يُعْبَدُ مِن دُونِ اللهِ؛ حَرُمَ مَالُهُ وَدَمُهُ، وَحِسَابُهُ عَلَى اللهِ جَلَّ جَلَالُهُ».
“Mang kapa mang ea reng: 'Lā ilāha illā Allāh' (Ha ho molimo ofe kapa ofe o tšoaneloang ke khumamelo haese Allah feela), 'me a latola tsohle tse rapeloang ntle le Allah, mali a hae le thepa ea hae li ba tse sirelelitsoeng, 'me boikarabello ba hae bo ho Allah, Ea Khanyang le Ea Phahameng.” Li-Hadith li ngata ka moelelo ona.
Tawḥīd ena ke motheo oa bolumeli ba Islam, ke motheo oa tsela ea tumelo (millah), ke ntlha ea bohlokoa ka ho fetisisa litabeng tsa bolumeli, ebile ke eona e leng har'a litlamo tse kholo ka ho fetisisa.
Hape ke bohlale le sepheo sa ho boptjoa ha lijinn le batho, le bohlale ba ho romeloa ha baromuoa bohle (khotso le litlhohonolofatso li be holim'a bona). Joalokaha litemana tse fetileng li bontšitse sena, ho tsona ke polelo ea Allah Ea Tlotlehang:
﴿وَمَا خَلَقْتُ الْجِنَّ وَالْإِنْسَ إِلَّا لِيَعْبُدُونِ56﴾
{Ha Kea bopa lijinn le batho ntle le hore ba Nkhumamele} [Adh-Dhariyaat: 56], 'Me har'a mapaki holim'a eona ke polelo e 'ngoe hape ea Ea Matla Ea Tlotlehang:
﴿وَلَقَدْ بَعَثْنَا فِي كُلِّ أُمَّةٍ رَسُولًا أَنِ اُعْبُدُوا اللَّهَ وَاجْتَنِبُوا الطَّاغُوتَ...﴾
{Ruri, Re ile Ra romella moromuoa ho sechaba se seng le se seng, (eaba o ba eletsa hore) ba rapele Allah ba qobe Taghut (ntho e 'ngoe le e 'ngoe e rapeloang kantle ho Allah)...} [An-Nahl: 36], 'Me polelo ea hae Ea Matla ʼOhle:
﴿وَمَا أَرْسَلْنَا مِنْ قَبْلِكَ مِنْ رَسُولٍ إِلَّا نُوحِي إِلَيْهِ أَنَّهُ لَا إِلَهَ إِلَّا أَنَا فَاعْبُدُونِ25﴾
{'Me Ha Rea romela moromuoa ofe kapa ofe pele ho uena kantle le hore Re mo senolele hore, 'Ha ho ea lokeloang ke khumamelo kantle le 'Na, 'me ka hona Nkhumamele ng} [Al-Anbiyah: 25]. Eaba Ea Matla ʼOhle O re ka Noe, Hud, Sahih le Shu'aib - khotso ebe le bona kaofela - hore ba ile ba re ho batho ba bona:
﴿...اعْبُدُوا اللَّهَ مَا لَكُمْ مِنْ إِلَهٍ غَيْرُهُ...﴾
{...khumamelang Allah; ha le na molimo o mong kantle ho Eena...} [Al-A'raf: 59], Ena ke pitso ea baromuoa bohle (khotso le litlhohonolofatso li be holim'a bona), joalo ka ha litemana tse peli tse fetileng li bontšitse. Lira tsa baromuoa li ile tsa lumela hore baromuoa ba ne ba ba laela hore ba khetholle Allah feela ka khumamelo, le hore ba tlohele melimo e neng e rapeloa ntle le Allah.
Joalokaha Allah Ea Tlotlehang a boletse paleng ea batho ba ʿĀd, hore ba ile ba re ho Hūd (khotso e be holim'a hae):
﴿...أَجِئْتَنَا لِنَعْبُدَ اللَّهَ وَحْدَهُ وَنَذَرَ مَا كَانَ يَعْبُدُ آبَاؤُنَا...﴾
{...u tlile ho rona (ho re laele) hore re rapele Molimo Feela re lahle seo baholo ba rona ba neng ba se rapela?...} [Al-A'raf: 70], Allah Ea Tlotlehang o boletse ka batho ba Quraysh ha Moprofeta oa rona Muḥammad ﷺ a ne a ba memela hore ba khethe Allah feela ka khumamelo, 'me ba tlohele seo ba neng ba se rapela ntle le Allah—joalo ka mangeloi, bahalaleli, litšoantšo, lifate le tse ling:
﴿أَجَعَلَ الْآلِهَةَ إِلَهًا وَاحِدًا إِنَّ هَذَا لَشَيْءٌ عُجَابٌ5﴾
{Na o entse melimo eohle hore e be Molimo a le Mong feela? Ruri sena ke ntho e makatsang haholo!} [Sād: 5], Eaba Ea Matla ʼOhle O re ka bona:
﴿إِنَّهُمْ كَانُوا إِذَا قِيلَ لَهُمْ لَا إِلَهَ إِلَّا اللَّهُ يَسْتَكْبِرُونَ35 وَيَقُولُونَ أَئِنَّا لَتَارِكُوٓاْ ءَالِهَتِنَا لِشَاعِرٖ مَّجۡنُونِۭ36﴾
{Ruri, nakong eo ho thoeng ho bona, 'Ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa ntle le Allah,' ba ile ba ikhohomosa 35
Ebe ba re, 'Na re ka furalla melimo ea rona ka lebaka la seroki se hlanyang? 36} [As-Saffat: 35 - 36], ʼMe litemana tse buang ka moelelo ona li ngata haholo.
Ho tsoa litemaneng tsa Qurʼān le li-Hadith tseo re li boletseng, ho tla hlaka ho uena—Allah A re atlehise ’na le uena ka kutloisiso e nepahetseng ea bolumeli, le ka kutloisiso ea ’nete mabapi le Mong’a mafatše—hore lithapelo tsena le mefuta ena ea ho kopa thuso (istighāthah) eo u e hlalositseng potsong ea hao, kaofela ke mefuta ea Shirk e Kholo (Ash-Shirk al-Akbar).
Lebaka ke hore ke ho etsa khumamelo ho e mong ntle le Allah, le ho kopa lintho tseo ho seng ea ka li etsang haese Allah feela, ho batho ba shoeleng le ba sieo. Sena se sebe ho feta Shirk ea batho ba pele, hobane batho ba pele ba ne ba etsa Shirk feela nakong ea boiketlo le ha ba ne ba le maemong a matle. Empa nakong tsa mathata, ba ne ba lebisa borapeli ho Molimo Ea nnotši hobane ba ne ba tseba hore Ea Tlotlehang ke Eena Feela Ea nang le bokhoni ba ho ba inola mathateng joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse kahare ho Buka ea Hae e hlakileng ka Mushrikuna bao:
﴿فَإِذَا رَكِبُواْ فِي ٱلۡفُلۡكِ دَعَوُاْ ٱللَّهَ مُخۡلِصِينَ لَهُ ٱلدِّينَ فَلَمَّا نَجَّىٰهُمۡ إِلَى ٱلۡبَرِّ إِذَا هُمۡ يُشۡرِكُونَ65﴾
{Nakong eo ba neng ba kena ka sekepeng, ba ne ba bitsa ho Allah, ka boikokobetso bohle ba lebisa borapeli ba bona ho Eena. Empa Ha A se A ba fihlisitse lefats'eng, hang ba qala ho Mo kopanya borapeling} [Al-Ankabut: 65], Eaba Ea Matla ʼOhle O re, a ba tobile temaneng e 'ngoe:
﴿وَإِذَا مَسَّكُمُ ٱلضُّرُّ فِي ٱلۡبَحۡرِ ضَلَّ مَن تَدۡعُونَ إِلَّآ إِيَّاهُۖ فَلَمَّا نَجَّىٰكُمۡ إِلَى ٱلۡبَرِّ أَعۡرَضۡتُمۡۚ وَكَانَ ٱلۡإِنسَٰنُ كَفُورًا67﴾
{Ha le hlaheloa ke kotsi leoatleng, bohle bao le neng le bitsa ho bona (ho ba kopa thuso) baa nyamela, haese Eena (Allah) feela. Empa ha A le pholosa 'me A le isa naheng e omileng, lea furalla (ho Mo lebala). Ruri motho o hloka teboho kamehla} [Al-Isra: 67].
Haeba e mong oa batho bana ba etsang Shirk ba morao-rao a ka re: "Ha re bolele hore batho bao ba ka fana ka molemo ka bobona, kapa ba folisa bakuli ba rona ka bobona, kapa ba re thusa kapa ba re ntša kotsi ka bobona. Seo re se batlang feela ke hore ba re buelle ho Allah litabeng tseo."
Karabo ho eena ke hore: Sena ke sona hantle seo bahetene ba pele ba neng ba se rerile le seo ba neng ba se batla. Ba ne ba sa lumele hore melimo ea bona e ea bopa, e fana ka phepelo, e tlisa molemo kapa e baka kotsi ka boeona. Sena se hlakisoa ke seo Allah A se boletseng ka bona ka har'a Qurʼān. Seo ba neng ba se batla e ne e le boemeli (shafāʿah) le seriti (jāh) sa melimo ea bona, le hore e ba atametse haufi le Allah.
Joalokaha Allah Ea Tlotlehang a itse:
﴿وَيَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَضُرُّهُمۡ وَلَا يَنفَعُهُمۡ وَيَقُولُونَ هَٰٓؤُلَآءِ شُفَعَٰٓؤُنَا عِندَ ٱللَّهِ...﴾
{'Me ba rapela kathoko ho Allah se kekeng sa ba hlokofatsa kapa ho ba tsoela molemo, ha ba qeta ba re, 'Bana ke babuelli ba rona ho Allah...'} [Yunus: 18], Allah O ba arabile ka ho re:
﴿...قُلۡ أَتُنَبِّـُٔونَ ٱللَّهَ بِمَا لَا يَعۡلَمُ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَلَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ سُبۡحَٰنَهُۥ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ﴾
{...E-re: 'Na le tsebisa Allah se seng teng seo A sa se tsebeng Maholimong kapa lefatsʼeng?' Lithoriso li be ho Eena, 'me O phahame haholo kaholimo ho tseo ba li kopanyang le Eena} [Yunus: 18], Kahoo Allah Ea Tlotlehang o hlakisitse hore ha A tsebe maholimong kapa lefatšeng mokena-lipakeng leha e le ofe ka mokhoa oo bahetene ba o rerang. 'Me ntho eo Allah A sa tsebeng hore e teng, ha e eo, hobane Allah Ea Tlotlehang ha ho letho le ipatang ho Eena. Ea phahameng O itse:
﴿تَنزِيلُ ٱلۡكِتَٰبِ مِنَ ٱللَّهِ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡحَكِيمِ 1 إِنَّآ أَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ بِٱلۡحَقِّ فَٱعۡبُدِ ٱللَّهَ مُخۡلِصٗا لَّهُ ٱلدِّينَ2 أَلَا لِلَّهِ ٱلدِّينُ ٱلۡخَالِصُۚ وَٱلَّذِينَ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ أَوۡلِيَآءَ مَا نَعۡبُدُهُمۡ إِلَّا لِيُقَرِّبُونَآ إِلَى ٱللَّهِ زُلۡفَىٰٓ إِنَّ ٱللَّهَ يَحۡكُمُ بَيۡنَهُمۡ فِي مَا هُمۡ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي مَنۡ هُوَ كَٰذِبٞ كَفَّارٞ3﴾
{Ts'enolo ea Buka e tsoang ho Allah, Ea Tlotlehang ka Matla, Ea Bohlale 1
Ruri Re u senoletse Buka ka ’nete. Ka hona, rapela Allah, u Mo etsetse bolumeli ka botšepehi bo felletseng, u hloekisetse khumamelo eohle Eena feela 2
Kannete, bolumeli (khumamelo) bo hloekileng ke ba Allah feela. Ha e le ba ikhethelang basireletsi ntle le Eena, ba re: 'Ha re ba rapele haese hore ba re atametse haufi le Allah.' Ka nnete Allah O tla ahlola pakeng tsa bona mabapi le tseo ba neng ba sa lumellane ka tsona. Ruri Allah ha A tataise ea leng leshano le mohanyetsi ea sa lumeleng 3}
[Az-Zumar: 1 - 3].
Moelelo oa bolumeli (ad-Dīn) mona ke khumamelo. Khumamelo ke ho mamela Allah le ho mamela Moromuoa oa Hae ﷺ, joalokaha ho se ho hlalositsoe pejana. Khumamelo e kenyelletsa:
thapeli (duʿāʼ),
ho kopa thuso (istighāthah),
tšabo, tšepo,
ho hlaba sehlabelo, ho etsa likano (nadhr), hape e kenyelletsa:
thapelo (ṣalāh),
ho itima (ṣawm), le liketso tsohle tse ling tseo Allah le Moromuoa oa Hae ﷺ ba li laetseng. Kahoo Allah Ea Halalelang o hlakisitse hore khumamelo ke ea Hae feela, le hore ho tlamehile hore bahlanka bohle ba e hloekisetse Eena feela. Lebaka ke hore taelo eo Allah a ileng a e fa Moprofeta ﷺ ea hore a etsetse Allah khumamelo ka botšepehi bo felletseng, ke taelo e akaretsang balateli bohle ba Ummah ena, eseng Moprofeta ﷺ a le mong feela.
Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O hlalosa ka batho ba sa lumeleng, A re:
﴿...وَٱلَّذِينَ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ أَوۡلِيَآءَ مَا نَعۡبُدُهُمۡ إِلَّا لِيُقَرِّبُونَآ إِلَى ٱللَّهِ زُلۡفَىٰٓ...﴾
{'Me bao ba nkang basireletsi kantle ho Eena [ba re], 'Re mpa re ba rapela hore ba tle ba re atametse haufi le Allah ka maemo'} [Az-Zumar: 3]. Allah Ea phahameng O ba arabile ka ho re:
﴿...إِنَّ ٱللَّهَ يَحۡكُمُ بَيۡنَهُمۡ فِي مَا هُمۡ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي مَنۡ هُوَ كَٰذِبٞ كَفَّارٞ﴾
{Ruri, Allah O tla ahlola lipakeng tsa bona malebana le tseo ba fapanang ka tsona. Kannete, Allah Ha A tataise mang kapa mang ea leshano le ea sa lumeleng} [Az-Zumar: 3], Litemaneng tsena tse halalelang, Allah Ea Matla ʼOhle O re bolella hore ba sa lumeleng ba rapela lits'oants'o feela khahlanong le Eena hore li ba atametse haufi le Eena; Sena haesale e ntse ele maikutlo a ba sa lumeleng, ba khale le ba bacha. Molimo O ba khalemetse ka ho re:
﴿...إِنَّ ٱللَّهَ يَحۡكُمُ بَيۡنَهُمۡ فِي مَا هُمۡ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي مَنۡ هُوَ كَٰذِبٞ كَفَّارٞ﴾
{...Ruri, Allah O tla ahlola lipakeng tsa bona malebana le tseo ba fapanang ka tsona. Kannete, Allah Ha A tataise mang kapa mang ea leshano le ea sa lumeleng} [Az-Zumar: 3], Molimo Ea Phahameng O hlakisitse: mashano a bona a hore melimo ea bona e ba atametsa haufi le Allah le ho se lumele ho seo ba lebisang lithapelo tsa bona. Ka hona, emong le emong ea nang le temoho leha ele nyane oa tseba hore ba sa lumeleng ba mehleng ea pele ba ile ba nkoa ele bakhelohi feela hobane ba ne ba etsa baporofeta babuelli pakeng tsa bona le Allah. Le tumelo ea bona ea hore bao ba bitsang ho bona ba ka phethahatsa litlhoko tsa bona ntle le tumello le khotsofalo ea Allah Ea Tlotlehang le Ea Phahameng; joalo ka ha matona a buella batho ho marena. Ka hona ba ile ba bapisa Allah Ea Tlotlehang le marena le baetapele (ba lefatše). Ba ile ba re: "Joalo ka ha motho ea nang le tlhoko ho morena kapa moetapele a kopa babuelli ka batho ba hae ba haufi le matona a hae, le rona re atamela ho Allah ka ho rapela le ho etsa liketso tsa khumamelo ho baprofeta ba Hae le ho awliyāʼ." Sena ke leshano le leholo ka ho fetisisa, hobane Allah Ea Tlotlehang ha A tšoane le letho, ha A bapisoe le libopuoa tsa Hae. Ha ho motho ea ka buellang ho Eena ntle le ka tumello ea Hae ea boemeli, ’me Allah Ha A fane ka tumello eo haese ho batho ba Tawḥīd. Allah Ea Phahameng ke Ea nang le matla holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe, O tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ke Ea Mohau ho feta ba nang le mohau bohle. Ha A tšabe motho leha e le ofe ebile ha A tšosoe ke mang kapa mang; hobane Eena ke Ea hlolang holim’a bahlanka ba Hae, ’me ke Eena Ea laolang litaba tsa bona kamoo A ratang kateng. Ho fapana le marena le baetapele, bona ha ba na matla holim'a lintho tsohle. Ka lebaka leo, ba hloka batho ba ba thusang ho tseo ba ka sitoang ho li etsa; e leng matona a bona, batho ba bona ba haufi le masole a bona. Hape ba hloka ho tsebisoa litlhoko tsa batho bao ba sa tsebeng litlhoko tsa bona. Kahoo, ba hloka batho ba ka ba kopelang mohau le ho ba thabisa har'a matona a bona le batho ba bona ba haufi. Haele Morena, Ea Matla Ea Phahameng, Eena, Ea Tlotlehang, Ke Molaoli Ha A hloke letho ho tsoa ho libopuoa tsohle tsa Hae. Ke Eena Ea li hauhelang ka ho fetisisa le ho feta bomm'a tsona, 'me ke Moahloli Ea Nang le Toka, Ea behang lintho tsohle libakeng tse li ts'oanetseng, ho ea ka bohlale ba Hae, tsebo ea Hae le matla a Hae. Kahoo, ha ho ea lumelleha hore A bapisoe le 'mopo oa Hae, ka sefahleho sa Hae le lifahleho tsa bona. Ke kahoo Eena Ea Phahameng A hlakisitseng bukeng ea Hae: hore mushrikuna ba ne ba lumela hore ke Eena 'Mopi, Mofani oa lijo, Motsamaisi oa litaba le hore ke Eena Ea arabang ea tsietsing, Ea tlosang bobe, Ea phelisang le ho baka lefu, hammoho le tse ling tsa liketso tsa Hae, Ea Phahameng. Khang lipakeng tsa barapeli ba lits'oants'o le Barumuoa ene ele mabapi le bots'epehi ba borapeli ho Allah A le Mong Feela, joalokaha Eena Ea Phahameng A itse:
﴿وَلَئِن سَأَلۡتَهُم مَّنۡ خَلَقَهُمۡ لَيَقُولُنَّ ٱللَّهُ...﴾
{'Me ha u ba botsa hore na ke mang a ba bopileng, ba tla re, 'ke Allah...'} [Az-Zukhruf: 87], EA phahameng O boetse O re:
﴿قُلۡ مَن يَرۡزُقُكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِ أَمَّن يَمۡلِكُ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡأَبۡصَٰرَ وَمَن يُخۡرِجُ ٱلۡحَيَّ مِنَ ٱلۡمَيِّتِ وَيُخۡرِجُ ٱلۡمَيِّتَ مِنَ ٱلۡحَيِّ وَمَن يُدَبِّرُ ٱلۡأَمۡرَۚ فَسَيَقُولُونَ ٱللَّهُۚ فَقُلۡ أَفَلَا تَتَّقُونَ31﴾
{E-re: ‘Ke mang ea le fang phepelo ho tsoa leholimong le lefatsʼeng? Kapa ke mang ea nang le taolo holim’a kutlo le pono? Ke mang ea ntšang ea phelang ho ea shoeleng, le ea shoeleng ho ea phelang? Hape ke mang ea laolang litaba tsohle?’ Ba tla re: ‘Ke Allah.’ Ebe u re: ‘Na ha le na ho Mo tšaba (ka ho Mo rapela A le Mong feela)?’} [Yunus: 31], ʼMe Litemana tse nang le moelelo ona li ngata haholo.
Ese e hlalositsoe hore litemana tse bonts'ang hore sesosa sa ho se lumellane ha baromuoa le lichaba ke malebana le ho rapela Molimo ka bots'epehi. Litemana tseo li kenyelletsa tse kang polelo ea Ea Matla ʼOhle:
﴿وَلَقَدۡ بَعَثۡنَا فِي كُلِّ أُمَّةٖ رَّسُولًا أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ وَٱجۡتَنِبُواْ ٱلطَّٰغُوتَ...﴾
{'Me ruri Re romelletse sechabeng se seng le se seng moromuoa, [ea reng], 'Khumamelang Allah le qobe melimo ea bohata...} [An-Nahl: 36], Le se tlileng ho tsoa litemaneng tse jereng moelelo oa eona. Eaba Eena, Ea Hlomphehang, O hlalosa taba ena ea bokena-lipakeng libakeng tse ngata kahare ho Buka ea Hae e Halalelang, joalokaha A itse:
﴿...مَن ذَا ٱلَّذِي يَشۡفَعُ عِندَهُۥٓ إِلَّا بِإِذۡنِهِ...﴾
{Ke mang ea ka buellang ba bang ntle le ka tumello ea Hae?...} [A-Baqarah: 255], Ea Matla ʼOhle O re hape:
﴿وَكَم مِّن مَّلَكٖ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ لَا تُغۡنِي شَفَٰعَتُهُمۡ شَيۡـًٔا إِلَّا مِنۢ بَعۡدِ أَن يَأۡذَنَ ٱللَّهُ لِمَن يَشَآءُ وَيَرۡضَىٰٓ26﴾
{Ke mangeloi a makae a leng maholimong, ao boemeli ba ’ona bo sa thuseng letho, ntle le ka mor’a hore Allah A fane ka tumello ho eo A mo ratang le eo A khahlisoang ke eena} [An-Najm: 26].
O itse Ha A hlalosa Mangeloi:
﴿...وَلَا يَشۡفَعُونَ إِلَّا لِمَنِ ٱرۡتَضَىٰ وَهُم مِّنۡ خَشۡيَتِهِۦ مُشۡفِقُونَ﴾
{...Ba ke ke ba buella mang kapa mang ntle le eo A mo lumelletseng 'me ba tletse letsoalo le ts'abo ka lebaka la ho Mo ts'aba} [Al-Anbiyāʼ: 28].
'Me Eena, Ea matla ʼOhle, O re tsebisitse hore Ha A amohele ho se lumele ho bahlanka ba Hae empa ho na le hoo, O amohela teboho ho bona, 'me teboho ke Bonngoe ba Hae le ho Mo mamela. Kahoo Eena, ea Phahameng, O itse:
﴿إِن تَكۡفُرُواْ فَإِنَّ ٱللَّهَ غَنِيٌّ عَنكُمۡۖ وَلَا يَرۡضَىٰ لِعِبَادِهِ ٱلۡكُفۡرَۖ وَإِن تَشۡكُرُواْ يَرۡضَهُ لَكُمۡ...﴾
{Haeba le sa lumele, ruri Allah Ha A le hloke. 'Me Ha A rate hore bahlanka ba Hae ba se lumele. Empa haeba le leboha, O tla le amohela...} [Az-Zumar: 7].
Al-Bukhari, o tlalehile bukeng ea Sahih ho tsoa ho Abu Hurairah - Eka Allah A ka khahlisoa ke Eena - hore o itse: “Oho Moromuoa oa Allah! Ke mang ea tla ba lehlohonolo ka ho fetisisa ka ho buelloa ke Uena?” A araba a re:
«مَنْ قَالَ: لَا إِلهَ إِلَّا اللهُ خَالِصًا مِنْ قَلْبِهِ».
“Mang kapa mang ea reng: Lā ilāha illā Allāh (Ha ho molimo ofe kapa ofe o tšoaneloang ke khumamelo haese Allah feela), ka botšepehi bo tsoang pelong ea hae.” Kapa o itse:
«مِنْ نَفْسِهِ».
“...ka botšepehi bo tsoang ho eena ka boeena.”
Ho Ṣaḥīḥ ho tsoa ho Anas (Allah A khahlisoe ke eena), hore Moprofeta ﷺ o itse:
«لِكُلِّ نَبِيٍّ دَعْوَةٌ مُسْتَجَابَةٌ، فَتَعَجَّلَ كُلُّ نَبِيٍّ دَعْوَتَهُ، وَإِنِّي اخْتَبَأْتُ دَعْوَتِي شَفَاعَةً لِأُمَّتِي يَوْمَ الْقِيَامَةِ، فَهِيَ نَائِلَةٌ إِنْ شَاءَ اللَّهُ مَنْ مَاتَ مِنْ أُمَّتِي لَا يُشْرِكُ بِاللَّهِ شَيْئًا».
“Moprofeta e mong le e mong o ile a fuoa thapelo e amoheloang, 'me moprofeta e mong le e mong o ile a potlakela ho e sebelisa. Empa 'na ke boloketse thapelo ea ka hore e be boemeli (Shafāʿah) bakeng sa Ummah ea ka ka Letsatsi la Tsoho. Ka thato ea Allah, bo tla fihlela mang kapa mang ea shoang har'a Ummah ea ka a sa kopanya Allah le letho (khumamelong).” Li-Hadith tse nang le moelelo ona li ngata.
Tsohle tseo re li boletseng ho tsoa litemaneng tsa Qur’ān le li-Hadith li bontša hore khumamelo ke tokelo ea Allah feela, le hore ha ho lumelloe ho lebisa karolo leha e le efe ea khumamelo ho e mong ntle le Allah, ebang ke baprofeta kapa ba bang. Hape li bontša hore boemeli (Ash-Shafāʿah) ke ba Allah feela, joalokaha A boletse:
﴿قُل لِّلَّهِ ٱلشَّفَٰعَةُ جَمِيعٗا...﴾
{E-re: Boemeli bohle ke ba Allah...} [Az-Zumar: 44] Ha ho motho ea tla bo fuoa ntle le ka mor’a hore Allah A fane ka tumello ho ea tla buella, le hore A khahlisoe ke eo ho buelloang molemong oa hae. Allah ha A khahlisoe haese ke Tawḥīd, joalokaha ho se ho hlalositsoe pejana. Ka hona, mushrikuna (barapeli ba melingoana) ha bana tokelo ea hore ba buelelloe 'me Allah O hlakisitse sena polelong ea Hae, Ha A re:
﴿فَمَا تَنفَعُهُمۡ شَفَٰعَةُ ٱلشَّٰفِعِينَ 48﴾
{Kahoo boemeli ba babuelli bo ke ke ba ba thusa ka letho} [Al-Muddaththir: 48], ʼMe Ea phahameng O re:
﴿...مَا لِلظَّٰلِمِينَ مِنۡ حَمِيمٖ وَلَا شَفِيعٖ يُطَاعُ﴾
{...Baetsi ba bokhopo ba ke ke ba ba le motsoalle ea haufi, leha e le mokena-lipakeng eo boemeli ba hae bo ka amoheloang} [Ghafir: 18].
Ho ea tsebahala hore bokhopo ka bobona bo tsamaisana le ho kopanya Allah borapeling, joalokaha Ea Phahameng A itse:
﴿...وَٱلۡكَٰفِرُونَ هُمُ ٱلظَّٰلِمُونَ﴾
{...'Me ba sa lumeleng ke bona baetsi ba bokhopo} [Al-Baqarah: 254], 'Me Ea Holimo-limo O itse hape:
﴿...إِنَّ ٱلشِّرۡكَ لَظُلۡمٌ عَظِيمٞ﴾
{Ruri, ho kopanya Allah borapeling ke bokhopo (ho hloka toka) bo boholo} [Luqman: 13].
Ha e le seo u se boletseng potsong ea hao mabapi le mantsoe ao ba bang ba Masufi ba a buang ka har’a masjid le libakeng tse ling:
“Allah, romela litlhohonolofatso ho eo U mo entseng sesosa sa ho senoloa ha liphiri tsa Hao tsa borena bo phahameng (al-jabarūtiyyah), le ho hlaha ha mabone a mohau oa Hao (ar-raḥmāniyyah), hoo a ileng a fetoha moemeli oa Boteng ba Bomolimo (al-ḥadhrah ar-rabbāniyyah), le mohlahlami oa liphiri tsa Bo-Uena ba Hao (asrār adh-dhātiyyah)...”, joalo-joalo.
Karabo ke hore ho thoe:
Mantsoe ana le a tšoanang le ’ona a kena tlas’a ho iketsa lintho tse boima le ho fetelletsa litaba (at-takalluf wat-tanaṭṭuʿ), tseo Moprofeta oa rona Muhammad ﷺ a ileng a re lemosa ka tsona. Ho ile ha tlalehoa ke Muslim ka ho Ṣaḥīḥ ea hae ho tsoa ho ʿAbdullāh ibn Masʿūd (Allah A khahlisoe ke eena), hore Moromuoa oa Allah ﷺ o itse:
«هَلَكَ المُتَنَطِّعُونَ» قَالَهَا ثَلَاثًا.
“Ba fetelletsang litabeng ba timetse.” O ile a pheta mantsoe ana hararo.
Imām Al-Khaṭṭābī (Allah A mo hauhele) o itse: “Al-Mutanaṭṭiʿ (ea fetelletsang litabeng) ke motho ea tebang haholo nthong e itseng, ea iketsang hore a batlisise litaba tseo ka thata le ka boima; ka tsela ea batho ba thuto ea polelo (Ahlul-Kalām) ba kenellang linthong tse sa ba ameng, ’me ba kenella litabeng tseo likelello tsa bona li sa khoneng ho li fihlela.”
’Me Abū As-Saʿādāt Ibn Al-Athīr (Allah A mo hauhele) o itse: Ke batho ba tebang haholo litabeng tsa puo, ba fetelletsang ho bua, ba buang ka matla haholo ho fihlela qetellong ea melala ea bona. Lentsoe lena le nkiloe ho an-naṭʿ, e leng karolo e ka holimo ea molomo (ka hare ho lehano). Hamorao la sebelisoa bakeng sa motho e mong le e mong ea tebang haholo le ho feteletsa litabeng tsa hae, ebang ke ka mantsoe kapa ka liketso.
Ka seo li-Imām tsena tse peli tsa litsebi tsa puo li se boletseng, ho hlakile ho uena le ho mang kapa mang ea nang le kutloisiso e fokolang feela, hore mokhoa ona oa ho romela litlhohonolofatso le khotso ho Moprofeta oa rona le monghali oa rona Moromuoa oa Allah ﷺ o kena tlas’a ho iketsa lintho tse boima le ho fetelletsa litaba (at-takalluf wat-tanaṭṭuʿ), hoo ho hanetsoeng. ’Me se loketseng lemosleme tabeng ena ke hore a batle le ho latela mokhoa o tiisitsoeng o tsoang ho Moromuoa oa Allah ﷺ oa tsela ea ho romela litlhohonolofatso (ṣalāh) le khotso ho eena.
’Me seo se lekane ebile sea mo khotsofatsa, ha a hloke ho batla mekhoa e meng ntle ho sona.
Har'a tsona ke se tlalehiloeng ke Al-Bukhari le Muslim kahar'a libuka tsa bona tsa Sahih ho tsoa ho Ka'b ibn 'Ujrah – eka Allah A ka khahlisoa ke Eena – hore Barutuoa – eka Allah A ka khahlisoa ke bona – ba ile ba re: Oho Moromuoa oa Allah! Allah O re laetse ho u rapella; joale re lokela ho u rapella joang? O ile A re:
«قُولُوا: اللَّهُمَّ صَلِّ عَلَى مُحَمَّدٍ وَعَلَى آلِ مُحَمَّدٍ كَمَا صَلَّيْتَ عَلَى إِبرَاهِيمَ وَعَلَى آلِ إِبرَاهِيمَ، إِنَّكَ حَمِيدٌ مَجِيدٌ، وَبَارِكْ عَلَى مُحَمَّدٍ وَعَلَى آلِ مُحَمَّدٍ كَمَا بَارَكْتَ عَلَى إِبرَاهِيمَ وَعَلَى آلِ إِبرَاهِيمَ إِنَّكَ حَمِيدٌ مَجِيدٌ».
“Le re: 'Oho Allah, isa litlhohonolofatso ho Muhammad le ho ba lelapa la Muhammad joalokaha U ile Oa isa litlhohonolofatso ho Ibrāhīm (Abrahama) le ho ba lelapa la
Ibrāhīm. Ruri, U Ea Bokoang le ho Tlotleha. 'Me U hlohonolofatse Muhammad le ba lelapa la Muhammad joalokaha U ile Oa hlohonolofatsa
Ibrāhīm le ho ba lelapa la
Ibrāhīm. Ruri, U Ea Bokoang le ho Tlotleha.'”
Ho Ṣaḥīḥayn (Bukhārī le Muslim) ho tsoa ho Abū Ḥumayd As-Sāʿidī (Allah A khahlisoe ke eena), hore ba itse: “Oho Moromuoa oa Allah! Re lokela ho u romella litlhohonolofatso joang?”
Eaba o re:
«قُولُوا: اللَّهُمَّ صَلِّ عَلَى مُحَمَّدٍ وَعَلَى أَزْوَاجِهِ وَذُرِّيَّتِهِ كَمَا صَلَّيْتَ عَلَى آلِ إِبرَاهِيمَ، وَبَارِكْ عَلَى مُحَمَّدٍ وَعَلَى أَزْوَاجِهِ وَذُرِّيَّتِهِ كَمَا بَارَكْتَ عَلَى آلِ إِبرَاهِيمَ، إِنَّكَ حَمِيدٌ مَجِيدٌ».
“E reng: Oho Allah! Romela litlhohonolofatso ho Muhammad le ho basali ba hae le bana ba hae, joalokaha U rometse litlhohonolofatso ho lelapa la Ibrāhīm (Abrahama). ’Me u hlohonolofatse Muhammad le basali ba hae le bana ba hae, joalokaha U hlohonolofalitse lelapa la Ibrāhīm. Ruri, U Ea Rorisoang haholo, Ea Khanyang haholo.”
Ho Ṣaḥīḥ Muslim ho tsoa ho Abū Masʿūd Al-Anṣārī (Allah A khahlisoe ke eena), o itse: Bashīr ibn Saʿd o itse: ‘Oho Moromuoa oa Allah! Allah O re laetse hore re u romelle litlhohonolofatso; joale re lokela ho u romella litlhohonolofatso joang?’ Eaba (Moprofeta ﷺ) a khutsa, ’me hamorao a re:
«قُولُوا: اللَّهُمَّ صَلِّ عَلَى مُحَمَّدٍ وَعَلَى آلِ مُحَمَّدٍ؛ كَمَا صَلَّيْتَ عَلَى آلِ إِبرَاهِيمَ، وَبَارِكْ عَلَى مُحَمَّدٍ وَعَلَى آلِ مُحَمَّدٍ؛ كَمَا بَارَكْتَ عَلَى آلِ إِبرَاهِيمَ فِي العَالَمِينَ، إِنَّكَ حَمِيدٌ مَجِيدٌ، وَالسَّلَامُ كَمَا عَلِمتُم».
“E reng: Oho Allah! Romela litlhohonolofatso ho Muhammad le ho lelapa la Muhammad, joalokaha U rometseng litlhohonolofatso ho lelapa la Ibrāhīm. ’Me u hlohonolofatse Muhammad le lelapa la Muhammad, joalokaha U hlohonolofalitse lelapa la Ibrāhīm har’a lichaba. Ruri, U Ea Rorisoang haholo, Ea Khanyang haholo. ’Me khotso (le e bue) kamoo le ithutileng kateng.”
Mantsoe ana le a tšoanang le ’ona, le a mang ao a tiisitsoeng hore a tsoa ho Moprofeta ﷺ, ke ’ona ao lemosleme le lokelang ho a sebelisa ha a romela litlhohonolofatso le khotso ho Moromuoa oa Allah ﷺ. Hobane Moromuoa ﷺ ke eena ea tsebang batho bohle ka ho fetisisa hore na ke mantsoe afe a loketseng ho sebelisoa ka eena, joalo ka ha e le eena ea tsebang batho bohle ka ho fetisisa hore na ke mantsoe afe a lokelang ho sebelisoa mabapi le Mong’a hae (Allah).
Ha e le mantsoe a qapiloeng le a sa tsoa qaptjoa, le mantsoe a ka ’nang a ba le moelelo o fosahetseng, joalo ka mantsoe a boletsoeng potsong, ha aa lokela ho sebelisoa ka lebaka la tlhaho ea ’ona e qapiloeng, le hobane a ka ’na a hlalosoa ka moelelo o fosahetseng, ho phaella tabeng ea ho ba khahlanong le mantsoe ao Moromuoa oa Allah ﷺ, a a khethileng le ho tataisa sechaba sa hae ho ’ona, Eena ke e mong oa ba nang le tsebo le keletso e molemo ka ho fetisisa lipelong tsa batho le ho ba hole le boikhohomoso, ’me ea hole ka ho fetisisa le ho qaptjoa, e se eka lithapelo tse ntle ka ho fetisisa le khotso li ka ba holim’a hae ho tsoa ho Morena oa hae.
Sena ke seo re se boletseng. Ke tšepa hore bopaki boo re bo hlahisitseng bo hlakisang ’nete ea Tawḥīd (ho rapela Allah A le Mong feela), ’nete ea Shirk (ho kopanya ba bang le Allah khumamelong), phapang pakeng tsa seo bahetene ba pele ba neng ba le ho sona le seo bahetene ba morao-rao ba leng ho sona tabeng ena, hammoho le tlhaloso ea mokhoa o lumelletsoeng oa ho romela litlhohonolofatso ho Moromuoa oa Allah ﷺ, li lekane ebile li khotsofatsa motho ea batlang ’nete. Empa ha e le motho ea se nang takatso ea ho tseba ’nete, eena o latela litakatso tsa hae. Allah Ea Phahameng o itse:
﴿فَإِن لَّمۡ يَسۡتَجِيبُواْ لَكَ فَٱعۡلَمۡ أَنَّمَا يَتَّبِعُونَ أَهۡوَآءَهُمۡۚ وَمَنۡ أَضَلُّ مِمَّنِ ٱتَّبَعَ هَوَىٰهُ بِغَيۡرِ هُدٗى مِّنَ ٱللَّهِۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلظَّٰلِمِينَ50﴾
{Haeba ba sa u arabe, tseba hore ba latela litakatso tsa bona feela. ’Me ke mang ea khelohileng ho feta ea latelang takatso ea hae ntle le tataiso e tsoang ho Allah? Ruri Allah ha A tataise batho ba etsang bokhopo} [Al-Qasas: 50].
Kahoo Allah Ea Tlotlehang O hlakisitse temaneng ena e khabane hore batho, mabapi le tataiso le bolumeli ba ’nete boo Allah A bo rometseng le Moprofeta oa Hae Muhammad ﷺ, ba arotsoe likarolo tse peli:
Ea pele: Ke ea arabelang pitso ea Allah le Moromuoa oa Hae.
Ea bobeli: Ke ea latelang litakatso tsa hae; Joale Allah Ea Khanyang O ile a bolela hore ha ho motho ea khelohileng ho feta ea latelang takatso ea hae ntle le tataiso e tsoang ho Allah.
Ka hona re kopa Allah Ea Phahameng hore A re sireletse ho lateleng litakatso tsa rona, ’me A re etse rona, lona, le banab’abo rona bohle ba arabelang pitso ea Allah le Moromuoa oa Hae ﷺ; ba hlomphang molao oa Hae (Sharīʿah), le ba lemosang khahlanong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hanyetsanang le molao oa Hae, e kang boqapi bolumeling (bidʿah) le litakatso tse khelohileng. Ruri Eena ke Ea fanang haholo, Ea Fanang ka seatla se bulehileng.
’Me khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim’a mohlanka oa Hae le Moromuoa oa Hae; Moprofeta oa rona Muhammad, le lelapa la hae, barutuoa ba hae, le bohle ba ba latelang ka bokhabane ho fihlela Letsatsing la Kahlolo.
Tlhokomeliso khahlanong le bid‘ah (boiqapelo tumelong)
ʼAbdul ʼAziz ibn ʼAbdullah ibn Baz
Buka ena e lemosa khahlanong le ho keteka Mawlid le Bid‘ah tse ling tse sa kang tsa tla ka har’a Buka ea Allah le Sunnah ea Moprofeta ﷺ. Buka e ipapisitse le bopaki ba Sharī‘ah bo tsoang ka har'a Qur’an le Sunnah, ebile e hlakisa hore tlatsetso efe kapa efe e sa kang ea beoa molaong ke Bid‘ah e lokelang ho qojoa.
***
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Lengolo la Bohlano:
Kahlolo ea ho keteka letsatsi la tsoalo la Moprofeta ﷺ (Mawlid an-Nabawī), le mekete e meng ea matsatsi a tsoalo (Mawālid)
Ho rorisoe Allah ‘me khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim’a Moromuoa oa Allah le ho ba lelapa la hae le barutuoa ba hae, hammoho le bohle ba latelang tataiso ea hae.
Joale ha re tsoeleng pele: Batho ba bangata ba ile ba botsa khafetsa mabapi le kahlolo ea ho keteka letsatsi la tsoalo la Moporofeta ﷺ, ho ema ka tlhompho bakeng sa hae nakong ea mokete oo, ho mo lumelisa le lintho tse ling tse etsoang meketeng eo.
Karabo ke ena: Ha hoa lumelloa ho keteka letsatsi la tsoalo la Moromuoa ﷺ kapa la motho ofe kapa ofe, hobane seo ke e 'ngoe ea litlhahiso tse ncha (bid'ah) tse kentsoeng bolumeling. Lebaka ke hore Moromuoa ﷺ ha aa ka a se etsa, leha e le Khulafā tsa hae ba tataisitsoeng hantle, kapa Sahabah ba bang (Allah A khahlisoe ke bona), kapa Tabi'een ba ileng ba ba latela ka bokhabane melokong e molemo ka ho fetisisa. Ke bona ba neng ba tseba Sunnah hantle ka ho fetisisa, ba bile ba e-na le lerato le phethahetseng ka ho fetisisa ho Moromuoa ﷺ, hape ba ne ba latela molao oa hae ka botlalo ho feta bohle ba ileng ba tla ka mor'a bona, Allah Ea phahameng O itse Bukeng ea Hae e hlakileng:
﴿...وَمَآ ءَاتَىٰكُمُ ٱلرَّسُولُ فَخُذُوهُ وَمَا نَهَىٰكُمۡ عَنۡهُ فَٱنتَهُواْ...﴾
{…Seo Moromuoa a le fang sona, le se amohele; 'me seo a le thibelang sona, le se tlohele…}
[Al-Hashr: 7]. Hape, Ea Halalelang le Ea Tlotlehang o itse:
﴿...فَلۡيَحۡذَرِ ٱلَّذِينَ يُخَالِفُونَ عَنۡ أَمۡرِهِۦٓ أَن تُصِيبَهُمۡ فِتۡنَةٌ أَوۡ يُصِيبَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ﴾
{...Kahoo, ba hanyetsang taelo ea hae (ea Moromuoa ﷺ) ba tsʼoanetse ho itlhokomela, esere ba hlaheloa ke teko (fitnah), kapa ba otloa ke kotlo e bohloko} [An-Nūr: 63] Allah Ea Phahameng O boetse O re:
﴿لَّقَدۡ كَانَ لَكُمۡ فِي رَسُولِ ٱللَّهِ أُسۡوَةٌ حَسَنَةٞ لِّمَن كَانَ يَرۡجُواْ ٱللَّهَ وَٱلۡيَوۡمَ ٱلۡأٓخِرَ وَذَكَرَ ٱللَّهَ كَثِيرٗا21﴾
{Ruri ho Moromuoa oa Allah (ﷺ) le na le mohlala o motle oo le lokelang ho o latela, bakeng sa ea nang le tšepo ho Allah le Letsatsi la ho Qetela, le ea hopolang Allah haholo} [Al-Aḥzāb: 21] Hape Allah O itse:
﴿وَٱلسَّٰبِقُونَ ٱلۡأَوَّلُونَ مِنَ ٱلۡمُهَٰجِرِينَ وَٱلۡأَنصَارِ وَٱلَّذِينَ ٱتَّبَعُوهُم بِإِحۡسَٰنٖ رَّضِيَ ٱللَّهُ عَنۡهُمۡ وَرَضُواْ عَنۡهُ وَأَعَدَّ لَهُمۡ جَنَّٰتٖ تَجۡرِي تَحۡتَهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَآ أَبَدٗاۚ ذَٰلِكَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡعَظِيمُ100﴾
{Ba ileng ba ipabola har'a Bafalli (Muhājirīn) le Bathusi (Anṣār), hammoho le ba ileng ba ba latela ka bokhabane, Allah O khahliloe ke bona, le bona ba khahliloe ke Eena. O ba lokiselitse lirapa tseo linoka li phallang ka tlas'a tsona, moo ba tla lula teng ka ho sa feleng. Eo ke katleho e kholo ka ho fetisisa} [At-Tawbah: 100] Allah Ea phahameng O itse:
﴿...ٱلۡيَوۡمَ أَكۡمَلۡتُ لَكُمۡ دِينَكُمۡ وَأَتۡمَمۡتُ عَلَيۡكُمۡ نِعۡمَتِي وَرَضِيتُ لَكُمُ ٱلۡإِسۡلَٰمَ دِينٗا...﴾
{...Kajeno Ke phethetse bolumeli ba lona sebakeng sa lona, ka phetha mohau oa Ka holim’a lona, ’me Ka le khethela Islam hore e be bolumeli ba lona...} [Al-Mā’idah: 3]. 'Me litemana tse nang le moelelo ona li ngata haholo. Ho tlalehiloe ka netefatso ho tsoa ho Moporofeta ﷺ hore o itse:
«مَنْ أَحْدَثَ فِي أَمْرِنَا هَذَا مَا لَيْسَ مِنهُ فَهُوَ رَدٌّ».
“Mang kapa mang ea qapang tabeng ena ea rona (ea bolumeli) ntho eo e seng karolo ea eona, e tla hanoa (ha e na amoheloa).” Ke hore: e tla latoloa le ho se amoheloe, ʼMe o itse ho Hadith e ’ngoe:
«عَلَيكُم بِسُنَّتِي وَسُنَّةِ الخُلَفَاءِ الرَّاشِدِينَ المَهْدِيَّينَ مِنْ بَعدِي، تَمَسَّكُوا بِهَا، وَعَضُّوا عَلَيهَا بِالنَّوَاجِذِ، وَإِيَّاكُمْ وَمُحْدَثَاتِ الأُمُورِ، فَإِنَّ كُلَّ مُحْدَثَةٍ بِدْعَةٌ وَكُلَّ بِدْعَةٍ ضَلَالةٌ».
“Khomarelang Sunnah ea ka le Sunnah ea Li-khalifah tse tataisitsoeng hantle ba tlang ka mor'a ka. E tšoarelleng ka tieo, 'me le e khomarele ka matla. Le ele hloko lintho tse ncha tse qapiloeng bolumeling, hobane ntho e 'ngoe le e 'ngoe e ncha e qapiloeng bolumeling ke bid'ah, 'me bid'ah e 'ngoe le e 'ngoe ke tahleho.” Hadith tsena tse peli li na le temoso e matla khahlanong le ho qapa le ho latela maiqapelo (bid‘ah),
Ho qapa mekete e joalo ea matsatsi a tsoalo ho fana ka maikutlo a hore Allah Ea Halalelang le Ea Phahameng ha aa ka a phethahatsa bolumeli bona bakeng sa sechaba sena, le hore Moromuoa ﷺ ha aa ka a fetisa tsohle tseo sechaba se lokelang ho li etsa. Eaba ho tla batho ba morao-rao, ba qapa lintho bolumeling ba Allah tseo A sa kang A li lumella, ba ipolela hore lintho tseo li ba atametsa ho Allah. Ntle ho pelaelo, sena ke kotsi e kholo ebile ke ho hanyetsa Allah Ea Matla ʼOhle le Moromuoa oa Hae ﷺ. Allah O phethetse bolumeli ba Hae bakeng sa bahlanka ba Hae ’me A phethahatsa mohau oa Hae holim’a bona. Moromuoa ﷺ o ile a fetisa molaetsa ka ho hlaka ’me ha a ka a siea tsela leha ele efe e isang Paradeiseng le e suthisang motho Mollong ntle le hore a e hlalosetse sechaba. Sena se netefatsoa ke hadith e sahih e tsoang ho Abdullah ibn ‘Amr (Allah A khahlisoe ke eena) ea reng Moromuoa oa Allah ﷺ o itse:
«مَا بَعَثَ اللهُ مِن نَبِيٍ إِلَّا كَانَ حَقًّا عَلَيهِ أَن يَدُلَّ أُمَّتَهُ عَلَى خَيرِ مَا يَعْلَمُهُ لَهُم، وَيُنْذِرَهُمْ شَرَّ مَا يَعْلَمُهُ لَهُمْ».
“Allah ha A e-s'o romele Moprofeta leha e le ofe ntle le hore e be tlamo ho eena ho tataisa sechaba sa hae molemong o moholo ka ho fetisisa oo a o tsebang bakeng sa bona, le ho ba lemosa ka bobe bo boholo ka ho fetisisa boo a bo tsebang bakeng sa bona.” E tlalehiloe ke Muslim bukeng ea hae ea Sahih.
Ho tsebahala hore Moprofeta oa rona ﷺ ke eena ea molemo ka ho fetisisa har'a baprofeta, ke eena oa ho qetela ho bona, hape ke eena ea ileng a fetisa molaetsa ka botlalo le ho eletsa sechaba sa hae ka mokhoa o phethahetseng. Ka hona, hoja ho keteka matsatsi a tsoalo (Mawlid) e ne e le karolo ea bolumeli boo Allah Ea Halalelang le Ea Phahameng A bo ratang, Moromuoa ﷺ a ka be a ile a bo hlalosetsa sechaba sa hae, kapa a bo etsa nakong ea bophelo ba hae, kapa Sahabah tsa hae (Allah A khahlisoe ke bona) ba ka be ba ile ba bo etsa. Kaha ha ho le e 'ngoe ea lintho tseo e ileng ea etsahala, hoa tsebahala hore mokete oo ha se karolo ea Islam. Ho e-na le hoo, ke tse ling tsa litlhahiso tse ncha (bid'ah) tseo Moromuoa ﷺ a ileng a lemosa sechaba sa hae khahlanong le tsona, joalokaha ho se ho boletsoe li-haditheng tse fetileng. 'Me litemana tsa Qur'ān le li-hadith tse buang ka taba ena li ngata haholo.
Sehlopha sa litsebi se boletse ka ho hlaka hore se hana mekete ea Mawlid, 'me sa lemosa batho khahlanong le eona, ka ho sebetsa ho latela bopaki bo boletsoeng pejana le bo bong. Leha ho le joalo, ba bang ba litsebi ba tlileng morao ba ile ba e lumella haeba e sa kenyeletse lintho tse hanetsoeng ke Shari‘ah, tse kang ho feteletsa thoriso ea Moromuoa ﷺ, kapa ho kopana ha banna le basali, kapa ho sebelisa lisebelisoa tsa boithabiso, le lintho tse ling tseo Shari‘ah e hloekileng e li hanang. Ba ne ba nahana hore Mawlid ke e 'ngoe ea bid'ah e ntle (bid'ah hasanah).
Litsela tse nepahetseng tsa semolao: ke hore litaba tseo batho ba sa lumellaneng ka tsona li khutlisetsoe Bukeng ea Allah le Sunnah ea Moromuoa oa Hae Muhammad ﷺ joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse:
﴿يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ أَطِيعُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُواْ ٱلرَّسُولَ وَأُوْلِي ٱلۡأَمۡرِ مِنكُمۡۖ فَإِن تَنَٰزَعۡتُمۡ فِي شَيۡءٖ فَرُدُّوهُ إِلَى ٱللَّهِ وَٱلرَّسُولِ إِن كُنتُمۡ تُؤۡمِنُونَ بِٱللَّهِ وَٱلۡيَوۡمِ ٱلۡأٓخِرِۚ ذَٰلِكَ خَيۡرٞ وَأَحۡسَنُ تَأۡوِيلًا59﴾
{Lona ba lumetseng! Mamelang Allah, le mamele Moromuoa, le ba nang le bolaoli har'a lona. Haeba le sa lumellane tabeng efe kapa efe, e khutlisetseng ho Allah le ho Moromuoa, haeba le lumela ho Allah le Letsatsi la Bofelo. Seo se molemo haholo, 'me se hlahisa sephetho se setle ka ho fetisisa} [An-Nisā’: 59], 'Me Molimo ea phahameng O itse:
﴿وَمَا ٱخۡتَلَفۡتُمۡ فِيهِ مِن شَيۡءٖ فَحُكۡمُهُۥٓ إِلَى ٱللَّهِ ...﴾
{'Me eng kapa eng eo le sa lumellaneng ka eona, kahlolo ea eona e khutlela ho Allah...}
[Ash-Shūrā: 10].
Re khutliselitse taba ena ea ho keteka Mawlid Bukeng ea Allah ’me ra fumana hore e re laela ho latela Moromuoa ﷺ ho seo a se tlisitseng, e re lemosa khahlanong le seo a se thibetseng, hape e re tsebisa hore Allah O phethetse bolumeli ba sechaba sena. Mokete ona ha se karolo ea seo Moromuoa ﷺ a se tlisitseng; ka hona ha se karolo ea bolumeli boo Allah A re phethetseng bona le boo A re laetseng ho latela Moromuoa ho bona.
Re boetse ra khutlisetsa taba ena ho Sunnah ea Moromuoa ﷺ empa ha rea ka ra fumana hore o ile a e etsa kapa a laela hore e etsoe kapa hore barutuoa ba hae (Allah abe le Thabo le bona) ba ile ba e etsa. Ka hona ra tseba hore ha se karolo ea bolumeli empa ke bid‘ah e iqapetsoeng le ho etsisa Bajuda le Bakreste meketeng ea bona.
Ka hona, e hlakela motho e mong le e mong ea nang le chebelo pele le ho lakatsa 'nete le toka ho e tsomeng: hore ho keteka matsatsi a tsoalo ha se karolo ea Islam empa e le ntho e ncha e iqapetsoeng eo Allah le Moromuoa oa Hae ﷺ ba re laetseng ho e qoba le ho e ela hloko. 'Me motho ea bohlale ha a lokela ho thetsoa ke palo e kholo ea batho ba etsang joalo linaheng tse ling hobane 'nete ha e tsebahale ka palo ea ba e etsang, empa e tsebahala ka bopaki ba molao oa bolumeli joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A boletse mabapi le Bajuda le Bakreste:
﴿وَقَالُواْ لَن يَدۡخُلَ ٱلۡجَنَّةَ إِلَّا مَن كَانَ هُودًا أَوۡ نَصَٰرَىٰۗ تِلۡكَ أَمَانِيُّهُمۡۗ قُلۡ هَاتُواْ بُرۡهَٰنَكُمۡ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ111﴾
{Ba re: ‘Ha ho ea tla kena Paradeiseng haese ea leng Mojuda kapa Mokreste.’ Tseo ke litakatso tsa bona feela. E re: ‘Tlisang bopaki ba lona haeba le bua 'nete’ 111} [Al-Baqarah: 111], 'Me Allah Ea Phahameng O itse:
﴿وَإِنْ تُطِعْ أَكْثَرَ مَنْ فِي الْأَرْضِ يُضِلُّوكَ عَنْ سَبِيلِ اللَّهِ...﴾
{Haeba u ka mamela boholo ba ba leng lefatšeng, ba tla u khelosa tseleng ea Allah...} [Al-An'am: 116],
Ho feta moo, boholo ba mekete ena ea Mawlid, ntle le hore e le bid'ah, hangata ha e hloke lintho tse ling tse hanetsoeng. Tse ling tsa tsona ke ho kopana ha banna le basali, tšebeliso ea lipina le lisebelisoa tsa 'mino, ho noa lino tse tahang le ho sebelisa lithethefatsi tse tahang, hammoho le bobe bo bong bo bongata. Hape ho ka etsahala bobe bo boholo ho feta boo, e leng Shirk e Kholo. Sena se etsahala ka ho feteletsa thoriso ea Moromuoa ﷺ kapa ea batho ba bang ba bitsoang bahalaleli (Awliyāʼ), ka ho ba rapela, ho kopa thuso ho bona, ho ba kopa tšehetso le pholoso, kapa ka ho lumela hore ba tseba tse sa bonahaleng (ghayb), le lintho tse ling tsa bofetoheli tse etsoang ke batho ba bangata nakong ea mekete ea letsatsi la tsoalo la Moprofeta ﷺ kapa la ba bang bao ba ba bitsang bahalaleli.
Ho netefalitsoe hore Moromuoa oa Allah ﷺ o itse:
«إِيَّاكُم وَالغُلُوُّ فِي الدِّينِ، فَإِنَّمَا أَهْلَكَ مَن كَانَ قَبْلَكُم الغُلُوَّ فِي الدِّينِ».
“Hlokomelang ho feteletsa lintho tumelong, kaha ho feteletsa lintho tumelong ho timelitse bao ba tlileng pele ho lona.” Eaba ﷺ O re:
«لَا تُطْرُونِي كَمَا أَطْرَتِ النَّصَارَى ابْنَ مَرْيَمَ، إِنَّمَا أَنَا عَبدٌ، فَقُولُوا: عَبدُ اللهِ وَرَسُولُه».
“Le se nthorise joalokaha Bakreste ba ile ba rorisa mor'a Maria. Ke mohlanka feela, ka hona le-re: Mohlanka oa Allah le Moromuoa oa Hae.” E tlalehiloe ke Al-Bukhari, ka tlaleho ea Umar bin Khattab - eka Allah A ka khahlisoa ke Eena.
Har'a lintho tse makatsang le tse hlollang ke hore batho ba bangata ba ba mafolofolo ebile ba ikitlaelletsa ho ea meketeng ena e qapiloeng (bid'ah), ba bile ba e sireletsa. Empa ka nako e tšoanang ba hlokomoloha seo Allah A ba laetseng sona, joalo ka ho ba teng lithapelong tsa Jumu'ah le lithapelong tsa phutheho (Jamā'ah). Ha ba tšoenyehe ka seo, ebile ha ba bone eka ba entse sebe se seholo. Ha ho pelaelo hore sena ke pontšo ea bofokoli ba tumelo (Īmān), ho haella ha temoho le kutloisiso e nepahetseng, le hobane lipelo li koahetsoe ke mefuta e mengata ea libe le litlolo tsa molao. Re kopa Allah hore A re fe polokeho le tšireletso, hammoho le Mamosleme 'ohle.
Har'a lintho tseo hape ke hore batho ba bang ba lumela hore Moromuoa oa Allah ﷺ o ba teng moketeng oa Mawlid. Ka lebaka leo, baa ema ba mo lumelisa le ho mo amohela. Sena ke a mang a mashano a maholo ka ho fetisisa le ho hloka tsebo ho hobe ka ho fetisisa. Ka nnete, Moromuoa ﷺ a ke ke a tsoa lebitleng la hae pele ho Letsatsi la Tsoho. Hape ha a kopane le motho leha e le ofe lefatšeng lena, ebile ha a be teng likopanong tsa bona. Ho e-na le hoo, o lula lebitleng la hae ho fihlela Letsatsi la Tsoho, athe moea oa hae o sebakeng se phahameng ka ho fetisisa ('Illiyyīn) ho Mong`a hae, Ntlong ea Tlotla, joalokaha Allah Ea Phahameng A itse:
﴿ثُمَّ إِنَّكُمْ بَعْدَ ذَلِكَ لَمَيِّتُونَ15 ثُمَّ إِنَّكُمْ يَوْمَ الْقِيَامَةِ تُبْعَثُونَ16﴾
{'Me ruri, kamor'a moo le tla shoa ele kannete15
Eaba ruri, ka Letsatsi la Tsoho le tla tsosoa hape16} [Al-Mu'minun: 15 - 16].
Moporofeta ﷺ o itse:
«أَنَا أَوَّلُ مَنْ يَنْشَقُّ عَنْهُ القَبْرُ يَومَ القِيَامَةِ، وَأَنَا أَوَّلُ شَافِعٍ، وَأَوَّلُ مُشَفَّعٍ».
“Ke tla ba oa pele eo lebitla la hae le tla buloa bakeng sa hae ka Letsatsi la Tsoho. Ke tla ba oa pele ho etsa boemeli (Shafā'ah), hape ke tla ba oa pele eo boemeli ba hae bo tla amoheloa.” Allah A mo hlohonolofatse ka lithapelo le khotso tse molemo ka ho fetisisa tse tsoang ho Eena.
Litemana tsena tse peli tse halalelang, hadith ena e halalelang le tsohle tse tlileng ka moelelo oa tsona ho tsoa litemaneng le lithutong (hadith) tsa Moporofeta - khotso ebe le Eena: kaofela li supa hore Moporofeta ﷺ
hammoho le bafu ba bang ba tla tsoa feela mabitleng a bona ka Letsatsi la Tsoho. 'Me taba ena ke e lumellanoeng ke litsebi tsa Mamoseleme, ha ho na khang lipakeng tsa tsona holim'a eona. Lemoseleme le leng le le leng le lokela ho ba hlokolosi ka litaba tsena 'me le elelloe litloaelo tse ncha tse iqapetsoeng hammoho le litumela-khoela tse tlisitsoeng ke ba hlokang tsebo le ba joaloka bona, tseo Molimo A sa kang A romela bopaki kapa matla holim'a tsona. Molimo ke Eena feela Eo ho kopuoang thuso ho Eena 'me ts'epo eohle e behiloe holim'a Hae 'me ha ho na matla kapa bokhoni haese ka Eena feela.
Ha e le ho romela lithapelo (litlhohonolofatso) le khotso holim'a Moromuoa ﷺ, hoo ke e 'ngoe ea liketso tse molemo ka ho fetisisa tse atametsang motho ho Allah, hape ke e 'ngoe ea mesebetsi e metle ka ho fetisisa. Joalokaha Allah Ea Phahameng A itse:
﴿إِنَّ ٱللَّهَ وَمَلَٰٓئِكَتَهُۥ يُصَلُّونَ عَلَى ٱلنَّبِيِّۚ يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ صَلُّواْ عَلَيۡهِ وَسَلِّمُواْ تَسۡلِيمًا56﴾
{Ruri Allah le Mangeloi a Hae ba romela litlhohonolofatso holim'a Moprofeta. Lona ba lumetseng! Mo rapelleng (romelang litlhohonolofatso sebakeng sa hae), 'me le mo lumelise ka litumeliso tse tletseng khotso khotso} [Al-Ahzab: 56], Moporofeta ﷺ o itse:
«مَنْ صَلَّى عَلَيَّ وَاحِدَةً؛ صَلَّى اللهُ عَلَيهِ بِهَا عَشْرًا».
“Mang kapa mang ea nthapellang hang feela, Allah O tla mo hlohonolofatsa ka lebaka la hoo ka makhetlo a leshome.” E lumelletsoe ka linako tsohle 'me e khothalletsoa ka ho khetholoha kamor'a thapelo e 'ngoe le e 'ngoe. Ka mantsoe a mang, e ea tlama ho ea ka sehlopha se seng sa barutehi ba litaba tsa Islam kahare ho Tashahhud ea thapelo e 'ngoe le e 'ngoe. Ho romela litlhohonolofatso le khotso holim'a Moromuoa ﷺ ho khothalletsoa haholo-holo maemong a mangata. A mang a ona ke:
ka mor'a Adhān,
ha ho boleloa lebitso la hae ﷺ, ka letsatsi la Labohlano (Jumu‘ah) le bosiung ba lona. Sena sohle se netefalitsoe ke li-hadith tse ngata.
Re kopa Allah hore A re atlehise, rona le Mamosleme 'ohle, ho utloisisa bolumeli ba Hae hantle le ho tiisetsa ho bona. Re boetse re mo kopa hore A re hauhele bohle ka ho re thusa ho khomarela Sunnah le ho itšireletsa khahlanong le bid'ah. Ruri, Ke Ea Fanang haholo, Ea Fanang ka seatla se bulehileng.
Allah A romele lithapelo le khotso holim'a Moprofeta oa rona Muhammad ﷺ, hammoho le ho ba lelapa la hae le ho barutuoa ba hae (Sahabah).
***
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Lengolo la bo botsʼelela:
Kahlolo ea ho keteka Bosiu ba Al-Isrāʼ le Al-Miʿrāj
Thoriso e be ho Allah 'me lithapelo le khotso li be holim'a Moromuoa oa Allah le holim'a ba lelapa la hae le barutuoa ba hae.
Ka mor'a moo: Ha ho pelaelo hore Al-Isrāʼ le Al-Miʿrāj ke e 'ngoe ea lipontšo tse kholo tsa Allah tse bontšang bonnete ba Moromuoa oa Hae Muhammad ﷺ, le boemo ba hae bo phahameng ho Allah Ea Khanyang le Ea Matla ʼOhle. Hape ke bopaki ba matla a maholo a Allah a sa lekanyetsoang, le hore Allah Ea Phahameng o kaholimo ho libopuoa tsohle tsa Hae. Allah Ea Khanyang le Ea Phahameng O itse:
﴿سُبۡحَٰنَ ٱلَّذِيٓ أَسۡرَىٰ بِعَبۡدِهِۦ لَيۡلٗا مِّنَ ٱلۡمَسۡجِدِ ٱلۡحَرَامِ إِلَى ٱلۡمَسۡجِدِ ٱلۡأَقۡصَا ٱلَّذِي بَٰرَكۡنَا حَوۡلَهُۥ لِنُرِيَهُۥ مِنۡ ءَايَٰتِنَآۚ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡبَصِيرُ1﴾
{Khanya e be ho Eena (Allah) Ea ileng a tsamaisa mohlanka oa Hae bosiu ho tloha Masjid Al-Harām ho ea Masjid Al-Aqṣā, eo re hlohonolofalitseng tikoloho ea eona, hore re mo bontše tse ling tsa lipontšo tsa Rona. Ruri Ke Eena Ea Utloang ka ho Fetisisa, Ea Bonang ka ho Fetisisa 1} [Al-Isra: 1].
Ho tlalehiloe ka litsela tse ngata ho tsoa ho Moromuoa oa Allah ﷺ hore o ile a nyolohela maholimong, ’me menyako ea ’ona ea buloa bakeng sa hae ho fihlela a feta leholimo la bosupa. Eaba Mong’a hae, Allah Ea Halalelang, O bua le eena ka seo A neng A se batla, ’me A mo laela ka lithapelo tse hlano tsa letsatsi le letsatsi. Qalong Allah Ea Phahameng O ne A laetse lithapelo tse mashome a mahlano, empa Moprofeta oa rona Muhammad ﷺ a ’na a khutlela ho Allah a kopa hore mojaro o fokotsoe, ho fihlela a li etsa lithapelo tse hlano. Kahoo ke tse hlano ka taelo ea ho li etsa, empa ke mashome a mahlano ka moputso, hobane ketso e le ’ngoe e ntle e putsoa ka makhetlo a leshome. Thoriso le teboho li be ho Allah ka melemo ea Hae eohle.
Bosiu boo ho bona ho etsahetseng Al-Isrāʼ le Al-Miʿrāj, ha ho na li-hadith tse nepahetseng tse hlalosang hore na bo bile neng, ebang ke khoeling ea Rajab kapa khoeling e ’ngoe. Lintho tsohle tse tlalehiloeng tse lekang ho khetha letsatsi le itseng ha lia netefatsoa hore li tsoa ho Moromuoa ﷺ ho ea ka litsebi tsa hadith. ’Me Allah O na le bohlale bo boholo tabeng ea hore batho ba lebale letsatsi leo. Le hoja ho ne ho ka netefatsoa letsatsi leo, ho ne ho ke ke ha lumelloa hore Mamosleme a le khethe ka liketso tse khethehileng tsa borapeli, ebile ho ne ho ke ke ha lumelloa hore ba keteke letsatsi leo; hobane Moromuoa ﷺ le Sahabah ba hae (Allah A khahlisoe ke bona) ha baa ka ba le keteka, ebile ha baa ka ba le khethela ntho leha e le efe e khethehileng. Haeba ho keteka bosiu bona e ne e le ntho e lumelletsoeng ke Shari‘ah, Moromuoa ﷺ a ka be a ile a e hlalosetsa sechaba sa hae; ebang ke ka mantsoe kapa ka liketso.
'Me haeba ho ne ho etsahetse ntho e joalo, e ka be e ile ea tsejoa le ho ata, 'me Sahabah (Allah A khahlisoe ke bona) ba ka be ba ile ba e fetisetsa ho rona. Hobane bona ba ile ba fetisa ho tsoa ho Moprofeta oa bona ﷺ ntho e 'ngoe le e 'ngoe eo sechaba se e hlokang, 'me ha baa ka ba hlokomoloha letho la bolumeli. Ho e-na le hoo, e ne e le bona ba pele ba neng ba potlakela molemo o mong le o mong. Ka hona, haeba ho keteka bosiu bona ho ne ho lumelletsoe, bona e ka be e bile batho ba pele ka ho fetisisa ba ho ho etsa. Moporofeta ﷺ ke eena motho ea neng a e-na le keletso e ntle ka ho fetisisa ho batho bohle, ’me o ile a fetisa molaetsa ka botlalo, a phethahatsa boikarabelo boo a neng a bo filoe. Kahoo, haeba ho hlompha bosiu bona le ho bo keteka e ne e le karolo ea bolumeli ba Allah, Moromuoa ﷺ a ka be a sa bo hlokomoloha kapa a bo pata. Empa kaha ha ho letho la mofuta oo le etsahetseng, ho ile ha tsejoa hore ho keteka bosiu bona le ho bo fa bohlokoa bo khethehileng ha se karolo ea Islam ka letho.
Allah O phethahalitse bolumeli bona bakeng sa sechaba sena, A phethela molemo oa Hae ho sona, ’me A nyatsa ba kenyang lintho bolumeling tseo Allah A sa kang A li lumella.
Allah Ea Phahameng O itse Bukeng ea Hae e hlakileng:
﴿...ٱلۡيَوۡمَ أَكۡمَلۡتُ لَكُمۡ دِينَكُمۡ وَأَتۡمَمۡتُ عَلَيۡكُمۡ نِعۡمَتِي وَرَضِيتُ لَكُمُ ٱلۡإِسۡلَٰمَ دِينٗا...﴾
{... kajeno ke phethetse sebakeng sa lona bolumeli ba lona. 'Me ke phethetse melemo Eaka ho lona ebile ke khethile Islam ele bolumeli ba lona....} [Al-Ma'idah: 3], 'Me Ea Tlotlehang o itse:
﴿أَمۡ لَهُمۡ شُرَكَٰٓؤُاْ شَرَعُواْ لَهُم مِّنَ ٱلدِّينِ مَا لَمۡ يَأۡذَنۢ بِهِ ٱللَّهُۚ وَلَوۡلَا كَلِمَةُ ٱلۡفَصۡلِ لَقُضِيَ بَيۡنَهُمۡۗ وَإِنَّ ٱلظَّٰلِمِينَ لَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٞ21﴾
{Kapa na ba na le balekane (ba Allah) ba ba behetseng molao bolumeling oo Allah A sa kang A o lumella? Haeba ho ne ho se lentsoe la qeto le seng le entsoe, ruri ho ne ho tla ahloloa pakeng tsa bona. ’Me kannete baetsalibe ba tla fumana kotlo e bohloko} [Ash-Shura: 21].
Ho netefalitsoe ho tsoa ho Moromuoa ﷺ ka li-hadith tse nepahetseng hore o ile a lemosa khahlanong le bid'ah (lintho tse qapiloeng bolumeling), ’me a hlakisa hore tsona ke tahleho, e le ho hlokomelisa sechaba ka kotsi ea tsona e kholo le ho ba suthisetsa hole le ho li etsa. Har’a bopaki ba seo ke hadith e netefalitsoeng ho Sahih Al-Bukhārī le Sahih Muslim, e tlalehiloeng ho tsoa ho ʿĀ’ishah (Allah A khahlisoe ke eena) hore Moromuoa ﷺ o itse:
«مَنْ أَحْدَثَ فِي أَمْرِنَا هَذَا مَا لَيْسَ مِنْهُ؛ فَهُوَ رَدٌّ».
“Mang kapa mang ea qapang ntho e ncha tabeng ena ea rona (bolumeling ba rona) e seng karolo ea eona, e ke ke ea amoheloa.” Ho tlalehiloe ka tsela e ’ngoe ho Sahih Muslim:
«مَنْ عَمِلَ عَمَلًا لَيْسَ عَلَيهِ أَمْرَنَا؛ فَهُوَ رَدٌّ».
“Mang kapa mang ea etsang ketso e khahlanong le taelo ea rona (bolumeli ba rona), ketso eo e ke ke ea amoheloa.” Ho ea ka Saheeh Muslim, ho tsoa ho Jabir -eka Allah A ka khahlisoa ke Eena) o itse: Moromuoa oa Allah ﷺ o ne a a re thutong ea hae ea letsatsi la Jumu‘ah:
«أَمَا بَعْدَ، فَإِنَّ خَيرَ الحَدِيثِ كِتَابُ اللهِ، وَخَيرَ الهَدْيِ هَدْيُ مُحَمَّدٍ ﷺ، وَشَرَّ الأُمُورِ مُحْدَثَاتُهَا، وَكُلَّ بِدْعَةٍ ضَلَالَةٌ».
“Ka mor'a moo: Ruri puo e molemo ka ho fetisisa ke Buka ea Allah, 'me tataiso e molemo ka ho fetisisa ke tataiso ea Muhammad ﷺ. Lintho tse mpe ka ho fetisisa ke tse qapiloeng tse ncha (bolumeling), 'me bid'ah e 'ngoe le e 'ngoe ke tahleho.” An-Nasai o ekelitse ka lethathamo le letle:
«وَكُلَّ ضَلَالَةٍ فِي النَّارِ».
“'Me tahleho e 'ngoe le e 'ngoe e Mollong.” Ho Sunan ho tsoa ho Al-ʿIrbāḍ bin Sāriyah (Allah A khahlisoe ke eena), o itse: Moromuoa oa Allah ﷺ o ile a re fa keletso e matla haholo, hoo lipelo tsa rona li ileng tsa tšoha ka lebaka la eona, ’me mahlo a rona a ile a rotha meokho. Eaba re re: ‘Oho Moromuoa oa Allah! Ho bonahala eka ena ke keletso ea motho ea salisang hantle, kahoo re fe keletso,ʼ A re:
«أُوصِيكُم بِتَقْوَى اللهِ وَالسَّمعِ وَالطَّاعَةِ وَإِنْ تَأَمَّرَ عَلَيكُم عَبدٌ، فَإِنَّهُ مَنْ يَعِشْ مِنْكُم فَسَيَرَى اخْتِلَافًا كَثِيرًا، فَعَلَيكُم بِسُنَّتِي وَسُنَّةِ الخلُفَاءِ الرَّاشِدِينَ المَهْدِيِّينَ مِنْ بَعْدِي، تَمَسَّكُوا بِهَا وَعَضُّوا عَلَيْهَا بِالنَّوَاجِذِ، وَإِيَّاكُم وَمُحْدَثَاتِ الأُمُورِ، فَإِنَّ كُلَّ مُحْدَثَةٍ بِدْعَةٍ وَكُلَّ بِدْعَةٍ ضَلَالَةٌ».
“Ke le eletsa hore le tšabe Allah, le ho mamela le ho ikokobetsa, leha le ka busoa ke lekhoba. Hobane ruri, mang kapa mang ho lona ea tla phela nako e telele o tla bona liphapang tse ngata. Kahoo, le tšoarelletseng ka tieo ho Sunnah ea ka (tsela ea ka) le Sunnah ea Li-khalifah (Baeta-pele) ba tataisitsoeng ka nepo ka mor'a ka. E tšoarelleng ka tieo le e tšoarelle ka meno a lona a morao (ka matla ʼohle), mme le hlokomele litaba tse ncha tse iqapetsoeng (tumelong), hobane ruri, ntho e ncha e iqapetsoeng ke "Bid'ah" (boiqapelo bo khahlanong le thuto), mme Bid'ah e 'ngoe le e 'ngoe ke ho hlahlathela (ho lahleha).” ’Me li-hadith tse nang le moelelo ona li ngata haholo.
Ho netefalitsoe ho tsoa ho Sahabah ba Moromuoa ﷺ le ho Salaf As-Sāliḥ ba ileng ba tla ka mor’a bona hore ba ne ba lemosa khahlanong le bid'ah le ho tšosa batho ka kotsi ea eona.
Lebaka la sena ke hore bid'ah ke keketso bolumeling, le ho beha melao bolumeling eo Allah A sa kang A e lumella. Hape ke ho etsisa lira tsa Allah har’a Bajuda le Bakreste, ka lebaka la hore ba ile ba eketsa lintho bolumeling ba bona le ho qapa tse sa kang tsa lumelloa ke Allah.
Ho feta moo, bid'ah e lebisa ho nyenyefatseng bolumeli ba Islam le ho bo qosa ka hore ha boa phethahala. Ho hlakile hore sena se na le bobolu bo boholo, bobe bo tšabehang, le ho hanyetsana ho totobetseng le polelo ea Allah Ea Phahameng:
﴿...ٱلۡيَوۡمَ أَكۡمَلۡتُ لَكُمۡ دِينَكُمۡ...﴾
{... kajeno ke phethetse bolumeli ba lona sebakeng sa lona...} [Al-Ma'idah: 3], Le ho hohlana ho hlakileng le Li-hadith tsa Moromuoa (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) tse lemosang khahlanong le maiqapelo (Bid'ah) le ho thibela batho ho oona.
Mabapi le sena, ke ts'epa hore bopaki boo re bo boletseng bo lekane 'me bo kholisa e mong le e mong ea batlang 'nete tabeng ea ho hana boiqapelo (bid'ah) bona; ke bolela: boiqapelo ba ho keteka bosiu ba Al-Isra le Al-Mi'raj le ho hlokomelisa batho khahlanong le bona le hore ha bo na karolo leha ele efe kahar'a bolumeli ba Islam.
'Me ka lebaka la se tlamehang seo Allah A se laetseng sa ho fana ka keletso e ntle ho Mamoseleme le ho hlakisa se molaong seo Allah A se hlophetseng bolumeli ba bona le ho thibeloa ha ho pata tsebo; ke bone ho le bohlokoa ho lemosa banab'eso ba Mamoseleme khahlanong le boiqapelo (bid'ah) bona, bo seng bo namme haholo metseng e mengata, hoo batho ba bang ba seng ba bo nka e le karolo ea bolumeli.
Hape re kopa Allah hore A lokise maemo a Mamoseleme kaofela 'me A ba nehe kutloisiso e tebileng kahar'a bolumeli 'me A re thuse hammoho le bona ho its'oarella ka tieo ho 'nete le ho mamella ho eona le ho tlohela se khahlanong le eona. Ruri, ke Eena Mosireletsi oa sena le Ea khonang ho se etsa.
'Me khotso le litlhohonolofatso le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim'a mohlanka oa Hae le Moromuoa oa Hae, Moporofeta oa rona Muhammad le lelapa la hae le balateli ba hae kaofela.
***
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Lengolo la bosupa:
Kahlolo mabapi le ho Keteka Bosiu ba Bohareng ba Khoeli ea Shaʼbān
Thoriso tsohle li be ho Allah Ea phethetseng bolumeli ba rona le ho phethahatsa mohau oa Hae ho rona. Khotso le litlhohonolofatso li be ho Moporofeta oa Hae le Moromuoa oa Hae Muhammad, Moporofeta oa pako le mohau.
Kamor'a moo: Molimo Ea Phahameng O itse:
﴿...ٱلۡيَوۡمَ أَكۡمَلۡتُ لَكُمۡ دِينَكُمۡ وَأَتۡمَمۡتُ عَلَيۡكُمۡ نِعۡمَتِي وَرَضِيتُ لَكُمُ ٱلۡإِسۡلَٰمَ دِينٗا...﴾
{... kajeno ke phethetse sebakeng sa lona bolumeli ba lona. 'Me ke phethetse melemo Eaka ho lona ebile ke khethile Islam ele bolumeli ba lona....} [Al-Ma'idah: 3], Hape Ea Phahameng O itse:
﴿أَمۡ لَهُمۡ شُرَكَٰٓؤُاْ شَرَعُواْ لَهُم مِّنَ ٱلدِّينِ مَا لَمۡ يَأۡذَنۢ بِهِ ٱللَّهُ...﴾
{Kapa ba na le balekane ba ba thehetseng bolumeli boo Allah A sa kang A bo lumella? ...} [Ash-Shura: 21], Ho Sahih tse peli (Bukhari le Muslim), ho tlalehile ho tsoa ho Aishah - eka Allah A ka khotsofatsoa ke Eena - ho tsoa ho Moporofeta ﷺ ea ileng a re:
«مَنْ أَحْدَثَ فِي أَمْرِنَا هَذَا مَا لَيْسَ مِنْهُ؛ فَهُوَ رَدٌّ».
“Motho e mong le e mong ea kenyang ntho e ncha kahar'a taba ena ea rona (ke hore ka har'a Islam), eo eseng karolo ea eona, e ke ke ea amoheloa.” Ho Sahih Muslim, ho tlalehiloe ho tsoa ho Jabir - eka Allah A ka khahlisoa ke Eena - hore Moporofeta ﷺ o ne a tloaetse ho re ha a fana ka khutbah (thuto) ea Jumu‘ah:
«أَمَّا بَعْدُ: فَإِنَّ خَيرَ الحَدِيثِ كِتَابُ اللهِ، وَخَيرَ الهَدْيِ هَدْيُ مُحَمَّدٍ صَلَّى اللهُ عَلَيهِ وَسَلَّمَ، وَشَرَّ الأُمُورِ مُحْدَثَاتُهَا، وَكُلَّ بِدْعَةٍ ضَلَالَةٌ».
“Kamor'a moo, ruri polelo e molemo ke Buka ea Allah, tataiso e molemo ke tataiso ea Muhammad ﷺ, mme taba e mpe ka ho fetisisa ke e ncha e iqapetsoeng (bolumeling), 'me boiqapelo (bid'ah) bohle ke tahleho.” 'Me litemana le Li-hadith mabapi le taba ena li ngata 'me li bonts'a ka ho hlaka hore Allah — Ea Tlotlehang, Ea Phahameng — O phethetse bolumeli ba sechaba sena 'me A phethela mohau oa Hae holim'a sona. Hape ha A ka A nka bophelo ba Moporofeta oa Hae — khotso le litlhohonolofatso li be le eena — haese feela kamor'a hore a fetise molaetsa o hlakileng 'me a hlakisetse sechaba sohle ka tseo Allah A se hlophetseng sona ka lipolelo le liketso. 'Me Moporofeta ﷺ o ile a hlakisa hore ntho e 'ngoe le e 'ngoe e ncha eo batho ba e qapang kamor'a hae 'me ba e amahanya le bolumeli ba Islam, ebang ke lipolelo kapa liketso; tseo kaofela ke boiqapelo (bid'ah) bo tla khutlisetsoa ho ea bo qapileng, leha sepheeo sa hae se ne se le setle. Hape taba ena ene e tsebahala ho barutuoa ba Moromuoa oa Allah ﷺ 'me ho bile joalo le ho litsebi tsa Islam kamor'a bona, ba ile ba hana boiqapelo 'me ba hlokomelisa batho khahlanong le bona, joalokaha ho boletsoe ke emong le emong ea ngotseng ka ho latela Sunnah le ho hana boiqapelo; joaloka Ibn Waddah, Al-Turtushi, Abu Shama le ba bang.
Har’a maiqapelo (bid‘a) a ileng a hlahisoa ke batho ba bang ke boqapi ba ho keteka bosiu ba bohareng ba khoeli ea Sha‘bān (Laylatun Nisf min Sha‘bān) le ho khetholla letsatsi la bona bakeng sa boitimo. Ha ho na bopaki bo tiileng bo ka ts'eptjoang mabapi le sona. Ho tlalehiloe hadithing tse ling tse fokolang mabapi le makhabane a bosiu boo empa ha li ts'oanelehe ho sebelisoa e le bopaki.
Haele tse tlalehiloeng mabapi le makhabane a thapelo e khethehileng bosiu boo, kaofela ha tsona ke hadith tse iqapetsoeng (mawḍū‘), joalokaha litsebi tse ngata li bonts'itse. Ha Allah A ratile, ho tla boleloa a mang a mantsoe a litsebi tseo hamorao.
Ho boetse ho na le litlaleho tse amanang le taba ena tse tsoang ho ba bang ba Salaf (Mamoseleme a pele) ba naha ea Sham le libakeng tse ling.
'Me seo bongata ba litsebi tsa Islam bo lumellaneng ka sona ke hore ho keteka bosiu bona ke bid'ah. Li-hadith tsohle tse tlalehiloeng mabapi le bokhabane ba bona lia fokola (da'eef), 'me tse ling tsa tsona li iqapetsoe (mawdoo'). Har'a ba ileng ba hlakisa taba ena ke Al-Haafidh Ibn Rajab bukeng ea hae Lataa'if al-Ma'aarif, hammoho le litsebi tse ling. Hape hoa tsebahala hore li-hadith tse fokolang li ka sebelisoa feela litabeng tsa liketso tsa khumamelo tseo motheo oa tsona o seng o tiisitsoe ka bopaki bo nepahetseng (Sahih). Ha e le ho keteka bosiu ba bohareng ba khoeli ea Sha‘bān, ha ho na motheo o nepahetseng ho tsoa ho Shari‘ah oo ho ka itšetlehoang ka oona, esita le ka li-hadith tse fokolang. Molao-motheo ona o hlakileng o boletsoe ke Imam Abu al-'Abbas Shaykh al-Islam Ibn Taymiyyah (Allah A mo hauhele).
'Me ke u fetisetsa, uena 'mali, mantsoe a mang a litsebi mabapi le taba ena, e le hore u be le kutloisiso e hlakileng le tsebo e nepahetseng ka eona.
Litsebi tsa Islam — Allah A li hauhele — li lumellane ka ntsoe-leng hore ha ho hlaha likhang kapa ho se lumellane har’a batho, ho tlamehile hore taba eo e khutlisetsoe ho Buka ea Allah Ea Phahameng le ho Sunnah ea Moromuoa oa Allah (ﷺ). Seo tsona ka bobeli kapa e ’ngoe ea tsona, li se ahlolang ke sona Shari‘ah e lokelang ho lateloa; ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e li hanyetsang e tlameha ho lahloa. Liketso tsohle tsa borapeli tse sa tiisoang ke Qurʼan le Sunnah ke boiqapelo (bid‘ah), bo sa lumelloeng ho etsoa, re se re sa bue ka ho memela batho kapa ho ba khothalletsa ho bo etsa. Allah Ea Khanyang Ea Phahameng O itse:
﴿يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ أَطِيعُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُواْ ٱلرَّسُولَ وَأُوْلِي ٱلۡأَمۡرِ مِنكُمۡۖ فَإِن تَنَٰزَعۡتُمۡ فِي شَيۡءٖ فَرُدُّوهُ إِلَى ٱللَّهِ وَٱلرَّسُولِ إِن كُنتُمۡ تُؤۡمِنُونَ بِٱللَّهِ وَٱلۡيَوۡمِ ٱلۡأٓخِرِۚ ذَٰلِكَ خَيۡرٞ وَأَحۡسَنُ تَأۡوِيلًا59﴾
{Lona ba lumetseng! Mamelang Allah le mamele Moromuoa le ba nang le bolaoli har’a lona. Ha le sa lumellane ka taba leha ele efe, e khutlisetseng ho Allah le ho Moromuoa haeba le lumela ho Allah le Letsatsi la Bofelo. Seo se molemo le ho feta ebile se loketse hore ho etsoe qeto ea ho qetela ka sona 59} [An-Nisa 4:59], Ea Phahameng O boetse O re:
﴿وَمَا ٱخۡتَلَفۡتُمۡ فِيهِ مِن شَيۡءٖ فَحُكۡمُهُۥٓ إِلَى ٱللَّهِ...﴾
{Ntho efe kapa efe eo le sa lumellaneng ka eona, kahlolo ea eona e khutlela ho Allah...} [Ash-Shūrā 42:10] Ea Phahameng O itse hape:
﴿قُلۡ إِن كُنتُمۡ تُحِبُّونَ ٱللَّهَ فَٱتَّبِعُونِي يُحۡبِبۡكُمُ ٱللَّهُ وَيَغۡفِرۡ لَكُمۡ ذُنُوبَكُمۡ...﴾
{E-re: ‘Haeba le rata Allah, ntateleng; Allah O tla le rata ’me A le ts'oarele libe tsa lona...’} [Āl ‘Imrān 3:31] Hape Ea tlotlehang Ea Phahameng O itse:
﴿فَلَا وَرَبِّكَ لَا يُؤۡمِنُونَ حَتَّىٰ يُحَكِّمُوكَ فِيمَا شَجَرَ بَيۡنَهُمۡ ثُمَّ لَا يَجِدُواْ فِيٓ أَنفُسِهِمۡ حَرَجٗا مِّمَّا قَضَيۡتَ وَيُسَلِّمُواْ تَسۡلِيمٗا65﴾
{Empa che! Ke hlapanya ka Mong`a hao, ba ke ke ba e-ba balumeli ho fihlela ba u etsa moahloli litabeng tsohle tseo ba sa lumellaneng ka tsona; ebe ha ba fumane ho hang lipelong tsa bona khanyetso ka lebaka la qeto eo u e entseng, empa ba inehela ka boikokobetso bo felletseng} [An-Nisāʼ 4:65], Ho na le litemana tse ngata tse nang le moelelo ona ’me kaofela ha tsona li bonts'a ka ho hlaka hore ho tlamehile ho khutlisetsa litaba tsohle tsa likhang le ho se lumellane ho Qur’an le Sunnah le hore ho tlamehile ho khotsofalla likahlolo tsa tsona. Sena ke karolo ea litlhoko tsa tumelo (īmān) ’me ke sona se molemo ka ho fetisisa bakeng sa bahlanka ba Allah lefats'eng lena le lefats'eng le tlang. Hape ke sona se nang le qetello e ntle ka ho fetisisa le sephetho se setle ka ho fetisisa.
Al-Hafiz Ibn Rajab - eka Allah A ka mo hauhela- o itse bukeng ea hae Lata'if al-Ma'arif mabapi le taba ena, kamor'a polelo e fetileng:
“Bosiu ba bohareng ba Sha‘bān bo ne bo hlomphuoa ke ba bang ba Tabi‘īn ba batho ba Sham (Levant), ba kang Khalid ibn Ma'dan, Makhul le Luqman ibn Amir, hammoho le ba bang. Ba ne ba bo hlompha haholo ’me ba ikitlaelletsa borapeling nakong ea bona ’me batho ba ile ba nka khopolo ea makhabane le tlhompho ea bosiu boo ho bona.” Ho boletsoe hore ba ile ba amohela litaba tse tsoang ho litloaelo tsa Baiseraele (Isrā’īliyyāt) mabapi le taba ena. Ha taba ena e se e tsebahala ka bona libakeng tse fapaneng, batho ba ile ba fapana ka maikutlo ka eona. Ba bang ba ile ba amohela maikutlo ao ’me ba lumellana le bona tabeng ea ho hlompha bosiu boo, har’a bona ho na le sehlopha sa batho ba neng ba tsebahala ka borapeli ho tsoa Basrah le libakeng tse ling. Bongata ba litsebi tsa Hijaz bo ile ba hana taba ena. Har'a bona ho ne ho e-na le 'Ataa' le Ibn Abi Mulaykah. Hape 'Abdur-Rahmaan ibn Zayd ibn Aslam o ile a fetisa hore ena e ne e le maikutlo a litsebi tsa fiqh tsa batho ba Madinah. Hona hape ke maikutlo a balateli ba Imam Maalik le ba bang. Ba ile ba re: taba ena kaofela ke bid'ah.
Litsebi tsa Sham li ile tsa fapana ka mokhoa oa ho tsosolosa bosiu boo ka borapeli ’me tsa ba le maikutlo a mabeli:
1- ho khothaletsoa ho e tsosolosa ka bosiu boo ka kopanelo kahar’a Masjid. Khalid ibn Ma'dan, Luqman ibn Amir le ba bang ba ne ba apara liaparo tsa bona tse ntle ka ho fetisisa bosiung boo, ba its'ela ka oli e monko o monate, ba itlotsa ka 'kohl' (molora o mots'o o khabisang mahlo le ho a sireletsa) mahlong, ebe ba ema kahar'a Masjid bosiu boo bakeng sa borapeli. Ishaq ibn Rahwayh o ile a lumellana le maikutlo ao. O ile a re mabapi le ho bo keteka ka kopanelo kahar’a masjid: "Sena ha se boiqapelo." Taba ena e tlalehiloe ke Harb al-Kirmani bukeng ea hae ea lipotso.
2- ho bokana kahar’a Masjid bakeng sa lithapelo tse khethehileng, lipale le lithapelo tsa kopanelo bosiu boo ha ho khothaletsoe (makrūh). Leha ho le joalo, ha ho na bothata hore motho a rapele a le mong bakeng sa molemo oa hae. Ana ene ele maikutlo a Al-Awza'i, imam, setsebi sa molao le setsebi se seholo sa batho ba Sham. Ibn Rajab o itse: "Sena ke maikutlo a haufi haholo le ’nete, ha Allah A ratile." Eaba o tsoela pele a re: “Ha ho polelo e tsejoang e tsoang ho Imam Ahmad mabapi le bosiu ba bohareng ba Sha‘bān. Leha ho le joalo, ho ka ntšoa maikutlo a mabeli mabapi le ho bo qeta ka thapelo ea bosiu, a ipapisitse le litlaleho tse peli tse tsoang ho eena mabapi le ho ema ka thapelo masiu a mabeli a Eid. Tlalehong e 'ngoe, ha aa ka a nka hore ho tsʼoanetse hore bo etsoe ka phutheho, hobane ha hoa ka ha fetisoa ho tsoa ho Moprofeta ﷺ kapa ho Sahabah ba hae.” Tlalehong e 'ngoe, Imam Ahmad o ile a bona ho le molemo ho bo qeta ka thapelo ea bosiu, ka lebaka la ketso ea 'Abdur-Rahmaan ibn Yazeed ibn al-Aswad, eo e neng e le e mong oa Taabi'een. Ka mokhoa o tšoanang, mabapi le ho ema ka thapelo bosiu ba bohareng ba Sha‘bān, ha ho letho le netefalitsoeng ho tsoa ho Moprofeta ﷺ kapa ho Sahabah ba hae. Empa ho netefalitsoe hore sehlopha sa Taabi'een, bao e neng e le har'a litsebi tse hlaheletseng tsa fiqh tsa batho ba Shaam, ba ne ba etsa joalo.
Mona ke moo mantsoe a Al-Haafidh Ibn Rajab (Allah A mo hauhele) a fellang teng. Ho ona o hlakisitse ka ho totobala hore ha ho letho le netefalitsoeng ho tsoa ho Moprofeta ﷺ kapa ho Sahabah ba hae (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona) mabapi le bosiu ba bohareng ba khoeli ea Sha’ban.
Haele se khethiloeng ke Al-Awza'i – eka Allah A ka mo hauhela – mabapi le hore ho molemo ho e etsa u le mong le khetho ea Al-Hafiz ibn Rajab holim'a mohopolo ona, ke ntho e makatsang le e fokolang; hobane ntho le haele efe e sa netefatsoang ka bopaki ba molao oa bolumeli hore e molaong, ha ho ea lumelloa bakeng sa Lemoseleme ho e tsebisa (ho e rala) kahar'a bolumeli ba Allah, ekaba o e etsa a le mong kapa ka sehlopha 'me ekaba o e etsa ka sephiri kapa ponts'eng; ka lebaka la polelo e akaretsang ea Moporofeta ﷺ:
«مَنْ عَمِلَ عَمَلًا لَيْسَ عَلَيهِ أَمْرُنَا؛ فَهُوَ رَدٌّ».
“Mang kapa mang ea etsang ketso e sa lumellaneng le taelo ea rona (Islam), ekeke ea amoheloa.” Le bopaki bo bong bo bontšang hore bid'ah e lokela ho haneloa le hore batho ba lokela ho lemosoa khahlanong le eona.
Imam Abu Bakr At-Turtushi (Allah A mo hauhele) o itse bukeng ea hae Al-Hawaadith wal-Bida' mantsoe ana:
“Ibn Waddhah o fetisitse ho tsoa ho Zayd ibn Aslam hore o itse: Ha rea ka ra fumana le a le mong ho matichere a rona kapa ho litsebi tsa fiqh tsa rona a ela hloko bosiu ba bohareng ba Sha‘bān. Hape ba ne ba sa ele hloko hadith ea Makhuul, 'me ba ne ba sa bone hore bosiu boo bo na le bokhabane bo fetang masiu a mang.”
Ho ile ha thoe ho Ibn Abi Mulayka: Ruri, Ziyad al-Numayri o itse: “Ruri, Moputso oa bosiu bo bohareng ba Sha‘bān o ts'oana le moputso oa bosiu ba Matla (Laylatul Qadr),” Eaba o re, “Hoja ke mo utloile ke na le molamu letsohong laka, nka be ke mo otlile ka ona.” Ziyad ene ele motho oa lipale, e seng ho hong.
Setsebi Ash-Shawkaani (Allah A mo hauhele) o itse bukeng ea hae “Al-Fawaa'id al-Majmoo'ah” mantsoe a latelang:
Hadith e reng: “Oho Ali, mang kapa mang ea rapelang li-rak'ah tse lekholo bosiung ba bohareng ba Sha‘bān, a bale Al-Fatihah ho rak'ah e 'ngoe le e 'ngoe, ebe o bala Surah Qul Huwallaahu Ahad makhetlo a leshome; Allah o tla mo phethahalletsa litlhoko tsohle tsa hae...” le tse ling tse tsoelang pele. Ke hadith e iqapetsoeng (ea bohata) 'me mantsoe a eona a utloahala a hlakile mabapi le meputso eo ea e etsang a tla e fumana. Ke ntho eo ho seng motho ea bohlale ea ka bang le khoao hore hase ea 'nete. Batlalehi ba eona ha ba tsebahale 'me e tlalehiloe ka tsela ea bobeli le ea boraro ea lethathamo la batlalehi, tseo kaofela ha tsona li iqapetsoeng 'me batlalehi ba tsona ha ba tsebahale. O itse bukeng ea “Al-Mukhtasar”: Hadith e buang ka thapelo ea bosiu ba bohareng ba Sha‘bān ke ea bohata. 'Me Ibn Hibban o tlalehile ho tsoa ho Ali: “Nakong ea bosiu ba bohareng ba Sha‘bān, ho etsa thapelo ka bona le ho itima ka lets'ehare la teng,” ke hadith e fokolang (dhaʼeef). Mme o itse bukeng ea hae Al-La'aali: “Thapelo ea li-rak'ah tse lekholo bosiung ba bohareng ba Sha‘bān, moo ho baloang Surah Al-Ikhlaas makhetlo a leshome, hammoho le litlhaloso tse telele tsa bokhabane ba eona, ke hadith e iqapetsoeng (mawdhoo') ho latela Ad-Daylami le ba bang. Bongata ba ba fetisang hadith ena litseleng tse tharo ke batho ba sa tsejoeng (majhool) ebile ba fokolang (dhu'afaa').” O itse: “Le li-rak'ah tse leshome le metso e 'meli moo ho baloang Surah Al-Ikhlās makhetlo a mashome a mararo” ke hadith e iqapetsoeng (mawdoo'). “Hape le li-rak'ah tse leshome le metso e mene” ke hadith e iqapetsoeng (mawdoo').
Mme ruri, sehlopha sa litsebi tsa molao oa bolumeli (Fiqh) se ile sa thetsoa ke Hadith ena; joaloka mongoli oa buka ea (Al-Ihya) le ba bang, hammoho le ba bang ba batoloki ba Qur'an (Tafsir). Thapelo ea bosiu bona – ke bolela: bosiu ba bohareng ba khoeli ea Sha‘bān – e tlalehiloe ka litsela tse fapaneng, tseo kaofela ha tsona e leng tsa bohata le tse iqapetsoeng, Sena ha se hanyetsane le hadith e tlalehiloeng ke At-Tirmidhi ho tsoa ho 'Aishah (Allah A khahlisoe ke eena), e bolelang hore Moprofeta ﷺ o ile a ea Al-Baqee', le hore Allah o theohela leholimong le haufi ka ho fetisisa bosiung ba bohareng ba Sha‘bān, le hore O tšoarela batho ba bangata ho feta palo ea boea ba linku tsa moloko oa Kalb. Hobane puisano mona ha e bue ka hadith eo, empa e bua ka thapelo e khethehileng e iqapetsoeng e etsoang bosiung boo, e se nang motheo o nepahetseng. Leha ho le joalo, hadith ea 'Aishah ena e na le bofokoli (dha'eef) ebile ketane ea eona ea phetiso e khaotsoe (munqati'). Ka mokhoa o tšoanang, hadith ea 'Ali e boletsoeng pejana mabapi le ho ema ka thapelo bosiung boo ha e hanyetsane le taba ea hore thapelo eo e khethehileng e iqapetsoe (mawdhoo'), leha hadith eo ka boeona le eona e na le bofokoli, joalokaha re se re hlalositse. Mona ke moo karolo e neng e reriloe ea mantsoe a hae e fellang teng.
Hape Al-Haafidh Al-'Iraaqi (Allah A mo hauhele) o itse: “Hadith e buang ka thapelo ea bosiu ba bohareng ba Sha‘bān ke hadith e iqapetsoeng (mawdhoo') e qapiloeng khahlanong le Moromuoa oa Allah ﷺ, 'me ke leshano le boletsoeng ka eena.” Imam An-Nawawi (Allah A mo hauhele) o itse bukeng ea hae Al-Majmoo': “Thapelo e tsejoang e le Salaat ar-Raghaa'ib, e leng li-rak'ah tse leshome le metso e 'meli tse rapeloang pakeng tsa Maghrib le 'Ishaa' bosiung ba Labohlano la pele la khoeli ea Rajab, le thapelo ea bosiu ba bohareng ba Sha‘bān ea li-rak'ah tse lekholo—thapelo tsena ka bobeli ke li-bid'ah tse mpe tse lokelang ho haneloa. Motho a se ke a thetsoa ke hore li boletsoe libukeng tse kang Qoot al-Quloob le Ihyaa' 'Uloom ad-Deen, kapa ke hadith e boletsoeng ho tsona, hobane tseo kaofela ke tsa bohata. Hape a se ke a thetsoa ke ba bang ba baetapele ba ileng ba ferekanngoa ke kahlolo ea tsona, ba ba ba ngola maqephe ba khothalletsa hore li etsoe, hobane ba fositse tabeng eo.”
Sheikh Imam Abu Muhammad Abdur Rahman ibn Ismail al-Maqdisi o ile a ngola buka ea bohlokoa e ba hanyetsang 'me o entse hantle haholo ebile o iponahalitse ka bokhabane ho eona. Mantsoe a litsebi tsa Islam tabeng ena a mangata haholo 'me haeba re ne re ka qotsa ntho e 'ngoe le e 'ngoe eo re e boneng ho tsoa mantsoeng a tabeng ena, puo ea rona e ne e tla ba telele haholo. Mohlomong se re se boletseng se lekane ebile se ea kholisa bakeng sa motho ea tsomang 'nete.
Ho tsoa litemaneng, li-hadithing le mantsoeng a litsebi tsa Islam a boletsoeng pejana, ho ba pepenene ho motho ea tsomang 'nete hore ho keteka bosiu ba letsatsi la bo-15 la khoeli ea Sha‘bān ka thapelo kapa ka liketso tse ling le ho khetholla letsatsi la teng bakeng sa boitimo ke boiqapelo bo khesehang ho latela litsebi tse ngata. Ha ho na motheo oa taba ena molaong o hloekileng oa Shari‘ah; ho ena le hoo, ke ntho e hlahileng kahar'a Islam kamor'a mehla ea barutuoa ba Moporofeta — eka Allah A ka khahlisoa ke bona. Bakeng sa motho ea tsomang 'nete tabeng ena le tse ling, mantsoe a Allah Ea Phahameng a lekane:
﴿...ٱلۡيَوۡمَ أَكۡمَلۡتُ لَكُمۡ دِينَكُمۡ...﴾
{...Kajeno Ke phethetse bolumeli ba lona sebakeng sa lona...} [Al-Ma'idah: 3]. Le litemana tse ling tsa Qur’an tse nang le moelelo o tšoanang, hammoho le polelo ea Moprofeta ﷺ:
«مَنْ أَحْدَثَ فِي أَمْرِنَا هَذَا مَا لَيْسَ مِنْهُ فَهُوَ رَدٌّ».
“Mang kapa mang ea kenyang ntho e ncha kahar'a taba ena ea rona (Islam), eo e seng karolo ea eona, e ke ke ea amoheloa.” Le se hlalositsoeng ho li-hadith tse jereng moelelo o ts'oanang.
Ho Sahih Muslim, ho tsoa ho Abu Hurairah - eka Allah A ka khahlisoa ke Eena - o itse: Moromuoa oa Allah ﷺ o itse:
«لَا تَخُصُّوا لَيْلَةَ الْجُمُعَةِ بِقِيَامٍ مِنْ بَيْنِ اللَّيَالِي، وَلَا تَخُصُّوا يَوْمَهَا بِالصِّيَامِ مِنْ بَيْنِ الْأَيَّامِ، إِلَّا أَنْ يَكُونَ فِي صَوْمٍ يَصُومُهُ أَحَدُكُمْ».
“Le se ke la khetholla bosiu ba Labohlano bakeng sa thapelo har'a matsatsi a mang a bosiu 'me le se ke la khetholla letsatsi la Labohlano bakeng sa ho itima har'a matsatsi a mang, ntle le haeba e le karolo ea ho itima hoo e mong oa lona a tloaetseng ho e etsa.” Hoja ho ne ho lumeletsoe ho khetholla bosiu bo itseng bakeng sa khumamelo e itseng, joale bosiu ba Labohlano bo ne bo tla ba bo loketseng ho feta masiu a mang kaofela, hobane letsatsi la bona (Labohlano) ke letsatsi le molemo ka ho fetisisa leo letsatsi le kileng la le chabela, ho latela li-hadith tse nepahetseng tse tlalehiloeng ho tsoa ho Moromuoa oa Allah ﷺ. Kahoo, ha Moprofeta ﷺ a ile a lemosa khahlanong le ho khetholla bosiu ba Labohlano ka thapelo ea bosiu har'a masiu a mang, sena se bontša hore masiu a mang kaofela a tšoaneloa ke kahlolo ena le ho feta. Ka hona, ha ho lumelloe ho khetholla bosiu bofe kapa bofe ka mofuta o itseng oa khumamelo, ntle le haeba ho e-na le bopaki bo nepahetseng (Sahih) bo bontšang ka ho hlaka hore bosiu boo bo khethehile ka khumamelo eo.
Kaha bosiung ba Matla (Laylatul Qadr) le masiu a Ramadhan ho laetsoe hore ho be le thapelo le boikitlaetso borapeling, Moporofeta ﷺ
o ile a lebisa tlhokomelo tabeng ena, a khothaletsa sechaba ho a phethahatsa 'me a etsa joalo le Eena ka seqo joalokaha ho hlalositsoe libukeng tsa Sahih tse peli ho tsoa ho Moporofeta ﷺ
ea itseng:
«مَنْ قَامَ رَمَضَانَ إِيمَانًا وَاحْتِسَابًا، غُفِرَ لَهُ مَا تَقَدَّمَ مِنْ ذَنْبِهِ، وَمَنْ قَامَ لَيْلَةَ الْقَدْرِ إِيمَانًا وَاحْتِسَابًا، غُفِرَ لَهُ مَا تَقَدَّمَ مِنْ ذَنْبِهِ».
“Mang kapa mang ea emang ka thapelo bosiu ba Ramadhan ka tumelo le ka tšepo ea moputso o tsoang ho Allah, o tla tšoareloa libe tsohle tsa hae tse fetileng. Hape mang kapa mang ea emang ka thapelo bosiung ba Laylatul-Qadr ka tumelo le ka tšepo ea moputso o tsoang ho Allah, o tla tšoareloa libe tsohle tsa hae tse fetileng.” Hoja bosiu ba bohareng ba Sha‘bān, kapa bosiu ba Labohlano la pele la Rajab, kapa bosiu ba Al-Israa' wal-Mi'raaj bo ne bo laetsoe hore bo khetholloe ka mokete kapa ka mofuta o itseng oa khumamelo, ruri Moromuoa oa Allah ﷺ o ne a tla tataisa Ummah ho seo, kapa a ka be a ile a se etsa ka boeena. Hoja ho ne ho etsahetse ntho e joalo, Sahabah (Allah A khahlisoe ke bona) ba ka be ba ile ba e fetisetsa ho Ummah, 'me ba ne ba ke ke ba e pata. Hobane ke bona batho ba molemo ka ho fetisisa ka mor'a baprofeta
ﷺ, ebile ke bona ba ileng ba eletsa Ummah ka botšepehi bo boholo ka ho fetisisa. Allah A khahlisoe ke bohle ba Sahabah (barutuoa) ba Moromuoa oa Allah ﷺ, 'me A ba putse ka molemo.
Joalokaha u se u bone pejana mantsoeng a litsebi, ha ho letho le netefalitsoeng ho tsoa ho Moromuoa oa Allah ﷺ kapa ho Sahabah ba hae (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona) mabapi le bokhabane ba bosiu ba Labohlano la pele la khoeli ea Rajab, kapa ba bosiu ba bohareng ba Sha‘bān. Ka hona, hoa hlaka hore ho keteka masiu ana ka bobeli ke bid'ah e qapiloeng ka har'a Islam. Ka mokhoa o tšoanang, ho a khetholla ka mofuta ofe kapa ofe oa khumamelo le hona ke bid'ah e mpe e lokelang ho haneloa. Ka mokhoa o tšoanang, bosiu ba la 27 Rajab, boo batho ba bang ba lumelang hore ke bosiu ba Al-Israa' wal-Mi'raaj, ha hoa lumelloa ho bo khetholla ka mofuta ofe kapa ofe oa khumamelo, joalo ka ha ho sa lumelloe ho bo keteka. Sena se ipapisitse le bopaki bo seng bo boletsoe pejana. Leha ho le joalo, sena se ne se tla sebetsa le hoja letsatsi leo le ne le ka be le tsejoa ka nepo. Joale ho thoe'ng ha maikutlo a nepahetseng ka ho fetisisa a litsebi e le hore ha ho tsejoe hantle hore na Al-Israa' wal-Mi'raaj e etsahetse bosiu bofe? Polelo e reng ke bosiu ba letsatsi la mashome a mabeli a metso e supileng la khoeli ea Rajab ke ea leshano 'me ha e na motheo ho li-hadith tse nepahetseng. 'Me e beiloe hantle hakaakang ke ea itseng:
Litaba tse molemo ka ho fetisisa ke tse salang morao tse neng li le holim'a tataiso (ea Salaf ba lokileng), 'me litaba tse mpe ka ho fetisisa ke tse qapiloeng tse ncha (bid'ah)
Re kopa Allah hore A re fe katleho, rona le Mamosleme 'ohle, ho khomarela Sunnah, ho tiisetsa holim'a eona, le ho itšireletsa ho tsohle tse e hanyetsang. Ka nnete, ke Ea Fanang ka ho fetisisa ebile ke Ea Mohau o Moholo.
Lithapelo le khotso tsa Allah li be ho Mohlanka le Moromuoa oa Hae, Moporofeta oa rona Muhammad le holim'a ba lelapa la hae le barutuoa ba hae bohle.
***
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Lengolo la borobeli:
Tlhokomediso ea bohlokoa mabapi le leshano la lengolo la litaelo le neng le hlalosoa e le la
Sheikh Ahmad, mohlanka oa Masjid an-Nabawi e Khabane
Ho tsoa ho 'Abdul-'Aziiz ibn 'Abdillaah ibn Baaz, ho ea ho bohle ba Mamosleme ba balang sena. Allah A ba sireletse ka Islam, 'me A re sireletse hammoho le bona bobeng ba mashano a qapiloeng ke batho ba hlokang tsebo le ba se nang bohlale. Aameen.
Khotso, mohau le litlhohonolofatso tsa Allah li be le lona.
Ho tsoelapele: Ke bone molaetsa o abeloang Sheikh Ahmad, mohlanka oa Masjid an-Nabawi e Khabane, o nang le sehlooho se reng: “Ena ke keletso e tsoang Madinah al-Munawwarah e tsoang ho Sheikh Ahmad, mohlanka oa Masjid an-Nabawi e Khabane.” Ho oona o itse:
“Ke ne ke falimehile bosiung ba Labohlano ke bala Qur’an e Khabane. Ka mor'a ho qeta ho bala, ka bala le Mabitso a Allah a Matle ka ho Fetisisa. Ha ke qetile ka seo, ka itokisetsa ho robala. Eaba ke bona Moromuoa oa Allah ﷺ ea neng a e-na le ponahalo e ntle le e hlomphehang, eo a tlileng ka litemana tsa Qur’an le melao e hlomphehang, e le mohau ho libopuoa tsohle; Mong'a rona Muhammad ﷺ.
Eaba o re: ‘Oho Sheikh Ahmad.’ Ka re: ‘Ke nna enoa, Oho Moromuoa oa Allah, uena ea hlomphehang ka ho fetisisa har'a libopuoa tsa Allah.’ Eaba o re ho 'na: Ke soabisoa ke liketso tse mpe tsa batho 'me ha ke ea khona ho kopana le Morena oaka kapa le haele Mangeloi; hobane ho tloha ka Labohlano ho ea ho le leng ho hlokahala batho ba likete tse lekholo le mashome a ts'eletseng ba se tlas'a bolumeli ba Islam — eaba o qotsa tse ling tsa libe tseo batho ba oetseng ho tsona, Eaba o re: Sena e tla ba mohau ho bona ho tsoa ho Ea Matla ʼOhle, Ea matla ka ho fitisisa. Eaba o bolela tse ling tsa matšoao a Hora (Letsatsi la Qiyaamah), ho fihlela a re: "Joale tsebisa batho, Uena Sheikh Ahmad, ka keletso ena; hobane e ngotsoe ka pene ea qetello (Qadar) ho tsoa ho Al-Lawh Al-Mahfoodh. Mang kapa mang ea e ngolang ebe o e romela ho tloha naheng e 'ngoe ho ea ho e 'ngoe, le ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng, o tla haheloa qhobosheane Paradeiseng. Empa ea sa e ngoleng le ho e romela, o tla amohuoa bobuelli ba ka ka Letsatsi la Tsoho." Mang kapa mang ea e ngolang ebile ele mofutsana, Molimo O tla mo ruisa; kapa haeba a ena le likoloto, Molimo O tla lefa likoloto tsa hae; kapa haeba a ena le sebe, Molimo O tla mo ts'oarela 'moho le batsoali ba hae ka lebaka la takatso eo. 'Me emong le emong oa makhoba a Allah ea sa e ngoleng, sefahleho sa hae se tla nts'ofala lefats'eng lena le bophelong bo tlang, O itse: “Ke hlapanya ka Allah ka makhetlo a mararo hore sena ke ’nete. ’Me haeba ke le leshano, ke tla tloha lefatšeng lena ke se na Islam. Ea e lumelang o tla pholoha kotlo ea Mollo (oa Lihele), ’me ea e hanang o fetohile mokhelohi.”
Ena ke kakaretso ea se kahar'a lengolo la boeletsi (keletso) la leshano le builoeng ka Moromuoa oa Allah ﷺ. Re utloile ka lengolo la boeletsi lena la leshano makhetlo a mangata ho tloha lilemong tse ngata tse fetileng, le ntse le phatlalatsoa har'a batho nako le nako 'me le tsamaisoa har'a baahi ba bangata ba tloaelehileng le hoja mantsoe a lona a na le phapang, 'Me ea e qapileng (ea buang leshano ka eona) o re: O bone Moporofeta ﷺ
torong 'me a mo jarisa lengolo la boeletsi lena 'me phatlalatsong ena ea morao-rao eo re u boleletseng eona uena 'mali, moqapi enoa oa leshano o ipapisitse ka hore o bone Moporofeta ﷺ
ha a ne a itokisetsa ho robala 'me moelelo oa teng ke hore: O mo bone a falimehile!
Motho enoa ea leshano o ile a bolela lintho tse ngata lengolong lena la hae la keletso; ’me lintho tseo ke leshano le totobetseng ka ho fetisisa le leshano le se nang motheo le hlakileng ka ho fetisisa. Ke tla u hlokomelisa ka tsona haufinyane polelong ena, ha Allah a rata. Ke se ke ile ka hlokomelisa batho ka tsona lilemong tse fetileng, ’me ka ba hlalosetsa hore ke a mang a mashano a totobetseng le lintho tse se nang ’nete ka ho fetisisa. Ha ke ne ke bona phatlalatso ena ea morao-rao, ke ile ka tsilatsila ho ngola ka eona, ka lebaka la ho hlaka ha bohata ba eona le sebete se seholo sa moqapi oa eona sa ho bua leshano. Ke ne ke sa nahane hore bohata ba eona bo ka amoheloa ke motho leha e le ofe ea nang le kutloisiso e nyenyane feela kapa tlhaho e hloekileng. Empa banab'abo rona ba bangata ba ile ba mpolella hore e thetsa batho ba bangata 'me ba e fetisetsa har'a bona, ha ba bang bona ba e khotsoe; ke ka baka la taba ena ke boneng ho hlokahala ho ba ts'oanang le 'na ho ngola ka eona, ho hlakisa ho hloka 'nete ha eona le hore ke ntho ea mashano e iqapetsoeng e bile e behiloeng holim'a lebitso la Moromuoa oa Allah ﷺ e le hore ho se ke ha eba le ea mong ea ka thetsoang ke eona, 'Me e mong le e mong ea e hlahlobang ka hloko har'a ba nang le tsebo le tumelo kapa ba nang le tlholeho e hloekileng le kelello e nepahetseng; o tla hlokomela hore ke leshano le ho etseletsa ka litsela tse ngata.
Ke ile ka botsa ba bang ba beng ka Sheikh Ahmad eo qoso ena ea bohata e neng e boleloa e tsoa ho eena, ka taba ea lengolo lena la keletso. Ba ile ba mpolella ba re: “Lengolo lena la keletso le qapiloe ’me le qosoa ka bohata ho Sheikh Ahmad; ha a ka a bua mantsoe ana ho hang.” Sheikh Ahmad ea boletsoeng o se a hlokahetse khale. Le haeba re ka nka hore Sheikh Ahmad eo, kapa motho e moholo ho eena, a ka be a ile a bolela hore o bone Moprofeta ﷺ torong kapa a ntse a falimehile, ’me Moprofeta a mo file keletso ena, re ne re tla tseba ka bonnete hore o leshano, kapa hore ea ileng a mo bolella joalo ke Satane, eseng Moromuoa ﷺ, ka mabaka a mangata, a mang a ’ona ke ana:
1- Moprofeta ﷺ ha a bonoe ke motho falimehileng ka mor’a lefu la hae ﷺ. Mang kapa mang har’a batho ba hlokang tsebo ba Masufi ba reng ba bona Moprofeta ﷺ ba ntse ba falimehile, kapa ba reng o tla moketeng oa Mawlid (mokete oa tsoalo ea hae), kapa lintho tse tšoanang le tseo; o entse phoso e mpe haholo, o khelositsoe haholo, o oetse phosong e kholo, ’me o hanana le Qur’ān, Sunnah le tumellano ea litsebi tsa bolumeli.
Hobane kannete bafu ba tla tsoa mabitleng a bona ka Letsatsi la Tsoho feela, eseng lefatšeng lena. Mang kapa mang ea buang se fapaneng le sena ekaba ele raleshano ea hlakileng kapa motho ea fositseng ea khelositsoeng. Ha a tsebe 'nete eo baetapele ba lokileng ba khale ba neng ba e tseba le eo balateli ba Moporofeta oa Molimo ﷺ le balateli ba bona ba lokileng ba neng ba e latela. Molimo ea Phahameng O itse:
﴿ثُمَّ إِنَّكُم بَعۡدَ ذَٰلِكَ لَمَيِّتُونَ15 ثُمَّ إِنَّكُمْ يَوْمَ الْقِيَامَةِ تُبْعَثُونَ16﴾
{Ebe, kamor'a moo ruri le tla shoa 15
Ebe ruri, ka Letsatsi la Tsoho, le tla tsosoa 16} [Al-Muʼminun: 15 - 16], Moporofeta ﷺ
o itse:
«أَنَا أَوَّلُ مَنْ تَنْشَقُّ عَنْهُ الْأَرْضُ يَوْمَ الْقِيَامَةِ، وَأَنَا أَوَّلُ شَافِعٍ وَأَوَّلُ مُشَفَّعٍ».
“Ke 'na oa pele eo lefatše le tla petsoha (le bulehe) bakeng sa hae ka Letsatsi la Tsoho, 'me ke 'na oa pele ea tla etsa bobuelli (shafā‘ah), hape ke 'na oa pele eo bobuelli ba hae bo tla amoheloa.” ’Me litemana tsa Qur’ān le li-hadith tse buang ka moelelo ona li ngata haholo.
2- Moporofeta ﷺ ha a bue letho le fapaneng le 'nete, ekaba bophelong ba hae kapa lefung la hae 'me takatso ena e hanyetsa Shari‘ah ea hae ka ho hlakileng, ka litsela tse ngata - joalokaha ho tla hlalosoa - 'me Eena ﷺ a ka bonoa torong, Mang kapa mang ea mo bonang torong ka sebopeho sa hae se hlomphehang ehlile o bona eena hobane Satane ha a hlahe ka sebopeho sa hae joalokaha ho boletsoe kahar'a hadith e nepahetseng. Leha ho le joalo, taba ena kaofela e its'etlehile ka tumelo, 'nete, toka, boits'oaro, bolumeli le ho ts'epahala ha ea lorileng le hore na o bone Moporofeta ﷺ
ka sebopeho sa hae kapa ka sebopeho se seng.
Haeba ho ka fihla hadith e tsoang ho Moprofeta ﷺ eo a e buileng nakong ea bophelo ba hae, empa e sa tle ka tsela ea batlalehi ba tšepahalang, ba lokileng le ba nang le bokhoni ba ho e boloka ka nepo, hadith eo e ke ke ea nkuoa e le bopaki, ebile e ke ke ea sebelisoa e le khang. Kapa haeba e tla ka tsela ea batlalehi ba tšepahalang le ba nang le bokhoni ba ho e boloka, empa e hanyetsana le phetiso ea motho ea ba fetang ka ho hopola le ka ho tšepahala, ka tsela eo ho ke keng ha khoneha ho kopanya liphetiso tsena tse peli, joale e 'ngoe ea tsona e tla be e hlakotsoe (mansūkh) ’me e se ke ea sebelisoa, athe e ’ngoe e tla be e le e hlakolang (nāsikh) ’me e sebelisoe, haeba seo se ka khoneha ho latela maemo a sona.
Empa haeba ho sa khonehe ho li kopanya kapa ho tseba hore na ke efe e hlakotsoeng, joale ho tlameha hore ho lahloe phetiso ea ea nang le ho hopola ho fokolang le toka e tlase, ’me e ahloloe e le hadith e sa tloaelehang (shādh), e sa lokelang ho sebelisoa.
Joale ho tla ba joang ka lengolo la lefa (wasiyyah) leo ho sa tsejoeng motho ea reng o le fetisitse ho tsoa ho Moromuoa oa Allah ﷺ, hape ho sa tsejoe toka ea hae kapa botšepehi ba hae? Boemong bo joalo, ho loketse haholo hore le lahloe, 'me ho se ke ha eloa hloko, leha le ne le se na ntho e khahlanong le Molao oa Islam. Joale ho tla ba joang haeba lengolo leo la lefa le tletse litaba tse ngata tse bontšang hore ke leshano, le hore le qapetsoe Moromuoa oa Allah ﷺ, hape le kenyelletsa ho qapa melao ea bolumeli eo Allah a sa kang a e lumella?!
Moprofeta ﷺ o itse:
«مَنْ قَالَ عَلَيَّ مَا لَمْ أَقُلْ؛ فَلْيَتَـبَوَّأْ مَقْعَدَهُ مِنَ النَّارِ».
“Mang kapa mang ea buang leshano ka 'na ka seo ke sa kang ka se bua, a itokisetse sebaka sa hae Mollong.” Ruri, motho ea qapileng lengolo lena la lefa (wasiyyah) a le beha holim'a Moromuoa oa Allah ﷺ o buile seo a sa kang a se bua, 'me o mo qositse ka leshano le hlakileng le le kotsi haholo. Ka hona, o tšoaneloa haholo ke temoso ena e kholo, 'me o lokeloa ke eona haeba a sa potlakele ho baka ho Allah, le ho tsebisa batho hore lengolo lena la lefa ke leshano le qapiloeng holim'a Moromuoa oa Allah ﷺ. Lebaka ke hore mang kapa mang ea jalang leshano har'a batho, a bile a le amahanya le bolumeli, pako ea hae e ke ke ea amoheloa ka botlalo ntle le haeba a e phatlalatsa le ho e pepesa, e le hore batho ba tsebe hore o khutlile leshanong la hae, le hore o ipolela hore o ne a bua leshano. Sena se ipapisitse le polelo ea Allah, Ea Phahameng ka ho Fetisisa:
﴿إِنَّ ٱلَّذِينَ يَكۡتُمُونَ مَآ أَنزَلۡنَا مِنَ ٱلۡبَيِّنَٰتِ وَٱلۡهُدَىٰ مِنۢ بَعۡدِ مَا بَيَّنَّٰهُ لِلنَّاسِ فِي ٱلۡكِتَٰبِ أُوْلَٰٓئِكَ يَلۡعَنُهُمُ ٱللَّهُ وَيَلۡعَنُهُمُ ٱللَّٰعِنُونَ159 إِلَّا ٱلَّذِينَ تَابُواْ وَأَصۡلَحُواْ وَبَيَّنُواْ فَأُوْلَٰٓئِكَ أَتُوبُ عَلَيۡهِمۡ وَأَنَا ٱلتَّوَّابُ ٱلرَّحِيمُ160﴾
{Ruri, ba patang bopaki bo hlakileng le tataiso tseo Re li senotseng, kamora hore Re li hlakisetse batho ka har’a Lengolo, bao ke bona bao Allah a ba rohakang, hape ba rohakoa ke bohle ba rohakang159
Kantle le ba bakang, ba lokisang litsela tsa bona le ho hlakisa lintho. Bao ke bona bao ke tlang ho ba ts'oarela 'me ke 'na ea Amohelang Pako, Ea Mohau160} [Al-Baqarah: 159 - 160], Kahar'a temana ena e hlomphehang, Molimo Ea Matla ʼOhle O hlakisa hore mang kapa mang ea patang karolo efe kapa efe ea 'nete, pako ea hae hase e nepahetseng ntle le kamor'a tokiso le tlhaloso. Molimo Ea Matla ʼOhle O phethela bolumeli bakeng sa bahlanka ba Hae 'me O phethahatsa mohau oa Hae holim'a bona ka ho roma Moporofeta oa Hae Muhammad ﷺ le seo Molimo A se senotseng ho eena sa molao (Shar'iah) o phethehileng 'me Ha A ka A mo nka ho fihlela kamor'a ho phetheha le ho hlakisoa ha ona joalokaha Eena, Ea Khanyang, A itse:
﴿...ٱلۡيَوۡمَ أَكۡمَلۡتُ لَكُمۡ دِينَكُمۡ وَأَتۡمَمۡتُ عَلَيۡكُمۡ نِعۡمَتِي وَرَضِيتُ لَكُمُ ٱلۡإِسۡلَٰمَ دِينٗا...﴾
{... kajeno ke phethetse sebakeng sa lona bolumeli ba lona. 'Me ke phethetse melemo Eaka ho lona ebile ke khethile Islam ele bolumeli ba lona....} [Al-Ma'idah: 3]
Motho ea qapileng takatso ena o bile teng mengoaha kholo ea lilemo tse leshome le metso e mene (14), a batla ho thetsa batho ka bolumeli bo bocha, bo tlamang hore ba amohelang melao ea bona ba kene Leholimong 'me ba sa amoheleng melao ea bona ba tingoe Leholimo 'me ba kene liheleng. O batla ho etsa takatso ena e qapiloeng e be kholo le ho ba betere ho feta Qur’an kaha o qapile kahar'a eona: hore mang kapa mang ea e ngolang 'me a e romela ho tsoa naheng e 'ngoe ho ea ho e 'ngoe kapa ho tsoa sebakeng se seng ho ea ho se seng, o tla haheloa ntlo ea borena Paradeiseng 'me mang kapa mang ea sa e ngoleng le ho e romela o tla tingoa boemeli ba Moporofeta
ﷺ ka Letsatsi la Tsoho. Lena ke le leng la mashano a mabe ka ho fetisisa le bopaki bo hlakileng haholo ba ho se sebetse ha takatso ena le ho hloka lihlong ha ea e qapileng le boholo ba boits'epo ba hae bo feteletseng tabeng ea ho bua leshano; Hobane mang kapa mang ea ngolang Qur’an e Halalelang 'me a e romela ho tsoa naheng e 'ngoe ho ea ho e 'ngoe kapa ho tsoa sebakeng se seng ho ea ho se seng, ha a ka a fumana tlotla haeba a sa sebetsa ho latela Qur’an e Halalelang, joale ho tla joang hore e fanoe ho mongoli ea qapileng ena le ea e fetisitseng ho tsoa naheng e 'ngoe ho ea ho e 'ngoe? Ea sa kang a ngola Qur’an kapa a e romela ho tloha naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, a ke ke a amohuoa bobuelli ba Moprofeta ﷺ haeba e le molumeli ho eena, a bile a latela molao oa hae (Shari'ah). Le leshano lena le le leng feela le fumanehang ho wasiyyah ena le lekane ho bontša hore ke leshano le se nang motheo, le ho senola hore ea le hasantseng ke moqapi oa mashano, o sebete bofokoling ba hae, o sethoto, hape o hole haholo le tsebo ea tataiso eo Moromuoa ﷺ a tlileng le eona.
Ka har’a wasiyyah ena—ntle le tse seng li boletsoe—ho na le lintho tse ling hape, tseo kaofela li bontšang hore ke leshano le se nang motheo. Leha moqapi oa eona a ka hlapanya ka makhetlo a sekete kapa ho feta hore ke ’nete, kapa a ka ipiletsa ka hore a otloe ka kotlo e kholo ka ho fetisisa le tlhokofatso e bohloko ka ho fetisisa haeba a bua leshano, seo se ne se ke ke sa mo etsa ea buang ’nete, leha e le hore wasiyyah eo e ka fetoha ea ’nete. Che! Ka Allah, hape ka Allah, ke a mang a mashano a maholo ka ho fetisisa le a manyala ka ho fetisisa. Re etsa Allah, Ea Halalelang le Ea Phahameng, paki, hammoho le mangeloi a teng le rona, Hape re etsa paki—e leng bopaki boo re tla kopana le Mong`a rona, Ea Tlotlehang le Ea Phahameng, ka bona—hore e mong le e mong oa Mamosleme ea balang lengolo lena a tsebe hore wasiyyah ena ke leshano le qoso e iqapetsoeng khahlanong le Moromuoa oa Allah ﷺ. Allah a tlotlolle ea e iqapetseng, ’me A mo putse ka se motšoanelang.
Ho na le lintho tse ngata tse boletsoeng kahare ho mongolo oa seo ho thoeng ke wasiyyah ena tse bonts'ang hore ke leshano le qapiloeng le hore ha ena motheo, ntle le bopaki bo seng bo boletsoe pejana. Tse ling tsa tsona ke tsena:
Ntlha ea pele: Polelo e teng ho eona e reng: “Hobane ho tloha Labohlano le leng ho isa ho le leng ho shoa batho ba likete tse lekholo le mashome a ts'eletseng (160 000) ba se tumelong ea Islam.” Polelo ena ke leshano hobane e bua ka tsebo ea lisabonoeng tsa Molimo (ghayb). Ts'enolo (wahy) e ile ea khaotsa ho tla ho Moromuoa ﷺ hang ha a hlokahala. Le nakong eo a neng a sa phela, o ne a sa tsebe ka lisabonoeng ntle le tseo Allah A neng A mo senolela tsona. Joale ho ka etsahala joang hore kamor'a lefu la hae ho ka boleloa hore o ntse a tsebahatsa litaba tse joalo tsa ghayb? Sena se tiisoa ke polelo ea Allah Ea Phahameng:
﴿قُل لَّآ أَقُولُ لَكُمۡ عِندِي خَزَآئِنُ ٱللَّهِ وَلَآ أَعۡلَمُ ٱلۡغَيۡبَ...﴾
{E-re: ‘Ha ke le bolelle hore matlotlo a Allah a ho ’na, hape ha ke tsebe lisabonoeng (Al-Ghayb)…’} [Al-Anʿām 6:50] Le polelo ea Hae Ea Phahameng:
﴿قُل لَّا يَعۡلَمُ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ ٱلۡغَيۡبَ إِلَّا ٱللَّهُ...﴾
{E-re: “Ha ho ea teng Maholimong kapa lefats'eng ea tsebang lintho tse patehileng (Ghayb), haese Allah feela...} [An-Naml: 65], 'Me ho hadith e Sahih ho tsoa ho Moporofeta
ﷺ o ile a re:
«يُذَادُ رِجَالٌ عَنْ حَوْضِي يَوْمَ القِيَامَةِ، فَأَقُولُ: يَا رَبِّ! أَصْحَابِي أَصْحَابِي، فَيُقَالُ لِي: إِنَّكَ لَا تَدْرِي مَا أَحْدَثُوا بَعْدَكَ، فَأَقُولُ كَمَا قَالَ العَبْدُ الصَّالِحُ: ﴿وَكُنتُ عَلَيۡهِمۡ شَهِيدٗا مَّا دُمۡتُ فِيهِمۡۖ فَلَمَّا تَوَفَّيۡتَنِي كُنتَ أَنتَ ٱلرَّقِيبَ عَلَيۡهِمۡۚ وَأَنتَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٖ شَهِيدٌ﴾ [المائدة: 117]».
“Ka Letsatsi la Tsoho ho tla ba le banna ba tla lelekoa letšeng la ka (Al-Hawdh). Ke tla re: ‘Mong`a ka! Ke balateli ba ka! Ke balateli ba ka!’ Ebe ho tla thoe ho ’na: ‘Ha u tsebe hore na ba ile ba qapa eng ka mor’a hao.’ Eaba ke bua joalo ka ha mohlanka ea lokileng ʿĪsā/Jesu (Khotso e be le eena) a ile a re:
‘Ke ne ke le paki holim’a bona ha feela ke ne ke le har’a bona. Empa ha U se nkukile (ka lefu), e bile Uena Mohlokomeli oa bona, ’me U Paki holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe.’ [Surah Al-Mā’idah 5:117].”
Ntlha ea bobeli—har’a lintho tse bontšang ho se be teng ha motheo ha wasiyyah ena le hore ke leshano—ke polelo e ho eona e reng: ‘Ea e ngolang (wasiyyah ena), haeba e le mofutsana Allah o tla mo ruisa; kapa haeba a kolota, Allah o tla mo lefella sekoloto sa hae; kapa haeba a e-na le sebe, Allah o tla mo tšoarela eena le batsoali ba hae ka lebaka la tlhohonolofatso ea wasiyyah ena,’ ho fihlela qetellong. ’Me lena ke le leng la mashano a maholo ka ho fetisisa, hape ke bopaki bo hlakileng ka ho fetisisa ba hore moqapi oa leshano lena o leshano, le hore ha a na lihlong ho Allah kapa ho bahlanka ba Hae. Hobane lintho tsena tse tharo ha li fumanehe feela ka ho ngola Qur’an e Halalelang; joale li ka fumanoa joang ho motho ea ngotseng wasiyyah ee ea bohata?! Ha e le hantle, motho enoa ea litšila o batla feela ho ferekanya batho le ho ba thetsa ka wasiyyah ena; e le hore ba e ngole ’me ba itšetlehe ka molemo ona oo a iqapetseng, ebe ba tlohela mabaka ao Allah A a behileng bakeng sa bahlanka ba Hae, ao A entseng hore e be mekhoa e lebisang leruong, ho lefelleng likoloto, le tšoarelong ea libe. Kahoo re batla setšabelo ho Allah khahlanong le lisosa tsa ho lahleheloa ke tataiso, le ho latela litakatso tsa moea le Satane.
Ntlha ea boraro—har’a lintho tse bontšang ho se be teng ha motheo ha wasiyyah ena—ke polelo e ho eona e reng: ‘Mang kapa mang har’a bahlanka ba Allah ea sa e ngoleng, sefahleho sa hae se tla fifala lefatšeng lena le Bophelong bo sa Feleng.’ Le hona hona ke le leng la mashano a mabe ka ho fetisisa, hape ke e bo bong ba bopaki bo hlakileng ka ho fetisisa ba hore wasiyyah ena ha e na motheo le hore moqapi oa eona o leshano. Ke joang motho ea nang le kelello a ka amohelang hore a ngole wasiyyah ena e tlisitsoeng ke motho ea sa tsejoeng lekholong la leshome le metso e mene la lilemo, ea e qapileng ’me a e abela Moromuoa oa Allah ﷺ, a bolela hore ea sa e ngoleng sefahleho sa hae se tla fifala lefatšeng lena le Bophelong bo sa Feleng; ’me ea e ngolang o tla ba morui kamora bofutsana, a lefelloe likoloto kamora hore li mo bokelle, ’me a tšoareloe libe tsohle tseo a li entseng?!
Uena Allah, U Halaletse! Sena ke qoso e kholo e iqapetsoeng! Ruri bopaki le ’nete ea lintho li paka hore moqapi enoa oa leshano o leshano, le hore o na le sebete se seholo sa ho theha leshano khahlanong le Allah, ’me ha a na lihlong ho Allah kapa ho batho. Ho na le lichaba tse ngata tse sa kang tsa ngola wasiyyah ena, empa lifahleho tsa bona ha lia ka tsa fifala. Hape mona ho na le bongata bo boholo boo ho seng ea ka ba balang haese Allah feela, ba e ngotseng makhetlo a mangata, empa likoloto tsa bona ha lia ka tsa lefshoa, ’me bofutsana ba bona ha boa ka ba fela. Kahoo re batla setšabelo ho Allah khahlanong le ho kheloha ha lipelo le mafome a libe. Tsena ke litšobotsi le meputso eo Shari‘ah e halalelang e sa kang ea e tlisa bakeng sa motho ea ngolang buka e molemo ka ho fetisisa le e kholo ka ho fetisisa, e leng Qur’an e Halalelang. Joale li ka fumanoa joang ho motho ea ngolang wasiyyah ea bohata, e nang le mefuta e fapaneng ea mashano le lipolelo tse ngata tse ka bang har’a mefuta ea ho se lumele (kufr)? Khanya eohle ke ea Allah! O na le mamello e kholo hakaakang ho ea itetang sefuba ho Mo etselletsa ka leshano.
Ntlha ea bone—har’a lintho tse bontšang hore wasiyyah ena ke leshano le se nang motheo ka ho fetisisa, ebile e le leshano le hlakileng ka ho fetisisa—ke polelo e ho eona e reng: ‘Ea lumelang ho eona o tla pholosoa kotlong ea Mollo, ’me ea e latolang o fetohile ea sa lumeleng (kāfir).’ Le hona ke pontšo ea ho iteta sefuba ka ho fetisisa ho bua leshano, ’me ke a mang a mashano a manyala ka ho fetisisa. Motho enoa ea iqapetseng leshano o bitsa batho bohle hore ba lumele leshano la hae, ’me o bolela hore ka ho etsa joalo ba tla pholosoa kotlong ea Mollo. Hape o bolela hore ea e hanang o fetoha ea sa lumeleng (kāfir). Ka nnete, ka Allah, raleshano enoa o etselletsa Allah ka qoso e kholo haholo, ’me ka Allah o buile se seng ntle le ’nete. Ea lumelang ho eona ke eena ea tšoanelang ho bitsoa ea sa lumeleng (kāfir), eseng ea e hanang; hobane ke qoso e iqapetsoeng, ke leshano le se nang motheo, ’me ha e na ’nete leha e le efe. Re etsa Allah paki hore ke leshano, le hore moqapi oa eona ke raleshano. O batla ho etsetsa batho molao oo Allah A sa kang A o lumella, ’me o kenya ka bolumeling ba bona ntho eo e seng karolo ea bona. Empa Allah O phethile bolumeli ’me A bo phethahalletsa sechaba sena khale, lilemo tse likete tse leshome le metso e mene pele ho qoso ena ea bohata. Kahoo elang hloko, lona babali le bana beso! Hlokomelang ho lumela mashano a tšoanang le ana a iqapetsoeng, ’me le se ke la lumella hore a hasane har’a lona. Hobane ’nete e na le leseli leo motho ea e batlang a ke keng a le ferekanya. Batlang ’nete ka bopaki ba eona, ’me le botse batho ba nang le tsebo ka lintho tse le ferekanya ng. Le se ke la thetsoa ke likano tsa ba leshano; hobane Iblīs ea rohakiloeng o ile a hlapanyetsa batsoali ba lona Ādam le Hawwā’ (Eva) hore o ne a ba eletsa hantle, athe e ne e le eena mothetsi e moholo ka ho fetisisa le raleshano e moholo ka ho fetisisa. Joalokaha Allah A re boleletse ka eena, A re:
﴿وَقَاسَمَهُمَآ إِنِّي لَكُمَا لَمِنَ ٱلنَّٰصِحِينَ21﴾
{’Me a ba hlapanyetsa (ka Allah), a re: ‘Ka nnete ’na ke e mong oa ba le eletsang hantle’} [Al-A'raf: 21]. Mo hlokomeleng le hlokomele le balateli ba hae ba leshano kaha Eena 'moho le bona ba ne ba ena le likano tse ngata tsa mashano, lits'episo tsa bomene-mene le ho ba le mantsoe a hohelang a qhekellang! Ha e le seo moqapi enoa oa leshano a se boletseng mabapi le ho ata ha lintho tse mpe (litlokotsi le bokhopo), seo ke taba e teng kannete. Qur’an e Halalelang le Sunnah e hloekileng li se li lemositse ka tsona ka temoso e matla ka ho fetisisa, ’me ka har’a tsona ho na le tataiso le ho lekana (bakeng sa batho).
Ha e le seo a se boletseng ka matšoao a Letsatsi la Qetello (Ashrāṭ as-Sā‘ah), li-hadith tsa Moprofeta ﷺ li hlakisitse lintho tse tla etsahala e le matšoao a Letsatsi la Qetello, ’me Qur’an e Halalelang le eona e bontšitse tse ling tsa tsona. Mang kapa mang ea batlang ho tseba ka tsona o tla li fumana moo li leng teng libukeng tsa Sunnah le libukeng tsa litsebi tsa tsebo le tumelo. Batho ha ba hloke tlhaloso ea motho ea joalo ea iqapetseng mashano le thetso ea hae, ea kopanyang ’nete le leshano. E se eka Allah A ka ntšireletsa ’na le lona, hammoho le Mamosleme ʼohle, khahlanong le bobe ba bademona, liteko tsa ba khelosang, ho kheloha ha ba khelohileng, le thetso ea lira tsa Allah tse latolang ’nete; e leng ba batlang ho tima leseli la Allah ka melomo ea bona, le ho ferekanya batho ka bolumeli ba bona. Empa Allah O tla phethela leseli la Hae, ’me O tla thusa bolumeli ba Hae, leha lira tsa Allah—e leng bademona le balateli ba bona har’a ba sa lumeleng le ba sa lumeleng boteng ba Allah—li ka hloea seo. ’Me re kopa Allah hore A lokise maemo a Mamosleme, ’me A ba fe tlhohonolofatso ea ho latela ’nete, ho ema ka tieo holim’a eona, le ho baka ho Allah Ea Halalelang libeng tsohle. Ruri, Ke Ea amohelang pako haholo, Ea Mohau, Ea nang le matla holim’a lintho tsohle. Allah O re lekane, ’me Ke Mohlokomeli ea molemo ka ho fetisisa. Ha ho matla kapa bokhoni haese ka Allah, Ea Phahameng ka ho Fetisisa, Ea Moholo ka ho Fetisisa.
’Me thoriso eohle ke ea Allah, Mong’a mafatše ’ohle. Lithapelo le khotso tsa Allah li be holim’a mohlanka oa Hae le Moromuoa oa Hae, ea tšepahalang le ea nnete; le holim’a lelapa la hae, barutuoa ba hae, le balateli ba hae ba mo latelang ka botle ho fihlela Letsatsing la Kahlolo.
Kahlolo holim'a boloi, bonooe le litaba tse amanang le tsona
ʼAbdul ʼAziz ibn ʼAbdullah ibn Baz
Buka ena e hlalosa hore boselamose (boloi) le bonohe li hanetsoe ka har’a Islam, ebile e lemosa khahlanong le ho ea ho baloi le linohe kapa ho ba lumela. E tiisa hore tsena ke liketso tsa kufr tse senyang motho le sechaba. Hape e khothalletsa ho itšetleha ka Allah le ho sebelisa kalafo ea Sharī‘ah e kang Ruqyah le Adhkār.
***
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Lengolo la Borobong:
Kahlolo holim’a boloi, bonohe le lintho tse amanang le tsona18
Thoriso eohle ke ea Allah Ea Mong ’me khotso le litlhohonolofatso li be holim’a eo ho seng moporofeta kamor'a hae. Kamor’a moo:
Ka lebaka la ho ata ha baloi le linohe mehleng ena ea morao-rao ba ipitsang lingaka 'me ba phekola ka boselamose kapa ka boprofeta ba bohata, le ho nama ha bona linaheng tse ling, le ho sebelisa ha bona batho ba hlokang tsebo le ba tšepang habonolo; ke bone ho le bohlokoa, e le keletso bakeng sa Allah le bahlanka ba Hae, ho hlakisa kotsi e kholo e teng tabeng ena ho Islam le ho Mamoseleme. Sena se joalo hobane se etsa hore batho ba itšetlehe ka ba bang ntle le Allah ea Phahameng Haholo, 'me se hanyetsa taelo ea Hae le taelo ea Leqosa la Hae ﷺ.
Ka hoo ke qala ka ho kopa thuso ho Allah Ea Phahameng: Ho batla kalafo ke ntho e lumelletsoeng, ’me lemosleme a ka ea ho ngaka ea mafu a ka hare, ea ho buoa kapa ea methapo kapa tse ling tse tšoanang, e le hore e mo hlahlobe le ho mo alafa ka meriana e lumelletsoeng ke Shari‘ah, ho latela tsebo ea hae ea bongaka. Hobane sena se kenella tabeng ea ho nka mabaka a tloaelehileng, ’me ha se hanyetse ho itšetleha ka Allah. Allah Ea Phahameng o thehile lefu le pheko hammoho; ea tsebang oa e tseba, ea sa tsebeng ha e tsebe. Empa Allah Ha A ka a beha pholiso ea makhoba a Hae linthong tseo A li hanetseng.
Ha ho ea lumelleha hore mokuli a ee ho linooe tse ipolelisang kamoo li tsebang lisabonoeng (ghayb) le hore a ithute ka boloetse ba hae ho tsona, hape ha ho ea lumelleha hore a li lumele ho seo li mo bolellang sona; hobane li bua ka likhakanyo ka lisabonoeng (ho iqapela) kapa li bitsa ho li-jinn ho li thusa ho seo li se batlang. Batho ba joalo ba nkoa ese balumeli le ba lahlehileng haeba ba ipolela hore ba tseba lisabonoeng (tseo tsebo ea tsona e leng ho Molimo feela).
Muslim o e tlalehile ho Sahih ea hae hore Moporofeta ﷺ o itse:
«مَنْ أَتَى عَرَّافًا فَسَأَلَهُ عَنْ شَيْءٍ، لَمْ تُقْبَلْ لَهُ صَلَاةٌ أَرْبَعِينَ يَوْمًا».
“Ea eang ho senooe a se botsa ka ntho e itseng, thapelo ea hae e ke ke ea amoheloa matsatsi a mashome a mane.”
Ho tsoa ho Abu Hurayrah (eka Allah A ka khahlisoa ke Eena), ho tsoa ho Moporofeta ﷺ ea ileng a re:
«مَنْ أَتَى كَاهِنًا فَصَدَّقَهُ بِمَا يَقُولُ، فَقَدْ كَفَرَ بِمَا أُنْزِلَ عَلَى مُحَمَّدٍ ﷺ».
“Ea eang ho senooe ebe o lumela ho seo se se buang, o se a latotse se ileng sa senoleloa Muhammad ﷺ.” E tlalehiloe ke Abu Dawud 'me e kenyellelitsoe ho libuka tsa Sunan tse ’ne eaba Al-Hakim o ea e netefatsa ho tsoa ho Moporofeta ﷺ ka mantsoe a reng:
«مَنْ أَتَى عَرَّافًا أَوْ كَاهِنًا فَصَدَّقَهُ بِمَا يَقُولُ، فَقَدْ كَفَرَ بِمَا أُنْزِلَ عَلَى مُحَمَّدٍ ﷺ».
“Ea eang ho senooe kapa moloi, a lumela ho seo se se buang, o se a latotse se ileng sa senoleloa Muhammad ﷺ.”
Ho tsoa ho Imran bin Husayn - Eka Allah A ka khahlisoa ke eena - hore Moromuoa oa ﷺ o itse:
«لَيْسَ مِنَّا مَنْ تَطَيَّرَ أَوْ تُطُيِّرَ لَهُ، أَوْ تَكَهَّنَ أَوْ تُكُهِّنَ لَهُ، أَوْ سَحَرَ أَوْ سُحِرَ لَهُ، وَمَنْ أَتَى كَاهِنًا فَصَدَّقَهُ بِمَا يَقُولُ، فَقَدْ كَفَرَ بِمَا أُنْزِلَ عَلَى مُحَمَّدٍ ﷺ».
“Ha se emong oa rona ea etsang tumela-khoela kapa eo ho etsetsoang tumela-khoela bakeng sa hae kapa ea etsang bonohe kapa eo bo etsoang bakeng sa hae kapa ea sebelisang boloi kapa eo ho sebelisoang boloi bakeng sa hae. ’Me ea eang ho senohe a lumela seo se se buang, o se a latotse se ileng sa senoleloa Muhammad ﷺ.” E tlalehiloe ke Al-Bazzar ka ketane e ntle.
Ka hona hadith tsena tse hlomphehang li bonts'a thibelo ea ho ea ho linohe, baporofeta ba bohata, baloi le ba ts'oanang le bona le ho ba botsa le ho ba lumela; hape li na le ts'oso e matla mabapi le ho etsa seo.
Ka hona ha ho ea lokela hore motho a thetsoe ke hore ba bua ’nete linthong tse ling kapa ke bongata ba batho ba eang ho bona; hobane ke batho ba hlokang tsebo ’me batho ha ba ea lokela ho thetsoa ke bona. Moromuoa ﷺ o hanetse ho ea ho bona, ho ba botsa le ho ba lumela ka lebaka la bobe bo boholo, kotsi e kholo le litlamorao tse mpe tse teng ho seo; hape hobane ke mashano le batho ba pelo li mpe.
Hadith tsena hape li bonts'a ho se lumele ha senohe le moloi; hobane ba ipolela ba tseba ka lisabonoeng (tseo e leng karolo ea tsebo ea Molimo feela) ’me seo ke kufr (bohanyetsi/ho se lumele). Hape hobane ba ke ke ba fihlela sepheo sa bona ntle le ho sebeletsa li-jinn le ho ba rapela ntle le Allah; ’me seo ke kufr (ho se lumele) le shirk (ho kopanya Allah le melingoana) ho Allah Ea Khanyang. Ea ba lumelang boipolelong ba bona ba hore ba tseba lisabonoeng o ts'oana le bona. Mang kapa mang ea amohelang lintho tsena ho ba li etsang, Moromuoa oa Molimo ﷺ o itokolla ho eena.
Hape ha ho ea lumelloa ho lemoseleme hore a amohele se bitsoang kalafo ke bona; joaloka ho komakoma ha bona ka mantsoe a boloi, kapa ho lahla liatola, le litumela-khoela tse ling tse tšoanang le tsona tseo ba li etsang. Ruri sena ke karolo ea boprofeta ba bohata (bonohe) le ho qhekanyetsa batho, 'me mang kapa mang ea lumellanang le sena, oa ba thusa moralong oa bona oa bohata le oa Kufr ea bona.
Hape ha ho ea lumelloa hore Lemoseleme leha e le lefe le ee ho bona ho ba botsa hore na mora oa hae kapa mong ka eena o tla nyala mang kapa ka lerato, bots'epehi, bora kapa karohano pakeng tsa monna le mosali le malapa a bona; Hobane tsena ke lintho tsa lisabonoeng tseo ho seng ea li tsebang ntle le Allah Ea Phahameng.
Kahoo, ke boikarabelo ho baemeli ba mmuso (ba nang le matla a taolo), le liofisi tsa boitšoaro (Hisbah), hammoho le ba bang bohle ba nang le matla le bolaoli: ho nyatsa ho ea ho linohe, baloi le ba tšoanang le bona, le ho thibela mang kapa mang ea etsang lintho tse joalo limmarakeng le libakeng tse ling, le ho ba nyatsa ka matla ʼohle, hammoho le ho nyatsa ba eang ho bona.
Ka mokhoa o tsʼoanang boloi ke e ’ngoe ea lintho tse hanetsoeng tsa liketso tsa kufr, joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A boletse ka mangeloi a mabeli:
﴿...وَمَا يُعَلِّمَانِ مِنۡ أَحَدٍ حَتَّىٰ يَقُولَآ إِنَّمَا نَحۡنُ فِتۡنَةٞ فَلَا تَكۡفُرۡۖ فَيَتَعَلَّمُونَ مِنۡهُمَا مَا يُفَرِّقُونَ بِهِۦ بَيۡنَ ٱلۡمَرۡءِ وَزَوۡجِهِۦۚ وَمَا هُم بِضَآرِّينَ بِهِۦ مِنۡ أَحَدٍ إِلَّا بِإِذۡنِ ٱللَّهِۚ وَيَتَعَلَّمُونَ مَا يَضُرُّهُمۡ وَلَا يَنفَعُهُمۡۚ وَلَقَدۡ عَلِمُواْ لَمَنِ ٱشۡتَرَىٰهُ مَا لَهُۥ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ مِنۡ خَلَٰقٖۚ وَلَبِئۡسَ مَا شَرَوۡاْ بِهِۦٓ أَنفُسَهُمۡۚ لَوۡ كَانُواْ يَعۡلَمُونَ﴾
{...'Me ba babeli bao (mangeloi Harut le Marut) ba ne ba sa rute motho le ea mong ho fihlela ba re: 'Ruri rona re teko feela, kahoo u se ke ua koeneha (ua ba le kano ea ho se lumele)'. Kahoo batho ba ithuta ho bona se arohanyang monna le mosali oa hae; empa ba ne ba sa ka ba khona ho ntša kotsi ka sona ho motho leha e le ofe ntle le ka tumello ea Allah. 'Me ba ithuta se ba ntšang kotsi se sa ba tsoeleng molemo. Hape ruri ba ne ba se ba ntse ba tseba hore mang kapa mang ea rekang boselamose boo, a ke ke a ba le kabelo leha e le efe Bophelong bo Tlang. Ehlile ke ntho e mpe eo ba ileng ba rekisa meea ea bona ka eona, hoja ba ne ba tseba}
[Al-Baqarah: 102].
Litemana tsena tse halalelang li bontša hore boloi ke ho se lumele (kufr), le hore baloi ba ka baka karohano pakeng tsa monna le mosali oa hae. Hape li bontša hore boloi ha bo na matla ka bobona a ho tlisa molemo kapa kotsi. Bo sebetsa feela ka tumello ea Allah ea bokahohle le taelo ea Hae (al-idhn al-kawnī al-qadarī), hobane Allah, Ea Khanyang le Ea Phahameng, ke Eena Ea bopileng botle le bobe.
Hape temana ena e halalelang e bontša hore ba ithutang boloi ba ithuta feela se ba bakelang kotsi, eseng se ba tsoelang molemo. E boetse e bontša hore ha ba na kabelo kapa karolo ho Allah, ke hore, ha ba na lehlohonolo kapa moputso ho Eena. Ena ke temoso e matla haholo e bontšang boholo ba tahlehelo ea bona lefatšeng lena le Bophelong ba Kamoso. Ba rekisitse meea ea bona ka theko e nyatsehang haholo. Ka lebaka leo, Allah, Ea Halalelang le Ea Phahameng, o ile a ba nyatsa ka mantsoe a Hae a reng:
﴿...وَلَبِئۡسَ مَا شَرَوۡاْ بِهِۦٓ أَنفُسَهُمۡۚ لَوۡ كَانُواْ يَعۡلَمُونَ﴾
{'Me ke ntho e mpe (kotsi) hakaakang eo ba ithekisitseng ka eona, hoja ebe ba ne ba tseba} [Al-Baqarah: 102]. Lentsoe “ash-shirāʼ” temaneng ena le sebelisitsoe ka moelelo oa ho rekisa, eseng ho reka.
Ruri, kotsi e bakiloeng ke bona e bile kholo haholo, 'me tlokotsi e bile matla ka lebaka la baqapi bana ba mashano, ba ileng ba rua tsebo ena ho tsoa ho barapeli ba melimo e meng, ba bile ba e sebelisa ho khelosa batho ba nang le kutloisiso e fokolang. Ka hona, re re: “Ka nnete, re ba Allah, 'me ho Eena re tla khutlela.” Hape re re: “Allah O re lekane, 'me ke Eena Motšepuoa ea molemo ka ho fetisisa.”
Re kopa Allah ts'ireletso le polokeho khahlanong le bobe ba baloi, linooe le baruti bohle ba qhekellang 'moho le lingakana-ka-hetla; re boetse re kopa hore A sireletse Mamoseleme khahlanong le bobe ba bona le hore A fe babusi ba Mamoseleme katleho ea ho ba ela hloko le ho phethahatsa kahlolo ea Allah holim’a bona ele hore bahlanka ba phomole kotsing ea bona le mesebetsi ea bona e lits'ila. Kannete Eena Ke Ea Fanang haholo, Ea Fanang ka seatla se bulehileng.
Ruri, Allah, Ea Khanyang le Ea Phahameng, o laetse bahlanka ba Hae lintho tseo ba ka itšireletsang ka tsona khahlanong le bobe ba boloi pele bo ba hlahela. Hape o ba hlaloselitse ka ho hlaka mekhoa eo ba ka iphekolang ka eona haeba bo se bo ba hlahetse. Ena ke pontšo ea mohau oa Hae ho bona, molemo oa Hae ho bona, le ho phethahatsa mahlohonolo a Hae holim'a bona.
Se latelang ke tlhaloso ea lintho tse sireletsang khahlanong le boloi pele bo etsahala le lintho tse sebelisoang ho bo phekola kamor'a hore bo etsahale, ho tsoa linthong tse lumelletsoeng ka Shari‘ah:
Ntlha ea pele: Lintho tseo motho a ka itšireletsang ka tsona khahlanong le kotsi ea boloi pele bo etsahala. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa le e thunthetsang haholo ke: Ho itšireletsa ka lithoko (Adhkar) tse lumelletsoeng ke Shari‘ah, le lithapeli (Duʿāʼ) hammoho le litemana tsa tšireletso (Mu'awwidhat) tse fetisitsoeng ho tsoa ho Moprofeta. Har'a tsona ke ho bala: Ayat al-Kursi — eo e leng temana e kholo ka ho fetisisa ka har'a Qur’an e Halalelang — ka mor'a thapelo e 'ngoe le e 'ngoe e tlamang, ka mor'a ho qeta ka litumeliso (Salam). Temana eo ke polelo ea Ea Matla ʼOhle e reng:
﴿ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ ٱلۡحَيُّ ٱلۡقَيُّومُۚ لَا تَأۡخُذُهُۥ سِنَةٞ وَلَا نَوۡمٞۚ لَّهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۗ مَن ذَا ٱلَّذِي يَشۡفَعُ عِندَهُۥٓ إِلَّا بِإِذۡنِهِۦۚ يَعۡلَمُ مَا بَيۡنَ أَيۡدِيهِمۡ وَمَا خَلۡفَهُمۡۖ وَلَا يُحِيطُونَ بِشَيۡءٖ مِّنۡ عِلۡمِهِۦٓ إِلَّا بِمَا شَآءَۚ وَسِعَ كُرۡسِيُّهُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَۖ وَلَا يَـُٔودُهُۥ حِفۡظُهُمَاۚ وَهُوَ ٱلۡعَلِيُّ ٱلۡعَظِيمُ255﴾
﴾Allah – ha ho mang kapa mang ea lokelang ho rapeloa ntle le Eena feela, Ea Phelang ka ho sa Feleng, Mofani le Mots'ehetsi oa 'mopo ʼohle Eo tsohle li mo hlokang empa Eena a sa hloke letho. Ha A otsele kapa hona ho robala. Lintho tsohle tse Maholimong le tse lefats'eng ke tsa Hae. Ke mang ea ka buellang ba bang kapele ho Eena kantle ho tumello ea Hae? O tseba se ka pele ho bona le se ka morao ho bona 'me ba ke ke ba eba le letho la tsebo ea Hae haese feela seo A se ratang. Kursi (Setulo) sa Hae sa borena se akaretsa Maholimo le lefats'e 'me Ha A khathale ke ho li lebela. 'Me ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa, Ea Moholo ka ho Fetisisa} [Al-Baqarah: 255]. Hape ho khothalelitsoe ho e pheta-pheta (ho e bala) ha motho a il'o robala, joalokaha ho tlalehiloe ka ts'epahalo ho tsoa ho Moromuoa oa Allah ﷺ hore o ile a re:
«مَنْ قَرَأَ آيَةَ الْكُرْسِيِّ فِي لَيْلَةٍ، لَمْ يَزَلْ عَلَيْهِ مِنَ اللَّهِ حَافِظٌ، وَلَا يَقْرَبُهُ شَيْطَانٌ حَتَّى يُصْبِحَ».
“Ea balang Ayatul Kursi bosiu, Allah o tla lula a e-na le molebeli ea tsoang ho Allah ’me Satane a keke a mo atamela ho fihlela hoseng.”
Sena se kenyelletsa ho bala:
﴿قُلۡ هُوَ ٱللَّهُ أَحَدٌ1﴾
{E-re, "Ke Allah, Ea nnotši },
﴿قُلۡ أَعُوذُ بِرَبِّ ٱلۡفَلَقِ1﴾
{E-re, “Ke kopa tsʼireletso ho Morena oa meso”},
﴿قُلۡ أَعُوذُ بِرَبِّ ٱلنَّاسِ1﴾
{E-re, Ke batla setšabelo ho Mong`a ba batho}, [An-Nās: 1], Li baloe ka mor'a thapelo e 'ngoe le e 'ngoe e tlamang. Hape li-Sūrah tsena tse tharo (Al-Ikhlāṣ, Al-Falaq le An-Nās) li baloe hararo qalong ea motšehare ka mor'a thapelo ea Fajr, le hararo qalong ea bosiu ka mor'a thapelo ea Maghrib.
Sena se kenyelletsa ho bala litemana tse peli tsa ho qetela tsa Surah al-Baqarah qalong ea bosiu, e leng mantsoe a Allah Ea Phahameng:
﴿ءَامَنَ ٱلرَّسُولُ بِمَآ أُنزِلَ إِلَيۡهِ مِن رَّبِّهِۦ وَٱلۡمُؤۡمِنُونَۚ كُلٌّ ءَامَنَ بِٱللَّهِ وَمَلَٰٓئِكَتِهِۦ وَكُتُبِهِۦ وَرُسُلِهِۦ لَا نُفَرِّقُ بَيۡنَ أَحَدٖ مِّن رُّسُلِهِۦۚ وَقَالُواْ سَمِعۡنَا وَأَطَعۡنَاۖ غُفۡرَانَكَ رَبَّنَا وَإِلَيۡكَ ٱلۡمَصِيرُ285﴾
{Moromuoa o lumetse ho seo a se senoletsoeng se tsoang ho Mong’a hae, le balumeli le bona ba lumetse. Bohle ba lumetse ho Allah, ho mangeloi a Hae, libukeng tsa Hae le ho baromuoa ba Hae. (Ba re): ‘Ha re khetholle pakeng tsa leha e le ofe oa baromuoa ba Hae.’ Ba boela ba re: ‘Re utloile, ’me rea mamela. Re kopa tšoarelo ea Hao, Mong’a rona, ’me ho Uena ke moo re tla khutlela teng’} Ho fihlela qetellong ea Sūrah.
Sena se ipapisitse le hadith e nepahetseng e tsoang ho Moprofeta ﷺ ea ileng a re:
«مَنْ قَرَأَ الآيَتَيْنِ مِنْ آخِرِ سُورَةِ البَقَرَةِ فِي لَيْلَةٍ كَفَتَاهُ».
“Mang kapa mang ea balang litemana tse peli tsa ho qetela tsa Sūrah Al-Baqarah bosiu, li tla mo lekana.” Moelelo oa eona – 'me Allah o tseba tsohle – ke hore li tla mo lekana e le tšireletso khahlanong le bobe bohle.
Har'a mekhoa ea ho itšireletsa hape ke ho pheta khafetsa thapelo ena: "Ke batla tšireletso ka Mantsoe a Allah a phethahetseng khahlanong le bobe ba tsohle tseo A li bopileng."
(Aʿūdhu bi-kalimāti-llāhi at-tāmmāti min sharri mā khalaq.) Ho eletsoa ho e pheta bosiu le motšehare, hape ha motho a fihla sebakeng leha e le sefe seo a tla lula ho sona, ebang ke ka tlung, lehoatateng, moeeng kapa leoatleng.
Lebaka ke hobane Moprofeta ﷺ o itse:
«مَن نَزَلَ مَنْزِلًا فَقالَ: أَعُوذُ بِكَلِمَاتِ اللهِ التَّامَّاتِ مِن شَرِّ ما خَلَقَ، لَمْ يَضُرَّهُ شَيءٌ حتَّى يَرْتَحِلَ مِن مَنْزِلِهِ ذَلِكَ».
“Mang kapa mang ea fihlang sebakeng ebe o re: ‘Ke batla tšireletso ka Mantsoe a Allah a phethahetseng khahlanong le bobe ba tsohle tseo A li bopileng,’ ha ho letho le tla mo ntša kotsi ho fihlela a tloha sebakeng seo.”
Hape har’a tseo: ke hore Lemoseleme hoseng le mantsiboea le re ka makhetlo a mararo:
«بِسْمِ اللهِ الَّذِي لَا يَضُرُّ مَعَ اسْمِهِ شَيءٌ فِي الأَرْضِ وَلَا فِي السَّمَاءِ، وَهُوَ السَّمِيعُ العَلِيمُ».
“Ka Lebitso la Allah, eo ka Lebitso la Hae ho seng letho le ka ntšang kotsi, leha e le lefatšeng kapa maholimong. ʼMe ke Ea Utloang Tsohle, Ea Tsebang Tsohle.”
Sena ke hobane ho na le li-hadith tse nepahetseng tse tsoang ho Moromuoa oa Allah ﷺ tse khothalletsang ho etsa joalo, le hore sena ke sesosa sa ho fumana tšireletso khahlanong le bobe bohle, ka tumello ea Allah.
Ntlha ea bobeli: Lintho tse sebelisoang ho phekola boloi kamor'a hore bo etsahale. Sena se etsoa ka litsela tse ’maloa:
Ea pele: Ke ho eketsa ho ikokobetsa le ho rapela Allah, le ho mo kopa, Ea Halalelang le Ea Phahameng, hore a tlose kotsi le mahlomola, a felise tlokotsi le bohloko.
Ea bobeli: Ke ho etsa boiteko ba ho tseba moo boloi bo patiloeng teng, ebang bo patiloe mobung, thabeng kapa sebakeng se seng. Haeba bo fumanoa, bo ntšoa le ho senngoa, boloi boo boa fela. Ena ke e 'ngoe ea mekhoa e molemo ka ho fetisisa ea ho phekola boloi.
Ea boraro: Ke ho etsa ruqyah ka li-dhikr le lithapelo tsa molao oa Islam tse tlalehiloeng ho Qurʼān le Sunnah. Tsena li ngata, 'me har'a tsona ke:
Se fumanoang mantsoeng a Moromuoa oa Allah ﷺ:
«اللَّهُمَّ رَبَّ النَّاسِ، أَذْهِبِ الْبَأْسَ، وَاشْفِ أَنْتَ الشَّافِي، لَا شِفَاءَ إِلَّا شِفَاؤُكَ، شِفَاءً لَا يُغَادِرُ سَقَمًا».
“Oho Allah! Mong`a batho, tlosa bohloko le mahlomola. Folisa, hobane ke Uena Mofolisi. Ha ho pholiso ntle le pholiso ea Hao—pholiso e sa sieeng lefu leha e le lefe.” A e bue makhetlo a mararo.
Hape har’a tsona: ke ruqyah eo Jibril a ileng a e sebelisa ho Moporofeta ﷺ, mona ke polelo ea hae:
«بِسْمِ اللَّهِ أَرْقِيكَ، مِنْ كُلِّ شَيْءٍ يُؤْذِيكَ، وَمِنْ شَرِّ كُلِّ نَفْسٍ أَوْ عَيْنِ حَاسِدٍ، اللَّهُ يَشْفِيكَ، بِسْمِ اللَّهِ أَرْقِيكَ».
“Ka Lebitso la Allah ke u etsetsa ruqyah, khahlanong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e u utloisang bohloko khahlanong le bobe ba moea o mong le o mong kapa leihlo le lebe. Allah A u folise. Ka Lebitso la Allah ke u etsetsa ruqyah” A e phete makhetlo a mararo.
Hape har’a tsona — ’me ena ke pheko e molemo bakeng sa monna ea thibetsoeng ho kopanela likobo le mosali oa hae, ke hore a nke makhasi a supileng a sefate sa sidr se se tala, a a sile ka lejoe kapa se ts'oanang le lona, a a kenye ka sekotlolong, ebe o ts'ela metsi a lekaneng bakeng sa ho hlapa ’me a bale holim’a ona:
Ayatul Kursi, le
﴿قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلۡكَٰفِرُونَ1﴾
{E-re, Oho lona ba sa lumeleng} [Al-Kāfirūn: 1], le
﴿قُلۡ هُوَ ٱللَّهُ أَحَدٌ1﴾
{E-re, "Ke Allah, Ea nnotši"} [Al-Ikhlās: 1], le
﴿قُلۡ أَعُوذُ بِرَبِّ ٱلۡفَلَقِ1﴾
{E-re, "Ke kopa ts'ireletso ho Morena oa Meso"} [Al-Falaq: 1], le
﴿قُلۡ أَعُوذُ بِرَبِّ ٱلنَّاسِ1﴾
{E-re, "Ke kopa ts'ireletso ho Morena oa batho"} [An-Nās: 1],
Hape ho kenyelelitsoe litemana tsa boloi tse fumanehang ho Sūrah Al-Aʿrāf, e leng mantsoe a Allah, Ea Halalelang le Ea Phahameng:
﴿وَأَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ مُوسَىٰٓ أَنۡ أَلۡقِ عَصَاكَۖ فَإِذَا هِيَ تَلۡقَفُ مَا يَأۡفِكُونَ117 فَوَقَعَ ٱلۡحَقُّ وَبَطَلَ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ118 فَغُلِبُواْ هُنَالِكَ وَٱنقَلَبُواْ صَٰغِرِينَ119﴾
{'Me Re ile ra senolela Moshe hore, 'Akhela lere la hao,' eaba hang-hang ea metsa tsohle tsa bona tseo ba neng ba li qapile ka boloi ba bona 117
Kahoo nnete ea hlola, mme seo ba neng ba se etsa sa fetoha lefeela 118
Kahoo ba ile ba hloloa moo, mme ba khutla ba tlotlolohile ba bile ba le nyenyefetse 119}
[Al-A'raf: 117-119]
Le litemana tse ho Sūrah Yūnus, e leng mantsoe a Allah, Ea Halalelang le Ea Phahameng:
﴿وَقَالَ فِرۡعَوۡنُ ٱئۡتُونِي بِكُلِّ سَٰحِرٍ عَلِيمٖ79 فَلَمَّا جَآءَ ٱلسَّحَرَةُ قَالَ لَهُم مُّوسَىٰٓ أَلۡقُواْ مَآ أَنتُم مُّلۡقُونَ80 فَلَمَّآ أَلۡقَوۡاْ قَالَ مُوسَىٰ مَا جِئۡتُم بِهِ ٱلسِّحۡرُۖ إِنَّ ٱللَّهَ سَيُبۡطِلُهُۥٓ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُصۡلِحُ عَمَلَ ٱلۡمُفۡسِدِينَ81 وَيُحِقُّ ٱللَّهُ ٱلۡحَقَّ بِكَلِمَٰتِهِۦ وَلَوۡ كَرِهَ ٱلۡمُجۡرِمُونَ82﴾
{'Me Firʿaun (Faro) a re: ‘Ntlisetseng moloi e mong le e mong ea nang le tsebo’ 79
Ha baloi ba fihla, Mūsā (Moshe) a re ho bona: ‘Akhelang seo le tlang ho se lahla’ 80
Eitse ha ba se ba lahlile, Mūsā a re: ‘Seo le se tlisitseng ke boloi. Ruri, Allah O tla bo felisa. Ruri, Allah ha A atlehise mosebetsi oa ba baetsi ba bobe’81
'Me Allah O tiisa ’nete ka mantsoe a Hae, leha baetsalibe ba ka hloea seo 82} [Yunus: 79-82],
Le Litemana tse ho Sūrah Taha:
﴿قَالُواْ يَٰمُوسَىٰٓ إِمَّآ أَن تُلۡقِيَ وَإِمَّآ أَن نَّكُونَ أَوَّلَ مَنۡ أَلۡقَىٰ65 قَالَ بَلۡ أَلۡقُواْۖ فَإِذَا حِبَالُهُمۡ وَعِصِيُّهُمۡ يُخَيَّلُ إِلَيۡهِ مِن سِحۡرِهِمۡ أَنَّهَا تَسۡعَىٰ66 فَأَوۡجَسَ فِي نَفۡسِهِۦ خِيفَةٗ مُّوسَىٰ67 قُلۡنَا لَا تَخَفۡ إِنَّكَ أَنتَ ٱلۡأَعۡلَىٰ68 وَأَلۡقِ مَا فِي يَمِينِكَ تَلۡقَفۡ مَا صَنَعُوٓاْۖ إِنَّمَا صَنَعُواْ كَيۡدُ سَٰحِرٖۖ وَلَا يُفۡلِحُ ٱلسَّاحِرُ حَيۡثُ أَتَىٰ69﴾
{Ba-re: ‘Oho Uena Mūsā (Moshe), na ke uena ea tla qala ho lahlela pele, kapa ebe rona ba tla qala?’65
A re: ‘Che, lahlelang lona pele.’ Eaba ka lebaka la boloi ba bona, liropo tsa bona le melamu ea bona tsa etsa hore a nahane eka lia sisinyeha 66
Kahoo Mūsā a tleloa ke tšabo ka pelong ea hae67
Ra re: ‘Se tšabe. Ka nnete ke uena ea tla hlola’ 68
'Me lahlela se letsohong la hao le letona; se tla metsa seo ba se entseng. Seo ba se entseng ke leqheka la moloi feela, 'me moloi a ke ke a atleha hohle moo a eang teng 69} [Taha: 65-69].
Ka mor'a ho bala litemana le li-duʿā tseo ho boletsoeng ka tsona holim'a metsi, motho a noe likhaba tse tharo tsa metsi ao, ebe o itlhatsoa ka a setseng. Ka tumello ea Allah, lefu leo le tla fela.
Haeba ho hlokahala hore mokhoa ona o phetoe habeli kapa ho feta, ha ho na bothata, ho fihlela lefu leo le fela, ka tumello ea Allah.
Li-dhikr tsena, lithapeli tsa ho batla tšireletso, le mekhoa ena ke tse ling tsa lisosa tse kholo ka ho fetisisa tsa ho itšireletsa khahlanong le bobe ba boloi le bobe bo bong bohle. Hape ke libetsa tse matla ka ho fetisisa tsa ho tlosa boloi ka mor'a hore bo hlahe, ho motho ea li khomarelang ka botsʼepehi le tumelo, a e-na le tšepo e felletseng ho Allah, a itšetlehile ka Eena feela, le pelo e khotsofetseng ka seo li se bontšang le ho se ruta.
Sena ke seo ho bileng bonolo ho se hlalosa mabapi le lintho tseo boloi bo ka lelekoang le ho phekoloa. 'Me katleho e tsoa ho Allah.
Mona ho tla taba ea bohlokoa: ho phekola boloi ka mosebetsi oa baloi o etsoang ka ho ikatametsa ho li-jinn ka ho etsa mahlabelo kapa ka mefuta e meng ea borapeli — sena ha sea lumelloa; hobane ke mosebetsi oa Satane, ebile ke shirk e kholo; hape ha ho ea lumelloa ho bo phekola ka ho botsa linooe, baporofeta ba bohata le baruti ba loeang kapa ka ho sebelisa seo ba se buang; hobane ha ba lumele ebile ba mashano, ba khopo ba ipolelisaka hore ba tseba lisabonoeng le ho thetsa batho. Moromuoa ﷺ o ile a hlokomelisa khahlanong le ho ea ho bona, ho ba botsa le ho lumellana le seo ba se buang joalokaha ho hlalositsoe qalong ea molaetsa ona. Ka hona, ho tlamehile ho ba hlokolosi ka taba eo le ho e qoba. Ho tlalehiloe ka hadith e nepahetseng hore Moromuoa oa Allah ﷺ o ile a botsoa ka an-nushrah (ho tlosa boloi ka boloi), eaba o re:
«هِيَ مِنْ عَمَلِ الشَّيْطَانِ».
“Ke o mong oa mesebetsi ea Satane.” E tlalehiloe ke Imam Ahmad le Abu Dawud ka lethathamo (sanad) le letle.
An-Nushrah ke ho tlosa boloi ho motho ea loiloeng. Seo Moprofeta ﷺ a neng a se bolela ka mantsoe ana ke an-nushrah eo batho ba mehleng ea Jahiliyyah ba neng ba e etsa, e leng ho ea ho moloi hore a tlose boloi, kapa ho tlosa boloi ka boloi bo bong bo etsoang ke moloi e mong. Sena ke sona seo Moprofeta ﷺ a ileng a se bitsa mosebetsi oa Satane.
Empa ho tlosa boloi ka ruqyah ea molao oa Islam, ka li-Muʿawwidhāt (litemana tsa tšireletso), le ka meriana e lumelletsoeng, ha ho na bothata ka hona, joalokaha ho se ho hlalositsoe pejana, Sena se boletsoe ke ‘Allamah Ibn Al-Qayyim le Sheikh Abdur-Rahman ibn Hasan bukeng ea Fathul Majid — eka Allah A ka ba hauhela — hammoho le litsebi tse ling.
Allah Ke Eena Ea fang Mamoseleme polokeho khahlanong le bobe bohle, Ea ba bolokelang tumelo ea bona, Ea ba fang kutloisiso ea eona le Ea ba sireletsang khahlanong le tsohle tse hanyetsanang le molao oa Hae.
Khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim’a mohlanka oa Hae le Moromuoa oa Hae Muhammad le ho ba lelapa la hae le barutuoa ba hae.
Tlhokomeliso khahlanong le ho aha li-Masjid holim'a mabitla
ʼAbdul ʼAziz ibn ʼAbdullah ibn Baz
Buka ena e lemosa khahlanong le ho haha li-Masjid holim’a mabitla a baprofeta le batho ba lokileng, e tiisa hore sena ke e ’ngoe ea litsela tse isang ho Shirk le ho feteletsa litaba bolumeling. Buka e ipapisitse le bopaki ba Sharī‘ah bo lemosang ka taba ena, ebile e hatisa bohlokoa ba ho latela Sharī‘ah e hloekileng ho sireletsa Tawheed.
***
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Lengolo la leshome:
Temoso khahlanong le ho aha Masaajid holim’a mabitla
Ka lebitso la Allah, thoriso eohle ke ea Allah ’me khotso le litlhohonolofatso li be holim’a Moromuoa oa Allah.
Kamora moo: Ke balile se phatlalalitsoeng khatisong ea boraro ea makasine oa Rābiṭah al-ʿUlūm al-Islāmiyyah karolong ea “Litaba tsa Mamosleme tsa Khoeli”, moo ho boletsoeng hore Mokhatlo oa Tsebo ea Islam (Rābiṭah al-ʿUlūm al-Islāmiyyah) oa ’Muso oa Jordane o rerile ho haha Masjid holim’a lehaha le sa tsoa sibolloa motseng oa Ar-Rahib.
Lehaha leo ho thoe ke lona leo Bahlankana ba Lehaha (Ahl al-Kahf) ba boletsoeng ka har’a Qur’ān ba ileng ba robala ho lona, ho fella hakaalo.
Ka lebaka la boikarabelo holim'a keletso ea Allah le bahlanka ba Hae, ke ile ka bona ho loketse hore ke ngole molaetsa makasineng oo o lebisitsoeng ho Mokhatlo oa lithuto tsa mahlale tsa Islam ’musong oa botlotlehi oa Hashemi oa naha ea Jorodane, oo litaba tsa oona e leng tsena: ho eletsa Mokhatlo hore o se ke oa phethahatsa seo o neng o ikemiselitse ho se etsa sa ho aha Masjid holim’a lehaha le boletsoeng pejana. Sena ke hobane ho aha Masjid mabitleng a baporofeta le batho ba lokileng hammoho le libakeng tsa bona tsa khale ke ntho eo Shar'iah e phethahetseng ea Islam e e thibetseng le ho fana ka temoso khahlanong le eona, hape e fane ka thohako ho ba e etsang; hobane ke e ’ngoe ea litsela tse isang borapeling ba libopuoa tsa Allah (Shirk) le ho feteletsa tabeng tsa baprofeta le batho ba lokileng. Boemong ba 'nete bo tlisitsoeng ke Shar'iah, hape ke bopaki ba hore e tsoa ho Allah Ea Matla ʼOhle. Hape ke ponts'o e hlakileng le khang e tiileng e netefatsang bots’epehi ba Moromuoa oa Allah ﷺ tabeng ea seo a ileng a se tlisa ho tsoa ho Allah le ho se fetisetsa sechabeng. Mang kapa mang ea hlahlobang maemo a lefatše la Mamosleme le seo se etsahetseng ho lona sa shirk (ho kopanya Allah le ba bang borapeling) le ghuluw (ho feteletsa) ka lebaka la ho haha masjid holim’a mabitla, ho a phahamisa le ho a tlotlisa, ho a ala limmete le ho a khabisa, le ho beha bahlokomeli ba khethehileng bakeng sa ona, o tla tseba ka tsebo e tiileng hore lintho tsena ke tse ling tsa litsela tse isang ho shirk. Hape o tla hlokomela hore e ’ngoe ea botle le bohlale ba Molao oa Islam ke ho li thibela le ho lemosa batho khahlanong le ho li haha le ho li phahamisa.
Har’a lipale tse tlalehiloeng tabeng ena ke tse tlalehiloeng ke Litsibi tse peli, e leng Imam Al-Bukhari le Imam Muslim - eka Allah A ka ba hauhela - Ho tsoa ho Aisha - eka Allah A ka khahlisoa ke Eena - ea ileng a re: Moromuoa oa Allah ﷺ o itse:
«لَعَنَ اللَّهُ الْيَهُودَ وَالنَّصَارَى، اتَّخَذُوا قُبُورَ أَنْبِيَائِهِمْ مَسَاجِدَ، قالَتْ عَائِشَةُ: يُحَذِّرُ مَا صَنَعُوا، قالَتْ: وَلَوْلَا ذَلِكَ لَأُبْرِزَ قَبْرُهُ، غَيْرَ أَنَّهُ خُشِيَ أَنْ يُتَّخَذَ مَسْجِدًا».
“Allah O rohakile Bajuda le Bakreste; ba ile ba nka mabitla a baporofeta ba bona e le libaka tsa borapeli.” ʼAisha (Allah A khahlisoe ke eena) o itse: “O ne a lemosa [sechaba sa hae] khahlanong le se entsoeng ke bona.” Hape a re: “Mme hoja e ne e se ka lebaka leo, lebitla la hae le ka be le ile la tlohelloa sebakeng se pepenene, haese feela hore ho ne ho tšajoa hore le ka 'na la nkoa e le sebaka sa borapeli.” Ho boetse ho tlalehiloe ho Sahīhayni (Bukhari le Muslim) hore Umm Salamah le Umm Habibah - eka Allah A ka khahlisoa ke bona - ba ile ba bolella Moromuoa oa Allah ﷺ ka kereke eo ba ileng ba e bona naheng ea Abyssinia le lits'oants'o tse neng li le kahare ho eona. Eaba ﷺ o re:
«أُولَئِكَ إِذَا مَاتَ فِيهِمُ الرَّجُلُ الصَّالِحُ؛ بَنَوْا عَلَى قَبْرِهِ مَسْجِدًا، وَصَوَّرُوا فِيهِ تِلْكَ الصُّوَرَ، أُولَئِكَ شِرَارُ الْخَلْقِ عِنْدَ اللَّهِ».
“Batho bao, ha monna ea lokileng har’a bona a hlokahala, ba aha Masjid holim’a lebitla la hae, ebe ba beha lits'oants'o tseo kahare ho ona. Bao ke bona libopuoa tse mpe ka ho fetisisa mahlong a Allah.”
Ho tlalehiloe ho Sahih Muslim ka Jundub ibn Abdullah - eka Allah A ka khahlisoa ke Eena - a re: Ke utloile Moromuoa oa Allah ﷺ
matsatsi a mahlano pele a hlokahala, a re:
«إِنِّي أَبْرَأُ إِلَى اللَّهِ أَنْ يَكُونَ لِي مِنْكُمْ خَلِيلٌ، فَإِنَّ اللَّهَ قَدِ اتَّخَذَنِي خَلِيلًا، كَمَا اتَّخَذَ إِبْرَاهِيمَ خَلِيلًا، وَلَوْ كُنْتُ مُتَّخِذًا مِنْ أُمَّتِي خَلِيلًا، لَاتَّخَذْتُ أَبَا بَكْرٍ خَلِيلًا، أَلَا وَإِنَّ مَنْ كَانَ قَبْلَكُمْ كَانُوا يَتَّخِذُونَ قُبُورَ أَنْبِيَائِهِمْ وَصَالِحِيهِمْ مَسَاجِدَ، أَلَا فَلَا تَتَّخِذُوا الْقُبُورَ مَسَاجِدَ، فَإِنِّي أَنْهَاكُمْ عَنْ ذَلِكَ».
“Ruri, ke eme ke se na molato ka pel'a Allah hore nka nka mang kapa mang oa lona e le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo, hobane Allah o nketse motsoalle ea khethehileng haholo feela joalokaha a nkile Abrahama e le motsoalle ea khethehileng. Hoja ke nkile mang kapa mang ho tsoa ho Ummah ea ka e le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo, nka be ke nkile Abu Bakr e le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo. Hlokomelang! Ba neng ba le teng pele ho lona ba ne ba nka mabitla a baprofeta ba bona e le libaka tsa borapeli. Hlokomelang! Le se ke la nka mabitla e le libaka tsa borapeli, hobane ke le thibela ho etsa joalo.” Ho na le hadith tse ngata mabapi le taba ena.
Ka sebele li-imam le litsebi tsa Islam ho tsoa ho limadhāhib tsohle tse nne le ba bang ntle le bona ba boletse ka ho hlaka thibelo ea ho haha li-masjid holim’a mabitla. Ba lemositse ka taba ena, ba latela Sunnah ea Moromuoa ﷺ, ba eletsa Ummah le ho e lemosa hore e se ke ea oela ho seo ba ileng ba oela ho sona ba feteletsang ba Bajuda le Bakreste, hammoho le ba tšoanang le bona har’a ba lahlehileng ba Ummah ena.
Ka hona, ho Rābiṭat al-ʿUlūm al-Islāmiyyah ea Jordane le ho Mamosleme a mang kaofela ho tlamehile ho khomarela Sunnah, ho latela tsela ea li-imam tsa tataiso, le ho ipeha hole khahlanong le seo Allah le Moromuoa oa Hae ﷺ ba lemositseng ka sona. Hobane tabeng eo ho na le tokiso ea bahlanka, thabo ea bona le poloko ea bona lefatšeng lena le Bophelong ba Kamoso. Batho ba bang ba hokahantse taba ena le seo Allah Ea Matla ʼOhle A se boletseng paleng ea batho ba Lehaha:
﴿...قَالَ ٱلَّذِينَ غَلَبُواْ عَلَىٰٓ أَمۡرِهِمۡ لَنَتَّخِذَنَّ عَلَيۡهِم مَّسۡجِدٗا﴾
{Ba ileng ba hlola tabeng ena ba itse, “ka 'nete re tla haha sebaka sa borapeli holim'a bona}
[Al-Kahf: 21]
Karabo ea taba eo ke ena: Allah Ea Matla ʼOhle O re tsebisitse hore baetapele le ba nang le matla ka nako eo ba ile ba bua polelo ena ’me hoo ho ne ho se ka mokhoa oa ho ba amohela kapa ho ba ts'ehetsa empa ene ele ka mokhoa oa ho nyatsa, ho khalemela le ho bonts'a bobe ba ketso ea bona. Sena se ts'ehetsoa ke taba ea hore Moromuoa ﷺ eo ayah (temana) ena e ileng ea senoloa ho Eena ’me eo eneng ele Eena ea tsebang ka ho fetisisa tlhaloso ea eona, o ile a thibela sechaba sa hae ho aha li-masjid holim’a mabitla, a ba hlokomelisa seo, hape a fana ka thohako le ho nyatsa ba etsang joalo.
Hoja taba eo e ne e lumelletsoe, Moromuoa oa Allah ﷺ a ka be a sa ka a e thibela ka matla a maholo hakana, kapa a hatisa taba eo ka mokhoa o matla hoo a ileng a rohaka ba e etsang, le ho tsebisa hore ke ba bang ba libopuoa tse mpe ka ho fetisisa pela Allah, Ea Matla ’Ohle, Ea Phahameng. Tabeng ena ho na le bopaki bo lekaneng le kholiseho e lekaneng bakeng sa motho ea batlang ’nete. Le hoja re ka nka hore ho haha masjid holim’a mabitla ho ne ho lumelletsoe ho batho ba pele ho rona, ho ne ho ke ke ha lumelloa hore re ba latele tabeng eo; hobane Shari’ah ea rona e hlakotse melao ea pele ho eona, ’me Moromuoa oa rona ﷺ ke eena oa ho qetela har’a baromuoa. Shari’ah ea hae e phethahetse ebile e akaretsa batho bohle. Ka nnete o re thibetse ho haha li-masjid holim’a mabitla; ka hona ha ho lumelloe hore re mo hanyetse. Ho tlamehile hore re mo latele, re khomarele seo a tlileng le sona, ’me re tlohele ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hanyetsanang le sona, ebang ke melao ea khale kapa meetlo eo ba e etsang ba e nkang e le metle. Lebaka ke hore ha ho na molao o phethahetseng ho feta Molao oa Allah, ebile ha ho tataiso e molemo ho feta tataiso ea Moromuoa oa Allah ﷺ.
Re kopa Allah hore A re atlehise hammoho le Mamoseleme ʼohle hore re lule re tiile tumelong ea Hae le ho khomarela Shar'iah ea Moromuoa oa Hae Muhammad - khotso ebe ke Eena - ka mantsoe le ka liketso, ka ntle le ka hare, litabeng tsohle ho fihlela re kopana le Allah Ea Holimo-limo, Ea Utloang Tsohle, Ea Haufi-ufi.
Khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim’a mohlanka oa Hae le Moromuoa oa Hae Muhammad, lelapa la hae, barutuoa ba hae, le bohle ba latelang tataiso ea hae ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.
Ho boloka bafu kahar'a li-Masaajid
ʼAbdul ʼAziz ibn ʼAbdullah ibn Baz
Buka ena e hlalosa hore ho pata bafu ka har’a li-Masjid ho hanetsoe, hobane ke tsela e lebisang ho Shirk. E khothalletsa Mamosleme hore ba tsʼoanetse ho pata bafu ba bona ka ntle ho li-Masjid, joalo ka ha Moprofeta ﷺ le Sahābah ba hae ba ne ba etsa, ba ipapisitse le se tlileng ka har’a Qur’an le Sunnah.
***
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Molaetsa oa leshome le motso o mong: Ho boloka bafu kahar'a li-Masjid
Ka Lebitso la Allah, lithoriso tsohle li be ho Allah 'me khotso le litlhohonolofatso li be ho Moromuoa oa Allah, lelapa la hae le ba latelang tataiso ea hae, ho tsoelapele:
Ke shebile Koranta ea Khartoum ea la 4/17/1415 AH; eaba ke fumana polelo e neng e phatlallalitsoe kahar’a eona malebana le lepato la Monghali Muhammad Al-Hassan Al-Idrisi pel'a ntate oa hae kahar'a Masjid o motse-moholo oa Omdurman ... j.j.
Ka lebaka la boikarabelo boo Allah a bo behileng ba ho eletsa Mamosleme le ho hlakisa ho hana bobe; ke bone ho le bohlokoa ho lemosa hore ho pata bafu ka har’a masjid ha ho lumelloe. Ho e-na le hoo, ke e ’ngoe ea litsela tse lebisang ho shirk, ebile ke e ’ngoe ea liketso tsa Bajuda le Bakreste tseo Allah a ba nyatsitseng ka tsona, le tseo Moromuoa oa Hae ﷺ a ba rohakileng ka tsona. Joalokaha ho tlile ho Sahihayn ho tsoa ho ‘Aishah (Allah A khahlisoe ke eena), hore Moprofeta ﷺ o itse:
«لَعَنَ اللَّهُ الْيَهُودَ وَالنَّصَارَى، اتَّخَذُوا قُبُورَ أَنْبِيَائِهِمْ مَسَاجِدَ».
“Eka Allah A ka romela thohako holim'a Majuda le Bakreste, kaha ba nkile mabitla a baporofeta ba bona e le libaka tsa thapelo”, Ho Sahih Muslim, ka tlaleho ea Jundub ibn Abdullah, holim'a taelo ea Moprofeta ﷺ o itse:
«أَلَا وَإِنَّ مَنْ كَانَ قَبْلَكُمْ كَانُوا يَتَّخِذُونَ قُبُورَ أَنْبِيَائِهِمْ وَصَالِحِيهِمْ مَسَاجِدَ، أَلَا فَلَا تَتَّخِذُوا الْقُبُورَ مَسَاجِدَ؛ فَإِنِّي أَنْهَاكُمْ عَنْ ذَلِكَ».
“Bao ba tlileng pele ho lona ba ne ba tloaetse ho nka mabitla a baporofeta ba bona le bahalaleli ele libaka tsa thapelo. Le se ke la nka mabitla joaloka libaka tsa thapelo kaha ke le thibela ho etsa joalo”. Ho na le li-Hadith tse ngata holim'a sehloho sena.
Ke setlamo ho Mamoseleme ʼohle—mebuso le sechaba—ho ts'aba Allah, ho qoba seo A se thibetseng, le ho pata bafu ba bona ka ntle ho Masaajid, joalokaha Moporofeta ﷺ le Sahabah tsa hae (eka Allah A ka khahlisoa ke bona) ba ne ba tloaetse ho pata bafu ka ntle ho Masaajid; le balateli ba bona ba lokileng le bona ba ile ba etsa joalo.
Ha e le ho ba teng ha lebitla la Moprofeta ﷺ le la Sahabah tsa hae tse peli, Abu Bakr le ‘Umar (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona), ka har’a masjid oa hae ﷺ, seo ha se bopaki ba hore ho lumelloa ho pata bafu ka har’a masjid. Hobane Moprofeta ﷺ o ile a patoa ka tlung ea hae — e leng ntlo ea ‘Ā’ishah (Allah A khahlisoe ke eena) —, ebe Sahabah tsa hae tse peli le bona ba patoa le eena. Hamorao, ha Al-Walid ibn Abd al-Malik a atolosa masjid, o ile a kenyelletsa kamore eo ka har’a masjid qetellong ea lekholo la pele la Hijrah. Litsebi tsa Islam li ile tsa mo hanyetsa tabeng eo, empa eena a bona hore seo ha se thibele katoloso, le hore taba eo e hlakile ebile e ke ke ea baka pherekano.
Ka tsela ena hoa hlaka ho lemosleme le leng le le leng hore Moprofeta ﷺ le Sahābah tsa hae ba babeli (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona) ha baa ka ba patoa ka har’a masjid. Ho kenyelletsoa ha mabitla a bona ka har’a masjid ho etsahetse feela ka lebaka la katoloso, ’me seo ha se bopaki ba hore ho lumelloa ho pata bafu ka har’a masjid; hobane bona ha ba ka har’a masjid ka boona, empa ba ka tlung ea hae ﷺ. Hape ketso ea Al-Walid ibn Abd al-Malik e ke ke ea e-ba bopaki ho mang kapa mang tabeng ena. Bopaki ba ’nete bo fumanoa feela Bukeng ea Allah, Sunnah, le tumellanong ea baholo-holo ba Ummah ena (Salaf), Allah A khahlisoe ke bona, ’me A re etse har’a ba ba latelang ka botle.
Ka lebaka la ho fana ka keletso le ho itokolla boikarabelong ka pel’a Allah, sena se ile sa ngoloa ka la: 14/5/1415 Hijrah.
Allah ke Mofani oa katleho. Allah A romelle lithoriso le khotso holim’a Moprofeta oa rona Muhammad, lelapa la hae, Sahabah tsa hae, le bohle ba ba latelang ka botle.
Tlhaloso e bonts'ang ho se lumele le tahleho tsa batho ba reng ho lumelehile sebakeng sa motho e mong le e mong hore a ka kheloha ho Shari‘ah melao le tsela ea Muhammad ﷺ
ʼAbdul ʼAziz ibn ʼAbdullah ibn Baz
Buka ena e hlalosa kufr ea motho ea reng ho lumellehile ho tsoa Sharī‘ah ea Muhammad ﷺ, ebile e hana polelo ea bangoli ba bang ba reng Bajuda le Bakreste ba ka sala bolumeling ba bona. E tiisa hore molaetsa oa Moprofeta ﷺ o rometsoe ho batho bohle, le hore Islam ke bona feela bolumeli ba ’nete, joalo ka ha ho tlile ka har’a Qur’an le Sunnah.
***
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Lengolo la leshome le metso e ’meli:
Ho hlakisa bokoenehi le tahleho ea ea reng ho lumelletsoe hore motho e mong a tsoe kantle ho molao oa Moprofeta Muhammad ﷺ
Thoriso li be ho Allah, Morena oa lintho tsohle 'me khotso le litlhohonolofatso li be ho Mokoallo oa Baporofeta le Baromuoa, Moporofeta oa rona Muhammad, ho ba lelapa la hae le barutuoa bohle ba hae.
Ho tsoela pele: Ke balile sengoliloeng se phatlalalitsoeng koranteng ea Asharq Al-Awsat khatisong ea palo ea (5824) ka letsatsi la 5/6/1415 H, se ngotsoeng ke ea ipitsang: Abdul Fattah Al-Hayek, tlas'a sehlooho se reng: (Kutloisiso e Fosahetseng).
Kakaretso ea sengoliloeng sena ke: Ho latola ha hae se tsebahalang e le karolo ea bohlokoa le e tlamang ea bolumeli ba Islam ka mongolo (litemana) le ka tumellano ea litsebi tsa Islam (Ijma); e leng hore molaetsa oa Muhammad ﷺ ke oa batho bohle, le ho iponahatsa ha hae hore mang kapa mang ea sa lateleng Muhammad ﷺ le ho mo mamela, empa a lula e le Mojuda kapa Mokreste, o ntse a le holim'a bolumeli ba nnete. Ho feta moo, o ile a nyenyefatsa Morena oa Mafatsʼe (Hlohonolofatso le Lithoriso li be ho Eena) mabapi le bohlale ba Hae ba ho otla kuffār (banyefoli) le bahanyetsi, mme a nka hoo e le ntho ea lefeela (papali).
O ile a sotha litemana tsa bolumeli, a li beha libakeng tseo li sa lokelang ho ba ho tsona ’me a li toloka ho latela litakatso tsa hae. O ile a furalla bopaki ba Shari‘ah le litemana tse hlakileng tse bonts'ang hore molaetsa oa Muhammad ﷺ o rometsoe ho batho bohle le hore ea utloileng ka Eena empa a sa mo latele ke moikaketsi ea sa lumeleng le hore Allah Ha A amohele bolumeli bo bong ntle le Islam. Hape ho na le litemana tse ling tse ngata tse hlakileng tseo a ileng a li furalla, ele hore batho ba hlokang tsebo ba ka thetsoa ke mantsoe a hae. Seo a se entseng ke bofetoheli bo hlakileng khahlanong le Islam, ho koenehela tumelo ea Islam le ho latola Allah Ea Matla ʼOhle le Moromuoa oa Hae ﷺ. Sena se tsejoa hantle ke ba nang le tsebo le tumelo ba balileng pale eo, kaha ba hlokomela ka ho hlaka hore ena le lipolelo le mehopolo e hanyetsanang le lithuto tsa Islam.
Mosebetsi oa mmusi (moetapele oa naha) ke ho mo isa lekhotleng hore a laeloe ho baka le ho sokoloha, le hore a ahloleloe ho ea ka seo Molao o Hloekileng oa Islam (Shari‘ah) o se laelang.
Allah Ea Matla ʼOhle O hlakisitse hore molaetsa oa Muhammad ﷺ o akaretsa batho bohle le li-Jinn tsohle le hore ho mo latela ke setlamo ho bona kaofela. Taba ena e tsejoa ke Lemoseleme le leng le le leng le nang le tsebo leha ele e nyane feela; ha e patehe ho mang kapa mang har’a Mamoseleme ea nang le karolo e fokolang ea tsebo.
Allah EA phahameng O itse:
﴿قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِنِّي رَسُولُ ٱللَّهِ إِلَيۡكُمۡ جَمِيعًا ٱلَّذِي لَهُۥ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ يُحۡيِۦ وَيُمِيتُۖ فَـَٔامِنُواْ بِٱللَّهِ وَرَسُولِهِ ٱلنَّبِيِّ ٱلۡأُمِّيِّ ٱلَّذِي يُؤۡمِنُ بِٱللَّهِ وَكَلِمَٰتِهِۦ وَٱتَّبِعُوهُ لَعَلَّكُمۡ تَهۡتَدُونَ158﴾
{E-re: Lona batho! Kannete nna ke Moromuoa oa Allah ho lona kaofela, Eena eo borena ba maholimo le lefats’e e leng ba Hae. Ha ho molimo ofe kapa ofe o lokelang ho rapeloa ka ’nete ntle le Eena. O fana ka bophelo ebile O oa bo nka. Kahoo lumelang ho Allah le ho Moromuoa oa Hae, Moprofeta ea sa tsebeng ho bala le ho ngola, ea lumelang ho Allah le mantsoe a Hae. Mo lateleng e le hore le tle le tataisoe 158} [Al-A'raf: 158] ʼMe EA phahameng O re:
﴿...وَأُوحِيَ إِلَيَّ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانُ لِأُنذِرَكُم بِهِۦ وَمَنۢ بَلَغَ...﴾
{...’Me Qur’an ena ke e senoletsoe hore ke le hlokomelise ka eona, le bohle bao e tla ba fihlela...} [Al-An'am: 19]. Ea Matla Phahameng O boela A re:
﴿قُلۡ إِن كُنتُمۡ تُحِبُّونَ ٱللَّهَ فَٱتَّبِعُونِي يُحۡبِبۡكُمُ ٱللَّهُ وَيَغۡفِرۡ لَكُمۡ ذُنُوبَكُمۡۚ وَٱللَّهُ غَفُورٞ رَّحِيمٞ31﴾
{E-re: Haeba le rata Allah, joale ntateleng, Allah o tla le rata ’me A le tšoarele libe tsa lona. Allah ke Ea Tšoarelang haholo, Ea Mohau} [Al-Imran: 31]. 'Me Ea Phahameng O itse:
﴿وَمَن يَبۡتَغِ غَيۡرَ ٱلۡإِسۡلَٰمِ دِينٗا فَلَن يُقۡبَلَ مِنۡهُ وَهُوَ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ مِنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ85﴾
{’Me mang kapa mang ea labalabelang bolumeli bo bong bosele ntle le ba Islam, bo ke ke ba amoheloa ho eena, ’me ka Letsatsi la Bofelo o tla ba har’a ba lahlehetsoeng 85} [Al-Imran: 85]. Ea phahameng O boela A re:
﴿وَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ إِلَّا كَآفَّةٗ لِّلنَّاسِ بَشِيرٗا وَنَذِيرٗا...﴾
{'Me Ha Rea u romela haese mohau ho batho bohle, mofani oa litaba tse monate le mohlokomelisi...} [Saba: 28]. ʼMe Ea phahameng O boetse O re:
﴿وَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ إِلَّا رَحۡمَةٗ لِّلۡعَٰلَمِينَ107﴾
{'Me Ha Rea u romela [Oho Muhammad], kantle le hore u be mohau ho mafats'e ʼohle 107} [Al-Anbiya: 107]. Ea Matla Phahameng O itse hape:
﴿...وَقُل لِّلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡكِتَٰبَ وَٱلۡأُمِّيِّـۧنَ ءَأَسۡلَمۡتُمۡۚ فَإِنۡ أَسۡلَمُواْ فَقَدِ ٱهۡتَدَواْۖ وَّإِن تَوَلَّوۡاْ فَإِنَّمَا عَلَيۡكَ ٱلۡبَلَٰغُۗ وَٱللَّهُ بَصِيرُۢ بِٱلۡعِبَادِ﴾
{...’Me u re ho ba filoeng Lengolo le ho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola: ‘Na le inehetse ho Allah?’ Haeba ba inehela, kannete ba tataisitsoe; empa haeba ba furalla, mosebetsi oa hao ke ho fetisa molaetsa feela. Allah O bona bahlanka bohle} [Al-Imran: 20]. 'Me Eena Ea Holimo-limo O itse:
﴿تَبَارَكَ ٱلَّذِي نَزَّلَ ٱلۡفُرۡقَانَ عَلَىٰ عَبۡدِهِۦ لِيَكُونَ لِلۡعَٰلَمِينَ نَذِيرًا1﴾
{Ho hlohonolofetse Ea theotseng Al-Furqān ho mohlanka oa Hae, hore e be molemosi ho mafatše ’ohle} [Al-Furqan: 1].
E tlalehiloe ke Al-Bukhari le Muslim ho tsoa ho Jabir - eka Allah A ka khahlisoa ke Eena - hore Moporofeta - khotso ebe le Eena - o itse:
«أُعْطِيتُ خَمْسًا لَمْ يُعْطَهُنَّ أَحَدٌ قَبْلِي: نُصِرْتُ بِالرُّعْبِ مَسِيرَةَ شَهْرٍ، وَجُعِلَتْ لِيَ الْأَرْضُ مَسْجِدًا وَطَهُورًا، فَأَيُّمَا رَجُلٍ مِنْ أُمَّتِي أَدْرَكَتْهُ الصَّلَاةُ، فَلْيُصَلّ، وَأُحِلَّتْ لِيَ الْمَغَانِمُ، وَلَمْ تُحَلَّ لِأَحَدٍ قَبْلِي، وَأُعْطِيتُ الشَّفَاعَةَ، وَكَانَ النَّبِيُّ يُبْعَثُ إِلَى قَوْمِهِ خَاصَّةً، وَبُعِثْتُ إِلَى النَّاسِ عَامَّةً».
“Ke filoe lintho tse hlano tseo ho seng motho ea kileng a li fuoa pele ho 'na: Ke filoe tlholo ka ho jala tšabo (lipelong tsa lira tsa ka) sebaka sa leeto la khoeli, ke etselitsoe lefatše hore e be sebaka sa thapelo le se hloekisang (bakeng sa ho itlhoekisa ka mobu/Tayammum), kahoo monna ofe kapa ofe oa sechaba sa ka eo nako ea thapelo e mo fihlelang a ka rapela hona moo, ke lumelletsoe ho nka likhapo tsa ntoa (thepa e hapiloeng ntoeng) tseo ho seng motho ea kileng a li lumelloa pele ho 'na, ke filoe matla a bokena-lipakeng (Shafa'ah), 'me baporofeta ba pele ba ne ba romeloa ho lichaba tsa bona feela, empa 'na ke rometsoe ho batho bohle ka kakaretso.”
Sena ke polelo e hlakileng ea hore molaetsa oa Moporofeta oa rona Muhammad ﷺ ke oa batho bohle le hore o akaretsa lefats'e ka bophara le hore o hlakotse melao eohle e tlileng pele ho eena 'me mang kapa mang ea sa lateleng Muhammad ﷺ
ebile a sa mo mamele ke ea sa lumeleng le moetsa-libe, ea ts'oaneloang ke kahlolo ea hae, Ea Phahameng O itse:
﴿...وَمَن يَكۡفُرۡ بِهِۦ مِنَ ٱلۡأَحۡزَابِ فَٱلنَّارُ مَوۡعِدُهُۥ...﴾
{... 'me ea sa lumeleng ho eona har'a lihlopha tse fapaneng - Mollo ke sebaka sa bolulo seo a se ts'episitsoeng...} [Hud: 17]. 'Me EA phahameng O itse:
﴿...فَلۡيَحۡذَرِ ٱلَّذِينَ يُخَالِفُونَ عَنۡ أَمۡرِهِۦٓ أَن تُصِيبَهُمۡ فِتۡنَةٌ أَوۡ يُصِيبَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ﴾
{...Kahoo ba hanyetsang taelo ea hae ba tsʼoanetse ho ela hloko, esere ba oeloa ke fitnah kapa ba oeloa ke kotlo e bohloko} [An-Nur: 63]. 'Me Ea phahameng O itse:
﴿وَمَن يَعۡصِ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ وَيَتَعَدَّ حُدُودَهُۥ يُدۡخِلۡهُ نَارًا خَٰلِدٗا فِيهَا وَلَهُۥ عَذَابٞ مُّهِينٞ14﴾
{‘Me mang kapa mang ea sa lateleng taelo ea Allah le ea Moromuoa oa Hae 'me a feteletsa meeli ea Hae – O tla mo kenya kahar'a Mollo ho hlola teng ka ho sa feleng 'me o tla ba le kahlolo e tletseng lihlong} [An-Nisa: 14], Ea phahameng O boetse O re:
﴿...وَمَن يَتَبَدَّلِ ٱلۡكُفۡرَ بِٱلۡإِيمَٰنِ فَقَدۡ ضَلَّ سَوَآءَ ٱلسَّبِيلِ﴾
{…’Me mang kapa mang ea fetolang tumelo ka ho khetha ho se lumele, kannete o khelohile tseleng e otlolohileng} [Al-Baqarah: 108], ’Me litemana tsa Qur’an tse nang le moelelo ona li ngata haholo.
’Me Allah ea Phahameng o kopantse ho mamela Moromuoa ﷺ le ho mo mamela Eena, ’me O hlakisitse hore mang kapa mang ea khethang tumelo e ʼngoe ntle le ea Islam ke ea lahlehetsoeng; ha ho na letho le tla amoheloa ho tsoa ho eena, Ea Phahameng O itse:
﴿وَمَنْ يَبْتَغِ غَيْرَ الْإِسْلَامِ دِينًا فَلَنْ يُقْبَلَ مِنْهُ وَهُوَ فِي الْآخِرَةِ مِنَ الْخَاسِرِينَ85﴾
{ʼMe mang kapa mang ea labalabelang bolumeli bo bong bosele ntle le ba Islam bo ke ke ba amoheloa ho tsoa ho eena mme ka letsatsi la Kahlolo o tla ba har’a ba lahlehetsoeng} [Ali Imran: 85]. 'Me Ea Phahameng O itse:
﴿مَنْ يُطِعِ الرَّسُولَ فَقَدْ أَطَاعَ اللَّهَ...﴾
{Mang kapa mang ea mamelang Moromuoa o se a mametse Molimo} [An-Nisa: 80]. Ea phahameng O boetse O re:
﴿قُلْ أَطِيعُوا اللَّهَ وَأَطِيعُوا الرَّسُولَ فَإِنْ تَوَلَّوْا فَإِنَّمَا عَلَيْهِ مَا حُمِّلَ وَعَلَيْكُمْ مَا حُمِّلْتُمْ وَإِنْ تُطِيعُوهُ تَهْتَدُوا...﴾
{E-re: Mamelang Allah le be le mamele Moromuoa; empa haeba ba furalla, joale eena o jara feela seo a se laetsoeng, le lona le jara seo le se laetsoeng. Haeba le mo mamela, le tla tataisoa} [An-Nur: 54]. 'Me Ea phahameng O itse:
﴿إِنَّ الَّذِينَ كَفَرُوا مِنْ أَهْلِ الْكِتَابِ وَالْمُشْرِكِينَ فِي نَارِ جَهَنَّمَ خَالِدِينَ فِيهَا أُولَئِكَ هُمْ شَرُّ الْبَرِيَّةِ 6﴾
{Ruri, ba sa lumeleng har'a batho ba Buka (Bajude le Bakreste) le ba kopanyang Molimo le melimo e meng ea bohata (mushrikuna), ba tla ba kahar'a Mollo oa Lihele, ba hlole teng ka ho sa feleng. Ke bona ba babe ka ho fetisisa har'a libopuoa} [Al-Bayyinah: 6].
Muslim o tlalehile ho tsoa bukeng ea hae ea Sahih hore Moromuoa oa Allah ﷺ o itse:
«وَالَّذِي نَفْسِي بِيَدِهِ؛ لَا يَسْمَعُ بِي أَحَدٌ مِنْ هَذِهِ الْأُمَّةِ، يَهُودِيٌّ وَلَا نَصْرَانِيٌّ، ثُمَّ يَمُوتُ وَلَمْ يُؤْمِنْ بِالَّذِي أُرْسِلْتُ بِهِ؛ إِلَّا كَانَ مِنْ أَهْلِ النَّارِ».
“Ka Eena eo moea oa ka o leng letsohong la Hae, ha ho na motho leha e le ofe oa sechaba sena, ekaba Mojuda kapa Mokreste, ea utloang ka 'na 'me a shoa a sa lumele ho se fetisitsoeng ke nna, haese hore o tla ba har'a batho ba Mollo oa Lihele.”
‘Me Moromuoa ﷺ o ile a hlakisa ka liketso tsa hae le ka lipolelo tsa hae hore tumelo ea ea sa keneng Islamong ha e na thuso. O ile a loantša Bajuda le Bakreste, joalo ka ha a ile a loantša bahanyetsi ba bang. Hape o ne a amohela lekhetho la jizyah ho ba neng ba le fana har’a bona, e le hore ba se ke ba thibela ho fihla ha pitso ea Islam ho ba bang ba bona, le hore ea batlang ho kena Islamong a kene ntle le tšabo ea hore batho ba habo ba ka mo thibela, kapa ba mo sitisa, kapa ba mo bolaea.
Al-Bukhari le Muslim ba tlalehile, ho tsoa ho Abu Hurairah – eka Allah A ka khahlisoa ke Eena – ea ileng a re: Ha re ntse re le kahar'a Masjid, Moromuoa oa Allah ﷺ o ile a tsoa 'me o ile a re:
«انْطَلِقُوا إِلَى يَهُودَ، فَخَرَجْنَا مَعَهُ حَتَّى جِئْنَا بَيْتَ الْمِدْرَاسِ، فَقَامَ النَّبِيُّ ﷺ، فَنَادَاهُمْ فَقَالَ :يَا مَعْشَرَ يَهُودَ، أَسْلِمُوا تَسْلَمُوا، فَقَالُوا: قَدْ بَلَّغْتَ يَا أَبَا الْقَاسِمِ، فَقَالَ لَهُمْ رَسُولُ اللَّهِ ﷺ: ذَلِكَ أُرِيدُ، أَسْلِمُوا تَسْلَمُوا، فَقَالُوا: قَدْ بَلَّغْتَ يَا أَبَا الْقَاسِمِ، فَقَالَ لَهُمْ رَسُولُ اللَّهِ ﷺ: ذَلِكَ أُرِيدُ، ثُمَّ قَالَهَا الثَّالِثَةَ...».
“‘A re eeng ho Bajuda.’ Kahoo ra tsoa le eena ra ea ho bona. Moromuoa oa Allah (ﷺ) o ile a ema, a ba bitsa 'me a re,
‘Lona, sechaba sa Bajuda, amohelang Islam, le tla bolokeha.’
Ba re, ‘U se u fane ka molaetsa, Abu Al-Qasim.’
Moromuoa oa Allah (ﷺ) a re,
‘Ke sona seo ke se batlang, amohelang Islam, le tla bolokeha.’ Ba re, ‘U se u fane ka molaetsa, Abu Al-Qasim.’
Moromuoa oa Allah (ﷺ) a re,
‘Ke sona seo ke se rerileng.’ Eaba o pheta lekhetlo la boraro...” hadith e tsoela pele.
Se boleloang ke hadith ena ke hore: Moprofeta ﷺ o ile a ea ho batho ba tumelo ea Sejuda sebakeng sa bona sa thuto, eaba o ba memela Islamong, a re ho bona: “Kenang Islamong le tla bolokeha.” ’Me a pheta mantsoe ao ho bona makhetlo a ’maloa.
Ka mokhoa o tšoanang, Moprofeta ﷺ o ile a romela lengolo ho Heraclius a mo memela Islamong, ’me a mo tsebisa hore haeba a latola, o tla jara sebe sa batho ba ileng ba latola Islam ka lebaka la ho hana ha hae. Kannete al-Bukhari le Muslim ba tlalehile libukeng tsa bona tse tšepahalang (Sahihayni) hore Heraclius o ile a kopa lengolo la Moromuoa oa Allah ﷺ, ’me ha le baloa, ho ne ho ngotsoe:
«بِسْمِ اللَّهِ الرَّحْمَنِ الرَّحِيمِ، مِنْ مُحَمَّدٍ رَسُولِ اللَّهِ إِلَى هِرَقْلَ عَظِيمِ الرُّومِ، سَلَامٌ عَلَى مَنِ اتَّبَعَ الْهُدَى، أَمَّا بَعْدُ: فَإِنِّي أَدْعُوكَ بِدِعَايَةِ الْإِسْلَامِ، أَسْلِمْ تَسْلَمْ، وَأَسْلِمْ يُؤْتِكَ اللَّهُ أَجْرَكَ مَرَّتَيْنِ، فَإِنْ تَوَلَّيْتَ، فَإِنَّ عَلَيْكَ إِثْمَ الْأَرِيسِيِّينَ وَ
“Ka lebitso la Allah, Ea Mosa, Ea Lereko. Ho tsoa ho Muhammad, Moromuoa oa Allah, ho ea ho Heraclius, ʼMusi e Moholo oa puso ea Baroma. Khotso e be holim'a ba latelang tataiso. Ho tsoelapele: Ke u memela pitsong ea Islam. Inehele ho Islam 'me u tla sireletseha, inehele ho Islam 'me Allah O tla u fa meputso e 'meli. Empa haeba u furalla libe tsa batho ba hao li tla ba holim'a hao.’
﴿يَٰٓأَهۡلَ ٱلۡكِتَٰبِ تَعَالَوۡاْ إِلَىٰ كَلِمَةٖ سَوَآءِۭ بَيۡنَنَا وَبَيۡنَكُمۡ أَلَّا نَعۡبُدَ إِلَّا ٱللَّهَ وَلَا نُشۡرِكَ بِهِۦ شَيۡـٔٗا وَلَا يَتَّخِذَ بَعۡضُنَا بَعۡضًا أَرۡبَابٗا مِّن دُونِ ٱللَّهِۚ فَإِن تَوَلَّوۡاْ فَقُولُواْ ٱشۡهَدُواْ بِأَنَّا مُسۡلِمُونَ64﴾
{Oho lona batho ba Buka! tloong lentsoeng le ts'oanang pakeng tsa rona le lona – hore re se ke ra khumamela mang kapa mang haese Allah A le Mong Feela 'me re se ke ra Mo kopanya le ntho leha ele efe ebile re se ke ra nka ba bang har'a rona ele marena boemong ba Allah. Empa haeba ba furalla, joale e-re: ‘Pakang hore rona re Mamoseleme [ba inehetseng ho Eena]’ 64} [Ali Imran: 64].”
Empa eitse ha ba furalla mme ba hana ho kena Islamong, Moprofeta ﷺ le barutuoa ba hae - Allah A khahlisoe ke bona - ba ile ba ba loantša, ’me a ba lefisa lekhetho la jizyah (lekhetho la ts'ireletso le lefshoang ke bao e seng Mamosleme ba phelang tlas’a puso ea Islam).
Ho netefatsa ho kheloha ha bona le hore ba holim'a bolumeli ba bohata kamor'a hore bo hlakoloe ke bolumeli ba Muhammad ﷺ, Allah O laetse lemoseleme ho kopa Allah letsatsi le leng le le leng, thapelong e 'ngoe le e 'ngoe le ho rakʼah e 'ngoe le e 'ngoe ho mo tataisetsa tseleng e otlolohileng, e nepahetseng le e amohelehang, e leng: Islam. 'Me hore A mo behelle hole le tsela ea ba ipiletseng khalefo ea Hae, e leng: Bajuda le ba joaloka bona ba tsebang hore ba holim'a bohata empa ba tsoela pele ho ba ho bona. 'Me O mo sireletsa tseleng ea ba tsoileng tseleng (ba lahlehileng) ba rapelang ntle le tsebo, ba bolela (nahana) hore ba tseleng ea tataiso empa ba ntse ba le tseleng ea tahleho. ʼMe bao: ke Bakreste le ba joaloka bona ho tsoa lichabeng tse ling ba rapelang ka tsela e fosahetseng le ka ho hloka tsebo. Sena sohle ke hore lemosleme le tsebe ka tsebo e tiileng hore bolumeli bo bong le bo bong ntle le Islam ke ba bohata, le hore mang kapa mang ea rapelang Allah ka bolumeli bo bong bosele ntle le ba Islam o lahlehile. Mme ea sa lumeleng sena ha se karolo ea Mamosleme. Mme bopaki tabeng ena bo bongata ho tsoa ho Qur’an le Sunnah.
Ka hona ho tlamehile hore mongoli oa sengoloa sena — Abdul Fattaah — a potlakele ho baka ka pako ea ’nete, hape a ngole sengoloa seo ho sona a phatlalatsang pako ea hae. Mme mang kapa mang ea bakang ho Allah ka pako ea ’nete, Allah o amohela pako ea hae; ka lebaka la polelo ea Allah Ea Khanyang:
﴿...وَتُوبُوٓاْ إِلَى ٱللَّهِ جَمِيعًا أَيُّهَ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ لَعَلَّكُمۡ تُفۡلِحُونَ﴾
{... “Mme bakelang ho Allah kaofela ha lona balumeli hore le tle le atlehe} [An-Nur: 31], Le mantsoe a Hae, Ea Tlotlehang:
﴿وَٱلَّذِينَ لَا يَدۡعُونَ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَ وَلَا يَقۡتُلُونَ ٱلنَّفۡسَ ٱلَّتِي حَرَّمَ ٱللَّهُ إِلَّا بِٱلۡحَقِّ وَلَا يَزۡنُونَۚ وَمَن يَفۡعَلۡ ذَٰلِكَ يَلۡقَ أَثَامٗا68 يُضَٰعَفۡ لَهُ ٱلۡعَذَابُ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ وَيَخۡلُدۡ فِيهِۦ مُهَانًا69 إِلَّا مَن تَابَ وَءَامَنَ وَعَمِلَ عَمَلٗا صَٰلِحٗا فَأُوْلَٰٓئِكَ يُبَدِّلُ ٱللَّهُ سَيِّـَٔاتِهِمۡ حَسَنَٰتٖۗ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورٗا رَّحِيمٗا70﴾
{Le bao ba sa bitseng ho molimo o mong hammoho le Allah, hape ba sa bolaeng moea oo Allah A o hanetseng ntle le ka toka, hape ba sa etseng bofebe; mme mang kapa mang ea etsang se joalo o tla thulana le kotlo e bohloko 68
Kotlo e tla eketsoa ho eena ka Letsatsi la Tsoho, mme o tla hlola teng a nyelisitsoe 69
Ntle le ea bakileng, a lumela, mme a etsa liketso tse lokileng; bao ke bona bao Allah A tla fetola libe tsa bona hore e be liketso tse ntle. Mme Allah Ke Ea Tšoarelang Haholo, Ea Mohau o Moholo 70} [Al-Furqan: 68 - 70]. Hape ka lebaka la polelo ea Moprofeta ﷺ:
«الإِسْلَامُ يَهْدِمُ مَا كَانَ قَبْلَهُ، وَالتَّوبَةُ تَهْدِمُ مَا كَانَ قَبْلَهَا».
“Islam e hlakola tsohle tse tlileng pele ho eona 'me pako e hlakola tsohle tse tlileng pele ho eona.” 'Me polelo ea hae ﷺ:
«التَّائِبُ مِنَ الذَّنْبَ كَمَنْ لَا ذَنْبَ لَهُ».
“Ea bakileng sebeng sa hae o joaloka ea senang sebe ho hang.”
ʼMe litemana le Lihadith tse nang le moelelo ona li ngata haholo.
Ke se ke kopa Allah Ea Khanyang le Ea Phahameng hore A re bontše ’nete e le ’nete ’me A re fe matla a ho e latela, hape A re bontše leshano e le leshano ’me A re fe matla a ho le qoba. Hape A re hauhele ’na le mongoli Abdul Fattaah le Mamosleme kaofela ka pako ea ’nete. Mme A re sireletse kaofela ho liteko tse khelosang, le ho latela litakatso le Satane. Ruri Eena ke Mong’a sena sohle, ’me O na le matla holim’a sona.
Mme litlhohonolofatso le khotso tsa Allah li be holim'a Moprofeta oa rona Muhammad, le holim'a lelapa la hae, le barutuoa ba hae, le bohle ba ba latelang ka botsʼepehi ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.
***
الفهرس
ʼAqeedah e nepahetseng le se hanyetsanang le eona 2
Motheo oa pele: Ho lumela ho Allah Ea Phahameng 6
Motheo oa bobeli: Ho lumela ho Mangeloi, 21
Motheo oa boraro: Ho lumela Libukeng, ho kenyelletsang lintho tse peli: 23
Motheo oa bone: Ho lumela ho baromuoa 25
Motheo oa bohlano: Ho lumela ho Letsatsi la Kahlolo 27
Motheo oa bots'elela: Ho lumela ho Qadar 28
Lithuto tse hanyetsang ʼAqeedah (tumelo) ea ’nete 34
Lengolo la bobeli: Mabapi le kahlolo ea ho kopa thuso (istighāthah) ho Moporofeta ﷺ 44
Lengolo la boraro 63
Mabapi le Kahlolo ea ho kopa thuso ho li-jinn le bademona, le ho ba etsetsa likano 63
Lengolo la bone: 87
Mabapi le kahlolo ea ho rapela Allah ka li-awrād (lithapelo le likhopotso kapa litemana tse baloang) tse iqapetsoeng (Bidʿah) le tse nang le Shirk 87
Lengolo la Bohlano: 116
Kahlolo ea ho keteka letsatsi la tsoalo la Moprofeta ﷺ (Mawlid an-Nabawī), le mekete e meng ea matsatsi a tsoalo (Mawālid) 116
Lengolo la bo botsʼelela: 129
Kahlolo ea ho keteka Bosiu ba Al-Isrāʼ le Al-Miʿrāj 129
Lengolo la bosupa: 137
Kahlolo mabapi le ho Keteka Bosiu ba Bohareng ba Khoeli ea Shaʼbān 137
Lengolo la borobeli: 155
Tlhokomediso ea bohlokoa mabapi le leshano la lengolo la litaelo le neng le hlalosoa e le la 155
Sheikh Ahmad, mohlanka oa Masjid an-Nabawi e Khabane 155
Lengolo la Borobong: Kahlolo holim’a boloi, bonohe le lintho tse amanang le tsona 174
Lengolo la leshome: Temoso khahlanong le ho aha Masaajid holim’a mabitla 193
Molaetsa oa leshome le motso o mong: Ho boloka bafu kahar'a li-Masjid 200
Lengolo la leshome le metso e ’meli: Ho hlakisa bokoenehi le tahleho ea ea reng ho lumelletsoe hore motho e mong a tsoe kantle ho molao oa Moprofeta Muhammad ﷺ 204
***
st397v5.0 - 21/07/2026
E tlalehiloe ke Bukhari (2856) le Muslim (30)
E tlalehiloe ke Al-Lalaka'i bukeng ea Sharh Usulul I‘tiqād (735) le ke Ibn Abd al-Barr bukeng ea Jami‘ul ‘Ilm wa Faḍlihi (1801), empa ka mantsoe a hadith ho na le litemana tse hlalosang Boleng ba Allah. Mantsoe a eona ke ana: “Hlalosang hadith tsena kamoo li tlileng kateng ‘me le se ke la ngangisana ka tsona.”
E tlalehiloe ke Al-Bayhaqi bukeng ea Al-Asma’ was-Sifat (865) ’me lethathamo la batlalehi la eona le tiisitsoe le nepahetse ke Ibn Taymiyyah bukeng ea hae ea Al-Hamawiyyah (leq. 269) ’me Adh-Dhahabi o itse bukeng ea hae ea Al-‘Ardh (2/223): “Batlalehi ba eona ke li-imam tse ts'epahalang.”
E tlalehiloe ke Al-Lalaka’i bukeng ea Sharh Usulul I'tiqād (930) hape le ke Al-Bayhaqī bukeng ea Al-Asmā’ was-Ṣifāt (955).
E tlalehiloe ke al-Lalaka'i bukeng ea Sharḥ Uṣūl Iʿtiqād Ahl al-Sunnah (665), le ke Al-Bayhaqi bukeng ea Al-Asmā’ waṣ-Ṣifāt (868).
E tlalehiloe ke Al-Lalaka'i ho Sharh Usulul I'tiqad (664), Abu Nu'aym ho Hilyatul Awliya' (6/325) le Al-Bayhaqi Al-Asmaa was-Sifat (867).
E tlalehiloe ke Al-Muzakki ho Al-Muzakkiyat (29), Ibn Batta ho Al-Ibanah (120) le Al-Lalaka'i ho Sharh Usulul I'tiqad (663)
E tlalehiloe ke Ad-Darimi ho Ar-Radd 'alal Jahmiyya (67) le Al-Bayhaqi ho Al-Asma' was-Sifat (903).
E qotsitsoe ke Al-Dhahabi bukeng ea hae Al-‘Uluw (464), ’me al-Albani a re bukeng ea Mukhtasar Al-‘Uluw (leq. 184): ‘Ena ke isnād e nepahetseng (sahīh), banna ba eona ke batho ba tšepahalang le ba tsejoang hantle.’
Tlhaloso ea Ibn Kathir (426,427/3).
E tlalehiloe ke Bukhari (22), ho tsoa ho ke Abu Saeed Al-Khudri - eka Allah A ka khahlisoa ke eena.
E tlalehiloe ke Muslim (2996), ho tsoa ho Aisha - eka Allah A ka khahlisoa ke eena.
E tlalehiloe ke Al-Bukhari (3651) le Muslim (2533), ho tsoa ho Abdullah bin Mas‘oud - eka Allah A ka khahlisoa ke eena.
E tlalehiloe ke Muslim (1920), ho tsoa ho Thawban, eka Allah A ka khahlisoa ke eena.
E tlalehiloe ke Ibn Majah (3952), ho tsoa ho Thawban, eka Allah A ka khahlisoa ke eena. E netefalitsoe ke Ibn Hibban (6714) le Al-Hakim (8653).
E tlalehiloe ke At-Tirmidhi (2641), ho tsoa ho Abdullah bin Amr, eka Allah A ka khahlisoa ke eena. Al-Munawi o itse ho Fayd Al-Qadir (5/347): “E na le Abdur Rahman bin Ziyad Al-Afriqi. Ad-Dhahabi o itse: Ba ne ba mo nka a fokola.” Al-Albani o e netefalitse ho Sahih Al-Jami‘ (5343).
Tlhahiso ena e ile ea hatisoa bukeng e nyenyane ka nomoro ea 17 ke Lekhotla le Akaretsang la Mafapha a Liphuputso tsa Tsebo, Fatwa, Da’wah le Tataiso ka selemo sa 1402H.
E tlalehiloe ke Muslim (8)