كيفية صلاة النبي ﷺ (سوتي)

  • earth Language
    (سوتي)
  • earth Author:
    الشيخ عبد العزيز بن باز

Other Translations 51

PHPWord

 

 

 

كَيْفِيَّةُ صَلَاةِ النَّبِيِّ صَلَّى اللَّهُ عَلَيْهِ وَسَلَّمَ

 

 

Tsela eo Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah [ʼMopi] li be le eena) a neng a rapela ka eona

 

لِفَضِيلَةِ الشَّيْخِ العَلَّامَةِ

عَبْدِ العَزِيزِ بْنِ عَبْدِ اللَّهِ بْنِ بَازٍ

غَفَرَ اللَّهُ لَهُ وَلِوَالِدَيْهِ وَلِلْمُسْلِمِينَ

 

Mohlomphehi le Setsebi

Abdul Aziz mora Abdullah mora Baaz

 


بِسْمِ اللَّهِ الرَّحْمَنِ الرَّحِيمِ

Tsela eo Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah [ʼMopi] li be le eena) a neng a rapela ka eona.

Ka Lebitso la Allah ea Mosa ea Lereko

Lithoriso tsohle ke tsa (Allah) 'Mopi a nnotši, khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho Mohlanka le Moromuoa le Moporofeta oa Hae Muhammad le ho lelapa la hae le ho Barutuoa ba hae, ho tsoelapele:

Ana ke mantsoe a makhutšoane a tlhaloso ea thapelo ea Moporofeta khotso ea (Allah) 'Mopi ebe le eena, ao ke ratileng ho a hlahisetsa Lemosleme le leng le le leng ea motona le ea motšehali e le hore e mong le e mong ea a balang a sebetse ka thata ho latela tsela ea Morumooa oa 'Mopi ho sena, Ka lebaka la mantsoe a hae moo a reng:

(صَلُّوا كَمَا رَأَيْتُمُونِي أُصَلِّي).

(Rapelang joalokaha le mpone ke rapela)1 Ho mobali tlhaloso ke eo

U lokela ho etsa wudhū (boitlhoekiso) e leng ho hlapa likarolo tse ling tsa ʼmele molemong oa thapelo ka tsela e nepahetseng joalokaha (Allah) 'Mopi Ea Khanyang Ea phahameng A laetse joalo mantsoeng a hae moo a reng:

﴿يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِذَا قُمۡتُمۡ إِلَى ٱلصَّلَوٰةِ فَٱغۡسِلُواْ وُجُوهَكُمۡ وَأَيۡدِيَكُمۡ إِلَى ٱلۡمَرَافِقِ وَٱمۡسَحُواْ بِرُءُوسِكُمۡ وَأَرۡجُلَكُمۡ إِلَى ٱلۡكَعۡبَيۡنِ...﴾.

Lona ba lumetseng, ha le ema ho ea [etsa] thapelo, hlatsoang lifahleho tsa lona le matsoho a lona ho isa litsung, le pholle lihlooho tsa lona, ​​le hlatsoe maoto a lona ho isa maqaqailaneng. [Al-Ma’idah: 6] Temana.

ʼMe mantsoe a Moporofeta khotso ea 'Mopi e be le eena:

َا تُقْبَلُ صَلَاةٌ بِغَيْرِ طُهُورٍ).

Thapelo ha e amoheloe ntle le boitlhoekiso (2)2

ʼMe mantsoe a moporofeta khotso ea 'Mopi e be le eena ho motho ea neng a fositse thapelo ea hae:

(‌إِذَا ‌قُمْتَ ‌إِلَى ‌الصَّلَاةِ، ‌فَأَسْبِغِ ‌الْوُضُوءَ).

(Ha u ema ho rapela, itlhoekise ka tsela e phethahetseng (wudū).3

Morapeli o tlameha ho sheba sebakeng sa Qiblah (e leng leboea sebakeng seo Kaaba [ntlo ea Allah] e fumanehang teng), o lebisa 'mele oa hae kaofela ho eona, a rerile ka pelong ea hae ho etsa thapelo eo a e batlang (ea setlamo kapa ea boikhethelo), empa Niyyah (Sepheo/Maikemisetso) haʼa e bue ka leleme, hobane ho e bua ka leleme ha ho molaong, ke boiqapelo (bid'ah) hobane Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be le eena) haʼa kaa a etsa sepheo ka leleme le barutuoa ba hae (Allah A khotsofale ke bona) ha ba ka ba e etsa ka leleme. Morapeli o lokela ho beha Sutrah (e leng ntho eo motho ea rapelang a e be hang ka pel’a hae e le thibelo pakeng tsa hae le motho ea ka fetang ka pel’a hae nakong ea thapelo) ka pel’a hae ha a rapela, haeba e le Imam (moetapele oa thapelo) kapa a rapela a le mong. Ho lebana le Qibla (e leng ho sheba ka mmele ʼohle leboea moo Ka'aba e leng teng) ke boemo ba hore thapelo (e nepahale), ntle le maemong a seng makae a tsebahalang, a boletsoeng a hlakisitsoeng libukeng tsa batho ba tsebo (litsebi)."

O tšoanela ho etsa takbeer e leng hore: Allah O Moholo-holo, e nkoa e le takbeer ea pele (Takbeeratul Ihraam) nakong ea thapelo, 'me motho ea rapelang o lokela ho sheba sebaka seo a tlang ho inamela ho sona

O phahamisa matsoho a hae ha a bua boemo ba Takbir (Allah e Moholo ka ho Fetisisa) ho fihlella boemong ba mahetla a hae kapa haufi le litsebe tsa hae."

O beha matsoho a hae holima sefuba sa hae ,Letsoho le letona holima le letšehali; hobane ketso eno ke ea Moporofeta khotso ea (Allah) 'Mopi ebe le ena

Ke sunnah (tsela ea moporofeta Muhammad) hore motho ea rapelang aka bula ka thapeli e qalang eleng ena hore:

(اللَّهُمَّ بَاعِدْ بَيْنِي وبيْنَ خَطَايَايَ، كما بَاعَدْتَ بيْنَ المَشْرِقِ والمَغْرِبِ، اللَّهُمَّ نَقِّنِي مِنَ الخَطَايَا كما يُنَقَّى الثَّوْبُ الأبْيَضُ مِنَ الدَّنَسِ، اللَّهُمَّ اغْسِلْ خَطَايَايَ بالمَاءِ والثَّلْجِ والبَرَدِ).

(Oho Allah, etsa libe li be hole le nna, joalokaha o ile oa arohanya bochabela le bophirima, Oho Allah, ntlhoekise libe joalokaha seaparo se sesoeu se hloekisoa litšila, Oho Allah, hlatsoa libe tsohle tsaka ka metsi, lehloa, le serame.)4

Kapa ha a rata akare ntle le moo:

(سُبْحَانَكَ اللَّهُمَّ وبِحَمْدِكَ، وَتَبَارَكَ اسْمُكَ، وَتَعَالَى جَدُّكَ، ولَا إلَهَ غَيْرُكَ).

"Khanya le thoriso ke tsa hao, Oho Allah, ʼme lebitso la hau le hlohonolofetse, le boholo ba hau bo phahame, ebile ha ho ea lokelang ho rapeloa ntle le Uena feela."5 "Mme ha a ka etsa (lithapeli tse qalang) tse ling tse nepahetseng ntle le e 'ngoe e sa tšoaneng le tsona tsena hahona bothata, Leha ho le joalo, ho molemo ho etsa ena ka nako e ʼngoe le eno ka nako e ʼngoe, hobane seo se phethahetse haholoanyane ho lateleng (mohlala oa Moprofeta). Ebe ka morao ho moo o re: Ke kopa setšabelo ho Allah khahlanong le Satane ea lelekiloeng (ea rohakiloeng), ka Lebitso la Allah, Ea Mohau o fetisisang, Ea lereko le fetisisang. E be o tla bala Surah Al-Fatihah, khaolo e qalang Qur’an ka lebaka la polelo ea Moporofeta moo a itseng:

(لَا صَلَاةَ لِمَنْ لَمْ يَقْرَأْ بفَاتِحَةِ الكِتَابِ).

Ha ho thapelo ho ea sa baleng Selelekela sa Buka (e leng Khaolo ea pele e qalang Qur'an e bitsoang Al-Fatihah)6 Ebe ka morao ho eona o re "Aameen" ka lentsoe le phahameng thapelong e tsoang ka lentsoe le phahameng, le ka khutso thapelong e khutsitseng, ebe o bala Khaolo kapa litemana tse ling tsa Quran tse bobebe ho eena, 'me ho molemo ho bala karolo e mahareng ea (mufassal) ka mor'a Al-Fatiha thapelong ea Dhuhr, Asr le Isha, karolo e telele ea (mufassal) ka Fajr, le ka nako e 'ngoe karolo e telele ea (mufassal) ka Maghrib, ho latela (Hadith) tse fapaneng mabapi le sena.

E be o tla phahamisa matsoho a hae boemong ba mahetla kapa ba litsebe a re: Allahu Akbar (Allah O Moholo-holo) e be oa inama ho ea mangoleng a etsa hore hlooho ea hae e be boemong bo lekanang le mokokotlo oa hae, a beha matsoho a hae mangoleng a hae, a pharalatsa menoana ea hae o lokela ho ikhutsa kapa ho iketela nakoana sebakeng Rukoo, mme a re: “Subhaana Rabbiyal ʼAdheem” (e leng hore Khanya e be ho Morena oa ka ea Moholo-holo). Ho molemo hore a e phete makhetlo a mararo kapa ho feta, hape ho khothaletsoa hore a bue seo a se kopanya le:""

(‌سُبْحَانَكَ ‌اللهُمَّ ‌وَبِحَمْدِكَ، ‌اللهُمَّ ‌اغْفِرْ ‌لِي).

(Khanya le thoriso li be ho Uena, Oho Allah, ntšoarele)7

Joale o tla phahamisa hlooho ea hae ho tsoa mangoleng (Rukoo'), a phahamisa matsoho a hae ho fihlella mahetleng kapa litsebe tsa hae, a re:" Allah O utloa ba mo rorisang "Ebang e le Imam (moetapele oa thapelo) kapa motho ea rapelang a le mong, o re nakong eo a phahamang:"

(رَبَّنَا ولَكَ الحَمْدُ حَمْدًا كَثِيرًا طَيِّبًا مُبَارَكًا فِيهِ مِلْءَ السَّمَواتِ ومِلْءَ الأرضِ، ومِلْءَ ما شِئتَ مِن شيءٍ بَعدُ).

Morena oa rona, lithoriso li ho Uena feela, lithoriso tse ngata, tse hloekileng, tse hlohonolofetseng, tse tlatsang maholimo le lefatše, le lintho tsohle tseo U li ratang,8

Empa haeba a rapela ka mor'a Imam, o tšoanetse hore ha a phahama ho tsoa ho (Rukoo) moo aneng a iname teng are: “Morena oa rona lithoriso tsohle ke tsa hao”, ho fihlela pheletsong ea se boletsoeng pele, lehaeba baka eketsa emong le emong oa bona ke hore Imam le motho a rapelang ka mor'a Imam ekasitana le a rapelang ale mong -

(أهْلَ الثَّنَاءِ والْمجْدِ، أحَقُّ مَا قَالَ العَبْدُ، وكُلُّنَا لَكَ عَبْدٌ: اللَّهُمَّ لَا مَانِعَ لِمَا أعْطَيْتَ، ولَا مُعْطِيَ لِمَا مَنَعْتَ، ولَا يَنْفَعُ ذَا الجَدِّ مِنْكَ الجَدُّ).

Ke Uena ea tšoaneloang ke thoriso le khanya, ntho ea ‘nete eo mohlanka a ka e buang ke ho re: “Kaofela re bahlanka ba hao, 'Mopi, ha ho ea ka thibelang seo u fanang ka sona, ʼme ha ho ea ka fanang ka seo u se hanetseng, ’me ha ho leruo le ka tsoelang motho molemo khahlanong le Uena.9 ho molemo ho etsa joalo hobane ke ntho e netefalitsoeng ka eena (Moporofeta)

Ke ntho entle e khothaletsoang hore e mong le e mong - ke hore Imam le ea rapelang ka morao ho eena ekasitana le ea rapelang a nnotši - a behe matsoho a hae sefubeng sa hae, joalokaha a ne a entse pele ea ho Rukoo (e leng ho kobeha le ho itšoara mangoleng), hobane ho na le bopaki bo netefatsang sena ho tsoa ho Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be le eena) ho tsoa ho Hadith (tlaleho) ea Wael ibn Hujr le Sahl ibn Sa'd (Allah a be le thabo le bona) ba bontšang sena.

E be joale Morapeli o tla khumama a khotsa boholo ba 'mopi are (Allahu Akbar: Allah O Moholo-holo) ka ho khumama ka mangole pele ho matsoho a hao haeba ho khoneha. Haeba ho le thata, a ka beha matsoho a hae pele ho mangole, ʼme o tla beha likarolo tsa mmele tse supileng: phatla hammoho le nko, liatla tsa hae ka bobeli, mangole a hae a mabeli, menoana ea maoto mme e shebe pele, e be ha a le boemong boo o re: "Khanya e be ho Morena oa ka, Ea Phahameng ka ho Fetisisa" ʼme ke Sunnah (tsela ea Moporofeta) ho bua sena makhetlo a mararo kapa ho feta,hape ho khothaletsoa hore a re:

(سُبْحانَكَ اللَّهُمَّ رَبَّنا وبِحَمْدِكَ، اللَّهُمَّ اغْفِرْ لِي).

"Khanya e be ho Uena, Oho Allah, Morena oa rona, ʼme lithoriso li be ho Uena. Oho Allah, Ntšoarele." Ebe o etsa lithapeli tse ngata hobane Moporofeta khotso ea 'mopi ebe le eena o itse:

(‌أَمَّا ‌الرُّكُوعُ، ‌فَعَظِّمُوا ‌فِيهِ ‌الرَّبَّ، وَأَمَّا السُّجُودُ، فَاجْتَهِدُوا فِي الدُّعَاءِ، فَقَمِنٌ أَنْ يُسْتَجَابَ لَكُمْ).

(Ha e le bakeng sa ho inama (Rukoo'), tlotlisang boholo ba Morena moo. ʼMe bakeng sa Sujood (e leng moo le khumameng ka mangole le behile lifahleho fatše), etsang lithapeli (li Du'a) tsa lona ka matla le ka tieo, hobane ho loketse hore lithapeli tsa lona li arabeloe).10

A kope Morena oa hae lintle tsa lefatše le tsa bophelo botlang, Ho sa natsehe hore ke thapelong e tlamang (fardh) kapa ea boithaopo (nafl), o lokela ho arola matsoho a hae ho tloha mahlakoreng a hae, mpa ea hae ebe hole le lirope tsa hae, le lirope tsa hae li arohane le meomo ea hae, mme a phahamisa liphaka tsa hae ho tloha fatše ka lebaka la polelo ea Moporofeta (khotso le mahlohonolo a Allah li be holima hae):

(اعْتَدِلُوا في السُّجُودِ، ولَا يَبْسُطْ أحَدُكُمْ ذِرَاعَيْهِ انْبِسَاطَ الكَلْبِ).

E-bang le boitšoaro bo nepahetseng nakong ea ho khumama(Sujood), 'me ho se be motho ea behang matsoho a hae fatše joaloka ntja (ha e bothile).11

E be o tla phahamisa hlooho, a re: "Allahu Akbar" (Molimo o Moholo ka ho Fetisisa). Ebe o otlolla leoto la hae le letšehali ʼme o lula holim’a lona. O boloka leoto la hae le letona le otlolohile, mme menoana ea lona e lebisitsoe Qiblah, O bea matsoho a hae liropeng kapa mangoleng a hae, ʼme o lokela ho bua li dua (lithapeli) a re:

(رَبِّ اغْفِرْ لِي وَارْحَمْنِي وَاهْدِنِي وَارْزُقْنِي وَعَافِنِي وَاجْبُرْنِي).

Morena, ntšoarele, nkhauhele, ntataise, mphepe, mphe bophelo bo botle, hape U ntšehetse.12 ʼMe a be le khutso le botsitso boemong bona ba ho lula (ke hore a se ke a potlakela ho phahama).

Joale o tla etsa sujood ea bobeli ka mantsoe 'Allahu Akbar' (takbeer), ʼme o etsa seo a se entseng ho sujood ea pele.

Ha a phahamisa hlooho ea hae ho tsoa ho Sujood o boetse o re: Allah Akbar, ebe o lula fatše nakoana joalo joaloka ho lula fatše pakeng tsa li sujood tse peli. Ho lula fatše hona ho bitsoa "jalsat al-istiraahah" (ho lula fatše bakeng sa phomolo), ʼme ke ntho e khothalelitsoeng. Empa haeba motho a sa e etse, ha ho molato. Ha ho na li (duas) lithapeli tse etsoang nakong eo a lutseng fatše. Joale o tla ema bakeng sa rakʼah (karolo ea thapelo) ea bobeli, a itšetlehile ka mangole a hae haeba ho khoneha, ’me haeba ho le thata ho eena, o tla itšoareletsa fatše. Ebe o bala Al-Fatihah le karolo e ʼngoe e tla mo nolofalla ea Qur’an ka mor'a Al-Fatihah, ebe o etsa joalo ka ha a entse ho rak'ah ea pele.

Hono ke haeba thapela ena le likarolo tse peli fela - e leng li rakat tse peli -joaloka thapelo ea hoseng fajr le Jumuah ea labohlano kapa matsatsi a (Eid) e leng matsatsi a mekete ea Mamosleme, joale li thapelo tse nang le likarolo tse peli ha motho a tsoa sujood o phahamisa leoto la hae le letona ke hore serethe se shebe holimo e be menoana e sheba pele ha e le leoto le letšehali o le lula holimo e be o beha matsoho a hae holim’a lirope kapa mangoleng u kopanya menoana ea matsoho eohle ntle le oa bosupa oo a supang ka oona bongoe ba 'Mopi, haeba a ka kopanya monoana o monyenyane le o pela ona o roalang lesale ea letsoho le letona e be o kopanya monoana o motona le o bohareng ka eona o etsa selikalikoe e be oa bosupa o supa ka oona taba eo ea amoheleha, hobane mekhoa ena e mmeli e netefalitsoe ho tsoa ho Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be le eena) ’me ho molemo hore ka nako e ’ngoe a etse ka tsela ena, joale o tla beha letsoho la hae le letšehali seropeng sa leoto le letšehali kapa lengoleng ebe u bala (thashahhud) e leng mantsoe a latelang:

(التَّحِيَّاتُ لله والصَّلَوَاتُ والطَّيِّبَاتُ، السَّلَامُ عَلَيْكَ أيُّها النبيُّ ورَحْمَةُ الله وبَرَكَاتُهُ، السَّلَامُ عَلَيْنَا وعلَى عِبَادِ الله الصَّالِحِينَ، أشْهَدُ أنْ لَا إلَهَ إلَّا الله وأَشْهَدُ أنَّ مُحَمَّدًا عَبْدُهُ ورَسولُهُ).

Litumeliso tsohle, le lithapelo, le melemo, ke tsa Allah. Khotso e be ho Uena, Oho Moporofeta, le mohau oa Allah le litlhohonolofatso tsa Hae. Khotso e be ho rona le ho bahlanka ba lokileng ba Allah. Ke paka hore ha ho na ea lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah, ‘me ke boetse ke paka hore Muhammad ke Mohlanka le Moromuoa oa Hae. Ebe o re:

(اللَّهُمَّ صَلِّ علَى مُحَمَّدٍ وعلَى آلِ مُحَمَّدٍ، كما صَلَّيْتَ علَى إبْرَاهِيمَ وعلَى آلِ إبْرَاهِيمَ؛ إنَّكَ حَمِيدٌ مَجِيدٌ، وَبَارِكْ علَى مُحَمَّدٍ وعلَى آلِ مُحَمَّدٍ، كما بَارَكْتَ علَى إبْرَاهِيمَ وعلَى آلِ إبْرَاهِيمَ؛ إنَّكَ حَمِيدٌ مَجِيدٌ).

Oho Allah, romela litlhohonolofatso ho Muhammad le ho lelapa la Muhammad, joalokaha U ile oa romela litlhohonolofatso ho Abrahama le ho lelapa la Abrahama. Ruri, U ea lokeloang ke thoriso, le tlhompho. 'Me hlohonolofatse Muhammad le lelapa la Muhammad, joalokaha U ile oa hlohonolofats Abrahama le lelapa la Abrahama. Ruri, U ea lokeloang ke thoriso, le tlhompho.13

ʼMe o tla kopa Allah a mo sireletse ho lintho tse 'ne o re:

(اللَّهُمَّ إنِّي أَعُوذُ بِكَ مِن عَذَابِ جَهَنَّمَ، وَمِنْ عَذَابِ القَبْرِ، وَمِنْ فِتْنَةِ المَحْيَا وَالْمَمَاتِ، وَمِنْ شَرِّ فِتْنَةِ المَسِيحِ الدَّجَّالِ).

Oho Allah, ruri, ke kopa tšireletso ho Uena ho khahlanong le kotlo ea lihele, le kotlong ea lebitla, le litekong tsa bophelo le tsa lefu, le khahlanong le bobe ba liteko tsa Mesia Dajjal (Mesia oa bohata/Antichrist)14

Joale a ka etsa thapeli bakeng sa molemo ofe kapa ofe oo a o lakatsang lefatšeng lena le ho le tlang. ʼMe haeba a kopela batsoali ba hae kapa Mamosleme a mang, ha ho na bothata ho seo - ebang thapelo ke e tlamang kapa ke ea boithaopo - ka lebaka la polelo e akaretsang ea Moprofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be le eena) ho hadith (tlaleho) ea Ibn Masʼoud, Allah a mo khotsofalle, nakong eo Moporofeta a neng a mo ruta Tashahhud:

(ثُمَّ ‌لِيَتَخَيَّرْ ‌مِنَ ‌الدُّعَاءِ بَعْدُ أَعْجَبَهُ إِلَيْهِ فَيَدْعُو).

Ebe a ka khetha thapeli eo a e ratang ebe o ea e etsa15 ʼMe mantsoeng a mang:

(‌ثُمَّ ‌لِيَخْتَرْ ‌مِنْ ‌الْمَسْأَلَةِ ‌مَا ‌شَاءَ).

Ebe a ka khetha kopo eo a e ratang16

Sena se akarelletsa sohle se molemo ho mohlanka lefatšeng mona kapa bophelong bo tlang. Ebe o qetella thapelo Ka Salam (tumeliso) a fetola hlooho a sheba ka lehlakoreng le letona e be o tla e fetolela ka ho le letšehali a re: "As-Salam ʼalaikum wa rahmatullahi, As-Salam ʼalaikum wa rahmatullahi"

[ke hore khotso le mohau oa Allah li be le lona,ebe o sheba lehlakore le letšehali o phetha se tšoanang).

Haeba thapelo e le lirak'ah tse tharo, joalo ka Maghrib, kapa lirak'ah tse 'ne, joalo ka Dhuhr, Asr, le ʼIsha, o pheta Tashahhud e boletsoeng ka holimo hammoho le thapeli ho Moporofeta. Joale o tla ema, a itšoarella ka mangole, a phahamisa matsoho a hae ho fihla boemong ba mahetla kapa litsebeng, a re: “Allahu Akbar” (Molimo o Moholo ka ho Fetisisa). Ebe o beha matsoho sefubeng sa hae joalo ka ha ho boletsoe pejana ʼme o pheta Surah Al-Fatihah feela. Haeba a pheta ho hong ho phaella ho Surah Al-Fatihah ka rak'ah ea boraro le ea bone ea Dhuhr ka linako tse ling, ha ho na bothata ho seo, kaha ho na le bopaki ba sena ho tsoa ho Moprofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim'a hae) ho hadith ea Abu Saʼeed (Allah A mo khotsofalle). Haeba a ka lesa thapeli ho Moprofeta (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) ka mor’a Tashahhud ea pele, ha ho bothata ho seo, joalokaha ho khothalelitsoe, e se setlamo, ho Tashahhud ea pele. Ebe o pheta Tashahhud ka mor'a rak'ah ea boraro ea Maghrib le ka mor'a rak'ah ea bone ea Dhuhr, Asr, le Isha, joalokaha ho boletsoe pejana mabapi le thapelo e likarolo (rak'ah) li peli. Joale o fana ka tumeliso ka lehlakoreng le letona la hae le ka ho le letšehali ’me e be o tla kopa tšoarelo ho Allah ka makhetlo a mararo a re:

(اللَّهُمَّ أَنْتَ السَّلَامُ وَمِنْكَ السَّلَامُ، تَبَارَكْتَ يا ذَا الجَلَالِ وَالإِكْرَامِ).

Oho Allah, U Khotso, 'me khotso e tsoa ho Uena. Ho bokoe Uena, Mong'a Boholo le Tlotla.17 Pele a retelehela ka ho batho, haeba e le Imam

(moeta-pele oa thapelo), ebe o tla re:

َا إلَهَ إلَّا الله وحْدَهُ لَا شَرِيكَ لَه، لَهُ المُلْكُ، ولَهُ الحَمْدُ، وَهوَ عَلَى كُلِّ شيءٍ قَدِيرٌ، لَا حَوْلَ وَلَا قُوَّةَ إلَّا بالله، اللَّهُمَّ لَا مَانِعَ لِمَا أعْطَيْتَ، ولَا مُعْطِيَ لِمَا مَنَعْتَ، وَلَا يَنْفَعُ ذَا الجَدِّ مِنْكَ الجَدُّ، لَا إلَهَ إلَّا الله، وَلَا نَعْبُدُ إلَّا إيَّاهُ، لَهُ النِّعْمَةُ وَلَهُ الفَضْلُ، وَلَهُ الثَّنَاءُ الحَسَنُ، لَا إلَهَ إلَّا الله مُخْلِصِينَ لَهُ الدِّينَ وَلَو كَرِهَ الكَافِرُونَ).

Ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah, Ea nnotši, ea se nang molekane. Puso ke ea Hae, le Thoriso eohle ke ea Hae, 'me O na le matla holim'a lintho tsohle. Ha ho bokhoni kapa matla haese ka Allah. Oho Allah, ha ho ea ka thibelang seo U se fanang, ʼme ha ho ea ka fanang ka seo U se hanetseng, ’me ha ho leruo le ka thusang mang kapa mang khahlanong le Uena18

E be o tla tlotlisa Allah ka makhetlo a mashome a mararo a metso e meraro, a mo rorise ka makhetlo a lekanang, a phahamise boholo ba Hae, ka makhetlo a lekanang, ’me ka makhetlo a lekholo le felletseng o re: Ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke khumamelo ntle le Allah 'Mopi Ea nnotši, Ea se nang molekane, borena ke ba Hae, thoriso ke ea Hae, ’me O na le matla holim’a lintho tsohle. E be o tla bala temana ea Al-Kursi, le Qul Huwa Allahu Ahad (E-re: ke Allah, Ea nnotši), le Qul aʼudhu bi Rabbil falaq (E-re: Ke batla setšabelo ho Mong’a meso), le Qul aʼudhu bi rabbin-naas (E-re: Ke batla setšabelo ho Mong’a batho), ka mor’a thapelo e ’ngoe le e ’ngoe. Ho khothaletsoa ho pheta Likhaolo tsena tse tharo ka makhetlo a mararo ka mor'a thapelo ea Fajr le thapelo ea Magrib ka lebaka la hadith tse boletsoeng ka tsona ho tsoa ho Moporofeta. Lihopotso tsena kaofela ke Sunnah ha li tlamo.

Ho laetsoe hore monna le mosali e mong le e mong oa lemosleme a rapele lirak'ah tse ’nè pele ho thapelo ea motšehare le lirak'ah tse peli ka mor’a eona, lirak’ah tse peli ka mor’a thapelo ea letsatsi ha le liketse, lirak'ah tse peli ka mor’a thapelo ea bosiu, le lirak'ah tse peli pele ho thapelo ea mesong, tseo kaofela ha tsona e leng tse leshome le metso e ’meli. Li-rak’ah tsena li bitsoa al-Rawatib (e leng lithapelo tsa boithaopo tse sa tlameng empa tse fupereng meputso e meholo) hobane Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be le eena) o ne a tloaetse ho li boloka ha a se leetong. Haeba a le leetong, o ne a li tlohela a sa li etse kantle ho Sunnah ea pele ho thapelo ea fajr le thapelo ea witr, hobane Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be le eena), o ne a li boloka a le hae kapa a le leetong. Ho molemo ho etsa lithapelo tsena tsa al-Rawatib le Witr (e rapeloang ka 1,3,5,7, 9 ke hore rak'ah e le ngoe kapa tse tharo kapa tse hlano kapa tse supa kapa tse robong joalo joalo) lapeng, empa haeba motho a li rapela Masjid ntlong ea thapelo, ha ho na bothata ho seo, hobane Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be le eena) o itse:

(أفْضَلُ صَلَاةِ المَرْءِ في بَيْتِهِ، إلَّا الصَّلَاةَ المَكْتُوبَةَ).

(Thapelo e molemohali ea motho ke ka tlung ea hae, ntle le thapelo e tlamang [e leng e tlamehang ho etsoa ka phutheho]).19

Ho boloka thapelo tsena ke le leng la mabaka a ho kena Paradeiseng, joalo ka ha Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) a itse:

(مَنْ صَلَّى اثْنَتَيْ عَشْرَةَ رَكْعَةً فِي يَومٍ وَلَيْلَةٍ، بُنِيَ لَه بِهِنَّ بَيْتٌ فِي الجَنَّةِ).

(Mang kapa mang ea rapelang Li-rak’ah tse leshome le metso e 'meli bosiu le motšehare, o tla haheloa ntlo Paradeiseng ka lebaka la tsona.20

Haeba a rapela lirakah tse 'nè pele ho thapelo ea 'Asr, tse peli pele ho thapelo ea Maghrib, le tse peli pele ho thapelo ea 'Isha, hoo ho molemo, hobane ho na le bopaki ba 'nete bo tsoang ho Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be le eena) bo tšehetsang sena. Haeba a rapela lirak’ah tse 'ne kamora Dhuhr le tse 'ne pele ho eona, le hona ho molemo, hobane o itse:

(مَنْ ‌حَافَظَ ‌عَلَى ‌أَرْبَعِ ‌رَكَعَاتٍ ‌قَبْلَ ‌الظُّهْرِ، وَأَرْبَعٍ بَعْدَهَا حَرَّمَهُ اللَّهُ عَلَى النَّارِ).

Mang kapa mang ea bolokang lirak'ah tse 'ne pele ho Dhuhr le tse nne kamora eona, Allah o tla mo thibela ho kena mollong oa lihele.21 Sena se bolela hore o eketsa lirak'ah tse peli thapelong ea kamehla ea Sunnah ka mor'a dhuhr, hobane thapelo ea kamehla ea sunnah e na le liraka tse 'nè pele le tse peli ka morao. Kahoo, haeba a eketsa tse ling tse peli ka mor'a moo, o finyella se boletsoeng ho hadith ea Umm Habibah (E se eka Allah a ka mo khotsofalla).

Mme Allah ke Eena ea fanang ka katleho. Khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho Moporofeta oa rona Muhammad mor'a Abdullah, le lelapa la hae, barutuoa ba hae, le bohle ba ba latelang ka ho loka ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.

 

 

***

 

 


Tlaleho e fumaneha bukeng ea Muslim,nomorong ea (224).

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Bukhari nomorong ea (5782)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Bukhari le nomorong ea (744) le Muslim nomorong ea (598).

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Muslim nomorong ea (399)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Bukhari nomorong ea (756)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Bukhari nomorong ea (817) le Muslim nomorong ea (484)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Bukhari nomorong ea (711) le bukeng ea Muslim nomorong ea (598)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Muslim nomorong ea (477)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Muslim nomorong ea (479)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Bukhari nomorong ea (788)le Muslim nomorong ea (493)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Al Tirmidh nomorong ea (284) le Abu Daud nomorong ea (850)le ibn maajah nomorong ea (898)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Bukhari nomorong ea (797)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Bukhari nomorong ea (1311) le bukeng ea Muslim nomorong ea (588)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Annasaai nomorong ea (1398)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Muslim nomorong ea (402)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Muslim nomorong ea (591)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Muslim nomorong ea (402)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Bukhari nomorong ea (6860)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Muslim nomorong ea (728)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Ahmad nomorong ea (25547) le bukeng ea Al Tirmidh nomorong ea (393) le bukeng ea Abu Daud nomorong ea (1077)

Tlaleho e fumaneha bukeng ea Bukhari nomorong ea (605)