فضائل وآداب المسجد النبوي وأحكام زيارة قبر النبي ﷺ وقبري صاحبيه (سوتي)

  • earth Language
    (سوتي)
  • earth Author:
PHPWord

 

فَضَائِلُ وَآدَابُ المَسْجِدِ النَّبَوِيِّ

وَأَحْكَامُ زِيَارَةِ قَبْرِ النَّبِيِّ ﷺ

وَقَبْرَي صَاحِبَيْهِ رَضِيَ اللَّهُ عَنْهُمَا

 

Melemo le mekhoa e metle ea Al-Masjid an-Nabawi le melao ea ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ le mabitla a barutuoa ba hae ba babeli (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona)

 

اللَّجْنَةُ العِلْمِيَّةُ

بِرِئَاسَةِ الشُّؤُونِ الدِّينِيَّةِ بِالمَسْجِدِ الحَرَامِ وَالمَسْجِدِ النَّبَوِيِّ

 

Komiti ea tsebo tlas'a ofisi ea Botsamaisi ba Litaba tsa Bolumeli, Masjid al-Haram (Makkah) le Masjid an-Nabawi (Masjid oa Moporofeta Madinah)

 

 


بِسْمِ اللهِ الرَّحمَنِ الرَّحِيمِ

Melemo le mekhoa e metle ea Al-Masjid an-Nabawi le melao ea ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ le mabitla a barutuoa ba hae ba babeli (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona)

Buka ena e hlalosa melemo ea Al-Masjid an-Nabawi le mekhoa e metle ea ho e etela. E boetse e bonts'a mekhoa ea ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ le mabitla a barutuoa ba hae ba babeli (Eka Allah a ka khahlisoa ke bona), e hlakisa bohlokoa, seriti, bohloeki le ho qoba liketso tse ncha tsa boiqapelo (tse sa lumelloang) nakong ea ketelo.

Melemo le mekhoa e metle ea Al-Masjid an-Nabawi le melao ea ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ le mabitla a barutuoa ba hae ba babeli (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona).

Tlhophiso

Komiti ea Tsebo tlas'a ofisi ea Botsamaisi ba Litaba tsa Bolumeli, Masjid al-Haram (Makkah) le Masjid an-Nabawi (Masjid oa Moporofeta Madinah)

1447 Kamor'a hijrah

Selelekela

Lithoriso tsohle ke tsa Allah, Morena Oa Mafats'e ʼohle, khotso le litlhohonolofatso li be holim’a ea rometsoeng e le mohau ho mafats'e ʼohle, hammoho le lelapa la hae le barutoana ba hae le bohle ba latelang Sunnah ea hae le ho tataisoa ke eona ho fihlela Letsatsi la Kahlolo, ho tsoelapele:

Ona ke molaetsa o mokhuts'oane o kenyeletsang melemo ea bohlokoa ba Al-Masjid an-Nabawi, mekhoa e metle ea baeti, hammoho le mekhoa ea ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ le mabitla a barutuoa ba hae ba babeli. Re o bokelletse bakeng sa ba etelang masjid oa Moporofeta e le hore ba be le tsebo le kutloisiso e hlakileng ka botle ba Masjid oa Moporofeta ﷺ le mekhoa ea ho o etela le ho rapela ho ona. Re kopa ho Allah Ea Mosa Ea fanang ka seatla se bulehileng hore A etse hore molaetsa ona o be molemo, A o etse o lokileng le hore o etsetsoe sefahleho sa Hae feela (o etsoe molemong oa ho Mo khahlisa Eena Feela). Ruri ke Ea Molemo ka ho fetisisa Eo re ka Mo kopang, Ea fanang ka ho fetisisa Eo re ka behang ts'epo ho Eena.

(Masjid ke sebaka sa thapelo).

Komiti ea tsebo

Ea Pele: Melemo ea Al-Masjid an-Nabawi

Allah Ea Matla ʼOhle O re:

﴿وَرَبُّكَ يَخۡلُقُ مَا يَشَآءُ وَيَخۡتَارُۗ مَا كَانَ لَهُمُ ٱلۡخِيَرَةُۚ سُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ68﴾

“Mme Mong`a lona O bopa seo A se ratang, hape Oa ikhethela; khetho hase ea bona. Tlotla e be ho Allah, mme O phahame haholo kaholimo ho tseo ba mo kopanyang le tsona (melimo ya bohata) 68” (Al-Qasas: 68) ’Me Allah O khethile sebaka sena hore e be masjid (ntlo ea thapelo) oa Moprofeta oa Hae ﷺ, ’me A se khethela melemo e mengata e kang:

Ke e 'ngoe ea limasjid tse tharo tseo batho ba etela ho tsona:

Ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena): Moporofeta ﷺ o itse:

«لَا تُشَدُّ الرِّحَالُ إِلَّا إِلَى ثَلَاثَةِ مَسَاجِدَ: مَسْجِدِي هَذَا، وَمَسْجِدِ الحَرَامِ، وَمَسْجِدِ الأَقْصَى».

“Maeto a khethehileng (a reretsoeng borapeli) ha a etsoe ntle le ho ea ho li-masjid tse tharo: masjid ona oa ka, Al-Masjid an-Nabawi, Al-Masjid al-Haram, le Al-Masjid Al-Aqsa”1.

Thapelo ho tsona e molemo ho feta lithapelo tse sekete ha li bapisoa le tsa Masjid tse ling ntle le Al-Masjid al-Haram:

Ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena): Moporofeta ﷺ o itse:

«صَلَاةٌ فِي مَسْجِدِي هَذَا خَيْرٌ مِنْ أَلْفِ صَلَاةٍ فِيمَا سِوَاهُ، إِلَّا المَسْجِدَ الحَرَامَ».

“Thapelo e le ’ngoe ka masjid ona oa ka e molemo ho feta lithapelo tse sekete libakeng tse ling, ntle le Al-Masjid al-Haram”2.

Ke Masjid (Ntlo ea thapelo) o ahiloeng holim’a bots’epehi le ts'abo ho tloha ka letsatsi la pele.

Ka tlaleho ea Abu Saeed al-Khudri, (Eka Molimo A ka khahlisoa ke eena), ea itseng: Ke ile ka kopana le Moromuoa oa Molimo ﷺ ka tlung ea emong oa basali ba hae. Kahoo ka re: Oho Moromuoa oa Molimo! Ke efe ho Limasjid tse peli e thehiloeng holim'a ho ts'aba Allah? A re: Eaba o nka majoana a mangata, a a lahlela fats'e, 'me a re:

«هُوَ مَسْجِدُكُمْ هَذَا» لِمَسْجِدِ المَدِينَةِ.

“Ke mosjid ona oa lona,” ho boleloa ka Al-Masjid an-Nabawi3.

Moputso oa ho batla tsebo tabeng ena o ts'oana le moputso oa motho ea loanelang tsela ea Molimo:

Ka tlaleho ea Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena): A re: Ke utloile Moromuoa oa Molimo ﷺ a re:

«مَنْ جَاءَ مَسْجِدِي هَذَا، لَمْ يَأْتِهِ إِلَّا لِخَيْرٍ يَتَعَلَّمُهُ أَوْ يُعَلِّمُهُ، فَهُوَ بِمَنْزِلَةِ المُجَاهِدِ فِي سَبِيلِ اللهِ، وَمَنْ جَاءَ لِغَيْرِ ذَلِكَ، فَهُوَ بِمَنْزِلَةِ الرَّجُلِ يَنْظُرُ إِلَى مَتَاعِ غَيْرِهِ».

“Mang kapa mang ea tlang Masjiding ona oa ka, 'me a tla ka sepheo se setle feela, joalo ka ho ithuta kapa ho ruta, boemo ba hae bo tšoana le ba motho ea loanang Jihad tseleng ea Allah. Mang kapa mang ea tlang ka sepheo se seng, boemo ba hae ke ba motho ea shebileng thepa ea batho ba bang”4.

Kahare ho ona (Masjid) ho na le Serapa se Halalelang (Ar-Rawdhah Ash-Shareefa):

Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) o tlalehile hore Moporofeta ﷺ, o itse:

«مَا بَيْنَ بَيْتِي وَمِنْبَرِي رَوْضَةٌ مِنْ رِيَاضِ الجَنَّةِ، وَمِنْبَرِي عَلَى حَوْضِي».

“Sebaka se pakeng tsa ntlo ea ka le minbar (sethala sa thuto) ea ka ke serapa se seng sa lirapa tsa Jannah (Paradeise), ’me minbar ea ka e tla ba holim’a letša la ka (Hawdh) ka Letsatsi la Kahlolo”5.

Ea bobeli: Ho khothaletsoa ho etela Masjid oa Moporofeta o Khabane

Ka lebaka la makhabane ana le a mang, ho khothaletsoa ho etela Masjid oa Moporofeta ho ea rapela teng.

- Ho khothaletsoa hore baeti ba leetong la bolumeli (hujjaj) le ba bang ba etele Masjid oa Moporofeta pele kapa kamor'a Hajj. Ketelo ena ha se e 'ngoe ea maemo, lits'iea kapa litlamo tsa Hajj, 'me ha e amane le eona.

- Hape ha ho hlokahale palo e khethehileng ea lithapelo bakeng sa ho etela Masjid oa Moprofeta ﷺ, kapa ho lula nako e itseng e behiloeng toropong ea Madinah. Ketelo e nka hore e phethehile ka thapelo e le 'ngoe feela, e ka ba thapelo e tlamang (Faradh) kapa ea boithatelo (Nafl). Leha ho le joalo, nako le nako ha palo ea lithapelo tseo u li etsang moo e eketseha, le moputso oa eketseha.

- Ke ntho e khothalletsoang ho moeti oa Masjid oa Moporofeta o tla etella pele lithapelo tsa boithaopo; hobane ho boletsoe pejana hore thapelo ho ona (Masjid) e molemo ho feta lithapelo tse sekete sebakeng sefe kapa sefe ntle le Masjid al-Haram.

Ea boraro: Mekhoa e metle ea ho etela Al-Masjid an-Nabawi

Haeba lemoseleme le tla Masjid oa Moporofeta ho khothaletsoa hore a ipapise le mekhoa e metle ea molao e amanang le li-masjid ka kakaretso le Masjid oa Moporofeta ka ho khetholoha, eleng:

Ho tla masjid ka khutso, seriti, bohloeki, ponahalo e ntle le monko o monate. Ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), Moporofeta ﷺ o itse:

«إِذَا ثُوِّبَ لِلصَّلَاةِ فَلَا تَأْتُوهَا وَأَنْتُمْ تَسْعَوْنَ، وَأْتُوهَا وَعَلَيْكُمُ السَّكِينَةُ، فَمَا أَدْرَكْتُمْ فَصَلُّوا، وَمَا فَاتَكُمْ فَأَتِمُّوا، فَإِنَّ أَحَدَكُمْ إِذَا كَانَ يَعْمِدُ إِلَى الصَّلَاةِ فَهُوَ فِي صَلَاةٍ».

“Ha pitso ea thapelo (Iqamah) e se e entsoe, le se ke la tla le matha. Le tle thapelong le khobile matšoafo ka boiketlo le khutso. Se le se fumanang, se rapeleng, mme se le fetileng, se phethe. Hobane ruri e mong le e mong oa lona, ha a na le sepheo sa ho ea thapelong, o se a ntse a nkuoa a le thapelong”6. Abu Saeed Al-Khudri (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) o tlalehile hore Moporofeta

ﷺ, o itse:

«الغُسْلُ يَوْمَ الجُمُعَةِ وَاجِبٌ عَلَى كُلِّ مُحْتَلِمٍ، وَأَنْ يَسْتَنَّ، وَأَنْ يَمَسَّ طِيبًا إِنْ وَجَدَ».

“Ho etsa ghusl ka Jumu‘ah ho tlama monna e mong le e mong e moholo 'me o lokela ho hloekisa meno a hae le ho inyanyatsa ka senkhisa hamonate haeba a se fumana”7, Ha e le mosali, ha a tla masjid, o tsʼoanetse ho ikoahela hantle ka hijab ea hae, ’me ha lumelloe ho inyanyatsa ka senkhisa hamonate, hobane Moprofeta ﷺ o itse:

«إِذَا شَهِدَتْ إِحْدَاكُنَّ المَسْجِدَ فَلَا تَمَسَّ طِيبًا».

“Ha e mong oa lona (basali) a ea masjid, a se ke a inyanyatsa ka senkhisa hamonate”8

Ho kena ka leoto le letona ka Masjid an-Nabawi le ho etsa du‘a ea ho kena Masjid. Ho khothaletsoa hore motho ea etelang a kene ka leoto la hae le letona ka Masjid oa Moporofeta joalokaha ho tloaelehile li Masjiding tse ling ’me a etse du‘a ena:

«بِسْمِ اللَّهِ، وَالسَّلَامُ عَلَى رَسُولِ اللَّهِ، اللَّهُمَّ اغْفِرْ لِي ذُنُوبِي وَافْتَحْ لِي أَبْوَابَ رَحْمَتِكَ».

“Bismillāh, was-salāmu ‘alā Rasūlillāh. Allāhumma-ghfir lī dhunūbī, waftah lī abwāba raḥmatik.” (Ka lebitso la Allah, le khotso le litlhohonolofatso li be holim’a Moromuoa oa Allah. Oho Allah, ntšoarele libe tsa ka, ’me u mpulele menyako ea mohau oa Hao)9, 'Me o boetse o itse:

«أَعُوذُ بِاللَّهِ العَظِيمِ، وَبِوَجْهِهِ الكَرِيمِ، وَسُلْطَانِهِ القَدِيمِ، مِنَ الشَّيْطَانِ الرَّجِيمِ».

“A‘ūdhu billāhil-‘aẓīm, wa bi-wajhihil-karīm, wa sulṭānihil-qadīm, mina sh-shayṭānir-rajīm.” (Ke kopa tšireletso ho Allah ea Moholo-holo, le ka sefahleho sa Hae se hlomphehang, le ka matla a Hae a sa feleng, khahlanong le Satane ea rohakiloeng”10.

Ho etsa tumeliso ea Masjid: Ke Sunnah ho ea kenang masjid oa Moporofeta ho rapela ho ona, ho etsa

Rak’ah tse peli tsa thapelo ea tumeliso ea Masjid pele a lula fats'e. Abu Qatada al-Harith ibn Rib'i al-Ansari (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) o itse, Moporofeta ﷺ, o itse:

«إِذَا دَخَلَ أَحَدُكُمُ المَسْجِدَ، فَلَا يَجْلِسْ حَتَّى يُصَلِّيَ رَكْعَتَيْنِ».

“Ha emong oa lona a kena Masjid, a se ke a lula fats'e ho fihlela a rapetse li-Rak’ah tse peli”11.

Ho chesehela ho rapella meleng e ka pele, ka lebaka la bokhabane bo boholo bo ho eona, 'me sena se ka finyelloa feela ka ho fihla pele ho nako, ho ea ka hadith ea Abu Hurairah, Allah A khahlisoe ke eena, hore Moromuoa oa Allah, ﷺ, o itse:

«لَوْ يَعْلَمُ النَّاسُ مَا فِي النِّدَاءِ وَالصَّفِّ الأَوَّلِ، ثُمَّ لَمْ يَجِدُوا إِلَّا أَنْ يَسْتَهِمُوا عَلَيْهِ لَاسْتَهَمُوا».

"Haeba batho ba ne ba tseba se pitsong ea thapelo le moleng o ka pele joale ba ne ba ke ke ba fumana letho haese ho loanela sebaka seo ka ho etsa lotho”12, Le polelo ea hae ﷺ ho barutuoa ba hae (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona):

«تَقَدَّمُوا فَأْتَمُّوا بِي، وَلْيَأْتَمَّ بِكُمْ مَنْ بَعْدَكُمْ، لَا يَزَالُ قَوْمٌ يَتَأَخَّرُونَ حَتَّى يُؤَخِّرَهُمُ اللهُ».

“Atamelang pele le ntatele ’me etsang hore ba tlang kamor’a lona ba le latele. Ho tla lula ho ena le batho ba sallang morao ho fihlela Allah A etsa hore ba salle morao”13

Ha e le basali ho molemo ho bona ha ba rapella meleng e kamorao ea thapelo le ho ema thoko ho banna ho ea ka hadith ea Abu Hurayrah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ea ileng a re: "Moromuoa oa Allah ﷺ

o itse:

«خَيْرُ صُفُوفِ الرِّجَالِ أَوَّلُهَا، وَشَرُّهَا آخِرُهَا، وَخَيْرُ صُفُوفِ النِّسَاءِ آخِرُهَا، وَشَرُّهَا أَوَّلُهَا».

“Mela e molemo ka ho fetisisa bakeng sa banna ke ea pele, 'me e fosahetseng ka ho fetisisa ke ea ho qetela; 'me mela e molemo ka ho fetisisa bakeng sa basali ke ea ho qetela athe e fosahetseng ka ho fetisisa ke ea pele”14, Empa haeba ba rapela ka bonngoe kapa haeba ho na le lekhalo pakeng tsa bona le banna joalokaha ho le joalo Masjiding oa Moporofeta, joale mela ea bona e nepahetseng ka ho fetisisa ke ea pele hobane lebaka la seo le nyametse.

Ho rapela kamor'a imam le ho se mo etelle pele; ho ea ka hadith ea Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ea itseng, Moporofeta ﷺ

o itse:

«إِنَّمَا جُعِلَ الإِمَامُ لِيُؤْتَمَّ بِهِ».

“Imam o khethetsoe hore a lateloe”15.

Morapeli a ke ke a etella Imam pele thapelong ntle le ha ho hlokahala le ha Masjid o tletse, ka tlas'a boemo boo a sitoang ho fumana sebaka sa thapelo ntle le ka pel'a hae.

Ho chesehela ho tlatsa likheo le libaka tse pakeng tsa mela, le ho e otlolla hantle; empa ka ho ba hlokolosi hore o se ke oa hatellana le batho kapa oa ba tena, kapa oa tlola melala ea bona, kapa oa feta ka pele ho ba rapelang; hobane seo se mo kenya sebeng.

Ho rapella Rawdah ash-Sharifah ho motho ea khonang seo; hobane hadith ea Abu Huraira (Allah A khotsofale ka eena), ho tsoa ho Moprofeta ﷺ, o itse:

«مَا بَيْنَ بَيْتِي وَمِنْبَرِي رَوْضَةٌ مِنْ رِيَاضِ الجَنَّةِ، وَمِنْبَرِي عَلَى حَوْضِي».

“Se pakeng tsa ntlo ea ka le minbar ea ka ke serapa se seng sa lirapa tsa Jannah, ’me minbar ea ka e tla ba holim’a Hawdh ea ka”16.

Ha ho so tle netefatso ea moputso o khethehileng ka ho rapella ho Rawdah ash-Sharifah; empa ho tiisitsoe hore ke serapa se seng sa lirapa tsa Jannah—joalo ka ha ho bontšitsoe ke hadith ea Abu Huraira (Allah A khotsofale ka eena) e fetileng—’me liketso tsa borapeli li fumana bokhabane ka lebaka la bokhabane ba nako le sebaka sa tsona.

* Moeti o lokela ho khetha linako tse loketseng tsa ho rapella Rawdhah ash-Sharifah, a tsome linako tseo ho tsona ho seng le sephethephethe se se ngata. Ha hoa lumelloa hore a hatellane le bana babo ba Mamosleme, kapa a tlole melala ea bona, kapa a fete ka pele ho ba rapelang ka lebaka la ho batla ho rapella moo; hobane ho rapella Rawdhah ke nafilah (thapelo e sa tlamehang), kahoo ha hoa lokela ho fihlelleha ka ntho e hanetsoeng. Hape moeti o tsʼoanetse ho ela hloko ho latela melao le litsamaiso tse behiloeng bakeng sa ho kena ho Rawdhah, ho khetha linako tse loketseng, le ho sebelisana le ba ikarabellang bakeng sa ho hlophisa ho kena ha baeti.

Ho sebelisa menyetla ea linako ka ho eketsa mesebetsi e metle e mo atametsang ho Mmopi oa hae ea Phahameng; joalo ka ho rapela, ho bala Qur’an, ho etsa dhikr (ho hopola Allah), ho etsa du‘ā (thapeli), ho ba teng likopanong tsa dhikr, lithutong tsa tsebo, le mmokeng tsa ho ruta Qur’an e Halalelang, le tse ling tse joalo.

Ho hlompha Buka ea Allah Ea Matla ʼOhle le ho e sireletsa hore e se ke ea senyeha kapa hoa bapaloa ka maqephe a eona, kapa ho ngoloa ka har’a eona, kapa ho e nyelisa le ho e tlotlolla ka ho beha lieta pela eona, kapa ho e beha fatsʼe le tse ling tse joalo; ka lebaka la polelo ea Allah ea Phahameng:

﴿ذَٰلِكَۖ وَمَن يُعَظِّمۡ شَعَٰٓئِرَ ٱللَّهِ فَإِنَّهَا مِن تَقۡوَى ٱلۡقُلُوبِ32﴾

“Seo se joalo; ’me mang kapa mang ea tlotlisang matšoao a Allah—ruri hoo ho tsoa ho tšabo (taqwa) ea lipelo 32” [Al-Hajj: 32].

Ho kokobetsa mahlo (ho qoba ho sheba lintho tseo Allah A li hanetseng): Moeti oa Al-Masjid an-Nabawi o tsʼoanetse ho kokobetsa mahlo a hae ho seo a sa lumelloang ho se sheba, ’me a elelloe boholo ba sebe libakeng tsena tse halalelang le likotlo tse ka hlahang ka lebaka la sona; hobane libe li eketseha ho ea ka boholo le ka matla ho latela boholo ba nako le sebaka—le mesebetsi e metle le eona e eketseha ka tsela e tšoanang. Hape mosali oa lemosleme o tsʼoanetse ho khomarela hijab ea Shari‘ah, a se ke a bontša mekhabiso ea hae e ka hohelang banna; hobane sebe sa sena se seholo haholo.

Ho ba hlokolosi hore motho a se ke a tšoareha ka ho nka linepe kapa ho shebella linepe le livideo ka mohala; ’me taba e ba kotsi haholo haeba linepe kapa livideo tseo li le haram (tse hanetsoeng).

Ho hloekisa le ho sireletsa Al-Masjid an-Nabawi ho tloha ho tsohle tse sa e ts'oaneleng joaloka likhang, ho phahamisa lentsoe, ho batla ntho e lahlehileng, ho rekisa, le tse ling tse joalo tse sa lokelang ho etsoa ho eona kapa ho li Masjid tse ling; ho latela hadith ea Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ea itseng Moporofeta ﷺ o itse:

«إِذَا رَأَيْتُمْ مَنْ يَبِيعُ أَوْ يَبْتَاعُ فِي المَسْجِدِ، فَقُولُوا: لَا أَرْبَحَ اللَّهُ تِجَارَتَكَ، وَإِذَا رَأَيْتُمْ مَنْ يَنْشُدُ فِيهِ ضَالَّةً، فَقُولُوا: لَا رَدَّ الله عَلَيْكَ».

“Ha le bona motho a rekisa kapa a reka kahar’a Masjid le re: ‘Eka Allah A ka se hlohonolofatse khoebo ea hao.' ’Me ha le bona motho a batla ntho e lahlehileng ka ho ona le re: ‘Eka Allah A ka se e khutlisetse ho uena’”17.

Ho hlokomela bohloeki ba motho ka mong le ho ba hlokolosi ho qoba menko e mebe e kang konofolo, hanyanese, mosi, mofufutso le tse ling tse ka utloisang bohloko bana ba bo rona thapelong; ho latela hadith ea Jabir ibn Abdullah (Eka Allah A khahlisoa ke eena) ea itseng: Kannete Moromuoa oa Allah ﷺ o itse:

«مَنْ أَكَلَ ثُومًا أَوْ بَصَلًا، فَلْيَعْتَزِلْنَا - أَوْ قَالَ: فَلْيَعْتَزِلْ مَسْجِدَنَا - وَلْيَقْعُدْ فِي بَيْتِهِ».

“Ea jang konofolo kapa anyanese, a ke a itšehle thoko le rona — kapa o itse: a ke a itšehle thoko le Masjid oa rona — ’me a lule ka tlung ea hae”18.

Ho boloka bohloeki ba Masjid oa Moporofeta le ho se lahle lits'ila kahare ho Masjid le mabaleng a ʼona, joaloka lijo tse setseng le lijo tsa iftaar, haholo-holo nakong ea khoeli ea Ramadan kapa ho ts'oela mathe kahar'a likhoro le mabaleng le tse ling tse joalo.

Qoba ho rapella litseleng tsa ho feta, pela menyako, le libakeng tse tletseng batho, hobane sena se baka mathata, se thibela tsela, ’me se utloisa Mamosleme bohloko.

Banna le basali ba rapella libakeng tse khethetsoeng e mong le e mong oa bona, kahare ho Masjid oa Moprofeta kapa mabala a oona. Monna a se ke a rapella haufi le mosali, le mosali a se ke a rapella haufi le monna. 'Me u ele hloko hore u se ke ua etella Imam pele ka hohle kamoo ho ka khonehang.

Ho tsoa ka leoto le lets'ehali pele ka Masjid ’me a re nakong eo a tsoang:

«اللهُمَّ إِنِّي أَسْأَلُكَ مِنْ فَضْلِكَ».

“Oho Allah, ruri ke kopa ho Uena mohau (kapa molemo) oa Hao]”19, Kapa o rapella Moporofeta ﷺ ebe o re:

«رَبِّ اغْفِرْ لِي ذُنُوبِي، وَافْتَحْ لِي أَبْوَابَ فَضْلِكَ».

“Morena oa ka, ntšoarele libe tsa ka, ’me u mpulele mamati a mohau oa Hao”20.

Ea bone: Melao le mekhoa ea ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ

le mabitla a barutuoa ba hae ba babeli (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona)

Ho khothaletsoa ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ le mabitla a Sahabah tsa hae tse peli, e leng Abu Bakr le Umar (Allah a ba khotsofalle), ho baahi ba Madinah le ho mang kapa mang ea tlang teng e le moeti kapa moeti oa bohahlauli; ka baka la bopaki bo akaretsang bo bontsʼang ho molao-theo oa ho etela mabitla. Har’a bopaki boo ke polelo ea Moporofeta ﷺ:

«نَهَيْتُكُمْ عَنْ زِيَارَةِ القُبُورِ، فَزُورُوهَا».

“Ke ne ke le thibetse ho etela mabitla, empa ha joale a eteleng”21.

Hape ho bontšitsoe bokhabane ba ho romela litumeliso ho Moporofeta ﷺ kamora lefu la hae ka polelo ea hae ﷺ:

«مَا مِنْ أَحَدٍ يُسَلِّمُ عَلَيَّ، إِلَّا رَدَّ اللهُ عَزَّ وَجَلَّ إِلَيَّ رُوحِي حَتَّى أَرُدَّ عَلَيْهِ السَّلَامَ».

“Ha ho motho ea nthomellang litumeliso (kapa khotso) empa Allah o mpusetsa moea oa ka e le hore nka mo buseletsa litumeliso tsa hae”22.

* Hape ha hoa lumelloa (ha se molao oa bolumeli) hore basali ba etele lebitla la hae ﷺ kapa mabitla a mang a Mamoseleme. Hobane ho etela mabitla ke ntho e lumelletsoeng ho banna feela, empa basali ba thibetsoe ho etela mabitla. Joalokaha ho phetiloe ke Ibn Abbas (Allah a khahlisoe ke eena) a itse:

«لَعَنَ رَسُولُ اللَّهِ ﷺ زَائِرَاتِ القُبُورِ، وَالمُتَّخِذِينَ عَلَيْهَا المَسَاجِدَ وَالسُّرُجَ».

“Moporofeta ﷺ o ile a fana ka thohako ho basali ba etelang mabitla le ba hahang li Masjid holim'a oona le ho beha mabone ho oona”23, Ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena):

«أَنَّ رَسُولَ اللَّهِ ﷺ لَعَنَ زَوَّارَاتِ القُبُورِ».

“Moporofeta ﷺ o ile a fana ka thohako ho basali ba etelang mabitla”24.

* ’Me ha ho ea lumelleha ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ feela, ntle le mabaka a mang, hore maikemisetso ebe ho etela lebitla feela. Ho molemo hore motho a etele Masjid le ho rapela ho ona. Ha a fihla Madinah, ho lumellehile hore a etele lebitla, joalokaha ho lumelloa batho ba Madinah; ho latela polelo ea Moporofeta ﷺ:

«لَا تُشَدُّ الرِّحَالُ إِلَّا إِلَى ثَلَاثَةِ مَسَاجِدَ: مَسْجِدِي هَذَا، وَمَسْجِدِ الحَرَامِ، وَمَسْجِدِ الأَقْصَى».

“Le seke la etsa maeto a tlamang ntle le ho li-Masjid tse tharo feela: e leng Masjid ona oa ka, Al-Masjid al-Haram le Masjid Al-Aqsa”25.

Mekhoa e metle ea ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ le mabitla a barutuoa ba hae ba babeli (Eka Molimo A ka khahlisoa ke bona).

Moeti o ema a shebile lebitla la Moporofeta, ebe o mo lumelisa ka tlhompho le ka lentsoe le tlaase, a re: “As-Salam ʼalayka Ya Rasullahi, wa rahmatullahi wa barakatuh” (Khotso e be ho uena, Moromuoa oa Allah le mohau oa le litlhohonolofatso tsa Hae), haeba a eketsa ho seo 'me a re: “Ash-hadu annaka qad balaghta ar-Risalah, wa addayta al-amanah, wa jaahadta fee haqqi al-jihaad” (Ke paka hore u fane ka molaetsa, u phethile ts'epo, u elelitse sechaba, 'me u loanne ka thata tseleng ea Molimo joalokaha e ne e le tokelo ea Hae), ha ho na kotsi ho seo, hobane sena sohle sea lumelloa.

Ebe o nka khato ka letsohong la hae le letona ho ea shebana le lebitla la Abu Bakr As-Siddiq (Eka Allah A ka khahloa ke eena) 'me o re: “As-Salamu ʼalayka Ya Aba Bakr As-Siddiq, As-salamu ʼalayka ya khalifati rasulillah

ﷺ RadhiAllaahu ʼanka wa ardhaaka, wa jazaaka ʼan ummati Muhammad ﷺ

khayran” (Khotso e be ho uena, Oho Abu Bakr As-Siddiq, khotso e be ho Uena Oho Khalifah ea ea Moromuoa oa Allah ﷺ, Allah A khahloe ke uena 'me A u fe thabo ea Hae, A be A u putse hantle molemong oa sechaba sa Muhammad ﷺ).

Ebe o nka khato ho ea ka letsohong la hae le letona ho ea shebana le lebitla la Umar ibn al-Khattab (Eka Molimo A ka khahlisoa ke eena), o re: “Assalamu alayka ya ‘Umar al-Faruq, radhiyallahu ‘anka wa ardhaak, wa jazaka ‘an ummati Muhammadin

ﷺ khayra” (Khotso e be ho uena, Oho Umar Al-Farouk, Allah A ke A khahlisoe ke uena 'me A u fe mohau oa Hae, A be A u putse hantle molemong oa sechaba sa Muhammad ﷺ).

Ha mora oa Umar (E ka Allah A ka khahlisoa ke eena), a khutla leetong, o ne a etela lebitla la Moporofeta ﷺ. O ile a re: “As-salamu alayka ya Rasul Allah, As-salamu alayka ya Aba Bakr, As-salamu alayka ya abatah” (Khotso e be ho uena, Oho Moromuoa oa Molimo, khotso e be ho uena, Oho Abu Bakr, khotso e be ho uena, Oho Ntate oa ka, khotso ebe ho uena), ebe oa tsamaea26.

Ha a ts'oare mabota a lebitla kapa terata le haele hona ho a meta:

Imam Malik Allah A mo hauhele, o itse: “Haeba motho a lumelisa Moporofeta, o lokela ho ema a shebile lebitla, eseng Qiblah 'me a mo atamele ebe o ea mo lumelisa empa a se ke a ama lebitla ka letsoho la hae” 27.

Baetapele ba tsebo ba lumellane hore motho ha a lokela ho ama lebitla la Moporofeta ﷺ ka letsoho kapa ho le meta.

Ha a eme nako telele lebitleng empa o ea mo lumelisa ebe o ea tsamaea.

Imam Malik Allah A mo hauhele, o itse: “Ha ke bone ho loketse hore motho a eme haufi le lebitla la Moporofeta ﷺ a etse du‘a, empa a tsʼoanetse ho fana ka salam ebe o tsoela pele”28.

’Me Nafi‘ (Allah A mo hauhele) o ile a re: “Abdullah ibn Umar o ne a tloaetse ho lumelisa lebitla..ke ile ka 'mona makhetlo a lekholo le ho feta a tla lebitleng a re: Khotso e be ho Moporofeta ﷺ. Khotso e be ho Abu Bakr, khotso e be ho ntate oa ka, ebe oa tloha”29.

Empa seo baeti ba bang ba se etsang, e leng ho phahamisa lentsoe pela lebitla la hae ﷺ le ho ema nako e telele moo, ke se khahlanong le se laetsoeng (ke ntho e sa lumelloang ho latela molao oa bolumeli).

Ha ho lumellehe ho kopa Moporofeta ﷺ kapa mang kapa mang har’a libopuoa hore a tlise molemo kapa a tlose kotsi, kapa ho kopa ho phethahatsoa ha tlhoko kapa ho kokobetsa mahlomola kapa ho folisa mokuli kapa ho kopa boemeli (shafa‘ah) kapa ho kopa pholoho kotlong kapa lithapelo tse ling tse ts'oanang. Hobane ho kopa emong ntle le Allah linthong tseo ho seng ea ka li etsang haese Allah feela ke ntho e thibetsoeng ebile ke shirk e kholo (borapeli ba litšoantšo bo boholo). Allah Ea Phahameng O itse:

﴿وَقَالَ رَبُّكُمُ ٱدۡعُونِيٓ أَسۡتَجِبۡ لَكُمۡۚ إِنَّ ٱلَّذِينَ يَسۡتَكۡبِرُونَ عَنۡ عِبَادَتِي سَيَدۡخُلُونَ جَهَنَّمَ دَاخِرِينَ60﴾

“’Me Morena oa lona O itse: ‘Bitsang ho Nna, ke tla le araba. Kannete ba ikhohomosang ba sa batleng ho nkhumamela ba tla kena liheleng ba nyenyefalitsoe 60” [Ghafir: 60] ’Me Ea Halalelang (Allah) O itse:

﴿إِنَّ ٱلَّذِينَ تَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ عِبَادٌ أَمۡثَالُكُمۡۖ فَٱدۡعُوهُمۡ فَلۡيَسۡتَجِيبُواْ لَكُمۡ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ194﴾

“’Me bao le ba rapelang ntle le Allah ke libopuoa joaloka lona; kahoo kopang ho bona 'me le bone hore na ba tla le araba, haeba le le batho ba 'nete 194” [Al- A'raf: 194] ’Me Ea Phahameng ka ho Fetisisa (Allah) O itse:

﴿وَأَنَّ ٱلۡمَسَٰجِدَ لِلَّهِ فَلَا تَدۡعُواْ مَعَ ٱللَّهِ أَحَدٗا18﴾

“’Me li-Masjid ke tsa Allah, kahoo le se ke la kopanya Allah borapeling le mang kapa mang 18” [Al-Jinn: 18].

Ha ho ea lokela ho rapella Allah lebitleng; haeba motho a batla ho rapela, a se ke a ema haufi le lebitla empa a eme a shebile Qiblah ’me a rapele ’me a se ke a sheba lebitla ha a rapela.

Imam Malik (Allah A mo hauhele) o itse: “Ha ke bone ho loketse ho ema haufi le lebitla la Moporofeta ﷺ ho rapela.”

Ho etela lebitla khafetsa ha u kena kapa ha u tsoa masjid ha ho ea lumelleha ho batho bohle eseng feela bakeng sa batho ba Madinah kapa baeti ba tsoang kantle ho eona hobane ho na le ts'abo ea hore sena se ka nkuoa e le ho etsa lebitla sebaka sa Eid.

’Me Morumuoa oa Allah ﷺ o ile a thibela sena ’me a re:

«لَا تَتَّخِذُوا قَبْرِي عِيدًا، وَلَا تَجْعَلُوا بُيُوتَكُمْ قُبُورًا، وَحَيْثُمَا كُنْتُمْ فَصَلُّوا عَلَيَّ، فَإِنَّ صَلَاتَكُمْ تَبْلُغُنِي».

“Le se ke la nka lebitla la ka e le sebaka sa (Eid) mokete, ’me le se ke la etsa matlo a lona mabitla; leha le ka ba hokae le romelle litumeliso ho ’na hobane litumeliso tsa lona li tla fihla ho ’na”30

’Me tlhaloso ea: “Le se ke la nka lebitla la ka e le sebaka sa mokete” ke hore le se ke la le etela khafetsa ka nako e itseng kapa boemo bo itseng joaloka ho le etela letsatsi le letsatsi, beke le beke kapa khoeli le khoeli kapa maemong a itseng moo lebitla le etsoang sebaka sa ketelo. Ho boetse ho boletsoe hore ho bolela: le se ke la le nka e le nako eo le kopanang ka eona31.

Imam Malik (Allah A mo hauhele) o itse: “’Me ha ho hlokahale hore batho ba kenang Masjid har'a batho ba Madinah ba eme haufi le lebitla; empa sena e le sebakeng sa baeti feela”32.

’Me polelo ea hae (Allah A mo hauhele): “Sena ke bakeng sa baeti feela” e bolela hore ke feela sebakeng sa ketelo e tloaelehileng, e seng ho etela khafetsa ha u kena le ha u tsoa Masjid.

A se ke a ema ka pela lebitla ka sebopeho sa motho ea rapelang, ka ho beha letsoho le leng holima le leng sefubeng kapa ka tlase ho sona; hobane sebopeho sena se khethehile bakeng sa Salah feela, ’me ke sebopeho sa boikokobetso le ho inehela se lokelang Allah feela, Ea Halalelang le Ea Phahameng.

A se ke a talimana le lebitla a le hole e le hore a romele salam ho Moporofeta ﷺ, joalo ka ha ba bang ba etsa; hobane sena se ne se sa etsoe ke Sahaba (Allah a ba khotsofalle) kapa ke baholo-holo ba lokileng (Salaf as-Salih) ho kenyeletsa le baetapele ba bane (Imam tse nne) le ba bang.

Ho se talime lebitla le hlomphehang ka thapeli (du‘a), kapa ka ho bala Qur'an le tse ling tse joalo u le nģeng efe kapa efe; hobane sena ke se seng sa lintho tse ncha tse iqapetsoeng (bid'ah) joalo ka tse tlileng pele ho sona. Ha hoa lumelloa hore lemosleme a qape ntho e ncha bolumeling ba hae eo Allah a sa fanang ka tumello ea eona. Ebile Imam Malik (Allah a mo hauhele) o ile a nyatsa liketso tse tšoanang le tsena, mme a re: “Qetello ea sechaba sena (Ummah) e ke ke ea lokisoa ke ntho efe kapa efe, haese feela se ileng sa lokisa qalo ea sona”33.

U se iphathahanye ka ho nka lifoto le ho phatlalatsa ka kotloloho ho marang-rang ha u fetisetsa litumeliso ho Moporofeta ﷺ.

Eka khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li ka ba holim'a Moporofeta oa rona Muhammad le ho lelapa la hae le ho barutuoa ba hae

 

 

***

الفهرس

 

Ea Pele: Melemo ea Al-Masjid an-Nabawi 3

Ea bobeli: Ho khothaletsoa ho etela Masjid oa Moporofeta o Khabane 6

Ea boraro: Mekhoa e metle ea ho etela Al-Masjid an-Nabawi 7

Ea bone: Melao le mekhoa ea ho etela lebitla la Moporofeta 17

le mabitla a barutuoa ba hae ba babeli (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona) 17

 

***

 

st492v1.0 - 28/04/2026


E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea: (1190) le Muslim ka nomoro ea: (1395) ’me mantsoe a tsoa ho Al-Bukhari.

E tlalehiloe ke Muslim nomorong ea (1398).

E tlalehiloe ke Ibn Majah ka nomoro ea (227) ka lethathamo le nepahetseng.

E tlalehiloe ke Al-Bukhari le Muslim, Al-Bukhari nomorong ea (1195), Muslim nomorong ea (1390).

E tlalehiloe Al-Bukharinomorong ea (636) le Muslimnomorong ea (602).

Ho tsoa ho Al-Bukhari ka nomoro ea (846) le Muslim ka nomoro ea (858) ’me ea fihletseng boemo ba bohlankana (al-muhtalim) ke motho ea holileng.

E tlalehiloe ke Muslimnomorong ea (443).

E tlalehiloe ke Ibn Majah nomorong ea (771), ka ketane e Sahih.

E tlalehiloe ke Abu Dawud nomorong ea (466), ka ketane e Sahih.

E tlalehiloe ke Al-Bukhari le Muslim, Al-Bukhari nomorong ea (1171) le Muslim nomorong ea (714).

E tlalehiloe ke Al-Bukhari le Muslim, Al-Bukhari kanomoro ea (615) le Muslim ka nomoro ea (437).

13] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (438).

14] E tlalehiloe ke Muslim nomorong ea (440).

(15] E tlalehiloe ke Al-Bukharinomorong ea (722) le Muslim nomorong ea (417).

Muttafuqun alayhi. E tlalehiloe ke Al-Bukhari nomorong ea (1195) le Muslim nomorong ea (1390).

E tlalehiloe ke At-Tirmidhi ka nomoro ea (1321) le Ibn Khuzaymah ka nomoro ea (1305), ka ketane e nepahetseng (sahih).

E tlalehiloe ke Al-Bukhari nomorong ea (7359) le ho Muslim nomorong ea (564).

E tlalehiloe ke Muslim nomorong ea (713).

E tlalehiloe ke At-Tirmidhi ka nomoro ea (314), ka ketane e nepahetseng (sahih).

E tlalehiloe ke Muslim nomorong ea (977).

E tlalehiloe ho Ahmad, ho Musnad ka nomoro ea (10815), ka ketane e ntle (hasan).

E tlalehiloe ke Abu Dawud ka nomoro ea (3236), At-Tirmidhi ka nomoro ea (320) le An-Nasa’i ka nomoro ea (2043).

E tlalehiloe ke At-Tirmidhi ka nomoro ea (1056) le Ibn Majah ka nomoro ea (1576), ka ketane e hasan.

E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1189), le Muslim ka nomoro ea (1397), ’me mantsoe ke a hae ka ho feletseng.

E tlalehiloe ke Al-Bayhaqi, ho Sunan al-KubraNomoro ea (10271), e nang le Isnad e Sahih.

Ash-Shifa ka Qadhi Iyyaad (2/199).

Ash-shifah ka Qadhi Iyaadh (199/2).

E tlalehiloe ke Al-Ajurri bukeng ea hae Ash-Shari‘ah (5/2374), ka nomoro ea (1853).

E tlalehiloe ke Ahmad bukeng ea Al-Musnad ka nomoro ea (8804), ka Isnad e hasan.

Sheba: Al-Mufradāt ea Ar-Rāghib al-Asfahani (leq. 594), Sharh as-Sudur ka Tahrim Raf‘ al-Qubur ea Ash-Shawkani (leq. 16).

Ash-Shifa ea Qadhi Iyyaad (2/204), Al-Madkhal ea Ibn al-Hajj (1/262).

Majmuʼ Fatawa tsa Ibn Baz (16/110).

E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea: (1189) le Muslim ka nomoro ea: (1397) ’me mantsoe ke a hae ka ho feletseng.