PHPWord

 

 

 

صِفَةُ العُمْرَةِ

 

 

Tlholoso ea Umrah

 

 

سَمَاحَةُ الشَّيْخِ

عَبْدِ الْعَزِيزِ بْنِ عَبْدِ اللَّهِ بْنِ بَازٍ

رَحِمَهُ اللَّهُ

 

Sengoli

Abdul Aziz bin Abdullah bin Baz

 


بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ

Tlholoso ea Umrah

Lithoriso tsohle ke tsa Allah A le Mong, ’me khotso le litlhohonolofatso li be holim’a mohlanka oa Hae le Moromuoa oa Hae. Ho tsoelapele,

Kahoo sena ke kakaretso e khutšoane ea meetlo ea Umrah, Ho mmali, tlhaloso ea seo:

1. Ha motho ea batlang ho etsa Umrah a fihla meeqat, ho khothaletsoa hore a hlape (ghusl) le ho itlhoekisa. Le mosali o etsa joalo, leha a le matsatsing a khoeli kapa a tsoa ho beleha, empa eena ha a potolohe Ntlo (Ka‘bah) ho fihlela a hloekile ’me a itlhatsoitse.

Monna a ka inyanyatsa ka senkhisa ha monate ’meleng oa hae, eseng liaparong tsa hae tsa ihram. Haeba ho sa khonehe ho hlapa meeqat, ha ho na molato; ’me ho khothaletsoa hore a itlhatsoe ha a fihla Makkah pele a etsa tawaf (ho pota-pota), haeba seo se khoneha.

2. Monna o hlobola liaparo tsohle tse rokiloeng 'me o apara lesela la thekeng (izaar) le seaparo se selelele sa mahetleng (ridaa), haholo-holo se sesoeu le se hloekileng.

Ha e le mosali, ihram ea hae ke liaparo tsa hae tse tloaelehileng, tse se nang mokhabiso kapa ho ikhetholla, ’me tse sa mo tiiseng ’mele ebile tse sa bonaletseng ka hare.

3. Ebe o etsa boikemisetso ho kena tšebetsong ea Umrah ka pelong ea hae 'me o bua ka leleme la hae a re: “Labbayka Umrah” (Ke 'na enoa ke amohetse pitso ea Umrah) kapa “Allahumma Labbayka Umrah” (Oho Allah, ke 'na enoa bakeng sa Umrah.) Haeba motho ea kenang ka har’a ihram a tšaba hore a ke ke a khona ho phethahatsa Umrah ea hae, mohlomong ka lebaka la hore oa kula kapa a tšaba sera kapa tse ling tse joalo, ho lumelloa hore a behe maemo ha a kena ho ihram, a re:

«‌فَإِنْ ‌حَبَسَنِى ‌حَابِسٌ، ‌فَمَحِلِّى ‌حَيْثُ ‌حَبَسْتَنِى».

Haeba ho na le ntho e nthibelang (ho qeta leeto la ka la Umrah), sebaka sa ka sa ho phethela ke hohle moo ke emisoang teng. Ho ea ka hadith ea Duba’ah bint Al-Zubayr, eka Allah A ka thabisoa ke eena1.

Ebe o araba ka talbiyah ea Moporofeta, khotso le litlhohonolofatso li be ho eena, e leng:

«‌لَبَّيْكَ اللّهُمَّ لَبَّيْكَ، لَبَّيْكَ لَا شَرِيكَ لَكَ لَبَّيْكَ، إِنَّ الْحَمْدَ وَالنِّعْمَةَ لَكَ وَالْمُلْكُ، لَا شَرِيكَ لَكَ»

"Ke 'na enoa ke amohetse pitso ea Hao, Oho Allah, ke 'na enoa ke amohetse pitso ea Hao. Ke 'na enoa, Ha U na molekane, ke 'na enoa. Ruri, thoriso eohle, mohau le borena ke tsa Hao. Ha U na molekane." ʼMe o lokela ho phetha talbiyah ena, ‘me a hopole Allah Ea Matla ohle ‘me a etse thapelo ho Eena ho fihlela a fihla Ntlong ea “Kaaba”.

(Banna ba phahamise mantsoe a bona, basali bona ba theole mantsoe a bona, joalokaha Sahabah ba ne ba etsa, eka Allah A ka thabisoa ke bona).

4. Ha a fihla Ntlong (Ka‘bah), o khaotsa ho bala Talbiyah, ebe o leba Lejoeng le Letšo (Hajar al-Aswad) ’me a talimana le lona, ​​ebe o le ama ka letsoho le letona ’me oa le suna haeba ho khoneha, ntle le ho ntša batho kotsi ka ho ba petetsa. Ha a le ama, o re: Bismillahi, wa Allahu Akbar “Ka lebitso la Allah, ’me Allah O Moholo-holo.” Haeba ho le thata ho le suna, o le tšoara ka letsoho kapa ka thupa kapa ntho e ’ngoe e tšoanang ebe o suna seo a le amileng ka sona. Haeba ho le thata ho le tšoara, oa le supa ’me o re: Allahu Akbar “Molimo o Moholo-holo,” ’me mona ha a lokela ho suna seo a le supileng ka sona.

Ho hlokahala hore motho ea pota-potang (tawaf) a be a hloekile ho tloha ho litšila tse nyane le tse kholo, hobane tawaf e tšoana le thapelo (salat), ntle le hore ho qoqa ho lumelletsoe ka nako ea tawaf.

5. O etsa hore Ntlo (Ka‘bah) e be ka letsohong le letšehali ’me a e pota-pote makhetlo a supileng. Ha a fihla sekhutlong sa Yamaani, o se ama ka letsoho le letona haeba ho khoneha, a re: “Bismillah, Allahu Akbar,” (Ka Lebitso la Allah, Allah O Moholo-holo) empa ha a se sune. Haeba ho le thata ho se ama, a se tlohele ’me a tsoele pele ka tawaf ea hae, a se ke a se supa kapa ho re “Allahu Akbar,” (Allah O Moholo-holo) hobane sena ha sea ka sa tlalehoa ho tsoa ho Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso li be ho eena).

Ha e le Lejoe le Letšo, neng kapa neng ha a tobane le lona, oa le ama ebe oa le suna joalokaha re boletse pejana, ho seng joalo o le supa ebe o re “Allahu Akbar” (Molimo O Moholo-holo). Ho khothaletsoa ho etsa “Raml” — e leng ho tsamaea ka potlako ka mehato e mekhutšoane — nakong ea makhetlo a mararo a pele a Tawaf (Tawaf al-Qudum) eleng tawaf ea motho a qalang ho fihla, haholo-holo bakeng sa banna.

Ho khothaletsoa hape hore monna a hlahise lehetla la hae le letona nakong ea Tawaf al-Qudum ka mekhahlelo eohle. Idtiba: ke ho beha bohare ba (ridaa) lesela la ka holimo ka lehafing la letsoho le letona ’me mahlakoreng a eona ka holim'a lehlakore le letšehali la matsoho.

Ho khothaletsoa ho etsa dhikr (khopotso) le thapeli ka eng kapa eng e bonolo makhetlong ʼohle a tawaf.

Ha ho na thapelo (du'a) e khethehileng kapa dhikr e khethehileng nakong ea tawaf; motho o etsa thapelo le ho hopola Molimo ka mantsoe le lithapelo life kapa life tse mo nolofallang. ’Me ha a le pakeng tsa likhutlo tse peli (Rukn al-Yamani le Hajar al-Aswad) o re:

﴿...رَبَّنَآ ءَاتِنَا فِي ٱلدُّنۡيَا حَسَنَةٗ وَفِي ٱلۡأٓخِرَةِ حَسَنَةٗ وَقِنَا عَذَابَ ٱلنَّارِ﴾

Morena oa rona, re fe botle lefatšeng lena le botle bophelong bo tlang, ’me u re sireletse kotlong ea mollo. [Al-Baqarah: 201] Sena se etsoa potolohong e ’ngoe le e ’ngoe; hobane sena se netefalitsoe ho tsoa ho Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso li be ho eena).

’Me o qetella potoloho ea bosupa ka ho ama Lejoe le Letšo (Hajar al-Aswad) le ho le suna haeba ho khoneha, kapa ka ho le supa ha a ntse a re “Allahu Akbar,” ho latela tlhaloso e boletsoeng pejana. Kamor’a hore a qete tawaf ena, o apara seaparo sa hae (ridaa’), a koahela mahetla a hae, ’me mahlakore a sona a be sefubeng sa hae.

Kamor’a ho qeta tawaf, o rapela rakaʼa (likaroloana) tse peli ka morao ho Maqam Ibrahim (mohato oa Ibrahim) haeba ho khonahala; ’me haeba a sa khone ho etsa joalo, o li rapela sebakeng sefe kapa sefe sa Masjid. O bala ho tsona, ka mor’a al-Fatihah:

﴿قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلۡكَٰفِرُونَ 1﴾

Qul yaa ayyuhal Kaafirun (E re: “Oho lona ba sa lumeleng!) [Al-Kaafirun: 1] Ho rakaʼa ea pele, e be

﴿قُلۡ هُوَ ٱللَّهُ أَحَدٌ 1﴾

Qul Huwallahu Ahad (E re: Ke Allah Ea Inoosi) [Al-Ikhlas: 1] Ebe ho rakaʿa ea bobeli, sena ke sona se molemo ka ho fetisisa; ’me haeba a bala surah tse ling ka ntle ho tsona tse tse peli, ha ho bothata. Ebe kamor’a hore a qete rakaʿa tse peli ka ho fana ka salaam, o leba ho Lejoe le Letšo (Hajar al-Aswad) ’me o le ama ka letsoho la hae le letona haeba ho khoneha. Ho khothaletsoa (ke sunnah) hore kamor’a ho rapela rakaʿa tse peli tsa tawaf, motho a noe metsi a Zamzam haeba ho khoneha.

7. Ebe o ea tsoa ho leba As-Safaa, a e hloa kapa a eme ho eona— ’me ho e hloa ho molemo ho feta haeba ho khoneha. O qala ka As-Safaa, ’me ha a qala o re: “Re qala ka seo Allah a qalileng ka sona,” ’me o bala mantsoe a Ea Matla ʼOhle a re:

﴿إِنَّ ٱلصَّفَا وَٱلۡمَرۡوَةَ مِن شَعَآئِرِ ٱللَّهِ... ﴾

(Ruri! As-Safa le Al-Marwah (lithaba tse peli Makkah) ke matšoao a Allah...) [Al-Baqarah: 158]

Joalokaha Moporofeta, khotso le litlhohonolofatso li be ho eena, a entse, o ne a tla etsa lithapelo le ho rorisa Allah ka makhetlo a mararo,

"اللَّهُ أَكْبَرُ اللَّهُ أَكْبَرُ، لَا إِلٰهَ إِلَّا اللَّهُ، اللَّهُ أَكْبَرُ اللَّهُ أَكْبَرُ وَلِلَّهِ الْحَمْدُ، لَا إِلٰهَ إِلَّا اللَّهُ وَحْدَهُ لَا شَرِيكَ لَهُ، لَهُ الْمُلْكُ وَلَهُ الْحَمْدُ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيْءٍ قَدِيرٌ، لَا إِلٰهَ إِلَّا اللَّهُ وَحْدَهُ أَنْجَزَ وَعْدَهُ، وَنَصَرَ عَبْدَهُ، وَهَزَمَ الْأَحْزَابَ وَحْدَهُ".

“Allah O Moholo-holo, Allah O Moholo-holo, ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah, Allah O Moholo-holo, Allah O Moholo-holo, 'me thoriso tsohle ke tsa Allah. Ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah A le Mong, Ea se nang molekane. Puso ke ea Hae 'me thoriso ke ea Hae, 'me O na le matla holim'a lintho tsohle. Ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah A le Mong, O phethile tšepiso ea Hae, A fa mohlanka oa Hae tlholo, 'me A hlola mabotho a lira A le Mong.”2

 

O lokela ho etsa thapelo kapa lithapelo leha e le life tse mo nolofallang, ebe o pheta khopotso (dhikr) le thapelo (Du'a) ka makhetlo a mararo. Ena ke Sunnah eo Moporofeta, Allah A mo hlohonolofatse A mo fe khotso, a e entseng, a shebile Qibla. Ebe o theoha o leba Al-Marwa ho fihlela a fihla letšoao la pele; joale monna o tsamaea kapele ho fihlela a fihla letšoaong la bobeli.

Ha e le mosali, ha a laeloa hore a potlake; (hobane seo ha se a ka sa bontšoa ke lihadith tsa Moporofeta, e se eka Molimo A ka mo hlohonolofatsa 'me A mo fa khotso, 'me Soahabiyaat (barutuoa ba basali), e se eka Molimo A ka thabisoa ke bona, ha ba ka ba etsa seo le hobane ke awrah (karolo ea lekunutu ea 'mele e lokelang ho koaheloa). Ebe o tsamaea 'me o nyolohela Al-Marwa kapa o ema holim'a eona, feela ho nyoloha ho molemo haeba ho mo nolofalla. O bua le ho etsa ho al-Marwa joalokaha a entse ho As-Safa - (ntle le hore ha a phete temana kapa polelo e reng, "Re qala ka seo Allah A qalileng ka sona") - o etsa seo ka makhetlo a supileng, ho tsamaea hoa hae ke potoloho e le 'ngoe 'me ho khutla ha hae ke potoloho e le 'ngoe. Haeba motho a etsa Saʼee (ho tsamaea pakeng tsa thaba ea As-Safaa le Al-Marwah) a palame, ha ho na bothata ho seo, haholo-holo haeba ho na le tlhoko. Ho khothalletsoa hore a eketse likhopotso ho Molimo le ho etsa thapelo nakong ea Saʼee ka eng kapa eng e mo nolofallang, le hore a be bohloeking ho litšila tse kholo le tse nyane.

Haeba a ka etsa Sa’ee a sa hloeka (ntle le taharah), seo se ea amoheleha. Ha a qetile Sa’ee, monna o tlameha ho beola hlooho ea hae kaofela kapa ho fokotsa moriri oa hae kaofela, empa ho beola ho molemo ho feta.

'Me haeba ho fihla ha hae Makkah ho le haufi le nako ea Hajj, ho fokotsa moriri ho molemo ho eena; e le hore a tle a beole hlooho eohle nakong ea Hajj. Ha e le mosali, o bokella moriri oa hae 'me o kuta ntlha ea oona e lekanang le boholo ba lenonyeletso la monoana kapa ka tlase ho moo. Ha Muhrim (motho ea keneng kahar'a ihram) a entse tse boletsoeng, Umrah ea hae e tla be e phethehile, 'me thoriso e be ho Allah. Ka hona, ntho e 'ngoe le e 'ngoe e neng e thibetsoe ho eena ka lebaka la Ihram ea lumelloa hape. (Moporofeta —khotso le litlhohonolofatso li be ho eena— ha a ka a rapela liraka'ah tse peli kamor'a ho qeta Umrah; kahoo mang kapa mang ea mo ratang o etsa joaloka eena.)"

﴿لَّقَدۡ كَانَ لَكُمۡ فِي رَسُولِ ٱللَّهِ أُسۡوَةٌ حَسَنَةٞ لِّمَن كَانَ يَرۡجُواْ ٱللَّهَ وَٱلۡيَوۡمَ ٱلۡأٓخِرَ وَذَكَرَ ٱللَّهَ كَثِيرٗا 21﴾

Ruri ho lona ho bile le mohlala o khabane ho Moromuoa oa Allah, bakeng sa mang kapa mang ea nang le tšepo ho Allah le ho Letsatsi la ho Qetela, 'me a hopola Allah haholo. [Al-Ahzab: 21]

 

E se eka Allah A ka re atlehisa, rona le bara ba bo rona bohle ba Mamoseleme, ho utloisisa bolumeli ba Hae le ho lula re tiile ho bona, 'me A amohele ho tsoa ho rona bohle; ruri Eena ke Ea fanang ka ho fetisisa ka liatla tse bulehileng.

'Me khotso ea Allah le litlhohonolofatso tsa Hae li be ho mohlanka le morumuoa oa Hae, Moprofeta oa rona Muhammad, le ho lelapa la hae, barutuoa ba hae, le balateli ba hae ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.

Mufti e Moholo oa naha ea Saudi Arabia le mookameli (oa mehleng) oa Lekhotla la Litsebi tsa tumelo le Phahameng le Lefapha la Lipatlisiso tsa tsebo (ea tumelo) le Ifta (phano ea liqeto tsa molao oa Islamo), Abdulaziz bin Abdullah bin Baz - e se eka Molimo A ka mo hauhela

 

***


E tlalehiloe ke Muslim nomorong ea (1218)

As-Sunan Al-Kubra ka Al-Bayhaqi, No. (10117).