مَنْ خَلَقَ الكَونَ؟ وَمَنْ خَلَقَنِي؟ وَلِمَاذَا؟
Ke mang ea entseng bokahohle? ʼMe ke bopiloe ke mang? Hobane’ng?
اللَّجْنَةُ العِلْمِيَّةُ
بِرِئَاسَةِ الشُّؤُونِ الدِّينِيَّةِ بِالمَسْجِدِ الحَرَامِ وَالمَسْجِدِ النَّبَوِيِّ
بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ
Ke mang ea entseng bokahohle? ʼMe ke bopiloe ke mang? Hobane’ng?
Komiti ea Tsebo tlas'a ofisi ea Mopresidente oa Litaba tsa Bolumeli Masjid al-Haram (Mecca) le Masjid an-Nabawi (Madinah)
Na ke tseleng e nepahetseng?
Ke mang ea entseng maholimo le lefatše le libōpuoa tsohle tse khōlō tse ho tsona tse ke keng tsa lika-liketsoa?
Ke mang ea entseng tsamaiso ee e nepahetseng le e phethahetseng maholimong le lefatšeng?
Ke mang ea bōpileng motho le ea mo fileng kutlo, pono le kelello, le ho etsa hore a khone ho fumana tsebo le ho utloisisa ’nete?
Ke mang ea entseng moralo ona o nepahetseng likarolong tsa 'mele oa hau, le ho u etsa le ho ntlafatsa sebopeho sa hau?
Nahana ka pōpo ea libopuoa tse phelang ka mefuta-futa le phapang ea tsona; ke mang ea li qapileng ka ponahalo e sa lekanyetsoang?
Bokahohle bona bo boholo hakana bo boloka taolo le botsitso ba bona joang ka melao ea bona e hlophisitsoeng hantle e bo laolang ho pholletsa le lilemo?
Ke mang ea thehileng litsamaiso tse laolang lefatše lena (bophelo le lefu, ho ikatisa ha libōpuoa tse phelang, bosiu le motšehare, linako tse fetohang, joalo-joalo)?
Na bokahohle boo bo ikentse? Kapa na bo tsoa ho lefeela? Kapa na bo bile teng ka tšohanyetso? Molimo ea Matla ’Ohle o itse:
﴿أَمۡ خُلِقُواْ مِنۡ غَيۡرِ شَيۡءٍ أَمۡ هُمُ ٱلۡخَٰلِقُونَ٣٥ أَمۡ خَلَقُواْ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَۚ بَل لَّا يُوقِنُونَ36﴾
Na ba bōpiloe ho tsoa ho lefeela, kapa ke bona ba bōpileng? (35
Kapa ba bōpile maholimo le lefatše? Ho e-na le hoo, ha ba na bonnete. 36 [At-Tur: 36-35]
Haeba ha rea ka ra ipopa ’me ho ke ke ha khoneha hore re tsoe ho lefeela kapa ka tšohanyetso, joale ’nete e ke keng ea latoloa ke hore bokahohle bona bo tlameha ho ba le ’Mōpi e moholo le ea nang le bokhoni, kaha ho ke ke ha khoneha hore bokahohle bona bo iketse kapa bo tsoe ho lefeela kapa bo bile teng ka tšohanyetso!
Ke hobane’ng ha motho a lumela ho lintho tseo a sa li boneng? Tse kang temoho, kelello, moea, maikutlo le lerato). Na hase hobane a bona matšoao a tsona? Joale ke joang motho a ka latolang boteng ba ’Mōpi oa bokahohle bo boholo boo empa a bona matšoao a pōpo ea Hae, mosebetsi oa matsoho a Hae, le mohau oa Hae?!
Ha ho motho ea hlaphohetsoeng kelellong ea ka amohelang ho bolelloa hore ntlo ena e bile teng ho se motho ea e hahileng, kapa hore ha ho letho le entseng ntlo ena! Joale ke joang batho ba bang ba ka lumelang ba bolelang hore bokahohle bona bo boholo bo bile teng ntle le ’mōpi? Motho ea hlaphohetsoeng kelellong a ka lumela joang ho bolelloa hore tlhophiso ee e nepahetseng e phethahetseng ea bokahohle e bile teng ka tšohanyetso?
Tsena tsohle li re isa qetong e le ’ngoe: hore bokahohle bona bo na le Morena e moholo, ea matla, le ea nang le bokhoni, ea bo laolang, le hore ke Eena feela ea tšoaneloang ke khumamelo, le hore sohle se khumameloang ka ntle ho Eena se khumameloa ka bohata ’me ha sea tšoanela ho rapeloa.
Morena, Mmopi e moholo
Ho na le 'Mōpi a le mong Morena, Monghali, Mookameli, Mofani, ea fanang ka bophelo le ea bakang lefu. Ke Eena ea entseng lefatše ’me a le etsa hore le be tlas’a taolo, ‘me a le etsa hore le tšoanele libōpuoa tsa Hae. Ke Eena ea entseng maholimo le tse ka har’a ’ona tsa libopuoa tse kholo, ’me O etselitse letsatsi, khoeli, bosiu le motšehare taelo ena e nepahetseng e bontšang boholo ba Hae.
Ke Eena ea re etselelitseng moea oo re ke keng ra phela ntle le oona. Ke Eena ea re nesetsang pula, A re etsetsa maoatle le linōka. Ke Eena ea ileng a re fepa le ho re boloka re sa le masea ka pōpelong ea bo-’m’a rōna, re se na matla a letho. Ke Eena ea entseng hore mali a phalle methapong ea rona ho tloha tsoalong ea rona ho fihlela re e-shoa.
Enoa ke Morena, 'Mopi le Mofani, ke Molimo ea Matla 'Ohle.
Allah Ea Matla Ohle O re:
﴿إِنَّ رَبَّكُمُ ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ فِي سِتَّةِ أَيَّامٖ ثُمَّ ٱسۡتَوَىٰ عَلَى ٱلۡعَرۡشِۖ يُغۡشِي ٱلَّيۡلَ ٱلنَّهَارَ يَطۡلُبُهُۥ حَثِيثٗا وَٱلشَّمۡسَ وَٱلۡقَمَرَ وَٱلنُّجُومَ مُسَخَّرَٰتِۭ بِأَمۡرِهِۦٓۗ أَلَا لَهُ ٱلۡخَلۡقُ وَٱلۡأَمۡرُۗ تَبَارَكَ ٱللَّهُ رَبُّ ٱلۡعَٰلَمِينَ54﴾
Ruri, Morena oa lona ke Allah, Ea entseng maholimo le lefatše ka matsatsi a tšeletseng, 'me a phahama ka holimo ho Terone. O koahela bosiu ka motšeare, ’me motšehare o potlakela ho latela bosiu. Le letsatsi, khoeli, le linaleli, tsohle li tlas’a taelo ea Hae. Ha ho pelaelo hore pōpo le taelo ke tsa Hae. Ho bokoe Allah, Mong`a lintho tsohle. [Al-Aʼraaf: 54]
Allah ke Morena 'Mōpi oa lintho tsohle tse teng bokahohleng, tseo re li bonang le tseo re sa li boneng. Tsohle ntle le Eena ke libopuoa tsa Hae. Ke Eena feela ea lokeloang ho khumameloa, ‘me ho se be le mang kapa mang ea rapeloang hammoho le Eena. Ha a na molekane pusong ea Hae, le pōpong, le tsamaisong, kapa khumamelong ea Hae.
Leha re ne re ka nka, ka lebaka la khang, hore ho na le melimo e meng ntle ho 'Mopi, khanya ea Hae e ke e phahamisoe, bokahohle bo ne bo tla senyeha; hobane ha hoa lokela hore melimo e ’meli e laole litaba tsa bokahohle ka nako e le ’ngoe. Molimo ea Matla ’Ohle o itse:
﴿لَوۡ كَانَ فِيهِمَآ ءَالِهَةٌ إِلَّا ٱللَّهُ لَفَسَدَتَا...﴾
Haeba ho tsona (ho maholimo le lefatše) ho ne ho na le melimo e meng ntle le Allah, ka bobeli ba ka be ba senyehile. [Al-Anbiya: 22]
Litšobotsi tsa Morena 'Mōpi
Morena, A ke a tlotlisoe, O na le Mabitso a matle ka ho fetisisa a se nang palo le litšobotsi tse phahameng le tse hlollang tse bontšang phetheho ea Hae ke ngata ka ho fetisisa. Har’a mabitso a Hae ke: “Allah” ʼme moelelo oa lona ke (Molimo a le Mong feela ea tšoaneloang ke ho rapeloa a le mong, ea se nang molekane). Al-Hayy (Ea Phelang ka ho sa Feleng), Al-Qayyum (Ea ikemetseng), le Ar-Raheem (Ea Mohau ka ho Fetisisa), le Ar-Razzaq (Ea Fanang ka Botlalo), le Al-Kareem (Ea seatla se bulehileng). Allah Ea Phahameng O re ka har’a Qur’an e Halalelang:
﴿ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ ٱلۡحَيُّ ٱلۡقَيُّومُۚ لَا تَأۡخُذُهُۥ سِنَةٞ وَلَا نَوۡمٞۚ لَّهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۗ مَن ذَا ٱلَّذِي يَشۡفَعُ عِندَهُۥٓ إِلَّا بِإِذۡنِهِۦۚ يَعۡلَمُ مَا بَيۡنَ أَيۡدِيهِمۡ وَمَا خَلۡفَهُمۡۖ وَلَا يُحِيطُونَ بِشَيۡءٖ مِّنۡ عِلۡمِهِۦٓ إِلَّا بِمَا شَآءَۚ وَسِعَ كُرۡسِيُّهُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَۖ وَلَا يَـُٔودُهُۥ حِفۡظُهُمَاۚ وَهُوَ ٱلۡعَلِيُّ ٱلۡعَظِيمُ255﴾
Allah - ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo kantle ho Eena, Ea phelang ka ho sa Feleng, Ea nang le boikemelo ka ho sa feleng, mohloli oa bophelo bohle. Ea sa otseleng kapa ho tšoaroa ke boroko. Tsohle tse maholimong le tse lefatšeng ke tsa Hae – ke mang ea ka buellang ba bang ho Eena haese ka tumello ea Hae? O tseba tse ka pele ho bona le tse ka morao ho bona, ‘me ha ba lika-liketse letho la tsebo ea Hae haese seo A se ratileng. Kursi (Popo e kholo Ka holimo ho maholimo a supileng) e pharaletse holim’a maholimo le lefatše, ‘me ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa, Ea Moholo-holo. (255) [Al Baqarah: 255]
Allah Ea Matla Ohle A re:
﴿قُلۡ هُوَ ٱللَّهُ أَحَدٌ١ ٱللَّهُ ٱلصَّمَدُ ٢ لَمۡ يَلِدۡ وَلَمۡ يُولَدۡ ٣ وَلَمۡ يَكُن لَّهُۥ كُفُوًا أَحَدُۢ4﴾
E re: Ke Allah Ea o mong
Allah Ea teng ka ho sa feleng
Ha a tsoale kapa hona ho tsoaloa.
Mme ha ho ea ka lekanngoang le Eena. [Al-Ikhlaas 1-4]
Morena ea rapeloang o khetholloa ka litšobotsi tsa phetheho.
E 'ngoe ea litšobotsi tsa Hae ke hore ke Eena ea khumameloang le ea rapeloang a le mong, 'me ntho e 'ngoe le e 'ngoe ke sebopuoa se tlamehileng, se laetsoeng, le se ikokobelitseng.
Har’a litšobotsi tsa Hae ke hore ke Ea Phelang ka ho sa Feleng, Ea phelisang. Sebōpuoa se seng le se seng se phelang se bōpiloe ke Molimo, ea se entseng ho tsoa ho ha ho letho. O tšehetsa sebopuoa ka boteng, phepo, le tsohle tseo se li hlokang. 'Mopi ke Ea Phelang ka ho sa Feleng, ea sa shoeng le ea sa feleng, Ke Ea Iphelisang, ea sa robaleng; ruri, ha a otsele kapa ho tšoaroa ke boroko.
E 'ngoe ea litšobotsi tsa Hae ke hore ke Ea Tsebang Tsohle, eo ho seng letho le patehileng ho Eena lefatšeng kapa leholimong.
Har’a litšobotsi tsa Hae ke hore ke Ea Utloang Tsohle, Ea bonang tsohle, Ea utloang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me O bona sebopuoa se seng le se seng. O tseba seo meea e sebatlang le seo lipelo li se patang, ha ho letho le patehileng ho Eena, - khanya e be ho Eena - lefatšeng kapa leholimong
Har’a litšobotsi tsa Hae ke hore ke Ea Matla ’Ohle, eo ho seng letho le ka mo hlōlang le eo thato ea Hae ho seng motho ea ka e thibelang. O etsa seo A se ratang, 'me o thibela seo A se ratang, O tlisa pele, 'me O behella morao, 'me O na le bohlale bo phethahetseng.
Har’a litšobotsi tsa Hae ke hore ke ’Mōpi, Mofani, Mookameli ea bopileng le ho laola popo, ’me popo e matsohong a Hae le tlas’a puso ea Hae.
E ’ngoe ea litšobotsi tsa Hae ke hore ke Eena ea arabang ba mahlomoleng, ea thusang ba matšoenyehong, le ea imollang mahlomoleng. Sebopuoa se seng le se seng, ha se oela mahlomoleng kapa tsietsing, se retelehela ho Eena ka tlhoko.
Khumamelo ha ea lokela ho etsetsoa mang kapa mang ntle le ho Allah Ea Matla 'Ohle feela, hobane ke Eena ea phethahetseng a le mong ea lokeloang ke eona, 'me tsohle tse khumameloang kantle ho Eena li khumameloa ka bohata, 'me li na le bofokoli kahoo lia shoa lia timela.
Molimo ea Matla ’Ohle o re putsitse ka likelello tse lemohang ho hong ka boholo ba Hae ’me o kentse ka ho rōna semelo sa tlhaho se ratang botle, se hloileng bobe, le ho fumana khotso ha re sokolohela ho Molimo, Mong’a lintho tsohle. Semelo sena sa tlhaho se bontša phetheho ea Hae le hore A ke ke a hlalosoa e le ea haelloang ea nang le bofokoli, khanya e be ho Eena
Ha hoa lokela hore motho ea nang le kelello a rapele mang kapa mang haese ea phethahetseng, kahoo ke joang a ka rapelang sebōpuoa se nang le sekoli se kang eena kapa se ka tlaase ho eena!
Ea rapeloang e ke ke ea e-ba motho, setšoantšo, sefate, kapa phoofolo!
'Mopi O ka holimo ho maholimo a Hae, O phahame ka holimo ho Terone Ea hae, O arohane le pōpo ea Hae. Ha ho letho la tlholeho ea Hae le leng teng ka hare ho boleng ba Hae, leha e le letho la boleng ba Hae le teng ka hae ho tlholehong ea Hae. Ha a lule kapa ho nka sebopeho sa nama ho eng kapa eng ea pōpo ea Hae.
Morena ha ho letho le ka tšoanang le Eena, 'me ke Ea Utloang tsohle, Ea bonang tsohle, 'me ha ho ea ka lekanngoang le Eena. O ikemetse Ka Bo Eena h'a hloke thuso ea libopuoa tsa Hae, ha a robale, ha a je lijo, ’me O moholo ka ho fetisisa, a ke ke a ba le mosali kapa ngoana. Hoba ’Mōpi o na le litšobotsi tsa boholo ’me le ka mohla a ke ke a hlalosoa e le mohloki kapa ea nang le bofokoli.
Allah Ea Phahameng O re:
﴿يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ ضُرِبَ مَثَلٞ فَٱسۡتَمِعُواْ لَهُۥٓۚ إِنَّ ٱلَّذِينَ تَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ لَن يَخۡلُقُواْ ذُبَابٗا وَلَوِ ٱجۡتَمَعُواْ لَهُۥۖ وَإِن يَسۡلُبۡهُمُ ٱلذُّبَابُ شَيۡـٔٗا لَّا يَسۡتَنقِذُوهُ مِنۡهُۚ ضَعُفَ ٱلطَّالِبُ وَٱلۡمَطۡلُوبُ ٧٣ مَا قَدَرُواْ ٱللَّهَ حَقَّ قَدۡرِهِۦٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَقَوِيٌّ عَزِيزٌ74﴾
Oho batho, mohlala o fanoe, kahoo mamelang. Ruri, bao le ba kopang kantle ho Allah, ba ka se bope , leha ba bokane ka morero oo. Haeba ntsintsi leha ba ne ba ka kopana kaofela [ho leka ho e bopa], joale haeba ntsintsi e ne e ka utsoa ho bona se senyenyane ba ne ba ke ke ba se khutlisa. Ka bobeli ea kopang le ea kopuoang ba ea fokola.
Ha baa ka ba ananela Molimo ka tsela e loketseng. Ruri, Allah O na le Matla ʼOhle, O Phahame ka matla. [Al-Hajj: 73-74].
Ke hobane’ng ha ’Mōpi enoa e Moholo a re bōpile? ʼMe O batla eng ho rona?
Na ho etsa kelello hore Molimo O bōpile libōpuoa tsee kaofela ntle ho morero? A na O ba bopetse lefeela, leha A le Mohlale-hohle, Ea Tsebang Tsohle?
Na ke ntho e ka etsang kelello hore Ea re bōpileng ka ho nepahala le ka phetheho le bokhabane bo phahameng, ’me a behile tlas’a rōna se maholimong le lefatšeng, a ka re bōpa re se na morero, kapa a re siea re se na karabo ea lipotso tse bohlokoa ka ho fetisisa tse re tšoenyang, tse kang: Ke hobane’ng ha re le teng? Ho etsahala’ng ka mor’a lefu? Morero oa pōpo ea rona ke ofe?
Na ke ntho e ka etsang kelello hore ho ne ho ke ke ha e-ba le kotlo bakeng sa mohatelli ’me ho ne ho ke ke ha e-ba le moputso bakeng sa ea lokileng?
Allah ea Matla ʼOhle O re:
﴿أَفَحَسِبۡتُمۡ أَنَّمَا خَلَقۡنَٰكُمۡ عَبَثٗا وَأَنَّكُمۡ إِلَيۡنَا لَا تُرۡجَعُونَ115﴾
Na le ne le nahana hore Re le bōpetse lefeela, le hore le ke ke la khutlisetsoa ho Rona? 115 [Al-Mu'minun: 155].
Ho e-na le hoo, Allah O ile a romela Baromuoa ho tla re tsebisa morero oa ho ba teng ha rōna, ’me a re tataisa mabapi le mokhoa oa ho Mo khumamela le ho atamela haufi Eena, O batla eng ho rōna! ʼme re fumana joang mohau oa Hae, ’me a re tsebisa ka qetello ea rōna ka mor’a lefu?
Allah rometse Baromuoa ho re bolella hore ke Eena feela ea tšoaneloang ke khumamelo, ho re ruta mokhoa oa ho mo khumamela, ho fetisa litaelo le lithibelo tsa hae ho rona, le ho re ruta litekanyetso tse ntle tseo, haeba re li amohela, li tla etsa hore bophelo ba rona bo be monate le bo tletseng litlhohonolofatso le botle.
Allah O ile a romela baromuoa ba mangata, joaloka: Noe, Abrahama, Moshe, le Jesu, ’me a ba tšehetsa ka lipontšo le mehlolo e pakang bonnete ba bona le hore e ne e le baromuoa ba tsoang ho Eena, Ea Phahameng ka ho Fetisisa. ʼMe oa ho qetela ho bona ebile Muhammad (khotso e be le bona).
Baromuoa ba re boleletse ka ho hlaka hore bophelo bona ke teko le hore bophelo ba ’nete bo tla ba teng ka mor’a lefu.
Le hore ho na le Paradeise bakeng sa balumeli ba khumamelang Allah a le mong, Ea se nang balekane, ba bile ba lumela ho baromuoa bohle, ’me ho na le Mollo oo Allah a o lokiselitseng bahanyetsi ba neng ba khumamela melimo e meng ntle le Allah, kapa ba sa lumeleng ho e mong oa baromuoa ba Allah.
Allah Ea Matla Ohle O re:
﴿يَٰبَنِيٓ ءَادَمَ إِمَّا يَأۡتِيَنَّكُمۡ رُسُلٞ مِّنكُمۡ يَقُصُّونَ عَلَيۡكُمۡ ءَايَٰتِي فَمَنِ ٱتَّقَىٰ وَأَصۡلَحَ فَلَا خَوۡفٌ عَلَيۡهِمۡ وَلَا هُمۡ يَحۡزَنُونَ ٣٥ وَٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَا وَٱسۡتَكۡبَرُواْ عَنۡهَآ أُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلنَّارِۖ هُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ36﴾
Oho bana ba Adama, ha ho ka tla ho lona baromuoa ba tsoang har’a lona, ba le balla litemana tsa Ka, joale mang kapa mang ea tšabang Allah, ʼme a lokisa litsela tsa hae, ho ke ke ha e-ba le tšabo ho bona, kapa hona ho sareloa.
ʼMe ba latotseng litemana tsa Rona, ʼme ba ikhohomosetsa tsona - bao ke batho ba mollo; ba tla hlola teng ka ho sa feleng. [Al A'raaf: 35-36].
Allah Ea Phahameng O re:
﴿يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ ٱعۡبُدُواْ رَبَّكُمُ ٱلَّذِي خَلَقَكُمۡ وَٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تَتَّقُونَ ٢١ ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلۡأَرۡضَ فِرَٰشٗا وَٱلسَّمَآءَ بِنَآءٗ وَأَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءٗ فَأَخۡرَجَ بِهِۦ مِنَ ٱلثَّمَرَٰتِ رِزۡقٗا لَّكُمۡۖ فَلَا تَجۡعَلُواْ لِلَّهِ أَندَادٗا وَأَنتُمۡ تَعۡلَمُونَ ٢٢ وَإِن كُنتُمۡ فِي رَيۡبٖ مِّمَّا نَزَّلۡنَا عَلَىٰ عَبۡدِنَا فَأۡتُواْ بِسُورَةٖ مِّن مِّثۡلِهِۦ وَٱدۡعُواْ شُهَدَآءَكُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ٢٣ فَإِن لَّمۡ تَفۡعَلُواْ وَلَن تَفۡعَلُواْ فَٱتَّقُواْ ٱلنَّارَ ٱلَّتِي وَقُودُهَا ٱلنَّاسُ وَٱلۡحِجَارَةُۖ أُعِدَّتۡ لِلۡكَٰفِرِينَ ٢٤ وَبَشِّرِ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ أَنَّ لَهُمۡ جَنَّٰتٖ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُۖ كُلَّمَا رُزِقُواْ مِنۡهَا مِن ثَمَرَةٖ رِّزۡقٗا قَالُواْ هَٰذَا ٱلَّذِي رُزِقۡنَا مِن قَبۡلُۖ وَأُتُواْ بِهِۦ مُتَشَٰبِهٗاۖ وَلَهُمۡ فِيهَآ أَزۡوَٰجٞ مُّطَهَّرَةٞۖ وَهُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ25﴾
Oho batho, khumamelang Mong`a lona ea le bopileng le ba bileng teng pele ho lona, hore le tle le be ba tšabang Molimo.
Ea entseng lefatše bethe bakeng sa lōna, le leholimo e le sekhurumetso, ʼme A romella ho tsoa leholimong pula, 'me ka eona hlahisa litholoana e le mokhoa oa phepo ho lona. Kahoo le se ke la fa Allah balekane empa le tseba [hore ha ho letho le tšoanang le Eena].
Haeba le na le pelaelo ka seo re se senoletseng mohlanka oa Rona, hlahisang khaolo e kang ena, le bitse lipaki tsa lona [batšehetsi] ntle le Allah. Haeba le bua nnete.
Empa haeba le sa etse joalo - 'me le ke ke la khona - kahoo tšabang mollo oo libeso tsa oona e leng batho le majoe, o lokiselitsoeng ba sa lumeleng.
ʼMe u fana ka litaba tse monate ho ba lumelang le ba etsang liketso tse lokileng hore ba tla ba le lirapa [Paradeiseng] tseo linōka li phallang ka tlas’a tsona. Nako le nako ha ba fuoa phepo ea litholoana ho tsoa ho eona, ba re: “Sena ke seo re neng re se fepuoa pele,” ’me ba tla fuoa se tšoanang le sona. ʼMe teng ba tla ba le basali ba hloekisitsoeng, ‘me ba tla hlola teng ka ho sa feleng. [Al Baqarah: 21-25]
Hobaneng barumouoa bane bale bangata?
Allah O rometse baromuoa ba Hae lichabeng tsohle. Ha ho sechaba seo Allah A sa kang A romela moromuoa ho sona, A ba bitsetsa ho khumamela Mong`a bona le ho fetisa litaelo le lithibelo tsa Hae. ʼMe Sepheo se seholo sa pitso ea bona e ne e le: ho khumamela Allah feela a le mong, Ea Matla ’Ohle. Neng le neng ha sechaba se ne se qala ho lahla kapa ho sotha seo moromuoa oa sona a se tlisitsoeng — taelo ea ho rapela Molimo a le mong — Allah O ne a romela moromuoa e mong ho tla lokisa tsela le ho tataisa batho hore ba khutlele tseleng e nepahetseng ea ho lumela hore Molimo o mong le ho mamela Molimo.
Ho fihlela Allah A koala boporofeta ka Muhammad, khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim’a hae, ea tlisitseng bolumeli bo felletseng le molao oa ka ho sa feleng, oa bokahohle bakeng sa batho bohle ho fihlela Letsatsing la Tsoho, bo phethetseng le ho hlakola melao e fetileng. Morena, Ea Matla ’Ohle, o ile a tiisa hore bolumeli bona bo tla lula bo le teng le ho mamella ho fihlela Letsatsing la Tsoho.
Motho eka se be molumeli ho fihlela a lumela ho barumouoa kaofela
Allah ke Eena ea rometseng baromuoa ’me a laela libopuoa tsohle tsa hae ho ba mamela. Mang kapa mang ea sa lumeleng molaetsa oa e mong oa bona, eo ha a lumele ho bohle. Ha ho sebe se seholo ho feta sa hore motho a hane tšenolo ea Molimo. Ka hona, ho kena Paradeiseng, motho o tlameha ho lumela ho baromuoa bohle.
Ke tokelo ho e mong le e mong nakong ena ho lumela ho Allah le ho baromuoa ba Allah, le ho lumela ho Letsatsi la ho Qetela. Sena se ka finyelloa feela ka ho lumela le ho latela oa ho qetela oa bona le tiiso ea bona, Muhammad, ea tšehelitsoeng ke mohlolo oa ka ho sa feleng, e leng Qur’an e Halalelang, eo Allah a tiisitseng ho e boloka ho fihlela A rua lefatše le tsohle tse ho lona.
Allah o boletse ka har’a Quran e Halalelang hore mang kapa mang ea hanang baromuoa leha e le ofe oa baromuoa ba Hae eo ke mohanyetsi ea sa lumeleng ho Allah le mohanyetsi oa tšenolo ea Hae. Allah Ea Matla ʼOhle O itse:
﴿إِنَّ ٱلَّذِينَ يَكۡفُرُونَ بِٱللَّهِ وَرُسُلِهِۦ وَيُرِيدُونَ أَن يُفَرِّقُواْ بَيۡنَ ٱللَّهِ وَرُسُلِهِۦ وَيَقُولُونَ نُؤۡمِنُ بِبَعۡضٖ وَنَكۡفُرُ بِبَعۡضٖ وَيُرِيدُونَ أَن يَتَّخِذُواْ بَيۡنَ ذَٰلِكَ سَبِيلًا ١٥٠ أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡكَٰفِرُونَ حَقّٗاۚ وَأَعۡتَدۡنَا لِلۡكَٰفِرِينَ عَذَابٗا مُّهِينٗا151﴾
Ruri,ba sa lumeleng ho Allah le ho Baromuoa ba hae, ‘me ba lakatsa ho khetholla lipakeng tsa Allah le Baromuoa ba Hae, ba re: “Re lumela ho ba bang, ʼme re hana ba bang,” ‘me ba lakatsa ho nka tsela lipakeng tsa bona.
Bao ke ba sa lumeleng e le ka ‘nete, ‘me re lokiselitse ba sa lumeleng kotlo e tlotlollang. [Al Nisaa: 150-151]
Ka hona, rona Mamosleme re lumela ho Allah le ho Letsatsi la ho Qetela joalo ka ha Allah a laetse, ‘me re lumela ho baromuoa bohle le mangolo ʼohle a fetileng. Allah ea Matla ’Ohle o itse:
﴿ءَامَنَ ٱلرَّسُولُ بِمَآ أُنزِلَ إِلَيۡهِ مِن رَّبِّهِۦ وَٱلۡمُؤۡمِنُونَۚ كُلٌّ ءَامَنَ بِٱللَّهِ وَمَلَٰٓئِكَتِهِۦ وَكُتُبِهِۦ وَرُسُلِهِۦ لَا نُفَرِّقُ بَيۡنَ أَحَدٖ مِّن رُّسُلِهِۦۚ وَقَالُواْ سَمِعۡنَا وَأَطَعۡنَاۖ غُفۡرَانَكَ رَبَّنَا وَإِلَيۡكَ ٱلۡمَصِيرُ285﴾
Moromuoa o lumetse ho seo a se senoletsoeng ho tsoa ho Morena oa hae, le balumeli le bona ba lumetse. Bohle ba lumetse ho Allah, le ho Mangeloi a Hae, ho Libuka tsa Hae, ho Baromuoa ba Hae. Ba re: “Ha re khetholle le ea mong pakeng tsa baromuoa ba Hae.” Ba boetse ba re: “Re utloile, re mametse. Re kopa tšoarelo ea Hao, Morena oa rona, ‘me ho Uena ke moo re tla khutlela teng.” [Al Baqarah: 285].
Qu'ran e Halalelang ke eng?
Quran e Halalelang ke lentsoe la Allah ea Matla 'Ohle le tšenolo ea Hae eo A e senoletseng Moromuoa oa hae oa ho qetela, Muhammad ﷺ. Ke mohlolo o moholo ka ho fetisisa o pakang bonnete ba boporofeta ba hae, ‘me Quran e Halalelang ke ‘nete likahlolong tsa eona le ‘nete litlalehong tsa eona.
Allah O nnile a phephetsa bahanyetsi hore ba hlahise le haele surah (khaolo) e le ’ngoe feela e tšoanang le eona (le Qur'an), empa ha ba kaa ba khona ho etsa joalo ka lebaka la boholo ba likahare tsa eona le bophara ba litaba tsa eona tse akaretsang tsohle tse amanang le motho bophelong ba lefatše lena le bo tlang ka morao ho lefu. E boetse e kenyelletsa linnete tsohle tsa tumelo tse tlamehang ho lumeloa.
E boetse akarelletsa litaelo le lithibelo tseo motho a tlamehang ho li latela kamanong ea hae le Mong`a hae, kapa ho eena ka boeena, kapa pakeng tsa hae le libopuoa tse ling kaofela, ʼme tsohle tsena li hlahisitsoe ka mokhoa o phahameng oa bokhabane ba puo le tlhaloso e hlakileng.
E boetse e akarelletsa bopaki bo bongata ba kelello le linnete tsa tsebo tse bontšang hore buka ena e ne e ke ke ea etsoa ke batho, empa ho e-na le hoo ke lentsoe la Morena oa moloko oa batho, Ea Matla ’Ohle.
Bolumeli ba Islam ke eng?
Islam ke boinehelo ho 'Allah ea Matla 'Ohle ho mo ʼngoefatsa khumamelong, ho mo mamela, ho latela molao oa Hae ka khotsofalo le kamohelo, le ho se lumele ho tsohle tse khumameloang kantle ho Allah.
Allah O rometse baromuoa ka molaetsa o le mong e leng: pitso khumamelong ea Allah a le mong, ntle le balekane, le ho lahla tsohle tse khumameloang kantle ho Allah.
Islam ke bolumeli ba Baporofeta bohle. Pitso ea bona e ʼngoe, empa melao ea bona ea fapana. Kajeno Mamosleme ke ’ona feela a khomarelang bolumeli ba ’nete bo tlisitsoeng ke Baporofeta bohle. ʼMe Molaetsa oa Islam nakong ena ke oa 'nete, ke molaetsa oa ho qetela o tsoang ho 'Mopi o eang ho batho.
Morena ke Eena ea rometseng Abrahama, Moshe — le Jesu, khotso e be le bona — ke Eena Morena ea rometseng Moporofeta oa ho qetela oa Baprofeta, Muhammad ﷺ, ’me molao oa Islam o tlile ho hlakola melao e tlileng pele ho eona.
Ruri Malumeli ʼohle ao batho ba rapelang ka oona kajeno —kathoko ho bolumeli ba Islam — ke malumeli a iketselitsoeng ke batho; kapa malumeli ao e neng e le a bomolimo empa hamorao a silafatsoa ka matsoho a batho kahoo a fetoha motsoako oa litšōmo, lipale tsa bohata tse fetisoang melokong le litlhaloso le boiteko ba boiqapelo ba batho.
Haele Bolumeli ba Mamosleme ke tumelo e le ’ngoe e hlakileng le e sa fetoheng, joalokaha liketso tsa bona tsa borapeli ho Molimo li tšoana. Kaofela ba etsa lithapelo tse hlano tsa letsatsi le letsatsi, ba fana ka Zakat (monehelo o tlamang) ho tsoa maruong a bona, 'me ba itima nakong ea Ramadan (Khoeli ea borobong ea likhoeli tsa Islam). Nahana ka molao-theo oa bona, Quran e Halalelang, e leng buka e le ’ngoe linaheng tsohle. Allah ea Matla ’Ohle o re:
﴿...ٱلۡيَوۡمَ أَكۡمَلۡتُ لَكُمۡ دِينَكُمۡ وَأَتۡمَمۡتُ عَلَيۡكُمۡ نِعۡمَتِي وَرَضِيتُ لَكُمُ ٱلۡإِسۡلَٰمَ دِينٗاۚ فَمَنِ ٱضۡطُرَّ فِي مَخۡمَصَةٍ غَيۡرَ مُتَجَانِفٖ لِّإِثۡمٖ فَإِنَّ ٱللَّهَ غَفُورٞ رَّحِيمٞ﴾
Kajeno ke le phethetse Bolumeli ba lona sebakeng sa lona, ʼme ke le phethile mohau oa Ka holim'a lona, 'me ke le khethetse Islam hore e be bolumeli ba lona. Empa mang kapa mang ea qobelloang ke tlala e matla ntle le ho ikemisetsa ho etsa sebe, ruri, Allah Ke Ea tšoarelang, Ea mohau. [Al Maidah: 3]
Allah O boetse O itse ka har’a Qur’an:
﴿قُلۡ ءَامَنَّا بِٱللَّهِ وَمَآ أُنزِلَ عَلَيۡنَا وَمَآ أُنزِلَ عَلَىٰٓ إِبۡرَٰهِيمَ وَإِسۡمَٰعِيلَ وَإِسۡحَٰقَ وَيَعۡقُوبَ وَٱلۡأَسۡبَاطِ وَمَآ أُوتِيَ مُوسَىٰ وَعِيسَىٰ وَٱلنَّبِيُّونَ مِن رَّبِّهِمۡ لَا نُفَرِّقُ بَيۡنَ أَحَدٖ مِّنۡهُمۡ وَنَحۡنُ لَهُۥ مُسۡلِمُونَ ٨٤ وَمَن يَبۡتَغِ غَيۡرَ ٱلۡإِسۡلَٰمِ دِينٗا فَلَن يُقۡبَلَ مِنۡهُ وَهُوَ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ مِنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ85﴾
E-re: “Re lumetse ho Allah le ho seo re se senoletsoeng le se senoletsoeng Abrahama, Ishmaele, Isaaka, Jakobo, le al-Asbāṭ (bara ba Jakobo ba leshome le metso e mmeli), le ho tse ileng tsa fuoa Moshe, Jesu, le baporofeta ba tsoang ho Mong`a bona. Ha re khetholle le ea mong pakeng tsa bona ʼme re Mamosleme (ba inehetseng) ho Eena.
ʼMe mang kapa mang ea labalabelang bolumeli bosele ntle le Islam, bo ke ke ba amoheleha ho eena, ʼme ka letsatsi la kahlolo o tla ba hara ba lahlehetsoeng. [Al Imraan: 84-85]
Joale Bolumeli ba Islam ke mokhoa o akaretsang oa bophelo, e lumellana le tlhaho ea motho le monahano, ʼme e amoheloa ke meea e phetseng hantle. Molao oa eona o entsoe ke ʼMopi e Moholo bakeng sa popo ea Hae. Ke bolumeli ba botle le thabo bakeng sa batho bohle lefatšeng lena le ka morao ho lefu. Ha e khetholle leloko le leng ho le leng, leha e le ʼmala o mong ho o mong. Batho baa lekana ho eona. Ha ho motho ea khetholloang ka har’a Islam ho e mong haese ka tekanyo ea liketso tsa hae tse ntle.
Allah Ea Matla Ohle O re:
﴿مَنۡ عَمِلَ صَٰلِحٗا مِّن ذَكَرٍ أَوۡ أُنثَىٰ وَهُوَ مُؤۡمِنٞ فَلَنُحۡيِيَنَّهُۥ حَيَوٰةٗ طَيِّبَةٗۖ وَلَنَجۡزِيَنَّهُمۡ أَجۡرَهُم بِأَحۡسَنِ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ97﴾
Mang kapa mang ea etsang tse lokileng, ekaba e motona kapa e motšehali, ʼme e le molumeli, Ruri Re tla mo phelisa bophelo bo botle le bo monate; ’me Ruri Re tla ba putsa moputso oa bona (bophelong ba ka mor'a lefu) ho latela tse molemo ka ho fetisisa tseo ba neng ba li etsa. [an-Nahl: 97].
Islam ke tsela ea tharollo le khotso
Islam ke bolumeli ba Baporofeta bohle, 'me ke bolumeli ba Allah bakeng sa batho bohle, ha se bolumeli bo khethehileng ho Maarabia.
Islam ke tsela e isang thabong ea 'nete lefatšeng lena le thabong ea lefatšeng le tlang (ka mor'a lefu).
Islam ke eona feela bolumeli bo khotsofatsang litlhoko tsa moea le 'mele, le ho rarolla mathata ʼohle a batho. Allah ea Matla ’Ohle o itse:
﴿قَالَ ٱهۡبِطَا مِنۡهَا جَمِيعَۢاۖ بَعۡضُكُمۡ لِبَعۡضٍ عَدُوّٞۖ فَإِمَّا يَأۡتِيَنَّكُم مِّنِّي هُدٗى فَمَنِ ٱتَّبَعَ هُدَايَ فَلَا يَضِلُّ وَلَا يَشۡقَىٰ 123 وَمَنۡ أَعۡرَضَ عَن ذِكۡرِي فَإِنَّ لَهُۥ مَعِيشَةٗ ضَنكٗا وَنَحۡشُرُهُۥ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ أَعۡمَىٰ124﴾
(O itse: “Theohang ho eona [e leng Paradeise] kaofela ba bang e tla ba lira ho ba bang. Joale haeba ho ka fihla tataiso ho lona e tsoang ho ‘na, mang kapa mang ea latelang tataiso ea Ka a ke ke a kheloha ebile a ke ke a ba mahlomoleng).
ʼMe mang kapa mang ea furallang sehopotso sa Ka, ruri,o tla phela bophelo bo boima, ʼme Re tla mo tsosa ka letsatsi la tsoho a foufetse. [Taha: 123-124]
Lemosleme le fumanang eng e molemo lefatšeng moo le bophelong bo tlang?
Islam enale le melemo e mengata haholo emeng ea eona ke:
Tlholo le tlhompho lefatšeng lena ke hore motho e be mohlanka oa Molimo, ho seng joalo e tla ba mohlanka oa litakatso, oa Satane le litabatabelo.
Tlholo Letsatsing la Bofelo ho bolela hore Molimo o tla mo tšoarela, A mo fe thabo ea hae, A mo kenye Paradeiseng, ‘me o mo fe thabo le khotsofalo e sa feleng, le hore a pholosoe khahlanong le mollo oa lihele.
Molumeli Letsatsing la Tsoho o tla ba le baporofeta, ba ‘nete, le bashoela-tumelo, le ba lokileng, ‘me e tla ba sehlopha se monate hakakang! Haele ea sa lumeleng, o tla ba le tawaghit (melimo eohle ea bohata), le ba babe, le litlokotsebe, le ba khopo.
Batho bao Allab A tla ba kenya Paradeiseng ba tla phela thabong e sa feleng ho se na lefu, bokulo, bohloko, botsofali kapa masoabi, ’me O tla phethahatsa litakatso tsa bona nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang. Empa ba tla kena liheleng bona ba tla ba tlas'a kotlo e sa feleng.
Paradeiseng ho na le menyaka eo leihlo le so kang le e bona, tsebe e so kang e utloa, kapa kelello e so kang e nahana. Bopaki ba sena bo fumanoa mantsoeng a Molimo ea Matla ’Ohle moo areng:
﴿مَنۡ عَمِلَ صَٰلِحٗا مِّن ذَكَرٍ أَوۡ أُنثَىٰ وَهُوَ مُؤۡمِنٞ فَلَنُحۡيِيَنَّهُۥ حَيَوٰةٗ طَيِّبَةٗۖ وَلَنَجۡزِيَنَّهُمۡ أَجۡرَهُم بِأَحۡسَنِ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ97﴾
Ea etsang liketso tse lokileng, ebang e le e motona kapa e motšehali, ʼme e le molumeli, ruri Re tla mo phelisa bophelo bo botle, 'me ruri Re tla ba nea moputso oa bona [Bophelong bo Tlang] ho ea ka botle ba tseo ba neng ba li etsa. [Al nahl :97]
Ea Matla Ohle O itse:
﴿فَلَا تَعۡلَمُ نَفۡسٞ مَّآ أُخۡفِيَ لَهُم مِّن قُرَّةِ أَعۡيُنٖ جَزَآءَۢ بِمَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ17﴾
Ha ho moea o tsebang se patiloeng ho bona e le matšeliso a mahlo e le moputso oa seo ba neng ba se etsa. [Al Sajda:17]
Motho eo e seng lemosleme o lahleheloa ke eng?
Motho eo o tla lahleheloa ke tsebo le bohlale bo boholo ka ho fetisisa, e leng tsebo le bohlale ka Molimo, ’me o tla lahleheloa ke tumelo ho Molimo, e leng se fanang ka tšireletso le khotso ea kelello lefatšeng lena le thabo e sa feleng bophelong ba ka morao ho lefu.
Motho o tla lahleheloa ke tumelo le ho khomarela buka e kholo ka ho fetisisa eo Molimo a e senoletseng moloko oa batho.
O tla lahleheloa ke tumelo ho baporofeta ba baholo, hammoho le setsoalle sa bona Paradeiseng ka Letsatsi la Tsoho, ’me o tla ba har’a bademona, litloli tsa molao, le melimo eohle ea bohata mollong oa Lihele, ’me ke sebaka se sebe hakaakang sa bolulo le boahisani.
Allah Ea Matla Ohle O re:
﴿قُلۡ إِنَّ ٱلۡخَٰسِرِينَ ٱلَّذِينَ خَسِرُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ وَأَهۡلِيهِمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۗ أَلَا ذَٰلِكَ هُوَ ٱلۡخُسۡرَانُ ٱلۡمُبِينُ 15 لَهُم مِّن فَوۡقِهِمۡ ظُلَلٞ مِّنَ ٱلنَّارِ وَمِن تَحۡتِهِمۡ ظُلَلٞۚ ذَٰلِكَ يُخَوِّفُ ٱللَّهُ بِهِۦ عِبَادَهُۥۚ يَٰعِبَادِ فَٱتَّقُونِ16﴾
E re: "Ka 'nete, ba lahlehetsoeng ke ba tla lahleheloa ke bona le malapa a bona ka Letsatsi la tsoho. Ha ho pelaelo hore hoo ke tahlehelo e totobetseng." (15)
Ba tla ba le marulelo a mollo ka holim'a bona le ka tlas'a bona. Ena ke tsela eo, Allah A kenyang tšabo ho bahlanka ba Hae: Oho lona bahlanka ba ka, joale le Ntšabe. (16) [Al Zumar:15-16]
Mang kapa mang ea labalabelang ho bolokeha ka Letsatsing la Tsoho o tlameha ho ba lemosleme, e leng ea mamelang Allah le ho latela Moromuoa oa Hae, khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho eena.
Ho tse ling tsa linnete tseo ho lumellanoeng ka tsona ke Baporofeta le baromuoa, khotso e be holim’a bona, ke hore ha ho ea tlang ho pholoha letsatsing la ho Qetela kantle ho Mamosleme feela a neng a lumela ho Molimo ea Matla ’Ohle ’me a sa mo kopanye le mang kapa mang le borapeling, ’me a lumela ho Baprofeta le baromuoa bohle, ba tla bolokeha ka ho sa Feleng. Balateli bohle ba baromuoa ba ileng ba lumela ho bona le ho tiisa bonnete ba bona ba tla kena Paradeiseng ba pholosoe liheleng.
Ba phetseng mehleng ea Moporofeta Moshe le ho lumela ho eena le ho latela lithuto tsa hae ke Mamosleme le balumeli ba lokileng. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Molimo a romele Jesu,e ile ea e-ba setlamo hore balateli ba Moshe ba lumele ho Jesu le ho mo latela.
Ba ileng ba lumela ho Jesu ke Mamosleme a lokileng, ’me ba hanang ho lumela ho Jesu ’me ba re, “Re tla lula re le bolumeling ba Moshe,” hase balumeli hobane ba hanne ho lumela ho moporofeta ea rometsoeng ke Molimo.
Joale, ka mor’a hore Molimo a romele Moromuoa oa ho qetela oa baromuoa ,Muhammad (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be le eena), e ile ea e-ba setlamo hore bohle ba lumele ho eena. Hoba Morena ke ea romileng Moshe le Jesu, mme ke Eena ea Moromuoa oa ho qetela oa baromuoa, Muhammad (khotso e be le eena). Kahoo mang kapa mang ea hanang molaetsa oa Muhammad mme o re ke tla lula ke le molateli oa Moshe kapa oa Jesu ea joalo ha se molumeli.
Ha hoa lekana hore motho a re o hlompha Mamosleme, seo ha sea lekana hore a pholohe Letsatsing la Tsoho ho fana ka lithuso le ho thusa mafutsana. Ho e-na le hoo, e tlameha e be molumeli ho Allah, le ho libuka tsa hae, le ho baromuoa ba hae, le ho Letsatsi la ho Qetela, e le hore Allah a ka amohela seo ho eena. Hobane ha ho sebe se fetang ho kopanya Allah le balekane khumamelong, ho se lumele ho Allah, ho hana tšenolo eo Allah a e rometseng, kapa ho lahla boporofeta ba Moprofeta oa ho qetela, Muhammad.
Bajuda, Bakreste, le ba bang ba utloileng ka thomo ea Muhammad, Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae), ‘me ba hana ho lumela ho eena, ba hana ho kena tumelong ea Islam, ba tla kena mollong oa lihele, ba lule ho oona ka ho sa feleng. Ena ke kahlolo ea Molimo, eseng kahlolo ea motho ofe kapa ofe. Allah ea Matla Ohle o itse:
﴿إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ مِنۡ أَهۡلِ ٱلۡكِتَٰبِ وَٱلۡمُشۡرِكِينَ فِي نَارِ جَهَنَّمَ خَٰلِدِينَ فِيهَآۚ أُوْلَٰٓئِكَ هُمۡ شَرُّ ٱلۡبَرِيَّةِ6﴾
Ruri ba sa lumeleng har’a batho ba Lengolo le barapeli ba litšoantšo ba tla kena mollong oa lihele, ba hlole ho oona ka ho sa feleng. (6) [Al Bayyinah: 6]
Kaha molaetsa oa ho qetela o tsoang ho Molimo o senotsoe ho batho, motho e mong le e mong ea utloang ka Islam ’me a utloa ka molaetsa oa Moprofeta oa ho qetela Muhammad (khotso e be holim’a hae) o tlameha ho lumela ho oona, a latele molao oa oona, ’me a o boloke ho seo e se laelang le ho se hanela. Ka hona, mang kapa mang ea utloang molaetsa ona oa ho qetela ’me a o hana, Allah a ke ke a amohela letho ho tsoa ho eena, ’me o tla mo fa kotlo ka Letsatsi la Kahlolo.
Bopaki bo bong ke moo a reng:
﴿وَمَن يَبۡتَغِ غَيۡرَ ٱلۡإِسۡلَٰمِ دِينٗا فَلَن يُقۡبَلَ مِنۡهُ وَهُوَ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ مِنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ85﴾
Mang kapa mang ea labalabelang bolumeli bosele ntle le Islam, bo ke ke ba amoheloa ho eena, mme ka letsatsi la kahlolo o tla ba hara ba senyehetsoeng. [Al Imraan: 85]
Eaba Allah Ea Matla Ohle O re:
﴿قُلۡ يَٰٓأَهۡلَ ٱلۡكِتَٰبِ تَعَالَوۡاْ إِلَىٰ كَلِمَةٖ سَوَآءِۭ بَيۡنَنَا وَبَيۡنَكُمۡ أَلَّا نَعۡبُدَ إِلَّا ٱللَّهَ وَلَا نُشۡرِكَ بِهِۦ شَيۡـٔٗا وَلَا يَتَّخِذَ بَعۡضُنَا بَعۡضًا أَرۡبَابٗا مِّن دُونِ ٱللَّهِۚ فَإِن تَوَلَّوۡاْ فَقُولُواْ ٱشۡهَدُواْ بِأَنَّا مُسۡلِمُونَ64﴾
E re: “Lōna batho ba Lengolo, tlohong lentsoeng le lokileng pakeng tsa rona le lona, le reng re ke ke ra khumamela mang kapa mang haese Allah feela, ʼme re ke ke ra mo kopanya le letho, ʼme ho se be le ea nkang ba bang e le melimo kathoko ho Allah. Empa haeba ba ka furalla, joale le-re: “Pakelang hore ruri re Mamosleme [re inehetse ho Eena]. (64) [Al Imraan: 64]
Ke eng se tlammeng lemosleme?
Lemosleme le tlameha ho lumela ho litšiea tsena tse tšeletseng:
Ho lumela ho Molimo ea Matla ’Ohle, hore ke ’Mopi, Mohlokomeli, Mookameli, Monghali, hore ha ho letho le tšoanang le Eena, le hore ha a na mosali kapa ngoana, le hore ke Eena feela ea tšoaneloang ke khumamelo, le hore ha ho letho mang kapa mang ea lokelang ho rapeloa hammoho le Eena, le hore borapeli ba ntho leha e le efe e khumameloang ka ntle ho Eena ke borapeli bo fosahetseng.
Tumelo ho mangeloi ke hore ke bahlanka ba Molimo ea Matla ’Ohle, ba bopiloeng ka leseli, le hore o mong oa mesebetsi ea bona ke ho theola tšenolo ho baporofeta ba Hae.
Tumelo libukeng tsohle tseo Molimo a li senoletseng baporofeta ba hae, joalo ka Torah le Kosepele pele li sothoa, le buka ea ho qetela, Quran e Halalelang.
Tumelo ho baromuoa bohle be kang Noe, Abrahama, Moshe, Jesu, le oa ho qetela oa bona, Muhammad, bao e leng batho, bao Molimo a ileng a ba tšehetsa ka tšenolo le ho fana ka lipontšo le mehlolo e bontšang bonnete ba bona.
Tumelo ho Letsatsi la Kahlolo moo Allah A tla tsosa ba pele le ba morao, ‘me Allah O tla ahlola lipakeng tsa libopuoa tsa Hae, ‘me A kenye balumeli Paradeiseng le ba sa lumeleng Liheleng.
Tumelo ea ho rereloa qetello esale pele le hore Molimo o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe, se neng se le teng nakong e fetileng le se tla etsahala nakong e tlang, le hore ʼMopi O ne a se tseba, O se ngotse, O ratile hore se etsahale, ’me a bōpa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
Le ho khumamela Allah ka seo a se laetseng, e leng thapelo, ho fana, ho itima, le ho nka Leeto la Selumeli ha bokhoni bo joalo bo le teng. Joale o tlameha ho ithuta bolumeli ba hae, boo e tla ba mohloli oa thabo ea hae lefatšeng lena le poloko ea hae ka ka morao ho lefu.
***
الفهرس
Morena, Mmopi e moholo 4
Enoa ke Morena, 'Mopi le Mofani, ke Molimo ea Matla 'Ohle. 5
Litšobotsi tsa Morena 'Mōpi 6
Morena ea rapeloang o khetholloa ka litšobotsi tsa phetheho. 7
Ke hobane’ng ha ’Mōpi enoa e Moholo a re bōpile? ʼMe O batla eng ho rona? 10
Hobaneng barumouoa bane bale bangata? 14
Motho eka se be molumeli ho fihlela a lumela ho barumouoa kaofela 15
Qu'ran e Halalelang ke eng? 17
Bolumeli ba Islam ke eng? 18
Islam ke tsela ea tharollo le khotso 21
Lemosleme le fumanang eng e molemo lefatšeng moo le bophelong bo tlang? 22
Motho eo e seng lemosleme o lahleheloa ke eng? 23
Mang kapa mang ea labalabelang ho bolokeha ka Letsatsing la Tsoho o tlameha ho ba lemosleme, e leng ea mamelang Allah le ho latela Moromuoa oa Hae, khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho eena. 24
Ke eng se tlammeng lemosleme? 27
***